Jehova a ke ke a Lieha
“Esita le haeba [pono ena] e ka lieha, u lule u e lebeletse; kaha ruri e tla phethahala. E ke ke ea siuoa ke nako.”—HABAKUKE 2:3, NW.
1. Batho ba Jehova ba bontšitse boikemisetso bofe, ’me see se ba susumellelitse hore ba etse eng?
“KE TLA ’ne ke eme sebakeng sa ka sa ho lebela.” Eo e bile qeto ea moprofeta oa Molimo Habakuke. (Habakuke 2:1, NW) Batho ba Jehova ba lekholong la bo20 la lilemo ba bontšitse boikemisetso bo tšoanang. Ka lebaka lena, ba arabetse ka cheseho khoeletsong ena e ileng ea etsoa kopanong ea bohlokoa e neng e tšoeroe ka September 1922: “Lena ke letsatsi har’a matsatsi. Bonang, Morena oa busa! Ke lōna liboholi tsa hae. Ka lebaka leo, phatlalatsang, phatlalatsang, phatlalatsang, Morena le ’muso oa hae.”
2. Ha Bakreste ba tlotsitsoeng ba tsosoa molota ka mor’a Ntoa ea I ea Lefatše, ba ne ba ka phatlalatsa eng?
2 Ka mor’a Ntoa ea I ea Lefatše, Jehova o ile a tsosa masala a tlotsitsoeng molota. Joaloka Habakuke, joale le leng le le leng la ’ona le ne le ka re: “Ke tla ipoloka ke eme holim’a lerako la tšireletso; hape ke tla lula ke lebetse, ho bona seo a tla se bua ka ’na.” Mantsoe a Seheberu bakeng sa ‘ho lebela,’ a phetoa boprofeteng bo bongata haholo.
“E ke ke ea Siuoa ke Nako”
3. Ke hobane’ng ha re lokela ho lula re lebetse?
3 Ha Lipaki tsa Jehova li ntse li hlaba mokhosi kajeno, li lokela ho ba seli le ho feta hore li ela hloko mantsoe a qetellang a boprofeta bo boholo ba Jesu: “Le lule le lebetse, kaha ha le tsebe hore na mong’a ntlo o tla neng, ebang ke ha letsatsi le se le ile kapa har’a mp’a bosiu kapa ha mokōkō o lla kapa hoseng haholo; e le hore ha a fihla ka tšohanyetso, a se ke a fumana le robetse. Empa seo ke le bolellang sona ke se bolella bohle, Le lule le lebetse.” (Mareka 13:35-37) Joaloka Habakuke, ebile e le tumellanong le mantsoe a Jesu, re tlameha ho lula re lebetse!
4. Boemo ba rōna bo tšoana joang le ba Habakuke ba hoo e ka bang ka 628 B.C.E.?
4 E ka ’na eaba Habakuke o qetile ho ngola buka ea hae hoo e ka bang ka 628 B.C.E., le pele Babylona e fetoha ’muso oa lefatše. Kahlolo ea Jehova holim’a Jerusalema e koenehileng e ne e ’nile ea boleloa ka lilemo tse ngata. Empa, ho ne ho sa hlaka hore na kahlolo eo e tla lihuoa neng. Ke mang ea neng a ka lumela hore e ne e tla tla ka mor’a lilemo tse 21 feela le hore Babylona ke eona e neng e tla ba mophethahatsi oa kahlolo ea Jehova? Ka ho tšoanang le kajeno, ha re tsebe ‘letsatsi le hora’ tse behiloeng bakeng sa bofelo ba tsamaiso ena, empa Jesu o re hlokomelisitse esale pele: “Ka lebaka lena le lōna le itokise, hobane ka hora eo le sa nahaneng hore ke eona, Mora oa motho oa tla.”—Matheu 24:36, 44.
5. Ke eng eo ka ho khetheha e khothatsang mantsoeng a Molimo a tlalehiloeng ho Habakuke 2:2, 3?
5 Ka lebaka le utloahalang, Jehova o ile a fa Habakuke thōmo ena e hlasimollang: “Ngola pono ena fatše, ’me u e betle ka ho hlakileng mamatjaneng, e le hore ea e ballang holimo a ka etsa joalo ka mokhoa o phollatsi. Etsoe pono ena e sa emetse nako e behiloeng, hape e ntse e potlakela bofelong, ’me ha e na ho bolela leshano. Esita le haeba e ka lieha, u lule u e lebeletse; kaha ruri e tla phethahala. Ha e na ho siuoa ke nako.” (Habakuke 2:2, 3, NW) Kajeno, bokhopo le pefo li tletse lefatšeng lohle ’me hona ho bontša hore re lintšing tsa “letsatsi la Jehova le leholo, le tšabehang.” (Joele 2:31) Ka sebele, mantsoe a Jehova aa khothatsa ha a re tiisetsa: “Ha e na ho siuoa ke nako”!
6. Re ka pholoha letsatsi la ho lihuoa ha kahlolo le tlang joang?
6 Joale, ebe re ka pholoha letsatsi leo la ho lihuoa ha kahlolo joang? Jehova o arabela ka ho bontša ho se tšoane hona pakeng tsa ba lokileng le ba sa lokang: “Bonang! Moea oa hae o hohomohile; ha oa otloloha ka hare ho eena. Empa ha e le ea lokileng, o tla lula a phela ka botšepehi ba hae.” (Habakuke 2:4, NW) Babusi le batho ba ikhohomosang le ba meharo ba silafalitse histori ea kajeno ka mali a batho ba limilione ba se nang molato, haholo-holo lintoeng tse peli tsa lefatše le ka lipolaeano tse khōlō tsa merabe. Ho fapana le hoo, batho ba Molimo ba ratang khotso ba mameletse ka botšepehi. Ke “sechaba se lokileng se bolokang boitšoaro bo tšepahalang.” Sechaba sena, hammoho le metsoalle ea sona ea “linku tse ling,” se latela khothatso ena: “Tšepang Jehova ka ho sa feleng, etsoe Jah Jehova ke Lefika ka linako tse sa lekanyetsoang.”—Esaia 26:2-4, NW; Johanne 10:16.
7. Re lokela ho etsa eng tumellanong le tsela eo Pauluse a sebelisitseng Habakuke 2:4 ka eona?
7 Moapostola Pauluse ha a ngolla Bakreste ba Baheberu, o qotsa Habakuke 2:4 (NW) ha a re ho batho ba Jehova: “Ho hlokahala hore le be le mamello, e le hore, ka mor’a hore le etse thato ea Molimo, le ka amohela phethahatso ea tšepiso. Etsoe e sa tla ba ‘ka nakoana e seng kae,’ ’me ‘ea tlang o tla fihla ’me ha a na ho lieha.’ ‘Empa ea lokileng oa ka o tla phela ka lebaka la tumelo,’ ’me, ‘haeba a ikhula, moea oa ka ha o khahloe ke eena.’” (Baheberu 10:36-38) Mehla ena ea rōna hase nako ea ho khoehlisa kapa ea ho tšoaseha litseleng tsa lefatše lena la Satane tsa lintho tse bonahalang le tsa ho hlanyetsa menate. Re tlameha ho etsa eng ho fihlela “nakoana e seng kae” e fela? Joaloka Pauluse, rōna ba sechaba sa Jehova se halalelang re tšoanela ho ‘hahamalla lintho tse ka pele le ho phehella pakane’ ea bophelo bo sa feleng. (Bafilippi 3:13, 14) ’Me, joaloka Jesu, re tlameha ho ‘mamella ka lebaka la thabo e behiloeng ka pel’a rōna.’—Baheberu 12:2.
8. “Monna” ea boleloang ho Habakuke 2:5 ke mang, hona ke hobane’ng ha a ke ke a atleha?
8 Habakuke 2:5 (NW) e hlalosa “monna ea shahlileng” eo, ha a bapisoa le bahlanka ba Jehova, a hlōlehang ho finyella pakane ea hae, le hoja ‘a entse hore moea oa hae o be moholo joaloka Sheole.’ Monna eo ‘ea sa khotsofaleng’ ke mang? Ka ho harola ho bohale ho tšoanang le ha Babylona ea mehleng ea Habakuke, kajeno “monna” enoa ea entsoeng ka mebuso e mengata ea lipolotiki—ebang ke ea Bofasista, Bonazi, Bokomonisi, kapa le eona eo ho thoeng ke ea puso ea sechaba ka sechaba—o loana lintoa hore a atolose linaha tsa hae. O boetse o tlatsa Sheole kapa lebitla, ka meea e se nang molato. Empa ‘‘monna’’ enoa ea entsoeng ka mebuso e mengata ea bolotsana oa lefatše la Satane, ea tahiloeng ke boikhohomoso ba hae ho hang ha a atlehe ha a “ipokellela lichaba tsohle le ho phuthela ho eena lichaba tsohle hammoho.” Ke Jehova Molimo feela ea ka momahanyang moloko oa batho, ’me sena o tla se etsa ka ’Muso oa Bomesia.—Matheu 6:9, 10.
Bomalimabe ba Pele ho a Mahlano a Matla
9, 10. (a) Jehova o tsoela pele ho phatlalatsa eng ka Habakuke? (b) Boemo ke bofe kajeno malebana le leruo le fumanoang ka bolotsana?
9 Ka moprofeta oa hae Habakuke, Jehova o tsoela pele ho phatlalatsa letoto la bomalimabe bo hahlano, e leng likahlolo tse tlamehang ho lihuoa ha ho lokisoa lefatše hore le tle le ahuoe ke barapeli ba tšepahalang ba Molimo. Batho ba lipelo li lokileng joalo, ba ‘phahamisa polelo ea maele’ e boleloang ke Jehova. Ho Habakuke 2:6 (NW), rea bala: “Ho malimabe ea atisang seo e seng sa hae—halelele hakaakang!—le ea etsang hore molato o be boima khahlanong le eena!”
10 Mona ho pepesoa leruo le fumanoang ka bolotsana. Lefatšeng le re potolohileng, barui ba tsoela pele ho hafa ka nkatana, ha mafutsana ’ona a tsoela pele ho kolla ntsi hanong. Barekisi ba lithethefatsi le baqhekelli ba bokella leruo le leholo, ha bongata ba batho feela ba tloaelehileng bo ntse bo lapa. Ho boleloa hore karolo e le ’ngoe ho tse ’nè ea baahi ba lefatše e phela bofumeng. Maemo a bophelo aa tšosa linaheng tse ngata. Ba nyoretsoeng ho loka lefatšeng baa bobola: Bokhopo boo bo ’nile ba eketseha “halelele hakaakang”! Leha ho le joalo, bofelo bo haufi! Ka sebele, pono ena “ha e na ho siuoa ke nako.”
11. Habakuke o reng ka ho tšolloa ha mali a batho, hona ke hobane’ng ha re ka ra re ho na le molato o moholo oa mali kajeno lefatšeng?
11 Moprofeta o re ho ea khopo: “Kahobane u ile ua tlatlapa lichaba tse ngata, bohle ba setseng ba lichaba ba tla u tlatlapa, ka lebaka la ho tšolloa ha mali a moloko oa batho le pefo lefatšeng, motseng le ho bohle ba lulang ho oona.” (Habakuke 2:8, NW) Lefatšeng kajeno re fumana molato o mokaakang oa mali! Jesu o ile a bolela ka ho toba, a re: “Bohle ba nkang sabole ba tla timela ka sabole.” (Matheu 26:52) Leha ho le joalo, lekholong lena la bo20 la lilemo feela, lichaba le lihlopha tsa merabe tse molato oa mali li bile molato oa ho bolaea batho ba fetang limilione tse lekholo. Ho malimabe ba kentseng letsoho tšollong ena ea mali!
Bomalimabe ba Bobeli
12. Bomalimabe ba bobeli bo tlalehiloeng ke Habakuke ke bofe, hona re ka kholiseha joang hore maruo a bolotsana a ke ke a atleha?
12 Bomalimabe ba bobeli, bo tlalehiloeng ho Habakuke 2:9-11 (NW), bo oela “ea fumanelang ntlo ea hae phaello ea bobe, e le hore a ka beha sehlaha sa hae moo ho phahameng, e le hore a lopolloe ho tsepareloeng ke tlokotsi!” Phaello e fumanoang ka bolotsana ha e na molemo, joalokaha mopesaleme a hlakisa: “U se ke ua tšoha leha motho a atisa maruo a hae, ’me matlotlo a ntlo ea hae a eketseha! Hobane mohla a shoang, a ke ke a nka letho, ’me khanya ea hae e ke ke ea theohela lebitleng le eena.” (Pesaleme ea 49:16, 17) Ka hona, keletso e bohlale ea Pauluse ea hlahella: “Fana ka litaelo ho ba ruileng tsamaisong ea hona joale ea lintho hore ba se ke ba iphahamisa, le hore ba behe tšepo ea bona, eseng maruong a sa tsitsang, empa ho Molimo, ea re fang lintho tsohle ka ho enneng hore re li thabele.”—1 Timothea 6:17.
13. Ke hobane’ng ha re lokela ho tsoela pele ho hoeletsa temoso ea Molimo?
13 Ke habohlokoa hakaakang hore melaetsa ea Molimo ea kahlolo e hoeletsoe hona joale! Ha Bafarisi ba ne ba hanyetsa hore matšoele a hoeletse hore Jesu ke “Ea tlang e le Morena ka lebitso la Jehova,” o ile a re: “Kea le bolella, Haeba bana ba ne ba ka lula ba khutsitse, majoe a ne a tla hoeletsa.” (Luka 19:38-40) Ka tsela e tšoanang, haeba kajeno batho ba Molimo ba ne ba ka hlōleha ho pepesa bokhopo bo lefatšeng, ‘lejoe le lerakong le ne le tla hoeletsa ka ho utloa bohloko.’ (Habakuke 2:11, NW) Ka hona, a re tsoeleng pele ho hlaba mokhosi oa Molimo ka sebete!
Bomalimabe ba Boraro le Khang ea ho ba Molato oa Mali
14. Malumeli a lefatše a ikarabella molatong ofe oa mali?
14 Bomalimabe ba boraro bo phatlalalitsoeng ka Habakuke bo bua ka khang ea molato oa mali. Habakuke 2:12 (NW), e re: “Ho malimabe ea hahang motse ka tšollo ea mali, le eo ka ho se loke a tiisitseng motse ka mokhoa o tsepameng!” Tsamaisong ena ea lintho, ho se loke le tšollo ea mali li atisa ho matahana. Ho hlakile hore malumeli a lefatše a ’nile a ikarabella ka tšollo ea mali e sisimosang ka ho fetisisa historing. Re ka qotsa feela Lintoa tsa Bolumeli tse ileng tsa etsa hore Bakreste ka lebitso ba hlasele Mamosleme; Lekhotla le Otlang Bakhelohi la K’hatholike la Spain le Latin America; Ntoa ea Lilemo tse 30 ea Europe e neng e le lipakeng tsa Maprostanta le Mak’hatholike; ’me tse sehlōhō ka ho fetisisa, e bile lintoa tse peli tsa lefatše tsa lekholo la rōna la lilemo, tseo ka bobeli li ileng tsa qala linaheng tsa Bokreste-’mōtoana.
15. (a) Li tšehelitsoe kapa li lumelletsoe ke likereke, lichaba tse ngata li tsoela pele ho etsa eng? (b) Na Machaba a Kopaneng a ka thibela ho hlomela ha lefatše lee?
15 Tšobotsi e ’ngoe e khopo ka ho fetisisa ea ntoa ea bobeli ea lefatše e ne e le Polao e Sehlōhō e neng e etsoa ke Manazi e ileng ea rinya Bajuda ba limilione le batho ba bang ba se nang molato ba Europe. Ke haufinyane tjena feela Fora, moo sehlopha se busang sa Roma e K’hatholike se boletseng hore se ile sa hlōleha ho hanyetsa ho isoa ha babolauoa ba makholo a likete liontong tsa polao tsa Manazi. Leha ho le joalo, lichaba li tsoela pele ho lokisetsa tšollo ea mali, ka tšehetso kapa ka tumello ea likereke. Makasine ea Time (tokollong ea eona ea machaba) ha e bua ka Kereke ea Russia ea Orthodox haufinyane tjena, e ile ea re: “Kereke e tsosolositsoeng e boetse e sebelisa tšusumetso e nyatsehang tabeng eo motho a neng a ke ke a e nahana: mokhoeng oa ntoa oa Russia. . . . Ho hlohonolofatsa lifofane tse khōlō tsa ntoa le liahelo tsa sesole ho batla ho fetohile mokhoa. Ka November, Sebakeng se Moscow sa Baitlami sa Danilovsky, e leng Ntlo-khōlō ea Mopatriareka oa Russia, kereke e ile ea ea bohōleng ba ho hlohonolofatsa pokello ea libetsa tsa nyutlelie tsa Russia.” Na Machaba a Kopaneng a ka thibela hore lefatše lee le se ke la hlola le hlomelloa hape ka lihlomo tsa ntoa tsa bodemona? Le hanyenyane! Ho latela koranta ea The Guardian ea London, Engelane, mohapi e mong oa Khau ea Khotso ea Nobel o ile a hlalosa: “Ho tšoenyang maikutlo kannete ke hore litho tse hlano tsa kamehla tsa Lekhotla la Tšireletso la Machaba a Kopaneng ke tsona tse ka sehloohong tse hlomellang lefatše.”
16. Jehova o tla etsa eng ka lichaba tse hlohlelletsang ntoa?
16 Na Jehova o tla ahlola lichaba tse hlohlelletsang lintoa? Habakuke 2:13 (NW), e re: “Bonang! Na ha ho tsoe ho Jehova oa mabotho hore batho ba tla sehlela mollo feela, le hore lichaba li tla ikhathalletsa lefeela?” “Jehova oa mabotho”! E, Jehova o na le mabotho a mangeloi a leholimo, ao a tla a sebelisa ha a felisa lihlopha tsa batho le lichaba tse tletseng moea oa ntoa!
17. Tsebo ea Jehova e tla tlala lefatše ho isa bohōleng bofe ka mor’a hore a lihele kahlolo lihlopheng tsa lichaba tse tletseng pefo?
17 Kahlolo ea Jehova lihlopheng tseo tsa lichaba tse tletseng pefo e tla lateloa ke eng? Habakuke 2:14 ea arabela: “Lefatše le tla tlala ho tseba khanya ea Jehova joalokaha metsi a koahela leoatle.” Ke tebello e kaakang! Ka Armagedone, bobusi ba Jehova bo tla tlosoa qoso ka ho sa feleng. (Tšenolo 16:16) O re tiisetsa hore o tla “tlotlisa sebaka sa maoto a [hae],” e leng lefatše lena leo re phelang ho lona. (Esaia 60:13) Moloko oohle oa batho o tla rutoa ka tsela ea Molimo ea bophelo, hoo tsebo ea oona ea merero e khanyang ea Jehova e tlang ho tlala lefatše joalokaha metsi a mangata a tletse maoatle.
Bomalimabe ba Bone le ba Bohlano
18. Ke bomalimabe bofe ba bone bo phatlalatsoang ka Habakuke, ’me bo bonahatsoa joang ke boemo ba lefatše kajeno boitšoarong?
18 Bomalimabe ba bone bo hlalosoa ho Habakuke 2:15 (NW) ka mantsoe ana: “Ho malimabe ea fang metsoalle ea hae ho hong ho nooang, ea ho tlatselletsang ka khalefo le bohale ba hao, e le ho etsa hore ba tahoe, ka morero oa ho talima litho tsa bona tse hlabisang lihlong.” Sena se bontša boemo ba boitšoaro bo hlephileng le bo khelohileng ba lefatše la kajeno. Boitšoaro bo bobe ba lona, boo le tsona lihlopha tsa bolumeli tse lumellang ntho e ’ngoe le e ’ngoe li bo tšehetsang, bo feteletse ka litsela tse ncha. Mafu a seoa a kang AIDS le a mang a amanang le ho kopanela liphate a jele setsi lefatšeng ka bophara. Ho e-na le hore moloko oa kajeno oa baikhabi o bonahatse “khanya ea Jehova,” o ntse o tetebela boitšoarong bo hlephileng ’me o lebile phethahatsong ea kahlolo ea Molimo. Kaha lefatše lena la botlokotsebe ‘le khorisitsoe haholo ka ho hlompholoha ho e-na le ho khorisoa ka khanya,’ le tla tloha le noa sekotlolong sa bohale ba Jehova, se emelang thato ea hae mabapi le lona. ‘Ho tla ba le nyeliso holim’a thoriso ea lona.’—Habakuke 2:16, NW.
19. Selelekela sa bomalimabe ba bohlano bo phatlalalitsoeng ke Habakuke bo bua ka eng, hona ke hobane’ng ha mantsoe ao a na le seo a se bolelang lefatšeng la kajeno?
19 Selelekela sa bomalimabe ba bohlano se lemosa ka matla ka borapeli ba litšoantšo tse betliloeng. Jehova o re moprofeta enoa a bolele mantsoe ana a matla: “Ho malimabe ea reng ho sekoto sa lehong: ‘Tsoha!’ ho lejoe le sa tsebeng ho bua: ‘Tsoha! Se tla fana ka thupelo’! Bonang! Se koahetsoe ka khauta le silevera, ’me ho hang ha ho phefumoloho ka hare ho sona.” (Habakuke 2:19, NW) Ho fihlela kajeno, Bokreste-’mōtoana le seo ho thoeng ke bohetene li khumamela lifapano, litšoantšo tsa Moroetsana Maria, melimo ea litšoantšo le lintho tse ling tse entsoeng ka sebōpeho sa motho le sa liphoofolo. Ha ho le e ’ngoe ea lintho tsena e ka tsohang ho pholosa barapeli ba eona ha Jehova a tlil’o liha kahlolo. Khauta le silevera tse manehiloeng ho tsona li fetoha lefeela ha li bapisoa le khanya ea Jehova, Molimo oa ka ho sa feleng, le khanya ea libōpuoa tsa hae tse phelang. E se eka re ka rorisa lebitso la hae le khethehileng ka ho sa feleng!
20. Re na le tokelo ea ho sebeletsa tokisetsong efe ea tempele ka thabo?
20 E, Molimo oa rōna Jehova, o lokeloa ke thoriso eohle. Ka lebaka la ho mo hlompha ka botebo, a re mameleng temoso ena e matla e khahlanong le borapeli ba litšoantšo. Empa mamela! Jehova o ntse a bua: “Jehova o ka tempeleng ea hae e halalelang. Khutsa ka pel’a hae, lefatše lohle!” (Habakuke 2:20, NW) Ha ho pelaelo hore moprofeta o ne a nahanne ka tempele ea Jerusalema. Leha ho le joalo, rōna kajeno, re filoe tokelo ea ho rapela tokisetsong e khōloanyane ea tempele ea moea, moo Morena oa rōna Jesu Kreste a behiloeng e le Moprista ea Phahameng. Mona mabaleng a tempele ea lefatšeng, rea kopana, rea sebeletsa ebile rea rapela, re neha Jehova tlotla e lokelang lebitso la hae le khanyang. ’Me ke thabo e kaakang eo re nang le eona ka ho fa Ntate oa rōna ea lerato oa leholimo borapeli bo tlohang pelong!
Na U sa Hopola?
• U nka mantsoe aa a Jehova a hore “E ke ke ea siuoa ke nako” joang?
• Mehleng ea kajeno bomalimabe bo phatlalalitsoeng ka Habakuke bo bolela eng?
• Ke hobane’ng ha re lokela ho tsoela pele ho phatlalatsa temoso ea Jehova?
• Re na le tokelo ea ho sebeletsa lebaleng la tempele ea eng?
[Litšoantšo tse leqepheng la 15]
Joaloka Habakuke, bahlanka ba kajeno ba Molimo baa tseba hore Jehova a ke ke a lieha
[Litšoantšo tse leqepheng la 18]
Na u ananela tokelo ea ho rapela Jehova lebaleng la tempele ea hae ea moea?
[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng e leqepheng la 16]
U.S. Army photo