Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • Litaba Tse Molemo li Boleloa Joang?
    U ka Thaba ka ho sa Feleng!—Lenaneo la ho Ithuta Bibele
    • 4. Re sebetsa ka thata e le hore re bue le batho ka Bibele

      Rona Lipaki Tsa Jehova re leka kahohle ho bua le batho ka Bibele hohle moo re kopanang le bona. Bapala VIDEO ebe le buisana ka potso e latelang.

      VIDEO: Litaba Tse Molemo li Boleloa “ho Isa Karolong e Hole-Hole ea Lefatše” (7:33)

      • Ke eng e u khahlang ka boiteko ba ho ruta batho Bibele boo Lipaki Tsa Jehova li bo etsang?

      Bala Matheu 22:39 le Baroma 10:13-15 ebe le buisana ka lipotso tse latelang:

      • Mosebetsi oa rona oa ho ruta batho Bibele o bontša joang hore re rata batho ba bang?

      • Jehova o ikutloa joang ka batho ba rutang batho Bibele? (Sheba temana ea 15.)

  • Re ka Etsa’ng Hore Molimo a re Nke re Hloekile?
    U ka Thaba ka ho sa Feleng!—Lenaneo la ho Ithuta Bibele
    • 4. Khaotsa mekhoa e litšila

      Motho o lahlela koae ka moqomong.

      Jehova a ka re thusa ho hlola mekhoa eohle e litšila

      Haeba oa tsuba kapa u sebelisa lithethefatsi ho itlhabolla, e ka ’na eaba oa tseba hore na ho thata hakae ho tlohela lintho tsena. U ka thusoa ke’ng? Nahana hore na ntho ena eo u tloaetseng ho e etsa e u ama joang. Bala Matheu 22:37-39. Ka mor’a moo le buisane ka hore na ho tsuba koae le ho sebelisa lithethefatsi hampe ho ka ama . . .

      • kamano ea motho le Jehova joang.

      • kamano ea motho le lelapa la hae le batho ba bang joang.

      Rera hore na u tla etsa joang e le hore u hlole tloaelo e litšila.a Bapala VIDEO.

      VIDEO: Ithute ho Ithiba (2:47)

      Bala Bafilipi 4:13 ebe le buisana ka potso ena:

      • Re ka hlola mekhoa e mebe joang haeba re rapela, re ithuta Bibele ebile re ea libokeng kamehla?

      5. Loantša menahano le liketso tse litšila

      Bala Bakolose 3:5 ebe le buisana ka lipotso tsena:

      • Re tseba joang hore pornography, ho romellana melaetsa e tsosang takatso le ho ipholla litho tsa botona kapa tsa botšehali ho fosahetse ho Jehova?

      • Na ke ntho e utloahalang hore ebe Jehova o batla hore re itšoare hantle? Ke hobane’ng ha u cho joalo?

      Bona hore na ke’ng e ka u thusang ho loantša menahano e litšila. Bapala VIDEO.

      VIDEO: Lula U Hloekile Boitšoarong (1:51)

      Jesu o ile a etsa papiso e bontšang hore re lokela ho ikemisetsa ho etsa eng kapa eng e hlokahalang hore re lule re hloekile. Bala Matheu 5:29, 30 ebe le buisana ka potso ena:

      • Jesu o ne a sa bolele hore re lokela ho itematsa, empa o ne a bolela hore re lokela ho nka bohato. Motho a ka nka mohato ofe ho qoba ho nahana ka lintho tse litšila?b

      Haeba u loanela ho khaotsa ho nahana lintho tse litšila, Jehova o ananela boiteko ba hao. Bala Pesaleme ea 103:13, 14 ebe le buisana ka potso ena:

      • Haeba u thatafalloa ho tlohela mokhoa o itseng o litšila, lengolo lee le u thusa joang hore u se ke oa tela?

      U se ke oa tela

      U ka ’na oa re: ‘Ke hlolehile, ke hore fela ke tele.’ Nahana ka taba ena: Ha semathi se ka khoptjoa eaba sea oa, ha ho bolele hore se hlotsoe peisong kapa hore se lokela ho qala qalong. Ka tsela e tšoanang, haeba u ka etsa ntho eo u ntseng u loanela ho e tlohela ha ho bolele hore u hlotsoe. Hape ha ho bolele hore boiteko boo u seng u bo entse bo ile le metsi. E khoptjoa e le maoto mane, u se ke oa tela. U ka khona ho tlohela mekhoa e mebe ha Jehova a u thusa.

      Semathi se neng se oele sea phahama.
Lingoloa Tsa Sesotho Lesotho (1979-2027)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Melao ea Tšebeliso
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela