Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • Borapeli ba ’Nete bo Kopanya Batho
    Molula-Qhooa—2001 | September 15
    • Ho Kopana Lefatšeng Lohle Mehleng ea Rōna!

      Boprofeta bo babatsehang bo bukeng ea Bibele ea Sofonia bo bua ka ho kopana ha batho ba limelo tse sa tšoaneng. Bo re: “Ka nako eo [’na Jehova Molimo] ke tla etsa hore lichaba li fetohele puong e hloekileng, e le hore kaofela ha tsona li ipiletse lebitsong la Jehova, e le hore li mo sebeletse ka mahetla a bapileng.” (Sofonia 3:9) See ke setšoantšo se setle hakaakang sa batho ba fetohileng ba sebeletsang Molimo ba kopane!

  • Borapeli ba ’Nete bo Kopanya Batho
    Molula-Qhooa—2001 | September 15
    • E le hore a kopanye batho ba hae, Jehova o ba fa puo e hloekileng. Puo ena e ncha e kopanyelletsa kutloisiso e nepahetseng ea ’nete ea Bibele mabapi le Molimo le merero ea hae. Ho bua puo e hloekileng ho akarelletsa ho lumela ’nete, ho e ruta ba bang, le ho phela tumellanong le melao ea Molimo le melao-motheo ea hae. Ho bolela ho qoba lipolotiki tse bakang likarohano le ho fothola maikutlo a boithati ka pelong, a joaloka ho ba le khethollo ea morabe le bochaba bo arolang tseo e leng litšobotsi tse hlahelletseng tsa lefatše lena. (Johanne 17:14; Liketso 10:34, 35) Bohle ba lipelo li tšepahalang ba ratang ’nete ba ka ithuta puo ena. Ak’u bone kamoo batho ba bahlano bao ho builoeng ka bona sehloohong se etellang sena pele—ba neng ba arohane haholo bolumeling—ba kopaneng kateng hona joale borapeling ba Molimo a le mong oa ’nete, Jehova.

Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela