“Itlameng ka ho Ikokobetsa Kelellong”
“Molimo o hanyetsa ba ikhohomosang, empa o fana ka mosa o sa tšoanelang ho ba ikokobelitseng.”—1 PETROSE 5:5.
1, 2. Ke mefuta efe e ’meli ea tšekamelo ea kelello e nang le phello e matla boitšoarong ba batho?
HAR’A mefuta ea tšekamelo ea kelello eo Lentsoe la Molimo le re hlokomelisang ka eona ho na le e ’meli e sa tšoaneng. Bobeli ba eona e na le phello e matla boitšoarong ba motho. O mong o hlalosoa e le “ho ikokobetsa kelellong.” (1 Petrose 5:5) Buka e ’ngoe e hlalosang mantsoe e hlalosa “ho ikokobetsa” e le “ho ba eo mekhoa ea hae le moea oa hae li bontšang hore oa kokobela: ho lokoloha boikhohomosong bo bontšang ho itšepa ho tlōla.” Ho ikokobetsa kelellong ho bolela ntho e le ’ngoe le ho kokobela, ’me ponong ea Molimo, ke tšoaneleho e lakatsehang haholo.
2 Lentsoe le fapaneng le leo ke boikhohomoso. Bona bo hlalosoa e le “ho itšepa ho tlōla,” ho “nena.” Bo na le boikhabi, ’me bo batla menyetla ea lintho tse bonahalang, boiphahamiso le tse ling, ho sa tsotellehe hore na e na le liphello tse bohloko hakae ho ba bang. Bibele e bontša phello e ’ngoe: ‘Motho o busitse motho ho mo ntša kotsi.’ E bua ka “tlhōlisano ea e mong khahlanong le e mong” e le “ho lelekisa moea” hobane lefung “ha ho letho ho hang leo motho a ka le nkang.” Molimo ha a rate boikhohomoso bo joalo ho hang.—Moeklesia 4:4; 5:15; 8:9, NW.
Moea o Atileng Lefatšeng
3. Moea o atileng lefatšeng ke ofe?
3 Mefuteng ena e ’meli ea tšekamelo ea kelello, ke ofe o khethollang lefatše la kajeno? Moea o atileng lefatšeng ke ofe? World Military and Social Expenditures 1996 e re: “Ha ho lekholo le leng la lilemo le bileng le pefo e mpe joaloka e bileng teng lekholong la bo20 la lilemo . . . ” Tlhōlisano e mabapi le matla a lipolotiki le a moruo—hammoho le bora bo pakeng tsa lichaba, malumeli, meloko le merabe—e bolaile batho ba limilione tse fetang 100 lekholong lena la lilemo. Boikhabi ba batho ka bomong le bona bo eketsehile. Chicago Tribune e ile ea re: “Boloetse ba lichaba bo akarelletsa pefo e bontšang ho se nahanele, ho hlekefetsoa ha bana, tlhalo, botahoa, AIDS, ho ipolaea ha bacha, lithethefatsi, lihlopha tsa litlokotsebe tsa seterateng, peto, bana ba matšeo, ho ntšoa ha limpa, libuka tsa bootsoa, . . . leshano, ho qhekella, bobolu ba lipolotiki . . . Se nepahetseng le se fosahetseng ha e sa le litekanyetso tsa boitšoaro.” Kahoo, UN Chronicle e ile ea lemosa: “Lichaba li ntse li arohana likoto.”
4, 5. Moea oa lefatše o ’nile oa hlalosoa ka nepo joang boprofeteng ba Bibele bakeng sa mehla ea rōna?
4 Maemo ana a teng lefatšeng ka bophara. Ho joalokaha boprofeta ba Bibele bo boletse esale pele ka mehla ea rōna: “Matsatsing a ho qetela linako tse mahlonoko tseo ho leng thata ho sebetsana le tsona li tla ba teng. Etsoe batho e tla ba baithati, ba ratang chelete, ba ikhopolang ho tlōla, ba ikhohomosang, banyefoli, ba sa mameleng batsoali, ba se nang teboho, ba sa tšepahaleng ka ho sa sekisetseng, ba se nang boikutlo bo mofuthu ba tlhaho, ba sa bulehelang tumellano leha e le efe, baetselletsi, ba hlokang boitšoaro, ba bohale bo tšosang, ba hlokang lerato la se molemo, baeki, ba hlooho li thata, ba hohomohileng ke boikakaso.”—2 Timothea 3:1-4.
5 Eo ke tlhaloso e nepahetseng ea moea o atileng lefatšeng lena. Ke boikutlo ba boithati ba ho iketelletsa pele. Bora pakeng tsa lichaba bo bonahatsoa ka bora har’a batho. Ka mohlala, lipapaling tsa tlhōlisano, baatlelete ba bangata ba lakatsa ho ba ba hlaheletseng ho sa tsotellehe hore na sena se utloisa ba bang bohloko hakae maikutlong esita le ’meleng. Moea ona oa boikhabi o khothalletsoa bana ’me o tsoela pele likarolong tse ngata tsa bophelo ba batho ba baholo. O fella ka “bora, ho qabana, poulelo, ho tlakoloha ka bohale, ho rata likhang, likarohano.”—Bagalata 5:19-21.
6. Ke mang ea khothalletsang boithati, hona Jehova o ikutloa joang ka tšekamelo e joalo ea kelello?
6 Bibele e bontša hore moea oa lefatše lena oa boikhabi o bontša moea oa ‘ea bitsoang Diabolose le Satane, ea khelosang lefatše kaofela leo ho ahiloeng ho lona.’ Mabapi le tšusumetso ea Satane ho batho ba phelang matsatsing ana a ho qetela a thata, Bibele e bolela esale pele hore: “Ho malimabe lefatše le leoatle, hobane Diabolose o theohetse ho lōna, a halefile haholo, a tseba hore o na le nako e khutšoanyane.” (Tšenolo 12:9-12) Ka hona, eena le bademona ba hae ba matlafalitse boiteko ba bona ba ho khothalletsa boikutlo ba boithati har’a batho. ’Me Jehova o ikutloa joang ka boikutlo bo joalo? Lentsoe la hae le re: “Motho ka mong ea ikhohomosang ka pelong, ke manyala ho Jehova.”—Liproverbia 16:5.
Jehova o na le ba Ikokobelitseng
7. Jehova o talima ba ikokobelitseng joang, hona o ba ruta eng?
7 Ka lehlakoreng le leng, Jehova o hlohonolofatsa ba ikokobelitseng kelellong. Pineng eo a e binelang Jehova, Morena Davida o itse: “Sechaba se ikokobetsang ua se pholosa; empa mahlo a hao a tjametse baikhohomosi hore u ba kokobetse.” (2 Samuele 22:1, 28) Kahoo, Lentsoe la Molimo lea eletsa: “Batlang Jehova, baikokobetsi bohle ba lefatše . . . Batlang ho lōka, le batle boikokobetso; ekaba le ka tšoha le patoa tsatsing la bohale ba Jehova.” (Sofonia 2:3) Ba batlang Jehova ka boikokobetso o ba ruta ho hlaolela moea oo ho hang o fapaneng le oa lefatše. ‘Ba bonolo pelong, o ba ruta tsela ea hae.’ (Pesaleme ea 25:9; Esaia 54:13) Tsela eo ke ea lerato. E thehiloe ho etseng se nepahetseng ho latela litekanyetso tsa Molimo. Ho latela Bibele, lerato lena le laoloang ke melao-motheo “ha le ithorise, ha le hohomohe, . . . ha le batle lithahasello tsa lona.” (1 Bakorinthe 13:1-8) Le boetse le iponahatsa ka ho ikokobetsa kelellong.
8, 9. (a) Mohloli oa lerato le laoloang ke melao-motheo ke ofe? (b) Ho etsisa lerato le boikokobetso tseo Jesu a li bontšitseng ke habohlokoa hakae?
8 Pauluse le Bakreste ba bang ba lekholong la pele la lilemo ba ile ba ithuta lerato la mofuta ona lithutong tsa Jesu. ’Me Jesu o ile a ithuta lona ho Ntate oa hae, Jehova, eo Bibele e reng ka eena: “Molimo ke lerato.” (1 Johanne 4:8) Jesu o ne a tseba hore ke thato ea Molimo hore a phele ka molao oa lerato, ’me o ile a etsa joalo. (Johanne 6:38) Ke ka lebaka leo a neng a qenehela ba hateletsoeng, mafutsana le baetsalibe. (Matheu 9:36) O ile a ba bolella: “Tloong ho ’na, lōna bohle ba sehlang le ba imetsoeng, ’me ka sebele ke tla le khatholla. Jarang joko ea ka ’me le ithute ho ’na, kaha ke na le maikutlo a bonolo ’me ke ikokobelitse pelong.”—Matheu 11:28, 29.
9 Jesu o ile a bontša barutuoa ba hae bohlokoa ba ho etsisa lerato la hae le boikokobetso ba hae ha a ne a ba bolella: “Ka sena bohle ba tla tseba hore le barutuoa ba ka, haeba le e-na le lerato har’a lōna.” (Johanne 13:35) Ba ne ba tla hlahella e le ba arohileng lefatšeng lena la boikhabi. Ke ka lebaka leo Jesu a neng a ka re ka balateli ba hae: “Hase karolo ea lefatše.” (Johanne 17:14) Che, ha ba etsise moea oa lefatše lena la Satane oa boikhohomoso le oa boithati. Ho e-na le hoo, ba etsisa moea oa lerato le boikokobetso oo Jesu a ileng a o bontša.
10. Jehova o etsa’ng ka ba ikokobelitseng mehleng ea rōna?
10 Lentsoe la Molimo le boletse esale pele hore matsatsing ana a ho qetela, ba ikokobelitseng ba ne ba tla bokelloa hammoho mokhatlong oa lefatše lohle oo motheo oa oona e leng lerato le boikokobetso. Kahoo, ba le lefatšeng le ntseng le fetoha la boikhohomoso haholoanyane, batho ba Jehova ba bontša boikutlo bo fapaneng—ba ho ikokobetsa kelellong. Ba re: ‘A re nyoloheleng thabeng ea Jehova [borapeling ba hae ba ’nete bo phahameng], . . . a tle a re rute mekhoa ea hae, re tsamaee litseleng tsa hae.’ (Esaia 2:2, 3) Lipaki tsa Jehova ke oona mokhatlo oa lefatše lohle o tsamaeang litseleng tsa Molimo. Li akarelletsa “bongata bo boholo [bo ntseng bo hōla], boo ho seng motho ea neng a khona ho bo bala, bo tsoa[ng] lichabeng tsohle le melokong eohle le lihlopheng tsohle tsa batho le malemeng ’ohle.” (Tšenolo 7:9) Hona joale bongata bona bo boholo bo entsoe ka batho ba limilione. Jehova o ba koetlisa joang hore ba ikokobetse?
Ho Ithuta ho Ikokobetsa Kelellong
11, 12. Bahlanka ba Molimo ba bontša ho ikokobetsa kelellong joang?
11 Moea oa Molimo o sebetsang ho batho ba hae ba arabelang ka potlako o ba nolofalletsa ho ithuta ho hlōla moea o mobe oa lefatše ebe ba bonahatsa litholoana tsa moea oa Molimo. Tsona li iponahatsa ka “lerato, thabo, khotso, tiisetso, mosa, molemo, tumelo, bonolo, boitšoaro.” (Bagalata 5:22, 23) Ho ba thusa ho hlaolela litšoaneleho tseo, bahlanka ba Molimo ba eletsoa hore e se ke ea e-ba “ba ipolelisang, ba hlohlelletsang tlhōlisano, ba honohelanang.” (Bagalata 5:26) Ka ho tšoanang, moapostola Pauluse o itse: “Ke bolella e mong le e mong moo har’a lōna hore a se ke a inahana boeena haholo ho feta kamoo ho hlokahalang ho nahana; empa a nahane e le hore a be le kelello e hlaphohileng.”—Baroma 12:3.
12 Lentsoe la Molimo le bolella Bakreste ba ’nete hore ba se ke ba etsa ‘letho ka lebaka la ho rata likhang kapa ka lebaka la ho ipolelisa, empa ka ho ikokobetsa kelellong ba nke hore ba bang [ba bahlanka ba Molimo] ba ba phahametse, ba behile leihlo, eseng thahasellong ea botho litabeng tsa bona feela, empa hape le thahasellong ea botho ho tsa ba bang.’ (Bafilippi 2:3, 4) “E mong le e mong a a ’ne a batle, eseng se molemo ho eena, empa se molemo ho motho e mong.” (1 Bakorinthe 10:24) E, ‘lerato le haha’ ba bang ka lipuo le liketso tseo e seng tsa boithati. (1 Bakorinthe 8:1) Le khothalletsa tšebelisano, eseng tlhōlisano. Moea oa ho iketelletsa pele ha o na sebaka har’a bahlanka ba Jehova.
13. Ke hobane’ng ha batho ba lokela ho ithuta ho ikokobetsa kelellong, ’me motho a ka ithuta hona joang?
13 Leha ho le joalo, ka lebaka la ho se phethahale ho futsitsoeng, ha re tsoaloe re ikokobelitse kelellong. (Pesaleme ea 51:5) Batho ba lokela ho ithuta tšoaneleho ena. ’Me sena se ka ’na sa thatafalla ba sa rutoang litsela tsa Jehova ho tloha bongoaneng empa ba li amohela hamorao bophelong. Ba se ba ntse ba e-na le botho bo thehiloeng boitšoarong ba lefatše lena la khale. Ka hona, ba tlameha ho ithuta ho ‘lahla botho ba khale bo lumellanang le tsela ea bona ea pele ea boitšoaro’ le ho ‘apara botho bo bocha bo ileng ba bōptjoa ho ea ka thato ea Molimo ho lokeng ha ’nete le botšepehing bo sa sekisetseng.’ (Baefese 4:22, 24) Ka thuso ea Molimo ba tšepahalang ba ka etsa seo a ba kōpang sona: “Le ikapese maikutlo a bonolo a qenehelo, mosa, ho ikokobetsa kelellong, bonolo, le tiisetso.”—Bakolose 3:12.
14. Jesu o ile a bua joang khahlanong le ho batla ho iphahamisa?
14 Barutuoa ba Jesu ba ile ba tlameha ho ithuta seo. E ne e le batho ba baholo ha ba ne ba fetoha barutuoa ba hae ’me ba ne ba e-na le moea o itseng oa lefatše oa tlhōlisano. Ha ’mè oa ba babeli ba bona a ne a batlela bara ba hae bophahamo, Jesu o ile a re: “Babusi ba lichaba ba rena ka thata holim’a [batho] le banna ba baholo ba sebelisa matla a ho laela holim’a tsona. Ena hase eona tsela har’a lōna; empa mang kapa mang ea batlang ho ba moholo har’a lōna e lokela ho ba mosebeletsi oa lōna, ’me mang kapa mang ea batlang ho ba oa pele har’a lōna e lokela ho ba lekhoba la lōna. Feela joalokaha Mora oa motho [Jesu] a ile a tla, eseng ho tla sebeletsoa, empa ho tla sebeletsa le ho fana ka soule ea hae ho ba thekollo e le phapanyetsano bakeng sa ba bangata.” (Matheu 20:20-28) Ha Jesu a ne a bolella barutuoa ba hae hore ba se ke ba sebelisa litlotla ho leka ho iphahamisa, o ile a eketsa: “Lōna bohle le bara ba motho.”—Matheu 23:8.
15. Ba batlang mosebetsi oa bolebeli ba lokela ho ba le boikutlo bofe?
15 Molateli oa ’nete oa Jesu ke mohlanka, e, lekhoba ho Bakreste-’moho le eena. (Bagalata 5:13) Ho joalo ka ho khethehileng ho ba batlang ho tšoanelehela bolebeli ka phuthehong. Le ka mohla ha baa lokela ho hlōlisana bakeng sa bophahamo kapa matla; ha baa lokela ho ‘rena ka thata holim’a bao e leng lefa la Molimo, empa e be mehlala ho bona.’ (1 Petrose 5:3) Ka sebele, moea oa ho etelletsa lithahasello tsa botho pele ke pontšo ea hore motho ha a tšoanelehe bakeng sa bolebeli. Motho ea joalo o ne a tla ba kotsi phuthehong. Ka sebele, ho loketse ho “hahamalla boemo ba molebeli,” empa sena se lokela ho susumetsoa ke takatso ea ho sebeletsa Bakreste ba bang. Mosebetsi ona hase oa bophahamo kapa matla, hobane balebeli e lokela ho ba ba ikokobelitseng ka ho fetisisa kelellong ka phuthehong.—1 Timothea 3:1, 6.
16. Ke hobane’ng ha Diotrefese a ne a nyatsoa ka Lentsoeng la Molimo?
16 Moapostola Johanne o lebisa tlhokomelo ea rōna ho motho ea neng a e-na le pono e fosahetseng, ha a re: “Ke ile ka ngolla phutheho ho hong, empa Diotrefese, ea ratang ho ba le sebaka sa pele har’a bona, ha a amohele ntho leha e le efe e tsoang ho rōna ka tlhompho.” Motho enoa o ile a sebetsana le ba bang ka ho hloka tlhompho ha a leka ho iphahamisa. Ho e-na le hoo, moea oa Molimo o ile oa susumelletsa Johanne ho kenyelletsa mantsoe a nyatsang Diotrefese ka Bibeleng ka lebaka la boikutlo ba hae ba ho iketelletsa pele.—3 Johanne 9, 10.
Boikutlo bo Nepahetseng
17. Petrose, Pauluse le Barnabase ba ile ba bontša ho ikokobetsa kelellong joang?
17 Ho na le mehlala e mengata ea Bibele ea boikutlo bo nepahetseng, ba ho ikokobetsa kelellong. Ha Petrose a ne a kena lapeng ha Korneliase, monna eo o ile “a itihela maotong a [Petrose] ’me a mo etsetsa ketso ea tlhompho.” Empa ho e-na le ho amohela thoriso e feteletseng, “Petrose a mo phahamisa, a re: ‘Ema; le ’na ka bonna ke motho.’” (Liketso 10:25, 26) Ha Pauluse le Barnabase ba ne ba le Lystra, Pauluse o ile a folisa motho ea tsoetsoeng a holofetse. Ka lebaka leo, matšoele a ile a re baapostola bana ke melimo. Leha ho le joalo, Pauluse le Barnabase “ba hahola liaparo tsa bona tsa ka ntle ’me ba tlōlela bongateng, ba hoeletsa ’me ba re: ‘Banna, ke hobane’ng ha le etsa lintho tsee? Le rōna re batho ba nang le mefokolo e tšoanang le eo le nang le eona.’” (Liketso 14:8-15) Bakreste bana ba ikokobelitseng ba ne ba ke ke ba amohela tlotlo e tsoang ho batho.
18. Ka boikokobetso lengeloi le matla le ile la bolella Johanne eng?
18 Ha moapostola Johanne a ne a fuoa “tšenolo ka Jesu Kreste,” e ile ea fetisoa ka lengeloi. (Tšenolo 1:1) Ka lebaka la matla a lengeloi lena, re ka utloisisa hore na ke hobane’ng ha Johanne a ne a hloletsoe, ke hobane lengeloi le le leng le ile la timetsa Baassyria ba 185 000 ka bosiu bo le bong. (2 Marena 19:35) Johanne oa pheta: “Ha ke utloile ’me ke bone, ka itihela fatše ho rapela ka pel’a maoto a lengeloi le neng le mpontša lintho tsena. Empa lea mpolella: ‘Hlokomela! U se ke ua etsa joalo! Ke mpa feela ke le lekhoba-’moho le uena le barab’eno . . . Rapela Molimo.’” (Tšenolo 22:8, 9) Lengeloi lee le matla le ne le ikokobelitse hakaakang kelellong!
19, 20. Bapisa boikakaso ba balaoli ba mabotho a Roma ba hlōtseng le ho ikokobetsa kelellong ha Jesu.
19 Jesu e ne e le mohlala o motle ka ho fetisisa oa ea neng a ikokobelitse kelellong. E ne e le Mora oa Molimo ea tsoetsoeng a ’notši, Morena oa nakong e tlang oa ’Muso oa Molimo oa leholimo. Ha a ne a itlhahisa ka tsela eo ho batho, ha aa ka a etsisa balaoli ba mabotho ba hlōtseng ba mehleng ea Baroma. Ba ne ba etsetsoa liphareiti tse khōlō—mekoloko e melelele—’me ba palama likoloi tse khabisitsoeng ka khauta le manaka a litlou, li huloa ke lipere tse tšoeu, kapa esita le litlou, litau, kapa linkoe. Mekolokong ena ho ne ho e-ba le libini tse binang lipina tsa tlhōlo, hammoho le likariki tse laetseng lintho tse hapiloeng le likoloi tse khōlō tseo bokamorao ba tsona bo bulehileng tse bontšang liketsahalo tsa ntoa. Ho ne ho boetse ho e-ba le batlamuoa ba marena, mahosana le balaoli ba mabotho, le malapa a bona, bao hangata ba neng ba hlobolisitsoe hore ba nyelisoe. Liketsahalo tsena li ne li bontša ka matla boikhohomoso le boikakaso.
20 Bapisa seo le tsela eo Jesu a ileng a inehela ka eona. O ne a ikemiselitse hore ka boikokobetso a inehele ho phethahatsa boprofeta bo mabapi le eena, bo ileng ba bolela esale pele hore: “Bona, morena oa hao ke enoa; o tla ho uena; ke ea lokileng, ea nang le poloko, ke ea ikokobetsang, ea kaletseng esele.” Ka boikokobetso o ile a palama pelesa, eseng koloi e huloang ke liphoofolo tsa phareiti tse ntle haholo. (Zakaria 9:9; Matheu 21:4, 5) Batho ba ikokobelitseng ba thabile hakaakang hore ebe Jesu ke eena Morena ea khethiloeng ke Jehova ea tla rena lefatšeng lohle le lecha, ea ikokobelitseng kelellong e le kannete, ea itihileng, ea lerato, ea nang le qenehelo, ea mohau!—Esaia 9:6, 7; Bafilippi 2:5-8.
21. Ho ikokobetsa kelellong ha ho bontše eng?
21 Taba ea hore Jesu, Petrose, Pauluse le banna le basali ba bang ba tumelo ba mehleng ea Bibele ba ne ba ikokobelitse kelellong e tlosa khopolo ea hore boikokobetso ke bofokoli. Ho e-na le hoo, e bontša sebōpeho sa ho ba matla, hobane ba ne ba le sebete ba bile ba cheseha. Ka matla a maholo a kelello le a boitšoaro, ba ile ba mamella liteko tse matla. (Baheberu, khaolo ea 11) ’Me kajeno, ha bahlanka ba Jehova ba ikokobelitse kelellong, ba na le matla a tšoanang hobane Molimo o tšehetsa ba ikokobetsang ka moea oa hae o halalelang o matla. Kahoo, rea phehelloa: “Kaofela ha lōna itlameng ka ho ikokobetsa kelellong e mong ho e mong, hobane Molimo o hanyetsa ba ikhohomosang, empa o fana ka mosa o sa tšoanelang ho ba ikokobelitseng. Ka hona, le ikokobetse tlas’a letsoho le matla la Molimo, e le hore a ka le phahamisa nakong e loketseng.”—1 Petrose 5:5, 6; 2 Bakorinthe 4:7.
22. Ho tla tšohloa eng sehloohong se latelang?
22 Ho na le tšobotsi e ’ngoe e molemo ea ho ikokobetsa kelellong eo ho hlokahalang hore bahlanka ba Molimo ba e sebelise. Ke e tlatsetsang haholo ho ntlafatseng moea oa lerato le tšebelisano ka liphuthehong. Ka sebele, ke motsoako o hlokahalang oa ho ikokobetsa kelellong. E tla tšohloa sehloohong se latelang.
Tlhahlobo
◻ Hlalosa moea o atileng lefatšeng lena.
◻ Jehova o amohela joang ba ikokobelitseng kelellong?
◻ Ke hobane’ng ha batho ba lokela ho ithuta ho ikokobetsa kelellong?
◻ Mehlala e meng ea Bibele ea batho ba ileng ba ikokobetsa kelellong ke efe?
[Setšoantšo se leqepheng la 15]
Lengeloi le ile la bolella Johanne: “U se ke ua etsa joalo! Ke mpa feela ke le lekhoba-’moho le uena”