Lithuto Tse Tsoang Mangolong: Nahume 1:1–3:19
Ho Pholoha ho ka Etsahala ha Molimo o Iphetetsa
“HO SE ho se hokae, ’me molotsana o tla ba sieo.” (Pesaleme ea 37:10) Hore mantsoe ana a tla fela a phethahatsoe ho bontšitsoe ka matla libukeng tsa Bibele tse ngotsoeng ke Nahume le Habakuke. Banna bana ba sebete ba ile ba phetha tlaleho ea boprofeta ba bona ’musong oa Juda nakong ea karolo ea ho qetela ea lekholo la bosupa la lilemo B.C.E.
Pele, nahana ka boprofeta ba Molimo bo ileng ba boleloa ke Nahume. Bo tšetse lithuto life?
Boiphetetso ba Molimo ke ba Sebele
Jehova o batla boinehelo bo felletseng. (Exoda 20:5) Phatlalatsong e neng e le khahlanong le motse-moholo oa Assyria, Ninive, Nahume o bontša hore boiphetetso ba Molimo bo tla oela bahanyetsi ba sa O feng boinehelo bo joalo. Pel’a hae lithaba lia sisinyeha, maralla aa qhibiliha, lefatše lea kokomoha! Ke mang ea ka mamellang bohale ba khalefo ea hae?—1:1-6.
Re ka itšetleha ka Jehova joaloka setšabelo. E, Molimo o sireletsa ba tšabelang ho oona. Ha lira tsa oona li se li felisitsoe, mahlomola a ke ke a e-ba teng ka lekhetlo la bobeli. Ho na le litaba tse molemo tsa khotso bakeng sa Juda, hobane borapeli ba ’nete bo ke ke ba hlola bo sitisoa.—1:7–2:2.
Batho ba khopo ba ke ke ba atleha. Sena se bonahala ho se ileng sa etsahalla Ninive. Ho tšoara ha eona batho ba neng ba ile botlamuoeng ka bokhopo ho ile ha e etsa “motse oa mali.” Ho tšoana le selao sa litau, motse ona o neng o lika-likelitsoe ka thata o ne o bonahala o sireletsehile ka mor’a marako a oona a matenya. Empa ka taelo ea Molimo, Ninive e ne e tla felisoa habohloko ka tsela e tšoanang le eo e ileng ea felisa No-amone ea boholo-holo, kapa Thebese ka eona, Nōkeng ea Nile. Ka baka la libe tsa oona, motse-moholo oa Assyria o ne o tla etsoa lesupi. Boprofeta bona bo ile ba phethahatsoa ha mabotho a kopaneng a morena Nabopolassar oa Babylona le Cyaxares Momede a hapa Ninive ka 632 B.C.E.—2:3–3:19.
Lithuto Tse Tsoang Mangolong: Habakuke 1:1–3:19
HABAKUKE o ile a utloisisa hore Jehova ka nako ea Hae e loketseng o ne a tla nka khato khahlanong le bahatelli ba sehlōhō. ‘Empa ea lokileng o ne a tla phela ke tumelo ea hae.’ (2:4) Empa, ke lithuto life tse eketsehileng tseo re ka ithutang tsona boprofeteng boo?
Pholoho ho ba Nang le Tumelo
Jehova o mamela likōpo tsa bahlanka ba hae. Habakuke oa botsa: “Jehova, ke tla hoeletsa ho le hokae, u sa nkutloe?” E, ha ho na toka, ’me ba khopo ba pota-potile ba lokileng. Empa Molimo oa utloa, ’me e le boemeli ba hae boo a otlang ka bona, o “tsosa ba-Kalde.” Empa, o tla sebelisa matla a kang a ntoa joang? Moprofeta o emela karabelo ea Molimo, a lebelletse khalemelo.—1:1–2:1.
Ke ba lokileng le ba tšepahalang feela ba tla tsoela pele ba phela. Jehova o tiisetsa Habakuke sena. Le hoja ho ka ’na ha bonahala eka tieho e teng, ka nako e khethiloeng ea Molimo pono ea boprofeta “e tla etsahala ruri.” Sera sa moikhantši se ntseng se hlekefetsa lichaba se ke ke sa finyella pakane ea sona. Ka sebele, Bakalde ba tla otloa.—2:2-5.
Tlokotsi e Tlela ba Khopo!
Qoba moputso o sa lokang, pefo, le borapeli ba litšoantšo. Hobane’ng? Hobane tlokotsi ka sebele e tlela ea atisang seo e seng sa hae, a etsa moputso oa bokhopo, a haha motse ka ho tšolla mali, ka mabifi a etsa hore ba bang ba noele senoelong sa lihlong, ’me a tšepa melimo ea litšoantšo e sa pheleng. Molimo o tla felisa mesebetsi ea ba joalo. Lefatše lohle le tla etsoa hore le tsebe khanya ea Jehova, eo ka pele ho eena bohle ba lokelang ho ema ba khutsitse ka hlompho.—2:6-20.
Letela Jehova ka mamello bakeng sa pholoho. Ka thapelo, Habakuke o hopola lipontšo tse fetileng tsa matla a Molimo. Har’a lintho tse ling, Jehova o ile a pholletsa le lefatše, a otla lichaba ka bohale. O ile a boetse a tsoa ho ea pholosa batho ba hae. A hloletsoe, Habakuke o ile a ikemisetsa ho ‘emela letsatsi la Jehova la tlokotsi a khutsitse.’ Ho sa tsotellehe linako tse mpe tseo a tlamehang ho tobana le tsona, o tla ithabisetsa ho Jehova ’me a nyakallele ho Molimo oa poloko ea hae.—3:1-19.
[Lebokose le leqepheng la 24]
LITEMANA TSA BIBELE LIA HLAHLOJOA
o 1:4—Bashane, Karmele, le Lebanone e ne e le libaka tse ntle, tse nonneng, le tse nang le chai e khōlō. Ho omella ha tsona ho ne ho tla bolela masoabi a maholo ho ba neng ba itšetlehile ka tsona. Sena se hatisa hore na khalefo ea Jehova e neng e tla tšolloa e ne e le matla hakae.
o 1:10—Ninive e ne e inka e ke ke ea kenoa joaloka meutloa e rarahaneng, ’me e ne e tahiloe ke takatso ea ho finyella lipheo tsa eona. Empa e ne e tla metsoa habonolo feela joalokaha mollo o chesa mahlaka a ommeng. Ka ho tšoanang, lira tsa batho ba Molimo kajeno li ke ke tsa mamella likahlolo tse tukang tsa Jehova.
o 2:6—Ka baka la lipula tse matla nakong ea tlhaselo ea Ninive, Nōka ea Tigris e ne e ja litlhokoa. Hona ho ile ha etsa hore karolo e ’ngoe ea motse e koaheloe ke metsi ’me a heletse karolo e ’ngoe ea lerako. Ka hona, ho ne ho le bonolo hore bahapi ba motse oa Assyria ba o hape.
o 2:11-13—Joaloka libatana, Maassyria a ne a tšosa ’me a harola lichaba. Ho boetse ho bonahala eka tau e ne e le letšoao la sechaba. Masuping a Ninive ho ile ha fumanoa liemahale tse ngata tsa litau.
o 3:3, 4—Joaloka letekatse, Ninive e ile ea thetsa lichaba ka limpho tse monate tsa botsoalle ’me ea li tšepisa thuso. Empa tse ileng tsa tšoasoa joalo kapele li ile tsa utloa bohloko ba ho ba tlas’a joko ea eona e hatellang, joalokaha ho bontšitsoe tabeng ea morena oa Juda Akaze.—2 Likronike 28:16, 20, 21.
[Lebokose le leqepheng la 25]
LITEMANA TSA BIBELE LIA HLAHLOJOA
o 1:2-4—Tumelo ea Habakuke ho Jehova joaloka Molimo o sa mamelleng bokhopo e ile ea mo susumelletsa ho botsa hore na ke hobane’ng ha bokhopo bo ne bo atile. O ne a ikemiselitse hore monahano oa hae o fetoloe. (2:1) Ha re ipotsa hore na ke hobane’ng ha lintho tse ling li mamelloa, tšepo ea rōna tokeng ea Jehova ka ho tšoanang e lokela ho re thusa ho leka-lekana le ho mo letela.—Pesaleme ea 42:5, 11.
o 2:5—Bababylona e ne e le monna a le mong ea entsoeng ka banna ba bangata ba ntsoe-leng ea neng a sebelisa makoloi a hae a ntoa ho hapa lichaba. Joaloka lebitla (sheol) le lefu tseo ka mehla li ntseng li emetse bafu ba shoang ba eketsehileng, o ne a lakatsa ho hapa ka ho eketsehileng ka sesole. (Bapisa Liproverbia 30:15, 16.) Joalokaha eka o ne a susumetsoa ke ho noa haholo, o ne a hlantšoa ke tlhōlo. Empa lintoa tsa hae tsa khapo li ile tsa fela ha Babylona e oa ka 539 B.C.E.
o 3:13—Matla a Molimo a pholosang hangata a ne a fumanoa ke batho ba hae ba khethiloeng le ba tlotsitsoeng, sechaba sa Iseraele. (Pesaleme ea 28:8, 9) Ka nako ea teng, se ile sa hlahisa Messia, “peō” ea “mosali” oa leholimo oa Molimo. (Genese 3:15) Jehova o tla boetse a pholosa litho tse setseng tsa “peō” eo, masala a barutuoa ba moea ba tlotsitsoeng ba Jesu, tlhaselong ea Satane le lichaba.—Tšenolo 12:17.
[Setšoantšo se leqepheng la 24]
Setšoantšo sa moepolli oa lintho tsa khale A. H. Layard se bontšang motse oa moreneng oa Assyria
[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng]
Litšoantšo tsa Bahlokomeli ba Ntlo ea Brithani ea polokelo ea Lintho tsa Khale tsa Bohlokoa, London