Ho Lefa Lintho Tsa Sesare ho Sesare
“Fang bohle tse ba lokelang.”—BAROMA 13:7.
1, 2. (a) Ho latela Jesu, Bakreste ba lokela ho leka-lekanya litlamo tsa bona ho Molimo le ho Sesare joang? (b) Kameho ea pele ea Lipaki tsa Jehova ke efe?
HO EA ka Jesu, ho na le lintho tseo re li kolotang Molimo le lintho tseo re li kolotang Sesare kapa Naha. Jesu o itse: “Lefang lintho tsa Sesare ho Sesare, empa lintho tsa Molimo ho Molimo.” Ka mantsoe ana a seng makae, o ile a ferekanya lira tsa hae ’me ka bokhutšoanyane a akaretsa maikutlo a leka-lekaneng ao re tlamehang ho ba le ’ona kamanong ea rōna le Molimo le litšebelisanong tsa rōna le Naha. Ha ho makatse hore ebe bamameli ba hae ba ile “ba qala ho mo tsota”!—Mareka 12:17.
2 Ho hlakile hore ntho e ka sehloohong eo bahlanka ba Jehova ba amehileng ka eona ke ho lefa lintho tsa Molimo ho Molimo. (Pesaleme ea 116:12-14) Leha ho le joalo, ka ho etsa joalo ha ba lebale hore Jesu o itse ba tlameha ho fa Sesare lintho tse itseng. Matsoalo a bona a koetlisitsoeng ka Bibele a hloka hore ba nahane ka thapelo hore na ke ho isa bohōleng bofe ba ka lefang seo Sesare a se hlokang. (Baroma 13:7) Mehleng ea kajeno, baahloli ba bangata ba hlokometse hore matla a mebuso a lekanyelitsoe le hore hohle batho le mebuso ba tlangoa ke molao oa tlhaho.
3, 4. Ho entsoe litlhaloso life tse thahasellisang ka molao oa tlhaho, molao o senotsoeng le molao oa motho?
3 Moapostola Pauluse o ile a bua ka molao ona oa tlhaho ha a ne a ngola ka batho ba lefatše: “Se ka tsejoang ka Molimo se bonahala har’a bona, kaha Molimo o se bonahalitse ho bona. Etsoe litšobotsi tsa hae tse sa bonahaleng li bonoa ka ho hlaka ho tloha pōpong ea lefatše ho ea pele, hobane li lemohuoa ka lintho tse entsoeng, esita le matla le Bomolimo tsa hae tsa ka ho sa feleng, hoo ba se nang boikemelo.” Haeba bana ba sa lumelang ba tla arabela molaong oa tlhaho, o tla be o susumetse matsoalo a bona. Kahoo, Pauluse o ile a tsoela pele a re: “Neng kapa neng ha batho ba lichaba ba se nang molao ba etsa ka tlhaho lintho tsa molao, batho bana, le hoja ba se na molao, ke molao ho bona ka bobona. E hlile ke bona ba bontšang boitsebiso ba molao hore bo ngotsoe ka lipelong tsa bona, ha matsoalo a bona a ntse a ba pakela.”—Baroma 1:19, 20; 2:14, 15.
4 Lekholong la bo18 la lilemo, William Blackstone moahloli oa Lenyesemane ea tummeng o ile a ngola: “Molao ona oa tlhaho, kaha ke mafihlelana khotla [thaka] le moloko oa batho ’me o fanoe ke Molimo ka boeena, ho hlakile hore o tlama ho feta ofe kapa ofe. Ke o tlamang lefatšeng lohle, linaheng tsohle le ka linako tsohle: ha ho melao ea batho e loketseng, haeba e le khahlanong le oona.” Blackstone o ile a tsoela pele ho bua ka “molao o senotsoeng,” joalokaha o fumanoa ka Bibeleng, ’me o ile a re: “Melao eohle ea motho e itšetlehile metheong ena e ’meli, e leng, molao oa tlhaho le molao o senotsoeng; ke ho re, ha ho melao ea batho e lokelang ho lesoa [ho lumelloa] ho hanyetsa ena.” Sena se tumellanong le seo Jesu a ileng a se bua ka Molimo le Sesare, joalokaha se tlalehiloe ho Mareka 12:17. Ho hlakile hore ho na le libaka tseo ho tsona Molimo a behang meeli mabapi le seo Sesare a ka se hlokang ho Mokreste. Sanhedrine e ile ea tlōla meeli ena ha e ne e laela baapostola ho khaotsa ho bolela ka Jesu. Ka hona, baapostola ba ile ba arabela tjena ka nepo: “Re lokela ho mamela Molimo e le ’musi ho e-na le batho.”—Liketso 5:28, 29.
“Lintho Tsa Molimo”
5, 6. (a) Ka lebaka la ho tsoaloa ha ’Muso ka 1914, Bakreste ba lokela ho hopola eng ka hloko? (b) Mokreste o fana joang ka bopaki ba hore ke mosebeletsi?
5 E bile haholo-holo ho tloha ka 1914, ha Jehova Molimo, Ea Matla ’Ohle, a qala ho busa e le morena ka ’Muso oa Kreste oa Bomesia, ha Bakreste ba ne ba tlameha ho nepisisa hore ba se ke ba fa Sesare lintho tsa Molimo. (Tšenolo 11:15, 17) Ho feta leha e le neng pele, molao oa Molimo o khothaletsa Bakreste hore e se be “karolo ea lefatše.” (Johanne 17:16) Kaha ba inehetse ho Molimo, Monehi-Bophelo oa bona, ba tlameha ho bontša ka ho hlaka hore ha e sa le ba bona. (Pesaleme ea 100:2, 3) Joalokaha Pauluse a ile a ngola, “re ba Jehova.” (Baroma 14:8) Ho feta moo, ha Mokreste a kolobetsoa, o khetheloa ho ba mosebeletsi oa Molimo, e le hore a ka bua seo Pauluse a ileng a se bua: ‘Molimo ka sebele o re tšoanelehisitse ka ho lekaneng ho ba basebeletsi.’—2 Bakorinthe 3:5, 6.
6 Moapostola Pauluse o ile a boela a ngola: “Ke tlotlisa bosebeletsi ba ka.” (Baroma 11:13) Ruri re lokela ho etsa se tšoanang. Ebang re na le kabelo tšebeletsong ea nako e tletseng kapa ea nakoana, re lula re hopotse hore Jehova ka boeena o re abetse tšebeletso ea rōna. (2 Bakorinthe 2:17) Kaha ba bang ba ka belaella boemo ba rōna, Mokreste e mong le e mong ea kolobelitsoeng, ea inehetseng o tlameha ho lokela ho fana ka bopaki bo hlakileng le bo nepahetseng ba hore ruri ke mosebeletsi oa litaba tse molemo. (1 Petrose 3:15) Tšebeletso ea hae e lokela hore e pakoe le ke boitšoaro ba hae. Joaloka mosebeletsi oa Molimo, Mokreste o lokela ho buella boitšoaro bo hloekileng le ho ba le bona, ho phahamisa bonngoe ba lelapa, a tšepahale le ho hlompha molao le taolo. (Baroma 12:17, 18; 1 Bathesalonika 5:15) Kamano ea Mokreste le Molimo le tšebeletso ea hae eo a e abetsoeng ke Molimo ke lintho tsa bohlokoa ka ho fetisisa bophelong ba hae. A ke ke a tela lintho tsena ka taelo ea Sesare. Ho hlakile hore li lokela ho balelloa har’a “lintho tsa Molimo.”
“Lintho Tsa Sesare”
7. Lipaki tsa Jehova li na le botumo bofe mabapi le ho lefa makhetho?
7 Lipaki tsa Jehova lia tseba hore li tlameha ho ‘ipeha tlas’a ba phahameng ba nang le matla a ho laela,’ e leng babusi ba mebuso. (Baroma 13:1) Ka hona, ha Sesare, e leng Naha, a hloka lintho tse loketseng, matsoalo a bona a koetlisitsoeng ka Bibele a ba lumella ho khotsofatsa litlhoko tsena. Ka mohlala, Bakreste ba ’nete ba har’a batho ba lefang lekhetho ba behang mohlala o fetisisang lefatšeng. Jeremane koranta ea Münchner Merkur e itse ka Lipaki tsa Jehova: “Ke batho ba tšepahalang ka ho fetisisa le ba lefang lekhetho ka nako e loketseng Rephabliking e Kopaneng.” Italy koranta ea La Stampa e ile ea hlokomela: “Ke [Lipaki tsa Jehova] baahi ba tšepahalang ka ho fetisisa bao mang kapa mang a ka lakatsang ho ba le bona: ha ba qobe makhetho kapa ho leka ho qoba melao eo e leng moroalo ho bona molemong oa bona.” Bahlanka ba Jehova ba etsa sena ‘ka lebaka la matsoalo a bona.’—Baroma 13:5, 6.
8. Na seo re se kolotang Sesare se fella feela makhethong a chelete?
8 Na “lintho tsa Sesare” li lekanyelitsoe tabeng ea ho lefa makhetho? Che. Pauluse o ile a thathamisa lintho tse ling, tse kang tšabo le tlhompho. Ho Critical and Exegetical Hand-Book to the Gospel of Matthew ea hae, setsebi sa Lejeremane Heinrich Meyer o ile a ngola: “Ka [lintho tsa Sesare] . . . ha rea lokela ho utloisisa hore ke lekhetho la ’muso feela, empa ke ntho e ’ngoe le e ’ngoe eo Sesare a neng a lokela ho e batla ka lebaka la puso ea hae e lumeletsoeng ka molao.” Rahistori E. W. Barnes, bukeng ea hae ea The Rise of Christianity, o ile a hlokomela hore Mokreste o ne a tla lefa makhetho haeba a ne a a kolota ’me “ka ho tšoanang a jare boikarabelo ba litlhoko tsohle tse ling tsa Naha, hafeela a ne a sa biletsoe ho fa Sesare lintho tsa Molimo.”
9, 10. Mokreste a ka ’na a qea-qea ka ho re’ng mabapi le ho lefa Sesare se mo loketseng, empa ke linnete life tse lokelang ho hopoloa?
9 Naha e ka ’na ea batla lintho life ntle le hore e kenelle linthong tseo ka nepo e leng tsa Molimo? Ba bang ba ’nile ba ikutloa hore ka ho loketseng ba ne ba ka fa Sesare chelete ka sebōpeho sa makhetho empa e seng ho hong hape. Ka sebele ba ne ba ke ke ba ikutloa ba phutholohile ho fa Sesare ntho leha e le efe e ka ’nang ea nka nako e neng e ka sebelisoa mesebetsing ea puso ea Molimo. Leha ho le joalo, le hoja e le ’nete hore re lokela ho ‘rata Jehova Molimo oa rōna ka lipelo tsa rōna tsohle le ka lisoule tsa rōna tsohle le ka likelello tsa rōna tsohle le ka matla a rōna ’ohle,’ ka sebele Jehova o lebeletse hore re qete nako linthong tse ling tseo e seng tšebeletso ea rōna e halalelang. (Mareka 12:30; Bafilippi 3:3) Ka mohlala, Mokreste ea lenyalong o eletsoa hore a nehele nako tabeng ea ho khahlisa molekane oa hae oa lenyalo. Mesebetsi e joalo ha e mebe, empa moapostola Pauluse o bolela hore ke “lintho tsa lefatše” e seng “lintho tsa Morena.”—1 Bakorinthe 7:32-34; bapisa le 1 Timothea 5:8.
10 Ho feta moo, Kreste o ile a fa balateli ba hae matla a ho ‘lefa’ makhetho, ’me ka sebele sena se amana le tšebeliso ea nako e nehetsoeng ho Jehova—kaha bophelo ba rōna bohle bo nehetsoe ka tsela ena. Haeba ka karolelano lekhetho ke karolo ea 33 lekholong ea moputso (le phahame haholoanyane linaheng tse ling), sena se bolela hore selemo ka seng ka karolelano mosebetsi feela ea tloaelehileng o lefa chelete e lekanang le moputso oa hae oa likhoeli tse ’ne Letlotlong la Naha. Ha e behoa ka tsela e ’ngoe, qetellong ea nako eo a sebelitseng ka eona bophelong ba hae, mosebetsi feela ea tloaelehileng o tla be a nkile lilemo tse ka bang 15 a sebeletsa chelete ea lekhetho leo “Sesare” a le batlang. Hape nahana ka taba ea ho kena sekolo. Linaheng tse ngata molao o hloka hore batsoali ba kenye bana ba bona sekolo bonyane ka lilemo tse itseng. Palo ea lilemo tsa ho kena sekolo e fapana ka linaha. Libakeng tse ngata ke nako e telele haholo. Ke ’nete, ho kena sekolo ho joalo hangata ho molemo, empa ke Sesare ea etsang qeto ea hore na ke karolo e kae ea nako ea bophelo ba ngoana e tlamehang ho qetoa ka tsela ena, ’me batsoali ba Bakreste ba sebetsa tumellanong le qeto ea Sesare.
Tšebeletso ea Sesole e Qobellang
11, 12. (a) Sesare o hloka lintho life linaheng tse ngata? (b) Bakreste ba pele ba ne ba talima tšebeletso ea sesole joang?
11 Tlhoko e ’ngoe ea Sesare linaheng tse ling ke tšebeletso ea sesole e qobellang. Lekholong la bo20 la lilemo, boholo ba linaha bo sebelisa tokisetso ena linakong tsa ntoa ’me tse ling li e sebelisa le linakong tsa khotso. Fora tlamo ena ka lilemo tse ngata e ’nile ea bitsoa lekhetho la mali, ho bolelang hore mohlankana e mong le e mong o ne a tlameha ho ikemisetsa ho tella Naha bophelo ba hae. Na see ke seo ba inehetseng ho Jehova ba ka se etsang ka letsoalo le letle? Bakreste ba lekholong la pele la lilemo ba ne ba e-na le maikutlo afe ka taba ee?
12 Le hoja Bakreste ba pele-pele ba ne ba leka ka matla ho ba baahi ba molemo, tumelo ea bona e ile ea ba thibela ho bolaea motho e mong kapa ho etsa bophelo ba bona sehlabelo bakeng sa Naha. The Encyclopedia of Religion e re: “Bo-ntate ba kereke ea pele, ho akarelletsa le Tertullian le Origen, ba ile ba tiisa hore Bakreste ba ne ba thibeloa ka matla ho bolaea batho, e leng molao-motheo o ileng oa ba thibela hore ba kenelle lebothong la Roma.” Moprofesa C. J. Cadoux bukeng ea hae ea The Early Church and the World, oa ngola: “Ho fihlela pusong ea Marcus Aurelius ea bonyane [161-180 C.E.], ha ho Mokreste eo e neng e ka ba lesole ka mor’a hore a kolobetsoe.”
13. Ke hobane’ng ha ba bangata Bokreste-’mōtoaneng ba sa talime tšebeletso ea sesole joalokaha Bakreste ba pele ba ne ba e talima?
13 Ke hobane’ng ha litho tsa likereke tsa Bokreste-’mōtoana li sa talime lintho ka tsela ee kajeno? Ka lebaka la phetoho e khōlō e ileng ea e-ba teng lekholong la bone la lilemo. Buka ea K’hatholike ea A History of the Christian Councils ea hlalosa: “Bakreste ba bangata, . . . ba tlas’a baemphera ba bahetene, ba ne ba e-na le melao-motheo ea bolumeli e hanelang tšebeletso ea sesole, ’me ba hana ka tieo ho nka lihlomo kapa ho seng joalo ba ne ba e furalla. Sinoto [ea Arles, e neng e tšoeroe ka 314 C.E.], ha e hlahloba liphetoho tse entsoeng ke Constantine, e ile ea hlalosa ka ho hlakileng tlamo eo Bakreste ba nang le eona ea ho tlameha ho sebeletsa ntoeng, . . . hobane Kereke e khotsong (in pace) tlas’a khosana e nang le botsoalle le Bakreste.” Ka lebaka la ho furalloa hona ha lithuto tsa Jesu, ho tloha ka nako eo ho fihlela hona joale, baruti ba Bokreste-’mōtoana ba ’nile ba khothalletsa mehlape ea bona ho sebeletsa mabothong a lichaba, le hoja batho ba bang ba ’nile ba ema e le ba hanang ho kena sesoleng ka lebaka la letsoalo.
14, 15. (a) Bakreste linaheng tse ling ba batla ho lokolloa tšebeletsong ea sesole ka mabaka afe? (b) Moo bolokolohi bo sa fumaneheng, ke melao-motheo efe ea Mangolo e tla thusa Mokreste ho etsa qeto e nepahetseng tabeng ea tšebeletso ea sesole?
14 Na kajeno Bakreste ba tlamehile ho latela bongata tabeng ee? Che. Haeba Mokreste ea inehetseng le ho kolobetsoa a lula naheng eo ho eona basebeletsi ba bolumeli ba lokolloang tšebeletsong ea sesole, a ka ’na a sebelisa tokisetso ena, hobane ha e le hantle ke mosebeletsi. (2 Timothea 4:5) Linaha tse ’maloa, ho akarelletsa le United States le Australia, li fane ka bolokolohi bo joalo esita le linakong tsa ntoa. ’Me nakong ea khotso, linaheng tse ngata tse ntšetsang pele tšebeletso ea sesole e qobellang, Lipaki tsa Jehova, e le basebeletsi ba bolumeli, li fuoa bolokolohi. Kahoo li ka tsoela pele ho thusa batho ka tšebeletso ea tsona ea phatlalatsa.
15 Leha ho le joalo, ho thoe’ng haeba Mokreste a lula naheng eo ho eona basebeletsi ba bolumeli ba sa fuoeng bolokolohi? Joale o tla tlameha ho etsa qeto ea botho ho latela letsoalo la hae le koetlisitsoeng ka Bibele. (Bagalata 6:5) Le hoja a nahana ka matla a Sesare a ho laela, o tla seka-seka ka hloko seo a se kolotang Jehova. (Pesaleme ea 36:9; 116:12-14; Liketso 17:28) Mokreste o tla hopola hore letšoao la Mokreste oa ’nete ke lerato bakeng sa balumeli-’moho le eena kaofela, esita le ba lulang linaheng tse ling kapa ba merabe e meng. (Johanne 13:34, 35; 1 Petrose 2:17) Ho feta moo, a ke ke a lebala melao-motheo ea Mangolo e fumanoang litemaneng tse kang Esaia 2:2-4; Matheu 26:52; Baroma 12:18; 14:19; 2 Bakorinthe 10:4; le Baheberu 12:14.
Tšebeletso ea ’Muso
16. Linaheng tse ling, ke tšebeletso efe eo e seng ea sesole eo Sesare a batlang hore ba sa amoheleng tšebeletso ea sesole ba e etse?
16 Leha ho le joalo, ho na le libaka tseo ho tsona le hoja Naha e sa lumelle ho lokolloa ha basebeletsi ba bolumeli tšebeletsong ea sesole, empa e hlokomela hore batho ba bang ba ka ’na ba hana ho e etsa. Linaha tse ngata ho tsena li etsa tokisetso ea hore batho ba joalo ba etsang liqeto ka lebaka la letsoalo ba se qobelloe ho etsa tšebeletso ea sesole. Libakeng tse ling tšebeletso ea ’muso e hlokahalang, e kang mosebetsi o molemo bathong ba metse e itseng, e nkoa e le tšebeletso ea sechaba eo e seng ea sesole. Na Mokreste ea inehetseng a ka amohela tšebeletso e joalo? Le mona, Mokreste ea inehetseng ea kolobelitsoeng o ne a tla tlameha ho iketsetsa qeto motheong oa letsoalo la hae le koetlisitsoeng ka Bibele.
17. Na ho na le mohlala oa Bibele bakeng sa tšebeletso ea ’muso eo e seng ea sesole?
17 Ho bonahala eka tšebeletso e qobellang e ne e etsoa mehleng ea Bibele. Buka e ’ngoe ea histori e re: “Ho ekelletsa makhethong le seo baahi ba Judea ba neng ba qobelloa ho se ntša, ho ne ho boetse ho e-na le corvée [mosebetsi o etsoang ntle ho tefo oo ba nang le matla a ho laela sechabeng ba qobellang hore o etsoe]. Ena ke tokisetso ea boholo-holo ka Bochabela, eo Magerike le Maroma a neng a na le matla a ho laela a ileng a tsoela pele ho e boloka. . . . Testamente e Ncha, le eona, e bua ka mehlala ea mosebetsi o etsoang ntle ho tefo oo ba nang le matla a ho laela sechabeng ba neng ba qobella hore o etsoe ho e-na le ho ntša makhetho Judea, ha e bontša kamoo e neng e atile kateng. Tumellanong le mokhoa ona, masole a ile a hatella Simone oa Cyrene hore a nke sefapano [thupa ea tlhokofatso] sa Jesu (Matheu 5:41; 27:32; Mareka 15:21; Luka 23:26).”
18. Hangata Lipaki tsa Jehova li sebetsa tumellanong le tšebeletso efe ea metseng eo e seng ea sesole le eo e seng ea bolumeli?
18 Ka ho tšoanang, kajeno linaheng tse ling Naha kapa ba nang le matla a ho laela sebakeng ka seng ba hloka hore baahi ba kenelle mefuteng e sa tšoaneng ea tšebeletso ea metseng. Ka linako tse ling sena se etsoa bakeng sa mosebetsi o khethehileng, o kang ho cheka liliba kapa ho aha litsela; ka linako tse ling ke mosebetsi o etsoang kamehla, o kang ho lokisa litsela, likolo kapa lipetlele beke le beke. Moo tšebeletso e joalo ea ’muso e leng molemong oa batho ba metse e itseng ’me e sa amane le bolumeli ba bohata kapa e se khahlanong le matsoalo a Lipaki tsa Jehova ka tsela e itseng, li ’nile tsa sebetsa tumellanong le eona. (1 Petrose 2:13-15) Hangata sena se ’nile sa fella ka bopaki bo babatsehang ’me ka linako tse ling se ’nile sa khutsisa bao ka bohata ba qosang Lipaki ka hore li khahlanong le ’muso.—Bapisa le Matheu 10:18.
19. Mokreste o lokela ho atamela taba joang haeba Sesare a mo kōpa hore a etse tšebeletso ea sechaba eo e seng ea sesole ka nako e itseng?
19 Leha ho le joalo, ho thoe’ng haeba Naha e hloka hore Mokreste ka nako e itseng a etse tšebeletso ea ’muso eo e leng karolo ea tšebeletso ea sechaba tlas’a tsamaiso ea motho ea sa ameheng sesoleng? Le mona Bakreste ba tlameha ho iketsetsa qeto e thehiloeng letsoalong le rutehileng. “Bohle re tla ema ka pel’a setulo sa kahlolo sa Molimo.” (Baroma 14:10) Bakreste ba talimaneng le tlhoko ea Sesare ba lokela hore ka thapelo ba ithute taba eo ’me ba thuise ka eona.a E ka ’na ea boela ea e-ba bohlale ho bua ka taba eo le Bakreste ba hōlileng tsebong ka phuthehong. Ka mor’a ho etsa joalo qeto ea botho e tlameha ho etsoa.—Liproverbia 2:1-5; Bafilippi 4:5.
20. Mokreste o thusoa ke lipotso life le melao-motheo ea Mangolo ho beha mabaka tabeng ea tšebeletso ea ’muso sechabeng eo e seng ea sesole?
20 Ha ba ntse ba etsa patlisiso ena, Bakreste ba ka nahana ka melao-motheo ea Bibele e ’maloa. Pauluse o ile a bolela hore re tlameha “ho ipeha tlaase le ho mamela mebuso le ba nang le matla a ho laela e le babusi, ho lokela mosebetsi o mong le o mong o molemo, . . . ho ba le kahlolo e molemo, ho bontša bonolo bohle ho batho bohle.” (Tite 3:1, 2) Ka nako e tšoanang, e ka ba hantle ha Bakreste ba ka hlahloba mosebetsi oa ’muso oo ba o fuoang. Haeba ba o amohela, na ba tla khona ho boloka ho se jele paate ha Bokreste? (Mikea 4:3, 5; Johanne 17:16) Na ba ne ba tla ameha bolumeling bo itseng ba bohata? (Tšenolo 18:4, 20, 21) Na ho o etsa ho ne ho tla ba thibela kapa ka ho sa utloahaleng ho ba beele meeli mabapi le ho phetha boikarabelo ba bona ba Bokreste? (Matheu 24:14; Baheberu 10:24, 25) Ka lehlakoreng le leng, na ba ne ba tla khona ho tsoela pele moeeng, mohlomong esita le ho kopanela tšebeletsong ea nako e tletseng ha ba ntse ba etsa tšebeletso e hlokahalang?—Baheberu 6:11, 12.
21. Ho sa tsotellehe hore na mor’abo rōna ea sebetsanang le taba ea tšebeletso ea ’muso sechabeng eo e seng ea sesole o etsa qeto efe, phutheho e lokela ho mo talima joang?
21 Ho thoe’ng haeba likarabo tsa Mokreste tse tšepahalang lipotsong tse joalo li etsa hore a etse qeto ea hore tšebeletso ea ’muso sechabeng ke ‘mosebetsi o molemo’ oo a ka o etsang ka lebaka la ho mamela ba nang le matla a ho laela? Eo ke qeto ea hae ka pel’a Jehova. Baholo ba khethiloeng le ba bang ba lokela ho hlompha ka ho feletseng letsoalo la eo mor’abo rōna ’me ba tsoele pele ho mo nka e le Mokreste ea leng boemong bo botle. Leha ho le joalo, haeba Mokreste a ikutloa hore a ke ke a etsa tšebeletso ena ea ’muso, boemo ba hae le hona mona bo lokela hore bo hlomphuoe. Le eena o lula a le boemong bo botle ’me o lokela ho fumana tšehetso e lerato.—1 Bakorinthe 10:29; 2 Bakorinthe 1:24; 1 Petrose 3:16.
22. Ho sa tsotellehe hore na re tobane le boemo bofe, re tla tsoela pele ho etsa’ng?
22 Re le Bakreste re ke ke ra khaotsa ho fa “ea batlang tlhompho, tlhompho e joalo.” (Baroma 13:7) Re tla hlompha taolo e molemo re be re batle ho ba baahi ba nang le khotso, ba bolokang molao. (Pesaleme ea 34:14) Re ka ba ra rapela “malebana le marena le bohle ba boemong bo phahameng” ha batho bana ba biletsoa ho etsa liqeto tse amang bophelo ba rōna ba Bokreste le mosebetsi oa rōna. Ka lebaka la ho lefa lintho tsa Sesare ho Sesare, re tšepa hore “re ka tsoela pele re phela bophelo bo khutsitseng le bo thōtseng ka boinehelo bo feletseng ba bomolimo le ho nka lintho ka botebo ho feletseng.” (1 Timothea 2:1, 2) Ka holimo ho tsohle, re tla tsoela pele ho bolela litaba tse molemo tsa ’Muso e le oona tšepo feela ea moloko oa batho, re lefa lintho tsa Molimo ho Molimo ka lebaka la matsoalo a rōna.
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Bona Molula-Qhooa oa November 15, 1964, leqepheng la 517, serapeng sa 21.
Na U ka Hlalosa?
◻ Kameho ea pele ea Mokreste ke efe ha a leka-lekanya kamano ea hae le Sesare le Jehova?
◻ Re kolota Jehova eng eo le ka mohla re ke keng ra e fa Sesare?
◻ Ke lintho life tseo ka nepo re li fang Sesare?
◻ Ke mangolo afe a re thusang ho etsa qeto e nepahetseng tabeng ea tšebeletso ea sesole e qobellang?
◻ Re lokela ho hopola lintho life haeba re bilelitsoe tšebeletsong ea ’muso sechabeng eo e seng ea sesole?
◻ Mabapi le Jehova le Sesare, re lokela ho tsoela pele ho etsa’ng?
[Setšoantšo se leqepheng la 16, 17]
Baapostola ba ile ba bolella Sanhedrine: “Re lokela ho mamela Molimo e le ’musi ho e-na le batho”