Letsatsi la Jehova la Kahlolo le Haufi!
“Letsatsi le leholo la Jehova le haufi. Le haufi, ’me le potlakile haholo.”—SOFONIA 1:14.
1. Molimo o ile a fana ka temoso efe ka Sofonia?
JEHOVA MOLIMO o haufi le ho nka bohato khahlanong le ba khopo. Mamela! Ena ke temoso ea hae: “Ke tla felisa motho oa lefatše le phoofolo . . . Ke tla felisa moloko oa batho holim’a lefatše.” (Sofonia 1:3) ’Musi Morena Jehova o buile mantsoe ana ka moprofeta oa hae Sofonia, eo mohlomong e leng setlohotloholoana sa Morena Ezekiase ea tšepahalang. Phatlalatso eo e ileng ea etsoa mehleng ea Morena Josiase ea molemo, e ne e sa tšoarela ba khopo ba lulang naheng ea Juda molaetsa o thabisang.
2. Ke hobane’ng ha liketso tsa Josiase li sa ka tsa thibela letsatsi la Jehova la kahlolo?
2 Ntle ho pelaelo ho profeta ha Sofonia ho ile ha etsa hore Josiase e monyenyane a elelloe haholoanyane hore ho hlokahala hore ho tlosoe borapeli bo sa hloekang Juda. Leha ho le joalo, ha Josiase a tlosa bolumeli ba bohata ka hare ho naha ha aa ka a felisa bokhopo bohle har’a sechaba, hape ha aa ka a felisa libe tsa ntat’ae-moholo, Morena Manase, ea ‘neng a tlatsitse Jerusalema ka mali a hlokang molato.’ (2 Marena 24:3, 4; 2 Likronike 34:3) Ka hona, letsatsi la Jehova la kahlolo le ne le tla fela le tle.
3. Re ka kholiseha joang hore re ka khona ho pholoha “letsatsi la bohale ba Jehova”?
3 Leha ho le joalo, ho ne ho tla ba le baphonyohi ba letsatsi leo le tšabehang. Ka lebaka leo, moprofeta oa Molimo o ile a phehella: “Pele taelo e hlomamisitsoeng e tsoala ntho leha e le efe, pele letsatsi le feta feela joaloka ’mōkō, pele le oeloa ke bohale bo tukang ba Jehova, pele le oeloa ke letsatsi la bohale ba Jehova, le batle Jehova, lōna bohle ba bonolo ba lefatše, ba sebelisitseng qeto ea Hae ea boahloli. Batlang ho loka, le batle bonolo. Mohlomong le ka patoa letsatsing la bohale ba Jehova.” (Sofonia 2:2, 3) Re e-na le tšepo ea ho pholoha letsatsi la Jehova la kahlolo, a re hlahlobeng buka ea Bibele ea Sofonia. Kaha e ngoletsoe Juda pele ho 648 B.C.E., ke karolo ea “lentsoe [la Molimo] la boprofeta,” leo re lokelang ho ikemisetsa ho le ela hloko.—2 Petrose 1:19.
Letsoho la Jehova Lea Otloloha
4, 5. Sofonia 1:1-3 e ile ea phethahala joang ho ba khopo ba Juda?
4 “Lentsoe la Jehova” ho Sofonia le qala ka temoso e boletsoeng pejana. Molimo o re: “‘Ruri ke tla felisa ntho e ’ngoe le e ’ngoe holim’a lefatše,’ ho bolela Jehova. ‘Ke tla felisa motho oa lefatše le phoofolo. Ke tla felisa sebōpuoa se fofang sa maholimo le litlhapi tsa leoatle, le likhopiso hammoho le ba khopo; ’me ke tla felisa moloko oa batho holim’a lefatše,’ ho bolela Jehova.”—Sofonia 1:1-3.
5 E, Jehova o ne a tla felisa bokhopo naheng ea Juda. Molimo o ne a tla sebelisa mang ho “felisa ntho e ’ngoe le e ’ngoe holim’a lefatše”? Kaha kamoo ho bonahalang kateng Sofonia o ne a profeta karolong e qalang ea puso ea Morena Josiase, e qalileng ka 659 B.C.E., mantsoe ao a boprofeta a ile a phethahala ha Juda le Jerusalema, motse-moholo oa eona, li etsoa lesupi ke Bababylona ka 607 B.C.E. Ka nako eo, ho ile ha ‘felisoa’ ba khopo ba Juda.
6-8. Sofonia 1:4-6 e boletse eng esale pele, ’me boprofeta boo bo ile ba phethahala joang Juda ea boholo-holo?
6 Ha Sofonia 1:4-6 e bolela esale pele liketso tsa Molimo khahlanong le barapeli ba bohata, e re: “Ke tla otlolla letsoho la ka khahlanong le Juda le khahlanong le baahi bohle ba Jerusalema, ’me ke tla felisa sebakeng sena ba setseng ba Baale, lebitso la baprista ba melimo esele hammoho le baprista, le ba inamelang makhotla a maholimo holim’a marulelo, le ba inamang, ba etsetsang Jehova likano tse hlapanyelitsoeng le ba etsang likano tse hlapanyelitsoeng ka Malkame; le ba ikhulang ho lateleng Jehova le ba sa batlang Jehova ’me ba sa botsa ka eena.”
7 Jehova o ile a otlolla letsoho khahlanong le batho ba Juda le Jerusalema. O ne a ikemiselitse ho bolaea barapeli ba Baale, molimo oa Bakanana oa litaba tsa tsoalo. Melimo e sa tšoaneng ea sebaka sena e ne e bitsoa bo-Baale hobane barapeli ba eona ba ne ba nka hore e laola libaka tse itseng ebile e na le tšusumetso ho tsona. Ka mohlala, ho ne ho e-na le Baale ea neng a rapeloa ke Bamoabe le Bamidiane Thabeng ea Peore. (Numere 25:1, 3, 6) Ho pholletsa le Juda, Jehova o ne a tla felisa baprista ba Baale, esita le baprista ba sa tšepahaleng ba Balevi ba neng ba tlōla molao oa Molimo ka ho ba le botsoalle le bona.—Exoda 20:2, 3.
8 Hape Molimo o ne a tla felisa ba “inamelang makhotla a maholimo,” bao ka ho hlakileng ba sebelisang bonohe ba linaleli ’me ba rapela letsatsi. (2 Marena 23:11; Jeremia 19:13; 32:29) Khalefo ea Molimo e ne e tla tšolleloa ho ba lekang ho tsoaka borapeli ba ’nete le bolumeli ba bohata ka ho ‘etsetsa Jehova likano tse hlapanyelitsoeng le ho etsa likano tse hlapanyelitsoeng ka Malkame.’ Mohlomong Malkame ke lebitso le leng la Moloke, molimo ea ka sehloohong oa Baammone. Borapeli ba Moloke bo ne bo kopanyelletsa le ho etsa mahlabelo ka bana.—1 Marena 11:5; Jeremia 32:35.
Bofelo ba Bokreste-’mōtoana bo Haufi!
9. (a) Bokreste-’mōtoana bo molato oa eng? (b) Ho fapana le batho ba Juda ba sa tšepahaleng, re lokela ho ikemisetsa ho etsa’ng?
9 E ka ’na eaba sena sohle se hlile se re hopotsa Bokreste-’mōtoana, bo qoetseng borapeling ba bohata le bonoheng ba linaleli. Karolo eo bo e phethang ho etseng batho ba limilione sehlabelo aletareng ea ntoa e tšehetsoang ke baruti, ka sebele ea nyonyeha! E se eka le ka mohla re ke ke ra tšoana le batho ba sa tšepahaleng ba Juda, ba ileng ba ‘ikhula ho lateleng Jehova,’ ba iphapanya ’me ba khaotsa ho mo batla kapa ho batla tataiso ea hae. Ho e-na le hoo, a re luleng re tšepahala ho Molimo.
10. U ka hlalosa se boleloang ke boprofeta ba Sofonia 1:7 joang?
10 Mantsoe a latelang a moprofeta a loketse bafosi ba Juda le batho ba khopo ba kajeno. Sofonia 1:7 e re: “Khutsa ka pel’a ’Musi Morena Jehova; etsoe letsatsi la Jehova le haufi, kaha Jehova o lokisitse sehlabelo; o halalelitse bamemuoa ba hae.” Ho totobetse hore “bamemuoa” bana e ne e le lira tsa Juda tsa Bakalde. “Sehlabelo” e ne e le Juda ka boeona, ho kopanyelletsa le motse-moholo oa eona. Kahoo, Sofonia o ile a phatlalatsa morero oa Molimo oa ho timetsa Jerusalema, ’me boprofeta bona bo ne bo boetse bo supa timetsong ea Bokreste-’mōtoana. Ha e le hantle, kaha letsatsi la Molimo la kahlolo le haufi haholo kajeno, lefatše lohle le lokela ho “khutsa ka pel’a ’Musi Morena Jehova” ’me le utloe seo a se buang ka “mohlatsoana” oa balateli ba Jesu ba tlotsitsoeng le balekane ba bona, e leng “linku tse ling.” (Luka 12:32; Johanne 10:16) Bohle ba sa tl’o mamela ’me kahoo ba ipeha khahlanong le puso ea ’Muso oa Molimo ba letetsoe ke timetso.—Pesaleme ea 2:1, 2.
Letsatsi la ho Bokolla le Haufi!
11. Moelelo o ka sehloohong oa Sofonia 1:8-11 ke ofe?
11 Mabapi le letsatsi la Jehova, Sofonia 1:8-11 ea phaella: “‘Ka letsatsi la sehlabelo sa Jehova ke tla lebisa tlhokomelo ho likhosana, le ho bara ba morena, le ho bohle ba apereng liaparo [tsa basele]. Ke tla lebisa tlhokomelo ho e mong le e mong ea hloellang holim’a setupu letsatsing leo, ba tlatsang ntlo ea beng ba bona ka pefo le thetso. Letsatsing leo,’ ho bolela Jehova, ‘molumo oa mohoo o tla ba teng o tsoa Hekeng ea Litlhapi, le ho bokolla ho tsoang karolong ea bobeli, le lerata le leholo le tsoang maralleng. Bokollang, lōna baahi ba Makteshe, etsoe batho bohle bao e leng bo-rakhoebo ba khutsisitsoe; bohle ba bekhang silevera ba felisitsoe.’”
12. Ho tla joang hore ebe ba bang ba fumanoa ba ‘apere liaparo tsa basele’?
12 Morena Josiase o ne a tla hlahlangoa ke Joakaze, Jojakime le Jojakine. Joale ho ne ho tla latela puso ea Tsedekia, e tsebahalang ka hore Jerusalema e ile ea felisoa ho eona. Le hoja ba ne ba talimane le tlokotsi e joalo, ho totobetse hore ba bang ba ne ba batla ho amoheloa ke lichaba tseo ba ahelaneng le tsona ka ho ‘apara liaparo tsa basele.’ Le kajeno ba bangata ba totobatsa ka litsela tse sa tšoaneng hore hase karolo ea mokhatlo oa Jehova. Joalokaha ba iponahatsa e le karolo ea mokhatlo oa Satane, ba tla otloa.
13. Tumellanong le boprofeta ba Sofonia, ke’ng se neng se lokela ho etsahala ha Bababylona ba hlasela Jerusalema?
13 ‘Letsatsi leo,’ leo Juda e tla botsoa ka lona le tšoana le letsatsi la Jehova la ho ahlola lira tsa hae, ho felisa bokhopo le ho paka hore o phahame. Ha Bababylona ba hlasela Jerusalema, mohoo o ne o tla tsoa Hekeng ea Litlhapi. Mohlomong e filoe lebitso lena hobane e ne e le haufi le ’maraka oa litlhapi. (Nehemia 13:16) Makhotla a Babylona a ne a tla kena sebakeng se bitsoang karolo ea bobeli, ’me “lerata . . . le tsoang maralleng” e ka ’na eaba le bolela molumo oa Bakalde ba atamelang. Ho ne ho tla ba le “ho bokolla” ho etsoang ke baahi ba Makteshe, eo mohlomong e leng Khohlo e ka holimo ea Tyropoeone. Ba ne ba tla bokollela’ng? Hobane mesebetsi ea khoebo, ho kopanyelletsa le oa ‘ho bekha silevera,’ e ne e tla khaotsa sebakeng seo.
14. Ho hlahloba ha Molimo ba ipolelang hore ke barapeli ba hae ho ne ho tla pharalla hakae?
14 Ho hlahloba ha Jehova ba ipolelang hore ke barapeli ba hae ho ne ho tla pharalla hakae? Boprofeta bo tsoela pele: “Nakong eo ke tla batlisisa Jerusalema ka mabone, ’me ke tla lebisa tlhokomelo ho batho ba qitang holim’a litšifa tsa bona le ba reng ka lipelong tsa bona, ‘Jehova a ke ke a etsa se molemo, ’me a ke ke a etsa se sebe.’ Leruo la bona le tla nkoa ka mahahapa le matlo a bona a etsoe lesupi. Ba tla haha matlo, empa ba ke ke ba lula ho ’ona; ’me ba tla lema lirapa tsa morara, empa ba ke ke ba noa veine ea tsona.”—Sofonia 1:12, 13.
15. (a) Baprista ba bakoenehi ba Jerusalema ba ne ba tla hlaheloa ke eng? (b) Litho tsa bolumeli ba bohata ba kajeno li tleloa ke eng?
15 Baprista ba Jerusalema ba bakoenehi ba ne ba tsoaka borapeli ba Jehova le bolumeli ba bohata. Le hoja ba ne ba ikutloa ba sireletsehile, Molimo o ne a tla ba batla joalokaha eka ke ka mabone a khanyang a neng a tla phunyelletsa lefifi la moea leo ba neng ba ipatile ho lona. Ha ho ea neng a tla phema phatlalatso le phethahatso ea kahlolo ea Molimo. Bakoenehi bao ba sa tšoenyeheng ba ne ba lutse joaloka litšifa tse qitileng tlaase faking ea veine. Ba ne ba sa batle ho tšoenngoa ka phatlalatso leha e le efe e bolelang hore Molimo o tla kenella litabeng tsa batho, empa ba ne ba ke ke ba pholoha ha Molimo a ba ahlola. Le kajeno litho tsa bolumeli ba bohata li ke ke tsa pholoha, ho kopanyelletsa le litho tsa Bokreste-’mōtoana le ba koenehetseng borapeli ba Jehova. Ha ba latola hore ana ke ‘matsatsi a ho qetela,’ ba re ka lipelong tsa bona, “Jehova a ke ke a etsa se molemo, ’me a ke ke a etsa se sebe.” Ba fositse hakaakang!—2 Timothea 3:1-5; 2 Petrose 3:3, 4, 10.
16. Ke’ng se neng se lokela ho etsahala ha Molimo a ahlola Juda, ’me ho tseba seo ho lokela ho re ama joang?
16 Bakoenehi ba Juda ba ile ba lemosoa hore Bababylona ba tla hapa leruo la bona, ba etse matlo a bona lesupi, ’me ba nke litholoana tsa lirapa tsa bona tsa morara. Lintho tse bonahalang li ne li ke ke tsa thusa ka letho ha Molimo a ne a ahlola Juda. Ho tla ba joalo ha letsatsi la Jehova la kahlolo le tlela tsamaiso ea lintho ea hona joale. Ka hona, e se eka re ka ba le pono ea moea ’me ra ‘ipolokela matlotlo leholimong’ ka ho etelletsa pele tšebeletso ea Jehova bophelong ba rōna!—Matheu 6:19-21, 33.
“Letsatsi le Leholo la Jehova le Haufi”
17. Ho latela Sofonia 1:14-16, letsatsi la Jehova la kahlolo le haufi hakae?
17 Letsatsi la Jehova la kahlolo le haufi hakae? Ho latela Sofonia 1:14-16, Molimo oa re tiisetsa: “Letsatsi le leholo la Jehova le haufi. Le haufi, ’me le potlakile haholo. Molumo oa letsatsi la Jehova o bohloko. Monna ea matla o ntša mohoo moo. Letsatsi leo ke letsatsi la khalefo, letsatsi la mahlomola le la bohloko bo boholo, letsatsi la sefefo le la lesupi, letsatsi la lefifi le la botšo, letsatsi la maru le la botšo bo boholo, letsatsi la lenaka le la mokhosi, khahlanong le metse e etselitsoeng liqhobosheane le khahlanong le litora tse likhutlong tse phahameng.”
18. Ke hobane’ng ha re sa lokela ho etsa qeto ea hore letsatsi la Jehova la kahlolo le hōle?
18 Baprista ba Juda ba baetsalibe, likhosana, le sechaba ba ile ba lemosoa hore “letsatsi le leholo la Jehova le haufi.” Bakeng sa Juda ‘letsatsi la Jehova le ne le tla potlaka haholo.’ Le nakong ena ea rōna, ho se ke ha e-ba le ea mong ea nahanang hore ho phethahala ha kahlolo ea Jehova ho ba khopo ho sa le hōle. Ho e-na le hoo, joalokaha Molimo a ile a nka khato ka potlako Juda, ka ho tšoanang o tla ‘potlakisa’ letsatsi la hae la kahlolo. (Tšenolo 16:14, 16) E tla ba nako ea mahlomola a makaakang ho bohle ba hlokomolohang litemoso tsa Jehova tseo Lipaki tsa hae li fanang ka tsona le ba hlōlehang ho amohela borapeli ba ’nete!
19, 20. (a) Litšobotsi tse ling tsa khalefo eo Molimo a ileng a e tšollela holim’a Juda le Jerusalema ke life? (b) Ha ho nahanoa ka timetso e tla otla tšekeletsane eo tsamaiso ee ea lintho e talimaneng le eona, ho botsoa lipotso life?
19 Ha Molimo a ne a tšollela khalefo ea hae holim’a Juda le Jerusalema e ne e le “letsatsi la mahlomola le la bohloko bo boholo.” Bababylona ba hlaselang ba ile ba bakela baahi ba Juda mahlomola a mangata, a kopanyelletsang ho imeloa kelellong ha ba tobane le lefu le timetso. ‘Letsatsi leo la sefefo le la lesupi’ e ne e le la lefifi, maru le botšo, mohlomong eseng feela ka tsela ea tšoantšetso empa le ka tsela ea sebele, hobane hohle ho ne ho tletse mosi le polao e sehlōhō. E ne e le “letsatsi la lenaka le la mokhosi,” empa litemoso tseo e ne e le tsa lefeela.
20 Balebeli ba Jerusalema ba ne ba se na thuso ha likofuto tse heletsang marako tsa Babylona li liha “litora tse likhutlong tse phahameng.” Ka tsela e tšoanang, lintho tse sireletsang tsa tsamaiso ena ea lintho ha li na ho ba le thuso khahlanong le libetsa tsa leholimo tseo Molimo a li bokeletseng, tse lokiselitsoeng hore a li sebelise haufinyane timetsong e tla otla tšekeletsane. Na u na le tšepo ea hore u tla pholoha? Na u eme u tiile ka lehlakoreng la Jehova, ‘ea lebelang bohle ba mo ratang, empa a tla felisa bohle ba khopo’?—Pesaleme ea 145:20.
21, 22. Sofonia 1:17, 18 e tla phethahala joang mehleng ea rōna?
21 Letsatsi la kahlolo ke le tšabehang hakaakang joalokaha Sofonia 1:17, 18 e boletse esale pele! Jehova Molimo o re: “Ke tla baka mahlomola ho moloko oa batho, ’me ka sebele ba tla tsamaea joaloka batho ba foufetseng; hobane ba sitetsoe Jehova. Mali a bona a tla tšolloa joaloka lerōle, le mala a bona a tšolloe joaloka bolokoe. Silevera ea bona kapa khauta ea bona e ke ke ea khona ho ba lopolla letsatsing la khalefo ea Jehova; empa lefatše lohle le tla timetsoa ka mollo oa cheseho ea hae, hobane o tla tlisa pheliso, e tšabehang, ea baahi bohle ba lefatše.”
22 Joalokaha Jehova a ile a lihela mahlomola holim’a “baahi bohle ba lefatše” mehleng ea Sofonia, haufinyane o tla a lihela bohle ba hanang ho ela hloko temoso ea hae. Kaha ba siteloa Molimo, ba tla tsamaea e le ba sitoang ho iketsetsa letho joaloka lifofu, ba sitoa ho itopolla. Ka letsatsi la Jehova la kahlolo, mali a bona “a tla tšolloa joaloka lerōle,” joaloka ntho e se nang thuso. Ka sebele qetello ea bona e tla ba e lihlong hobane litopo tsa bana ba khopo—esita le mala a bona—Molimo o tla li hasanya holim’a lefatše, “joaloka bolokoe.”
23. Le hoja bafosi ba ke ke ba pholoha “letsatsing la khalefo ea Jehova,” boprofeta ba Sofonia bo fana ka tšepo efe?
23 Ha ho ea ka pholosang ba loantšang Molimo le batho ba hae. Silevera kapa khauta li sitiloe ho lopolla bafosi ba Juda, feela joalokaha “letsatsing la khalefo ea Jehova,” maruo a bokelletsoeng le tjotjo li tla sitoa ho sireletsa kapa ho pholosa Bokreste-’mōtoana le likarolo tse ling tsohle tsa tsamaiso ena ea lintho. Ka letsatsi leo la makhaola-khang, “lefatše lohle le tla timetsoa” ka mollo oa cheseho ea Molimo ha a felisa ba khopo. Kaha re lumela lentsoeng la Molimo la boprofeta, re kholisehile hore hona joale re hare-hare “nakong ea bofelo.” (Daniele 12:4) Letsatsi la Jehova la kahlolo le haufi, ’me haufinyane o tla iphetetsa ho lira tsa hae. Empa boprofeta ba Sofonia bo fana ka tšepo ea topollo. Joale, ho hlokahala eng hore re patoe letsatsing la bohale ba Jehova?
U ka Arabela Joang?
•Boprofeta ba Sofonia bo ile ba phethahala joang ho Juda le Jerusalema?
•Bokreste-’motōana le bohle ba khopo ba kajeno ba tleloa ke eng?
•Ke hobane’ng ha re sa lokela ho nahana hore letsatsi la Jehova la kahlolo le sa le hōle?
[Setšoantšo se leqepheng la 13]
Sofonia o ile a bolela ka sebete hore letsatsi la Jehova la kahlolo le atametse
[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng]
From the Self-Pronouncing Edition of the Holy Bible, containing the King James and the Revised versions
[Setšoantšo se leqepheng la 15]
Letsatsi la Jehova le ile la tlela Juda le Jerusalema ka Bababylona ka 607 B.C.E.
[Setšoantšo se leqepheng la 16]
Na u na le tšepo ea ho pholoha ha Jehova a timetsa ba khopo?