“Ntebelleng”
“Ka baka leo, ntebelleng he, ho bolela Jehova.”—SOFONIA 3:8.
1. Moprofeta Sofonia o ile a fana ka temoso efe, hona ke’ng se etsang hore batho ba kajeno ba e thahaselle?
“LETSATSI la Jehova le leholo le atametse.” Mohoo ona ke mohoo oa temoso o ileng oa etsoa ke moprofeta Sofonia bohareng ba lekholo la bosupa la lilemo B.C.E. (Sofonia 1:14) Boprofeta bona bo ile ba phethahala lilemong tse 40 kapa tse 50, ha letsatsi la ho phethahatsa likahlolo tsa Jehova le oela Jerusalema le lichaba tse neng li hanyelitse bobusi ba Jehova ka ho tšoara batho ba hae hampe. Ke hobane’ng ha batho ba phelang ho ella bofelong ba lekholo la bo20 la lilemo ba thahasella see? Re phela nakong ea ha ‘letsatsi le leholo’ la Jehova la bofelo le atamela ka potlako. Hantle feela joaloka mehleng ea Sofonia, “ho tuka hohle ha bohale” ba Jehova ho tla hlasela se tšoanang le Jerusalema kajeno—Bokreste-’mōtoana—le lichaba tsohle tse tšoarang batho ba Jehova hampe le tse nyelisang bobusi ba hae ba bokahohle.—Sofonia 1:4; 2:4, 8, 12, 13; 3:8; 2 Petrose 3:12, 13.
Sofonia—Paki e Sebete
2, 3. (a) Re tseba eng ka Sofonia, ’me ke’ng se bontšang hore e ne e le paki ea Jehova e sebete? (b) Ke linnete life tse re nolofalletsang ho lekanyetsa nako eo Sofonia a neng a profeta ka eona le sebaka seo a neng a profetela ho sona?
2 Ho tsejoa ho honyenyane ka moprofeta Sofonia, eo lebitso la hae (ka Seheberu, Tsephan·yahʹ) le bolelang “Jehova o Koahetse (O Bolokile).” Leha ho le joalo, ho fapana le baprofeta ba bang, Sofonia o ile a fana ka tlaleho ea leloko la hae ho isa molokong oa bone, ho ea morao ho “Ezekiase.” (Sofonia 1:1; bapisa le Esaia 1:1; Jeremia 1:1; Ezekiele 1:3.) Sena ha sea tloaeleha hoo bahlalosi ba bangata ba reng ntat’a moholo oa ntat’ae ke Morena Ezekiase ea tšepahalang. Haeba ho joalo, joale Sofonia o ne a e-tsoa lelokong la borena, ’me sena se ne se tla ba le matla a eketsehileng ha a nyatsa mahosana a Juda a sa a natse ho be ho bontše hore e ne e le paki e sebete le moprofeta oa Jehova. Ho tseba ha hae sebaka sa Jerusalema le se neng se etsahala lekhotleng la borena se bontša hore ho ka etsahala hore ebe o ile a bolela likahlolo tsa Jehova motse-moholo ka booona.—Bona Sofonia 1:8-11, bapisa le NW mengolong e botlaaseng ba leqephe.
3 Se hlokomelehang ke ’nete ea hore ha Sofonia a bolela likahlolo tsa bomolimo khahlanong le “mahosana” a Juda (bahlomphehi, kapa marena a meloko) le “bara ba morena,” le ka mohla ha aa ka a bua ka morena ka boeena nyatsong ea hae.a (Sofonia 1:8; 3:3) Sena se bontša hore Morena Josiase e monyenyane o ne a se a bontšitse hore o sekametse ka matla borapeling bo hloekileng, le hoja, ka lebaka la boemo boo Sofonia a ileng a bo nyatsa, ho totobetse hore o ne a e-s’o qale liphetoho tsa hae tsa bolumeli. Sena sohle se fana ka maikutlo a hore Sofonia o ile a profeta a le Juda lilemong tse qalang tsa Josiase, ea ileng a busa ho tloha ka 659 ho ea ho 629 B.C.E. Ha ho pelaelo hore ho profeta ho matla ha Sofonia ho ile ha etsa hore Josiase a elelloe haholoanyane borapeli ba litšoantšo, pefo le tšenyeho tse neng li atile Juda ka nako eo le ho matlafatsa letšolo leo a ileng a le etsa hamorao khahlanong le borapeli ba litšoantšo.—2 Likronike 34:1-3.
Mabaka a Bohale ba Jehova bo Tukang
4. Jehova o ile a bontša bohale ba hae khahlanong le Juda le Jerusalema ka mantsoe afe?
4 Jehova o ne a e-na le lebaka le letle la ho halefela baeta-pele le baahi ba Juda le motse-moholo oa eona Jerusalema. Ka moprofeta oa hae Sofonia, o ile a re: ‘Ke tla otlollela letsoho la ka holim’a Juda le holim’a baahi bohle ba Jerusalema, ke tle ke timeletse nģalong eo masala ’ohle a Baale, lebitso la baruti ba litšoantšo hammoho le baprista; le ba khumamang holim’a matlo pel’a lekhotla la leholimo, le bakhumami ba anang ka Jehova, ba anang le ka morena oa bona.’—Sofonia 1:4, 5.
5, 6. (a) Boemo ba bolumeli Juda e ne e le bofe mehleng ea Sofonia? (b) Boemo ba mahosana le baahloli ba Juda le ba bahlanka ba bona e ne e le bofe?
5 Juda e ne e silafalitsoe ke mekete e litšila ea borapeli ba Baale ea matla a ho ba le bana, bonohe ba linaleli ba bodemona le borapeli ba Malkome, molimo oa bohetene. Haeba Malkome e le ntho e le ’ngoe le Moloke, joalokaha ba bang ba fana ka maikutlo a joalo, joale borapeli ba bohata ba Juda bo ne bo akarelletsa le ho etsa mahlabelo ka bana ho leng manyala. Mekhoa e joalo ea bolumeli e ne e nyonyeha mahlong a Jehova. (1 Marena 11:5, 7, NW; 14:23, 24; 2 Marena 17:16, 17) Ba ne ba lokeloa ke bohale ba hae bo boholo kaha barapeli bana ba litšoantšo ba ne ba ntse ba etsa likano ka lebitso la Jehova. O ne a se a ke ke a hlola a mamella litšila tse joalo tsa bolumeli ’me o ne a tla bolaea baprista ba bahetene le ba bakoenehi ka ho tšoanang.
6 Ho feta moo, mahosana a Juda le baahloli ba eona ba ne ba senyehile. Mahosana a eona a ne a le joaloka “litau tse rorang” tse harolang, ’me baahloli ba eona e ne eka “liphiri” tse meharo. (Sofonia 3:3) Bahlanka ba bona ba ne ba qosoa ka ho ‘tlatsa ntlo ea morena oa bona ka tse hapiloeng ka bohoroso le ka thetso.’ (Sofonia 1:9) Lerato la lintho tse bonahalang le ne le atile. Ba bangata ba ne ba sebelisa boemo bona ho bokella leruo ka bongata.—Sofonia 1:13.
Lipelaelo ka Letsatsi la Jehova
7. Sofonia o ile a profeta halelele hakae pele ho “letsatsi la Jehova le leholo,” hona boemo ba moea ba Bajode ba bangata e ne e le bofe?
7 Joalokaha re se re bone, boemo bo bobe haholo ba bolumeli bo neng bo le teng mehleng ea Sofonia bo bontša hore o ile a phetha mosebetsi oa hae e le paki le moprofeta pele Morena Josiase a qala letšolo la hae khahlanong le borapeli ba litšoantšo, hoo e ka bang ka 648 B.C.E. (2 Likronike 34:4, 5) Joale, ho ka etsahala hore ebe Sofonia o ile a profeta bonyane ka lilemo tse 40 pele “letsatsi la Jehova le leholo” le oela ’muso oa Juda. Nakong e lipakeng, Bajode ba bangata ba ile ba ba le lipelaelo ’me ba ‘furalla’ tšebeletso ea Jehova, ba iphapanya. Sofonia o bua ka ba “sa batleng Jehova, ba sa mo hlokomeleng.” (Sofonia 1:6) Ho hlakile hore batho ka bomong Juda ba ne ba iphapantse, ba sa itšoenye ka Molimo.
8, 9. (a) Ke hobane’ng ha Jehova a ne a tla hlahloba “banna bao ba hoamileng holim’a litšifa tsa bona”? (b) Jehova o ne a tla lebisa tlhokomelo ho baahi ba Juda le ho mahosana le baahloli le baeta-pele ba bona ba bolumeli ka litsela life?
8 Jehova o ile a tsebahatsa morero oa hae oa ho hlahloba ba ipolelang e le batho ba hae. Har’a ba ipolelang hore ke barapeli ba hae, o ne a tla batla ba nang le lipelaelo ka lipelong tsa bona mabapi le matla kapa morero oa hae oa ho kenella litabeng tsa batho. O itse: “Nakong eo, ke tla batlisisa Jerusalema ka mabone, ke khalemele banna bao ba hoamileng holim’a litšifa tsa bona, ba reng pelong tsa bona: Jehova ha a na ho etsa hantle, leha e le ho etsa hampe.” (Sofonia 1:12) Polelo “banna bao ba hoamileng holim’a litšifa tsa bona” (e buang ka ho ritela veine) e bua ka ba qitileng, joaloka litšifa botlaaseng ba faki le ba sa batleng ho tšoenngoa ka phatlalatso leha e le efe ea hore haufinyane Molimo o tla kenella litabeng tsa moloko oa batho.
9 Jehova o ne a tla lebisa tlhokomelo ho baahi ba Juda le ba Jerusalema le ho baprista ba bona ba neng ba kopantse borapeli ba hae le bohetene. Haeba ba ne ba ikutloa ba sireletsehile, joalokaha eka ba ipatile lefifing ka har’a marako a Jerusalema, o ne a tla ba batla joalokaha eka ke ka mabone a khanyang a neng a tla kenella lefifing la moea moo ba neng ba tšabetse teng. O ne a tla ba hlokola ho se thahaselleng bolumeli ha bona, a qale ka melaetsa e tšosang ea kahlolo, a ntan’o phethahatsa likahlolo tseo.
“Letsatsi la Jehova le Leholo le Atametse”
10. Sofonia o ile a hlalosa “letsatsi la Jehova le leholo” joang?
10 Jehova o ile a bululela Sofonia ho bolela: “Letsatsi la Jehova le leholo le atametse, le atametse, le bile le akofa ka ho fetisisa. Utloang! letsatsi la Jehova ke lena! Teng mohale o meketsa habohloko.” (Sofonia 1:14) Ka sebele matsatsi a bohloko a ne a larile ka pel’a e mong le e mong—baprista, mahosana le batho—ba hanneng ho ela hloko temoso le ho khutlela borapeling bo hloekileng. Ha bo hlalosa letsatsi leo la ho phethahatsa kahlolo, boprofeta bona bo tsoela pele: “Tsatsi leo ke tsatsi la khalefo, ke tsatsi la tlokotsi le la matsoalo, ke tsatsi la tšenyo le la tšenyeho, ke tsatsi la lefifi le la botšo, ke tsatsi la maru le la lefifi le letšo! Ke tsatsi la phala le la mokhosi o hlabeloang metse e matla le marako a phahamileng.”—Sofonia 1:15, 16.
11, 12. (a) Ho ile ha phatlalatsoa molaetsa ofe oa kahlolo khahlanong le Jerusalema? (b) Na katleho ea lintho tse bonahalang e ne e tla pholosa Bajode?
11 Ka lilemo tse mashome a seng makae, makhotla a Babylona a ne a tla hlasela Juda. Jerusalema e ne e ke ke ea pholoha. Libaka tsa eona tsa bolulo le litsi tsa eona tsa khoebo li ne li tla ripitloa. “Tsatsing leo, ho bolela Jehova, ho tla utloahala mohoo o tsoang monyakong oa Lihlapi, le seboko se tsoang Mishne, le tšenyeho e khōlō e maralleng. Bokollang, lōna baahi ba Maktheshe [karolo ea Jerusalema], hobane sechaba sohle sa bahoebi se felile, bohle ba ipelesitseng ka silefera ba timelitsoe.”—Sofonia 1:10, 11, bapisa le mongolo o botlaaseng ba leqephe ho NW.
12 Kaha ba ne ba hana ho lumela hore letsatsi la Jehova le haufi, Bajode ba bangata ba ne ba ikakhetse ka setotsoana mesebetsing ea khoebo e ba ruisang. Empa ka Sofonia, moprofeta oa hae ea tšepahalang, Jehova o ile a bolela esale pele hore leruo la bona le ne le tla “lobeloa, matlo a bona a senngoe.” Ba ne ba ke ke ba e-noa veine eo ba e rathotseng, ’me “Leha e le silefera ea bona, leha e le khauta ea bona, li [ne li] ke ke tsa tseba ho ba namolela tsatsing la khalefo ea Jehova.”—Sofonia 1:13, 18.
Lichaba Tse Ling Lia Ahloloa
13. Sofonia o ile a phatlalatsa molaetsa ofe oa kahlolo khahlanong le Moabe, Ammone le Assyria?
13 Ka moprofeta oa hae, Sofonia, Jehova o ile a boela a tsebahatsa bohale ba hae khahlanong le lichaba tse neng li ile tsa tšoara batho ba hae hampe. O ile a re: “Ke utloile nyefolo ea Moabe le mahlapa a bana ba Ammone ba nyefotseng sechaba sa ka, ba hlompholotseng moeli oa sona. Ka baka leo, Jehova oa makhotla, Molimo oa Iseraele, o re: Kea phela, ke re, Moabe o tla ba joalo ka Sodoma, bana ba Ammone ba be joalo ka Gomora, e leng lefa la bobatsi, le likhatampi tsa letsoai, le nahathothe ka ho sa feleng. . . . Hape, Jehova o tla otlollela letsoho la hae ka ’nģa leboea, a timeletse Assiria, a fetole Ninive nahathothe le sebataolo se joalo ka lefeella!”—Sofonia 2:8, 9, 13.
14. Ke bopaki bofe bo leng teng ba hore lichaba tsa melata ‘li ile tsa ikhohomosetsa’ Baiseraele le Molimo oa bona, Jehova?
14 Moabe le Ammone e bile lira tsa Iseraele ka nako e telele. (Bapisa le Baahloli 3:12-14.) Lejoeng la Moabe, le Musiamong oa Louvre, Paris, ho ngotsoe polelo e bontšang boikakaso ea Morena Mesha oa Moabe. Ka boikhohomoso o pheta litaba tsa ha a hapa metse e mengata ea Iseraele ka thuso ea molimo oa hae Kemoshe. (2 Marena 1:1) Jeremia, thak’a Sofonia, o ile a bua ka ho lula ha Baammone naheng ea Gade ka lebitso la molimo oa bona Malkome. (Jeremia 49:1) Ha e le Assyria, Morena Salmanasare V o ne a ile a thibella Samaria a ba a e hapa lilemong tse ka bang lekholo pele ho mehla ea Sofonia. (2 Marena 17:1-6) Hamoraonyana, Morena Sankeribe o ile a hlasela Juda, a hapa metse ea eona e mengata e sirelelitsoeng, a ba a sokela Jerusalema. (Esaia 36:1, 2) Ka sebele ’muelli oa morena oa Assyria o ile a ikhohomosetsa Jehova ha a batla hore Jerusalema e inehele.—Esaia 36:4-20.
15. Jehova o ne a tla kokobetsa melimo ea lichaba e neng e ikhohomoselitse sechaba sa hae joang?
15 Pesaleme ea 83 e bua ka lichaba tse ’maloa, ho akarelletsa Moabe, Ammone le Assyria, tse ileng tsa ikhohomosetsa Iseraele, ’me ka boikakaso li ile tsa re: “Tloong, re ba felise har’a lichaba, lebitso la Iseraele le se ke la hlola le boleloa!” (Pesaleme ea 83:4) Moprofeta Sofonia ka sebete o ile a phatlalatsa hore Jehova oa makhotla o ne a tla kokobetsa lichaba tsena tse ikhohomosang kaofela le melimo ea tsona. “Tseo li tla ba hlahela ka baka la boikhohomoso ba bona, hobane ba nyefotse, ’me ba ikhohomositse holim’a sechaba sa Jehova oa makhotla. Jehova o tla tšabeha holim’a bona, hobane o tla felisa melimo eohle ea lefatše, ba tle ho mo khumamela, e mong le e mong ka ho tloha nģalong ea hae, e leng lihleke-hlekeng tsohle tsa lichaba.”—Sofonia 2:10, 11.
‘Lebellang’
16. (a) Ho atamela ha letsatsi la Jehova e ne e le mohloli oa thabo ho mang, hona hobane’ng? (b) Ke taelo efe e hlasimollang e ileng ea lebisoa ho masala aa a tšepahalang?
16 Le hoja ho otsela ho sa tloaelehang moeeng, ho belaela, borapeli ba litšoantšo, tšenyeho le lerato la lintho tse bonahalang li ne li atile har’a baeta-pele le baahi ba bangata ba Juda le Jerusalema, ho bonahala hore Bajode ba bang ba tšepahalang ba ile ba mamela boprofeta ba Sofonia bo lemosang. Ba ile ba soabisoa ke mekhoa e manyala ea mahosana a Juda, baahloli le baprista ba eona. Liphatlalatso tsa Sofonia e ne e le mohloli oa matšeliso ho bana ba tšepahalang. Ho e-na le ho ba mohloli oa ho sithabela, ho atamela ha letsatsi la Jehova e ne e le mohloli oa thabo ho bona, hobane ho ne ho tla felisa mekhoa e joalo e manyala. Masala ana a tšepahalang a ile a ela hloko taelo ea Jehova e hlasimollang: “Ka baka leo, ntebelleng he, ho bolela Jehova, tsatsing leo ke tlang ho ema ka lona ho hapa, hobane ke rerile ho phutha lichaba le ho bokella mebuso, ke tle ke tšollele holim’a eona khalefo ea ka, ho tuka hohle ha bohale ba ka.”—Sofonia 3:8.
17. Melaetsa ea Sofonia ea kahlolo e ile ea qala ho phethahala neng hona joang lichabeng?
17 Ba ileng ba ela hloko temoso eo ha baa ka ba tšohanyetsoa. Ba bangata ba ile ba phela ho fihlela ba bona ha boprofeta ba Sofonia bo phethahala. Ka 632 B.C.E., makhotla a ikopantseng a Babylona, a Bamede le makhotla a leboea, mohlomong Maskitha a ile a hapa Ninive a ba a e timetsa. Rahistori Will Durant oa pheta: “Lebotho la Bababylona tlas’a Nabopolassar le ile la kopana le lebotho la Bamede tlas’a Cyaxares le lekhotla la Maskitha le tsoang Caucasus, ’me ka bobebe le ka potlako e makatsang a ile a hapa liqhobosheane tsa leboea. . . . Tlhaselong e le ’ngoe Assyria e ile ea nyamela historing.” Sena ke sona seo Sofonia a neng a se profetile.—Sofonia 2:13-15.
18. (a) Kahlolo ea bomolimo e ile ea lihuoa joang holim’a Jerusalema, hona hobane’ng? (b) Boprofeta ba Sofonia mabapi le Moabe le Ammone bo ile ba phethahala joang?
18 Bajode ba bangata ba neng ba ’nile ba lebella Jehova le bona ba ile ba phela ho fihlela ba bona likahlolo tsa hae li phethahatsoa holim’a Juda le Jerusalema. Mabapi le Jerusalema, Sofonia o ne a ile a profeta: “Ho malimabe motse o ikhantšang, o litšila, motse o hlorisang! Ha o mamele lentsoe, ha o amohele khalemelo, ha o tšepe Jehova; ha o atamele ho Molimo oa oona.” (Sofonia 3:1, 2) Bababylona ba ile ba thibella Jerusalema habeli ka lebaka la ho se tšepahale ha eona ’me qetellong e ile ea haptjoa ea ba ea timetsoa ka 607 B.C.E. (2 Likronike 36:5, 6, 11-21) Ha e le Moabe le Ammone, ho latela rahistori oa Mojode Josephus, selemong sa bohlano ka mor’a ho oa ha Jerusalema, Bababylona ba ile ba li loantša le ho li hapa. Hamorao li ile tsa timela, joalokaha ho ne ho profetiloe.
19, 20. (a) Jehova o ile a putsa ba ileng ba lula ba mo lebeletse joang? (b) Ke hobane’ng ha liketsahalo tsee li re ama, ’me ho tla tšohloa eng sehloohong se latelang?
19 Ho phethahala ha likarolo tsena le tse ling tsa boprofeta ba Sofonia e bile phihlelo e matlafatsang tumelo ho Bajode le bao e seng Bajode ba ileng ba lula ba lebeletse Jehova. Har’a ba ileng ba pholoha timetso ena e ileng ea oela Juda le Jerusalema e ne e le Jeremia, Ebede-Meleke oa Moethiopia, le lelapa la Jonadabe, Morekabe. (Jeremia 35:18, 19; 39:11, 12, 16-18) Bajode ba tšepahalang ba leng kholehong le bana ba bona ba ileng ba tsoela pele ho lebella Jehova, e ile ea e-ba karolo ea masala a thabileng a ileng a lokolloa Babylona ka 537 B.C.E. ’me a busetsoa Juda e le hore a ka tsosolosa borapeli bo hloekileng.—Esdrase 2:1; Sofonia 3:14, 15, 20.
20 See sohle se bolela’ng mabapi le mehla ea rōna? Boemo bo neng bo le teng mehleng ea Sofonia bo tšoana ka litsela tse ngata le manyala a etsahalang Bokreste-’mōtoaneng kajeno. Ho feta moo, mekhoa e sa tšoaneng ea boitšoaro ba Bajode mehleng eo e tšoana le mekhoa ea boitšoaro e leng teng kajeno, ka linako tse ling esita le har’a batho ba Jehova. Tsena ke lintho tse tla tšohloa sehloohong se latelang.
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Ho ne ho tla bonahala hore polelo “bara ba morena” e bolela mahosana ’ohle a borena, kaha bara ba Josiase ba ne ba le banyenyane haholo ka nako eo.
Tlhahlobo
◻ Boemo ba bolumeli e ne e le bofe Juda mehleng ea Sofonia?
◻ Ke maemo afe a neng a atile har’a mahosana le baahloli, ’me batho ba bangata ba ne ba itšoere joang?
◻ Lichaba li ile tsa ikhohomosetsa batho ba Jehova joang?
◻ Sofonia o ile a fa Juda le lichaba tse ling temoso efe?
◻ Ba neng ba lula ba lebeletse Jehova ba ile ba putsoa joang?
[Setšoantšo se leqepheng la 9]
Lejoe la Moabe le tiisa hore Morena Mesha oa Moabe o ile a bua mantsoe a nyefolang Iseraele ea boholo-holo
[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng]
Moabite Stone: Musée du Louvre, Paris
[Setšoantšo se leqepheng la 10]
Ho tšehetsa boprofeta ba Sofonia, letlapa lena la “cuneiform” la Litlaleho tsa Histori ea Babylona le tlaleha ho timetsoa ha Ninive ke makhotla a ikopantseng
[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng]
Cuneiform tablet: Courtesy of The British Museum