“Le Ithute ho ’Na”
“Jarang joko ea ka ’me le ithute ho ’na, kaha ke na le maikutlo a bonolo ’me ke ikokobelitse pelong, ’me le tla fumanela meea ea lōna khatholoho.”—MATHEU 11:29.
1. Ke hobane’ng ha ho ithuta ho Jesu ho ka re etsa ba thabileng ’me ha ntlafatsa bophelo ba rōna?
JESU KRESTE kamehla o ne a nahana, a ruta le ho etsa lintho ka nepo. Nako ea hae e bile khutšoanyane lefatšeng, empa o ile a thabela mosebetsi o putsang le o khotsofatsang, ’me o ile a lula a thabile. O ile a bokella barutuoa ’me a ba ruta mokhoa oa ho rapela Molimo, ho rata batho le ho hlōla lefatše. (Johanne 16:33) O ile a tlatsa lipelo tsa bona tšepo a ba a ‘khantša leseli holim’a bophelo le ho se bole ka litaba tse molemo.’ (2 Timothea 1:10) Haeba u morutuoa oa hae, u nahana hore ho ba morutuoa ho bolela’ng? Ka ho hlahloba seo Jesu a se bolelang ka barutuoa, re ka ithuta mokhoa oa ho ntlafatsa bophelo ba rōna. Sena se bolela ho amohela pono ea hae le ho sebelisa melao-motheo e meng ea bohlokoa.—Matheu 10:24, 25; Luka 14:26, 27; Johanne 8:31, 32; 13:35; 15:8.
2, 3. (a) Morutuoa oa Jesu ke eng? (b) Ke hobane’ng ha ho le bohlokoa ho ipotsa, ‘Ke morutuoa oa mang?’
2 Mangolong a Segerike a Bakreste, lentsoe le fetoletsoeng e le “morutuoa” le bolela haholo-holo ea tobisang kelello ea hae nthong e itseng, kapa ea ithutang. Temaneng ea rōna ea sehlooho, e leng Matheu 11:29, ho hlaha lentsoe le amanang le lona: “Jarang joko ea ka ’me le ithute ho ’na, kaha ke na le maikutlo a bonolo ’me ke ikokobelitse pelong, ’me le tla fumanela meea ea lōna khatholoho.” E, morutuoa ke seithuti. Ho tloaelehile hore Likosepele li sebelise lentsoe “morutuoa” ho balateli ba haufi ba Jesu, ba neng ba tsamaea le eena ha a ntse a bolela le ba neng ba rutoa ke eena. Batho ba bang ba ne ba ka ’na ba amohela lithuto tsa Jesu habonolo feela, ba bile ba etsa joalo ka lekunutu. (Luka 6:17; Johanne 19:38) Bangoli ba Likosepele ba buile hape le ka “barutuoa ba Johanne [Mokolobetsi] le barutuoa ba Bafarisi.” (Mareka 2:18) Kaha Jesu o hlokomelisitse balateli ba hae hore ba “itebele . . . thutong ea Bafarisi,” re ka ipotsa, ‘Ke morutuoa oa mang?’—Matheu 16:12.
3 Haeba re barutuoa ba Jesu, haeba re ithutile ho eena, ba bang ba lokela ho khatholoha moeeng ha re le teng. Ba lokela ho lemoha hore re batho ba nang le maikutlo a bonolo haholoanyane ’me re baikokobetsi pelong. Haeba re baokameli mesebetsing, re batsoali, kapa re sebetsa re le balisa ka phuthehong ea Bokreste, na ba kalosong ea rōna ba utloa hore re ba tšoara joalokaha Jesu a ne a tšoara bao a neng a ba hlokometse?
Kamoo Jesu a Neng a Sebetsana le Batho Kateng
4, 5. (a) Ke hobane’ng ha ho se thata ho tseba kamoo Jesu a neng a sebetsana le batho ba neng ba e-na le mathata? (b) Jesu o ile a etsahalloa ke eng ha a le lijong lelapeng la Mofarisi?
4 Ho hlokahala re tsebe hore na Jesu o ne a sebetsana joang le batho, haholo-holo ba neng ba e-na le mathata a tebileng. Ha hoa lokela ho ba thata ho ithuta sena; Bibele e na le litlaleho tse ngata tsa nako eo ka eona Jesu a neng a teana le batho, ’me ba bang ba bona ba ne ba tšoenyehile. Hape, re ke re hlokomeleng tsela eo ka eona baeta-pele ba bolumeli, haholo-holo Bafarisi, ba neng ba sebelisana le batho ba nang le mathata a tšoanang. Ho se tšoane hona ho tla re bula mahlo.
5 Selemong sa 31 C.E., ha Jesu a ne a le leetong la ho bolela Galilea, ‘e mong oa Bafarisi a ’na a kōpa [Jesu] hore a je le eena.’ Jesu ha aa ka a tsila-tsila ho amohela memo eo. “Ka lebaka leo a kena ka tlung ea Mofarisi eo ’me a otla ka lehlakore tafoleng. Bonang! mosali e mong ea neng a tsebahala motseng oo e le moetsalibe o ile a tseba hore o ne a otlile ka lehlakore lijong ka tlung ea Mofarisi, eaba o tlisa pitsana ea alabastera ea oli e nkhang hamonate, ’me, ha a ema ka morao maotong a hae, a lla eaba o qala ho kolobisa maoto a hae ka meokho ’me o e hlakola ka moriri oa hlooho ea hae. Hape, a aka maoto a hae ka lerato eaba o a tlotsa ka oli e nkhang hamonate.”—Luka 7:36-38.
6. Ke hobane’ng ha mosali oa “moetsalibe” a ne a ka ba lelapeng la Mofarisi?
6 Na u ka bona seo ka mahlo a kelello? Buka e ’ngoe eo ho nkoang litaba ho eona e re: “Mosali enoa (tem. 37) o ile a latela tloaelo ea sechaba e neng e lumella bahloki ho etela moketeng o joalo hore ba e’o fumana lijo tse setseng.” Seo se hlalosa hore na ke joang motho a neng a ka kena a sa mengoa. Ho ne ho ka ’na ha e-ba le ba bang ba neng ba e-na le tšepo ea ho khoahlapisa ka mor’a hore ho jeoe. Leha ho le joalo, boitšoaro ba mosali enoa bo ne bo sa tloaeleha. Ha aa ka a shebella a eme thōko a letetse hore ba qete ho ja. O ne a e-na le botumo bo bobe, e le “moetsalibe” ea tsebisahalang, hoo Jesu a ileng a re o tseba “libe tsa hae, le hoja li [ne li] le ngata.”—Luka 7:47.
7, 8. (a) Re ka be re ile ra etsa’ng maemong a kang a tlalehiloeng ho Luka 7:36-38? (b) Simone o ile a etsa’ng?
7 Ipone ka kelello u phela nakong eo ’me u le boemong ba Jesu. U ka be u ile ua itšoara joang? Na u ka be u ile ua ba tsietsing ha mosali eo a u atamela? Boemo bo joalo bo ne bo tla u ama joang? (Luka 7:45) Na u ka be u ile ua ferekana, ua tšoha?
8 Hoja u ne u le har’a baeti ba bang, na ho ne ho ka etsahala hore u batle u nahana joaloka Simone oa Mofarisi? “Ha Mofarisi ea memileng [Jesu] a bona seo a ipolella ho re: ‘Monna enoa, haeba e ne e le moprofeta, a ka be a tseba hore na mosali ea mo amang ke mang le hore na ke oa mofuta ofe, hore ke moetsalibe.’” (Luka 7:39) Ha ho bapisoa, Jesu e ne e le motho ea qenehelang haholo. O ile a utloisisa bothata ba mosali enoa ’me a bona se mo tšoenyang. Ha rea bolelloa hore na o ile a oela joang bophelong ba boetsalibe. Haeba e ne e le letekatse kannete, ho bonahala hore banna ba motse, Bajuda ba inehetseng, ba ne ba sa mo thusa.
9. Jesu o ile a arabela joang, ’me e ka ’na eaba phello e ile ea e-ba efe?
9 Empa Jesu o ne a batla ho mo thusa. O ile a re ho eena: “U tšoaretsoe libe.” Eaba o phaella ka ho re: “Tumelo ea hao e u pholositse; tsamaea ka khotso.” (Luka 7:48-50) Tlaleho ena e fella hona mona. E mong a ka ’na a hanyetsa a re Jesu ha aa ka a mo etsetsa letho le leholo. Ha e le hantle, Jesu o ile a mo hlohonolofatsa pele a tsamaea. Na u nahana eka o ile a khutlela bophelong ba hae bo soabisang? Le hoja re ke ke ra tiisa taba, hlokomela hore na joale Luka o re’ng. O bolela hore Jesu o ile a “tsamaea ho tloha motseng o mong ho ea ho o mong le ho tloha motsaneng o mong ho ea ho o mong, a bolela ’me a phatlalatsa litaba tse molemo tsa ’muso.” Luka o boetse o tlaleha hore “basali ba itseng” ba ne ba e-na le Jesu le barutuoa ba hae, “ba ba sebeletsa ka lintho tsa [basali bao].” Ho ka ’na ha etsahala hore ebe mosali enoa ea bakileng le ea nang le teboho e ne e se e le e mong oa bona, a qalisa ho phela ka tsela ea bomolimo ka letsoalo le hloekileng, ka boikemisetso bo bocha le ka lerato le tebileng haholo bakeng sa Molimo.—Luka 8:1-3.
Phapang Pakeng Tsa Jesu le Bafarisi
10. Ke hobane’ng ha ho le molemo ho nahana ka tlaleho ea Jesu le mosali e mong lelapeng la Simone?
10 Re ka ithuta eng ka tlaleho ee e hlakileng? Na hase ’nete hore ea re hlasimolla? Ipone ka kelello u le ka lelapeng la Simone. U ne u tla ikutloa joang? Na u ne u tla arabela joaloka Jesu, kapa na u ne u tla batla u ikutloa joaloka Mofarisi ea neng a mo amohetse? Jesu e ne e le Mora oa Molimo, kahoo re ke ke ra ikutloa hantle joaloka eena le ho mo etsisa hantle. Ka lehlakoreng le leng, re ke ke ra labalabela ho ipona re tšoana le Simone oa Mofarisi. Ke batho ba fokolang ba neng ba ka ba motlotlo ka ho ba Bafarisi.
11. Ke hobane’ng ha re ke ke ra rata ho tšoantšoa le Bafarisi?
11 Ho seo re ithutileng sona ka Bibeleng le bopaking bo tsoang lefatšeng, re ka fihlela qeto ea hore Bafarisi ba ne ba iphahamisa ka hore ba hlokometse boiketlo ba sechaba. Ba ne ba sa khotsofalla hore Molao oa Molimo o hlakile kamoo ho hlokahalang le hore o utloisisoa habonolo. Hohle moo ba neng ba bona Molao o sa toba, ba ne ba thiba sekheo ka litlhaloso e le hore ho se ke ha hlokahala hore motho a sebelise letsoalo. Baeta-pele bana ba bolumeli ba ne ba leka ho qapa molao oa ho laola litaba tsohle tse amang boitšoaro, esita le tse fokolang.a
12. Bafarisi ba ne ba ipona e le batho ba mofuta ofe?
12 Rahistori oa Mojuda oa lekholong la pele la lilemo Josephus o totobatsa hore Bafarisi ba ne ba nka hore ba mosa, ba bonolo, ha ba leeme ebile ba tšoanelehela mosebetsi oa bona. Ha ho pelaelo hore ba bang ba bona ba ne ba batla ba le joalo. Mohlomong u hopola Nikodemase. (Johanne 3:1, 2; 7:50, 51) Hamorao, ba bang ba ile ba amohela tsela ea Bokreste. (Liketso 15:5) Moapostola oa Mokreste Pauluse o ile a ngola ka Bajuda ba itseng, ba kang Bafarisi, a re: “Ba chesehela Molimo; empa eseng ho ea ka tsebo e nepahetseng.” (Baroma 10:2) Leha ho le joalo, Likosepele li ba hlahisa ka tsela eo ba neng ba bonahala ka eona ho batho feela tjee—e le baikhohomosi, baikakasi, baitokafatsi, bo-motšoaea-liphoso, ba ratang ho ahlola le ba nyenyefatsang ba bang.
Pono ea Jesu
13. Jesu o ile a re’ng ka Bafarisi?
13 Jesu o ile a nyatsa bangoli le Bafarisi ka hore ke baikaketsi. “Ba tlama mejaro e boima ’me ba e beha mahetleng a batho, empa bona ha ba rate ho e sisinya ka monoana.” E, moroalo o ne o le boima, ’me batho ba ne ba jarisitsoe joko e thata. Jesu ha a tsoela pele o ile a bitsa bangoli le Bafarisi “maoatla.” Leoatla le kotsi sechabeng. Jesu o ile a boela a bitsa bangoli le Bafarisi “batataisi ba foufetseng” ’me a bolela hore ba “hlokomolohile litaba tse tōma haholo tsa Molao, e leng, toka le mohau le botšepehi.” Ke mang ea neng a ka batla hore Jesu a nahane hore o na le moea oa Bofarisi?—Matheu 23:1-4, 16, 17, 23.
14, 15. (a) Litšebelisano tsa Jesu le Matheu Levi li senola eng ka litsela tsa Bafarisi? (b) Re ka ithuta eng ea bohlokoa tlalehong ee?
14 Hoo e ka bang ’mali e mong le e mong oa litlaleho tsa Likosepele a ka bona sebōpeho sa ho nyatsa-nyatsa sa Bafarisi ba bangata. Ka mor’a hore Jesu a meme Matheu Levi oa molekhetho hore e be morutuoa oa hae, Levi o ile a mo etsetsa mokete o moholo oa kamohelo. Tlaleho e re: “Eaba Bafarisi le bangoli ba bona ba qala ho korotla ho barutuoa ba hae, ba re: ‘Ke hobane’ng ha le ja ’me le noa le babokelli ba lekhetho le baetsalibe?’ Ha Jesu a araba a re ho bona: ‘. . . Ke tlil’o bitsetsa baetsalibe pakong, eseng batho ba lokileng.’”—Luka 5:27-32.
15 Levi ka boeena o ile a ananela ho hong hape hoo Jesu a ho buileng ketsahalong ena, ha a re: “Joale, e-eang, ’me le ithute hore na sena se bolela eng, ‘Ke batla mohau, eseng sehlabelo.’” (Matheu 9:13) Le hoja Bafarisi ba ne ba bolela hore ba lumela libuka tse ngotsoeng ke baprofeta ba Baheberu, ha baa ka ba amohela polelo ena ea Hosea 6:6. Haeba ba ne ba tla tlōla molao, ba ne ba tiisa hore ba o tlōla ka lebaka la ho mamela neano. E mong le e mong a ka ipotsa, ‘Na ke na le botumo ba ho ngangella litaelong tse itseng, tse kang tse bonahatsang maikutlo a botho kapa ho sebetsa taba ka tloaelo? Kapa batho ba bang ba nahana hore pele ho tsohle ke motho ea mohau le ea molemo?’
16. Tsela ea Bafarisi e ne e le efe, ’me re ka qoba ho tšoana le bona joang?
16 Bafarisi ba ne ba phelela ho tšoaea batho ba bang liphoso. Ba ne ba sheba phoso e ’ngoe le e ’ngoe—ea sebele le e inahaneloang. Ba ne ba etsa hore batho ba lule ba batla ho itšireletsa ’me ba ba hopotsa liphoso tsa bona. Bafarisi ba ne ba le motlotlo ka ho ntša karolo ea leshome ea litlama tse nyenyane tse kang koena, dille le kumine. Ba ne ba bontša borapeli ba bona ka moaparo oa bona ’me ba leka ho laola sechaba. Ka sebele, e le hore liketso tsa rōna li lumellane le mohlala oa Jesu, re tlameha ho qoba ho rata ho batla le ho totobatsa liphoso tsa ba bang.
Jesu o ne a Sebetsa Mathata Joang?
17-19. (a) Hlalosa kamoo Jesu a ileng a sebetsa boemo bo ka beng bo bile le liphello tse tebileng haholo. (b) Ke eng se neng se etsa hore boemo ebe bo boima kelellong le bo sa thabiseng? (c) Hoja ua ba moo ha mosali eo a atamela Jesu, u ka be u ile ua itšoara joang?
17 Tsela ea Jesu ea ho sebetsa mathata e ne e fapane haholo le ea Bafarisi. Nahana kamoo Jesu a ileng a sebetsa taba e ka beng e bile mpe haholo kateng. E ne e ama mosali ea neng a tšoeroe ke lefu la phallo ea mali ka lilemo tse 12. U ka bala tlaleho ena ho Luka 8:42-48.
18 Tlaleho ea Mareka e re mosali enoa o ne “a tšohile ’me a thothomela.” (Mareka 5:33) Hobane’ng? Ha ho pelaelo hore ke hobane o ne a tseba hore o tlōtse Molao oa Molimo. Ho latela Levitike 15:25-28, mosali ea neng a tšoeroe ke lefu la phallo ea mali e sa tloaelehang o ne a lula a le sesila ho fihlela phallo eo e fela, le beke ka mor’a moo. Ho ne ho silafala ntho e ’ngoe le e ’ngoe eo a neng a e ama le motho e mong le e mong eo a neng a mo ama. Mosali enoa o ne a tlameha ho fohla har’a bongata e le hore a atamele Jesu. Ha re talima tlaleho ena lilemo se 2 000 hamorao, re lla le eena.
19 Haeba u ne u le teng mohlang oo, u ka be u ile ua talima boemo joang? U ka be u ile ua re’ng? Hlokomela hore Jesu o ile a tšoara mosali enoa ka tsela e mosa, e lerato le e nahanelang, a sa re letho le ka mathata leha e le afe ao e ka ’nang eaba o a bakile.—Mareka 5:34.
20. Haeba ho ne ho hlokahala ho boloka Levitike 15:25-28 kajeno, re ne re tla tobana le phephetso efe?
20 Na ho na le seo re ka ithutang sona ketsahalong ee? Nka hore u ne u le moholo ka phuthehong ea Bokreste kajeno. Ho feta moo, nka hore kajeno ho ne ho hlokahala hore Bakreste ba boloke Levitike 15:25-28 le hore mosali oa Mokreste o ne a tlōtse molao oo kajeno, a ikutloa a ferekane ’me a se na thuso. U ne u tla etsa joang? Na u ne u tla mo tlotlolla ka keletso e mo nyatsang? U re: “Che, ke ne nke ke ka etsa joalo! Ke ne ke tla latela mohlala oa Jesu ke leke ka hohle ho ba ea mosa, ea lerato, ea nahanelang le ea qenehelang.” Ke hantle haholo! Leha ho le joalo, bothata ke ho etsa seo, ho etsisa mohlala oa Jesu.
21. Jesu o ile a ruta batho eng ka Molao?
21 Ha e le hantle, batho ba ne ba utloa Jesu a ba khatholla, a ba hlasimolla le ho ba khothatsa. Moo Molao oa Molimo o neng o toba taba, o ne o bolela seo o se buang. Haeba o ne o bonahala o akaretsa, batho ba ne ba tlameha ho sebelisa matsoalo a bona haholoanyane ’me ba ne ba tla bontša ka liqeto tsa bona hore ba rata Molimo. Molao o ne o ba fa bolokolohi. (Mareka 2:27, 28) Molimo o ne a rata batho ba hae, kamehla o ne a sebeletsa molemo oa bona, ’me a ikemiselitse ho ba mohau ha ba fosa. Jesu o ne a le joalo.—Johanne 14:9.
Liphello Tsa Lithuto Tsa Jesu
22. Ho ithuta ho Jesu ho ile ha thusa barutuoa ba hae hore ba be le boikutlo ba mofuta ofe?
22 Ba neng ba mamela Jesu le bao e ileng ea e-ba barutuoa ba hae ba ne ba ananela ’nete ea polelo ena ea hae: “Joko ea ka e mosa le mojaro oa ka o bobebe.” (Matheu 11:30) Ha ho mohla ba ileng ba utloa a ba imelitse, a ba sotlile kapa a ba emelletse. Ba ne ba lokolohile, ba thabile ba bile ba kholisehile haholoanyane ka kamano ea bona le Molimo le kamano e pakeng tsa bona. (Matheu 7:1-5; Luka 9:49, 50) Ba ile ba ithuta ho eena hore motho ha e le moeta-pele oa moea o lokela ho khatholla ba bang, a bontša hore o ikokobelitse kelellong le pelong.—1 Bakorinthe 16:17, 18; Bafilipi 2:3.
23. Ho ba ha barutuoa le Jesu ho ile ha ba ruta thuto efe ea bohlokoa le ho ba thusa ho finyella liqeto life?
23 Ho feta moo, ba bangata ba ile ba khahloa haholo ke bohlokoa ba ho lula ba le bonngoeng le Kreste le ba ho ba le moea oo a neng a o bontša. O ile a re ho barutuoa ba hae: “Feela joalokaha Ntate a nthatile ’me ’na ke le ratile, le lule leratong la ka. Haeba le boloka litaelo tsa ka, le tla lula leratong la ka, feela joalokaha ke bolokile litaelo tsa Ntate ’me ke lula leratong la hae.” (Johanne 15:9, 10) E le hore e tle e be basebeletsi le bahlanka ba atlehileng ba Molimo, ba ne ba tlameha ho khothalla ho sebelisa seo ba ithutileng sona ho Jesu tabeng ea boboleli, ea ho ruta litaba tse molemo tse babatsehang tsa Molimo phatlalatsa le ea ho sebelisana le lelapa le metsoalle. Ha mokhatlo oa bara ba motho o ntse o hōla ho ba liphutheho, nako le nako ba ne ba tla tlameha ho ikhopotsa hore tsela ea hae ke tsela e nepahetseng. O ne a ruta ’nete, ’me bophelo boo ba neng ba bone a bo phela e ne e le boo ka sebele ba ka bo hahamallang.—Johanne 14:6; Baefese 4:20, 21.
24. Ke lintho life tseo re lokelang ho li ela hloko mohlaleng oa Jesu?
24 Ha u nahana lintho tse ling tseo re neng re ntse re buisana ka tsona, na u bona litsela tsa ho ntlafatsa? Na u lumela hore kamehla Jesu o ne a nahana, a ruta le ho etsa lintho ka tsela e loketseng? Ha ho le joalo, khothala. O re khothatsa ka mantsoe ana: “Haeba le tseba lintho tsena, lea thaba haeba le li etsa.”—Johanne 13:17.
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a “Phapang e khōlō [pakeng tsa Jesu le Bafarisi] e hlakisoa feela ke ho utloisisa Molimo ka litsela tse peli tse hanyetsanang. Ho Bafarisi, Molimo ke ’mampoli; ho Jesu, Molimo o mosa ebile oa qenehela. Ha e le hantle, Mofarisi ha a latole molemo oa Molimo le lerato la hae, empa ho eena li tšoantšelitsoe ka mpho ea Torah [Molao] le ka monyetla oa ho phethahatsa se batloang moo. . . . Ho Bafarisi, Torah e ne e phethahatsoa ka ho khomarela neano ea molomo, hammoho le melao ea eona ea ho hlalosa molao. . . . Hore ebe Jesu o ile a phahamisetsa melao e ’meli ea lerato (Mat. 22:34-40) boemong ba tlhaloso e amohelehang le hore o ile a hana neano ea molomo e nang le lithibelo tse tlamang . . . ho ile ha etsa hore a hanyetse litlhaloso tse khelohileng tsa Bafarisi.”—The New International Dictionary of New Testament Theology.
U ka Arabela Joang?
•Ho ba morutuoa oa Jesu ho bolela’ng ho uena?
•Jesu o ne a sebetsana joang le batho?
•Re ka ithuta’ng tseleng eo Jesu a neng a ruta ka eona?
•Phapang e ne e le efe pakeng tsa Bafarisi le Jesu?
[Litšoantšo tse leqepheng la 18, 19]
Boikutlo ba Jesu ho batho bo ne bo fapane hakaakang le ba Bafarisi!