-
Thuso e Atlehang Bakeng sa ho Imoloha KelellongMolula-Qhooa—2001 | December 15
-
-
Re Kene Jokong
9, 10. Mehleng ea boholo-holo, joko e ne e tšoantšetsa eng, hona ke hobane’ng ha Jesu a ile a memela batho ho jara joko ea hae?
9 Na u hlokometse hore mantsoeng a qotsitsoeng ho Matheu 11:28, 29, Jesu o itse: “Jarang joko ea ka ’me le ithute ho ’na”? Ka nako eo, ho ne ho ka etsahala hore motho feela tjee a ikutloe eka o kene jokong. Ho tloha khale, joko e ne e tšoantšetsa bokhoba kapa bohlanka. (Genese 27:40; Levitike 26:13; Deuteronoma 28:48) Basebetsi feela tjee ba bangata ba mosebetsi oa letsatsi le letsatsi bao Jesu a neng a kopana le bona ba ne ba sebetsa ba jere joko ea sebele, ba jara meroalo e boima. Ho itšetlehile ka hore na joko eo ke ea moetso ofe, e ne e ke ke ea utloisa bohloko kapa e ne e ka sehla molaleng le mahetleng. Kaha Jesu e ne e le ’metli, mohlomong o ne a etsa lijoko, ’me o ne a ka tseba hore na e “mosa” e etsoa joang. Mohlomong o ne a e aletsa ka letlalo kapa lesela moo e tla lula teng molaleng le mahetleng e le hore e se ke ea utloisa bohloko ka hohle kamoo ho khonehang.
10 Ha Jesu a ne a re, “Jarang joko ea ka,” mohlomong o ne a itšoantša le ea fang batho lijoko tse tla ba “mosa” molaleng le mahetleng a mosebetsi. Kahoo, Jesu o ile a phaella ka ho re: “Mojaro oa ka o bobebe.” Sena se ne se bontša hore ho ne ho se bohloko ho sebelisa joko eo, le hore mosebetsi e ne e se oa bokhoba. Ke ’nete hore ha Jesu a memela bamameli ba hae ho jara joko ea hae, o ne a sa ba lopolle hona hoo maemong ’ohle a hatellang a nakong eo. Leha ho le joalo, pono e fapaneng eo a neng a ba fa eona e ne e tla ba khatholla haholo. Ntho e ’ngoe e neng e tla ba lopolla e ne e tla ba ho fetola tsela eo ba phelang ka eona le eo ba etsang lintho ka eona. Ntho ea bohlokoa haholo, tšepo e hlakileng le e tiileng e ne e tla ba thusa hore ba se ke ba imeloa ke bophelo haholo.
U ka Khatholoha
11. Ke hobane’ng ha taba ea Jesu e ne e se feela ho khothalletsa ho nka joko esele?
11 Hlokomela Jesu o ne a sa re batho ba nke joko esele. Roma e ne e tla ’ne e buse naha, feela joalokaha mebuso ea kajeno e busa moo Bakreste ba lulang teng. Lekhetho le neng le lefisoa ke Roma lekholong la pele la lilemo le ne le sa tl’o felisoa. Mathata a bophelo le a moruo a ne a tla ’ne a tsoele pele. Ho se phethahale le sebe li ne li tla ’ne li ame batho. Leha ho le joalo, ba ne ba ka khatholoha ka ho amohela thuto ea Jesu, feela joalokaha le rōna re ka khatholoha kajeno.
12, 13. Jesu o ile a totobatsa eng e neng e tla khatholla, ’me ba bang ba ile ba nka khato efe?
12 Papiso ea Jesu ea joko e ile ea bonahala e sebetsa haholo tabeng ea mosebetsi oa ho etsa barutuoa. Ha ho pelaelo hore mosebetsi o moholo oa Jesu e ne e le oa ho ruta ba bang, a ba ruta haholo ka ’Muso oa Molimo. (Matheu 4:23) Kahoo ha a ne a re, “Jarang joko ea ka,” hona ka sebele ho ne ho tla akarelletsa ho mo latela mosebetsing oo. Tlaleho ea Kosepele e bontša hore Jesu o ne a susumelletsa batho ba tšepahalang ho fetola mesebetsi ea bona, e leng seo ba bangata ba neng ba amehile haholo ka sona bophelong. Hopola ha a bitsa Petrose, Andrease, Jakobo le Johanne a re: “Ntšaleng morao, ’me ke tla le etsa batšoasi ba batho.” (Mareka 1:16-20) O ile a bontša batšoasi bao ba litlhapi hore na e ne e tla ba ho khotsofatsang hakaakang ha ba ne ba ka etsa mosebetsi o neng o tla pele bophelong ba hae, ba etsa joalo ka tataiso ea hae le ka thuso ea hae.
13 Bamameli ba bang ba hae ba Bajuda ba ile ba utloisisa seo a se buang ’me ba se sebelisa. Bona ka mahlo a kelello seo re se balang ho Luka 5:1-11 se etsahetseng lebōpong la leoatle. Batšoasi ba bane ba litlhapi ba ne ba sehlile ka thata bosiu bohle empa ba sa tšoasa letho. Ka ho panya ha leihlo feela matlooa a bona a ne a tletse! Ho ne ho sa etsahala ka tsietsi feela tjee; ho ne ho etsahetse ka thuso ea Jesu. Ha ba talima lebōpong la leoatle, ba ile ba bona batho ba bangata ba thahasellang lithuto tsa Jesu. Sena se ile sa thusa ho hlalosa seo Jesu a ileng a se bolella batšoasi bana ba bane ba litlhapi: “Ho tloha joale ho ea pele [le] tla tšoasa batho ba phela.” Ba ile ba nka khato efe? “Ba khutlisetsa likepe tseo moo ho omileng, ’me ba tlohela ntho e ’ngoe le e ’ngoe eaba baa mo latela.”
14. (a) Re ka khatholoha joang kajeno? (b) Ke litaba life tse molemo tse khathollang tse neng li boleloa ke Jesu?
14 Ha e le hantle, le uena u ka nka khato e tšoanang. Mosebetsi oa ho ruta batho ’nete ea Bibele o sa ntsane o tsoela pele. Lefatšeng ka bophara Lipaki tsa Jehova tse ka bang limilione tse tšeletseng li amohetse memo ea Jesu ea ho “jara joko ea [hae]”; ke “batšoasi ba batho.” (Matheu 4:19) Tse ling li ho etsa mosebetsi oa nako eohle; tse ling li etsa hoo li ka ho khonang ka nako e itseng. Lia khatholoha kaofela, ’me kahoo bophelo ba tsona ha bo be boima haholo. Ho akarelletsa ho etsa seo li se thabelang, e leng ho bolella ba bang litaba tse molemo—“litaba tse molemo tsa ’muso.” (Matheu 4:23) Hoa thabisa kamehla ho bua ka litaba tse molemo empa haholo-holo ho bua ka litaba tsena tse molemo. Bibele e na le taba ea sehlooho eo re e hlokang ho kholisa ba bangata hore ba ka phela bophelo bo seng boima haholo.—2 Timothea 3:16, 17.
15. U ka rua molemo joang lithutong tsa Jesu mabapi le bophelo?
15 Esita le batho ba sa tsoa qala ho ithuta ka ’Muso oa Molimo ba se ba ruile molemo o itseng lithutong tsa Jesu tsa hore na batho ba phele joang. Batho ba bangata ba ka bolela kannete hore lithuto tsa Jesu li ba khatholotse le ho ba thusa ho fetola bophelo ba bona ka ho feletseng. U ka inetefaletsa seo ka ho hlahloba melao-motheo e meng ea bophelo e boletsoeng litlalehong tsa bophelo ba Jesu le tsa tšebeletso ea hae, haholo-holo Likosepele tse ngotsoeng ke Matheu, Mareka le Luka.
Tsela ea ho Khatholoha
16, 17. (a) Ke hokae moo u ka fumanang lithuto tsa Jesu tsa sehlooho? (b) Ho hlokahala’ng e le hore motho a khatholloe ke ho sebelisa lithuto tsa Jesu?
16 Nakong ea selemo ka 31 C.E., Jesu o ile a fana ka puo e tsebahalang lefatšeng ho fihlela kajeno. E tloaelehile ka ho re ke Thuto ea Thabeng. E tlalehiloe ho Matheu khaolo ea 5 ho ea ho ea 7 le ho Luka khaolo ea 6, ’me e akaretsa lithuto tsa hae tse ngata. U ka fumana lithuto tse ling tsa Jesu likarolong tse ling tsa Likosepele. Boholo ba seo a ileng a se bolela sea itlhalosa, le hoja ho se sebelisa e ka ba bothata. Ke hobane’ng ha u sa bale likhaolo tseo ka hloko le ka monahano o tebileng? Lumella matla a likhopolo tsa hae a susumetse monahano oa hao le boikutlo ba hao.
17 Ho hlakile hore lithuto tsa Jesu li ka hlophisoa ka litsela tse sa tšoaneng. A re hlophiseng lithuto tsa sehlooho ka tsela eo ho tla ba le thuto e le ’ngoe bakeng sa letsatsi ka leng la khoeli, ka morero oa hore u li sebelise bophelong ba hao. Joang? U se ke ua li feta mohoalotso feela. Hopola ’musi oa morui ea ileng a botsa Jesu Kreste, a re: “Ke tla rua bophelo bo sa feleng ka ho etsa’ng?” Ha Jesu a pheta lintho tsa bohlokoa tse hlokoang ke Molao oa Molimo, monna enoa o ile a arabela ka hore o se a ntse a li phethahatsa. Leha ho le joalo, o ile a hlokomela hore ho hlokahala hore a etse ho eketsehileng. Jesu o ile a mo kōpa hore a etse boiteko bo boholo hore a sebelise melao-motheo ea Molimo ka litsela tse molemo, e le hore e be morutuoa ea mafolofolo. Ho totobetse hore monna enoa o ne a e-s’o lokele ho etsa ho eketsehileng joalo. (Luka 18:18-23) Kahoo, motho ea batlang ho ithuta lithuto tsa Jesu kajeno ho hlokahala hore a hopole hore ho na le phapang pakeng tsa ho lumellana le tsona le ho li amohela ka mafolofolo, kahoo a fokotsa ho imeloa kelellong.
18. Bontša kamoo u ka sebelisang lebokose le mona hamolemo kateng.
18 E le hore u qale ho hlahloba le ho sebelisa lithuto tsa Jesu, bona ntlha ea 1 ka lebokoseng. E u supisa Matheu 5:3-9. Ka sebele, bohle re ka qeta nako e ngata re nahanisisa ka keletso e babatsehang e fanoeng litemaneng tseo. Leha ho le joalo, ha u li talima kaofela, u fihlela qeto efe ka boikutlo? Haeba kannete u batla ho hlōla liphello tsa ho imeloa haholo kelellong bophelong, u tla thusoa ke eng? U ka ntlafatsa boemo ba hao joang ha u eketsa seo u se etsang ho ela hloko litaba tsa moea, u li lumella hore e be tsona tse tlalang mohopolong oa hao? Na ho na le ntho e ’ngoe eo u e thahasellang bophelong eo ho hlokahalang hore u fokotse thahasello ea hao ho eona, e le hore u ele hloko litaba tsa moea haholoanyane? Ha u etsa joalo, thabo ea hao e tla eketseha hona joale.
19. U ka etsa’ng ho rua temohisiso le kutloisiso e eketsehileng?
19 Ho na le ho hong hape hoo u ka ho etsang. Ke hobane’ng ha u sa buisane ka litemana tsee le mohlanka e mong oa Molimo, mohlomong molekane oa hao oa lenyalo, mong ka uena ea haufi, kapa motsoalle ea haufi? (Liproverbia 18:24; 20:5) U hopole hore ’musi oa morui o ile a botsa motho e mong—e leng Jesu—taba e loketseng. Karabo e ka be e ile ea eketsa tebello ea hae ea thabo le bophelo bo sa feleng. Molumeli-’moho le uena eo u tšohlang litemana tsena le eena a ke ke a tšoana le Jesu; ho sa tsotellehe seo, moqoqo oa lithuto tsa Jesu o tla le ruisa molemo bobeli ba lōna. Leka ho ho etsa hang-hang.
20, 21. U ka latela lenaneo lefe e le hore u ithute lithuto tsa Jesu, ’me u ka lekanyetsa tsoelo-pele ea hao joang?
20 Sheba hape lebokoseng lena la sehlooho se reng, “Lithuto Tse Tla U Thusa.” Lithuto tsena li hlophisitsoe hore bonyane u be le thuto e le ’ngoe eo u nahanang ka eona ka letsatsi. U ka qala ka ho bala seo Jesu a se boletseng litemaneng tse bontšitsoeng. Ka mor’a moo u nahane ka mantsoe a hae. Nahanisisa kamoo u ka a sebelisang kateng bophelong ba hao. Haeba u nahana hore u se u ntse u etsa joalo, nahanisisa ho bona hore na ke eng e eketsehileng eo u ka e etsang hore u phele ka thuto eo ea Molimo. Leka ho e sebelisa letsatsing leo. Haeba u thatafalloa ho e utloisisa kapa hore na u ka e sebelisa joang, eketsa letsatsi le leng bakeng sa hore u sebetsane le eona. Leha ho le joalo, u hopole hore hase tlamo hore u e tsebe ka ho feletseng pele u fetela ho e latelang. Ka letsatsi le latelang, u ka hlahloba thuto e ’ngoe. Ha beke e fela, u ka hlahloba hore na u atlehile hakae ha u sebelisa lithuto tsa Jesu tse ’nè kapa tse hlano. Bekeng ea bobeli u li eketse, letsatsi le leng le le leng. Haeba u hlokomela hore u khoehlisitse ho sebeliseng thuto e itseng, u se ke ua nyahama. Hona ho tla etsahalla Mokreste e mong le e mong. (2 Likronike 6:36; Pesaleme ea 130:3; Moeklesia 7:20; Jakobo 3:8) Tsoela pele bekeng ea boraro le ea bone.
21 Ka mor’a nako e ka etsang khoeli, mohlomong u tla be u akarelitse lintlha tsohle tse 31. Ho sa tsotellehe hore na boemo ke bofe, u tla ikutloa joang ka seo? Na ha u na ho thaba haholoanyane, mohlomong u se u phutholohile haholoanyane? Le haeba u tsoela pele butle, ho ka etsahala hore u utloe u sa imeloa haholo kelellong, kapa bonyane u tla sebetsana hamolemo haholoanyane le ho imeloa kelellong, ’me u tla ba le mokhoa oa ho tsoela pele. U se ke ua lebala hore ho na le lintlha tse ling tse ngata tse molemo lithutong tsa Jesu tse sieo lethathamong lena. Ke hobane’ng ha u sa batle tse ling tsa tsona ’me u leke ho li sebelisa?—Bafilipi 3:16.
22. Ho latela lithuto tsa Jesu ho ka fella ka’ng, empa ke karolo efe e eketsehileng e hlokang ho ithutoa?
22 U ka bona hore joko ea Jesu, le hoja e e-na le boima bo itseng, e mosa e le kannete. Mojaro oa lithuto tsa hae le oa borutuoa o bobebe. Ka mor’a phihlelo ea hae ea lilemo tse fetang 60, moapostola Johanne, e leng motsoalle ea ratoang oa Jesu, o ile a lumellana le sena, a re: “Se boleloang ke lerato la Molimo ke sena, hore re boloke litaelo tsa hae; leha ho le joalo litaelo tsa hae ha li boima.” (1 Johanne 5:3) U ka kholiseha ka tsela e tšoanang. Ha u sebelisa lithuto tsa Jesu halelele, u tla fumana ka ho eketsehileng hore lintho tse imetsang likelello tsa batho ba bangata bophelong ha li na ho u tšoenya haholo. U tla bona hore u imolohile haholo. (Pesaleme ea 34:8) Leha ho le joalo, ho na le karolo e ’ngoe ea joko e mosa ea Jesu eo ho hlokahalang hore u e hlahlobe. Jesu o ile a bolela hore o boetse o “na le maikutlo a bonolo ’me [o] ikokobelitse pelong.” Seo se kena kae tabeng ea ho ithuta ho Jesu le ea ho mo etsisa? Ke seo re tla buisana ka sona sehloohong se latelang.—Matheu 11:29.
-
-
“Le Ithute ho ’Na”Molula-Qhooa—2001 | December 15
-
-
“Le Ithute ho ’Na”
“Jarang joko ea ka ’me le ithute ho ’na, kaha ke na le maikutlo a bonolo ’me ke ikokobelitse pelong, ’me le tla fumanela meea ea lōna khatholoho.”—MATHEU 11:29.
1. Ke hobane’ng ha ho ithuta ho Jesu ho ka re etsa ba thabileng ’me ha ntlafatsa bophelo ba rōna?
JESU KRESTE kamehla o ne a nahana, a ruta le ho etsa lintho ka nepo. Nako ea hae e bile khutšoanyane lefatšeng, empa o ile a thabela mosebetsi o putsang le o khotsofatsang, ’me o ile a lula a thabile. O ile a bokella barutuoa ’me a ba ruta mokhoa oa ho rapela Molimo, ho rata batho le ho hlōla lefatše. (Johanne 16:33) O ile a tlatsa lipelo tsa bona tšepo a ba a ‘khantša leseli holim’a bophelo le ho se bole ka litaba tse molemo.’ (2 Timothea 1:10) Haeba u morutuoa oa hae, u nahana hore ho ba morutuoa ho bolela’ng? Ka ho hlahloba seo Jesu a se bolelang ka barutuoa, re ka ithuta mokhoa oa ho ntlafatsa bophelo ba rōna. Sena se bolela ho amohela pono ea hae le ho sebelisa melao-motheo e meng ea bohlokoa.—Matheu 10:24, 25; Luka 14:26, 27; Johanne 8:31, 32; 13:35; 15:8.
2, 3. (a) Morutuoa oa Jesu ke eng? (b) Ke hobane’ng ha ho le bohlokoa ho ipotsa, ‘Ke morutuoa oa mang?’
2 Mangolong a Segerike a Bakreste, lentsoe le fetoletsoeng e le “morutuoa” le bolela haholo-holo ea tobisang kelello ea hae nthong e itseng, kapa ea ithutang. Temaneng ea rōna ea sehlooho, e leng Matheu 11:29, ho hlaha lentsoe le amanang le lona: “Jarang joko ea ka ’me le ithute ho ’na, kaha ke na le maikutlo a bonolo ’me ke ikokobelitse pelong, ’me le tla fumanela meea ea lōna khatholoho.” E, morutuoa ke seithuti. Ho tloaelehile hore Likosepele li sebelise lentsoe “morutuoa” ho balateli ba haufi ba Jesu, ba neng ba tsamaea le eena ha a ntse a bolela le ba neng ba rutoa ke eena. Batho ba bang ba ne ba ka ’na ba amohela lithuto tsa Jesu habonolo feela, ba bile ba etsa joalo ka lekunutu. (Luka 6:17; Johanne 19:38) Bangoli ba Likosepele ba buile hape le ka “barutuoa ba Johanne [Mokolobetsi] le barutuoa ba Bafarisi.” (Mareka 2:18) Kaha Jesu o hlokomelisitse balateli ba hae hore ba “itebele . . . thutong ea Bafarisi,” re ka ipotsa, ‘Ke morutuoa oa mang?’—Matheu 16:12.
3 Haeba re barutuoa ba Jesu, haeba re ithutile ho eena, ba bang ba lokela ho khatholoha moeeng ha re le teng. Ba lokela ho lemoha hore re batho ba nang le maikutlo a bonolo haholoanyane ’me re baikokobetsi pelong. Haeba re baokameli mesebetsing, re batsoali, kapa re sebetsa re le balisa ka phuthehong ea Bokreste, na ba kalosong ea rōna ba utloa hore re ba tšoara joalokaha Jesu a ne a tšoara bao a neng a ba hlokometse?
Kamoo Jesu a Neng a Sebetsana le Batho Kateng
4, 5. (a) Ke hobane’ng ha ho se thata ho tseba kamoo Jesu a neng a sebetsana le batho ba neng ba e-na le mathata? (b) Jesu o ile a etsahalloa ke eng ha a le lijong lelapeng la Mofarisi?
4 Ho hlokahala re tsebe hore na Jesu o ne a sebetsana joang le batho, haholo-holo ba neng ba e-na le mathata a tebileng. Ha hoa lokela ho ba thata ho ithuta sena; Bibele e na le litlaleho tse ngata tsa nako eo ka eona Jesu a neng a teana le batho, ’me ba bang ba bona ba ne ba tšoenyehile. Hape, re ke re hlokomeleng tsela eo ka eona baeta-pele ba bolumeli, haholo-holo Bafarisi, ba neng ba sebelisana le batho ba nang le mathata a tšoanang. Ho se tšoane hona ho tla re bula mahlo.
5 Selemong sa 31 C.E., ha Jesu a ne a le leetong la ho bolela Galilea, ‘e mong oa Bafarisi a ’na a kōpa [Jesu] hore a je le eena.’ Jesu ha aa ka a tsila-tsila ho amohela memo eo. “Ka lebaka leo a kena ka tlung ea Mofarisi eo ’me a otla ka lehlakore tafoleng. Bonang! mosali e mong ea neng a tsebahala motseng oo e le moetsalibe o ile a tseba hore o ne a otlile ka lehlakore lijong ka tlung ea Mofarisi, eaba o tlisa pitsana ea alabastera ea oli e nkhang hamonate, ’me, ha a ema ka morao maotong a hae, a lla eaba o qala ho kolobisa maoto a hae ka meokho ’me o e hlakola ka moriri oa hlooho ea hae. Hape, a aka maoto a hae ka lerato eaba o a tlotsa ka oli e nkhang hamonate.”—Luka 7:36-38.
6. Ke hobane’ng ha mosali oa “moetsalibe” a ne a ka ba lelapeng la Mofarisi?
6 Na u ka bona seo ka mahlo a kelello? Buka e ’ngoe eo ho nkoang litaba ho eona e re: “Mosali enoa (tem. 37) o ile a latela tloaelo ea sechaba e neng e lumella bahloki ho etela moketeng o joalo hore ba e’o fumana lijo tse setseng.” Seo se hlalosa hore na ke joang motho a neng a ka kena a sa mengoa. Ho ne ho ka ’na ha e-ba le ba bang ba neng ba e-na le tšepo ea ho khoahlapisa ka mor’a hore ho jeoe. Leha ho le joalo, boitšoaro ba mosali enoa bo ne bo sa tloaeleha. Ha aa ka a shebella a eme thōko a letetse hore ba qete ho ja. O ne a e-na le botumo bo bobe, e le “moetsalibe” ea tsebisahalang, hoo Jesu a ileng a re o tseba “libe tsa hae, le hoja li [ne li] le ngata.”—Luka 7:47.
7, 8. (a) Re ka be re ile ra etsa’ng maemong a kang a tlalehiloeng ho Luka 7:36-38? (b) Simone o ile a etsa’ng?
7 Ipone ka kelello u phela nakong eo ’me u le boemong ba Jesu. U ka be u ile ua itšoara joang? Na u ka be u ile ua ba tsietsing ha mosali eo a u atamela? Boemo bo joalo bo ne bo tla u ama joang? (Luka 7:45) Na u ka be u ile ua ferekana, ua tšoha?
8 Hoja u ne u le har’a baeti ba bang, na ho ne ho ka etsahala hore u batle u nahana joaloka Simone oa Mofarisi? “Ha Mofarisi ea memileng [Jesu] a bona seo a ipolella ho re: ‘Monna enoa, haeba e ne e le moprofeta, a ka be a tseba hore na mosali ea mo amang ke mang le hore na ke oa mofuta ofe, hore ke moetsalibe.’” (Luka 7:39) Ha ho bapisoa, Jesu e ne e le motho ea qenehelang haholo. O ile a utloisisa bothata ba mosali enoa ’me a bona se mo tšoenyang. Ha rea bolelloa hore na o ile a oela joang bophelong ba boetsalibe. Haeba e ne e le letekatse kannete, ho bonahala hore banna ba motse, Bajuda ba inehetseng, ba ne ba sa mo thusa.
9. Jesu o ile a arabela joang, ’me e ka ’na eaba phello e ile ea e-ba efe?
9 Empa Jesu o ne a batla ho mo thusa. O ile a re ho eena: “U tšoaretsoe libe.” Eaba o phaella ka ho re: “Tumelo ea hao e u pholositse; tsamaea ka khotso.” (Luka 7:48-50) Tlaleho ena e fella hona mona. E mong a ka ’na a hanyetsa a re Jesu ha aa ka a mo etsetsa letho le leholo. Ha e le hantle, Jesu o ile a mo hlohonolofatsa pele a tsamaea. Na u nahana eka o ile a khutlela bophelong ba hae bo soabisang? Le hoja re ke ke ra tiisa taba, hlokomela hore na joale Luka o re’ng. O bolela hore Jesu o ile a “tsamaea ho tloha motseng o mong ho ea ho o mong le ho tloha motsaneng o mong ho ea ho o mong, a bolela ’me a phatlalatsa litaba tse molemo tsa ’muso.” Luka o boetse o tlaleha hore “basali ba itseng” ba ne ba e-na le Jesu le barutuoa ba hae, “ba ba sebeletsa ka lintho tsa [basali bao].” Ho ka ’na ha etsahala hore ebe mosali enoa ea bakileng le ea nang le teboho e ne e se e le e mong oa bona, a qalisa ho phela ka tsela ea bomolimo ka letsoalo le hloekileng, ka boikemisetso bo bocha le ka lerato le tebileng haholo bakeng sa Molimo.—Luka 8:1-3.
Phapang Pakeng Tsa Jesu le Bafarisi
10. Ke hobane’ng ha ho le molemo ho nahana ka tlaleho ea Jesu le mosali e mong lelapeng la Simone?
10 Re ka ithuta eng ka tlaleho ee e hlakileng? Na hase ’nete hore ea re hlasimolla? Ipone ka kelello u le ka lelapeng la Simone. U ne u tla ikutloa joang? Na u ne u tla arabela joaloka Jesu, kapa na u ne u tla batla u ikutloa joaloka Mofarisi ea neng a mo amohetse? Jesu e ne e le Mora oa Molimo, kahoo re ke ke ra ikutloa hantle joaloka eena le ho mo etsisa hantle. Ka lehlakoreng le leng, re ke ke ra labalabela ho ipona re tšoana le Simone oa Mofarisi. Ke batho ba fokolang ba neng ba ka ba motlotlo ka ho ba Bafarisi.
11. Ke hobane’ng ha re ke ke ra rata ho tšoantšoa le Bafarisi?
11 Ho seo re ithutileng sona ka Bibeleng le bopaking bo tsoang lefatšeng, re ka fihlela qeto ea hore Bafarisi ba ne ba iphahamisa ka hore ba hlokometse boiketlo ba sechaba. Ba ne ba sa khotsofalla hore Molao oa Molimo o hlakile kamoo ho hlokahalang le hore o utloisisoa habonolo. Hohle moo ba neng ba bona Molao o sa toba, ba ne ba thiba sekheo ka litlhaloso e le hore ho se ke ha hlokahala hore motho a sebelise letsoalo. Baeta-pele bana ba bolumeli ba ne ba leka ho qapa molao oa ho laola litaba tsohle tse amang boitšoaro, esita le tse fokolang.a
12. Bafarisi ba ne ba ipona e le batho ba mofuta ofe?
12 Rahistori oa Mojuda oa lekholong la pele la lilemo Josephus o totobatsa hore Bafarisi ba ne ba nka hore ba mosa, ba bonolo, ha ba leeme ebile ba tšoanelehela mosebetsi oa bona. Ha ho pelaelo hore ba bang ba bona ba ne ba batla ba le joalo. Mohlomong u hopola Nikodemase. (Johanne 3:1, 2; 7:50, 51) Hamorao, ba bang ba ile ba amohela tsela ea Bokreste. (Liketso 15:5) Moapostola oa Mokreste Pauluse o ile a ngola ka Bajuda ba itseng, ba kang Bafarisi, a re: “Ba chesehela Molimo; empa eseng ho ea ka tsebo e nepahetseng.” (Baroma 10:2) Leha ho le joalo, Likosepele li ba hlahisa ka tsela eo ba neng ba bonahala ka eona ho batho feela tjee—e le baikhohomosi, baikakasi, baitokafatsi, bo-motšoaea-liphoso, ba ratang ho ahlola le ba nyenyefatsang ba bang.
Pono ea Jesu
13. Jesu o ile a re’ng ka Bafarisi?
13 Jesu o ile a nyatsa bangoli le Bafarisi ka hore ke baikaketsi. “Ba tlama mejaro e boima ’me ba e beha mahetleng a batho, empa bona ha ba rate ho e sisinya ka monoana.” E, moroalo o ne o le boima, ’me batho ba ne ba jarisitsoe joko e thata. Jesu ha a tsoela pele o ile a bitsa bangoli le Bafarisi “maoatla.” Leoatla le kotsi sechabeng. Jesu o ile a boela a bitsa bangoli le Bafarisi “batataisi ba foufetseng” ’me a bolela hore ba “hlokomolohile litaba tse tōma haholo tsa Molao, e leng, toka le mohau le botšepehi.” Ke mang ea neng a ka batla hore Jesu a nahane hore o na le moea oa Bofarisi?—Matheu 23:1-4, 16, 17, 23.
14, 15. (a) Litšebelisano tsa Jesu le Matheu Levi li senola eng ka litsela tsa Bafarisi? (b) Re ka ithuta eng ea bohlokoa tlalehong ee?
14 Hoo e ka bang ’mali e mong le e mong oa litlaleho tsa Likosepele a ka bona sebōpeho sa ho nyatsa-nyatsa sa Bafarisi ba bangata. Ka mor’a hore Jesu a meme Matheu Levi oa molekhetho hore e be morutuoa oa hae, Levi o ile a mo etsetsa mokete o moholo oa kamohelo. Tlaleho e re: “Eaba Bafarisi le bangoli ba bona ba qala ho korotla ho barutuoa ba hae, ba re: ‘Ke hobane’ng ha le ja ’me le noa le babokelli ba lekhetho le baetsalibe?’ Ha Jesu a araba a re ho bona: ‘. . . Ke tlil’o bitsetsa baetsalibe pakong, eseng batho ba lokileng.’”—Luka 5:27-32.
15 Levi ka boeena o ile a ananela ho hong hape hoo Jesu a ho buileng ketsahalong ena, ha a re: “Joale, e-eang, ’me le ithute hore na sena se bolela eng, ‘Ke batla mohau, eseng sehlabelo.’” (Matheu 9:13) Le hoja Bafarisi ba ne ba bolela hore ba lumela libuka tse ngotsoeng ke baprofeta ba Baheberu, ha baa ka ba amohela polelo ena ea Hosea 6:6. Haeba ba ne ba tla tlōla molao, ba ne ba tiisa hore ba o tlōla ka lebaka la ho mamela neano. E mong le e mong a ka ipotsa, ‘Na ke na le botumo ba ho ngangella litaelong tse itseng, tse kang tse bonahatsang maikutlo a botho kapa ho sebetsa taba ka tloaelo? Kapa batho ba bang ba nahana hore pele ho tsohle ke motho ea mohau le ea molemo?’
16. Tsela ea Bafarisi e ne e le efe, ’me re ka qoba ho tšoana le bona joang?
16 Bafarisi ba ne ba phelela ho tšoaea batho ba bang liphoso. Ba ne ba sheba phoso e ’ngoe le e ’ngoe—ea sebele le e inahaneloang. Ba ne ba etsa hore batho ba lule ba batla ho itšireletsa ’me ba ba hopotsa liphoso tsa bona. Bafarisi ba ne ba le motlotlo ka ho ntša karolo ea leshome ea litlama tse nyenyane tse kang koena, dille le kumine. Ba ne ba bontša borapeli ba bona ka moaparo oa bona ’me ba leka ho laola sechaba. Ka sebele, e le hore liketso tsa rōna li lumellane le mohlala oa Jesu, re tlameha ho qoba ho rata ho batla le ho totobatsa liphoso tsa ba bang.
Jesu o ne a Sebetsa Mathata Joang?
17-19. (a) Hlalosa kamoo Jesu a ileng a sebetsa boemo bo ka beng bo bile le liphello tse tebileng haholo. (b) Ke eng se neng se etsa hore boemo ebe bo boima kelellong le bo sa thabiseng? (c) Hoja ua ba moo ha mosali eo a atamela Jesu, u ka be u ile ua itšoara joang?
17 Tsela ea Jesu ea ho sebetsa mathata e ne e fapane haholo le ea Bafarisi. Nahana kamoo Jesu a ileng a sebetsa taba e ka beng e bile mpe haholo kateng. E ne e ama mosali ea neng a tšoeroe ke lefu la phallo ea mali ka lilemo tse 12. U ka bala tlaleho ena ho Luka 8:42-48.
18 Tlaleho ea Mareka e re mosali enoa o ne “a tšohile ’me a thothomela.” (Mareka 5:33) Hobane’ng? Ha ho pelaelo hore ke hobane o ne a tseba hore o tlōtse Molao oa Molimo. Ho latela Levitike 15:25-28, mosali ea neng a tšoeroe ke lefu la phallo ea mali e sa tloaelehang o ne a lula a le sesila ho fihlela phallo eo e fela, le beke ka mor’a moo. Ho ne ho silafala ntho e ’ngoe le e ’ngoe eo a neng a e ama le motho e mong le e mong eo a neng a mo ama. Mosali enoa o ne a tlameha ho fohla har’a bongata e le hore a atamele Jesu. Ha re talima tlaleho ena lilemo se 2 000 hamorao, re lla le eena.
19 Haeba u ne u le teng mohlang oo, u ka be u ile ua talima boemo joang? U ka be u ile ua re’ng? Hlokomela hore Jesu o ile a tšoara mosali enoa ka tsela e mosa, e lerato le e nahanelang, a sa re letho le ka mathata leha e le afe ao e ka ’nang eaba o a bakile.—Mareka 5:34.
20. Haeba ho ne ho hlokahala ho boloka Levitike 15:25-28 kajeno, re ne re tla tobana le phephetso efe?
20 Na ho na le seo re ka ithutang sona ketsahalong ee? Nka hore u ne u le moholo ka phuthehong ea Bokreste kajeno. Ho feta moo, nka hore kajeno ho ne ho hlokahala hore Bakreste ba boloke Levitike 15:25-28 le hore mosali oa Mokreste o ne a tlōtse molao oo kajeno, a ikutloa a ferekane ’me a se na thuso. U ne u tla etsa joang? Na u ne u tla mo tlotlolla ka keletso e mo nyatsang? U re: “Che, ke ne nke ke ka etsa joalo! Ke ne ke tla latela mohlala oa Jesu ke leke ka hohle ho ba ea mosa, ea lerato, ea nahanelang le ea qenehelang.” Ke hantle haholo! Leha ho le joalo, bothata ke ho etsa seo, ho etsisa mohlala oa Jesu.
21. Jesu o ile a ruta batho eng ka Molao?
21 Ha e le hantle, batho ba ne ba utloa Jesu a ba khatholla, a ba hlasimolla le ho ba khothatsa. Moo Molao oa Molimo o neng o toba taba, o ne o bolela seo o se buang. Haeba o ne o bonahala o akaretsa, batho ba ne ba tlameha ho sebelisa matsoalo a bona haholoanyane ’me ba ne ba tla bontša ka liqeto tsa bona hore ba rata Molimo. Molao o ne o ba fa bolokolohi. (Mareka 2:27, 28) Molimo o ne a rata batho ba hae, kamehla o ne a sebeletsa molemo oa bona, ’me a ikemiselitse ho ba mohau ha ba fosa. Jesu o ne a le joalo.—Johanne 14:9.
-