Letsatsi la Jehova le Susumetsang Tšabo le Atametse
“Buka ea khopotso ea ngoloa pel’a hae, ea ngolloa ba tšabang Jehova le ba hlokomelang lebitso la hae.”—MALAKIA 3:16.
1, 2. Malakia o lemosa esale pele ka letsatsi lefe le susumetsang tšabo?
LE SUSUMETSA tšabo! Ha letsatsi la la 6 August, 1945 le chaba, motse o moholo o ne o ripitliloe ka nako le motsotso. Ba ka bang 80 000 ba ne ba shoele! Ba mashome a likete ba ne ba lemetse hampe hoo ba neng ba le makhatheng a lefu! Khabo ea mollo e le e tšabehang! Bomo ea nyutlelie e ne e phethile mosebetsi oa eona. Lipaki tsa Jehova li ile tsa tsoella joang koluoeng eo? Ho ne ho e-na le Paki e le ’ngoe feela Hiroshima—e neng e koaletsoe chankaneng e sirelelitsoeng ka thata ka lebaka la botšepehi ba eona ba Bokreste. Teronko eo e ile ea soahlamana, empa moena oa rōna ha aa ka a tsoa kotsi. Joalokaha a ile a bolela, bomo ea athomo e ile ea mo lahlela ka ntle ho teronko—mohlomong e le eona feela ntho e molemo eo bomo eo e ileng ea e finyella.
2 Le hoja ho phatloha ha bomo eo ho ne ho tšosa, hase letho ha e bapisoa le “letsatsi la Jehova, le leholo, le susumetsang tšabo” le larileng ka pele. (Malakia 4:5, NW) E, ho bile le matsatsi a susumetsang tšabo nakong e fetileng, empa letsatsi lena la Jehova le tla a feta kaofela.—Mareka 13:19.
3. Ke phapang efe e lokelang ho hlokomeloa pakeng tsa “nama eohle” le lelapa la Noe ha Moroallo o ne o ntse o atamela?
3 Mehleng ea Noe ‘nama eohle e ne e sentse mokhoa oa eona lefatšeng,’ ’me Molimo o ile a re: “Lefatše le tletse ho bolaeana ha bona, ’me joale ke tla ba timeletsa le lefatše.” (Genese 6:12, 13) Joalokaha ho tlalehiloe ho Mattheu 24:39, Jesu o ile a re batho “ha ba ka ba lemoha, ha ba ha fihla moroallo, ’me ba nkoa bohle ke oona.” Empa Noe ea tšepahalang, “’moleli oa ho loka,” hammoho le lelapa la hae le tšabang Molimo, ba ile ba pholoha Moroallo oo.—2 Petrose 2:5.
4. Sodoma le Gomorrha li fana ka mohlala ofe o lemosang?
4 Juda 7 e re: “Ho bile joalo le Sotoma le Gomora, le metse e ka mathōko a teng, e neng e ineetse bootsoa . . . ka ho khelohela ho batla nama esele; metse eo eohle e beiloe hore e be temoso, ha e ntse e le kotlong ea mollo o sa feleng.” Batho bao ba khopo ba ile ba timela ka lebaka la tsela ea bona ea bophelo e litšila ka ho nyonyehang. Batho ba lefatše lena la kajeno ba hlanyetsang likamano tsa botona le botšehali ba ke ba lemosoe! Leha ho le joalo, hlokomela hore Lota ea tšabang Molimo le barali ba hae ba ile ba bolokoa ba phela koluoeng eo, hantle feela joalokaha barapeli ba Jehova ba tla sireletsoa mahlomoleng a maholo a atamelang ka potlako.—2 Petrose 2:6-9.
5. Re ka ithuta eng ka likahlolo tse ileng tsa liheloa holim’a Jerusalema?
5 Joale nahana ka mehlala e lemosang e ileng ea fanoa ha Jehova a sebelisa mabotho a futuhang hore a timetse Jerusalema ka ho feletseng, motse o khanyang oo e kileng ea e-ba “thabo ea lefatše lohle.” (Pesaleme ea 48:2) Liketsahalo tsena tse bohloko li ile tsa etsahala, pele ka 607 B.C.E. ’me hape ka 70 C.E., hobane batho ba neng ba boleloa e le ba Molimo ba ile ba furalla borapeli ba ’nete. Hoa thabisa hore ebe bahlanka ba Jehova ba tšepahalang ba ile ba pholoha. Tlokotsi ea 70 C.E. (e tšoantšelitsoeng ka tlaase mona) e hlalosoa e le “mahlomola ao ho e-song ho ka ho bonoa a makalo ha e sa le tšimolohong ea hlolo, ha Molimo o no o hlola lintho, ho fihlela joale.” A ile a felisa tsamaiso ea lintho ea bokoenehi ea Sejode ka ho feletseng, ’me ka sebele ka tsela eo “ho ke ke ha e-ba teng a joalo le ka mohla o le mong.” (Mareka 13:19) Empa esita le ho lihuoa hona ha kahlolo ea bomolimo e ne e mpa e le seriti feela sa ‘mahlomola a maholo’ ao hona joale a sokelang tsamaiso eohle ea lintho ea lefatše.—Tšenolo 7:14.
6. Ke hobane’ng ha Jehova a lumella mahlomola?
6 Ke hobane’ng ha Molimo a ne a ka lumella mahlomola a utloisang bohloko hakaalo, a fellang ka ho shoa ha ba bangata? Tabeng ea Noe, ea Sodoma le Gomorrha, le ea Jerusalema, Jehova o ne a liha kahlolo holim’a ba neng ba sentse mokhoa oa bona lefatšeng, ba neng ba silafalitse polanete ena e ntle ka litšila tsa sebele le boitšoaro bo hlephileng, le ba neng ba koenehetse borapeli ba ’nete kapa ba bo furaletse. Kajeno re eme lintšing tsa ho lihuoa ha kahlolo e akaretsang e tla aparela lefatše lohle.—2 Ba-Thessalonika 1:6-9.
“Mehleng ea Morao”
7. (a) Likahlolo tsa bomolimo tsa mehleng ea boholo-holo li ne li profeta eng? (b) Ke tebello efe e khanyang e larileng kapele?
7 Liketsahalo tseo tsa pheliso ea mehleng ea boholo-holo li ne li profeta mahlomola a maholo a susumetsang tšabo a hlalositsoeng ho 2 Petrose 3:3-13. Moapostola o re: “Le ntse le tseba haholo-holo hobane, mehleng ea morao, ho tla hlaha basomi ba tla tsamaea ka litakatso tsa bona.” Joale, ha a lebisa tlhokomelo mehleng ea Noe, Petrose oa ngola: “Lefatše [la] mehleng eo le timelitsoe ka ’ona, ha le koahetsoe ke metsi. Ha e le maholimo a joale le lefatše la joale, li boloketsoe mollo ke lentsoe lona leo, li boloketsoe letsatsi la kahlolo, le la tšenyeho ea batho ba nyefolang.” Ka mor’a mahlomola ao a maholo ho feta ’ohle, puso ea ’Muso ea Messia e ’nileng ea leteloa ka nako e telele e tla ba le litšobotsi tse ncha—“maholimo a macha le lefatše le lecha moo ho loka ho ikahetseng teng.” Ke tebello e thabisang hakaakang!
8. Liketsahalo tsa lefatše li lebile tlhōrōng joang?
8 Lekholong la rōna la bo20 la lilemo, liketsahalo tsa lefatše li tsoetse pele ho ea tlhōrōng. Le hoja ho etsoa lesupi ha Hiroshima e ne e se letsatsi la Molimo la ho hlahloba, ho ka ’na ha akarelletsoa ‘lipontšong tse tšosang’ tseo Jesu a ileng a li profeta bakeng sa mehla ea qetello. (Luka 21:11, NW) Ho ile ha qalisa tšokelo ea nyutlelie e ntseng e sokela moloko oa batho. Kahoo, sehlooho sa litaba sa The New York Times ea November 29, 1993, se baleha tjena: “Mohlomong Lithunya li Batla li Rusitse Empa Libetsa Tsa Nyutlelie li sa Ntse li le Boreleli.” Ho sa le joalo, lintoa tsa machaba, tsa merabe, le meloko li tsoela pele ho bolaea ba bangata ka tsela e tšosang. Lintoeng tse fetileng mahlatsipa a mangata haholo e ne e le masole. Kajeno, ho tlalehoa hore karolo ea 80 lekholong ea mahlatsipa a ntoa ke baahi ba sa loaneng, re sa re letho ka ba limilione ba balehang linaheng tsa habo bona e le baphaphathehi.
9. Baeta-pele ba bolumeli ba bonahalitse joang hore ke metsoalle ea lefatše?
9 Baeta-pele ba bolumeli hangata ba ’nile ba bontša, ’me ba tsoela pele ho bontša hore ba “rata lefatše” ka hore ka mafolo-folo ba kenelle lintoeng le liphetohelong. (Jakobo 4:4) Ba bang ba ’nile ba ikopanya le bo-rakhoebo ba nang le tšusumetso e matla lefatšeng ha ba etsa libetsa ka bongata ba bile ba theha mekhatlo e meholohali e rekisang lithethefatsi le ho etsa hore tšebeliso ea tsona e ate. Ka mohlala, ha e tlaleha ka polao ea sekhukhu ea ’mampoli oa lithethefatsi oa Amerika Boroa, The New York Times e ile ea re: “E le hore a ka pata khoebo ea hae ea lithethefatsi ka ho bolela hore leruo la hae ke la khoebo e lumeletsoeng ka molao le ho fana ka maikutlo a hore ke ea thusang o ne a lefella pontšo ea hae ea seea-le-moea ’me hangata o ne a tsamaea le baprista ba Roma e K’hatholike.” The Wall Street Journal e ile ea tlaleha hore ho phaella ho senyeng bophelo ba ba limilione ba ileng ba lemalla lithethefatsi, ’mampoli enoa oa lithethefatsi ka boeena o ile a laela hore ba likete ba bolaoe. The Times ea London e ile ea re: “Hangata babolai ba lefella ’Misa o khethehileng bakeng sa ho leboha . . . ka nako e tšoanang le eo ’misa oa lepato oa phofu ea bona o ntseng o tsoela pele sebakeng se seng.” Ke bokhopo bo bokaakang!
10. Re lokela ho talima ho mpefala ha maemo a lefatše joang?
10 Ke mang ea tsebang hore na batho ba susumetsoang ke bademona ba sa ntse ba tla baka tšenyo e kae lefatšeng lee? Joalokaha 1 Johanne 5:19 e bolela, “lefatše lohle le rapaletse ka tlase ho e mobe,” Satane Diabolose. Kajeno “ho malimabe . . . ba ahileng lefatšeng le leoatleng; hobane Diabolose o theohetse ho [bona] a halefile hampe, ka ho tseba hobane nako ea hae ha e sa le ekae.” (Tšenolo 12:12) Leha ho le joalo, hoa thabisa hore ebe Ba-Roma 10:13 e re kholisa hore “mang le mang ea rapelang lebitso la Morena, o tla bolokeha.”
Molimo o Haufi ka Kahlolo
11. Ke maemo afe a neng a le Iseraeleng a ileng a susumetsa boprofeta ba Malakia?
11 Ha e le ka bokamoso bo haufi ba moloko oa batho, boprofeta ba Malakia bo hlakisa se tla tloha se etsahala. Malakia ke oa ho qetela ea ngotsoeng lethathamong le lelelele la baprofeta ba boholo-holo ba Baheberu. Iseraele e ne e ile ea bona ha Jerusalema e etsoa lesupi ka 607 B.C.E. Empa lilemo tse 70 hamorao Jehova ka mohau o ile a bonahatsa mosa o lerato ha a khutlisetsa sechaba seo naheng ea sona. Leha ho le joalo, ka lilemo tse lekholo, Iseraele e ile ea boela ea khelohela bokoenehing le bokhopong. Batho ba ne ba hlompholla lebitso la Jehova, ba hlokomoloha melao ea hae e lokileng, ba bile ba silafatsa tempele ea hae ka ho tlisa liphoofolo tse foufetseng, tse hlotsang, le tse kulang bakeng sa sehlabelo. Ba ne ba hlala basali ba bocha ba bona e le hore ba ka nyala basali ba balichaba.—Malakia 1:6-8; 2:13-16.
12, 13. (a) Ho ’nile ha hlokahala tlhoekiso efe bakeng sa sehlopha se tlotsitsoeng sa baprista? (b) Bongata bo boholo le bona bo rua molemo joang tlhoekisong?
12 Ho ne ho hlokahala mosebetsi oa ho hloekisa. O hlalositsoe ho Malakia 3:1-4. Joaloka Iseraele ea boholo-holo, Lipaki tsa Jehova tsa kajeno ho ne ho hlokahala hore li hloekisoe, kahoo mosebetsi oa ho hloekisa o hlalositsoeng ke Malakia o ka etsoa ho tsona. Ha ntoa ea pele ea lefatše e se e tla lala, Liithuti tse ling tsa Bibele, eleng kamoo Lipaki li neng li tsejoa kateng ka nako eo, ha lia ka tsa boloka boemo ba ho se nke lehlakore li sa sisinyehe litabeng tsa lefatše. Ka 1918, Jehova o ile a romela “[lenģosa la Hae] la selekane,” Kreste Jesu, tokisetsong ea tempele ea Hae ea moea ho hloekisa sehlopha se senyenyane sa barapeli ba Hae likoli tsa lefatše. Ka tsela ea boprofeta Jehova o ne a ile a botsa: ‘Ke mang ea ka emang ho hlaheng ha [lenģosa lee]? Hobane le joalo ka mollo oa moqhibilisi, le joalo ka sesepa sa bahlatsoi. Le tla lula, le ntse le qhibilisa, le hloekisa silefera; le tla hloekisa bara ba Levi [sehlopha sa baprista ba tlotsitsoeng], le ba tšeke joalo ka khauta le joalo ka silefera, ’me ba tla hlahisetsa Jehova sehlabelo ka ho loka.’ E le batho ba hloekisitsoeng, ba entse sona seo!
13 Palo ea sehlopha seo se tlotsitsoeng sa boprista ke 144 000 feela. (Tšenolo 7:4-8; 14:1, 3) Leha ho le joalo, ho thoe’ng ka Bakreste ba bang ba inehetseng kajeno? Hona joale ba eketsehile ho fihla limilioneng, bana ba etsa “bongata bo boholo” boo le bona bo lokelang ho hloekisoa mekhoa ea lefatše, ‘bo hlatsoang liaparo tse telele tsa bona, bo li soeufatsa maling a Konyana.’ (Tšenolo 7:9, 14) Kahoo, ka ho bontša tumelo sehlabelong sa thekollo sa Konyana, Kreste Jesu, ba khona ho boloka boemo bo hloekileng ka pel’a Jehova. Ba tšepisitsoe ho pholoha mahlomoleng ’ohle a maholo, letsatsi la Jehova le susumetsang tšabo.—Sofonia 2:2, 3.
14. Batho ba Molimo kajeno ba lokela ho ela hloko mantsoe afe ha ba ntse ba hlaolela botho bo bocha?
14 Hammoho le masala a baprista, bongata bona bo boholo bo tlameha ho ela hloko mantsoe a mang a Molimo: “Ke tla atamela ho lōna ho etsa kahlolo, ke be paki e akofang holim’a baloi, le bafebi, le ba hlapanyang ka leshano, le ba jang moputso oa ea sebetsang, le ba jang mosali oa mohlolohali le khutsana, le ba hlorisang mo-lichaba, ba sa ntšabe . . . Hobane, ’na Jehova, ha kea fetoha.” (Malakia 3:5, 6) Che, litekanyetso tsa Jehova ha li fetohe, ka hona ka lebaka la ho tšaba Jehova, batho ba hae kajeno ba tlameha ho qoba borapeli ba litšoantšo ba mefuta eohle ’me ba bue ’nete kamehla, ba tšepahale, ’me ba fane ka seatla se bulehileng ha ba ntse ba tsoela pele ho hlaolela botho ba Bokreste.—Ba-Kolosse 3:9-14, NW.
15. (a) Ke memo efe e bonahatsang mohau eo Jehova a e etsang? (b) Re ka qoba ho “utsoetsa” Jehova joang?
15 Jehova o atolosetsa memo ho mang le mang eo e ka ’nang eaba o furaletse litsela tsa hae tse lokileng, o re: “Khutlelang ho ’na, ’me ke tla khutlela ho lōna.” Haeba bana ba botsa: “Re khutle ka tsela efe?” oa araba: “Lea nkutsoetsa.” ’Me ha a araba potso e latelang e reng: “Re u utsoetsa ka tsela efe?” Jehova o bolela hore ba mo utsoelitse ka ho hlōleha ho tlisa linyehelo tsa lintho tsa bona tse molemohali bakeng sa tšebeletso ea hae ea tempele. (Malakia 3:7, 8, NW) Kaha re fetohile karolo ea batho ba Jehova, ka sebele re lokela ho batla ho nehela karolo e molemohali ea matla a rōna, bokhoni ba rōna, le matlotlo a rōna a bonahalang tšebeletsong ea Jehova. Kahoo ho e-na le ho utsoetsa Molimo, re ‘mpe re batle ’muso oa Molimo le ho loka ha oona pele.’—Mattheu 6:33.
16. Re fumana khothatso efe ho Malakia 3:10-12?
16 Ho na le moputso o moholo bakeng sa bohle ba furallang litsela tsa ho ameha ka lithahasello tsa bona feela, le tsa ho rata lintho tse bonahalang tsa lefatše, joalokaha Malakia 3:10-12 e bontša: “Le nteke ka hoo, ho bolela Jehova oa makhotla, ’me le bone ha nke ke ka le thibollela liphororo tsa leholimo, ke be ke le tšollele hlohonolofatso ka tekanyo e fetisisang!” Jehova o tšepisa bohle ba ananelang katleho ea moea le ho ba ba behang litholoana. Oa phaella: “Lichaba tsohle li tla re: Le ba lehlohonolo; hobane le tla ba lefatše le khahlehang.” Na see ha sea ipaka e le ’nete har’a batho ba Molimo ba limilione ba nang le teboho ho pholletsa le lefatše kajeno?
Baboloki ba Botšepehi Bukeng ea Bophelo
17-19. (a) Pherekano Rwanda e ile ea ama baena ba rōna joang moo? (b) Bana bohle ba tšepahalang ba tsoetse pele ka kholiseho efe?
17 Ntlheng ena, re ka bua ka botšepehi ba baena le bo-khaitseli ba rōna ba Rwanda. Kamehla ba ’nile ba hlahisa linyehelo tse ntle ka ho fetisisa ntlong ea Jehova ea moea ea borapeli. Ka mohlala, Kopanong ea bona ea Setereke ea “Thuto ea Bomolimo” ka December 1993, bahoeletsi ba ’Muso ba 2 080 ba moo ba ile ba putsoa ka ba 4 075 ba bileng teng. Ho ile ha kolobetsoa Lipaki tse ncha tse 230, ’me ho tsona, tse ka bang 150 li ile tsa kenela tšebeletso ea bopula-maliboho bo thusang khoeling e latelang.
18 Ha lehloeo la merabe le qhoma ka April 1994, bonyane Lipaki tse 180, ho akarelletsa le molebeli oa motse Kigali, e leng motse-moholo, le lelapa la hae kaofela, ba ile ba bolaoa. Bafetoleli ba tšeletseng ba ofising ea Mokhatlo oa Watch Tower e Kigali, ba bane e le Mahutu ba babeli e le Matutsi, ba ile ba tsoela pele ho sebetsa ka libeke tse ngata tlas’a litšokelo tse matla, ho fihlela Matutsi a tlameha ho baleha, leha ho le joalo, ba ile ba qetella ba bolaetsoe sebakeng sa tlhahlobo. Qetellong, ba bane ba setseng ba ile ba nka karolo e setseng ea thepa ea bona ea computer, ba balehela Goma, Zaire, moo ka botšepehi ba ileng ba tsoela pele ho fetolela Molula-Qhooa puong ea Sekinyarwanda.—Esaia 54:17.
19 Lipaki tsena tsa baphaphathehi, le hoja li le maemong a tepelletsang, kamehla li ’nile tsa kōpa lijo tsa moea pele ho lijo tsa nama. Ka ho itela ho hoholo, baena ba lerato linaheng tse ngata ba ile ba khona ho ba romella thepa. Ka mantsoe le ka ho hlophiseha ha bona tlas’a khatello, baphaphathehi bana ba fane ka bopaki bo babatsehang. Ka sebele ba tsoetse pele ho tlisa lintho tsa bona tse molemohali tšebeletsong ea Jehova. Ba bontšitse ho kholiseha ho tšoanang le ha Pauluse ho hlalositsoeng ho Ba-Roma 14:8: “Leha re phela, re phelela Morena, ’me leha re e-shoa, re shoela Morena. Ka baka leo, leha re phela, leha re e-shoa, re ba Morena.”
20, 21. (a) Ke mabitso a bo-mang a sa ngoloang bukeng ea Jehova ea khopotso? (b) Ke mabitso a bo-mang a hlahang bukeng eo, hona hobane’ng?
20 Jehova o boloka tlaleho ea bohle ba mo sebeletsang ka botšepehi. Boprofeta ba Malakia bo tsoela pele: “Eaba ba tšabang Jehova ba buisana hammoho, e mong le e mong le ngoan’abo, ’me Jehova a theetsa tsebe, a mamela; buka ea khopotso ea ngoloa pel’a hae, ea ngolloa ba tšabang Jehova le ba hlokomelang lebitso la hae.”—Malakia 3:16.
21 Ke habohlokoa hakaakang kajeno hore ebe re bontša tšabo ea bomolimo ka ho hlompha lebitso la Jehova! Ka ho etsa joalo, ha re na ho ahloloa ka tsela e sa thabiseng, joaloka bao ka ho khahloa ba tšehetsang litsamaiso tsa lefatše lena. Tšenolo 17:8 e bolela hore ke bao “mabitso a bona a sa kang a ngoloa bukeng ea bophelo.” Ka ho utloahalang lebitso le hlaheletseng le ngotsoeng bukeng ea Jehova ea bophelo ke la Moemeli e Moholo oa bophelo, Mor’a Molimo ka sebele, Jesu Kreste. Mattheu 12:21 e re: “’Me lichaba li tla tšepa lebitso la hae.” Sehlabelo sa thekollo sa Jesu se tiisetsa bohle ba bontšang tumelo ho sona bophelo bo sa feleng. Hore mabitso a rōna ka bomong a ngoloe le la Jesu moqolong oo e ka ba tokelo e kaakang!
22. Ke phapang efe e tla totobala ha Jehova a liha kahlolo?
22 Bahlanka ba Molimo ba tla tsoella joang kahlolong? Ho Malakia 3:17, 18 Jehova oa araba: “Ke tla ba qenehela joalo ka ha motho a qenehela mora oa hae ea mo sebeletsang. Le tla boela le bone, kamoo ho fapaneng ea lokileng le ea khopo kateng, ea sebeletsang Molimo le ea sa o sebeletseng!” Ho arola ho tla hlaka ho bohle: ba khopo, ba tla aroloa bakeng sa timetso ea ka ho sa feleng, ’me ba lokileng, ba tla amoheloa bakeng sa bophelo bo sa feleng ’Musong. (Mattheu 25:31-46) Kahoo bongata bo boholo ba batho ba kang linku bo tla pholoha letsatsi le leholo la Jehova le susumetsang tšabo.
Na U sa Hopola?
◻ Jehova o ile a liha likahlolo life mehleng ea Bibele?
◻ Maemo a kajeno a tšoana le a mehleng ea boholo-holo joang?
◻ Ke tlhoekiso efe e ileng ea etsoa phethahatsong ea boprofeta ba Malakia?
◻ Ke mabitso a bo-mang a ngotsoeng bukeng ea Molimo ea khopotso?