Batlang Jehova Pele ho Letsatsi la Bohale ba Hae
“Le batle Jehova . . . Batlang ho loka, le batle bonolo. Mohlomong le ka patoa letsatsing la bohale ba Jehova.”—SOFONIA 2:3.
1. Boemo ba moea ba Juda e ne e le bofe ha Sofonia a ne a qala mosebetsi oa hae oa boprofeta?
SOFONIA o ile a qala mosebetsi oa hae oa boprofeta nakong e mahlonoko ea histori ea Juda. Boemo ba moea ba sechaba seo bo ne bo le bobe haholo. Ho e-na le ho tšepa Jehova, batho ba ne ba batla tataiso ho baprista ba bahetene le linohe tsa linaleli. Borapeli ba Baale, hammoho le mekete ea bona ea litaba tsa tsoalo, bo ne bo atile naheng eo. Baeta-pele ba sechaba—likhosana, balaoli, le baahloli—ba ne ba hatella bona batho bao ho neng ho lebeletsoe hore ba ba sireletse. (Sofonia 1:9; 3:3) Ha ho makatse hore ebe Jehova o ile a etsa qeto ea ho ‘otlolla letsoho la hae’ khahlanong le Juda le Jerusalema hore a li felise!—Sofonia 1:4.
2. Bahlanka ba Molimo ba tšepahalang ba Juda ba ne ba e-na le tšepo efe?
2 Leha ho le joalo, le hoja boemo bo ne bo le bobe hakaalo, ho ne ho e-na le tlhase ea tšepo. Josiase, mora oa Ammone, o ne a le teroneng ka nako eo. Le hoja Josiase e ne e sa le moshanyana feela, o ne a rata Jehova e le kannete. Haeba morena enoa e mocha a ne a ka tsosolosa borapeli bo hloekileng Juda, hoo e ne e tla ba ho khothatsang hakaakang ho ba seng bakae ba sebeletsang Molimo ka botšepehi! Ba bang ba ne ba ka ’na ba susumelletseha hore ba ikopanye le bona ’me le bona ba bolokoe letsatsing la bohale ba Jehova.
Se Hlokahalang Hore Motho a Bolokoe
3, 4. Ke litlhokahalo life tse tharo tseo motho a lokelang ho li finyella e le hore a pholosoe “letsatsing la bohale ba Jehova”?
3 Na ka sebele ho ne ho e-na le batho ba neng ba ka pholosoa letsatsing la bohale ba Jehova? E, haeba ba ne ba finyella litlhokahalo tse tharo tse boletsoeng ho Sofonia 2:2, 3. Ha re bala litemana tsena, a re eleng hloko ka ho khetheha litlhokahalo tsena. Sofonia o ile a ngola a re: “Pele taelo e hlomamisitsoeng e tsoala ntho leha e le efe, pele letsatsi le feta feela joaloka ’mōkō, pele le oeloa ke bohale bo tukang ba Jehova, pele le oeloa ke letsatsi la bohale ba Jehova, le batle Jehova, lōna bohle ba bonolo ba lefatše, ba sebelisitseng qeto ea Hae ea boahloli. Batlang ho loka, le batle bonolo. Mohlomong le ka patoa letsatsing la bohale ba Jehova.”
4 Joale, hore motho a bolokehe, o ne a tlameha (1) ho batla Jehova, (2) ho batla ho loka le (3) ho batla bonolo. Re lokela ho thahasella litlhokahalo tsena haholo kajeno. Hobane’ng? Hobane joalokaha Juda le Jerusalema li ile tsa tobana le letsatsi la ho ikarabella lekholong la bosupa la lilemo B.C.E., batho ba Bokreste-’mōtoana—ha e le hantle, bohle ba khopo—ba lebile nakong ea makhaola-khang le Jehova Molimo ‘matšoenyehong a maholo’ a tlang. (Matheu 24:21) Leha e le ofe ea lakatsang ho patoa ka nako eo o lokela ho nka khato e tiileng hona joale. Joang? Ka ho batla Jehova, ho batla ho loka, le ho batla bonolo pele e e-ba morao haholo!
5. Kajeno ‘ho batla Jehova’ ho akarelletsa eng?
5 U ka ’na ua re: ‘Ke mohlanka oa Molimo ea inehetseng, ea kolobelitsoeng, ke e mong oa Lipaki tsa Jehova. Na ke se ke ntse ke sa finyella litlhokahalo tseo?’ Bonneteng, ho hlokahala ho fetang feela hore re inehele ho Jehova. Iseraele e ne e le sechaba se inehetseng, empa mehleng ea Sofonia batho ba Juda ba ne ba sa phelele boinehelo boo. Ka lebaka leo, sechaba se ile sa qetella se lahluoe. Kajeno ‘ho batla Jehova’ ho akarelletsa ho hlaolela kamano e mofuthu le eena le ho e boloka ka ho kopanela le mokhatlo oa hae oa lefatšeng. Ho bolela ho tseba hore na Molimo o talima lintho joang le ho ela hloko maikutlo a hae. Re batla Jehova ha re ithuta Lentsoe la hae ka hloko, re thuisa ka lona re bile re sebelisa keletso ea lona bophelong. Ha re boela re batla tataiso ea Jehova thapelong eo re e etsang ka tieo ’me re latela tataiso ea moea oa hae o halalelang, kamano ea rōna le eena e ntse e teba, ’me re susumelletseha ho mo sebeletsa ‘ka lipelo tsa rōna tsohle le ka moea oa rōna oohle le ka mafolofolo a rōna oohle.’—Deuteronoma 6:5; Bagalata 5:22-25; Bafilipi 4:6, 7; Tšenolo 4:11.
6. Re ka ‘batla ho loka’ joang, hona ke hobane’ng ha ho khoneha esita le lefatšeng lee?
6 Tlhokahalo ea bobeli e boletsoeng ho Sofonia 2:3 ke ho ‘batla ho loka.’ Bongata ba rōna re ile ra etsa liphetoho tsa bohlokoa e le hore re ka tšoaneleha bakeng sa kolobetso ea Bokreste, empa re lokela ho tsoela pele ho tšehetsa litekanyetso tse lokileng tsa Molimo bophelong bohle ba rōna. Ba bang ba ileng ba qalisa hantle tabeng ena ba lumelletse lefatše hore le ba silafatse. Ha ho bonolo ho batla ho loka hobane re pota-potiloe ke batho ba nkang hore boitšoaro bo bobe ba ho kopanela liphate, ho bua leshano, le libe tse ling ke lintho tse tloaelehileng. Empa takatso e matla ea ho thabisa Jehova e ka hlōla tšekamelo leha e le efe ea ho batla kamohelo ea lefatše ka ho leka ho itsoaka-tsoakanya le lona. Juda e ile ea lahleheloa ke kamohelo ea Molimo ka lebaka la ho etsisa baahelani ba eona ba sa tšabeng Molimo. Joale, ho e-na le ho etsisa lefatše, a re beng “baetsisi ba Molimo,” re hlaolele “botho bo bocha bo ileng ba bōptjoa ho ea ka thato ea Molimo ho lokeng ha ’nete le botšepehing.”—Baefese 4:24; 5:1.
7. Re ka ‘batla bonolo’ joang?
7 Ntlha ea boraro e hlahisoang ke Sofonia 2:3 ke hore haeba re batla ho patoa letsatsing la bohale ba Jehova, re lokela ho ‘batla bonolo.’ Letsatsi ka leng, re kopana le banna, basali, le bacha ba hlaha. Ho bona, ho ba le maikutlo a bonolo ke phoso. Ba nka boikokobetso e le bofokoli bo tebileng. Ba batla lintho li hana ho fela, ke baithati, ’me ba tsitlallela maikutlong a bona, ba nka hore “litokelo” tsa bona le seo ba ratang ha se ka etsoa se lokela ho amoheloa joang kapa joang. E ne e ka ba ho soabisang hakaakang haeba re ne re ka tšoaetsoa ke a mang a maikutlo ao! Ena ke nako ea ho ‘batla bonolo.’ Joang? Ka ho ikokobelletsa Molimo le ka ho amohela taeo ea hae ka boikokobetso le ka ho phela tumellanong le thato ea hae.
Ke Hobane’ng ha ho Thoe “Mohlomong” le ka Patoa?
8. Ke’ng se bontšoang ka tšebeliso ea lentsoe “mohlomong” ho Sofonia 2:3?
8 Hlokomela hore Sofonia 2:3 e re: “Mohlomong le ka patoa letsatsing la bohale ba Jehova.” Ke hobane’ng ha ho sebelisoa lentsoe “mohlomong” ha ho buuoa le “ba bonolo ba lefatše”? Ha e le hantle, bao ba bonolo ba ne ba se ba ntse ba nkile mehato e nepahetseng, empa hoo ho ne ho sa ba fe monyetla oa hore ba itšepe. Ba ne ba e-s’o fihle qetellong ea bophelo ba bona ba tšepahetse. Ho ne ho ka ’na ha etsahala hore ba bang ba bona ba oele sebeng. Ho joalo le ka rōna. Jesu o itse: “Ea mameletseng ho isa bofelong ke eena ea tla pholoha.” (Matheu 24:13) E, ho pholoha letsatsing la bohale ba Jehova ho itšetlehile ka hore re tsoele pele ho etsa se nepahetseng mahlong a hae. Na u ikemiselitse ho etsa joalo ka tieo?
9. Morena Josiase e monyenyane o ile a nka mehato efe e khabane?
9 Ho totobetse hore ha Morena Josiase a arabela mantsoeng a Sofonia, o ile a susumelletseha ho ‘batla Jehova.’ Mangolo a re: “Ka selemo sa borobeli sa ho busa ha hae, ha [Josiase] e sa ntse e le moshanyana [ea ka bang lilemo li 16], a qala ho batla Molimo oa moholo-holo oa hae Davida.” (2 Likronike 34:3) Hape Josiase o ile a tsoela pele ho ‘batla ho loka,’ hobane rea bala: “Ka selemo sa leshome le metso e ’meli [ha Josiase a ne a ka ba lilemo li 20] a qala ho hloekisa Juda le Jerusalema ka ho tlosa libaka tse phahameng le lipalo tse halalelang le litšoantšo tse betliloeng le liemahale tse entsoeng ka ho qhibilihisoa. Ho ekelletsa moo, ba heletsa ka pel’a hae lialetare tsa bo-Baale.” (2 Likronike 34:3, 4) Josiase o ile a ‘batla le bonolo,’ ka boikokobetso a sebeletsa ho khahlisa Jehova ka hore a tlose borapeli ba litšoantšo naheng le mekhoa e meng ea bolumeli ba bohata. E tlameha ebe ba bang ba bonolo ba ile ba thabisoa ke liketso tsee hakaakang!
10. Ho ile ha etsahala’ng Juda ka 607 B.C.E., empa ke bo-mang ba ileng ba pholoha?
10 Bajuda ba bangata ba ile ba khutlela ho Jehova pusong ea Josiase. Leha ho le joalo, ka mor’a lefu la morena enoa, ba bangata ba ile ba khutlela litseleng tsa bona tsa khale—mekhoeng eo Molimo a sa e amoheleng ho hang. Joalokaha Jehova a ne a laetse, ka 607 B.C.E., Bababylona ba ile ba hlōla Juda ’me ba felisa Jerusalema, motse-moholo oa eona. Leha ho le joalo, ho ne ho sa ntse ho e-na le tšepo. Moprofeta Jeremia, Ebede-meleke oa Moethiopia, bana ba Jonadabe, le ba bang ba tšepahalang ho Molimo ba ile ba patoa letsatsing leo la bohale ba Jehova.—Jeremia 35:18, 19; 39:11, 12, 15-18.
Lira Tsa Molimo—Hlokomelang!
11. Ke hobane’ng ha e le phephetso hore motho a lule a tšepahala ho Molimo kajeno, empa lira tsa batho ba Jehova li lokela ho nahana ka eng?
11 Ha re ntse re letetse ho tla ha letsatsi la bohale ba Jehova tsamaisong ena e khopo, re “thulana le liteko tse sa tšoaneng.” (Jakobo 1:2) Linaheng tse ngata tse bolelang hore li nka tokoloho ea borapeli e le ea bohlokoa, baruti ba mano ba sebelisitse tšusumetso eo ba nang le eona ho balaoli ba lefatše ho hlorisa batho ba Molimo ka sehlōhō. Batho ba sa tšepahaleng ba senya Lipaki tsa Jehova lebitso, ba re ke “sehlotšoana sa borapeli sa bokhelohi se kotsi.” Molimo o tseba liketso tsa bona—’me o tla ba otlela tsona. Lira tsa hae li lokela ho nahana ka se ileng sa etsahalla lira tsa boholo-holo tsa batho ba hae tse kang Bafilista. Boprofeta bona bo re: “Ha e le Gaza, e tla ba motse o tlohetsoeng; le Ashkelone e tla ba lesupi. Ha e le Ashdode, motšehare o moholo ba tla mo leleka; ha e le Ekrone, o tla fotholoa.” Metse ea Bafilista ea Gaza, Ashkelone, Ashdode le Ekrone e ne e tla ripitloa ka ho feletseng.—Sofonia 2:4-7.
12. Ho ile ha etsahala’ng ka Filistia, Moabe le Ammone?
12 Boprofeta bona bo tsoela pele bo re: “Ke utloile nyeliso ea Moabe le mantsoe a nyefolang a bara ba Ammone, ao ba nyelisitseng batho ba ka ka ’ona le ho tsoela pele ba ikhohomosa khahlanong le naha ea bona.” (Sofonia 2:8) Ke ’nete hore Egepeta le Ethiopia li bile mahlomoleng ao li a bakeloang ke bahlaseli ba Babylona. Empa kahlolo ea Molimo ke efe khahlanong le Moabe le Ammone, lichaba tse tsoang lelokong la Lota mora oa mor’abo Abrahama? Jehova o boletse esale pele a re: “Moabe o tla ba feela joaloka Sodoma, ’me bara ba Ammone ba be joaloka Gomora.” Ho fapana le bo-nkhono ba tsona—e leng barali ba Lota ba babeli, ba ileng ba pholoha pheliso ea Sodoma le Gomora—Moabe le Ammone tse ikakasang li ne li ke ke tsa pateloa likahlolo tsa Molimo. (Sofonia 2:9-12; Genese 19:16, 23-26, 36-38) Kajeno, Filistia e hokae le metse ea eona? Ho thoe’ng ka Moabe le Ammone tse kileng tsa ikakasa? Leha u ka li batla, u ke ke ua li fumana.
13. Baepolli ba lintho tsa khale ba ile ba fumana eng Ninive?
13 Mehleng ea Sofonia, ’Muso oa Assyria o ne o le tlhōrōng ea matla a oona. Moepolli oa lintho tsa khale Austen Layard ha a hlalosa karolo e ’ngoe ea ntlo ea borena eo a ileng a e epolla Ninive, motse-moholo oa Assyria, o ile a ngola: “Siling . . . e ne e le likaroloana tse ngata tse mahlakore a lekanang, e pentiloe lipalesa, kapa liphoofolo. Likaroloana tse ling li ne li khabisitsoe ka lenaka la tlou, karoloana ka ’ngoe e pota-potiloe ke mophetho o motle le lipaterone. Maballo, esita le mahlakore a likamore, e ka ’na eaba a ne a manehiloe kapa a tlotsitsoe ka khauta le silevera; ’me mahong a sa fumaneheng habonolo, ao har’a ’ona ho hlahellang kedare, a ne a sebelisitsoe bakeng sa mapolanka.” Leha ho le joalo, joalokaha ho boletsoe esale pele boprofeteng ba Sofonia, Assyria e ne e lokela ho timetsoa ’me Ninive, motse-moholo oa eona, e ne e tla ba “lesupi.”—Sofonia 2:13.
14. Boprofeta ba Sofonia bo phethahetse joang holim’a Ninive?
14 Lilemo tse 15 feela ka mor’a hore Sofonia a profete seo, Ninive e matla e ile ea timetsoa, ’me ntlo ea eona ea borena ea sala e le lesupi. E, motse oo oa baikakasi o ile oa ripitloa ka ho feletseng. Hore na timetso ena e tla pharalla hakae ho boletsoe ka ho hlaka esale pele ka mantsoe ana: “Letata le jang litlhapi le nōkō li tla hlola bosiu hantle feela har’a likarolo tsa hae tse ka holimo tsa litšiea [tse oeleng]. Lentsoe le tla ’ne le bine fensetereng. Ho tla ba le thipitlo monyako.” (Sofonia 2:14, 15) Mehaho e meholohali ea Ninive e ne e tla ba libaka tsa bolulo tse ntle bakeng sa linōkō le matata a jang litlhapi. Literateng tsa motse ho ne ho ke ke ha hlola ho e-ba le mantsoe a bahoebi, mehoo ea bahlabani le lipina tsa baprista. Litseleng tseo tse kileng tsa phethesela, ho ne ho tla utloahala feela lentsoe le binang ka letsoalo fensetereng, mohlomong e le pina e hlomolang ea nonyana kapa ho foka ha moea. E se eka lira tsohle tsa Molimo li ka felisoa ka tsela eona eo!
15. Ho ka ithutoa eng ka se etsahalletseng Filistia, Moabe, Ammone le Assyria?
15 Re ka ithuta eng ka se etsahalletseng Filistia, Moabe, Ammone le Assyria? Re ka ithuta sena: Re le bahlanka ba Jehova, ho hang ha rea lokela ho tšaba lira tsa rōna. Molimo o bona seo bahanyetsi ba batho ba hae ba se etsang. Jehova o ile a nka bohato khahlanong le lira tsa hae nakong e fetileng, ’me likahlolo tsa hae li tla tlela lefatše lohle leo ho ahiloeng ho lona kajeno. Empa ho tla ba le baphonyohi—‘bongata bo boholo bo tsoang lichabeng tsohle.’ (Tšenolo 7:9) Mohlomong u ka ba har’a bona—hafeela u tsoela pele ho batla Jehova, ’me u batla ho loka le bonolo.
Ho Malimabe Bafosi ba Nyelisang!
16. Boprofeta ba Sofonia bo ile ba re’ng ka likhosana tsa Juda le baeta-pele ba bolumeli, hona ke hobane’ng ha mantsoe aa a tšoanela Bokreste-’mōtoana?
16 Boprofeta ba Sofonia bo boetse bo lebisa tlhokomelo Juda le Jerusalema. Sofonia 3:1, 2 e re: “Ho malimabe ea rabelang le ho itšilafatsa, motse o hatellang! Ha aa ka a mamela lentsoe; ha aa ka a amohela taeo. Ha aa ka a tšepa Jehova. Ha aa ka a atamela ho Molimo oa hae.” Ke sehlōhō se sekaakang hore ebe ha Jehova a leka ho laea batho ba hae ba ile ba mo hlokomoloha! Ka sebele bokhopo ba likhosana, balaoli le baahloli bo ne bo utloisa bohloko. Sofonia o ile a nyatsa ka thata ho hloka lihlong ha baeta-pele ba bolumeli, a re: “Baprofeta ba hae e ne e le ba nyelisang, e ne e le banna ba bolotsana. Baprista ba hae ba ile ba silafatsa se neng se halalela; ba senya molao.” (Sofonia 3:3, 4) Mantsoe aa a hlalosa hantle hakaakang boemo ba baprofeta le baprista ba Bokreste-’mōtoana kajeno! Ka nyeliso ba tlositse lebitso la Molimo liphetolelong tsa bona tsa Bibele ’me ba rutile lithuto tse etselletsang Eo ba ipolelang hore baa mo rapela.
17. Ebang batho baa mamela kapa che, ke hobane’ng ha re lokela ho tsoela pele ho bolela litaba tse molemo?
17 Jehova o ile a lemosa batho ba hae ba boholo-holo ka ho ba nahanela mabapi le khato eo a neng a tla tloha a e nka. O ile a roma bahlanka ba hae ba baprofeta—Sofonia le Jeremia, har’a ba bang—ho khothalletsa batho ho baka. E, “Jehova . . . o ne a sa etse ho sa lokang. Hoseng ho hong le ho hong a ’na a fana ka qeto ea hae ea boahloli. Ka meso ha ea ka ea haella.” Karabelo e bile efe? Sofonia o itse: “Empa ea sa lokang o ne a sa tsebe lihlong.” (Sofonia 3:5) Ho phatlalatsoa temoso e tšoanang le kajeno. Haeba u mohoeletsi oa litaba tse molemo, u na le karolo mosebetsing ona oa ho lemosa. Tsoela pele ho bolela litaba tse molemo u sa khaotse! Ebang batho baa mamela kapa che, ho Molimo tšebeletso ea hao ea amoheleha hafeela u e phetha ka botšepehi; ha ho hlokahale hore u hlajoe ke lihlong ha u ntse u etsa mosebetsi oa Molimo ka cheseho.
18. Sofonia 3:6 e tla phethahala joang?
18 Ho lihuoa ha kahlolo ea Molimo ho ke ke ha fella ka ho timetsoa ha Bokreste-’mōtoana feela. Jehova o atolosa kahlolo ea hae hore e kopanyelletse lichaba tsohle tsa lefatše o re: “Ke ile ka felisa lichaba; litora tsa tsona tse likhutlong tsa etsoa lesupi. Ka ripitla literata tsa tsona, hoo ho neng ho se le ea mong ea fetang. Metse ea tsona ea fetoha lesupi.” (Sofonia 3:6) Mantsoe ana a tšepahala hoo Jehova a buang ka timetso eo joalokaha eka e se e phethahetse. Ho etsahetse’ng ka metse ea Filistia, Moabe le Ammone? Hona ho thoe’ng ka Ninive, motse-moholo oa Assyria? Timetso ea eona ke mohlala o lemosang lichaba kajeno. Molimo a ke ke a songoa.
U ’ne U Batle Jehova
19. Re ka botsa lipotso life tse fatang maikutlo?
19 Mehleng ea Sofonia, bohale ba Molimo bo ile ba tšolleloa holim’a bao ka bokhopo ‘ba etsang hore mesebetsi eohle ea bona e be e senyehileng.’ (Sofonia 3:7) Se tšoanang se tla etsahala mehleng ea rōna. Na u bona bopaki ba hore letsatsi la bohale ba Jehova le haufi? Na u tsoela pele ho ‘batla Jehova’ ka ho bala Lentsoe la hae kamehla—letsatsi le letsatsi? Na u ‘batla ho loka’ ka ho hloeka boitšoarong tumellanong le litekanyetso tsa Molimo? Hona na u ‘batla bonolo’ ka ho bonahatsa maikutlo a bonolo, a ho ikokobelletsa Molimo le litokisetso tsa hae tsa poloko?
20. Re tla hlahloba lipotso life sehloohong sa ho qetela sa letoto lee la boprofeta ba Sofonia?
20 Haeba ka botšepehi re tsoela pele ho batla Jehova, ho loka le bonolo, re ka lebella ho thabela litlhohonolofatso tse enneng hona joale—‘matsatsing ’ona ana a ho qetela’ a lekang tumelo. (2 Timothea 3:1-5; Liproverbia 10:22) Empa re ka ’na ra botsa, ‘Re hlohonolofatsoa ka litsela life re le bahlanka ba Jehova ba kajeno, ’me boprofeta ba Sofonia bo bontša litlhohonolofatso life tsa nakong e tlang tse boloketsoeng ba tla patoa letsatsing la bohale ba Jehova le atamelang ka potlako?’
U ka Arabela Joang?
•Batho ba ‘batla Jehova’ joang?
•Ho kopanyelletsoa eng ho ‘batleng ho loka’?
•Re ka ‘batla bonolo’ joang?
•Ke hobane’ng ha re lokela ho tsoela pele ho batla Jehova, ho loka le bonolo?
[Setšoantšo se leqepheng la 18]
Na u batla Jehova ka ho ithuta Bibele le ho rapela ka tieo?
[Setšoantšo se leqepheng la 21]
Kaha bongata bo boholo bo tsoela pele ho batla Jehova, bo tla pholoha letsatsi la bohale ba hae