Nako ea ho Lekoa le ho Hlokoloa
“’Me hang, Morena eo le ’matlang o tla kena tempeleng ea hae, e leng lengeloi [lenģosa] la selekane . . . o tla hloekisa . . . a ba tšeke.”—MALAKIA 3:1, 3.
1, 2. (a) Ke maemo afe a neng a le teng har’a batho ba Molimo lekholong la bohlano la lilemo B.C.E.? (b) Ke hobane’ng ha boprofeta ba Malakia bo lokela ho re khahla?
‘O KAE Molimo oa toka?’ Ba ileng ba botsa potso eno e phephetsang khale koana lekholong la bohlano la lilemo B.C.E. ba boetse ba phea khang: “Ha ho thuse letho ho sebeletsa Molimo.” Tšenyeho ea bolumeli le ea boitšoaro har’a batho ba Molimo, Bajode, e ne e tsositse lekhonono mabapi le toka ea bomolimo. Empa mahlo a Molimo oa ’nete, o sa robaleng, a ne a ba shebile. ’Me a roma moprofeta oa Moheberu Malakia ho ea ba hlokomelisa hore mosebetsi oa ho hloekisa, nako ea ho leka le ho hlokola, e haufi. Ba ne ba tla tseba hore na ‘Molimo oa toka’ o hokae ha o e-tla ka tšohanyetso ho tla ahlola!—Malakia 2:17; 3:1, 14, 15.
2 Boprofeta ba Malakia bo lokela ho re khahla haholo ho feta ho ba histori feela. Hobane’ng? Hobane ka ho totobetseng bo na le phethahatso e itseng mehleng ea rōna. (Ba-Roma 15:4) E, batho ba Jehova kajeno ba ’nile ba feta nakong ea ho lekoa le ho hlokoloa! Joang? Ho hlahlobisisa boprofeta ba Malakia ho tla re thusa ho arabela.
3. Ke eng e neng e ameha mosebetsing oa boholo-holo oa ho hloekisa?
3 Empa pele ho moo, ke hobane’ng ha Jehova a pepesetsa batho ba hae ho lekoa le ho hlokoloa? Joaloka “ea lekang lipelo,” o rerile ho hloekisa batho ba hae ba hlophisitsoeng. (Liproverbia 17:3; Pesaleme ea 66:10) Mehleng ea Bibele mosebetsi oa ho hloekisa o ne o ama ho besa tšepe ho fihlela e qhibiliha e be joale ho okoloa litšila, kapa manya. Rea bala: “Mohloekisi o shebella tšebetso, ka tieo eohle, a eme kapa a lutse, ho fihlela . . . tšepe [e mokeli-keli] e tšoana le seipone se phatsimang haholo, e nka seriti sa ntho e ’ngoe le e ’ngoe e haufi le eona; haesita le sa mohloekisi, ha a sheba tšepe e mokeli-keli, a ka ’na a ipona joalokaha eka o ichebile ka seiponeng, ’me kahoo a ka ahlola hantle hore na tšepe e hloekile hakae. Haeba a khotsofetse, mollo oa tingoa, ’me tšepe e ntšoa ka seboping; empa haeba e nkoa hore ha ea hloeka, ho eketsoa loto e be ho phetoa tšebetso hape.” (Cyclopedia of Biblical, Theological, and Ecclesiastical Literature, ea J. McClintock le J. Strong) Gauda kapa silevera e hloekisitsoeng joalo e ne e le ea bohlokoa haholoanyane.—Bapisa Tšenolo 3:18.
4. Ke hobane’ng ha Jehova a lumella hore batho ba hae ba lekoe le ho hlokoloa?
4 Jehova o lumella ho lekoa le ho hlokoloa ka morero oa ho hloekisa, kapa ho hlatsoa batho ba hae, a ba thusa hore ba bontše ho tšoana le eena haholoanyane. (Ba-Efese 5:1) Mosebetsing oa ho hloekisa, o okola manya ka hore a ntše lithuto tse litšila le mekhoa e litšila. (Esaia 1:25) Har’a batho ba hae o boetse o tšekela ka ntle ba hanang ho ikokobeletsa tšebetso ea ho hloekisa le ba ‘bakang likhopiso le ba etsang bokhopo.’ Hona ho hleka tsela hore “bana ba ’muso,” Baiseraele ba moea, ba khanye joaloka maseli e le hore sehlopha sa lefatšeng le sona se ka bokelloa ’me sa itšoarella ka bona tlhophisong hore se pholohe.—Mattheu 13:38, 41, 43; Ba-Filippi 2:15.
Thomo ea Malakia
5, 6. (a) Ke bo-mang, ka ho khetheha, ba neng ba ikarabella bakeng sa boemo bo tlaase-tlaase ba moea ba Baiseraele mehleng ea Malakia? Hobane’ng? (b) Hoo ho bile le phello efe e mpe ho Baiseraele ka kakaretso?
5 Malakia o profetile kamorao ho 443 B.C.E., ho e ka bang lilemo tse lekholo hoba batlamuoa ba Bajode ba khutle Babylona. Ho ne ho se ho fetile lilemo tse fetang 70 ho khakotsoe tempele e neng e tsosolositsoe ke Zorobabele. Boemo ba moea ba Baiseraele bo ne bo theohetse tlaase haholo. Ke bo-mang ba neng ba ikarabella ka ho khethehileng? Baprista! Joang? Ba ne ba “nyelisa” lebitso la Jehova ka ho amohela mahlabelo a lintho tse kulang le tse holofetseng. (Malakia 1:6-8) Ba ‘entse hore ba bangata ba khopjoe molaong’ ka ho hlōleha ho laea batho le ka ho ahlola ka tšobotsi.—Malakia 2:6-9; Jakobo 3:1.
6 Ka baka leo, Baiseraele ka kakaretso ba qala ho belaella bohlokoa ba ho sebeletsa Molimo, ba bile ba hana ho lefa karolo ea leshome e neng e hlokoa ke molao. (Malakia 3:6-10, 14, 15; Levitike 27:30) Ba ne ba suthetse thoko-thoko le boineelo ba bona Molaong oa Molimo hoo ba bang ba neng ba ‘entse ka bolotsana’ ho basali ba bona, ka ho totobetseng ka ho ba hlala e le hore ba ka nyala basali ba bahetene. E, mekhoa e nyonyehang joaloka boloi, bofebe, leshano le bolotsana joale e ne e atile har’a batho ba Molimo!—Malakia 2:10-16; 3:5.
7, 8. Moprofeta Malakia o ne a romiloe eng?
7 Thomo ea Malakia e ne e hlakile. O ile a pepesa ka mokhoa o tobileng baprista ba bohlasoa ’me a hlokomelisa batho boemo ba bona ba ’nete ba moea. Leha ho le joalo, a bontša hore Molimo o lereko o ne o utloisisa ho tšoarela. Jehova a ipiletsa: “Khutlelang ho ’na, ’me ke tla khutlela ho lōna.” (Malakia 3:7) Malakia o ile a profeta hore “Morena [oa ’nete]” o ne a e-tla tempeleng ea hae ho tla ahlola. Ho ne ho hlokahala hore baprista ba hloekisoe e le hore e ka ba “ba tla hlahisetsa Jehova sehlabelo sa ho loka.” (Malakia 3:1-3) Ntle ho moo, batho ba ile ba hlokomelisoa hore “Morena [oa ’nete]” e ne e tla ba “paki e akofang” khahlanong le ba phehellang mekhoa e nyonyehang.—Malakia 3:5.
8 Malakia o ile a tšepahala thōmong ea hae; a bolela temoso. Seo a ileng a se bua se ne se le molemong oa baprista le sechaba mehleng ea hae. Leha ho le joalo, ho ile ha feta makholo a mangata a lilemo pele litšobotsi tse ling tsa boprofeta ba hae li phethahala ka lekhetlo la pele.
Phethahatso ea Lekholong la Pele la Lilemo
9. Phethahatsong ea boprofeta ba Malakia, “lenģosa” e ne e le mang? Ke hobane’ng ha u arabela joalo?
9 Ha a bua a le teroneng ea hae e phahameng leholimong, Moahloli e Moholo o re: “Bonang, ke ea roma lenģosa la ka, le tle le hleke tsela pel’a ka.” (Malakia 3:1a) “Lenģosa” leo e ne e le mang? Mongoli oa Bibele Mareka o matahanya boprofeta ba Malakia 3:1 le ba Esaia 40:3 ’me o bo sebelisa ka bobeli ho Johanne Mokolobetsi. (Mareka 1:1-4) Jesu Kreste le eena hamorao o ile a tsebahatsa Johanne e le “lenģosa” leo. (Mattheu 11:10-14) Ke ka hoo e itseng nakong ea selemo ka 29 C.E., Johanne Mokolobetsi a ileng a qala mosebetsi oa hae e le “lenģosa,” selelekela. O ne a tla lokisa tsela bakeng sa ho tla ha Jehova ha a tla ho tla ahlola ka hore a lokisetse Baiseraele ho tla ha Moemeli e Moholo oa Molimo, Jesu Kreste.
10. Johanne Mokolobetsi o ile a sebeletsa ‘ho lokisetsa Morena Jehova sechaba se hlekehileng’ joang? (Luka 1:17)
10 Hore Johanne a romeloe pele ho nako e ne e le pontšo ea lerato le mosa la Molimo ho Bajode. Kamanong ea selekane le Jehova, ho ne ho hlokahala hore ba bakele libe tsa bona khahlanong le Molao. Johanne a otlolla litaba tsa bolumeli ’me a pepesa boikaketsi ba bolumeli. (Mattheu 3:1-3, 7-12) A phaphamisa Bajode ba lipelo li tšepahalang hore ba lebelle Kreste e le hore ba ka Mo latela.—Johanne 1:35-37.
11. Re ka khetholla ‘Morena oa ’nete’ joang ea neng a tla tla tempeleng hang?
11 Boprofeta ba Malakia bo tsoela pele: “’Me hang, Morena [oa ’nete] eo le ’matlang o tla kena tempeleng ea hae, e leng lengeloi [lenģosa] la selekane leo le le lakatsang. Bonang, oa tla, ho bolela Jehova oa makhotla.” (Malakia 3:1b) ‘Morena oa ’nete’ ea neng a tla tla tempeleng ea hae “hang,” kapa ka tšohanyetso e ne e le mang? Tlhaloso ea Seheberu e sebelisitsoeng ke ha·’A·dhohnʹ. Tšebeliso ea lebopi-khetho ha pele ho tlotla ’A·dhohnʹ (“Morena; Monghali”) e lekanyetsa tšebeliso ea tlotla ena ho Jehova Molimo feela. Ka sebele, Jehova o ne a tla tla “tempeleng ea Hae.”—Habakuke 2:20; Pesaleme ea 11:4.
12. ‘Lenģosa la selekane’ ke mang, hona ke ‘lenģosa la selekane’ sefe?
12 Kamor’a ho bolela lenģosa le le leng, Malakia o ile a bontša hore ‘Morena oa ’nete’ o ne a tla tla “tempeleng ea hae” a e-na le e mong, lenģosa lesele, “lengeloi [lenģosa] la selekane. “Eo e ne e tla ba mang? Ha e le hantle, ha ho talingoa kamoo litaba li ileng tsa phethahala kateng, hoa utloahala ho qeta ka hore “lengeloi [lenģosa] la selekane” ke Jesu Kreste, eo Johanne Mokolobetsi a ileng a mo tsebisa barutuoa ba hae e le “Konyana ea Molimo.” (Johanne 1:29-34) Messia ke ‘lenģosa la selekane’ sefe? Bopaki ba Luka 1:69-75 le Liketso 3:12, 19-26 bo fana ka maikutlo a hore ke selekane sa Abrahama, seo motheong oa sona Bajode e bileng bona ba pele ba ileng ba neoa monyetla oa ho ba majalefa a ’Muso.
13. ‘Morena oa ’nete’ Jehova o ne a tla tla tempeleng ka kutloisiso efe?
13 ‘Morena oa ’nete’ Jehova ha a ka a tla ka seqo tempeleng ea sebele Jerusalema. (1 Marena 8:27) O tlile ka moemeli, ke hore, ka ‘lenģosa la hae la selekane,’ Jesu Kreste, ea tlileng ka lebitso la Jehova le ka ho tšehetsoa ke moea o halalelang oa Molimo.a
14. (a) Ke hobane’ng ha ho hloekisa ha Jesu tempele ka 33 C.E. ka ho hlakileng e ne e le feela setšoantšo sa se neng se e-tla? (b) Tempele e ile ea hloekisoa joang hona neng phethahatsong ea Malakia 3:1?
14 Selemo ka 30 C.E., Jesu o ile a kena tempeleng ea Jehova Jerusalema ’me a leleka ba neng ba e etsa “ntlo ea khoebo.” (Johanne 2:13-16, TLP) Empa hona e ne e le setšoantšo feela sa ho neng ho tla tla phethahatsong ea boprofeta ba Malakia. Kamorao ho ketsahalo ena, Johanne, e le “lenģosa,” o ile a tsoela pele ho kolobetsa le ho lebisa barutuoa ba hae ho Jesu. (Johanne 3:23-30) Leha ho le joalo, ka la 9 Nisane, 33 C.E., Jesu o ile a kena ka tlhōlo Jerusalema, a itlhahisa e le Morena. (Mattheu 21:1-9; Zakaria 9:9) Johanne o ne a phethile mosebetsi oa hae, a khaotsoe hlooho ke Heroda hoo e ka bang selemo pele ho moo. Ka hona ha Jesu a kena tempeleng ka la 10 Nisane, o ile a tla ka molao e le ‘lenģosa la selekane,’ moemeli oa molao oa ‘Morena oa ’nete’ Jehova, phethahatsong ea Malakia 3:1. Jesu o ile a hloekisa tempele, a leleka ba e entseng sebaka sa khoebo, a hlanamisa litafole tsa ba ananyang lichelete. A ’na a re: “Ha ke re, ho ngoliloe [ho Esaia 56:7], ho thoe: Ntlo ea [Jehova] e tla bitsoa ntlo ea thapelo ea lichaba tsohle? Athe lōna, le e entse lehaha la masholu!”—Mareka 11:15-18.
15. Joaloka sehlopha, baeta-pele ba bolumeli ba Sejode ba ile ba arabela joang mosebetsing oa ho hloekisoa, empa ’nete e bile efe ka baprista ba bang ba itseng?
15 Ka tsela eo baeta-pele ba bolumeli ba Iseraele ba ile ba hlokomelisoa hore ba feletsoe ke nako. Joaloka sehlopha, ba ile ba hana ho amohela ‘lenģosa la selekane’ la Jehova. Ha baa ka ba mamella ‘letsatsi la ho tla ha hae’ hobane ba hanne ho ikokobetsa ka bonolo tšebetsong ea tlhoekiso ea Mohloekisi e Moholo. (Malakia 3:2, 3) Ba ne ba tšoaneloa ke hore ba hlokoleloe ka ntle joaloka ba lokelang ho timetsoa. Leha ho le joalo, ho hlakile hore ho ne ho e-na le ba bang ho “bara ba Levi” ba neng ba e-na le lipelo tse lokileng, hobane nakoana kamorao ho lefu la Jesu, ‘ho bile ha lumela le baprista [ba Balevi] ba bangata.’—Liketso 6:7.
16. Ke neng hona e le joang “letsatsi la Jehova, le leholo, le tšabehang” le ileng la tsometsa sechaba seo sa Bajode?
16 Ka la 11 Nisane, letsatsi hoba a hloekise tempele, Jesu ka matla o ile a pepesa baikaketsi ba bolumeli ’me a profeta hore ho tla timetsoa tempele le tsamaiso ea lintho ea Sejode. (Mattheu, likhaolo 23, 24) Ka sebele, ‘Molimo oa toka’ o tlile joaloka “paki e akofang” ho sechaba seo sa Bajode lilemo tse 37 hamorao ka 70 C.E., ha ba tsometsoa ke “letsatsi la Jehova, le leholo, le tšabehang.” (Malakia 2:17; 3:5; 4:5, 6) Ka nako eo, Baiseraele ba le hammoho, joaloka mokhatlo o hlophisitsoeng o kang sefate o ileng oa hlōleha ho bea litholoana tse monate, ba ile ba ‘rengoa ’me ba lahleloa mollong’ ka ho timetsoa ke Baroma. (Luka 3:3-14) Hona hohle ‘hobane ba sa ka ba tseba nako eo ba etetsoeng ka eona.’—Luka 19:44.
Phethahatso ea Kajeno
17. Ke eng e bontšang hore boprofeta ba Malakia bo ne bo tla phethahatsoa hape mehleng ea kajeno?
17 Empa ho thoe’ng ka phethahatso ea bobeli, kapa ea kajeno ea boprofeta ba Malakia? Lekholong la pele la lilemo, phethahatso ea pele e ile ea tla kamor’a hore Jesu a tlotsoe ka moea o halalelang hore e be khosana ea ’Muso oa Molimo. Ka ho utloahalang, boprofeta bo lokela ho phethahala hape kamor’a hore Jesu Kreste a beoe teroneng maholimong ka 1914 C.E. Boprofeta ka bobona bo bontšitse hore bo ne bo tla phethahatsoa “ho e-so ho tle letsatsi la Jehova, le leholo, le tšabehang.” (Malakia 4:5) Ha “letsatsi la Jehova” le ile le oela tsamaiso ea Sejode ka 70 C.E., Mangolo a supa “letsatsi la Jehova” la kamoso nakong ena ea ha Kreste a le “teng.”—Mattheu 24:3, NW; 2 Ba-Thessalonika 2:1, 2; 2 Petrose 3:10-13.
18. Ka 1922, batho ba Molimo ba ile ba hlokomelisoa joang hore ba nakong ea kahlolo?
18 Khale hoo e ka bang ka 1922, batho ba Jehova ba ile ba hlokomelisoa hore ba nakong ea kahlolo phethahatsong ea boprofeta ba Malakia. Molula-Qhooa (oa Senyesemane) oa la 1 Loetse o ile oa re: “Empa boprofeta ba Malakia bo fetela ka nģ’ane ho phethahatso e sa fellang ea ha Morena a ne a le teng ka lekhetlo la pele, ’me bo fetela nakong ea ha Messia a ne a lokela ho tla ka khanya ho tla ahlola har’a batho ba hae . . . Joale, hang hape, nako ea kahlolo e fihlile; ba ipolelang hore ke batho ba hae ba boetse ba lekoa joalokaha eka ke ka mollo, ’me bara ba Levi ba lipelo li tšepahalang ba bokelloa hammoho bakeng sa tšebeletso.”
19. Phethahatsong ea kajeno, ke ka tsela efe “lenģosa” le ileng la romeloa pele ho nako?
19 Joalokaha ho bontšitsoe ho Malakia 3:1, lenģosa le khethehileng le ile la romeloa pele ho nako. Lena, ha lea ipaka e le motho a le mong, empa sehlopha se sebeletsang joaloka Johanne Mokolobetsi. Ho tloha ka 1881, sehlopha sena se sebelisitse seo hajoale e leng Watch Tower Bible and Tract Society mosebetsing o tsotehang oa thuto ea Bibele. Hona ho feletse ka ho tsosolosa linnete tse ngata tsa bohlokoa lipelong tsa barati ba Bibele. Tse ling tsa litlhakiso tsena ke tsena: Motho ha a na moea o sa shoeng, empa ke moea; ha ho na lihele tse tukang; Jesu Kreste o ne a sa tl’o khutla ka nama; Jehova ke Molimo o ’notši, e seng Boraro-bo-bong. Ka sebele, e bile mosebetsi o ileng oa ‘hleka tsela ka pel’a Jehova’ bakeng sa mosebetsi oa hae oa ho ahlola.
20. (a) Ho hlakile hore Jehova o ile a tla tempeleng neng? (b) Hona ho mema lipotso life?
20 Ka tšohanyetso, Jehova, e le ‘Morena oa ’nete’ o ile a tla tempeleng ea hae ea moea. Neng? Mohlala o ile oa beoa phethahatsong ea lekholo la pele la lilemo. Ka nako eo Jesu o ile a tla ’me a hloekisa tempele lilemo tse tharo le halofo kamor’a hore a tlotsoe e le Morena Jordane. Ho netefaleng ha mohlala oo, haesale Jesu a beoa teroneng e le Morena hoetla (karolong e ka leboea ea lefatše) ka 1914, ho bonahala ho utloahala hore lilemo tse tharo le halofo hamorao o ne a tla lebelloa ho ea le ‘Morena oa ’nete’ Jehova tempeleng ea moea. Ho latela boprofeta bona, ho ne ho tla etsahala’ng ho tloha ka nako eo ho ea pele? Ho lekoa le ho hlokoloa. Empa hona ho mema lipotso tse ling tsa bohlokoa: Ho na le bopaki bofe ba hore ho tšeka hoo ho tsoela pele? Na ho tsoela pele ho tla fihlela mehleng ea hona joale? Hona hoo hohle ho u ama joang? A re boneng.
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Ka makhetlo a mangatanyana, manģosa a mangeloi a ile a bua joalokaha eka ke Jehova Molimo, hobane a ne a sebetsa joaloka baemeli ba Jehova Molimo.—Genese 31:11-13; Baahloli 2:1-3; bapisa Genese 16:11, 13.
Na u ka Hopola?
◻ Ke hobane’ng ha Jehova a lumella batho ba hae hore ba lekoe le ho hlokoloa?
◻ Johanne Mokolobetsi o ile a sebeletsa joaloka “lenģosa,” selelekela, joang?
◻ Lekholong la pele la lilemo, Jesu o ile a kena tempeleng joaloka ‘lenģosa la selekane’ joang?
◻ Re tseba joang hore boprofeta ba Malakia bo ne bo tla phethahala hape kajeno?
[Setšoantšo se leqepheng la 13]
Joaloka lenģosa, Johanne Mokolobetsi o ile a lokisa batho bakeng sa ‘lenģosa la selekane’ le tlang