Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • Lipotso tse Tsoang ho Babali
    Molula-Qhooa—1987 | May 1
    • Leha ho le joalo, a re lebiseng tlhokomelo ea rōna kutloisisong e ’ngoe eo Bibele e sebelisang koʹsmos ho eona. Hona ho bolela sebopeho, taolo, kapa tikoloho ea bophelo ba motho.a Re teana le tšebeliso e joalo tlhalosong ea Jesu: “Leha motho a ka rua lefatše [koʹsmos] lohle, ha a timeletsoe ke moea oa hae, ekaba o ruile’ng ka lona?” (Mattheu 16:26) Ka ho hlakileng, Kreste o ne a sa bue ka hore motho ‘a rue lefatše la batho kaofela ha lona,’ leha e le ‘lefatše lohle la batho ba ikarotseng ho Molimo.’ Motho ea nang le pono ea lintho tse bonahalang o ne a ke ke a rua batho, empa seo batho ba nang le sona, ba se etsang kapa ba se lokisetsang. Hona e ne e boetse e le ’nete ka se hlokometsoeng ke moapostola Pauluse ka motho ea nyetseng ea ‘belaellang lintho tsa lefatše lena.’ Ka ho tšoanang, Mokreste ha a lokela ho ‘sebelisa lefatše lena ka botlalo.’—1 Ba-Korinthe 7:31-33.

  • Lipotso tse Tsoang ho Babali
    Molula-Qhooa—1987 | May 1
    • a Buka e hlalosang mantsoe e qotsitsoeng kaholimo e bontša hore le Segerikeng sa boholo-holo seo e seng sa Bibele “kosmos ke lentsoe leo haholo-holo le bolelang taolo ea lefatše, tsamaiso ea lefatše.”

Lingoloa Tsa Sesotho Lesotho (1979-2027)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Melao ea Tšebeliso
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela