Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • Letsatsi la Jehova la Kahlolo le Haufi!
    Molula-Qhooa—2001 | February 15
    • 14. Ho hlahloba ha Molimo ba ipolelang hore ke barapeli ba hae ho ne ho tla pharalla hakae?

      14 Ho hlahloba ha Jehova ba ipolelang hore ke barapeli ba hae ho ne ho tla pharalla hakae? Boprofeta bo tsoela pele: “Nakong eo ke tla batlisisa Jerusalema ka mabone, ’me ke tla lebisa tlhokomelo ho batho ba qitang holim’a litšifa tsa bona le ba reng ka lipelong tsa bona, ‘Jehova a ke ke a etsa se molemo, ’me a ke ke a etsa se sebe.’ Leruo la bona le tla nkoa ka mahahapa le matlo a bona a etsoe lesupi. Ba tla haha matlo, empa ba ke ke ba lula ho ’ona; ’me ba tla lema lirapa tsa morara, empa ba ke ke ba noa veine ea tsona.”—Sofonia 1:12, 13.

  • Letsatsi la Jehova la Kahlolo le Haufi!
    Molula-Qhooa—2001 | February 15
    • 16. Ke’ng se neng se lokela ho etsahala ha Molimo a ahlola Juda, ’me ho tseba seo ho lokela ho re ama joang?

      16 Bakoenehi ba Juda ba ile ba lemosoa hore Bababylona ba tla hapa leruo la bona, ba etse matlo a bona lesupi, ’me ba nke litholoana tsa lirapa tsa bona tsa morara. Lintho tse bonahalang li ne li ke ke tsa thusa ka letho ha Molimo a ne a ahlola Juda. Ho tla ba joalo ha letsatsi la Jehova la kahlolo le tlela tsamaiso ea lintho ea hona joale. Ka hona, e se eka re ka ba le pono ea moea ’me ra ‘ipolokela matlotlo leholimong’ ka ho etelletsa pele tšebeletso ea Jehova bophelong ba rōna!—Matheu 6:19-21, 33.

Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela