Lipotso tse Tsoang ho Babali
◼ Na Bakreste ba bang ba tlotsitsoeng ba tla pholoha “mahlomola a maholo” hore ba tle ba phele holim’a lefatše lefatšeng le lecha pele ba nkeloa leholimong?
Ka ho toba, Bibele ha e bolele.
Ke khale Bakreste ba e-na le thahasello litokelong tseo Molimo o neng o ka ba neha tsona. (Liketso 1:6) Hona ho bile joalo haholo-holo mehleng ea rōna kaha ’Muso o ile oa hlongoa. (Mattheu 24:3, 24, 34) Ka lebaka la hore bofelo ba tsamaiso ena e khopo ea lintho bo tla tla nakong ea bona, Bakreste ba ’nile ba ipotsa hore na ebe ba bang ba ba tlotsitsoeng ka moea ba ka phela nakong ea “ntoa ea letsatsi le leholo la Molimo” ’me ba sebeletsa holim’a lefatše ka nakoana pele ba ka amohela moputso oa bona oa leholimo. (Tšenolo 16:14) Bibele ha e bolele hore hona ho tla etsahala, leha ho le joalo mehlala e meng le boprofeta e ile ea nkoa e supa hore ho ka ’na ha e-ba joalo. Ho e-na le ho hatella pono ea rōna, re ka lebella ho bona kamoo Molimo o tla sebetsa lintho ka teng.
Liketsahalo tse ling tsa Bibele li na le seo hamorao li se tšoantšang har’a batho ba Molimo. Ka mohlala, rea tseba hore Jonase o ne a le ka har’a tlhapi e khōlō ka matsatsi a mararo le masiu a mararo. Batho ba bang ba ka talima hoo e le feela mohlala oa topollo ea bomolimo, empa Jesu o boletse hore e ne e le mohlala oa boprofeta oa kamoo a neng a tla ba ka teng lebitleng ka nako e tšoanang pele ho tsoho ea hae. (Jonase 1:17; Mattheu 12:40) E, phihlelo ea Jonase e ne e le ea mofuta oa boprofeta. Ka ho utloahalang, bahlanka ba Molimo ba ile ba hlahloba boprofeta le litlaleho tse tobileng tsa Bibele ho bona haeba tsena li ne li ka supa kamoo Jehova a sa tla sebetsana le bona ka teng.
E le mohlala o amang boprofeta ba Bibele, The Watch Tower ea December 15, 1928, e ile ea tšohla Mikea 5:2-15. Buka ea Mikea e ile ea bua haholo ka ho etsoa lesupi ha Samaria ke ‘ba-Assyria’ le ho khutla ha Bajuda kholehong Babylona. (Mikea 1:1, 5-7; 4:10) E boetse ea supa ho lintho tse neng li tla etsahala hamorao, tse kang ho tsoaloa ha Messia Bethlehema. (Mikea 5:2) Mikea o ile a profeta hore ka mor’a topollo ea bona ho “mo-Assyria,” “masala a Jakobo” a ne a tla ba “joalo ka phoka e tsoang ho Jehova” le “joalo ka taoana har’a mehlape ea linku.” (Mikea 5:6-8) The Watch Tower e ile ea hlalosa: “Hona ho ka ’na ha nkoa e le pontšo ea hore a mang a masala a tla ba lefatšeng esita le ka mor’a hore Harmagedone e loanoe ’me a tla ba le mosebetsi o mong hape oo a tla o etsa lebitsong la Morena le tlotlisong ea hae.” Hlokomela puo e ikokobelitseng, e utloahalang e sebelisitsoeng ho kenyelletsa ntho ena e ka ’nang ea etsahala: “Hona ho ka ’na ha nkoa e le pontšo.”
Ho thoe’ng ka tlaleho ea Bibele e ka ’nang ea tšoantša ho pholoha ho joalo holim’a lefatše? Mohlala o mong o fanoeng o ama Noe le lelapa la hae. Noe o ’nile a talingoa e le ea tšoantšetsang Jesu nakong ena ea bofelo. (Genese 6:8-10; Mattheu 24:37) Joalokaha Noe a ile a tataisa mosali oa hae le bara ba bona ba bararo le lingoetsi ho feta bofelo ba tsamaiso eo ea khale, Kreste o tla fana ka ketello-pele ho masala a sehlopha sa hae sa monyaluoa le ho bao ba fetohang bana ba “Ra-bo-sa-feleng,” Jesu. Mosali oa Noe o ile a pholoha Moroallo ’me o ile a kopanela ho tsosoloseng borapeli ba ’nete lefatšeng le hloekisitsoeng. Ho tšoanang le hoo e ka ba ho pholohela lefatšeng le lecha ha masala a sehlopha sa monyaluoa.—Esaia 9:6, 7; 2 Ba-Korinthe 11:2; Tšenolo 21:2, 9.a
Litlaleho tse ling tsa Bibele le tsona li ile tsa talingoa e le tse hlahisang hore ba bang ba batlotsuoa ba ka ’na ba lula ba ntse ba phela ho ea lefatšeng le lecha. Ka mohlala, Jeremia o ile a pholoha timetso ea Jerusalema; “monna” ea nang le lenaka la mongoli o ile a salla ho bona mosebetsi oa polao pele a khutlela ho ea fana ka tlaleho ea hae.—Ezekiele 9:4, 8, 11.
Litlhaloso tse mabapi le hore ho ka etsahala hore ba bang ba batlotsuoa ba pholohele lefatšeng le lecha li entsoe ka mehopolo e metle le leseling la mehlala ea Bibele bakeng sa ho leka ho utloisisa boprofeta kapa mehlala eo hamorao e ka bang le seo e se tšoantšang. Empa ha ho ka etsahala hore ho se be lea mong oa masala ea tla sala holim’a lefatše, ho ke ke ha e-ba le lebaka la ho se khotsofale. Re se re ntse re tseba hore litaba tsa Bibele li utloisisoa hamolemo ha nako e ntse e feta. Ka mohlala, Molula-Qhooa oa January 1, 1982 o ile oa tšohla Mikea 5:6-9 hape ’me oa hlalosa hore, “masala a Baiseraele ba moea, ha a ea ka a tlameha ho emela ho fihlela ka mor’a . . . Harmagedone e le hore a ka tšoana le ‘phoka’ e khathollang batho.” Tlhaloso ena e ile ea boela ea hlahisa hape monyetla oa hore masala a ka ’na a pholoha ntoa e khōlō ea Molimo ’me ka nakoana “a tla tsoela pele e le ‘phoka’ e khathollang ‘bongata bo boholo’ ba ‘linku tse ling.’” Leha ho le joalo, re ka bona, hore ho feta ha nako le ho eketseha ha leseli la moea li ka atolosa le ho fetola kutloisiso ea rōna ea boprofeta kapa ea litšoantšiso tsa Bibele.—Liproverbia 4:18.
Rea tseba hore Bibele e hokahanya ‘ho tla ha Mor’a motho’ le ‘ho bokelloa ha bakhethoa meeeng e mene.’ (Mattheu 24:29-31) Hape, le nakong ea “ho tla ha Morena” matleng a ’Muso, batlotsuoa ba robetseng lefung ba tsosetsoa bophelong leholimong. (1 Ba-Thessalonika 4:15, 16) Bana ba tšoailoeng ba mono e le hore e tle e be karolo ea mosali oa Konyana. Seo se etsahala neng?
Bukeng ea Tšenolo, hang ka mor’a hore Johanne a re bolelle ka ho ahlola ha Molimo seotsoa sa bolumeli, Babylona e Moholo, o hlalosa “lenyalo la Konyana.” “Mosali” ea litšila, ea boitšoaro bo bobe o tlosoa ponong, ’me re bona “monyaluoa, eo e leng mosali oa Konyana” a ‘ikapesitse line e ntle, e khanyang, e hloekileng; hobane line e ntle eo ke ho loka ha bahalaleli.’ (Tšenolo 18:10; 19:2, 7, 8; 21:9) Timetso ea Babylona e Moholo ke karolo ea mahlomola a maholo. (Mattheu 24:21; Tšenolo 7:14) Kahoo ho ka nahanoa hore ba bang ba sehlopha sa monyaluoa ba ka ’na ba pholoha mahlomola a maholo e le bopaki ba kamohelo le tšireletso ea Jehova. (Sofonia 2:3; bapisa le Mattheu 24:22.) Ka hona haeba ba ka bolokoa holim’a lefatše, ba ka lula mona ho fihlela Molimo o khetha ho ba nkela leholimong.
Leha ho le joalo, tlaleho e ho Tšenolo ha ea latela tatellano ea liketsahalo haufi-ufi. ’Me ha ho joalokaha eka masala a fokolang a batlotsuoa a tla hlokahala hore a qalise lefatše le lecha, hobane a se a ile a koetlisa Bakreste ba limillione ba tšepahalang ba tlang ho phela ka ho sa feleng holim’a lefatše. Ka baka leo, Molimo o ka nkela batlotsuoa ba oona leholimong hang ka mor’a ho timetsoa ha Babylona e Moholo, a lokisa lintho hore “lenyalo la konyana” le etsahale. Ka hona bahalaleli bohle ba ka kopanela le Kreste ho ‘alosa lichaba ka lere tšepe’ nakong e sa ntsaneng e setse ea mahlomola a maholo. (Tšenolo 2:26, 27; 19:11-21) Haeba ke kamoo Molimo o sebetsang litaba ka teng, bohle ba 144 000 ba tla ba le Jesu ho ‘busa le Kreste lilemo tse sekete.’—Tšenolo 20:4.
Ka sebele ke hantle hore batho ba Molimo ba thahasella ka mafolo-folo ho talimisiseng kamoo o tla tsamaisa le ho putsa bahlanka ba oona ka teng. (Bapisa le 1 Petrose 1:12.) Hona ho bonahatsa tšepo ea bona ea hore thato ea hae e tla etsoa. Le hoja re ke ke ’me re sa tlameha ho hatella maikutlo a rōna mabapi le lintlha, ka mafolo-folo re ka lebella pele ho se tla etsahala.
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Bapisa le: You May Survive Armageddon Into God’s New World, maqephe 61, 292, 351; “Thato ea Hao e Etsoe Lefatšeng” leqephe 348; The Watchtower ea May 1, 1942, leqephe 133. (Kaofela li hatisitsoe ke Watchtower Bible and Tract Society of New York, Inc.)