Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • Buka ea Bibele ea 35—Habakuke
    “Lengolo Lohle le Bululetsoe ke Molimo ’me le Molemo”
    • 7. Jehova o tšelisa Habakuke joang?

      7 Pono ea bomalimabe bo hahlano (2:2-20). Jehova oa arabela: “Ngola taba tsa pono ena holim’a matlapa.” Esita le haeba e bonahala e lieha, ntle ho ho hlōleha e tla ba ’nete. Jehova o tšelisa Habakuke ka mantsoe ana: “Athe ea lokileng o tla phela ka tumelo ea hae.” (2:2, 4, BPN) Sera se ikhopolang bosona se ke ke sa finyella pakane ea sona, esita leha se ka ’na sa ipokellela lichaba le batho. Hobane, tsena ke tsona lichaba tse tla phethahatsa polelo ea maele ea bomalimabe bo hahlano:

  • Buka ea Bibele ea 35—Habakuke
    “Lengolo Lohle le Bululetsoe ke Molimo ’me le Molemo”
    • 12. Ke tšebeliso efe e molemo ea Habakuke 2:4 eo Pauluse a e entseng?

      12 Ka ho hlokomela hore boprofeta ba Habakuke bo molemo bakeng sa ho ruta, moapostola Pauluse o qotsitse khaolong ea 2, temana ea 4, ka makhetlo a mararo a sa tšoaneng. Ha a hatisa hore litaba tse molemo ke matla a Molimo bakeng sa pholoho ho e mong le e mong ea nang le tumelo, Pauluse o ile a ngolla Bakreste Roma: “Hobane ho loka ha Molimo ho koaholotsoe ka ho eona, ho tsoang tumelong ho isang tumelong, joale ka ha ho ngoliloe, ho thoe: Ea lokileng o tla phela ke tumelo.” Ha a ngolla Bagalata, Pauluse o ile a hatisa ntlha ea hore tlhohonolofatso e tla ka tumelo: “Ha ho motho ea ka beoang ea lokileng pel’a Molimo ke molao, hoa bonahala; kahobane ho itsoe: Ea lokileng o tla phela ke tumelo.” Pauluse o boetse a ngola lengolong la hae le eang ho Baheberu hore Bakreste ba tlameha ho bontša tumelo e phelang, e bolokang sephefumolohi, ’me o boetse a bua ka mantsoe a Jehova ho Habakuke. Leha ho le joalo, ha a qotse mantsoe a Habakuke feela, “Ea lokileng o tla phela ke tumelo,” empa hape mantsoe a hae a tsoela pele ho latela Septuagint ea Segerike: “Ekare ha a koeneha, sephefumolohi sa ka ha se khahlisoe ke eena.” Joale o akarelletsa ka hore: Ha e le rōna, “re ba tiisang tumelo ho pholosa meea ea rōna.”—Ba-Roma 1:17; Ba-Gal. 3:11; Ba-Heb. 10:38, 39.

Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela