Ho Ithabela ho Molimo oa Poloko ea Rōna
“Ke tla inyakallela ho Jehova; ke tla ithabela ho Molimo oa poloko ea ka.”—HABAKUKE 3:18, NW.
1. Pele Babylona e oa ka 539 B.C.E., Daniele o ile a bona pono e mabapi le eng?
NAKO e fetang lilemo tse leshome pele Babylona e oa ka 539 B.C.E., moprofeta Daniele ea tsofetseng o ile a bona pono e hlollang. E ne e bolela esale pele ka liketsahalo tsa lefatše tse isang ka ho toba ntoeng ea makhaola-khang pakeng tsa lira tsa Jehova le Morena ea khethiloeng oa hae, Jesu Kreste. Daniele o ile a itšoara joang? O itse: “Ka ikutloa ke khathetse ’me . . . ke feletsoe ke matla ka lebaka la ntho e bonoeng.”—Daniele 8:27, NW.
2. Ponong Daniele o ile a bona khohlano efe, hona u ikutloa joang ka ho atamela ha eona?
2 Rōna re ikutloa joang? Nako eo re phelang ho eona e se e ile haholo! Re itšoara joang ha re hlokomela hore khohlano eo Daniele a ileng a e bona ponong—ntoa ea Molimo ea Armagedone—e haufi haholo? Re arabela joang ha re lemoha hore bokhopo bo senotsoeng boprofeteng ba Habakuke bo atile hoo ho seng letho le ka etsoang haese hore lira tsa Molimo li timetsoe? Ho ka etsahala hore ebe boikutlo ba rōna bo tšoana le ba Habakuke joalokaha bo hlalositsoe khaolong ea boraro ea buka ea hae ea boprofeta.
Habakuke o Rapella Mohau oa Molimo
3. Habakuke o ile a rapella bo-mang, hona mantsoe a hae a ka re ama joang?
3 Habakuke khaolo ea 3 ke thapelo. Ho ea ka temana ea 1, e hlahisitsoe e le koli-ea-malla, e leng pina-tlhomohi kapa paka-mahlomola. Thapelo ena ea moprofeta e etsoa joalokaha eka e etsetsoa eena. Empa ha e le hantle, Habakuke o buella sechaba se khethiloeng sa Molimo. Kajeno, thapelo ena ea hae e bolela se seholohali ho batho ba Molimo ba tšoarehileng mosebetsing oa ho bolela ka ’Muso. Ha re bala Habakuke khaolo ea 3 re hopotse sena, mantsoe a eona aa re tšosa empa a boetse aa re thabisa. Thapelo ea Habakuke, kapa koli-ea-malla, e re fa lebaka le matla la hore re ithabele ho Jehova, Molimo oa poloko ea rōna.
4. Ke hobane’ng ha Habakuke a ile a tšoha, ’me re ka kholiseha ka tšebeliso efe ea matla a Molimo?
4 Joalokaha re hlokometse lihloohong tse peli tse fetileng, boemo ba Juda bo ne bo le bobe mehleng ea Habakuke. Empa Molimo o ne a ke ke a lumella boemo bona hore bo tsoele pele. Jehova o ne a tla nka bohato joalokaha a ne a ile a etsa nakong e fetileng. Hase feela moprofeta a ileng a hooa: “Jehova, ke utloile tlaleho ka uena. Ke tšohile, Jehova, ka lebaka la mosebetsi oa hao”! O ne a bolela’ng? ‘Tlaleho ka Jehova’ e ne e le histori ea liketso tse matla tsa Molimo, tse kang tse ileng tsa etsahala Leoatleng le Lefubelu, lefeelleng le Jeriko. Habakuke o ne a tseba liketso tsena hantle, ’me li ne li mo tšosa hobane o ne a tseba hore Jehova o tla boela a sebelise matla a hae a maholo ho sera sa hae. Ha re bona bokhopo ba moloko oa batho kajeno, le rōna rea tseba hore Jehova o tla nka bohato joalokaha a ile a etsa nakong ea boholo-holo. Na see sea re tšosa? Ha ho potang! Ho ntse ho le joalo, re rapela joaloka Habakuke: “Bohareng ba lilemo u o phelise! Bohareng ba lilemo e se eka u ka o tsebahatsa. Nakong ea pherekano, e se eka u ka hopola ho bontša mohau.” (Habakuke 3:2, NW) E se eka “bohareng ba lilemo,” e leng nakong e loketseng ea hae, Molimo a ka sebelisa matla a hae a hlollang hape. ’Me ka nako eo e se e ka a ka hopola ho bontša mohau ho ba mo ratang!
Jehova oa Macha!
5. ‘Molimo o ile a tla a tsoa Tamane’ joang, ’me see se bontša eng ka Armagedone?
5 Ho tla etsahala eng ha Jehova a utloa thapelo ea rōna e kōpang mohau? Re fumana karabelo ho Habakuke 3:3, 4. (NW) Taba ea pele, moprofeta o re: “Molimo o tlile a tsoa Temane, Ea Halalelang a tsoa Thabeng ea Parane.” Khale koana mehleng ea moprofeta Moshe, Temane le Parane li ne li le tseleng ea Iseraele e haolang lefeella ho leba Kanana. Ha sechaba se seholo sa Iseraele se ntse se le leetong, ho ne ho tšoana leha Jehova ka boeena a le leetong ’me ho se letho le ka mo thibang. Nakoana pele Moshe a e-shoa, o ile a re: “Jehova—o tlile a tsoa Sinai, ’me a ba chabela a le Seire. O ile a khanya a le sebakeng se lithaba sa Parane, ’me o ne a e-na le limiriade [tsa mangeloi] tse halalelang.” (Deuteronoma 33:2, NW) Ha Jehova a futuhela lira tsa hae ka Armagedone, matla a hae a sa hanyetsoeng a tla bonahatsoa ka tsela e tšoanang.
6. Ho phaella khanyeng ea Molimo, Bakreste ba lemohang ba bona eng?
6 Habakuke o boetse o re: “Ho hlompheha ha [Jehova] ho ile ha koahela maholimo; ’me lefatše la tlala thoriso ea hae. Ha e le khanya ea hae, e ile ea e-ba feela joaloka leseli.” Ke pono e hlollang hakaakang! Ke ’nete hore batho ba ke ke ba bona Jehova Molimo ’me ba phela. (Exoda 33:20) Leha ho le joalo, mahlo a lipelo tsa bahlanka ba Molimo ba tšepahalang aa phatsima ha ba nahana ka boholo ba hae. (Baefese 1:18) Bakreste ba lemohang bona ba bona ho hong hammoho le khanya ea Jehova. Habakuke 3:4, (NW) e qetella ka hore: “O ne a e-na le mahlaseli a mabeli a tsoang letsohong la hae, ’me matla a hae a ne a ipatile moo.” E, rea bona hore Jehova o loketse ho nka bohato, a sebelisa letsoho la hae le letona la matla le bonatla.
7. Ho macha ha Molimo ka tlhōlo ho bolela eng bakeng sa ba rabelang khahlanong le ena?
7 Ho macha ha Molimo ka tlhōlo ho bolela tlokotsi ho ba rabelang khahlanong le eena. Habakuke 3:5 (NW) e re: “Lefu la seoa le ne le ntse le tsamaea ka pel’a hae, le feberu e chesang e ne e tsamaea maotong a hae.” Ha Baiseraele ba ne ba le haufi le meeli ea Naha e Tšepisitsoeng ka 1473 B.C.E., ba bangata ba ile ba rabela, ba itšoara hampe ba ba ba rapela litšoantšo. Ka lebaka leo, ba fetang 20 000 ba ile ba bolaoa ke lefu la seoa le neng le tlisitsoe ke Molimo. (Numere 25:1-9) Haufinyane, ha Jehova a macha ho ea “ntoeng ea letsatsi le leholo la Molimo ea Matla ’Ohle,” ba rabelang khahlanong le eena ba tla hlokofalletsoa sebe sa bona ka tsela e tšoanang. Ba bang ba ka ba ba bolaoa ke lefu la seoa la sebele.—Tšenolo 16:14, 16.
8. Ho latela Habakuke 3:6, lira tsa Molimo li letetsoe ke eng?
8 Joale utloa tlhaloso e hlakileng ea moprofeta ha a hlalosa Jehova oa mabotho ha a futuhile. Ho Habakuke 3:6, (NW) rea bala: “[Jehova Molimo] o ile a ema a sa sisinyehe, e le hore a ka sisinya lefatše. O ile a bona, eaba joale o etsa hore lichaba li tlōle. ’Me lithaba tsa ka ho sa feleng li ile tsa thuhakanngoa; maralla a hlolang ka nako e sa lekanyetsoang a inama. Metsamao ea khale ke ea hae.” Jehova o qala ka ho “ema a sa sisinyehe,” a le joaloka molaoli oa ntoa ea hlahlobang lebala la ntoa. Lira tsa hae li thothometsoa ke tšabo. Lia bona hore na li loana le mang ’me lia tšoha ’me li tlakasela ke pherekano. Jesu o boletse esale pele ka nako eo ka eona “meloko eohle ea lefatše e tla ikotla ka lebaka la ho lla.” (Matheu 24:30) Etlare ha ho se ho se na thuso, e be e le hona ba hlokomelang hore ha ho ea ka hanyetsang Jehova. Mekhatlo ea batho—esita le e bonahalang e eme ka tieo joaloka “lithaba tsa ka ho sa feleng,” le “maralla a hlolang ka nako e sa lekanyetsoang”—e tla putlama. Ho tla tšoana le ‘metsamaong ea khale’ ea Molimo, joalokaha a ile a etsa mehleng ea boholo-holo.
9, 10. Habakuke 3:7-11 e re hopotsa eng?
9 ‘Bohale ba Jehova bo tukela’ lira tsa hae. Empa o tla sebelisa libetsa life ntoeng ea hae e khōlō? Thea tsebe ha moprofeta a li hlalosa, a re: “Seqha sa hao sea koaholloa hore se be feela. Likano tse hlapanyelitsoeng tsa meloko ke ntho e boletsoeng. U ile ua qala ho arola lefatše ka linōka. Lithaba li ile tsa u bona; li ile tsa ba bohlokong bo boholo. Metsi a pula ea lia-luma a ile a feta. Boliba bo ile ba ntša molumo oa bona. Bo ile ba phahamisetsa matsoho a bona phahameng. Letsatsi—khoeli—li ile tsa ema tsi! libakeng tsa tsona tsa bolulo tse phahameng. Metsu ea hao e ile ea ’na ea tsoa joaloka leseli. Lehalima la lerumo la hao le ile la sebeletsa e le khanya.”—Habakuke 3:7-11, NW.
10 Mehleng ea Joshua, Jehova o ile a etsa hore letsatsi le khoeli li eme tlekelele! e le ha a bontša matla ka mokhoa o makatsang. (Joshua 10:12-14) Boprofeta ba Habakuke bo re hopotsa hore matla ’ona ana a tla laoloa ke Jehova ka Armagedone. Ka 1513 B.C.E., Jehova o ile a bontša matla a hae holim’a maliba a lefatše ha a ne a sebelisa Leoatle le Lefubelu ho timetsa mabotho a Faro. Lilemo tse 40 hamorao, nōka ea Jordane e neng e tlōtse mabōpo ha ea ka ea sitisa Baiseraele ha ba macha ka tlhōlo ho kena Naheng e Tšepisitsoeng. (Joshua 3:15-17) Mehleng ea moprofeta oa mosali Debora, lipula tsa litloebelele li ile tsa hohola makoloi a ntoa a Sisera, sera sa Iseraele. (Baahloli 5:21) Matla ’ona ana a likhohola, lipula tsa litloebelele le maliba a tla laoloa ke Jehova ka Armagedone. Lia-luma le mahalima le tsona li laoloa ke eena joaloka lerumo kapa khohlopo e tletseng metsu.
11. Ho tla etsahala eng ha Jehova a lokolla matla a hae a maholo?
11 Ka sebele ho tla tšosa ha Jehova a lokolla matla a hae a maholo. Mantsoe a Habakuke a fana ka maikutlo a hore bosiu bo tla fetoha motšehare ’me motšehare o tla khanya ho feta kamoo letsatsi le ka etsang hore o khanye kateng. Ebang tlhaloso ena e bululetsoeng ea Armagedone ke ea sebele kapa ke ea tšoantšetso, ’nete e salang ke hore—Jehova o tla hlōla, a sa lumelle hore ho be le sera se phonyohang.
Poloko e Tiisitsoe Bakeng sa Batho ba Molimo!
12. Molimo o tla etsa’ng ho lira tsa hae, empa ke bo-mang ba tla bolokeha?
12 Moprofeta o tsoela pele ho hlalosa liketso tsa Jehova ha a timetsa lira tsa Hae. Ho Habakuke 3:12, (NW) rea bala: ‘U pholletsa le lefatše ka nyatso. U tsamaile u pola lichaba ka bohale.’ Leha ho le joalo, Jehova a ke ke a etsa larita. Ho na le batho ba tla pholosoa. Habakuke 3:13, (NW) e re: “U ile ua tsoa hore u boloke batho ba hao, ho pholosa motlotsuoa oa hao.” E, Jehova o tla pholosa bahlanka ba hae ba tlotsitsoeng ba tšepahalang. Kahoo, ho timetsoa ha Babylona e Moholo, ’muso oa lefatše oa bolumeli ba bohata, ho tla be ho phethahetse. Leha ho le joalo, kajeno lichaba li leka ho felisa borapeli bo hloekileng. Haufinyane, bahlanka ba Jehova ba tla hlaseloa ke mabotho a Gogo oa Magogo. (Ezekiele 38:1–39:13; Tšenolo 17:1-5, 16-18) Na tlhaselo eo ea Satane e tla atleha? Che! Ka nako eo, Jehova ka bohale o tla otla lira tsa hae, a li rapitlele joaloka lijo-thollo seotlong. Empa o tla boloka ba mo rapelang ka moea le ka ’nete.—Johanne 4:24.
13. Habakuke 3:13 e tla phethahatsoa joang?
13 Pheliso e phethahetseng ea ba khopo e ile ea boleloa ka mantsoe ana: “[Jehova] u robile ea ka sehloohong oa ntlo ea ea khopo likoto. Motheo o pepesitsoe ho ea fihla molaleng.” (Habakuke 3:13, NW) ‘Ntlo’ ena ke tsamaiso e khopo e ntšetsoang pele ka tšusumetso ea Satane Diabolose. E tla pshatlakanngoa. “Ea ka sehloohong,” kapa baeta-pele ba hanyetsang Molimo, ba tla silakanngoa. Tsamaiso eohle e tla heletsoa, ho ea fihla motheong oa eona. E ke ke ea hlola e e-ba teng. Re tla be re utloe le litsebeng!
14-16. Ho latela Habakuke 3:14, 15, ho tla etsahala eng ka batho ba Jehova le ka lira tsa hae?
14 Ka Armagedone, ba lekang ho timetsa “motlotsuoa” oa Jehova ba tla ferekanngoa. Ho latela Habakuke 3:14, 15 (NW), moprofeta o bua le Molimo, o re: “Ka melamu ea hae u hlabile lihlooho tsa bahlabani ba hae ha ba tsamaea ka matla a sefefo ho nkhasanya. Nyakallo ea bona e fetisisang e ne e le joaloka ea ba ikemiselitseng ho harola ea hlorileng sebakeng sa ho ipata. U ile ua hatakela ka lipere tsa hao ho pholletsa le leoatle, ho pholletsa le qubu ea metsi a mangata.”
15 Ha Habakuke a re “bahlabani . . . ba tsamaea ka matla a sefefo ho nkhasanya,” moprofeta enoa o buella bahlanka ba Jehova ba tlotsitsoeng. Joaloka masholu a litseleng a laletseng, lichaba li tla futuhela barapeli ba Jehova hore li ba timetse. Lira tsena tsa Molimo le batho ba hae li tla ba le “nyakallo . . . e fetisisang,” li kholisehile hore li tla atleha. Bakreste ba tšepahalang ba tla bonahala ba fokola, ba le joaloka “ea hlorileng.” Empa ha mabotho a hanyetsang Molimo a hlasela, Jehova o tla etsa hore a hlabane. A tla loantša bahlabani ba habo ’ona ka lihlomo kapa ka “melamu” ea ’ona.
16 Empa ho na le ho eketsehileng ho bonahalang sebakeng. Jehova o tla sebelisa mabotho a moea a matla ho feta batho hore a qetele ho timetsa lira tsa hae. Ka “lipere” tsa mabotho a hae a leholimo a tlas’a Jesu Kreste, o tla hatela pele ka tlhōlo ‘leoatleng’ le ‘qubung ea metsi a mangata,’ ao e leng letšoele le phetheselang la batho ba lireng. (Tšenolo 19:11-21) Joale, ba khopo ba tla tlosoa lefatšeng. Ke pontšo e matla hakaakang ea matla le toka tsa bomolimo!
Letsatsi la Jehova Lea Tla!
17. (a) Ke hobane’ng ha re ka kholiseha hore mantsoe a Habakuke a tla phethahala? (b) Ha re ntse re letetse letsatsi le leholo la Jehova, re ka tšoana le Habakuke joang?
17 Ha re na pelaelo hore mantsoe a Habakuke a tla tloha a phethahala. A ke ke a siuoa ke nako. Ho tseba see esale pele ho u ama joang? Hopola hore Habakuke o ne a ngola a le tlas’a tšusumetso. Jehova o tla nka bohato, ’me ho tla senyeha lefatšeng ha a etsa joalo. Hase feela moprofeta a ileng a ngola: “Ke ile ka utloa, ’me mpa ea ka ea qala ho lubeha; molomo oa ka o ile oa thothomela ka lebaka la molumo oo; ho bola ha qala ho kena masapong a ka; ’me boemong ba ka ke ne ke ferekane, hore ke lokela ho letela ka khutso letsatsi la mahlomola, bakeng sa ho tla ha hae ho batho, e le hore a ka ba futuhela.” (Habakuke 3:16, NW) Habakuke o ile a ferekana haholo—’me ho ne ho utloahala. Empa na tumelo ea hae e ile ea sisinyeha? Le hanyenyane! O ne a ikemiselitse ho lula a khobile matšoafo ha a ntse a letetse letsatsi la Jehova. (2 Petrose 3:11, 12) Na le rōna ha re ikutloe joalo? Ho fela ho le joalo! Re na le tumelo e feletseng ea hore boprofeta ba Habakuke bo tla phethahala. Empa ho fihlela bo phethahala, re tla leta ka mamello.
18. Le hoja Habakuke a ne a lebelletse mathata, boikutlo ba hae e ne e le bofe?
18 Kamehla ntoa e tlisa mathata, e a tlisetsa le bona ba hlōtseng. Lijo li ka ’na tsa fokola. Thepa e ka ’na a lahleha. Maemo a bophelo a ka ’na a theoha. Haeba seo se re etsahalla, re tla itšoara joang? Habakuke o ne a e-na le boikutlo bo behang mohlala, kaha o ile a re: “Le hoja sefate sa feiga se ka ’na sa se ke sa thunya, ’me sefate sa morara se ka ’na sa se ke sa beha; mosebetsi oa sefate sa mohloaare o ka ’na oa qetella o hlōlehile, ’me masimo a ka ’na a se ke a hlahisa lijo; mohlape oa likhutšoane o ka ’na oa tlosoa lesakeng, ’me ho ka ’na ha se ke ha e-ba le mohlape oa liphoofolo tse khōlō ka masakeng; empa leha ho le joalo, ha e le ’na, ke tla inyakallela ho Jehova; ke tla ithabela ho Molimo oa poloko ea ka.” (Habakuke 3:17, 18, NW) Ka ho utloahalang Habakuke o ne a lebelletse mathata, mohlomong tlala. Ho ntse ho le joalo, ha ho mohla a ileng a felloa ke ho ithabela ho Jehova, eo poloko ea hae e neng e tsoa ho eena.
19. Ke mathata afe ao Bakreste ba bangata ba nang le oona, empa haeba re beha Jehova pele bophelong ba rōna, re ka kholiseha ka eng?
19 Kajeno, esita le pele ho ntoa ea Jehova khahlanong le ba khopo, ba bangata ba oeloa ke matšoenyeho a maholo. Jesu o boletse esale pele hore lintoa, litlala, litšisinyeho tsa lefatše, le maloetse e ne e tla ba karolo ea ‘pontšo ea ho ba teng ha hae’ ka matla a borena. (Matheu 24:3-14; Luka 21:10, 11) Balumeli-’moho le rōna ba bangata ba phela linaheng tse hlasetsoeng ka matla ke phethahatso ea mantsoe a Jesu, ’me ka lebaka leo ba utloa bohloko bo boholo. Bakreste ba bang ba ka ’na ba utloa bohloko ka mokhoa o tšoanang nakong e tlang. Ho ka etsahala hore ba bangata ba rōna ‘feiga e se ke ea re thunyetsa’ pele bofelo bo e-tla. Leha ho le joalo, rea tseba hore na ke hobane’ng ha lintho tsena li etsahala, ’me hoo ho re tiisa moko. Ho feta moo, re na le setšehetso. Jesu o ile a tšepisa, a re: “Le ’ne le tsoele pele le batla ’muso pele le ho loka ha [Molimo], ’me lintho tsena tse ling tsohle le tla li ekeletsoa.” (Matheu 6:33) Seo hase tiiso ea hore re tla phela mabothobothong, empa se re tiisetsa hore haeba re etelletsa Jehova pele, o tla re hlokomela.—Pesaleme ea 37:25.
20. Ho sa tsotellehe mathata a teng a nakoana, re lokela ho ikemisetsa ho etsa eng?
20 Ho sa tsotellehe hore na re tlameha ho thulana le mathata afe, ha re na ho tepella kapa ho felloa ke tumelo matleng a pholosang a Jehova. Bara le barali babo rōna ba bangata ba Afrika, Europe Bochabela le libakeng tse ling ba thulana le mathata a boima, empa ba tsoela pele “ho inyakallela ho Jehova.” E se eka joaloka bona, le ka mohla re ke ke ra khaotsa ho etsa se tšoanang. Hopola hore ’Musi Morena Jehova ke mohloli oa “mafolofolo.” (Habakuke 3:19, NW) A ke ke a re soetsa. Ha ho pelaelo hore Armagedone e tla tla, ’me joang kapa joang lefatše le lecha la Molimo le tla latela. (2 Petrose 3:13) Joale “lefatše le tla tlala ho tseba khanya ea Jehova joalokaha metsi a koahela leoatle.” (Habakuke 2:14, NW) Ho fihlela ka nako eo e babatsehang, a re lateleng mohlala o motle oa Habakuke. Ka mehla a re ‘inyakalleleng ho Jehova le ho Molimo oa poloko ea rōna.’
Na u sa Hopola?
• Thapelo ea Habakuke e ka re ama joang?
• Ke hobane’ng ha Jehova a macha?
• Boprofeta ba Habakuke bo re’ng ka poloko?
• Re lokela ho letela letsatsi le leholo la Jehova ka boikutlo bofe?
[Setšoantšo se leqepheng la 23]
Na ua tseba hore na Molimo o tla sebelisa matla afe khahlanong le ba khopo ka Armagedone?