Jonase o Ithuta ka Mohau oa Jehova
JEHOVA o na le kabelo bakeng sa moprofeta oa hae Jonase. Ke lekholong la borobong la lilemo B.C.E., ’me ho busa Jeroboame II Iseraele. Jonase o tsoa Gathe-Hefere, motse oa Bazabulone. (Joshua 19:10, 13; 2 Marena 14:25) Molimo o roma Jonase ho ea motse-moholo oa Baassyria oa Ninive, lik’hilomithara tse ka holimo ho 800 ka leboea-bochabela ho motse oa habo. O lokela ho lemosa Baninive hore ba tobane le timetso ea Molimo.
E ka ’na eaba Jonase o ile a nahana: ‘Ke ee motseng oo le sechabeng seo? Ha baa inehela ho Molimo ba le joalo. Baassyria bao ba nyoretsoeng mali ha ba e-s’o ka ba etsa selekane le Jehova joalokaha Baiseraele ba ile ba etsa. Batho bao ba sechaba se khopo ba ka ’na ba nka temoso ea ka e le tšokelo ’me ba hapa Iseraele! E seng ’na! Nke ke ka ea. Ke tla balehela Joppo ’me ke nke sekepe se tsamaeang ka tsela esele—ho ea Tarshishe, ka mose ho Leoatle le Leholo. Ke sona seo ke tla se etsa!’—Jonase 1:1-3.
Kotsi Leoatleng!
Ka potlako Jonase o Joppo lebōpong la leoatle la Mediterranean. O lefella leeto ’me o palama sekepe se lebang Tarshishe, eo kamoo ho tsebahalang kateng e leng Spain, lik’hilomithara tse ka holimo ho 3 500 ka bophirimela ho Ninive. Hang ha a le leoatleng, moprofeta ea tepeletseng o theohela mokatong o ka tlaase ’me oa robala. Ho e-s’o ka ho e-ea kae, Jehova o fokisa sefefo se matla leoatleng, ’me mosesisi e mong le e mong oa sekepe ea tšohileng o hoeletsa molimo oa hae bakeng sa thuso. Sekepe se hlokoleha le ho tsokotseha haholo hoo thepa e lahleloang leoatleng ho fokotsa boima ba sekepe. Leha ho le joalo, ho bonahala eka joang kapa joang sekepe se tla robeha, ’me Jonase o utloa motsamaisi ea tšohileng a re: “U robaletse’ng? Tsoha, u rapele Molimo oa hao! Ekaba Molimo o tla re hopola, re se ke ra timela.” Jonase oa tsoha ’me o hloella mokatong o ka holimo.—Jonase 1:4-6.
Basesisi ba sekepe ba re: “Tloong, re laoleng ka lotho, re tle re tsebe na tsietsi eo e re hlahetse ka baka la mang?” Lotho e ntša Jonase. Nahana ho tšoenyeha ha hae ha basebeletsi ba sekepe ba re: “Re bolelle hle hore tsietsi ena e re hlahela ka baka la mang? Mosebetsi oa hao ke ofe, u tsoa kae, ha eno ke kae, u oa sechaba sefe na?” Jonase o re ke Moheberu ea rapelang “Jehova, Molimo oa maholimo” le hore o na le tšabo e hlomphang “ea entseng leoatle le lefatše.” Sefefo se ba hlahetse hobane a baleha boteng ba Jehova ho e-na le hore ka ho mamela a ise molaetsa oa Molimo Ninive.—Jonase 1:7-10.
Basebeletsi ba sekepe baa botsa: “Re tla u etsa joang, hore leoatle le tle le re khutsetse?” Ha leoatle le ntse le befa ka ho fetisisa, Jonase o re: “Nkukeng, le ntahlele leoatleng, ’me leoatle le tla le khutsetsa; hobane kea tseba hore ke ka baka la ka sefefo sena se seholo se le hlahetseng.” Ba sa rate ho lahlela mohlanka oa Jehova leoatleng kaha hoo ka sebele ho ne ho bolela lefu, banna bao ba leka ho sesetsa sebakeng se omileng. Ba hlōlehile, basebeletsi ba sekepe ba hoeletsa: “Oho Jehova, oho, u se ke ua re timetsa ka baka la bophelo ba monna enoa, u se ke ua re jarisa mali a se nang molato, hobane uena Jehova, u entse kamoo u ithatetseng kateng.”—Jonase 1:11-14.
Ka Leoatleng!
Eaba basebeletsi ba sekepe ba akhela Jonase ka leoatleng. Ha a qoela leoatleng le loebehlanang, ho befa ha lona ho qala ho emisa. Ha ba bona sena, ‘banna bana ba tšaba Jehova
haholo; ba hlabela Jehova mahlabelo, ba mo etsetsa le likano.’—Jonase 1:15, 16.
Ha metsi a kupetsa Jonase, ha ho na pelaelo ea hore oa rapela. Joale o ikutloa a thella ka har’a peipi e foqofoqo ha a lelemela ka mokoting o moholoanyane. Ho makatsang, o ntse a ka hema! Ha a thatholla litlama tse thatetseng hlooho ea hae, Jonase o iphumana a le sebakeng se hlileng se ikhethang. Sena ke ka lebaka la hobane ‘Jehova a rometse tlhapi e khōlō ho metsa Jonase, Jonase a ba a lula mpeng ea tlhapi matsatsi a mararo le masiu a mararo.’—Jonase 1:17.
Thapelo e Tiileng ea Jonase
Ka mpeng ea tlhapi e khōlōhali, Jonase o na le nako ea ho rapela. A mang a mantsoe a hae a na le ho tšoana le lipesaleme tse itseng. Hamorao Jonase o ile a tlaleha lithapelo tsa hae a hlalosa ho felloa ke tšepo le masoabi. Ka mohlala, ho eena ho ne ho bonahala mpa eo ea tlhapi e ne e tla fetoha Sheole, lebitla la hae. Kahoo, o ile a rapela: “Ha ke ne ke le mahlomoleng, ka bitsa ho Jehova, ’me a nkutloa; ke le mpeng ea ’ngalo ea bafu [“Sheole,” NW] ka hooeletsa, ’me ua utloa lentsoe la ka.” (Jonase 2:1, 2) Lipina tse peli tsa ho Nyolohela—mohlomong tse binnoeng ke Baiseraele ha ba ne ba nyolohela Jerusalema bakeng sa mekete ea selemo le selemo—li hlalosa maikutlo a tšoanang.—Pesaleme ea 120:1; 130:1, 2.
Ha a bua ka ho theohela ha hae leoatleng, Jonase oa rapela: “Hobane u [Jehova] no u ntahletse bolibeng, bohareng ba leoatle, likhohola tsohle li ne li mpotile kahohle, maqhubu ’ohle a hao le likhaphatseho tsa hao li ne li nkapesitse.”—Jonase 2:3; bapisa le Pesaleme ea 42:7; 69:2.
Jonase o tšaba hore ho se mamele ha hae ho tla mo amoha kamohelo ea Molimo le hore le ka mohla a ke ke a hlola a bona tempele ea Molimo. Oa rapela: “’Me ha e le ’na, ke itse, ‘Ke lelekiloe ka pel’a mahlo a hao! Ke joang nka boelang ka talima tempele e halalelang ea hao?’” (Jonase 2:4, NW; bapisa le Pesaleme ea 31:22.) Boemo ba Jonase bo bonahala bo le bobe hoo a reng: “Metsi a na a mpotile ho fihla le moeeng oa ka [a behile bophelo ba hae kotsing]; boliba bo ne bo mpotile kahohle, litlama tsa leoatle li ithatetse hloohong ea ka.” (Jonase 2:5; bapisa le Pesaleme ea 69:1.) Nahana ka mahlomola a Jonase, kaha oa phaella: ‘Ke ne ke tebile, ke le tlase ho lithaba [ka mpeng ea tlhapi], mekoallo ea ’Nģalo ea Bafu e nkoalletse ruri; empa uena Morena Molimo oa ka, u mpholositse ’Nģalong eo ea Bafu [ka letsatsi la boraro].’—Jonase 2:6, BPN; bapisa le Pesaleme ea 30:3.
Le hoja a le ka mpeng ea tlhapi, Jonase ha a nahane: ‘Ke tepelletse maikutlo hoo nke keng ka rapela.’ Ho e-na le hoo, oa rapela: “Eanaeare ha moea oa ka o fela ka ho ’na [makhatheng a lefu], ka hopola Jehova [ka tumelo, e le Eena ea nang le matla le mohau o ke keng oa bapisoa], ’me thapelo ea ka ea fihla ho uena, tempeleng ea hao e khethehileng.” (Jonase 2:7) Ho tsoa tempeleng ea leholimo, Molimo o ile a utloa Jonase ’me a mo pholosa.
Qetellong, Jonase oa rapela: ‘Ba sebeletsang masaoana a lefeela [ka ho tšepa litšoantšo tse sa pheleng tsa melimo ea bohata] ba furallana le mohau o ka ba hauhelang [ka ho furalla Ea bonahatsang tšoaneleho ena]. Empa ’na, ke tla u hlabela mahlabelo ka lipina tsa teboho [Jehova Molimo], ke lefe seo ke se anneng [nakong ea phihlelo ena kapa liketsahalong tse ling]. Poloko ke ea Jehova!’ (Jonase 2:8, 9; bapisa le Pesaleme ea 31:6; 50:14.) A hlokomela hore ke Molimo feela ea ka mo lopollang lefung, moprofeta ea bakileng (joaloka Morena Davida le Morena Solomone ba phetseng pele ho eena) o isa poloko ho Jehova.—Pesaleme ea 3:8; Liproverbia 21:31.
Jonase oa Mamela
Ka mor’a ho nahanisisa haholo le ho rapela ka botšepehi, Jonase o ikutloa a sutuletsoa kantle ho peipi eo a ileng a kena ka eona. Qetellong, o lahleloa sebakeng se omileng. (Jonase 2:10) A ananela topollo, Jonase o mamela lentsoe la Molimo: “Tloha, u ee Ninive, motseng o moholo, ’me teng u tumise litaba tseo ke u bolellang tsona.” (Jonase 3:1, 2) Jonase o qalella ho leba motse-moholo oa Assyria. Ha a tseba hore na ke la bokae bekeng, o hlokomela hore o bile ka mpeng ea tlhapi matsatsi a mararo. Moprofeta o tšela Nōka ea Eufrate moo e khopamelang haholo ka bophirimela, o haola ka leboea ho Mesopotamia a lebile bochabela, o fihla Nōkeng ea Tigrise ’me qetellong o fihla motseng o moholo.—Jonase 3:3.
Jonase o kena motseng o moholo, Ninive. O tsamaea motseng letsatsi le le leng ’me joale oa phatlalatsa: “Ka mora’ matsatsi a mashome a mane, Ninive o tla timetsoa.” Na ka mohlolo Jonase o filoe tsebo ea ho bua puo ea Assyria? Ha rea tlaleheloa. Empa le haeba o bua ka Seheberu ’me e mong oa toloka, phatlalatso ea hae e hlahisa litholoana. Batho ba Ninive ba qala ho beha tumelo ea bona ho Molimo. Ba phatlalatsa hore ho tla itingoa lijo ’me ba apara masela a mahoashe, ho qala ka e moholo ho isa ho e monyenyane oa bona. Ha litaba tseo li fihla ho morena oa Ninive, o tloha teroneng ea hae, o hlobola kobo ea hae ea borena, o apara lesela le mahoashe ’me o lula moloreng.—Jonase 3:4-6.
Jonase o makala hakaakang! Morena oa Assyria o romela manģosa ka mohoo ona: “Ho se ke ha e-ba letho, kapa motho, leha e le phoofolo, kapa likhomo, leha e le linku, tse ka jang letho; li se ke tsa fula, li se ke tsa e-noa metsi; batho le liphoofolo li mpe li apare masela a mahoashe, batho ba ke ba hooeletse ka matla ho Molimo, ’me e mong le e mong a furalle metsamao ea hae e mebe le bokhopo bo matsohong a hae. Ho tseba mang? Mohlomong Molimo o tla re utloa, o khutle, o khutle bohaleng ba khalefo ea oona, re se ke ra timela.”—Jonase 3:7-9.
Baninive ba lumellana le taelo ea morena oa bona. Ha Molimo a lemoha hore ba khutlile mekhoeng ea bona e mebe, o utloa bohloko bakeng sa tlokotsi eo a e buileng hore o tla ba tlisetsa eona, ka hona, ha a e phethahatse. (Jonase 3:10) Ka lebaka la pako ea bona, boikokobetso le tumelo, Jehova o etsa qeto ea ho se lihele kahlolo eo a neng a e rerile holim’a bona.
Moprofeta ea Hlonameng
Matsatsi a 40 aa feta ’me ha ho letho le etsahallang Ninive. (Jonase 3:4) A hlokomela hore Baninive ha ba na ho timetsoa, Jonase o koata ka ho fetisisa le ho tuka ke khalefo, ’me oa rapela: “Jehova, hleka hase seo ke se buileng ke sa le naheng ea heso na? Ke ne ke re, a nke ke balehele Tarshishe, hobane ke ne ke tseba hoba u Molimo o lereko, o mohau, o liehang ho halefa, o mosa haholo, o sa rateng ho otla. ’Me joale, ke re: Jehova, lata hle bophelo ba ka, hobane ho ka bang molemo ho ’na ke ho shoa, e seng ho phela.” Molimo o arabela ka potso ena: “Na ke hantle ha u hloname na?”—Jonase 4:1-4.
Ka lebaka leo, Jonase o tsoa motseng a koebela. A lebile bochabela, o hloma lephephe e le hore a ka lula tlas’a moriti oa lona ho fihlela a bona se tla hlahela motse. Ka lebaka leo, ka qenehelo Jehova o ‘melisa monyaku, oa hola, oa okamela Jonase, hore o etsetse hlooho ea hae moriti, o mo tlose bohloko bo ho eena.’ Jonase o thabela monyaku oo hakaakang! Empa ka meso, Molimo o lokisetsa hore sebōkō se hlasele monyaku, ’me o qalella ho pona. Ka potlako o omeletse ka ho feletseng. Molimo o boetse o romela moea o hlabang oa bochabela. Joale letsatsi le bataola moprofeta hloohong, hoo a ilibanang. O lula a ikōpela ho shoa. E, ka makhetlo-khetlo Jonase o re: “Ho leng molemo ho ’na ke ho shoa, e seng ho phela.”—Jonase 4:5-8.
Joale Jehova oa bua. O botsa Jonase: “A u etsa hantle, ha u hlonamile ka baka la monyaku na?” Jonase oa araba: “Ke etsa hantle ha ke hlonamile, le ho isa ho shoeng.” Ha e le hantle Jehova joale o bolella moprofeta: ‘U qenehetse monyaku. Empa ha ua o sebeletsa ka thata kapa ho o hōlisa. O imeletse ka booona oa ba oa ichoella ka bosiu bo le bong.’ Molimo o tsoela pele ho mo behela mabaka: ‘Ha e le ’na, na ha kea lokela ho qenehela motse o moholo oa Ninive, o nang le batho ba 120 000 ba sa tsebeng ho khetha letsoho le letona la bona ho le letšehali, ’moho le liphoofolo tse ngata?’ (Jonase 4:9-11) Karabo e nepahetseng e hlakile.
Jonase o bakile ’me o phelela ho ngola buka ea Bibele e nang le lebitso la hae. O ile a tseba joang hore basebeletsi ba sekepe ba ile ba tšaba Jehova, ba Mo etsetsa sehlabelo le ho etsa likano? E ka ’na eaba e bile ka pululelo ea bomolimo kapa mohlomong tempeleng ka e mong oa basebeletsi bao ba sekepe kapa e mong oa baeti ba neng ba palame.—Jonase 1:16; 2:4.
“Pontšo ea Jonase”
Ha bangoli le Bafarisi ba ne ba kōpa Jesu Kreste pontšo, o ile a re: “Moloko o khopo le o febang o ntse o tsoela pele ho batla pontšo, empa ha ho pontšo eo o tla e fuoa haese pontšo ea Jonase moprofeta.” Jesu o ile a phaella: “Etsoe feela joalokaha Jonase a ile a ba ka mpeng ea tlhapi ea tonanahali matsatsi a mararo le masiu a mararo, kahoo Mora oa motho o tla ba pelong ea lefatše matsatsi a mararo le masiu a mararo.” (Matheu 12:38-40) Matsatsi a Sejuda a ne a qala ha letsatsi le likela. Kreste o ile a shoa thapameng ea Labohlano, la 14 Nisane, 33 C.E. ’Mele oa hae o ile oa behoa lebitleng pele letsatsi leo le likela. La 15 Nisane le ile la qala mantsiboeeng ao ho fihlela ha letsatsi le likela ka Moqebelo, letsatsi la bosupa le la ho qetela bekeng. Ka nako eo la 16 Nisane le ile la qala ’me la ea ho fihlela ha letsatsi le likela ka letsatsi leo re le bitsang Sontaha. Ka hona, Jesu o ne a shoele ’me a bile lebitleng bonyane nako e itseng ka la 14 Nisane, a ba ka lebitleng letsatsi lohle la 15 Nisane, ’me a qeta lihora tsa bosiu ba la 16 Nisane ka lebitleng. Ha basali ba itseng ba fihla lebitleng hoseng ha Sontaha, o ne a se a tsositsoe.—Matheu 27:57-61; 28:1-7.
Jesu o bile lebitleng karolo e ka etsang matsatsi a mararo. Ka tsela ena lira tsa hae li ile tsa fumana “pontšo ea Jonase,” empa Kreste o ile a re: “Batho ba Ninive ba tla tsoha kahlolong le moloko ona ’me ba tla o ahlola; hobane ba ile ba baka ka lebaka la seo Jonase a ileng a se bolela, empa, bonang! ho hong ho fetang Jonase ho teng mona.” (Matheu 12:41) E ne e le ’nete hakaakang! Bajuda ba ne ba e-na le Jesu Kreste har’a bona—moprofeta e moholo ka ho fetisisa ho Jonase. Le hoja Jonase e bile pontšo e tšoanelehang ho Baninive, Jesu o ile a ruta a e-na le matla a ho laela le bopaki bo tšehetsang ho feta moprofeta eo hōle. Leha ho le joalo, ka kakaretso Bajuda ha baa ka ba lumela.—Johanne 4:48.
E le sechaba, Bajuda ha baa ka ba amohela ka boikokobetso Moprofeta e moholoanyane ho Jonase, ’me ha baa ka ba e-ba le tumelo ho Eena. Empa ho thoe’ng ka baholo-holo ba bona? Le bona ka ho tšoanang ba ne ba hloka tumelo le moea o ikokobelitseng. Ha e le hantle, ho hlakile hore Jehova o ile a roma Jonase Ninive e le ho bontša phapang lipakeng tsa Baninive ba ileng ba baka le Baiseraele ba neng ba le melala e thata, ba neng ba haelloa ke tumelo le boikokobetso ka mokhoa o utloisang bohloko.—Bapisa le Deuteronoma 9:6, 13.
Ho thoe’ng ka Jonase ka boeena? O ile a ithuta kamoo mohau oa Molimo o leng moholo kateng. Ho feta moo, karabelo ea Jehova ha Jonase a ne a korotla ka mohau o bontšitsoeng ho Baninive ba bakileng e lokela ho re thibela ho tletleba ha Ntate oa rōna oa leholimo a atolosa mohau ho batho ba mehleng ea rōna. Ka sebele, a re nyakalleng hore ebe selemo le selemo ba likete ba retelehela ho Jehova ka tumelo ’me e le ka lipelo tse ikokobelitseng.