Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • Nako ea ho Lekoa le ho Hlokoloa
    Molula-Qhooa—1987 | June 15
    • Nako ea ho Lekoa le ho Hlokoloa

      “’Me hang, Morena eo le ’matlang o tla kena tempeleng ea hae, e leng lengeloi [lenģosa] la selekane . . . o tla hloekisa . . . a ba tšeke.”—MALAKIA 3:1, 3.

  • Nako ea ho Lekoa le ho Hlokoloa
    Molula-Qhooa—1987 | June 15
    • 3. Ke eng e neng e ameha mosebetsing oa boholo-holo oa ho hloekisa?

      3 Empa pele ho moo, ke hobane’ng ha Jehova a pepesetsa batho ba hae ho lekoa le ho hlokoloa? Joaloka “ea lekang lipelo,” o rerile ho hloekisa batho ba hae ba hlophisitsoeng. (Liproverbia 17:3; Pesaleme ea 66:10) Mehleng ea Bibele mosebetsi oa ho hloekisa o ne o ama ho besa tšepe ho fihlela e qhibiliha e be joale ho okoloa litšila, kapa manya. Rea bala: “Mohloekisi o shebella tšebetso, ka tieo eohle, a eme kapa a lutse, ho fihlela . . . tšepe [e mokeli-keli] e tšoana le seipone se phatsimang haholo, e nka seriti sa ntho e ’ngoe le e ’ngoe e haufi le eona; haesita le sa mohloekisi, ha a sheba tšepe e mokeli-keli, a ka ’na a ipona joalokaha eka o ichebile ka seiponeng, ’me kahoo a ka ahlola hantle hore na tšepe e hloekile hakae. Haeba a khotsofetse, mollo oa tingoa, ’me tšepe e ntšoa ka seboping; empa haeba e nkoa hore ha ea hloeka, ho eketsoa loto e be ho phetoa tšebetso hape.” (Cyclopedia of Biblical, Theological, and Ecclesiastical Literature, ea J. McClintock le J. Strong) Gauda kapa silevera e hloekisitsoeng joalo e ne e le ea bohlokoa haholoanyane.—Bapisa Tšenolo 3:18.

      4. Ke hobane’ng ha Jehova a lumella hore batho ba hae ba lekoe le ho hlokoloa?

      4 Jehova o lumella ho lekoa le ho hlokoloa ka morero oa ho hloekisa, kapa ho hlatsoa batho ba hae, a ba thusa hore ba bontše ho tšoana le eena haholoanyane. (Ba-Efese 5:1) Mosebetsing oa ho hloekisa, o okola manya ka hore a ntše lithuto tse litšila le mekhoa e litšila. (Esaia 1:25) Har’a batho ba hae o boetse o tšekela ka ntle ba hanang ho ikokobeletsa tšebetso ea ho hloekisa le ba ‘bakang likhopiso le ba etsang bokhopo.’ Hona ho hleka tsela hore “bana ba ’muso,” Baiseraele ba moea, ba khanye joaloka maseli e le hore sehlopha sa lefatšeng le sona se ka bokelloa ’me sa itšoarella ka bona tlhophisong hore se pholohe.—Mattheu 13:38, 41, 43; Ba-Filippi 2:15.

Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela