Khaolo ea Borobong
Ho Tšoara ba Bang ka Tsela eo Molimo a Batlang ka Eona
1-3. (a) Bakreste ba bangata ba ka ’na ba nahana ka eng ha ho buuoa ka Tyre ea boholo-holo? (b) Hlalosa kamoo Morena Hirame a ileng a sebelisana kateng le Baiseraele. (c) Re ka boela ra hlahloba eng mabapi le Tyre?
U NAHANA ka eng ha u utloa ho buuoa ka Tyre ea boholo-holo? Bakreste ba bangata ba tla hopola kamoo boprofeta bo ileng ba phethahala kateng ha Alexander e Moholo a bokella maloanlahla a motse oa Tyre o karolong e khōlō ea naha ’me a haha borokho bo lebang motseng o mocha oa Tyre o sehlekehlekeng a bile a o felisa. (Ezekiele 26:4, 12; Zakaria 9:3, 4) Leha ho le joalo, na ha ho buuoa ka Tyre see se etsa hore u nahane kamoo u lokelang ho tšoara barab’eno ba moea le batho ba bang kateng le kamoo u sa lokelang ho ba tšoara kateng?
2 Ke hobane’ng ha Tyre e ile ea felisoa? “Ka lebaka la ho etsa bofetoheli ha Tyre hararo, . . . ka lebaka la ho nehelana ha bona ka sehlopha se feletseng sa baholehuoa ho Edomo, le hobane ha baa ka ba hopola selekane sa bara ba motho. Ke tla romela mollo lerakong la Tyre.” (Amose 1:9, 10) Mehleng ea pele, Morena Hirame oa Tyre o ile a bontša Davida botsoalle a ba a fana ka thepa e ileng ea sebelisoa ha Solomone a haha tempele. Solomone o ile a etsa selekane le Hirame ’me a mo fa metse e Galilea. Hirame o ne a bitsa Solomone “mor’eso.” (1 Marena 5:1-18; 9:10-13, 26-28; 2 Samuele 5:11) Ha Tyre ‘e sa hopole selekane sa bara ba motho’ ’me e rekisa ba bang ba batho ba Molimo hore e be makhoba, Jehova o ile a bona tsela eo Tyre e ileng ea ba tšoara ka eona.
3 Re ka ithuta eng tabeng ea hore ebe Molimo o ile a ahlola Bakanana ba Tyre ka lebaka la ho tšoara batho ba hae ka sehlōhō? Thuto ea bohlokoa e ama tsela eo re tšoarang barab’abo rōna ba moea ka eona. Likhaolong tse fetileng bukeng ena, mangolo a baprofeta ba 12 a re elelitse hore na re lokela ho tšoara ba bang joang, ka mohlala, hore re lokela ho hloka leeme khoebong ’me boitšoaro ba rōna bo hloeke. Leha ho le joalo, libuka tsena tse 12 li re bolella lintlha tse eketsehileng tse bontšang kamoo Molimo a lakatsang hore re tšoare ba bang kateng.
U SE KE UA THABELA LITSIETSI TSA BA BANG
4. Baedomo e ne e le “barab’abo” Baiseraele joang, empa ba ile ba ba tšoara joang?
4 Ho na le seo u ka ithutang sona mantsoeng a Molimo ha a ahlola Edomo, e leng naha e neng e le haufi le Iseraele, a reng: “Ha ua tšoanela ho shebella pono letsatsing la mor’eno, letsatsing la tsietsi ea hae; ha ua tšoanela ho thabela bara ba Juda letsatsing la ho timela ha bona.” (Obadia 12) Mohlomong Batyre e ne e le “barab’abo” Baiseraele litabeng tsa khoebo, empa Baedomo e ne e hlile e le “barab’abo” Baiseraele hantle kahobane e ne e le litloholo tsa Esau, eo e neng e le lefahla le Jakobo. Esita le Jehova o ile a re Baedomo ke “barab’abo” Baiseraele. (Deuteronoma 2:1-4) Kahoo, ruri Baedomo ba ile ba bontša lehloeo ka ho thaba ha Bababylona ba futuhela Bajuda.—Ezekiele 25:12-14.
5. Ke maemong afe moo re ka ’nang ra bontša moea o kang oa Baedomo?
5 Ho hlakile hore Molimo ha aa ka a rata kamoo Baedomo ba ileng ba tšoara barab’abo bona ba Bajuda kateng. Leha ho le joalo, re ka botsa, ‘Molimo o ne a tla ikutloa joang ha a hlahloba tsela eo ke tšoarang barab’eso ka eona?’ Ntlha e ’ngoe eo re lokelang ho e hlokomela ke hore na re ikutloa joang kapa hore na re tšoara mor’abo rōna joang ha litaba li sa tsamaee hantle. Ka mohlala, ha re re Mokreste o ile a u khopisa kapa a qoaketsana le e mong oa beng ka uena. Haeba u e-na le “sesosa sa pelaelo,” na u tla mo jara ka pelo u se ke ua lebala ka bothata boo, kapa u se ke ua leka ho bo rarolla? (Bakolose 3:13; Joshua 22:9-30; Matheu 5:23, 24) Ho etsa joalo ho ka ama tsela eo u tšoarang mor’eno ka eona, u ka ’na ua mo hlokela botsoalle, ua mo qoba kapa ua mo bua hampe. Ha re atolosa mohlala ona, ha re re hamorao mora enoa oabo rōna o etsa phoso, mohlomong ho hlokahala hore a eletsoe kapa a khalemeloe ke baholo ba phutheho. (Bagalata 6:1) Na u tla bontša moea oa Baedomo ’me u nyakalle ha e le moo mor’eno a le bothateng? Molimo o ne a tla rata hore u etse’ng?
6. Ho fapana le ho etsa se ho Zakaria 7:10, Mikea 7:18 e re khothalletsa hore re etse’ng?
6 Jehova o ile a re Zakaria a bolele hore O lakatsa hore re ‘se ke ra rerelana letho le lebe ka lipelong tsa [rōna].’ (Zakaria 7:9, 10; 8:17) Keletso ena ea sebetsa haeba re nahana hore mor’abo rōna o re utloisitse bohloko kapa o sitetsoe setho sa lelapa la rōna. Maemong a joalo, ho bonolo hore ‘re rerelane bobe ka lipelong tsa rōna’ ebe joale re bontša seo ka liketso. Leha ho le joalo, Molimo o batla hore re etsise mohlala oa hae o motle. Hopola hore Mikea o ile a ngola hore Jehova o ‘tšoarela phoso ’me o tlohela tlōlo.’a (Mikea 7:18) Re ka sebelisa see linthong life ka ho toba?
7. Ke hobane’ng ha re ka ’na ra khetha hore re mpe re lebale se re khopisitseng?
7 E ka ’na eaba re utloisitsoe bohloko ke seo motho e mong a re entseng sona kapa a se entseng mong ka rōna, empa na e hlile ke taba e tebileng hakaalo? Bibele e bolela mehato e lokelang ho nkoa ho rarolla liqabang, esita le haeba motho a sitetsoe mor’abo. Leha ho le joalo, ho molemo ka ho fetisisa ho hlokomoloha phoso kapa khopiso, ‘ho tlohela tlōlo.’ Ipotse: ‘Na mohlomong lee ke le leng la makhetlo a 77 ao ke lokelang ho mo tšoarela ka ’ona? Ke hobane’ng ha ke sa mo leballe?’ (Matheu 18:15-17, 21, 22) Le haeba khopiso e bonahala e le khōlō hona joale, na le lilemong tse sekete tse tlang e tla be e ntse e le khōlō joalo? Hlokomela thuto ea bohlokoa eo u ka ithutang eona ho seo Moeklesia 5:20 e se bolelang ha e re mosebetsi o lokela ho thabela lijo le lino: “Hase hangata a tlang ho hopola matsatsi a bophelo ba hae, hobane Molimo oa ’nete o etsa hore a tšoarehe ka ho thaba ha pelo ea hae.” Ha ka thabo motho eo a nahana ka seo a se thabetseng ka nako eo, hangata o lebala le mathata a bophelo ba hae ba letsatsi le letsatsi. Na le rōna re ka bontša boikutlo bo joalo? Haeba haholo-holo re nahana ka thabo ea ho ba har’a mokhatlo oa bara ba motho ba Bakreste, ho ka etsahala hore re lebale litaba tseo e ke keng ea e-ba tsa bohlokoa ka nako e telele, tseo re ke keng ra li hopola lefatšeng le lecha. Sena se fapane hōle le ho thabela bothata ba motho e mong kapa ho hopola likhopiso.
BOLELLA BA BANG ’NETE
8. Re tobana le bothata bofe tabeng ea ho bua ’nete?
8 Libuka tse 12 tsa boprofeta li boetse li totobatsa kamoo Molimo a lakatsang hore re be le ’nete kateng ha re sebelisana le ba bang. Ho hlakile hore re ikitlaetsa hore re bolelle ba bang “’nete ea litaba tseo tse molemo.” (Bakolose 1:5; 2 Bakorinthe 4:2; 1 Timothea 2:4, 7) Leha ho le joalo, se ka ’nang sa e-ba thata haholoanyane e ka ba ho khomarela ’nete letsatsi le letsatsi ha re buisana le ba malapa a rōna le barab’abo rōna ba moea, re qoqa ka lintho tse fapa-fapaneng maemong a sa tšoaneng. Ke hobane’ng ha see se ka ba thata?
9. Ke neng re ka ’nang ra lekeha hore re se ke ra bolela ’nete eohle, empa re lokela ho ipotsa eng?
9 Ke mang ho rōna ea e-s’o ka a bua ka tsela e se nang mosa kapa a etsa ntho e hlokang mosa eaba o hlokomelisoa ka eona hamorao? Ho ka etsahala hore ebe re ile ra soaba kapa ra ikutloa re le molato. Maikutlo ana a ka etsa hore motho a latole phoso kapa a leke “ho fana ka mabaka” ka tsela e sothang ’nete e le hore a ikemele bakeng sa phoso eo kapa a etse hore e hlahe e lokile. Kapa ha re le boemong bo ka ’nang ba re beha ka mosing, re ka ’na ra kena molekong oa hore re bolele lintlha tse itseng feela, ra siea tse ling e le hore boemo bo bonahale bo se bobe hakaalo. Kahoo, ho ka etsahala hore ebe seo re se buang ke ’nete empa se etsa hore batho ba be le pono e fapaneng ka ho feletseng ka se etsahetseng. Le hoja mohlomong sena e se ho bua leshano le pepenene joalokaha ho tloaelehile lefatšeng kajeno, na ka sebele se bontša hore ‘e mong le e mong oa lōna o bua ’nete le moahelani oa hae,’ kapa mor’abo? (Baefese 4:15, 25; 1 Timothea 4:1, 2) U nahana hore Molimo o ikutloa joang ha a bona Mokreste a bolela lintho ka tsela eo ka eona a tsebang ka pelong hore e khelosa barab’abo rōna hore ba etse qeto e fosahetseng, hore ba lumele ntho eo e hlileng e seng ’nete, e sa nepahalang?
10. Baprofeta ba hlalosa mekhoa e neng e tloaelehile Iseraele ea boholo-holo le Juda joang?
10 Baprofeta ba ile ba lemoha hore ka linako tse ling esita le banna le basali ba inehetseng ho Jehova ba hlokomoloha seo Jehova a batlang hore ba se etse. Hosea o ile a hlalosa tsela eo Molimo a ikutloang ka eona ka batho ba bang mehleng ea hae, ha a re: “Ba tla tlatlapuoa, kaha ba ntšitetsoe! Ke ile ka ba lopolla, empa ba buile mashano ka ’na.” Ntle le ho etselletsa Jehova pepenene, ba bang ba ile ba inehella ho “phatlalatsa bomalimabe le thetso,” mohlomong ba sotha litaba e le hore ba khelose ba bang. (Hosea 4:1, 2; 7:1-3, 13; 10:4; 12:1) Hosea o ile a ngola mantsoe ao a le Samaria, ’musong o ka leboea. Na boemo bo ne bo se bobe hakaalo Juda? Mikea oa re bolella: “Banna ba oona ba ruileng ba fetohile ba tletseng pefo, le baahi ba oona ba buile leshano, ’me maleme a bona ke a qhekellang melomong ea bona.” (Mikea 6:12) Re lokela ho hlokomela kamoo baprofeta bao ba ileng ba nyatsa “thetso” kateng ’me ba nyatsa le bao ‘maleme a bona a qhekellang melomong ea bona.’ Kahoo, esita le Bakreste, bao ka ho hlakileng ba ke keng ba bua leshano ka boomo, ba ka ipotsa: ‘Na ebe ka linako tse ling kea thetsa kapa ke na le leleme le qhekellang? Ke eng seo Molimo a batlang hore ke se etse tabeng ee?’
11. Baprofeta ba senola hore Molimo o batla hore lipuo tsa rōna e be tse joang?
11 Empa ho thabisang ke hore Molimo o ile a boela a sebelisa baprofeta ho hlakisa hore na ke lintho life tse ntle tseo a batlang hore re li etse. Zakaria 8:16 e re: “Tsena ke lintho tseo le lokelang ho li etsa: Bolellanang ’nete. Le etse kahlolo ea lōna lihekeng tsa lōna ka ’nete le ka kahlolo ea khotso.” Mehleng ea Zakaria liheke e ne e le libaka tse pepeneneng moo banna ba hōlileng ba neng ba sebeletsa linyeoe teng. (Ruthe 4:1; Nehemia 8:1) Leha ho le joalo, Zakaria ha aa ka a re ke hona mona feela moo ho hlokahalang hore batho ba bue ’nete. Re lokela ho tšepahala ho batho bohle, empa hape re khothalletsoa ho etsa sena: “Bolellanang ’nete.” Sena se akarelletsa le ha re le boinotšing malapeng a rōna, ha re bua le balekane ba rōna kapa beng ka rōna ba haufi. Se boetse se akarelletsa le moqoqo oa rōna oa letsatsi le letsatsi le bara le barali babo rōna ba moea, ebang re bua re shebane mahlong, re bua fonong kapa ka tsela leha e le efe e ’ngoe. Ba na le mabaka a utloahalang a ho lebella hore ebe seo re se buang ke ’nete. Batsoali ba Bakreste ba lokela ho hatisa ho bana ba bona hore ke habohlokoa ho qoba leshano. Kahoo, bana ba ka hōla ba tseba hore Molimo o lebeletse hore ba qobe leleme le qhekellang le hore ba tšepahale e le kannete ho seo ba se buang.—Sofonia 3:13.
12. Ke lithuto life tsa bohlokoa tseo re ka ithutang tsona libukeng tsa boprofeta?
12 Mocha kapa motho e moholo ea tšoarellang tseleng ea ’nete o lumellana le keletso ea Zakaria e reng: “U rate ’nete le khotso.” (Zakaria 8:19) Hape hlokomela kamoo Malakia a hlalosang seo Jehova a ileng a se bona mohlaleng oa Mora oa Hae kateng: “Molao oa ’nete o bile molomong oa hae, ’me ha ho na ho se loke ho neng ho tla fumanoa molomong oa Hae. O tsamaile le ’na ka khotso le ka ho loka.” (Malakia 2:6) Na Jehova ha aa lebella se tšoanang ho rōna? Hopola hore re na le Lentsoe la hae le feletseng, le akarelletsang libuka tsa baprofeta ba 12 tse nang le lithuto tsa bohlokoa tseo re ka ithutang tsona.
QOBA HO SEBELISANA LE BA BANG KA MABIFI
13. Mikea 6:12 e senola hore bothata bo bong bo neng bo le teng ke bofe?
13 Mikea 6:12 e re bolella hore tsela e ’ngoe eo batho ba Molimo ba boholo-holo ba neng ba tšoara ba bang hampe ka eona ke hore ‘ba ne ba bua leshano, ’me maleme a bona e le a qhekellang melomong ea bona.’ Leha ho le joalo, temana ena e ile ea bolela bofokoli bo bong hape bo tebileng. E re ‘banna ba oona ba ruileng ba ne ba fetohile ba tletseng pefo.’ Seo se etsahetse joang, hona re ka ithuta thuto efe ho see?
14, 15. Lichaba tse neng li ahelane le batho ba Molimo li ne li tsebahala ka eng mabapi le pefo?
14 A k’u nahane hore na lichaba tse ling tse neng li ahelane le sechaba sa Molimo li ne li tumme joang. Ka leboea-bochabela e ne e le Assyria, ’me motse-moholo oa eona e ne e le Ninive, eo Nahume a ileng a ngola sena ka eona: “Ho malimabe motse oa tšollo ea mali. Kaofela o tletse thetso le tlatlapo. Phofu ha e tlohe!” (Nahume 3:1) Baassyria ba ne ba tsejoa ka ntoa e mabifi le ho tšoara batšoaruoa ba ntoa ka sehlōhō—batšoaruoa ba bang ba ne ba chesoa kapa ba qaqapolotsoa letlalo ba ntse ba phela, ’me ba bang ba ne ba honngoa mahlo kapa ba pongoa linko, litsebe kapa menoana. Buka ea Gods, Graves, and Scholars e re: “Ninive e ne e tsebahala haholo-holo ka lipolao, tlatlapo, khatello le ho hlekefetsa ba fokolang ka ntoa le pefo ea mefuta eohle.” Re na le paki e boneng pefo eo ka mahlo (mohlomong ea ba ea kenya letsoho ho eona). Ka mor’a hore morena oa Ninive a utloe molaetsa oa Jonase, o ile a bua ka batho ba hae a re: “Ba ke ba ikoahele ka lesela la mokotla, motho le phoofolo e ruuoang; ba ke ba hoeletse ho Molimo ka matla ’me ba khutle, e mong le e mong tseleng ea hae e mpe le pefong e neng e le matsohong a bona.”—Jonase 3:6-8.b
15 Hase Assyria feela moo ho neng ho tletse pefo e feteletseng. Edomo, e ka boroa-bochabela ho Juda le eona e ile ea fumana kotlo. Hobane’ng? “Ha e le Edomo, e tla fetoha lefeella la lesupi, ka lebaka la pefo ho bara ba Juda, bao naheng ea bona ba tšolotseng mali a ba hlokang molato.” (Joele 3:19) Na Baedomo ba ile ba ela temoso eo hloko haesita le ho tlohela mekhoa ea bona e mabifi? Lilemo tse ka bang makholo a mabeli hamorao, Obadia o ile a ngola, a re: “Banna ba hao ba matla ba tla tšoha, Uena Temane [motse oa Edomo], . . . Ka lebaka la pefo ho mor’eno Jakobo, . . . u tla lokela ho felisoa ho isa nakong e sa lekanyetsoang.” (Obadia 9, 10) Empa ho ne ho tla etsahala’ng ka batho ba Molimo?
16. Amose le Habakuke ba re senolela bothata bofe bo neng bo le teng mehleng ea bona?
16 Amose o ile a senola se neng se etsahala Samaria, e leng motse-moholo oa ’muso o ka leboea: “‘[Bonang] ho hloka taolo ho hongata ho eona le boemo ba ho etsa bolotsana ka hare ho eona. Ha baa tseba ho etsa se nepahetseng,’ ho bolela Jehova, ‘ba bolokang pefo le ho tlatlapa litoreng tsa bona tsa bolulo.’” (Amose 3:9, 10) U ka ’na ua nahana hore ho ne ho ke ke ha e-ba joalo Juda, moo tempele ea Jehova e neng e le hona teng. Empa Habakuke, ea neng a lula Juda, o ile a botsa Molimo, a re: “Ke tla hoeletsa halelele hakae ho uena ho kōpa thuso pefong, ’me u sa pholose? Ke hobane’ng ha u etsa hore ke bone se kotsi, ’me u ntse u talima khathatso feela? Ke hobane’ng ha tlatlapo le pefo li le ka pel’a ka”?—Habakuke 1:2, 3; 2:12.
17. E ka ’na eaba ke eng e ileng ea etsa hore pefo e ate har’a batho ba Molimo?
17 Na ebe mohlomong pefo e ile ea ata har’a batho ba Molimo kahobane ba ile ba itumella hore ba susumetsoe ke mekhoa ea Assyria, Edomo, kapa lichaba tse ling tse mabifi? Solomone o ne a ile a hlokomelisa hore seo se ka etsahala ha a re: “U se ke ua honohela motho ea mabifi, kapa ua khetha leha e le efe ea litsela tsa hae.” (Liproverbia 3:31; 24:1) Hamorao, Jeremia o ile a bua ka ho toba, a re: “Sena ke seo Jehova a se boletseng: ‘Ho hang le se ke la ithuta litsela tsa lichaba.’”—Jeremia 10:2; Deuteronoma 18:9.
18, 19. (a) Haeba Habakuke a ne a phela kajeno, o ne a tla ikutloa joang ka lintho tse bontšang pefo mehleng ea kajeno? (b) U ikutloa joang ka pefo e teng mehleng ea rōna?
18 Haeba Habakuke a ne a phela kajeno, na o ne a ke ke a tšosoa ke pefo e teng kajeno? Batho ba bangata ba hōlela ka har’a pefo. Lipopae tse ratoang ke banana le bashanyana li bontša pefo—sebapali se seng se leka ho teteka, ho pshatlakanya kapa ho bolaea se seng. Ka mor’a nako e khutšoanyane bacha ba bangata ba fetela pele lipapaling tsa livideo tseo ho tsona ba hlōlang ka ho thunya, ho qhomisa, kapa ho rinya ba lireng. Ba bang ba ka ’na ba ipelaetsa ka ho re, “E mpa e le lipapali feela.” Ho sa tsotellehe seo, lipapali tse mabifi tse bapaloang lik’homphieutheng tsa lapeng kapa sebakeng seo ho bapaloang livideo ho sona li etsa hore libapali li kene tloara! ka har’a pefo, e leng ho fetolang tsela eo bana ba ikutloang ka eona le eo ba etsang lintho ka eona. Ka sebele keletso ena e bululetsoeng ke ’nete: “Motho ea mabifi o tla eka oa habo, ’me ka sebele o etsa hore a tsamaee ka tsela e seng molemo.”—Liproverbia 16:29.
19 Le hoja Habakuke a ile a qobelloa hore a ’ne a shebe khathatso feela le ‘pefo e ka pel’a hae,’ sena se ile sa mo utloisa bohloko haholo. Joale u ka ’na ua ipotsa, ‘Na o ne a ka ikutloa a phutholohile hore a lule le ’na ’me a shebelle mananeo ao ke a shebellang kamehla thelevisheneng?’ Hape ipotse, ‘Na o ne a tla qeta nako a shebeletse lipapali tse mabifi, tseo ho tsona libapali li bileng li aparang liaparo tsa ntoa tse sireletsang tse kang tse neng li aparoa ke bahlabani lipapaling tsa boholo-holo?’ Lipapaling tse ling, ba bangata ba natefeloa ke ho bona ho loanoa mabaleng kapa har’a bathoholetsi ba ferekaneng. Litsong tse ling, batho ba bangata ba shebella lifilimi le livideo tse mabifi tsa ntoa kapa tseo ho tsona ho loanoang ho sa sebelisoe libetsa. Ba ka ’na ba beha mabaka a hore ke lintho tse etsahetseng historing kapa tse bontšang setso sa sechaba se itseng nakong e fetileng, empa na seo se etsa hore pefo e amohelehe?—Liproverbia 4:17.
20. Malakia o ile a bua ka boikutlo ba Jehova mabapi le pefo ea mofuta ofe?
20 Malakia o bua ka taba e amanang le ena ha a totobatsa tsela eo Jehova a ikutloang ka eona ka bolotsana boo Bajuda ba bang ba neng ba bo etsetsa basali ba bona. “‘O hloile tlhalo,’ ho boletse Jehova Molimo oa Iseraele; ‘le ea koahetseng seaparo sa hae ka pefo.’” (Malakia 2:16) Poleloana ea Seheberu e fetoletsoeng e le “ea koahetseng seaparo sa hae ka pefo” e ’nile ea utloisisoa ka litsela tse fapaneng. Litsebi tse ling li nahana hore e bolela ho qaphaletsoa ke mali seaparong ha batho ba loana ka mabifi. Leha ho le joalo, taba ea bohlokoa ke hore Malakia o ne a nyatsa pepenene ho hlekefetsa molekane. E, Malakia o ile a bua ka pefo ea ka lapeng ’me a bontša hore Molimo o e hloile.
21. Bakreste ba lokela ho qoba pefo maemong afe?
21 Ho ba mabifi, ebang ke ka ho tšoara motho ka matsoho kapa ho mo tjolietsa ka lelapeng la Mokreste, moo a sa bonoeng ke batho ka kakaretso, ho ntse ho fosahetse feela joaloka ho ba mabifi har’a batho; Molimo o ntse a bona lintho tseo ka bobeli. (Moeklesia 5:8) Le hoja Malakia a ile a bua ka ho ba mabifi ho mosali, ha ho kae kapa kae moo Bibele e bontšang hore ho lokile hore monna a be mabifi ho bana kapa ho batsoali ba hōlileng. Hape ho fosahetse hore mosali a be mabifi ho monna oa hae, ho bana ba hae kapa ho batsoali ba hae. Ke ’nete hore lelapeng la batho ba sa phethahalang, ho ka ’na ha e-ba le likhohlano tse khopisang esita le tseo ka linako tse ling li halefisang. Ho ntse ho le joalo, Bibele ea re eletsa: “Halefang, leha ho le joalo le se ke la etsa sebe; letsatsi le se ke la le likella le halefile.”—Baefese 4:26; 6:4; Pesaleme ea 4:4; Bakolose 3:19.
22. Re tseba joang hore re ka khona ho qoba mabifi, esita le haeba boholo ba batho bao re phelang le bona ba le mabifi?
22 Ba bang ba ka ’na ba emela liketso tsa bona tse mabifi ka ho re, ‘’Na ke tjena hobane ke hōletse lelapeng le mabifi,’ kapa ‘’Na moo ke tsoang teng batho ba teng ha ba re hosasa, ke bo-ntoa-lumela.’ Leha ho le joalo, ha Mikea a nyatsa ‘banna ba ruileng ba neng ba fetohile ba tletseng pefo,’ ha aa ka a re ha ho seo ba ka se etsang kaha ba hōletse har’a pefo. (Mikea 6:12) Noe o phetse nakong eo ka eona lefatše le neng le “tletse pefo,” kahoo, bara ba hae ba hōletse har’a eona. Na ba ile ba e-ba mabifi? Che! “Noe [o ile] a fumana kamohelo mahlong a Jehova,” ’me bara ba hae ba ile ba mo etsisa ’me ba bolokoa Moroallong.—Genese 6:8, 11-13; Pesaleme ea 11:5.
23, 24. (a) Ke’ng se re thusang hore re qobe ho tsebahala re le batho ba mabifi? (b) Jehova o ikutloa joang ka batho ba tšoarang ba bang ka tsela eo a batlang ka eona?
23 Lefatšeng ka bophara, Lipaki Tsa Jehova li tsejoa e se batho ba mabifi, ho e-na le hoo, e le batho ba nang le khotso. Li hlompha melao ea Cesare e nyatsang liketso tse mabifi, ebile lia e boloka. (Baroma 13:1-4) Li ikitlaelitse “ho tea lisabole tsa [tsona] hore e be mehoma” ’me li leka ho phehella khotso. (Esaia 2:4) Li leka ka matla ho ‘apara botho bo bocha,’ e leng se li thusang ho qoba pefo. (Baefese 4:22-26) Hape li lemoha mohlala o motle oa baholo ba Bakreste ba sa ‘otleng’ ka lipuo kapa ka tsela ea sebele.—1 Timothea 3:3; Tite 1:7.
24 Ka sebele, re ka khona ho tšoara ba bang ka tsela eo Molimo a batlang ka eona, ebile re lokela ho etsa joalo. Hosea o re: “Ke mang ea bohlale, e le hore a ka utloisisa lintho tsee? Ea masene, e le hore a ka li tseba? Etsoe litsela tsa Jehova li lokile, ’me ba lokileng ke bona ba tla tsamaea ho tsona.”—Hosea 14:9.
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Tabeng ea ho ‘tlohela tlōlo,’ setsebi se seng se re mokhabo-puo ona oa Seheberu “o nkiloe ho seo motsamai a se etsang ha a iphetela a sa natse ntho eo a sa batleng ho e bona. Taba [hase hore Molimo ha a hlokomele sebe] empa ke hore maemong a mang ha a se lekolisise ka sepheo sa hore a tle a fane ka kotlo; ha a fane ka kotlo, empa oa tšoarela.”
b Kala (Nimrud) eo Ashurnasirpal a ileng a e haha bocha, e ne e ka ba lik’hilomithara tse 35 ka boroa-bochabela ho Ninive. Leboteng la Musiamo oa Brithani ho na le mamatjana a tsoang Kala, eo re balang sena ka eona: “Ashurnasirpal o ile a hlalosa ka ho qaqileng kamoo a neng a etsa matšolo a hae ka sehlōhō le ka bobatana kateng. Batšoaruoa ba ne ba fanyehoa lipalong kapa ba khokhotheloa lithupeng tse marakong a metse e lika-likelitsoeng . . . ; bahlankana le baroetsana ba ne ba qaqapolotsoa matlalo ba ntse ba phela.”—Archaeology of the Bible.
JEHOVA O RATA HORE RE ETSE’NG?
• Mohlala oa Jehova o ka re thusa hore re tšoare mor’abo rōna ea re khopisitseng joang?—Hosea 14:2; Mikea 7:18; Malakia 2:10, 11.
• Ho bapisa Hosea 4:1 le Zakaria 8:16 ho bontša hore Jehova o lebeletse hore re tšoare ba bang joang?
• Ke ntlheng efe moo u lakatsang ho ntlafatsa litšebelisano tsa hao le ba bang?
HO FAPANA LE LEFATŠE
• U bona bopaki bofe ba hore batho ba bangata lefatšeng ‘ba noa liketso tse mabifi’?—Liproverbia 4:17; Sofonia 1:9; Malakia 2:17.
• U ka sebelisa Mikea 4:3 joang ka phuthehong le ka lelapeng la hao?
• Khaolo ee e u thusitse joang hore u bone hore ho na le lintho tseo re ka ithutang tsona litemaneng tsa Bibele tse sa atiseng ho hlahlojoa?
[Setšoantšo se leqepheng la 113]
Haeba motho e mong a u khopisitse, u lokela ho qoba eng?
[Setšoantšo se leqepheng la 121]
Lipopae tse ngata le lipapali tsa video li isa bacha le khongoana holimo ka ho etsa hore ba nahane hore pefo ke ntho e amohelehang