Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • Buka ea Bibele ea 39—Malakia
    “Lengolo Lohle le Bululetsoe ke Molimo ’me le Molemo”
    • 4. Ke eng e pakang hore buka ea Malakia ke ’nete ’me e bululetsoe?

      4 Ka mehla buka ea Malakia e ’nile ea amoheloa ke Bajode e le ea ’nete. Lirapa tse qotsitsoeng ho eona Mangolong a Bokreste a Segerike, ao a ’maloa a oona a bontšang ho phethahala ha boprofeta ba eona, li paka hore Malakia e ne e bululetsoe le hore ke karolo ea libuka tsa Mangolo a Seheberu tse neng li amoheloa ke phutheho ea Bokreste.—Mal. 1:2, 3—Ba-Roma 9:13; Mal. 3:1—Matt. 11:10 le Luka 1:76 le 7:27; Mal. 4:5, 6—Matt. 11:14 le 17:​10-13, Mar. 9:11-13 le Luka 1:17.

  • Buka ea Bibele ea 39—Malakia
    “Lengolo Lohle le Bululetsoe ke Molimo ’me le Molemo”
    • 10. Ke bakeng sa mosebetsi ofe oa kahlolo oo Morena a tlang tempeleng ea hae ka oona?

      10 Morena oa ’nete le lenģosa (3:1-18). Joale boprofeta bona bo fihla tlhōrōng ka mantsoe a “Jehova oa makhotla”: “Bonang, ke ea roma lenģosa la ka, le tle le hleke tsela pel’a ka; ’me hang, Morena eo le ’matlang o tla kena tempeleng ea hae, e leng lengeloi la selekane leo le le lakatsang. Bonang, oa tla.” (3:1) E le mohloekisi, O tla hloekisa bara ba Levi ’me o tla phakisa e be paki e khahlanong le ba khopo ba sa kang ba Mo tšaba. Jehova ha a fetohe, ’me ka hobane ke bara ba Jakobo, o tla khutlela ho bona ka mohau haeba ba khutlela ho eena.

  • Buka ea Bibele ea 39—Malakia
    “Lengolo Lohle le Bululetsoe ke Molimo ’me le Molemo”
    • 14. (a) Ka ho khetheha, ke eng eo Malakia a e supelang pele? (b) Malakia 3:1 e phethahalitsoe joang lekholong la pele la lilemo C.E.?

      14 E le buka ea ho qetela ea Mangolo a bululetsoeng a Seheberu, Malakia e supa liketsahalong tse potolohileng ho tla ha Messia, eo ho hlaha ha hae makholo a mane a lilemo hamorao ho faneng ka lebaka la ho ngoloa ha Mangolo a Bokreste a Segerike. Joalokaha ho tlalehiloe ho Malakia 3:1, Jehova oa makhotla o itse: “Bonang, ke ea roma lenģosa la ka, le tle le hleke tsela pel’a ka.” Ha a bua tlas’a pululelo, Zakaria ea hōlileng o bontšitse hore sena se phethahetse ho mora oa hae, Johanne Mokolobetsi. (Luka 1:76) Jesu Kreste o tiisitse sena, a bolela ka nako e tšoanang hore: “Har’a ba tsoetsoeng ke basali, ha ho e moholo ho Johanne Mokolobetsi; empa e monyenyane ’musong oa maholimo o moholo ho eena.” Johanne o ne a rometsoe, joalokaha Malakia a boletse esale pele, ho tla “lokisa tsela,” kahoo o ne a se har’a bao hamorao Jesu a ileng a etsa selekane le bona bakeng sa ’Muso.—Matt. 11:7-12; Luka 7:27, 28; 22:28-30.

Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela