Khaolo ea 12
“O ne a sa Bue le Bona Kantle ho Papiso”
1-3. (a) Barutuoa ba tsamaeang le Jesu ba na le tokelo efe e ikhethang, hona o etsa’ng ho ba nolofalletsa ho hopola seo a se rutang? (b) Ke hobane’ng ha ho le bonolo ho hopola lipapiso tse atlehang?
BARUTUOA ba tsamaeang le Jesu ba na le tokelo e ikhethang. Ba rutoa ka ho toba ke Mosuoe e Moholo. Ba ikutloela ha a hlalosa Lentsoe la Molimo le ha a ruta linnete tse babatsehang. Hajoale, ba lokela ho tšoara ka hlooho mantsoe ana a bohlokoa ao a a buang le ho ipolokela ’ona lipelong; ha e e-s’o be nako ea hore seo a se buang se ngoloe fatše.a Leha ho le joalo, Jesu o ba nolofalletsa ho hopola seo a se rutang. Joang? Ka tsela eo a rutang ka eona, haholo-holo ka tsela e ikhethang eo a sebelisang lipapiso ka eona.
2 Ha e le hantle, lipapiso tse atlehang ha li lebalehe habonolo. Mongoli e mong o hlokometse hore lipapiso “li etsa hore ka mahlo a kelello motho a bone seo a se utloang” ebile “li nolofalletsa bamameli ho nahana ka litšoantšo tsa seo ho buuoang ka sona.” Kaha hangata re utloisisa ntho hantle ha re e-na le setšoantšo sa eona, lipapiso li ka etsa hore esita le likhopolo tse thata li utloisisehe habonolo. Lipapiso li ka phelisa taba, tsa re ruta thuto e sa lebaleheng.
3 Ha ho mosuoe ea kileng a ipabola ho feta Jesu Kreste tabeng ea ho sebelisa lipapiso. Le kajeno lipapiso tsa hae li ntse li hopoleha habonolo. Ke hobane’ng ha ka ho khetheha Jesu a ne a sebelisa mokhoa oo oa ho ruta? Ke’ng se neng se etsa hore lipapiso tsa hae li atlehe hakaale? Re ka ithuta ho sebelisa mokhoa oo oa ho ruta joang?
Lebaka Leo ka Lona Jesu a Neng a Ruta ka Lipapiso
4, 5. Ke hobane’ng ha Jesu a ne a sebelisa lipapiso?
4 Bibele e fana ka mabaka a mabeli a bohlokoa ao Jesu a neng a sebelisa lipapiso ka ’ona. Lebaka la pele, o ne a li sebelisa ho phethahatsa boprofeta. Ho Matheu 13:34, 35, rea bala: “Jesu o ile a . . . bua le bongata ka lipapiso. Ka sebele, o ne a sa bue le bona kantle ho papiso; e le hore ho ka phethahala se ileng sa buuoa ka moprofeta ea ileng a re: ‘Ke tla ahlamisa molomo oa ka ka lipapiso.’” Moprofeta eo Matheu a buang ka eena ke mongoli oa Pesaleme ea 78:2. Mopesaleme eo o ne a susumelitsoe ke moea oa Molimo hore a ngole seo lilemo tse makholo pele Jesu a tsoaloa. Nahana hore na seo se bolela’ng. Lilemo tse makholo esale pele, Jehova o ne a se a ntse a rerile hore Mesia o ne a tla ruta ka lipapiso. Kahoo, e tlameha ebe Jehova o nka mokhoa ona oa ho ruta e le oa bohlokoa.
5 Lebaka la bobeli, Jesu o ile a hlalosa hore o sebelisa lipapiso ho hloaea bao lipelo tsa bona ‘li fetohileng tse sa amoheleng letho.’ (Matheu 13:10-15; Esaia 6:9, 10) Lipapiso tsa hae li ne li senola se susumetsang batho joang? Ka linako tse ling, o ne a batla hore bamameli ba hae ba mo kōpe hore a ba hlalosetse e le hore ba utloisise seo a se buang. Batho ba ikokobelitseng ba ne ba rata ho botsa, ha ba ikhohomosang bona kapa ba sa tsotelleng lintho ba ne ba sa botse. (Matheu 13:36; Mareka 4:34) Kahoo, lipapiso tsa Jesu li ne li senola ’nete ho bao lipelo tsa bona li e lapetseng; ha ka nako e tšoanang, li ne li patela ba lipelo li ikhohomosang ’nete.
6. Lipapiso tsa Jesu li ne li phetha merero efe ea bohlokoa?
6 Lipapiso tsa Jesu li ne li phetha merero e meng ea bohlokoa. Li ne li tsosa thahasello ea batho li bile li ba susumelletsa ho mamela. Li ne li etsa hore likelellong tsa bona ba bone litšoantšo tse etsang hore ba utloisise taba habonolo. Joalokaha ho boletsoe qalong, lipapiso tsa Jesu li ne li thusa bamameli ba hae hore ba hopole seo a se buileng. Thuto ea Thabeng e tlalehiloeng ho Matheu 5:3–7:27, e fana ka mohlala o ikhethang oa kamoo Jesu a neng a sebelisa lipapiso tse ngata kateng. Ho latela palo e ’ngoe e kileng ea fanoa, thuto ena e na le lipapiso tse fetang 50. E le hore taba ena e hlake, u hopole hore motho a ka nka metsotso e ka bang 20 feela haeba a balla holimo thuto ena. Seo se bolela hore ka karolelano o ne a etsa papiso hoo e ka bang ka metsotsoana e meng le e meng e 20! Ho hlakile hore Jesu o ne a nka lipapiso e le tsa bohlokoa!
7. Ke hobane’ng ha re lokela ho etsisa Jesu tabeng ea ho sebelisa lipapiso?
7 Kaha re balateli ba Kreste, re batla ho etsisa tsela eo a neng a ruta ka eona, ho akarelletsa ea ho sebelisa lipapiso. Ho tšoana le linōko tse natefisang lijo, lipapiso tse atlehang li ka etsa hore seo re se rutang se ipiletse haholoanyane ho ba bang. Lipapiso tse nahannoeng hantle li ka boetse tsa etsa hore linnete tsa bohlokoa li utloisisehe habonolo. A re hlahlobeng tse ling tsa lintlha tse neng li etsa hore lipapiso tsa Jesu e be tse atlehang hakana. Joale re tla khona ho bona hore na re ka sebelisa mokhoa ona o atlehang hamolemo joang.
O ne a Etsa Lipapiso Tse Bonolo
8, 9. Jesu o ile a sebelisa lipapiso tse bonolo joang, hona ke’ng e neng e etsa hore lipapiso tsa hae li atlehe?
8 Ha Jesu a ne a ruta, o ne a atisa ho etsa lipapiso tse bonolo, tse hlokang mantsoe a seng makae feela. Leha ho le joalo, mantsoe ao a bonolo a ne a etsa hore batho ba bone litšoantšo tse hlakileng kelellong a bile a ruta linnete tsa bohlokoa tsa moea ka ho hlaka. Ka mohlala, ha a ne a phehella barutuoa ba hae hore ba se ke ba tšoenyeha ka lintho tseo ba li hlokang letsatsi le letsatsi, o ile a bapisa boemo ba bona le ba “linonyana tsa leholimo” le “likhahla tsa naha.” Linonyana ha li leme, ha li kotule, likhahla le tsona ha li ohle. Leha ho le joalo, Molimo oa li hlokomela. Ho bonolo ho bona ntlha mona—e leng hore haeba Molimo a hlokomela linonyana le lipalesa, ka sebele o tla hlokomela le batho ba tsoelang pele ho ‘batla ’muso pele.’—Matheu 6:26, 28-33.
9 Jesu o ne a boetse a atisa ho sebelisa mokhabo-puo oa thehello, o bileng o leng matla le ho feta. Mokhabo-puo oa thehello o bolela taba joalokaha eka ke e ’ngoe. Le tabeng ena o ne a etsa lipapiso tse bonolo. Ka lekhetlo le leng o ile a re ho barutuoa ba hae: “Le leseli la lefatše.” Barutuoa ba ile ba hlakeloa ke ntlha e mokhabo-puong ona, e leng hore ba ka khantša leseli la ’nete ea moea le ho thusa ba bang ho tlotlisa Molimo ka seo ba se buang le seo ba se etsang. (Matheu 5:14-16) Hlokomela mekhabo-puo e meng eo Jesu a ileng a e sebelisa: “Le letsoai la lefatše” le “Ke ’na sefate sa morara, lōna le makala.” (Matheu 5:13; Johanne 15:5) Lipapiso tseo li matla le hoja li le bonolo.
10. Ke mehlala efe e meng e bontšang kamoo u ka sebelisang lipapiso kateng ha u ruta?
10 U ka sebelisa lipapiso joang ha u ruta? Ha ho hlokahale hore u phete lipale tse telele tse rarahaneng. Leka ho nahana lipapiso tse bonolo. A re re u bua ka taba ea tsoho ea bafu ’me u batla ho bontša hore hase taba e thata hore Jehova a tsose bafu. Ho tla papiso efe kelellong ea hao? Bibele e bapisa lefu le boroko. U ka ’na ua re, “Molimo a ka khona ho tsosa bafu habonolo feela joalokaha le rōna re ka khona ho tsosa motho ea robetseng.” (Johanne 11:11-14) A re re u batla ho bontša hore bana ba hloka lerato le ho tšoaroa ka mofuthu hore ba atlehe. U ka etsa mohlala ka eng? Bibele e etsa papiso ena: Bana “ba joaloka mahlōmela [letlōbō] a lifate tsa mohloaare.” (Pesaleme ea 128:3) U ka ’na ua re, “Ngoana o hloka lerato le mofuthu feela joalokaha sefate se hloka khanya le metsi.” Ha papiso e le bonolo, bamameli ba hao ba tla utloisisa habonolo ntlha eo u buang ka eona.
O ne a Sebelisa Liketsahalo Tsa Letsatsi le Letsatsi
11. Fana ka mehlala e bontšang hore lipapiso tsa Jesu li ne li bua ka lintho tseo e tlamehang ebe o hōtse a li bona Galilea.
11 Jesu o ne a tseba ho sebelisa lipapiso tse amanang le se etsahalang bophelong ba batho. Boholo ba lipapiso tsa hae bo ne bo thehiloe linthong tse etsahalang bophelong ba letsatsi le letsatsi tseo mohlomong a hōtseng a li bona Galilea. Ak’u nahane ho se hokae ka khōlo ea hae. O bone ’mè oa hae ka makhetlo a makae a sila, a lomosa hlama, a khantša lebone, kapa a fiela ka tlung? (Matheu 13:33; 24:41; Luka 15:8) O bone batšoasi ba litlhapi ka makhetlo a makae ba theolela matlooa a bona Leoatleng la Galilea? (Matheu 13:47) O bone bana ka makhetlo a makae ba bapalla ’marakeng? (Matheu 11:16) Ha ho pelaelo hore Jesu o ile a bona lintho tse ling tse tloaelehileng tseo a buileng ka tsona lipapisong tsa hae tse ngata—ha ho jaloa peō, ho tšoeroe mekete e thabisang ea manyalo le ha lijalo li butsoa masimong.—Matheu 13:3-8; 25:1-12; Mareka 4:26-29.
12, 13. Ke hobane’ng ha e le habohlokoa hore ebe Jesu o ile a bua ka tsela e tlohang ‘Jerusalema e ea Jeriko’ ha a tšetleha taba ea hae papisong ea Mosamaria ea nang le moea oa boahelani?
12 Lipapisong tsa hae, Jesu o bua ka lintho tseo bamameli ba hae ba li tsebang hantle. Ka mohlala, o ile a qala papiso ea Mosamaria ea nang le moea oa boahelani ka ho re: “Motho ea itseng o ne a theoha Jerusalema a ea Jeriko eaba o oela har’a masholu, a ileng a mo nkela tsohle ’me a mo otla, . . . a mo siea a le makhatheng a ho shoa.” (Luka 10:30) Ntlha e hlokomelehang ke hore Jesu o bua ka tsela e tlohang ‘Jerusalema e ea Jeriko’ ha a tšetleha taba ea hae. Ha a etsa papiso ena, o ne a le Judea e haufi le Jerusalema; kahoo bamameli ba hae ba tlameha ba ne ba tseba tsela eo a buang ka eona. Ho ne ho tsebahala hore tsela eo e kotsi, haholo-holo ha motho a tsamaea a le mong. E ne e haola hlatheng, e leng ho neng ho etsa hore ho be li libaka tse ngata tseo masholu a ka lallang ho tsona.
13 Jesu o ile a bua ka lintlha tse ling tse tsebahalang ka tsela eo e tlohang ‘Jerusalema e ea Jeriko.’ Papisong eo, moprista o ile a feta tseleng eo pele, ha ntan’o latela Molevi—’me ho bona ka bobeli ha ho ea ileng a ema ho thusa motho eo ea bothateng. (Luka 10:31, 32) Baprista ba ne ba sebeletsa tempeleng Jerusalema, ’me Balevi ba ba thusa. Baprista le Balevi ba bangata ba ne ba lula Jeriko ha ba se tempeleng; Jeriko e ne e le lik’hilomithara tse 23 feela ho tloha Jerusalema. Kahoo, ba ne ba bonoa tseleng eo. Hape hlokomela hore Jesu o re motho ea neng a le leetong o ne a “theoha Jerusalema”—eseng hore o ne a nyolohela teng. Taba e ile ea hlakela bamameli ba hae. Jerusalema e ne e le sebakeng se phahametseng Jeriko. Kahoo, motho ea tsoang “Jerusalema” o ne a “theoha.”b Ho hlakile hore Jesu o ne a nahanne ka bamameli ba hae.
14. Re ka nahanela bamameli ba rōna joang ha re etsa lipapiso?
14 Ha re etsa lipapiso, le rōna re lokela ho nahanela bamameli ba rōna. Ke lintho life ka bamameli ba rōna tse ka ’nang tsa ama lipapiso tseo re khethang ho li sebelisa? Re lokela ho nahanela lintho tse kang lilemo tsa bona, meetlo kapa litso tsa bona le mosebetsi oo ba o etsang. Ka mohlala, papiso e buang ka temo e ka ’na ea utloisisoa habonolo libakeng tseo ho lengoang ho tsona ho feta metseng e meholo ea litoropo. Tsela eo bamameli ba rōna ba phelang ka eona le mesebetsi ea bona ea letsatsi le letsatsi—bana ba bona, matlo a bona, lintho tseo ba itlosang bolutu ka tsona, lijo tseo ba li jang—le tsona e ka ba motheo oa lipapiso tse loketseng.
O ne a Sebelisa Pōpo
15. Ke hobane’ng haese ho makatsang hore ebe Jesu o ne a tseba ho hongata ka pōpo?
15 Lipapiso tse ngata tsa Jesu li senola hore o tseba lintho tsa tlhaho, ho akarelletsa limela, liphoofolo le boemo ba leholimo. (Matheu 16:2, 3; Luka 12:24, 27) O tsebelletse lintho tsee hokae? Ha ho pelaelo hore o qetile nako e ngata a boha pōpo ha a ntse a hōla a le Galilea. Habohlokoa le ho feta, Jesu ke “letsibolo la pōpo eohle,” ’me Jehova o ile a mo sebelisa e le “mosebetsi ea hloahloa” ho bōpa lintho tsohle. (Bakolose 1:15, 16; Liproverbia 8:30, 31) Na ke taba e makatsang hore ebe Jesu o ne a tseba ho hongata ka pōpo? A re boneng hore na o ile a sebelisa tsebo eo a nang le eona ka tsela e bohlale joang.
16, 17. (a) Ke’ng e bontšang hore Jesu o ne a tseba litšobotsi tseo linku li nang le tsona? (b) Ke mohlala ofe o bontšang hore linku li mamela lentsoe la molisa oa tsona habonolo?
16 U hopole hore Jesu o ile a itsebahatsa e le “molisa ea khabane” ’me balateli ba hae e le “linku.” Mantsoe a Jesu a bontša hore o ne a tseba litšobotsi tseo linku li nang le tsona. O ne a tseba hore balisa ba na le kamano e ikhethang le linku tse mehlapeng ea bona. O ne a lemohile hore linku ke liphoofolo tse tšepang molisa oa tsona, tse lumelang habonolo hore a li tataise ebe li mo latela ka botšepehi. Ke hobane’ng ha linku li latela molisa oa tsona? Jesu o ile a re: “Hobane li tseba lentsoe la hae.” (Johanne 10:2-4, 11) Na linku li hlile li tseba lentsoe la molisa oa tsona?
17 George A. Smith o ngotse seo a se hlokometseng bukeng ea hae e reng The Historical Geography of the Holy Land: “Ka linako tse ling re ne re thabela ho roba monakeli har’a mp’a motšehare pel’a se seng sa liliba tseo tsa Judea, tseo balisa ba bararo kapa ba bane ba neng ba tlisa mehlape ea bona ho tsona. Mehlape e ne e tsoakana, ’me re ipotsa hore na molisa ka mong o tla arola mohlape oa hae joang ho e meng. Empa ha linku li se li qetile ho noa le ho tlōlaka, molisa ka mong o ne a ea lehlakoreng le itseng la phula, a li bitsa ka tsela ea hae; ’me linku li ne li ikarola li ea ho molisa oa tsona, ebe mehlape e tsamaea ka tsela e hlophisehileng eo e tlileng ka eona.” Jesu o ile a khetha papiso e loketseng taba, ho bontša hore haeba re tseba lithuto tseo a li rutang re bile re li mamela, joale re ka ba tlhokomelong ea “molisa ea khabane.”
18. Re ka fumana boitsebiso bo buang ka pōpo ea Jehova hokae?
18 Re ka ithuta ho sebelisa lipapiso tse thehiloeng pōpong joang? Litšobotsi tse ikhethang tseo liphoofolo li nang le tsona e ka ba motheo oa lipapiso tse bonolo le tse atlehang. Re ka fumana boitsebiso bo buang ka pōpo ea Jehova hokae? Bibele e fana ka boitsebiso bo bongata ka liphoofolo tse sa tšoaneng, ’me ka linako tse ling, e sebelisa litšobotsi tseo liphoofolo li nang le tsona ka tsela ea tšoantšetso. Bibele e bua ka ho ba ea lebelo joaloka tšephe kapa lengau, ho ba ea seli joaloka noha le ho ba ea hlokang molato joaloka leeba.c (1 Likronike 12:8; Habakuke 1:8; Matheu 10:16) Boitsebiso bo bong ba bohlokoa bo fumaneha Molula-Qhooeng, Tsoheng! le ka har’a lingoliloeng tse ling tse hatisitsoeng ke Lipaki Tsa Jehova. U ka ithuta ho hongata ka ho ela hloko tsela eo ka eona likhatiso tsena li sebelisang lipapiso tse bonolo tse thehiloeng linthong tse ngata tse babatsehang tseo Jehova a li bōpileng.
O ne a Sebelisa Mehlala ea Lintho Tse Tsebahalang
19, 20. (a) Jesu o ile a sebelisa taba e sa tsoa etsahala joang ka katleho ho pepesa tumelo ea bohata? (b) Re ka bua ka mehlala le liphihlelo tsa se etsahalang bophelong joang ha re ruta?
19 Ho ka etsoa lipapiso tse atlehang ka mehlala ea se etsahalang bophelong. Ka lekhetlo le leng, Jesu o ile a bua ka taba e neng e sa tsoa etsahala ho pepesa tumelo ea bohata ea hore tlokotsi e hlahela batho ba lokelang ho hlaheloa ke eona. O ile a re: “Ba leshome le metso e robeli bao tora ea Siloame e ileng ea ba oela holimo, ea ba bolaea, na le nahana hore ba ile ba pakoa e le ba nang le molato [e le baetsalibe] ho feta batho ba bang kaofela ba ahileng Jerusalema?” (Luka 13:4) Ha e le hantle, batho bao ba 18 ha baa ka ba shoa ka lebaka la sebe se itseng se neng se halefisitse Molimo. Ho e-na le hoo, ba ile ba shoa ka tlokotsi ka lebaka la “nako le ketsahalo e sa lebelloang.” (Moeklesia 9:11) Kahoo Jesu o ile a shanofatsa thuto eo ea bohata ka ho bua ka ketsahalo eo bamameli ba hae ba neng ba e tseba hantle.
20 Re ka sebelisa mehlala le liphihlelo tsa se etsahalang bophelong joang ha re ruta? A re re u bua ka ho phethahala ha boprofeta ba Jesu bo mabapi le pontšo ea ho ba teng ba hae. (Matheu 24:3-14) U ka ’na ua bua ka taba e sa tsoa hlahella litabeng mabapi le lintoa, tlala, kapa litšisinyeho tsa lefatše ho bontša hore likarolo tse itseng tsa pontšo lia phethahala. Kapa a re re u batla ho bua ka phihlelo ea motho ea itseng ho bontša liphetoho tse amehang ha motho a apara botho bo bocha. (Baefese 4:20-24) U ka fumana phihlelo e joalo hokae? U ka ’na ua nahana ka maemo a sa tšoaneng a balumeli-’moho le uena, kapa u ka ’na ua sebelisa phihlelo e hlahileng khatisong e ’ngoe ea Lipaki Tsa Jehova.
21. Ke melemo efe e tlisoang ke ho ba mosuoe ea atlehang oa Lentsoe la Molimo?
21 Ka sebele, Jesu e ne e le Mosuoe ea Hloahloa! Joalokaha re bone karolong ena, mosebetsi oo a neng a o etsa bophelong e ne e le ho “ruta . . . le ho bolela litaba tse molemo.” (Matheu 4:23) Ke mosebetsi oo le rōna re o etsang. Ho na le meputso e babatsehang ea ho ba mosuoe ea atlehang. Ha re ruta, rea fana, ’me ho fana ho joalo ho tlisa thabo. (Liketso 20:35) Thabo eo e tlisoa ke ho tseba hore re fana ka ho hong ho nang le bohlokoa ba sebele le bo tšoarellang—e leng ’nete e mabapi le Jehova. Re ka boetse ra khotsofatsoa ke ho tseba hore re latela mohlala oa Jesu, e leng Mosuoe e moholo ka ho fetisisa ea kileng a phela lefatšeng.
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Kamoo ho bonahalang kateng tlaleho ea pele ea bophelo ba Jesu ha a ne a le lefatšeng ke e Kosepeleng ea Matheu, e ngotsoeng lilemo tse ka bang robeli ka mor’a lefu la Jesu.
b Jesu o ile a boela a re moprista le Molevi ba ne ba “theoha Jerusalema,” e leng hore ba ne ba tsoa tempeleng. Kahoo ha ho motho ea neng a ka ba emela ka hore ba ile ba iphapanya hobane ba ne ba qoba ho tšoara motho ea neng a bonahala eka o shoele kaha ba ne ba sa batle ho etsa ntho eo ka nakoana e tla ba sitisa ho sebeletsa tempeleng.—Levitike 21:1; Numere 19:16.
c Ho fumana lethathamo le feletseng la lipapiso tse buang ka litšobotsi tseo liphoofolo li nang le tsona ka Bibeleng, bona Insight on the Scriptures, Volume 1, leqephe la 268, 270-1, e hatisitsoeng ke Lipaki Tsa Jehova.
U ka Latela Jesu Joang?
● Jesu o ile a bua ka lintho life tse amanang le pōpo lipapisong tsa hae, hona re ka etsa mehlala e tšoanang joang?—Matheu 13:24-32.
● Jesu o ile a etsa papiso e bonolo joang ho hlalosa ntlha e tebileng, hona u ithuta’ng mohlaleng oo oa hae?—Matheu 18:12-14.
● Jesu o ile a sebelisa liphihlelo life tsa se etsahalang bophelong ba letsatsi le letsatsi, hona mohlala oo oa hae o ka u thusa joang ha u khetha lipapiso?—Luka 11:5-8; 12:6.
[Litšoantšo tse leqepheng la 123]
Jesu o ile a sebelisa linonyana le lipalesa joang ho bontša hore Molimo oa re tsotella?