Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • Mehla Ea Qetello—Nako ea Kotulo
    Molula-Qhooa—1988 | January 1
    • 9. Bana ba bacha ke bo-mang, ’me ke boprofeta bofe bo bong bo bolelang ka ho hlaha ha bona “mehleng ea bofelo”?

      9 Bana ba bacha ba lebelletse ho thabela bophelo paradeising lefatšeng tlas’a Morena ea khethiloeng oa Jehova. (Pesaleme ea 37:11, 29; 72:7-9) Ho bokelloa ha bona ho ile ha boleloa esale pele boprofeteng bo bong bo bongatanyana. Ka mohlala, Esaia o ile a bolela esale pele hore “mehleng ea bofelo” lichaba li ne li tla phallela tlung ea Jehova. (Esaia 2:2, 3) Haggai o ile a profeta ho hlokoloa ha lichaba e leng nako eo ka eona “tse lakatsehang tsa lichaba tsohle li tla tla mona.” (Haggai 2:7) Ka ho tšoanang Zakaria o ile a bua ka “banna ba leshome ba lipuo tsohle tsa lichaba” ba neng ba tla ikopanya le batho ba Molimo. (Zakaria 8:23) Ho feta moo, Jesu ka boeena o ile a profeta ka ‘bongata bona bo boholo’ ba batho. O ile a re: “Mohla Mor’a motho a tlang a teetsoe hare ke khanya ea hae, mangeloi a e-na le eena kaofela, ke moo a tla lula teroneng ea khanya ea hae. Lichaba tsohle li tla bokelloa pel’a hae; ’me o tla khetha ba bang ho ba bang, joale ka molisa ha a khetha linku ho lipōli.”—Mattheu 25:31-33.

  • Mehla Ea Qetello—Nako ea Kotulo
    Molula-Qhooa—1988 | January 1
    • 14. Ke batho ba mofuta ofe ba bokelleloang ka mokhatlong o hlophisitsoeng oa Jehova?

      14 Ke ’nete hore batho ba Molimo ha ba thahaselle keketseho ka boeona feela. Leha ho le joalo, baa tseba hore bao bohle ba bacha ba tšolohelang ka mokhatlong o hlophisitsoeng oa Jehova ke “tse lakatsehang” mahlong a Jehova. Ba bangata e ne e le “ba feheloang, ba bobolang ka baka la manyala ’ohle” ao ba neng ba a bona kahare ho Bokreste-’mōtoana. (Ezekiele 9:4) Kaofela ba phallela “thabeng ea Jehova” hobane ba batla ho rutoa litsela tsa Molimo. (Esaia 2:2, 3) Ke bopaki bo matla hakaakang ba tlhohonolofatso ea Jehova—hore tsamaisong ena ea lintho e silafetseng e shebileng feela lintho tse bonahalang, o etsa hore ba bacha ba makholo a likete selemo ka seng ba ipake e le “tse lakatsehang” tsa Jehova!

Lingoloa Tsa Sesotho Lesotho (1979-2027)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Melao ea Tšebeliso
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela