Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • Jehova o Fana ka Khotso le ’Nete ka Bongata
    Molula-Qhooa—1996 | January 1
    • Khotso Bakeng sa Batho ba Jehova

      14. Ke mokhabo-puo ofe oa boprofeta o entsoeng mabapi le batho ba leng khotsong?

      14 Ka lehlakoreng le leng, selemong sena sa 1996, batho ba Jehova ba thabela khotso e ngata naheng ea bona e tsosolositsoeng, joalokaha ho hlalositsoe phatlalatsong ea Jehova ea boraro: “Ho itsoe ke Jehova oa makhotla: Ho sa tla ba banna ba baholo le basali ba baholo ba lulang mapatlelong a Jerusalema, ba tšoereng e mong le e mong lere la hae ka letsohong la hae, ka baka la bongata ba litšiu tsa bona; mapatlelo a motse a tla tlala bashanyana le banana ba bapalang mapatlelong a oona.”—Zakaria 8:4, 5.

      15. Ho sa tsotellehe lintoa tsa lichaba, bahlanka ba Jehova ba ’nile ba thabela khotso efe?

      15 Mokhabo-puo ona o thabisang o tšoantšetsa ntho e ’ngoe e hlollang lefatšeng lena le tsekolotsoeng ke ntoa—batho ba leng khotsong. Mantsoe a Esaia a boprofeta a phethahetse ho tloha ka 1919: ‘Khotso, khotso ho ea leng hōle, le ho ea leng haufi; hobane ke tla mo folisa. Empa . . . ha ho khotso e boloketsoeng ba bolotsana: ho bolela Molimo oa ka!’ (Esaia 57:19-21) Ha e le hantle, batho ba Jehova, le hoja e se karolo ea lefatše lena, ba ke ke ba qoba ho angoa ke pherekano ea lichaba. (Johanne 17:15, 16) Linaheng tse ling, ba mamella mathata a boima, ’me ba seng bakae ba bile ba bolaoa. Empa, Bakreste ba sebele ba na le khotso ka litsela tse peli tse ka sehloohong. Ea pele, ba na le “khotso ho Molimo, ka Jesu Kreste, Morena oa [bona].” (Ba-Roma 5:1) Ea bobeli, ba na le khotso ka hare ho bona. Ba hlaolela “bohlale bo tsoang holimo,” boo ‘tabeng ea pele e leng bo hloekileng, hape e le bo nang le khotso.’ (Jakobo 3:17; Ba-Galata 5:22-24) Ho feta moo, ba lebeletse ho thabela khotso ka kutloisiso e feletseng ka ho fetisisa nakong eo ka eona ‘ba bonolo ba tla rua lefatše, ba iketle khotsong e khōlō.’—Pesaleme ea 37:11.

  • Jehova o Fana ka Khotso le ’Nete ka Bongata
    Molula-Qhooa—1996 | January 1
    • 17 Kajeno, “mapatlelo a motse a . . . tlala bashanyana le banana,” Lipaki tse mafolo-folo a kang a bacha. Selemong sa tšebeletso sa 1995, ho ile ha amoheloa litlaleho tse tsoang linaheng le lihleke-hlekeng tsa leoatle tse 232. Empa ha ho na bora ba bochaba, ho se na lehloeo la merabe, ho se na mōna o sa lokelang, lipakeng tsa batlotsuoa le linku tse ling. Bohle ba ne ba hōla hammoho moeeng, ba kopane leratong. Boena ba lefatše ka bophara ba Lipaki tsa Jehova ka sebele boa ikhetha lefatšeng.—Ba-Kolosse 3:14; 1 Petrose 2:17.

Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela