“O ne a sa Bue le Bona Kantle ho Papiso”
“Jesu o ile a . . . bua le bongata ka lipapiso. Ka sebele, o ne a sa bue le bona kantle ho papiso.”—MATHEU 13:34.
1, 2. (a) Ke hobane’ng ha lipapiso tse finyellang mo rero li sa lebaloe habonolo? (b) Jesu o ne a sebelisa lipapiso tsa mofuta ofe, ’me ho phahama lipotso life ka tšebeliso ea hae ea lipapiso? (Bona le mongolo o botlaaseng ba leqephe.)
NA U ka hopola papiso eo mohlomong u ileng ua e utloa puong ea phatlalatsa khale lilemong tse fetileng? Lipapiso tse finyellang morero ha li lebaloe kapele. Mongoli e mong o ile a bolela hore lipapiso “li fetola seo tsebe e se utloang ntho eo motho a ka e bonang ka kelellong ea hae ’me li etsa hore bamameli ba khone ho iketsetsa litšoantšo tsa taba ka likelellong tsa bona.” Kaha hangata re nahana hamolemo ha re bona ntho ka kelellong, lipapiso li ka re nolofalletsa ho utloisisa likhopolo. Lipapiso li ka hlakisa mantsoe, tsa ruta lithuto tse lulang mehopolong ea rōna.
2 Ha ho mosuoe lefatšeng ea kileng a khona ho sebelisa lipapiso ho feta Jesu Kreste. Lipapiso tse ngata tsa Jesu li hopoloa habonolo hoo e ka bang lilemo tse likete tse peli ka mor’a hore a li bolele.a Ke hobane’ng ha Jesu a ile a sebelisa ka matla mokhoa oo o khethehileng oa ho ruta? Hona ke eng e neng e etsa hore lipapiso tsa hae li finyelle morero hakaale?
Lebaka la Hore Jesu a Rute ka Lipapiso
3. (a) Ho ea ka Matheu 13:34, 35, lebaka le leng la hore Jesu a sebelise lipapiso ke lefe? (b) Ke’ng se bontšang hore Jehova o nka mokhoa oo oa ho ruta e le oa bohlokoa?
3 Bibele e fana ka mabaka a mabeli a bohlokoa a hore na ke hobane’ng ha Jesu a ne a sebelisa lipapiso. La pele, ka ho etsa joalo o ne a phethahatsa boprofeta. Moapostola Matheu o ile a ngola, a re: “Jesu o ile a . . . bua le bongata ka lipapiso. Ka sebele, o ne a sa bue le bona kantle ho papiso; e le hore ho ka phethahala se ileng sa buuoa ka moprofeta ea ileng a re: ‘Ke tla ahlamisa molomo oa ka ka lipapiso.’” (Matheu 13:34, 35) “Moprofeta” ea qotsitsoeng ke Matheu ke moqapi oa Pesaleme ea 78:2. Mopesaleme eo o ile a ngola ka pululelo ea moea oa Molimo makholo a lilemo pele Jesu a tsoaloa. Ka sebele hoa hlolla hore ebe makholo a lilemo esale pele, Jehova o ile a rera hore Mora oa hae o ne a tla ruta ka lipapiso. Ha ho pelaelo hore Jehova o nka mokhoa ona oa ho ruta e le oa bohlokoa!
4. Jesu o ile a hlalosa joang hore na ke hobane’ng ha a sebelisa lipapiso?
4 La bobeli, Jesu ka boeena o ile a hlalosa hore o ne a sebelisa lipapiso ho arola bao lipelo tsa bona li sa susumetseheng. Ka mor’a ho phetela “bongata bo boholo” papiso ea mojali, barutuoa ba hae ba ile ba mo botsa: “Ke hobane’ng ha u bua le bona u sebelisa lipapiso?” Jesu o ile a araba a re: “Le nehiloe ho utloisisa liphiri tse halalelang tsa ’muso oa maholimo, empa batho bao ha baa ho nehoa. Ke ka lebaka lena ke buang le bona ke sebelisa lipapiso, hobane, ho talimeng, ba talimela lefeela, ’me ho utloeng, ba utloela lefeela, hape ha ba utloisise; ’me boprofeta ba Esaia bo phethahala ho bona, bo reng, ‘Ho utloeng, le tla utloa empa ho hang le ke ke la utloisisa; ’me, ho talimeng, le tla talima empa ho hang le ke ke la bona. Etsoe lipelo tsa batho bana li fetohile tse sa amoheleng letho.’”—Matheu 13:2, 10, 11, 13-15; Esaia 6:9, 10.
5. Lipapiso tsa Jesu li ne li arola bamameli ba ikokobelitseng ho ba nang le lipelo tse ikhohomosang joang?
5 Lipapiso tsa Jesu li ne li arola batho ka’ng? Ka hore maemong a mang, bamameli ba hae ba ne ba tlameha ho batlisisa e le hore ba utloisise mantsoe a hae ka ho feletseng. Baikokobetsi ba ne ba susumelletseha ho batla boitsebiso bo eketsehileng. (Matheu 13:36; Mareka 4:34) Kahoo, lipapiso tsa Jesu li ne li etsa hore ’nete e senolehe ho bao lipelo tsa bona li e lapetseng; ka nako e tšoanang, lipapiso tsa hae li ne li patela ba nang le lipelo tse ikhohomosang ’nete. Jesu e ne e le mosuoe ea tsotehang hakaakang! A re hlahlobeng mabaka a mang a neng a etsa hore lipapiso tsa hae li finyelle morero.
Ho Sebelisa Lintlha Tse Hloailoeng Hantle
6-8. (a) Barutuoa ba Jesu ba lekholong la pele la lilemo ba ne ba e-s’o be le monyetla oa eng? (b) Ke mehlala efe e bontšang hore Jesu o ne a hloaea lintlha tseo a li sebelisang?
6 Na u ke u ipotse hore na barutuoa ba lekholong la pele la lilemo ba neng ba inoesa ka nkho ha Jesu a ruta ba ne ba ikutloa joang? Le hoja ba ne ba e-na le monyetla o motle oa ho utloa lentsoe la Jesu, ba ne ba se na monyetla oa ho batlisisa tlalehong e ngotsoeng e ba hopotsang lintho tseo a li buileng. Ho e-na le hoo, ba ne ba tlameha ho boloka mantsoe a Jesu likelellong le lipelong tsa bona. Jesu o ne a sebelisa lipapiso ka bohlale ho ba nolofalletsa ho hopola seo a ba rutileng sona. Joang?
7 Ka ho hloaea lintlha tse khethehileng. Ha ho ne ho e-na le lintlha tse khethehileng tse loketseng taba kapa tse hlokahalang bakeng sa khatiso, o ne a li akarelletsa ka hloko. Ke kahoo a ileng a bolela ka ho toba palo ea linku tse ileng tsa sala ha mong’a tsona a il’o batla e lahlehileng, a bolela le hore na basebetsi ba ile ba sebetsa lihora tse kae tšimong ea morara le hore na ke litalenta tse kae tse ileng tsa behoa boikarabelong ba batho ba itseng.—Matheu 18:12-14; 20:1-16; 25:14-30.
8 Leha ho le joalo, Jesu o ne a sa bolele lintlha tse ka ’nang tsa re sitisa ho utloisisa se boleloang ke lipapiso tsena. Ka mohlala, setšoantšong sa lekhoba le se nang mohau, ha hoa hlalosoa hore na lekhoba leo le ne le kene joang molatong oa lidenari tse 60 000 000. Jesu o ne a hatisa hore ho tšoarela hoa hlokahala. Taba e ne e se hore na lekhoba lena le kene molatong joang, empa hore na le tšoaretsoe molato oo joang, le tsela eo ka eona lona le ileng la tšoara lekhoba-’moho le lona le neng le le kolota chelete e nyenyane haholo. (Matheu 18:23-35) Ka ho tšoanang, papisong ea mora ea lehlasoa, Jesu ha aa ka a fana ka tlhaloso ea hore na ke hobane’ng ha mora e monyenyane ka tšohanyetso feela a ile a batla lefa la hae le hore na ke hobane’ng ha a ile a le hafa. Empa Jesu o ile a qaqisa hore na ntate o ile a ikutloa joang le hore na o ile a etsa’ng ha pelo ea mora oa hae e fetohile ’me a khutletse hae. Ho ne ho hlokahala lintlha tse joalo tabeng eo Jesu a neng a e hlakisa mabapi le seo ntate a ileng a se etsa, e leng hore Jehova o tšoarela “ka tsela e khōlō.”—Esaia 55:7; Luka 15:11-32.
9, 10. (a) Jesu o ne a lebisa tlhokomelo ho eng ha a tšoantšetsa batho lipapisong tsa hae? (b) Jesu o ile a nolofalletsa bamameli ba hae le ba bang joang hore ba hopole lipapiso tsa hae?
9 Ntho e ’ngoe hape, Jesu o ne a tšoantšetsa batho ka bohlale lipapisong tsa hae. Ho e-na le ho qaqisa ponahalo ea bona, o ne a atisa ho lebisa tlhokomelo ho seo ba neng ba se etsa kapa hore na boitšoaro ba bona e ne e le bofe liketsahalong tseo a neng a li pheta. Kahoo, ho e-na le hore Jesu a hlalose sebōpeho sa Mosamaria ea nang le moea oa boahelani, o ile a pheta ntho ea bohlokoa ho feta moo—hore na ke joang Mosamaria ea nang le qenehelo a ileng a thusa Mojuda ea lemetseng tseleng. Jesu o ile a fana ka lintlha tse neng li hlokahala ho ruta hore lerato la moahisani le lokela ho akarelletsa le batho ba merabe e meng kapa lichaba tse ling.—Luka 10:29, 33-37.
10 Jesu o ne a sebelisa lintlha ka hloko ’me sena se ne se etsa hore lipapiso tsa hae e be tse tobang taba le tse hlakileng. Ka tsela ena, o ne a nolofalletsa bamameli ba hae ba lekholong la pele la lilemo—le ba bang ba bangata bao hamorao ba neng ba tla bala Likosepele tse bululetsoeng—ho li hopola le ho hopola lithuto tsa bohlokoa tseo li li rutang.
O ne a li Etsa ka Lintho Tse Tloaelehileng
11. Fana ka mehlala ea kamoo lipapiso tsa Jesu li bontšang lintho tseo ho seng pelaelo hore o ne a li bone khōlong ea hae Galilea.
11 Jesu o ne a khona ho etsa lipapiso ka lintho tseo batho ba li tloaetseng. Ha ho pelaelo hore lipapiso tsa hae tse ngata li ne li bontša lintho tseo a neng a li hlokometse khōlong ea hae Galilea. Nahana hakhutšoanyane feela ka khōlo ea hae. O ne a bone ka makhetlo a mangata ha ’m’ae a luba bohobe ’me a lomosa ka hlama e setseng ea bohobe boo a neng a bo lubile nakong e fetileng. (Matheu 13:33) O ne a bone ka makhetlo a mangata ha batšoasi ba litlhapi ba theolela matlooa a bona ka metsing a hloekileng a Leoatle la Galilea. (Matheu 13:47) O ne a bona bana hangata hakae ba bapala limmarakeng? (Matheu 11:16) Ho hlakile hore Jesu o ne a le hlokolosi ho bona lintho tse ling tse tloaelehileng tseo a neng a li sebelisa lipapisong tsa hae—lipeō tse jaloang, mekete e monate ea manyalo le masimo a lijo-thollo tse butsoang ke letsatsi.—Matheu 13:3-8; 25:1-12; Mareka 4:26-29.
12, 13. Papiso ea Jesu ea koro le mofoka e ile ea bontša joang hore o tseba maemo a sebakeng sa habo hantle?
12 Kahoo, ha ho makatse hore maemo le liketsahalo tsa bophelo ba letsatsi le letsatsi li hlahella mona le mane lipapisong tse ngata tsa Jesu. Kahoo, e le hore re utloisise ka ho feletseng bokhoni ba hae ba ho sebelisa tsela ena ea ho ruta, hoa thusa ho hlahloba hore na bamameli ba hae ba Bajuda ba ne ba utloisisa mantsoe a hae joang. A re hlahlobeng mehlala e ’meli.
13 Oa pele, papisong ea koro le mofoka, Jesu o ile a bua ka monna ea neng a jetse koro e ntle tšimong ea hae empa “sera” sa kena tšimong eo ’me sa jalella mofoka. Ke hobane’ng ha Jesu a ile a khetha ketso eo ea bora? U hopole hore o ile a pheta papiso ena haufi le Leoatle la Galilea, ’me ho hlakile hore mosebetsi o moholo oa Bagalilea e ne e le temo. Ntho e khōlō ka ho fetisisa e neng e ka senyetsa sehoai e ne e le hore sera se tle ka lenyele ’me se jalelle lehola tšimong ea sona. Melao ea lefatše ea nakong eo e bontša hore litlhaselo tse joalo li ne li etsahala ka sebele. Ho hlakile hore Jesu o ile a sebelisa boemo boo bamameli ba hae ba neng ba ka bo utloisisa.—Matheu 13:1, 2, 24-30.
14. Papisong ea Mosamaria ea nang le moea oa boahelani, ke hobane’ng ha e le habohlokoa hore ebe Jesu o ile a hlakisa taba ea hae ka ho sebelisa tsela e ‘theohang Jerusalema e eang Jeriko’?
14 Oa bobeli, hopola papiso ea Mosamaria ea nang le moea oa boahelani. Jesu o ile a qala ka ho re: “Motho ea itseng o ne a theoha Jerusalema a ea Jeriko eaba o oela har’a masholu, a ileng a mo nkela tsohle ’me a mo otla, eaba aa tloha, a mo siea a le makhatheng a ho shoa.” (Luka 10:30) Ke habohlokoa hore ebe Jesu o ile a sebelisa tsela e ‘theohang Jerusalema e eang Jeriko’ ho hlakisa taba ena. Ha a pheta papiso ena o ne a le Judea, haufi le Jerusalema; ’me ho ka etsahala hore ebe bamameli ba hae ba ne ba tseba tsela eo ho buuoang ka eona. Tsela ena e ne e tumme ka hore e kotsi, haholo bakeng sa motho ea tsamaeang a le mong. E ne e tsoelipana moo ho se nang batho, moo ho nang le libaka tse ngata tseo masholu a ka ipatang ho tsona.
15. Ke hobane’ng ha ho se motho eo ka nepo a neng a ka emela ho iphapanya ha moprista le Molevi papisong e amang Mosamaria ea nang le moea oa boahelani?
15 Ho na le ntho e ’ngoe e hlokomelehang ka ho bua ha Jesu ka tsela e ‘theohang Jerusalema e ea Jeriko.’ Pale ena e bontša hore tseleng eona ena moprista o ile a feta pele, ’me hamorao a lateloa ke Molevi, empa ha ho ea ileng a ema ho thusa motho ea lemetseng. (Luka 10:31, 32) Baprista ba ne ba sebeletsa tempeleng Jerusalema, ’me ba ne ba thusoa ke Balevi. Baprista le Balevi ba bangata ba ne ba lula Jeriko ha ba ne ba sa sebetse tempeleng, hobane Jeriko e ne e le hōle le Jerusalema ka lik’hilomithara tse 23 feela. Kahoo, ha ho pelaelo hore ka linako tse ling ba ne ba tsamaea tseleng eo. Hape, hlokomela hore moprista le Molevi ba ne ba e-ea ka tsela e ‘theohang Jerusalema,’ kahoo ba le tseleng e sieang tempele morao.b Kahoo ha ho motho eo ka nepo a neng a ka emela ho iphapanya ha banna bana ka ho re, ‘Ba ile ba qoba motho ea lemetseng hobane ho ne ho bonahala eka o shoele, ’me ho ama setopo ka nako eo ho ne ho tla ba silafatsa ka nakoana bakeng sa tšebeletso tempeleng.’ (Levitike 21:1; Numere 19:11, 16) Ho hlakile hore papiso ea Jesu e ne e bontša lintho tseo bamameli ba hae ba neng ba li tseba.
Lipapiso Tse Etsoang ka Pōpo
16. Ke hobane’ng ha ho sa makatse hore ebe Jesu o ne a tseba haholo ka pōpo?
16 Lipapiso tse ’maloa tsa Jesu li senola hore o ne a tseba limela, liphoofolo le maemo a leholimo. (Matheu 6:26, 28-30; 16:2, 3) O ne a li tsebella hokae? Ha a ntse a hōla Galilea, ha ho pelaelo hore o bile le monyetla o motle oa ho shebella pōpo ea Jehova. Ho feta moo, Jesu ke “letsibolo la pōpo eohle,” ’me Jehova o mo sebelisitse e le “mosebetsi ea hloahloa” ha a bōpa lintho tsohle. (Bakolose 1:15, 16; Liproverbia 8:30, 31) Kahoo, ha ho makatse hore ebe Jesu o ne a tseba haholo ka pōpo. A re boneng hore na tsebo ena o ne a e sebelisa ka bohlale joang ha a ruta.
17, 18. (a) Mantsoe a Jesu a tlalehiloeng ho Johanne khaolo ea 10 a senola joang hore o ne a tseba mekhoa ea linku? (b) Ba etelang linaheng tsa Bibele ba hlokometse’ng ka tlamahano e teng pakeng tsa balisa le linku tsa bona?
17 Har’a lipapiso tsa Jesu tse amang pelo ka ho fetisisa, ke e tlalehiloeng ho Johanne khaolo ea 10, moo a tšoantšang kamano ea hae e haufi le balateli ba hae le kamano e pakeng tsa molisa le linku tsa hae. Mantsoe a Jesu a bontša hore o ne a e-na le tsebo e ntle haholo ea mekhoa ea linku tse ruuoang. O bontšitse hore linku li lumela ho etelloa pele, le hore ka botšepehi li latela molisa oa tsona. (Johanne 10:2-4) Tlamahano e ikhethang e teng pakeng tsa balisa le linku e ’nile ea hlokomeloa ke ba etelang linaheng tsa Bibele. Lekholong la bo19 la lilemo, setsebi sa tlhaho H. B. Tristram o ile a re: “Nkile ka shebella molisa a bapala le linku tsa hae. O ne a etsa eka oa baleha; ebe linku lia mo mathela ’me lia mo pota-pota. . . . Qetellong linku kaofela tsa mo pota-pota li ntse li thala.”
18 Ke hobane’ng ha linku li latela molisa oa tsona? Jesu o ile a re ke “hobane li tseba lentsoe la hae.” (Johanne 10:4) Na kannete linku li tseba lentsoe la molisa oa tsona? George A. Smith o ile a bona ka boeena, ’me o ngotse se latelang bukeng ea hae e bitsoang The Historical Geography of the Holy Land: “Ka linako tse ling re ne re thabela phomolo ea rōna ea motšehare pel’a se seng sa liliba tseo tsa Judea, tseo balisa ba bane kapa ba bararo ba tlang le mehlape ea bona ho tsona. Mehlape e ne e tsoaka-tsoakana ebe re ipotsa hore na molisa ka mong o tla ntša mohlape oa hae joang. Empa ha linku li qetile ho noa le ho thala, balisa ka bomong ba ea ka mahlakoreng a sa tšoaneng a phula, e mong le e mong o li bitsa ka tsela ea hae; ’me linku tsa e mong le e mong li ikarola mohlapeng li ea ho molisa oa tsona, ebe mehlape e tsamaea e laolehile ka tsela eo e tlileng ka eona.” Jesu o ne a fumane tsela e molemo ka ho fetisisa ea ho tšoantšisa taba ea hae. Ha re hlokomela lithuto tsa hae le ho li mamela, ’me re latela ketello-pele ea hae, re ka ba tlas’a tlhokomelo e bonolo le e lerato ea “molisa ea khabane.”—Johanne 10:11.
Li Etsoa ka Liketsahalo Tse Tsejoang ke Bamameli ba Hae
19. Jesu o ile a hana khopolo ea bohata ka hore a sebelise ka katleho tlokotsi ea sebaka seo joang?
19 Lipapiso tse finyellang morero li ka ’na tsa akarelletsa liketsahalo kapa mehlala tseo ho ka ithutoang ka tsona. Ketsahalong e ’ngoe, Jesu o ile a sebelisa ketsahalo e ncha ho hana khopolo ea bohata ea hore motho o oeloa ke tlokotsi hobane a le molato. O ile a re: “Ba leshome le metso e robeli bao tora ea Siloame e ileng ea ba oela holimo, ea ba bolaea, na le nahana hore ba ile ba pakoa e le ba nang le molato [e le baetsalibe] ho feta batho ba bang kaofela ba ahileng Jerusalema?” (Luka 13:4) Jesu o ile a beha mabaka a utloahalang khahlanong le hore motho o hlaheloa ke seo a se reretsoeng esale pele. Batho bano ba 18 ha baa ka ba timela ka lebaka la sebe se neng se halefisitse Molimo. Ho e-na le hoo, ba ne ba shoele ka sehlōhō ka lebaka la nako le ketsahalo e sa lebelloang. (Moeklesia 9:11) Kahoo, o ile a hanyetsa thuto ea bohata ka ho bua ka ketsahalo eo bamameli ba hae ba neng ba e tseba ka ho feletseng.
20, 21. (a) Ke hobane’ng ha Bafarisi ba ile ba nyatsa barutuoa ba Jesu? (b) Jesu o ile a sebelisa tlaleho efe e ka Mangolong ho etsa papiso ea hore ha ho mohla Jehova a ileng a rera hore molao oa hae oa Sabatha o sebelisoe ka tsela e sa fetoheng? (c) Ho tla tšohloa taba efe sehloohong se latelang?
20 Ntho e ’ngoe hape, Jesu o ne a sebelisa mehlala ea Mangolo ha a ruta. Hopola nakong eo ka eona Bafarisi ba neng ba nyatsa barutuoa ba hae ka ho kha lijo-thollo le ho li ja ka Sabatha. Ha e le hantle, barutuoa ba ne ba sa tlōla Molao oa Molimo empa ba ne ba tlōtse tlhaloso e thata ea Bafarisi ea hore na ke mosebetsi ofe o sa lokelang ka Sabatha. Ho bontša hore le ka mohla Molimo o ne a sa rera hore molao oa hae oa Sabatha o sebetse ka tsela e sa fetoheng joalo, Jesu o ile a bua ka ketsahalo e tlalehiloeng ho 1 Samuele 21:3-6. Davida le banna ba hae ba ne ba lapile ha ba fapohela tabernakeleng ’me ba ja mahobe a nyehelo a neng a tlositsoe ’me ho behiloe a macha bakeng sa ’ona. Ka tloaelo mahobe a khale a ne a bolokeloa baprista hore ba a je. Empa, maemong ao, Davida le banna ba hae ba ne ba se na letho le nyatsehang hore ba ka a ja. Rea hlokomela hore ketsahalo eo ke eona feela e tlalehiloeng ka Bibeleng ea mahobe a khale a jeoang ke bao e seng baprista. Jesu o ne a tseba tlaleho e nepahetseng hantle eo a ka e sebelisang, ’me ha ho pelaelo hore bamameli ba hae ba Bajuda ba ne ba e tseba.—Matheu 12:1-8.
21 Ke ’nete hore Jesu e ne e le Mosuoe e Moholo! Kannete re hlolloa ke bokhoni ba hae ba ho bolela linnete tsa bohlokoa ka tsela eo bamameli ba hae ba neng ba e utloisisa. Leha ho le joalo, re ka mo etsisa joang ha re ruta? Taba ena e tla tšohloa sehloohong se latelang.
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Jesu o ne a etsa lipapiso tsa mefuta e mengata, ho akarelletsa mehlala, litšoantšo le litšoantšetso. O tsebahala ka ho sebelisa papiso e ’nileng ea hlalosoa e le “tlaleho e khutšoanyane, ea boiqapelo eo ho eona ho ka ithutoang linnete tsa boitšoaro le tsa bolumeli.”
b Jerusalema e ne e le phahameng ho feta Jeriko. Kahoo, motho ea neng a tsamaea ho tloha “Jerusalema a ea Jeriko,” joalokaha ho boletsoe papisong ena, o ne a tla be a ‘theohela.’
Na U sa Hopola?
• Ke hobane’ng ha Jesu a ne a ruta ka lipapiso?
• Ke mehlala efe e bontšang hore Jesu o ne a sebelisa lipapiso tseo bamameli ba hae ba lekholong la pele la lilemo ba neng ba li utloisisa?
• Jesu o ile a sebelisa tsebo ea hae ea pōpo ka masene joang lipapisong tsa hae?
• Jesu o ile a sebelisa liketsahalo tse tsejoang ke bamameli ba hae ka litsela life?
[Litšoantšo tse leqepheng la 15]
Jesu o ile a pheta taba ea lekhoba le ileng la hana ho tšoarela le leng molato oa lidenari tse seng kae feela le ea ntate ea ileng a tšoarela mora ea neng a hafile lefa lohle la hae
[Litšoantšo tse leqepheng la 16]
Jesu o ne a hlalosa’ng ka papiso ea Mosamaria ea nang le moea oa boahelani?
[Litšoantšo tse leqepheng la 17]
Na linku li hlile li tseba lentsoe la molisa oa tsona?