Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • Buka ea Bibele ea 37—Haggai
    “Lengolo Lohle le Bululetsoe ke Molimo ’me le Molemo”
    • 11. (a) Ke ka setšoantšo sefe Haggai a supang tlhokomoloho ea baprista? (b) Phello e bile efe?

      11 Molaetsa oa boraro (2:10-19). Likhoeli tse peli le matsatsi a mararo hamorao, Haggai o bua le baprista. O sebelisa setšoantšo hore ntlha ea hae e utloahale. Na moprista ea nkileng nama e halalelang o tla etsa hore lijo tse ling le tse ling tseo a li thetsang li halalele? Karabelo ke che. Na ho thetsa ntho e ’ngoe e litšila, e kang setopo, ho tla silafatsa ea e thetsang? Karabelo ke e. Joale Haggai o sebelisa setšoantšo seo. Batho ba naha ba litšila ka lebaka la ho hlokomoloha borapeli bo hloekileng. Eng le eng eo ba e nyehelang e hlaha e le litšila ho Jehova Molimo. Ka lebaka la sena, Jehova ha a hlohonolofatsa mesebetsi ea bona, ’me ho phaella moo o ba rometse mocheso o tlabolang, phoka, le sefako. A ba ke ba fetole litsela tsa bona. Joale Jehova o tla ba hlohonolofatsa.

  • Buka ea Bibele ea 37—Haggai
    “Lengolo Lohle le Bululetsoe ke Molimo ’me le Molemo”
    • 14. Haggai o fana ka keletso efe e bohlale bakeng sa mehla ea rōna?

      14 Boprofeta bona bo boetse bo na le keletso e bohlale bakeng sa mehla ea rōna. Joang? Ka lebaka le le leng, bo totobatsa hore hoa hlokahala hore sebōpuoa se bee lithahasello tsa borapeli ba Molimo ka pele ho lithahasello tsa sona tsa botho. (Hag. 1:2-8; Matt. 6:33) Bo boetse bo hlakisa ntlha ea hore boithati ke ho ipolaea, hore ke lefeela ho phehella lintho tse bonahalang; ke khotso le tlhohonolofatso ea Jehova tse ruisang. (Hag. 1:9-11; 2:9; Liprov. 10:22) Bo boetse bo hatisa hore ho sebeletsa Molimo ka bo hona ha ho etse hore motho e be ea hloekileng ntle leha ho hloekile ’me ho etsoa ka sephefumolohi sohle, le hore ha hoa lokela ho silafatsoa ka boitšoaro bo litšila. (Hag. 2:10-14; Ba-Kol. 3:23; Ba-Roma 6:19) Bo bontša hore bahlanka ba Molimo ha baa lokela ho felloa ke tšepo, ba hetla ‘matsatsing a molemo a fetileng,’ empa ba talime pele, ‘ba lekola lipelo tsa bona litseleng tsa bona’ le ho batla ho tlisetsa Jehova khanya. Joale Jehova o tla ba le bona.—Hag. 2:3, 4; 1:7, 8, 13; Ba-Fil. 3:13, 14; Ba-Roma 8:31.

Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela