Tšepa Jehova U Tle U Phele
“Tšepa Jehova ka pelo ea hao eohle ’me u se ke ua itšetleha ka kutloisiso ea hao.”—LIPROV. 3:5.
1. Ke hobane’ng ha re hloka ho khothatsoa?
KAOFELA ha rona re hloka ho khothatsoa kaha rea kula, re lula re tšoenyehile ebile ka linako tse ling rea nyahama. Mohlomong re utloisoa bohloko ke ho hola le ho hlokahalloa ke motho eo re mo ratang. Ba bang ba phela maemong a sa jeseng litheohelang. Re boetse re phela le batho ba ratang ntoa. Lintho tsena li bontša hore re phela ‘matsatsing a ho qetela ao ho leng thata ho sebetsana le ’ona’ ebile re haufi haholo le ho kena lefatšeng le lecha. (2 Tim. 3:1) E ka ’na eaba e se e le nako e telele re letetse ho bona ha Molimo a phethahatsa lintho tseo a re tšepisitseng tsona empa mathata a rona ’ona a ntse a e-hloa mekoalaba. Ebe ke mang ea ka re khothatsang?
2, 3. (a) Bibele e re bolella’ng ka Habakuke? (b) Re ka rua molemo ofe bukeng ea hae?
2 Re tl’o hlahloba buka ea Habakuke e le hore re fumane karabo ea potso ena. Mangolo ha a re bolelle letho ka bophelo ba Habakuke empa buka e rehelletsoeng ka eena e re khothatsa haholo. Lebitso la hae le bolela “Ea Tsotellang.” Le ka boela la bolela hore Jehova o khothatsa bahlanka ba hae. Habakuke o ile a kopa hore Jehova a mo hlalosetse lintho tseo a neng a sa li utloisise. Jehova o ile a etsa hore lipotso tsena li hlahe ka Bibeleng hobane a tseba hore le rona re ka hloka ho li botsa ka linako tse ling.—Hab. 2:2.
3 Lengolo lena ke karolo ea “lintho tsohle tse ileng tsa ngoloa nakong e fetileng . . . e le hore ka mamello ea rona le ka matšeliso a tsoang Mangolong re ka ba le tšepo” le hoja e bua ka Habakuke feela moo a neng a botsa Jehova lipotso. (Bar. 15:4) Re ka rua molemo ofe bukeng ea Habakuke? E ka re thusa hore re tšepe Jehova. Buka ena e ka boela ea re thusa hore re lule re khobile matšoafo le ha re hlaheloa ke mathata. Sehloohong sena re tl’o hlahloba buka ena haholoanyane.
RAPELA JEHOVA
4. Habakuke o ne a utloisitsoe bohloko ke’ng?
4 Bala Habakuke 1:2, 3. Habakuke o phetse nakong e thata haholo. O ne a utloisoa bohloko ke ho phela har’a batho ba khopo, a ipotsa hore na ba tla tlohella liketso tsa bona tse khopo neng le hore na ke hobane’ng ha Jehova a ba tlohelletse nako e telele hakaalo. Batho ba mehleng ea hae ba ne ba boetse ba hloka toka ba bile ba hatella batho ba bang. Kahoo, Moprofeta enoa o ne a ikutloa a nyahame. Ha lintho tsena li etsahala o ile a rapela Jehova hore a mo thuse. E ka ’na eaba Habakuke o ne a bona eka Jehova ha a tsotelle hore na o ikutloa joang. O ile a boela a bona eka Jehova o lieha ho araba thapelo ea hae. Na le uena ka linako tse ling u ikutloa joaloka Habakuke?
5. Ke’ng eo re ithutang eona bukeng ea Habakuke? (Sheba setšoantšo se qalong.)
5 Na ebe lipotso tseo Habakuke a ileng a li botsa Jehova li ne li bontša a se a sa mo tšepe? Na o ile a felloa ke tumelo ea hore Molimo o tla phethahatsa litšepiso tsa hae? Le hanyenyane. Taba ea hore ebe o ile a bolella Jehova mathata a hae eseng batho e bontša hore o ne a ntse a mo tšepa. O ne a sa utloisise hore na ke hobaneng ha Molimo a sa felise lintho tse bohloko. Empa hore ebe Jehova o lumelletse hore maikutlo a Habakuke a hlahe ka Bibeleng, ho re thusa hore le ka mohla re se ke ra tšaba ho bolella Jehova maikutlo a rona le lintho tseo re sa li utloisiseng. Jehova o batla hore re mo bolelle lintho tsohle tse re tšoenyang. (Pes. 50:15; 62:8) Liproverbia 3:5 e re khothalletsa hore re ‘tšepe Jehova ka lipelo tsohle tsa [rona] ’me re se ke ra itšetleha ka kutloisiso ea [rona].’ E ka ’na eaba Habakuke o ne a tseba mantsoe ana ke kahoo a ileng a tšepa Jehova.
6. Ke hobane’ng ha ho le bohlokoa hore re lule re rapela?
6 Habakuke o ne a tšepa Jehova ke kahoo a ileng a atamela haufi le eena. Moprofeta enoa ha aa ka a itšepa ha a ne a e-na le mathata. Ho e-na le hoo, o ile a rapela Jehova ’me a mo bolella mathata a hae e leng mohlala o motle oo re ka o etsisang. Kaha Jehova o mamela lithapelo o batla hore re mo tšepe re be re mo bolelle ntho e ’ngoe le e ’ngoe e re tšoenyang ha re mo rapela. (Pes. 65:2) Ha re etsa joalo re tla thaba ha Jehova a araba lithapelo tsa rona le ha a re tšehetsa. (Pes. 73:23, 24) O tla re thusa ho tseba maikutlo a hae ho sa tsotellehe hore na re tšoenngoa ke’ng. Lithapelo tsa rona tse tsoang botebong ba pelo li bontša hore re tšepa Jehova.
MAMELA JEHOVA
7. Jehova o ile a ikutloa joang ha Habakuke a mo bolella maikutlo a hae?
7 Bala Habakuke 1:5-7. Ka mor’a hore Habakuke a rapele, e ka ’na eaba o ne a ipotsa hore na Jehova o tla rarolla mathata a hae joang. Kaha Jehova ke ntate ea nang le kutloelo-bohloko le ea utloisisang ha aa ka a halefa ha Habakuke a mo bolella maikutlo a hae. O ne a tseba hore moprofeta enoa o ne a buisoa ke pelo e bohloko. Jehova o ile a bolella Habakuke hore na ho ne ho tla etsahala’ng ka Bajuda ba sa mameleng. Mohlomong ke motho oa pele oa hore Jehova a mo bolelle hore na ho ne ho tla etsahala’ng ka batho bao ba ratang ntoa.
8. Ke hobane’ng ha Habakuke a ne a sa lebella hore Jehova a ka mo araba ka tsela eo a arabetseng ka eona?
8 Jehova o ile a kholisa Habakuke hore o tla mo pholosa mathateng a hae. O ne a le haufi le ho ahlola moloko oo o sa mameleng. Polelo e reng “matsatsing a lona” e ne e bontša hore Jehova o tla ahlola batho bao mehleng ea moprofeta enoa. Habakuke o ne a sa lebella hore Jehova a ka mo araba ka tsela ena kaha karabo ena e ne e bontša hore mathata a bona a tl’o eketseha. Lebaka ke hobane Bakalde ba ne ba le sehloho ho feta Bajuda kaha bona ba ne ba bile ba sa tsebe melao ea Jehova. Ke hobane’ng ha Jehova a ne a ka sebelisa sechaba see se khopo ho ahlola batho ba hae? U ne u tla ikutloa joang ha u le Habakuke?
9. E ka ’na eaba Habakuke o ne a ipotsa lipotso life?
9 Bala Habakuke 1:12-14, 17. Habakuke o ne a tseba hore Jehova o tla sebelisa Bababylona ho felisa sechaba sena se sa mameleng. Le hoja taba ena e ne e mo makalitse, o ile a bontša hore o ikokobelitse eaba o re Jehova ke “Lefika” la hae. (Deut. 32:4; Esa. 26:4) Habakuke o ne a ikemiselitse ho mamella le ho tšepa Jehova, ka lebaka leo o ile a ba sebete ’me a batla ho utloisisa lintho tse ling tse neng li sa mo hlakela. Mohlomong o ne a ipotsa hore na haele mona Molimo a halalela hape ‘mahlo a hae a hloekile haholo hore a ka talima se sebe,’ ke hobane’ng a lumella hore maemo a Juda a mpefale le ho feta? Hona hobane’ng a sa rarolle bothata ba hae hang-hang? Ke hobane’ng ha a lumella hore mathata a ’ne a e-hloe mekoalaba? Le hore na ke hobane’ng ha a iphapanyelitse bobe?
10. Re ka ba boemong bo tšoanang le ba Habakuke joang?
10 Ka linako tse ling re ka ba boemong bo tšoanang le ba Habakuke. Le rona re mamela Jehova, rea mo tšepa, re bala Bibele hape re na le tšepo ea hore lintho li tla loka. Re boetse re lumela hore lintho tseo a re tšepisitseng tsona ka lekhoba la hae li tla phethahala. Leha ho le joalo, rea ipotsa hore na mathata a rona a tla fela neng? Ebe mohlala oa Habakuke o ka re thusa joang ha re le boemong boo?
LETELA JEHOVA
11. Habakuke o ile a ikemisetsa ho etsa’ng ka mor’a ho bua le Jehova?
11 Bala Habakuke 2:1. Puisano eo Habakuke a bileng le eona le Jehova e ile ea mo khoba matšoafo, ke kahoo a ileng a ileng a ikemisetsa hore o tla mamella. Boikutlo boo ba hae e ne e se ba nakoana feela hobane ka makhetlo o ile a re: “Ke lokela ho letela ka khutso letsatsi la mahlomola.” (Hab. 3:16) Bahlanka ba bang ba Jehova ba ile ba bua mantsoe a tšoanang le a Habakuke ’me ba bontša hore ba tšepa Jehova le hore ba ne ba kholisehile hore o tla etsa lintho ka nako e nepahetseng. Mohlala oa bona o re thusa hore re tšepe Jehova esita le ha ho hlaha mathata.—Mik. 7:7; Jak. 5:7, 8.
12. Re ithuta’ng mohlaleng oa Habakuke?
12 Re ithuta’ng mohlaleng oa Habakuke? Ntlha ea pele, ha rea lokela ho khaotsa ho rapela Jehova le ha re hlaheloa ke mathata. Ea bobeli, re lokela ho mamela Jehova ha a re tataisa ka Lentsoe la hae le ka mokhatlo oa hae. Ea boraro, re lokela ho mamella ka botšepehi ha re ntse re letetse hore Jehova a felise mathata a rona. Haeba re lula re rapela Jehova re tla lula re khobile matšoafo joaloka Habakuke e leng ntho e tla re thusa hore re mamelle. Ha re e-na le tšepo re tla mamella ’me re tla lula re thabile le har’a mathata. Tšepo e etsa re lumele hore Jehova o tla lokisa lintho ka nako e nepahetseng.—Bar. 12:12.
13. Habakuke 2:3 e re tiisetsa’ng?
13 Bala Habakuke 2:3. Habakuke o ile a thabisa Jehova ka hore ebe o ile a mamella. Jehova o ne a utloisisa mathata a Habakuke hantle. Kahoo, ka mosa o ile a tiisetsa moprofeta enoa hore o tla araba lipotso tsa hae. Ho ne ho setse nako e khutšoanyane pele a felisa mathata ’ohle a hae. Ho le joalokaha eka Jehova o re ho eena: “E-ba le mamello ’me u ntšepe kaha ke tla felisa mathata ’ohle a hao.” O ile a mo khothatsa a ba a mo hopotsa hore o etsa lintho ka nako e le hore a phethahatse litšepiso tsa hae. Kahoo, moprofeta enoa o ne a ke ke a soetseha.
14. Ke’ng e tla re thusa hore re lule re khobile matšoafo ha re hlaheloa ke mathata?
14 Haeba re lula re letetse Jehova re mo tšepa re bile re mamela litaelo tsohle tsa hae, o tla re thusa hore re lule re khobile matšoafo ho sa tsotellehe mathata a ka re hlahelang. Jesu le eena o ile bontša hore re lokela ho tšepa Jehova re se ke ra ameha ka ‘nako’ eo Molimo a tla phethahatsa litšepiso tsa hae ka eona. (Lik. 1:7) Kahoo, e se eka ka boikokobetso, ka tumelo le ka mamello re ka tsoela pele re sebeletsa Jehova ka matla a rona ’ohle.—Mar. 13:35-37; Bagal. 6:9.
TŠEPA JEHOVA U TLE U PHELE HAMONATE
15, 16. (a) Ke lintho life tseo Jehova a re tšepisang tsona bukeng ea Habakuke? (b) Re ithuta’ng litšepisong tseo?
15 Jehova o tšepisitse bahlanka bohle ba hae hore ‘ba lokileng ba tla ’ne ba phele ka botšepehi ba bona’ le hore ‘lefatše le tla tseba khanya ea hae.’ (Hab. 2:4, 14) Kaofela ha rona re tla phela ka ho sa feleng haeba re e-na le mamello ebile re tšepa Jehova.
16 Mantsoe a hlahang ho Habakuke 2:4 ke a bohlokoa hoo moapostola Pauluse a ileng a a qotsa ka makhetlo a mararo. (Bar. 1:17; Bagal. 3:11; Baheb. 10:38) Ho sa tsotellehe mathata a re hlahelang, haeba re e-na le tumelo ebile re tšepa Jehova, re tla bona ha a phethahatsa litšepiso tsa hae. Jehova ha a batle hore re ikimetse ka mathata empa o batla hore re be le tšepo ea hore lintho li tla loka.
17. Lengolo la Habakuke le re tsoela molemo joang?
17 Kaha re phela mehleng ea ho qetela, mantsoe a Jehova a lengolong la Habakuke a re tsoela molemo haholo. Jehova o re tšepisa bophelo bo sa feleng haeba re e-na le tumelo ebile re mo tšepa. Kahoo, re lokela ho tsoela pele re matlafatsa tumelo ea rona ho Jehova re be re mo tšepe ho sa tsotellehe mathata a ka re hlahelang. Jehova o ile a sebelisa lengolo la Habakuke ho re tiisetsa hore o tla re tšehetsa a be a re lokolle mathateng a rona. O re kopa ka mosa hore re mamelle ho fihlela a busa ’me lefatše le tlala ka batho ba thabileng le ba nang le khotso.—Mat. 5:5; Baheb. 10:36-39.
TŠEPA JEHOVA E LE HORE U THABE
18. Ho ile ha etsahala’ng ka Habakuke ka mor’a hore a ithute lipale tse hlahang Lentsoeng la Molimo?
18 Bala Habakuke 3:16-19. Mantsoe a Jehova a ile a matlafatsa Habakuke haholo. O ile a nahanisisa ka lipale tsa ha Jehova a ne a thusa bahlanka ba hae nakong e fetileng. Ho etsa joalo ho ile ha mo thusa hore a tšepe Jehova. O ne a bile a tseba hore Jehova o haufi le ho felisa mathata ’ohle. Moprofeta enoa o ile a matlafala haholo le hoja a ne a tseba hore mathata a hae a ne a ke ke a fela hang-hang. O ile a khaotsa ho tšoenyeha eaba o tsoela pele ho sebeletsa Jehova a kholisehile hore o tla mo pholosa. Mantsoe a hae a hlahang temaneng ea 18 aa re tiisetsa hore o ne a hlile a kholisehile. Litsebi tse ling tsa Bibele li re temana ena e re “ke tla tlola-tlola ke thabo ka lebaka la Morena; ke tla tantša ka lebaka la Molimo.” Lengolo lena le tiisa tumelo ea rona haholo. Jehova o re tšepisa hore o tla potlaka ha a phethahatsa litšepiso tsa hae.
19. Re ka etsa’ng e le hore re lule re tšepile Jehova?
19 Lengolo la Habakuke le re ruta hore re lokela ho tšepa Jehova. (Hab. 2:4) Re lula re tšepa Jehova ka hore re matlafatse kamano ea rona le eena ka (1) ho mo rapela re mo bolelle ntho e ’ngoe le e ’ngoe e re tšoenyang, (2) ho mo mamela ha a sebelisa Bibele le mokhatlo oa hae ho re tataisa le (3) ka hore re mamelle re be re tšepahale ha re ntse re letetse hore a tl’o re pholosa mathateng a rona. Ha re etsa joalo re tla be re etsisa Habakuke. Le hoja qalong a ne a nyahame, qetellong o ile a thaba ’me a ba le tšepo. Haeba re etsisa Habakuke re tla utloa hore Jehova oa re tsotella ebile oa re rata joaloka bana ba hae. Ka lebaka la mathata ao re phelang har’a ’ona, ha ho na matšeliso a fetang ana.