Na U Etsa Hore Jehova e be Kabelo ea Hao?
“Le ’ne le batle ’muso pele le ho loka ha hae, ’me lintho tsena tse ling tsohle le tla li ekeletsoa.”—MAT. 6:33.
1, 2. (a) “Iseraele ea Molimo” eo ho buuoang ka eona ho Bagalata 6:16 e tšoantšetsa bo-mang? (b) Ho Matheu 19:28, “meloko e leshome le metso e ’meli ea Iseraele” e tšoantšetsa bo-mang?
HA U bala lentsoe Iseraele ka Bibeleng, u nahana ka eng? Na u nahana ka mora oa Isaka e leng Jakobo ea ileng a rehoa Iseraele? Kapa u nahana ka litloholo tsa hae, e leng sechaba sa Iseraele ea boholo-holo? Ho thoe’ng ka Iseraele ea moea? Ha ho buuoa ka Iseraele ka tsela ea tšoantšetso, hangata ho ee be ho buuoa ka “Iseraele ea Molimo,” e leng batho ba 144 000, ba tlotsitsoeng ka moea o halalelang e le hore e ka ba marena le baprista leholimong. (Bagal. 6:16; Tšen. 7:4; 21:12) Empa hlokomela tsela e ikhethang eo ho buuoang ka meloko e 12 ea Iseraele ka eona ho Matheu 19:28.
2 Jesu o ile a re: “Pōpong e entsoeng bocha, ha Mor’a motho a lula teroneng ea hae e khanyang, lōna ba ntatetseng le lōna le tla lula literoneng tse leshome le metso e ’meli, le ahlola meloko e leshome le metso e ’meli ea Iseraele.” Temaneng ena, “meloko e leshome le metso e ’meli ea Iseraele” ke batho ba tla fumana bophelo bo sa feleng lefatšeng la Paradeise, ba tla ahloloa ke barutuoa ba Jesu ba tlotsitsoeng. Ba tla rua molemo litšebeletsong tsa boprista tsa ba 144 000.
3, 4. Batlotsuoa ba tšepahalang ba behile mohlala ofe o motle?
3 Joaloka baprista le Balevi ba nakong e fetileng, kajeno batlotsuoa ba nka tšebeletso eo ba e etsang e le tlotla. (Num. 18:20) Batlotsuoa ha baa lebella hore ba fuoe sebaka se itseng e le lefa mona lefatšeng. Ho e-na le hoo, ba lebeletse ho ba marena le baprista hammoho le Jesu Kreste leholimong. Ba tla tsoela pele ba etsetsa Jehova tšebeletso eo, ’me sena se bontšoa ke seo re se balang ho Tšenolo 4:10, 11 mabapi le batlotsuoa ha ba se ba le leholimong.—Ezek. 44:28.
4 Ha ba le lefatšeng, batlotsuoa ba phela ka tsela e bontšang hore Jehova ke kabelo ea bona. Tlotla eo ba nang le eona ea ho sebeletsa Molimo ke ea bohlokoa haholo ho bona. Ba bontša tumelo sehlabelong sa thekollo sa Kreste ’me ba mo latela ba sa khaotse, kahoo ba ‘tiisa ho bitsoa le ho khethoa ha bona.’ (2 Pet. 1:10) Maemo a bona ha a tšoane ’me le bokhoni ba bona ha bo tšoane. Leha ho le joalo, ha ba sebelise bofokoli bofe kapa bofe e le lebaka la hore ba etsetse Molimo tšebeletso e fokolang feela. Ho e-na le hoo ba etelletsa tšebeletso ea Molimo pele, ba etsa sohle seo ba ka se khonang. Hape ba behela batho ba nang le tšepo ea ho phela lefatšeng la paradeise mohlala o motle.
5. Bakreste bohle ba ka etsa hore Jehova e be kabelo ea bona joang, hona ke hobane’ng ha ho ka ’na ha e-ba boima ho etsa seo?
5 E bang re na le tšepo ea ho phela leholimong kapa lefatšeng, re tlameha ho ‘itatola ’me re nke thupa ea rōna ea tlhokofatso re latele Kreste re sa khaotse.’ (Mat. 16:24) Batho ba limilione ba lebeletseng ho phela lefatšeng la Paradise ba rapela Molimo ebile ba latela Kreste ka tsela eo. Ha ba khotsofalle ho etsa se fokolang feela tšebeletsong ea Molimo leha ba hlokomela hore ho na le se sengata seo ba ka se etsang. Ba bangata ba ’nile ba susumelletseha hore ba fokotse lintho tse sa hlokahaleng bophelong ba bona ’me ea e-ba bo-pula-maliboho. Ba bang ba khona ho ba bo-pula-maliboho ka likhoeli tse itseng selemo le selemo. Athe ba bang le hoja ba sa khone ho bula maliboho, baa ikitlaetsa tšebeletsong ea boboleli. Batho ba joalo ba tšoana le Maria ea neng a itetse, ea ileng a tšela Jesu ka oli e nkhang hamonate. Jesu o ile a re: “O nketselitse ketso e ntle. . . . O entse seo a neng a ka se khona.” (Mar. 14:6-8) Ho ka ’na ha se ke ha e-ba bonolo hore re etse seo re ka se khonang kaha re phela lefatšeng le laoloang ke Satane. Leha ho le joalo, re ikitlaetsa ka matla ebile re tšepa Jehova. Joale re tla tšohla litsela tse ’nè tseo re ka etsang sena ka tsona.
Ho Batla ’Muso oa Molimo Pele
6. (a) Batho ka kakaretso ba bontša joang hore kabelo ea bona e bophelong boo feela? (b) Ke hobane’ng ha ho le molemo ho talima lintho ka tsela eo Davida a neng a li talima ka eona?
6 Jesu o ile a ruta balateli ba hae hore ba batle ’Muso pele le ho loka ha Molimo. Batho ba lefatše ba atisa ho batla lintho tse batloang ke bona pele joaloka “batho ba tsamaiso ena ea lintho, bao kabelo ea bona e leng bophelong bona.” (Bala Pesaleme ea 17:1, 13-15.) Batho ba bangata ha ba na taba le ’Mōpi, ba shebane le ho iketsetsa bophelo bo mabothobotho, ho hōlisa bana le ho ba siela lefa. Kabelo ea bona e bophelong bona feela. Leha ho le joalo, Davida o ne a batla ho iketsetsa “lebitso le letle” ho Jehova, e leng seo hamorao mora oa hae a ileng a khothalletsa batho bohle hore ba se etse. (Moek. 7:1, NW, ftn.) Feela joaloka Asafe, Davida o ile a hlokomela hore ho etsa hore Jehova e be Motsoalle oa hae ho ne ho le molemo ho feta ho etelletsa pele lintho tseo a neng a li batla bophelong. O ne a thabela ho tsamaea le Molimo. Mehleng ena ea rōna, Bakreste ba bangata ba etelletsa mesebetsi ea moea pele ho mesebetsi ea bona ea boipheliso.
7. Mor’a e mong oabo rōna o ile hlohonolofatsoa joang ka lebaka la ho batla ’Muso pele?
7 Nahana ka Jean-Claude, oa Central African Republic. Ke moholo ea nyetseng ’me o na le bana ba bararo. Naheng eo ha ho bonolo ho fumana mosebetsi, ka lebaka leo batho ba bangata ba ka etsa ntho efe kapa efe e le hore ba se ka ba lahleheloa ke mosebetsi. Ka letsatsi le leng mookameli oa Jean-Claude o ile a mo bolella hore a qale ho sebetsa bosiu—a qala ka 6:30 mantsiboea, matsatsi a supileng a beke. Jean-Claude o ile a mo hlalosetsa hore ho phaella tabeng ea hore o lokela ho hlokomela ba lelapa la hae nameng, o boetse o lokela ho ba hlokomela moeeng. O ile a boela a mo bolella hore o na le boikarabelo ba ho thusa phutheho. Mookameli o ile a re’ng? O ile a re: “Ha u bile lehlohonolo la ho fumana mosebetsi, u lokela ho lebala ntho e ’ngoe le e ’ngoe, esita le mosali oa hao, bana ba hao le mathata a hao. U lokela ho shebana le mosebetsi oa hao feela, eseng ho hong. U lokela ho etsa qeto ea hore na u khetha bolumeli ba hao kapa mosebetsi.” U ka be u ile ua etsa’ng? Jean-Claude o ile a hlokomela hore haeba a ne a ka felloa ke mosebetsi, Molimo o ne a tla mo hlokomela. O ne a tla ’ne a be le lintho tse ngata tseo a ka li etsang ho sebeletsa Molimo, ’me Jehova o ne a tla mo thusa ho hlokomela lelapa la hae ka lintho tseo le li hlokang nameng. Kahoo, o ile a ea libokeng tsa har’a beke tse latelang. Ka mor’a moo, o ile a itokisetsa ho ea mosebetsing le hoja a ne a sa tsebe hore na o feletsoe ke mosebetsi kapa che. Ka eona nako eo, o ile a letsetsoa mohala. Mookameli o ne a lelekiloe empa mor’abo rōna o ne a sa felloa ke mosebetsi.
8, 9. Re ka etsisa baprista le Balevi ka tsela efe mabapi le ho etsa hore Jehova e be kabelo ea rōna?
8 E ka ’na eaba batho ba ileng ba ba boemong boo ho bona ba bonang eka ba tla felloa ke mosebetsi ba ile ba ipotsa, ‘Ke tla phethahatsa boikarabelo ba ka ba ho hlokomela lelapa la ka joang?’ (1 Tim. 5:8) E-bang u kile ua ba boemong bo joalo kapa che, ho ka etsahala hore ebe lintho tse etsahetseng bophelong ba hao li entse hore u kholisehile hore le ka mohla u ke ke ua soetseha haeba Molimo e le kabelo ea hao, ’me u nka tlotla ea ho mo sebeletsa e le ea bohlokoa haholo. Ha Jesu a ne a bolella barutuoa ba hae hore ba ’ne ba batle ’muso pele, o ile a ba tiisetsa sena: “Lintho tsena tse ling tsohle”—tse kang seo le tla se ja, seo le tla se noa kapa seo le tla se apara—“le tla li ekeletsoa.”—Mat. 6:33.
9 Nahana ka Balevi ba sa kang ba fumana lefa la naha. Kaha borapeli bo hloekileng e ne e le eona ntho e ka sehloohong eo ba neng ba amehile ka eona, ba ne ba lokela ho tšepa Jehova hore a ba hlokomele ka lintho tseo ba li hlokang, ’me Jehova o ile a re ho bona: “Ke ’na kabelo ea hao.” (Num. 18:20) Le hoja re sa sebeletse tempeleng ea sebele joaloka baprista le Balevi, re ka etsisa moea oo ba ileng ba o bontša, re kholisehile hore Jehova o tla re hlokomela. Ha matsatsi a ho qetela a ntse a atamela, ke habohlokoa le ho feta hore re tšepe hore Molimo o na le matla a ho re hlokomela.—Tšen. 13:17.
Ho Batla ho Loka ha Molimo Pele
10, 11. Mabapi le mosebetsi, ba bang ba bontšitse joang hore ba tšepa Jehova? Fana ka mohlala.
10 Jesu o ile a boela a khothalletsa barutuoa ba hae hore ba ‘’ne ba batle ho loka ha Molimo pele.’ (Mat. 6:33) Sena se bolela hore re etelletse melao ea Jehova e mabapi le se nepahetseng le se fosahetseng pele ho litloaelo tsa batho. (Bala Esaia 55:8, 9.) U ka ’na ua hopola hore nakong e fetileng batho ba ’maloa ba ne ba lema koae kapa ba e rekisa, ba bang ba koetlisetsa batho ntoa kapa ba etsa libetsa ba bile ba li rekisa. Ka mor’a hore ba tsebe ’nete ba bangata ba ile ba etsa qeto ea ho fetola mosebetsi oa bona e le hore ba ka tšoaneleha hore ba kolobetsoe.—Esa. 2:4; 2 Bakor. 7:1; Bagal. 5:14.
11 Mohlala o mong ke oa Andrew. Ha eena le mohats’ae ba ithuta ka Jehova, ba ile ba etsa qeto ea ho mo sebeletsa. Andrew o ne a rata mosebetsi oa hae haholo, empa o ile a o tlohela. Hobane’ng? Hobane o ne a sebeletsa lefapha le neng le jela paate ntoeng ’me o ne a ikemiselitse ho etelletsa ho loka ha Molimo pele. Ha Andrew a ne a tlohela mosebetsi oo, o ne a e-na le bana ba babeli, ho se na chelete eo a e amohelang, a e-na le chelete e neng e tla ba qhoba ka likhoeli tse seng kae feela. Motho o ne a ka ’na a nka hore o ne a se na ‘lefa.’ O ile a batla mosebetsi a tšepile Molimo. Ha a nahana ka nako eo e fetileng, eena le ba lelapa la hae ba ka tiisa hore letsoho la Jehova ha le lekhutšoanyane. (Esa. 59:1) Ka hore ebe Andrew le ba lelapa la hae ha baa ka ba ikimetsa ka lintho tse sa hlokahaleng, eena le mosali oa hae ba ile ba ba le tlotla ea ho ba tšebeletsong ea nako e tletseng. O re: “Ho ile ha e-ba le linako tseo ka tsona re ’nileng ra tšoenyeha ka lichelete, bolulo, bophelo esita le botsofali. Empa kamehla Jehova o ne a e-na le rōna. . . . Ntle ho tika-tiko re ka bolela hore ho sebeletsa Jehova ke ntho e molemo ’me ke tlotla e khōlō ka ho fetisisa eo motho a ka bang le eona.”a—Moek. 12:13.
12. Ke tšobotsi efe eo motho a lokelang ho ba le eona e le hore a etelletse melao ea Molimo pele? Fana ka mehlala ea sebakeng sa heno.
12 Jesu o ile a re ho barutuoa ba hae: “Haeba le e-na le tumelo e boholo ba thollo ea mosetareta, le tla re ho thaba ena, ‘Tloha mona u ee mane,’ ’me e tla tloha, ’me ha ho letho leo le ke keng la khona ho le etsa.” (Mat. 17:20) Na u ne u tla etelletsa melao ea Molimo pele haeba ha u etsa joalo u ne u tla thulana le mathata? Haeba u sa kholiseha hore na u ka etsa joalo kapa che, bua le litho tse ling tsa phutheho. Ha ho pelaelo hore u tla khatholoha moeeng ha u utloa liphihlelo tsa bona.
Ho Ananela Litokisetso Tsa Jehova Tsa Moea
13. Ha re ikitlaetsa tšebeletsong ea Jehova, re ka lebella hore a re etsetse eng moeeng?
13 Haeba u ananela tlotla eo u nang le eona ea ho sebeletsa Jehova, u ka kholiseha hore o tla u hlokomela nameng le moeeng feela joalokaha a ile a hlokomela Balevi. Nahana ka Davida. Le hoja a ne a le ka lehaheng o ne a ka tšepa hore Molimo o tla mo hlokomela. Le rōna re ka tšepa Jehova le haeba bothata boo re leng ho bona bo le boima hoo re sa boneng hore na re tla bo rarolla joang. Hopola hore ha Asafe a ne a kena ka “sehalalelong se seholo sa Molimo,” o ile a hlokomela hore na o ne a nyahamisitsoe ke eng. (Pes. 73:17) Ka tsela e tšoanang, le rōna re lokela ho kōpa thuso ho Molimo kaha ke eena ea re fepang moeeng. Kahoo, re tla be re bontša hore re ananela tlotla eo re nang le eona ea ho sebeletsa Molimo ho sa tsotellehe hore na maemo a rōna ke afe. Ka tsela eo re tla be re etsa hore Jehova e be kabelo ea rōna.
14, 15. Re lokela ho etsa’ng haeba tsela eo re utloisisang mangolo a itseng ka eona e fetoloa, hona hobane’ng?
14 U etsa joang ha Jehova e leng Mohloli oa leseli la moea a khantša leseli mabapi le “lintho tse tebileng tsa Molimo” tse fumanoang ka Bibeleng? (1 Bakor. 2:10-13) Moapostola Petrose o ile a re behela mohlala o babatsehang ka seo a ileng a se etsa ha Jesu a ne a re ho bamameli ba Hae: “Ntle le hore le je nama ea Mor’a motho le ho noa mali a hae, ha le na bophelo ka ho lōna.” Kaha barutuoa ba bangata ba ne ba nka mantsoe ao ka tsela ea sebele, ba ile ba re: “Puo ena ea tšosa; ke mang ea ka e mamelang?” Ba ile “ba tloha ho ea linthong tse ka morao.” Empa Petrose o ile a re: “Morena, re tla tloha re ee ho mang? Ke uena ea nang le lipolelo tsa bophelo bo sa feleng.”—Joh. 6:53, 60, 66, 68.
15 Petrose o ne a sa utloisise hantle hore na Jesu o ne a bolela’ng ha a bua ka ho ja nama ea Hae le ho noa mali a Hae. Leha ho le joalo moapostola Petrose o ile a tšepa Molimo hore a mo khantšetse leseli la moea. Ha leseli la moea le mabapi le taba e itseng le khanya le ho feta, na u leka ho utloisisa mabaka a Mangolo ao ho etsoang phetoho eo ka ’ona? (Liprov. 4:18) Baberea ba lekholong la pele la lilemo ba ile ba amohela lentsoe ka “ka tabatabelo e khōlō ea kelello, ba hlahloba Mangolo ka hloko letsatsi le leng le le leng.” (Lik. 17:11) Haeba u ba etsisa, seo se tla matlafatsa kananelo ea hao ka tlotla eo u nang le eona ea ho sebeletsa Jehova le ho etsa hore e be kabelo ea hao.
Ho Nyala Feela Moreneng
16. Molimo e ka ba kabelo ea rōna joang mabapi le taelo e ho 1 Bakorinthe 7:39?
16 Tsela e ’ngoe eo Bakreste ba lokelang ho lula ba hopola merero ea Molimo ka eona, ke ka hore ba mamele tataiso ea Bibele ea hore ba nyale kapa ba nyaloe “feela Moreneng.” (1 Bakor. 7:39) Batho ba bangata ba entse qeto ea hore ba lule e le masoha ho e-na le hore ba iphapanyetse keletso ena ea Molimo. Molimo o hlokomela batho ba joalo. Davida o ile a etsa’ng ha a ne a ikutloa eka ke motoaitoai o se nang mang-oee? O ile a re: “Ka ’na ka tšollela ho tšoenyeha ha ka ka pel’a [Molimo]. Ka tsoela pele ho bolela mahlomola a ka ka pel’a hae, ha moea oa ka o tepeletse ka hare ho ’na.” (Pes. 142:1-3) E ka ’na eaba moprofeta Jeremia ea ileng a sebeletsa Molimo ka botšepehi ka lilemo tse mashome e le lesoha, le eena o ile a ba le maikutlo a tšoanang. U ka ithuta ka mohlala oa hae khaolong ea 8 ea buka ea Molimo o Bua le Rōna ka Jeremia.
17. Morali e mong oabo rōna o etsa’ng ha a jeoa ke bolutu ka linako tse ling?
17 Morali e mong oabo rōna oa United States o re: “Ke ne ke sa ikemisetsa ho lula ke le lesoha. Ha nka fumana motho ea nepahetseng ke ikemiselitse ho nyaloa. ’Mè oa ka eo e seng Mokreste o ile a leka ho nkhothalletsa hore ke lumele ho nyaloa ke motho ofe kapa ofe ea neng a batla ho ’nyala. Ke ile ka mo botsa hore na o ne a tla jara boikarabelo haeba lenyalo la ka le ne le ke ke la atleha. Ha nako e ntse e feta o ile a hlokomela hore ke ne ke fumane mosebetsi o tsitsitseng, ke khona ho itlhokomela ke bile ke thabile. O ile a khaotsa ho mphehella.” Ka linako tse ling morali enoa oabo rōna o jeoa ke bolutu. O re: “Linakong tse joalo ke tšepa Jehova. Le ka mohla ha a ntahle.” O thusitsoe ke’ng hore a tšepe Jehova? O re: “Thapelo e nthusa hore ke hlokomele hore Molimo ke motho oa sebele le hore le ka mohla ha a ntahle. Ea Phahameng ka ho Fetisisa bokahohleng oa ’mamela, kahoo ruri ke lokela ho ikutloa ke tlotliloe ke bile ke thabile!” Kaha o kholisehile hore “ho fana ho tlisa thabo e khōlō ho feta ho amohela,” o re: “Ke leka ho itela ka hore ke thuse ba bang, ke sa lebella hore ba nketsetse letho. Ha ke ntse ke ipotsa, ‘Ebe nka etsa’ng ho thusa motho eo?’ Pelo ea ka ea thaba.” (Lik. 20:35) Ka sebele, Jehova ke kabelo ea hae ’me o thabela tlotla ea ho mo sebeletsa.
18. Jehova a ka u etsa hore u be kabelo ea hae ka tsela efe?
18 Ho sa tsotellehe hore na u boemong bofe, u ka etsa hore Molimo e be kabelo ea hao. Ha u ntse u etsa joalo, u tla ba har’a batho ba hae ba thabileng. (2 Bakor. 6:16, 17) Seo se ka etsa hore u be kabelo ea Jehova joaloka ba bang ba nakong e fetileng. (Bala Deuteronoma 32:9, 10.) Feela joalokaha Baiseraele e ile ea e-ba kabelo ea Molimo har’a lichaba, le uena Molimo a ka u khetha hore u be kabelo ea hae ’me a u hlokomela ka lerato.—Pes. 17:8.
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
U ka Araba Joang?
U ka etsa hore Jehova e be kabelo ea hao joang
• ka ho batla ’Muso oa Molimo pele le ho loka ha hae?
• ka ho bontša hore u ananela lijo tsa moea?
• ka ho mamela taelo ea Molimo ea hore u nyale kapa u nyaloe feela Moreneng?
[Ntlha e Qolotsoeng e leqepheng la 13]
Jehova e ba kabelo ea rōna haeba ntho e ka sehloohong eo re amehileng ka eona e le tšebeletso ea hae
[Setšoantšo se leqepheng la 15]
Mohlala oa Jeremia oa re khothatsa