Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • Lipotso tse Tsoang ho Babali
    Molula-Qhooa—1994 | August 15
    • Haeba motso o lemala, sefate kaofela sea ameha. (Bapisa le Mattheu 3:10; 13:6.) Ka lebaka leo, Malakia o ile a ngola: “Tsatsi leo le tlang le tla ba chesa, ho bolela Jehova oa makhotla, ho se hlole ho sala ho bona motso, kapa lekala.” (Malakia 4:1) Se boleloang se hlakile—timetso e feletseng. Batsoali (metso) ba tla felisoa, haesita le bana (makala) ba bona.a Sena se hatella boikarabelo boo batsoali ba nang le bona ka bana ba banyenyane; bokamoso ba ka ho sa feleng ba bana ba bona ba banyenyane bo ka lekanyetsoa ke boemo ba batsoali ba bona ho Molimo.—1 Ba-Korinthe 7:14.

      Puo e sebelisitsoeng ho Esaia 37:31 le Malakia 4:1 e hatella ntlha ea hore makala a maholo (le litholoana tse makaleng a manyenyane) li fumana bophelo ba tsona metsong. Sena ke senotlolo sa ho utloisisa kamoo Jesu e leng “motso oa Jese” le “motso oa Davida.”

  • Lipotso tse Tsoang ho Babali
    Molula-Qhooa—1994 | August 15
    • a Mantsoe a ngotsoeng a boholo-holo a Phoenicia a ha ho patoa bafu a sebelisa puo e tšoanang. A bolela tjena ka leha e le bafe bao e leng ba pele ho sebelisa sebaka sa lepato: “E se eka ba ka se be le metso tlaase kapa litholoana holimo!”—Vetus Testamentum, April 1961.

Lingoloa Tsa Sesotho Lesotho (1979-2027)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Melao ea Tšebeliso
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela