Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • O Ile “a Susumetsoa ke Khauho”
    ‘Tloo U be Molateli oa Ka’
    • 3 Jesu o utloa mohoo oa bona ka har’a lerata leo la bongata. O etsa’ng? O na le lintho tse ngata tse mo imetseng kelellong le maikutlong. O saletsoe ke nako e ka etsang beke feela a ntse a phela. Oa tseba hore o il’o hlokofatsoa a be a bolaoe ka sehlōhō Jerusalema. Leha ho le joalo, ha a iphapanyetse mehoo eo e phehellang. Oa ema o re banna bao ba ntseng ba hooa ba tlisoe ho eena. Ba mo kōpa ka tieo, ba re: “Morena, mahlo a rōna a ke a bulehe.” “A susumelitsoe ke khauho,” Jesu o ama mahlo a bona, ’me mahlo a bona aa tutuboloha.a Hang-hang ba latela Jesu.—Luka 18:35-43; Matheu 20:29-34.

  • O Ile “a Susumetsoa ke Khauho”
    ‘Tloo U be Molateli oa Ka’
    • a Lentsoe la Segerike le fetoletsoeng e le “a susumelitsoe ke khauho” le ’nile la hlalosoa e le le leng la mantsoe a matla ka ho fetisisa a hlalosang boikutlo ba qenehelo ka Segerike. Buka e ’ngoe e re lentsoe leo ‘ha le fane feela ka maikutlo a ho utloela motho bohloko ha u bona a le mahlomoleng, empa le fana le ka boikutlo bo matla ba ho lakatsa ho imolla motho eo le ho felisa mahlomola ao.’

Lingoloa Tsa Sesotho Lesotho (1979-2027)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Melao ea Tšebeliso
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela