Kabo ea Mangolo ea Bo132 ea Gileade
Baemeli ba ’Nete
LA 10 MARCH, 2012, e bile letsatsi le ikhethang setsing sa thuto sa Lipaki Tsa Jehova se Patterson, New York. Batho ba likete ba apereng hantle, ho akarelletsa baeti ba tsoang linaheng tse ling, ba ne ba bokane ’moho kabong ea mangolo ea bo132 ea Sekolo sa Bibele sa Gileade sa Watchtower. Ba bangata ba ile ba sheba lenaneo ba le ka holong e Patterson; ha ba bang ba ile ba bokana ho le shebella thelevisheneng ba le mehahong e meng. Ba bileng teng kaofela e bile batho ba 9 042.
Batho bohle ba ne ba lebeletse lenaneo lena ka tjantjello. Ho fapana le ba ileng ba ea sekolong sa Gileade nakong e fetileng, bohle ba neng ba abeloa mangolo ba ne ba se ba ntse ba le tšebeletsong ea nako e tletseng e khethehileng—ba bang e ne e le basebeletsi ba Bethele, bo-pula-maliboho, balebeli ba tsamaeang kapa baromuoa—le hoja ba ne ba e-s’o ee Gileade. Ho ne ho tla thoe’ng ho liithuti tsee tse seng li e-na le boiphihlelo?
Bamameli ha baa ka ba senyetsoa nako. Gerrit Lösch, e leng setho sa Sehlopha se Busang sa Lipaki Tsa Jehova, e ne e le molula-setulo oa lenaneo ’me o ile a fana ka puo ea selelekela. O ile a botsa potso ena e fatang maikutlo, “Na U Moemeli oa ’Nete?” O ile a hlalosa hore Bakreste ke baemeli ba ’nete, ba sireletsa lithuto tsohle tsa Bokreste. Ho emela ’nete ha ho akarelletse feela ho ruta batho ’nete empa ho akarelletsa le ho ba thusa hore ba rate ’nete.
Mor’abo rōna Lösch o ile a re, “Re tseba joang hore seo re se rutang ke ’nete?” O ile a re seo ha se pakoe ke hore na ke batho ba bakae ba amohelang ’nete. Le hoja kajeno ho e-na le ba limilione ba amohetseng borapeli bo hloekileng, ke ba ’maloa feela ba bo amohetseng ka Pentekonta ea 33 C.E. O ile a thathamisa litsela tse hlano tseo ka tsona re tsebang hore seo re se rutang ke ’nete: (1) Re lula re latela seo Jesu a se rutileng, (2) rea ratana, (3) re khomarela melao ea Molimo ea boitšoaro, (4) ha re nke lehlakore lintoeng tsa lefatše lena, ebile (5) re khethiloe ke Molimo hore re jare lebitso la hae.
“Mamelang ’me le Latele Seo le se Laetsoeng”
Bamameli ba ile ba ipotsa hore na ho etsahala’ng ha ba bona Geoffrey Jackson oa Sehlopha se Busang a tla sethaleng a nkile sutuk’heise! Sehlooho sa puo ea hae se neng se thehiloe lengolong la Esaia 50:5, se ne se re, “Mamelang ’me le Latele Seo le se Laetsoeng.” Ha temana eo e profeta ka Jesu Kreste, e re: “Ha kea ba lerabele. Ha kea ka ka retelehela ka lehlakoreng le fapaneng.”
Mor’abo rōna Jackson o ile a khothalletsa liithuti hore li lule li ikemiselitse ho latela seo Jehova a se laetseng ka moea o halalelang, ka Bibele le ka mokhatlo oa hae. Papisong ea litalenta, e tlalehiloeng ho Matheu 25:14-30, re ka re makhoba ao kaofela a ile a fuoa litalenta tse lekanang kaha lekhoba ka leng le ile la fuoa seo le ka se khonang. Ho ne ho lebeletsoe hore a etse ka hohle kamoo a ka khonang. Makhoba a mabeli a ile a babatsoa eaba ho thoe ke makhoba a ‘molemo le a tšepahalang.’ Ho tšepahala ha hoa itšetleha hakaalo ka se fumanoang ka morao empa ho itšetlehile ka ho mamela le ho latela tataiso.
Lekhoba la boraro ho ile ha thoe ke le “khopo le le noabolohang” hape ke “le se nang molemo.” Bothata ba lona e ne e le bofe? Le ile la pata talenta eo le e fuoeng. Talenta eo e ne e se chelete ea tšepe, empa e ne e le ntho e ka etsang boima ba lidenari tse 6 000, e leng bo ka lekanang le lik’hilograma tse 20. Boima boo ke bo lekanang le boo motho a lumelloang ho bo nka ka sutuk’heise ha a tsamaea ka sefofane. E tlameha ebe lekhoba leo le ile la sebetsa ka thata hore le chekele ntho e ka lekanang le sutuk’heise. Ka hona ho na le seo lekhoba le ileng la se etsa—le ile la chekela talenta—empa le ne le sa laeloa ho etsa seo. Ka tsela e tšoanang, moromuoa a ka lula a phathahane—empa taba ke hore na o phathahane ka eng? Na o phathahane ka ho ngolla metsoalle ea hae mangolo, ka ho fata-fata Inthanete, ka ho lula a e-na le metsoalle ea hae kapa ka ho etsa khoebo? Motho ea etsang lintho tse joalo, letsatsi le ka likela a khathetse haholo, empa a sa ka a etsa seo a neng a laetsoe hore a se etse. Mor’abo rōna Jackson o ile a phethela ka ho re: “Kamehla le latele seo le se laetsoeng!”
“Le se ke la Itesella ho Belaela”
Seo ke sehlooho se neng se fanoa ke Anthony Morris oa Sehlopha se Busang. O ile a re: “Ka Bibeleng, ha ho moo tumelo le ho belaela li tsamaisanang teng. Tumelo e leleka lipelaelo.” Satane o ile a khona ho etsa hore Eva, mosali ea phethahetseng, a be le lipelaelo, kahoo a ka etsa hore le rōna re be le lipelaelo. Mor’abo rōna Morris o ile a re: “Fepa tumelo ea hao ’me lipelaelo li tla bolaoa ke tlala.” O ile a bua ka Petrose ea ileng “a tsamaea holim’a metsi” empa eare “ha a sheba moea oa sefefo,” a tšoha eaba o qala ho teba. Ka mor’a hore Jesu a mo thuse, o ile a mo botsa a re: “Ke hobane’ng ha u ile ua itesella ho belaela?” (Matheu 14:29-31) “Kaha lōna baromuoa le tla phathahana haholo tšebeletsong ea nako e tletseng, batho ba bang ba ka khahloa haholo ke seo le se etsang, joalokaha eka ba le bona le tsamaea holim’a metsi, empa ha lifefo li fihla, le se ke la itesella ho belaela.”
Ha Mor’abo rōna Morris a tsoela pele, o ile a hlalosa hore le hoja ho ka ba thata ho feta linakong tse tšoanang le sefefo, qetellong sefefo se tla lala. O ile a khothalletsa liithuti hore ha li tobana le linako tse thata li nahane ka seo Pauluse le Silase ba ileng ba se etsa ha ba le chankaneng Filipi. Liketso 16:25 e re: “Hoo e ka bang har’a bosiu Pauluse le Silase ba ne ba rapela ’me ba rorisa Molimo ka pina; e, batšoaruoa ba ne ba ba utloa.” Hlokomela seo ba ileng ba se etsa: Ha baa ka ba rapela feela, ba ile ba bina. Ba ne ba binela holimo hoo batšoaruoa ba bang ba neng ba ka ba utloa. Mor’abo rōna Morris o ile a re boholo ba rōna ha re likheleke, empa ha rea lokela ho ba lihlong ho bina, haholo-holo ha re tobane le liteko. Mor’abo rōna Morris o ile a phethela ka ho bala mantsoe a Pina ea 135 e nang le sehlooho se reng, “Ho Mamella ho Isa Bofelong,” bukeng ea lipina ea Binelang Jehova.
Lipuo Tse Ling Tse Neng li Khothatsa
“Na U Tla Rata Matsatsi a Lekaneng?” Sena e ne e le sehlooho sa puo e ileng ea fanoa ke Robert Luccioni, ea sebetsang Lefapheng la Theko. Sehlooho seo se ne se thehiloe mantsoeng a Morena Davida a tlalehiloeng ho Pesaleme ea 34:12. Puo ea Mor’abo rōna Luccioni e ne e tšohla hore na baromuoa ba ka mamella joang tlas’a maemo a thata ’me ba lula ba ntse ba e-na le kamano e ntle le Jehova. Ba ka ithuta ho hongata tlalehong e ho 1 Samuele khaolo ea 30. Ha Davida le banna ba hae hammoho le ba malapa a bona ba ntse ba baleha Morena Saule, ba ile ba lula Ziklage e le bajaki. Ha ba malapa a bona ba isoa botlamuoeng ke Baamaleke, banna bao ba ile ba re Davida ke eena ea bakileng seo ’me ba ne ba batla ho mo tlepetsa ka majoe. Davida o ile a etsa’ng? Ha aa ka a itumella hore a nyahame empa o ile “a imatlafatsa ka Jehova Molimo oa hae.” (1 Samuele 30:6) O ile a kōpa Jehova hore a mo tataise ’me a etsa seo Molimo a ileng a re a se etse eaba o lokolla batho bao. Sebui se ile sa tiisetsa liithuti hore haeba li tšepa Jehova ka tsela e tšoanang ’me li mamela tataiso ea hae, li tla rata matsatsi a lekaneng hore li bone se molemo. Ka mantsoe a mang, li tla thaba haholo kabelong e ikhethang eo li e filoeng.
“Lula U Shebile ka Nģ’ane ho Litebelo Tsa Bosiu.” Sena e ne e le sehlooho se ileng sa fanoa ke Michael Burnett, e leng e mong oa barupeli Sekolong sa Gileade. Baiseraele ba ne ba arola linako tsa bosiu, ho tloha ha letsatsi le likela ho fihlela ha le chaba, ka mekhahlelo e meraro ea lihora tse ’nè mokhahlelo ka mong. Mokhahlelo oa ho qetela, e leng ho tloha ka hora ea bobeli hoseng ho fihlela ka ea botšelela hoseng, e ne e le o lefifi le o batang ka ho fetisisa ’me e ne e le nako eo ho leng thata haholo hore motho a lule a hlaphohetsoe borokong. Mopesaleme o ile a lula a nahana ka mantsoe a Jehova e le hore mokhahlelong oa ho qetela oa ho lebela bosiu, a se ke a robala. (Pesaleme ea 119:148) Mar’abo rōna Burnett o ile a re ho liithuti, “Le tla lokela ho lula le lebetse. Ho tla ba le matsatsi ao le tla ikutloa le nyahame, ho tla ba lefifi haholo ’me le tla bona liphello tsa lefatše lena le batang le se nang lerato. Le lokela ho nahana esale pele hore na le tla etsa joang.” Ka mor’a moo o ile a ba hopotsa hore ho ithuta lithuto tse tebileng tsa Bibele ho tla ba thusa hore ba lule ba hlaphohetsoe moeeng. Mor’abo rōna Burnett o ile a etsa mohlala ona ho hlakisa ntlha ea hae: “Letsatsi le letsatsi le rapela Jehova hobane le batla hore e be motsoalle oa lōna. Ka hona, lumellang Jehova, joaloka motsoalle oa lōna, hore a bue le lōna letsatsi le letsatsi ka Bibele. Bosiu bo se bo ile haholo, kahoo rerang seo le tla se etsa matsatsing a hlahlamang. Ha le etsa joalo, le tla lula le shebile ka nģ’ane ho litebelo tsa bosiu.”
“Le Koetliselitsoe Mosebetsi o Larileng ka Pele.” Sehlooho sena se thehiloeng ho 1 Petrose 5:10, ke se ileng sa khethoa ke Mark Noumair, e leng morupeli e mong oa Gileade. O ile a botsa liithuti potso ena: “Kaha le basebeletsi ba nang le phihlelo, ke hobane’ng ha le ile la bitsetsoa Setsing sa Thupelo sa Watchtower?” Karabo: “Hobane lea ipabola mosebetsing oa lōna. Batho ba bangata ba ipabolang mesebetsing ea bona ba ee ba ee thupelong ho ea ntlafatsa litsebo tsa bona. Likhoeling tse hlano tse fetileng, Jehova o ne a ntse a le ‘tiisa’ le ho le ‘matlafatsa’ ka ho le ruta Lentsoe la hae ka botebo le mokhatlo oa hae e le hore le ka khona ho jara boikarabelo bo boima boo le tla bo fumana. Mapolanka a tiileng ha a peperane, ha a kobehe kapa hona ho robeha ha a utloa boima. Liphello tsa thupelo eo le e fumaneng li tla bonahala ha le sebelisana le bara le barali babo lōna. Na le tla ikhula melao-motheong ea Molimo ha le utloa boima, kapa le tla tiea ’me le lule le tsitsitse ho seo le ithutileng sona Lentsoeng la Molimo? Ntho e matla e ka khona ho jara ntho e boima. Matla a lepolanka a itšetlehile ka hore na le bōpehile joang ka hare. Matla a hao a itšetlehile ka hore na u motho ea joang ka hare. Jehova o u tlisitse mona hore a u matlafatse, a etse hore u tšepahale ’me a u tšepele ho etsa mosebetsi o larileng ka pele. Molimo o phethile karolo ea hae, kahoo re rapela hore le uena u phethe karolo ea hao ’me u lumelle ‘Morupeli oa Hao e Moholo’ hore a qetele ho u koetlisa.”
Liphihlelo le Lipuisano
Kamehla ke ntho e thabisang haholo ho utloa liithuti tse abeloang mangolo a Gileade ka bo tsona, ho ile ha e-ba joalo le lekhetlong lena. Karolong e ’ngoe ea lenaneo, liithuti li ile tsa etsa lipontšo tsa se ileng sa etsahala ha li ne li ntse li paka. Ka mohlala, banyalani ba bang ba Mafora, ba ile ba letela sefofane lihora tse tšeletseng kaofela ha ba ne ba e-ea Sekolong sa Gileade. Ha ba le reschorenteng ea boema-fofane, ba ile ba qala ho qoqa le banna ba babeli bao le bona ba neng ba emetse sefofane. E mong oa banna bao o ile a re o tsoa Malawi eaba ba bua le eena ka Sechichewa. A maketse, o ile a ba botsa hore na ba tsebella puo ea hae kae. Ba ile ba mo bolella hore e ne e le baromuoa Malawi. Ha monna e mong a re o tsoa Cameroon, ba ile ba mo makatsa ha ba bua le eena ka Sefora. Banna bao ba ile ba tsota Lipaki Tsa Jehova haholo, eaba baromuoa baa ba pakela.
Nicholas Ahladis, oa Lefapha la Litšebeletso Tsa Phetolelo, o ile a buisana le malapa a mabeli a baromuoa. Lelapa le leng le ne le tlohile Australia le falletse East Timor e neng e ruthuthiloe ke ntoa, ho ea ba baromuoa moo. Lelapa le leng lona le ne le tlohile Korea ho ea sebeletsa Hong Kong. Malapa ao ka bobeli a ne a labalabela ho khutlela linaheng tseo ho ea sebelisa seo a neng a ithutile sona.
Ka mor’a hore liithuti li abeloe mangolo, seithuti se neng se emetse sehlopha se ile sa bala lengolo la liteboho. Mor’abo rōna Lösch o ile a lihela likhala ka ho etsa mekhabo-puo e seng mekae e monate, ha a ne a re ’nete e tšoana le mookoli ka botle, e tšoana le joang bo botala lehoatateng hape e joaloka ankora sefefong sa leoatle. O ile a re: “Ruri ke tlhohonolofatso ho tseba ’nete. E-bang baemeli ba ’nete ’me le thuse ba bang hore le bona e be baemeli ba ’nete.”
[Chate/’Mapa o leqepheng la 31]
LIPALO-PALO TSA SEHLOPHA
Palo ea linaha tse emetsoeng 12
Karolelano ea lilemo 36
Karolelano ea lilemo ba kolobelitsoe 20
Karolelano ea lilemo ba le tšebeletsong ea nako e tletseng 15
[’Mapa]
(Ha u batla ho bona boitsebiso bo hlophisitsoeng hantle, sheba sengoliloeng)
Sehlopha se abetsoe ho ea linaheng tse bontšitsoeng tlaase mona:
LINAHA TSEO BA ABETSOENG HO TSONA
BELIZE
BENIN
CAMBODIA
CAMEROON
CAPE VERDE
CÔTE D’IVOIRE
DOMINICAN REPUBLIC
EAST TIMOR
ECUADOR
GABON
GEORGIA
GUINEA
HONG KONG
LIBERIA
MADAGASCAR
MALAWI
PERU
SAMOA
SÃO TOMÉ AND PRÍNCIPE
UNITED STATES OF AMERICA
ZIMBABWE
[Setšoantšo se leqepheng la 31]
Sehlopha sa Bo132 sa Sekolo sa Bibele sa Gileade sa Watchtower se Abetsoeng Mangolo
Lethathamong le tlaase mona, mela e baloa ho tloha ka pele ho ea ka morao ’me mabitso a thathamisitsoe ho tloha ka letsohong le letšehali ho ea ho le letona moleng ka mong.
(1) Iap, R.; Iap, J.; Ng, T.; Ng, P.; Laurino, F.; Laurino, B.; Won, S.; Won, S.
(2) Morales, N.; Morales, M.; Zanutto, J.; Zanutto, M., Rumph I.; Rumph, J.; Germain, D.Germain, N.
(3) Atchadé, Y.; Atchadé, Y.; Thomas, C.; Thomas, E.; Estigène, C.; Estigène, P.
(4) Ehrman, D; Ehrman, A; Bray, J.; Bray, A.; Amorim, M.; Amorim, D.; Seo, Y.; Seo, Y.
(5) Simon, J.; Simon, C.; Seale, C; Seale, D.; Erickson, J.; Erickson, R.
(6) McCluskey, D; McCluskey, T.; Brown, A; Brown, V.; Mariano, D; Mariano, C.; Loyola, Y.; Loyola, C.
(7) Rutgers, P; Rutgers, N.; Foucault, P.; Foucault, C.; Wunjah, J.; Wunjah, E.