“Ha ho Mohla Motho e Mong a Kileng a Bua Tjena”
“Kaofela ba qala ho fana ka bopaki bo molemo ka eena le ho hlolloa ke mantsoe a khahlisang a tsoang molomong oa hae.”—LUKA 4:22.
1, 2. (a) Ke hobane’ng ha balaoli ba neng ba rometsoe ho ea tšoara Jesu ba ile ba khutla ba kobile linala? (b) Ke’ng e bontšang hore hase balaoli bao feela ba neng ba hapiloe maikutlo ke tsela ea Jesu ea ho ruta?
BALAOLI ba ile ba hlōloa ho phetha thōmo ea bona. Ba ne ba ronngoe ho ea tšoara Jesu Kreste, empa ba khutla ba kobile linala. Baprista ba phahameng le Bafarisi ba ne ba batla lebaka la sena: “Ke hobane’ng ha le sa . . . mo tlisa?” Ha e le hantle, ke hobane’ng ha balaoli ba ne ba sa tšoara motho ea neng a ke ke a itoanela? Balaoli ba ile ba hlalosa, ba re: “Ha ho mohla motho e mong a kileng a bua tjena.” Tsela ea Jesu ea ho ruta e ne e ba hapile maikutlo hoo ba neng ba se na lebaka la ho isa motho enoa oa khotso litlamong.a—Johanne 7:32, 45, 46.
2 Hase balaoli bana feela ba neng ba hapiloe maikutlo ke tsela ea Jesu ea ho ruta. Bibele e re bolella hore matšoele a ne a tlela feela ho tla mo mamela ha a bua. Batho ba motse oa habo ba ile ba tsota “mantsoe a khahlisang a tsoang molomong oa hae.” (Luka 4:22) Ka makhetlo a fetang le le leng o ile a bua a le seketsoaneng le bongata bo boholo bo neng bo bokane lebōpong la Leoatle la Galilea. (Mareka 3:9; 4:1; Luka 5:1-3) Ketsahalong e ’ngoe, “bongata bo boholo” bo ile ba lula le eena matsatsi a itseng, bo bile bo sa je le ho ja.—Mareka 8:1, 2.
3. Lebaka la sehlooho le neng le etsa Jesu mosuoe ea hlaheletseng ke lefe?
3 Ke’ng e neng e etsa hore Jesu e be mosuoe ea hlaheletseng? Lebaka le ka sehloohong e ne e le lerato.b Jesu o ne a rata linnete tseo a li bolellang ba bang, hape o ne a rata batho bao a neng a ba ruta. Ntho e ’ngoe hape, Jesu o ne a e-na le tsebo e fetisisang ea mekhoa ea ho ruta. Lihloohong tse ithutoang tse tokollong ena, re tla tšohla mekhoa e meng e atlehang eo a neng a e sebelisa le hore na re ka e etsisa joang.
Ho Itlhalosa ka Tsela e Bonolo le e Hlakileng
4, 5. (a) Ke hobane’ng ha Jesu a ile a sebelisa puo e hlakileng ha a ruta, ’me ke’ng e tsotehang ka hore ebe o ne a etsa joalo? (b) Ke joang Thuto ea Thabeng e leng mohlala oa tsela e bonolo eo Jesu a neng a ruta ka eona?
4 Ho tloaelehile hore batho ba rutehileng ba sebelise puo eo bamameli ba bona ba sa e utloisiseng. Empa ha re bua ntho eo batho ba bang ba sa e utloisiseng, ba ka rua molemo tsebong ea rōna joang? E le mosuoe, ha ho mohla Jesu a ileng a bua ntho eo ba bang ba sa e utloisiseng. Nahana feela hore na o ne a e-na le tsebo e batsi hakaakang ea mantsoe ao a neng a ka a sebelisa. Empa, ho sa tsotellehe tsebo ea hae e khōlō, o ne a nahanela bamameli ba hae, eseng eena. O ne a tseba hore ba bangata ba bona e ne e le “batho ba sa rutehang le ba tloaelehileng.” (Liketso 4:13) E le hore ba mo utloisise, o ne a sebelisa puo eo batho ba neng ba ka e utloisisa. E ka ’na eaba o ne a sebelisa mantsoe a bonolo, empa e le a fetisang linnete tse susumetsang.
5 Ka mohlala, nahana ka Thuto ea Thabeng, e tlalehiloeng ho Matheu 5:3–7:27. E ka ’na eaba Jesu o ile a nka metsotso e 20 feela ho fana ka puo ena. Empa lithuto tsa eona lia susumetsa, li fihla botebong ba litaba tse kang bofebe, tlhalo le lerato la lintho tse bonahalang. (Matheu 5:27-32; 6:19-34) Leha ho le joalo, ha ho na lipolelo tse rarahaneng kapa tse bontšang makōkō. Ha e le hantle, mantsoe ’ohle le ngoana o ne a ka a utloisisa habonolo! Hoa utloahala hore ebe ha a qeta, matšoele—ao mohlomong a neng a akarelletsa balemi, balisa le batšoasi ba litlhapi ba bangata—a ne a ‘hloletsoe ke tsela ea hae ea ho ruta’!—Matheu 7:28.
6. Fana ka mohlala oa kamoo Jesu a ileng a bua lipolelo tse neng li le bonolo empa li e-na le moelelo.
6 Jesu o ne a atisa ho sebelisa lipoleloana tse hlakileng, tse khutšoanyane, tse bonolo empa li e-na le moelelo. Ke tsela eo ka eona a neng a hatisa molaetsa oa hae likelellong le lipelong tsa bamameli ba hae, mehleng ea pele ho hatisoa libuka. Mehlala e meng e hlokomelehang ke ena: “Ha ho eo e ka bang lekhoba la benghali ba babeli; . . . le ke ke la ba makhoba a Molimo le a Maruo.” “Khaotsang ho ahlola e le hore le se ke la ahloloa.” “Le tla tseba batho bao ka litholoana tsa bona.” “Batho ba phelang hantle ha ba hloke ngaka, empa ba kulang baa e hloka.” “Bohle ba nkang sabole ba tla timela ka sabole.” “Lefang Cesare lintho tsa Cesare, empa le lefe Molimo lintho tsa Molimo.” “Ho fana ho tlisa thabo e khōlō ho feta ho amohela.”c (Matheu 6:24; 7:1, 20; 9:12; 26:52; Mareka 12:17; Liketso 20:35) Ho fihlela joale, ho se ho fetile lilemo tse ka bang 2 000 Jesu a buile lipolelo tsena tse susumetsang, empa li ntse li hopoloa habonolo.
Ho Sebelisa Lipotso
7. Ke hobane’ng ha Jesu a ne a botsa lipotso?
7 Jesu o ne a sebelisa lipotso ka tsela e tsotehang. Hangata o ne a li botsa le haeba ho ne ho sa tl’o nka nako hore a bolelle bamameli ba hae taba ka ho toba. Joale, ke hobane’ng ha a ne a botsa lipotso? Ka linako tse ling, o ne a botsa lipotso tse fatang maikutlo ho talola bahanyetsi ba hae, a ba koala melomo. (Matheu 12:24-30; 21:23-27; 22:41-46) Leha ho le joalo, maemong a mangata Jesu o ne a ipha nako ea ho botsa lipotso e le hore a bolele linnete, ho etsa hore bamameli ba hae ba ntše se ka lipelong tsa bona, hape e le hore a susumetse le ho koetlisa monahano oa barutuoa ba hae. A re hlahlobeng mehlala e ’meli, eo bobeli ba eona e amang moapostola Petrose.
8, 9. Jesu o ile a sebelisa lipotso joang ho thusa Petrose ho fihlela qeto e nepahetseng tabeng ea ho lefa lekhetho la tempele?
8 Ntho ea pele, hopola ketsahalo ea ha babokelli ba lekhetho ba botsa Petrose hore na Jesu o lefa lekhetho la tempele.d Petrose, eo ka linako tse ling a neng a phosumela litaba, o ile a araba a re, “E.” Leha ho le joalo, nakoana hamorao, Jesu o ile a mo bula kelello a re: “‘U nahana joang, Simone? Marena a lefatše a amohela lekhetho la thepa kapa lekhetho la hlooho ho bo-mang? Ho bara ba ’ona kapa ho basele?’ Ha a re: ‘Ho basele,’ Jesu a re ho eena: ‘Joale, ka sebele, bara ba lokolohile lekhethong.’” (Matheu 17:24-27) Petrose o ne a lokela ho bona ka ho totobetseng pakane ea lipotso tsa Jesu. Hobane’ng?
9 Hobane mehleng ea Jesu, ho ne ho tsebahala hore litho tsa lelapa la borena ha li lefe lekhetho. Kahoo, joaloka Mora ea tsoetsoeng a ’notši oa Morena oa leholimo ea neng a rapeloa tempeleng eo, Jesu o ne a sa tlameha ho lefa lekhetho leo. Hlokomela hore ho e-na le hore Jesu a bolelle Petrose karabo e nepahetseng, ka katleho empa e le ka tsela e bonolo, o ile a sebelisa lipotso ho thusa Petrose hore a fihlele qeto e nepahetseng—’me mohlomong le ho mo thusa ho bona bohlokoa ba ho inahana ka hloko haholo pele a bua.
10, 11. Jesu o ile a etsa’ng ha Petrose a khaola tsebe ea monna e mong bosiung ba Paseka ka 33 C.E., ’me see se bontša joang hore Jesu o ne a utloisisa bohlokoa ba lipotso?
10 Mohlala oa bobeli o ama se ileng sa etsahala bosiung ba Paseka ka 33 C.E. ha mokhopi o tlile ho tla tšoara Jesu. Barutuoa ba ile ba botsa Jesu hore na ba loane ho mo sireletsa. (Luka 22:49) Petrose ha aa ka a emela karabo empa o ile a khaola tsebe ea monna e mong ka sabole (le hoja e ka ’na eaba Petrose o ne a rerile ho etsa kotsi e khōlō ho feta eo). Petrose o ile a etsa se khahlanong le thato ea monghali oa hae, etsoe Jesu o ne a ikemiselitse ka hohle ho inehela. Jesu o ile a etsa joang? Kaha kamehla o ne a sa fele pelo, o ile a botsa Petrose lipotso tse tharo: “Na ruri ha kea lokela ho noa senoelo seo Ntate a mphileng sona?” “U nahana hore nke ke ka ipiletsa ho Ntate hore a mphe ka oona motsotso oo lilegione tse fetang leshome le metso e ’meli tsa mangeloi? Tabeng eo, Mangolo a ne a tla phethahala joang a hore ho tla etsahala ka tsela ee?”—Johanne 18:11; Matheu 26:52-54.
11 Nahana ka motsotsoana ka tlaleho ena. Jesu, ea neng a pota-potiloe ke mokhopi o halefileng, o ne a tseba hore lefu la hae le haufi le hore ho hlatsuoa ha lebitso la Ntat’ae le ho pholosoa ha moloko oa batho ho itšetlehile ka eena. Leha ho le joalo, o ile a ipha nako hona hoo hore ka lipotso a hatise linnete tsa bohlokoa kelellong ea Petrose. Na ha hoa hlaka hore Jesu o ne a utloisisa bohlokoa ba lipotso?
Pheteletso e Hlakisang Taba
12, 13. (a) Pheteletso ke’ng? (b) Jesu o ile a sebelisa pheteletso joang ho hatisa booatla ba ho nyatsa-nyatsa liphoso tse nyenyane tsa barab’abo rōna?
12 Tšebeletsong ea hae, hangata Jesu o ne a sebelisa pheteletso, e leng tsela e ’ngoe e ntle ea ho ruta. Pheteletso ena e etsoa ka boomo ka morero oa ho hatisa taba. Jesu o ne a sebelisa pheteletso ho etsa hore ka likelellong tsa batho ho be le litšoantšo tseo ho leng thata ho li lebala. A re hlahlobeng mehlala e seng mekae.
13 Thutong ea Thabeng, ha Jesu a ne a hatisa hore hoa hlokahala ho ‘khaotsa ho ahlola’ batho ba bang, o ile a re: “Joale, ke hobane’ng ha u sheba lehlokoa le ka leihlong la mor’eno, empa u sa nahane ka leballo le ka leihlong la hao?” (Matheu 7:1-3) Na kelellong ea hao u bona se etsahalang? Motho ea tloaetseng ho nyatsa-nyatsa o ithaopela ho ntša lehlokoa le pala ka “leihlong” la mor’abo. Enoa ea nyatsa-nyatsang o ne a tla bolela hore mor’abo o ne a ke ke a bona hantle hore a fane ka likahlolo tse amohelehang. Empa matla a ho ahlola a ea nyatsa-nyatsang ka boeena a sitisoa ke “leballo”—thupa kapa palo tse ka ’nang tsa sebelisetsoa ho emisa marulelo. Ke tsela e sa lebaleheng hakaakang ea ho hatisa kamoo e leng booatla kateng ho nyatsa-nyatsa liphoso tse nyenyane tsa barab’abo rōna empa e ka ’na eaba re na le liphoso tse tebileng ka borōna!
14. Ke hobane’ng ha mantsoe a Jesu mabapi le ho sefa monoang le ho koenya kamele e ne e le pheteletso e susumetsang ka ho khethehileng?
14 Ketsahalong e ’ngoe, Jesu o ile a talola Bafarisi hore ke “batataisi ba foufetseng, ba sefang monoang empa ba koenya kamele.” (Matheu 23:24) O ne a sebelisitse pheteletso ka mokhoa o susumetsang haholo. Hobane’ng? Hobane phapang e ne e hlolla pakeng tsa monoang o monyenyane le kamele, e leng phoofolo e khōlō ka ho fetisisa e neng e tsejoa ke bamameli ba Jesu. Ho hakanngoa hore ho ne ho tla hlokahala menoang e limilione tse 70 ho etsa boima ba kamele e tloaelehileng! Hape, Jesu o ne a tseba hore Bafarisi ba sefa veine ea bona ka lesela le sefang. Lingangele tseo tsa molao li ne li etsa sena e le hore li qobe ho koenya monoang oo ka moetlo o neng o tla li silafatsa. Leha ho le joalo, ka tšoantšetso li ne li koenya kamele, empa le eona e ntse e sa hloeka. (Levitike 11:4, 21-24) Taba eo Jesu a neng a batla ho e hlakisa e ne e totobetse. Bafarisi ba ne ba le hloahloa ho lateleng litlhokahalo tse nyenyane ka ho fetisisa tsa Molao, empa ba ne ba hlokomoloha litaba tse toma, e leng “toka le mohau le botšepehi.” (Matheu 23:23) Jesu o ile a ba talola hakaakang!
15. Ke lithuto life tse ling tseo Jesu a li rutileng a sebelisa pheteletso?
15 Jesu o ne a sebelisa pheteletso hangata nakong ea tšebeletso ea hae. Nahana ka mehlala e meng. “Tumelo e boholo ba thollo [e nyenyane] ea mosetareta” e ka suthisang thaba—mona Jesu o ne a fumane tsela e ntle ka ho fetisisa ea ho hatisa hore esita le tumelo e nyenyane e ka finyella ho hoholo. (Matheu 17:20) Kamele e khōlō e lekang ho ipetetsa hore e kene lesobeng la nale ke mohlala o motle hakaakang oa bothata boo morui a talimanang le bona ha a leka ho sebeletsa Molimo empa a ntse a tšoareletse bophelong ba ho rata lintho tse bonahalang! (Matheu 19:24) Na ha u khahloe ke lipapiso tse ntle tsa Jesu le bokhoni ba hae ba ho finyella katleho e khōlōhali ka mantsoe a se makae?
Ho Beha Mabaka Ka Tsela e Keng ea Hanyetsoa
16. Kamehla Jesu o ne a sebelisa kelello ea hae e chatsi ka tsela efe?
16 Kaha Jesu o ne a e-na le kelello e phethahetseng, o ne a khona ho beha mabaka ka tsela e utloahalang ha a bua le batho. Leha ho le joalo, o ne a sa sebelise bokhoni ba hae hampe. Ha a ruta, kamehla o ne a sebelisa kelello ea hae e chatsi ho buella ’nete. Ka linako tse ling, o ne a sebelisa mabaka a matla ho hanyetsa liqoso tsa bohata tsa bahanyetsi ba hae ba bolumeli. Maemong a mangata, o ne a sebelisa mabaka a utloahalang e le hore a rute barutuoa ba hae lithuto tsa bohlokoa. A re hlahlobeng bokhoni ba Jesu bo boholo ba ho sebelisa mabaka.
17, 18. Jesu o ile a sebelisa lebaka lefe le matla ho hanyetsa qoso ea Bafarisi ea bohata?
17 Nahana ka ketsahalo eo ho eona Jesu a ileng a phekola monna ea neng a foufetse hape e le semumu, ea neng a e-na le modemona. Ha Bafarisi ba utloa taba ena, ba ile ba re: “Motho enoa ha a leleke bademona haese ka Beelzebube [Satane], ’musi oa bademona.” Hlokomela hore Bafarisi ba ne ba lumela hore ho hlokahala matla a phahametseng motho ho leleka bademona ba Satane. Leha ho le joalo, e le hore ba thibele batho ho lumela ho Jesu, ba ile ba re matla a hae a tsoa ho Satane. Ha Jesu a bontša hore ha baa nahanisisa mabaka a bona hantle e le hore ba finyelle qeto e utloahalang, o araba ka ho re: “’Muso o mong le o mong o arohaneng o fetoha lesupi, le motse o mong le o mong kapa ntlo e arohaneng e ke ke ea ema. Ka tsela e tšoanang, haeba Satane a leleka Satane, o arohane; joale, ’muso oa hae o tla ema joang?” (Matheu 12:22-26) Ha e le hantle, Jesu o ne a re: ‘Haeba, joalokaha le bolela, ke ne ke le moemeli oa Satane, ke etsolla seo Satane a se entseng, Satane o ne a tla be a loantša mesebetsi ea hae ’me o ne a tla oa haufinyane.’ Lebaka lena le ne le le matla, na ha ho joalo?
18 Joale Jesu o beha lebaka le leng tabeng ena. O ne a elelloa hore Bafarisi ba bang ba ile ba leleka bademona. Kahoo, o ile a botsa potso e bonolo empa e tsietsang, a re: “Haeba ke leleka bademona ka Beelzebube, bara [kapa barutuoa] ba lōna ba ba leleka ka mang?” (Matheu 12:27) Ka mantsoe a mang, Jesu o ne a beha lebaka la ho re: ‘Haeba ke ’nete hore ke leleka bademona ka matla a Satane, barutuoa ba lōna le bona ba sebetsa ka matla ’ona ao.’ Bafarisi ba ne ba ka re’ng? Ba ne ba ke ke ba lumela hore barutuoa ba bona ba sebetsa ka matla a Satane. Jesu o ile a sebelisa mabaka a ke keng a hanyetsoa ho fetola qoso ea bona ntho e sa utloahaleng.
19, 20. (a) Jesu o ile a beha mabaka ka tsela efe e khothatsang? (b) Jesu o ile a sebelisa lekhotsa, “hakaakang,” ka tsela efe ha a arabela kōpo ea barutuoa ba hae ea hore a ba rute ho rapela?
19 Ntle le ho sebelisa mabaka ho khutsisa bahanyetsi ba hae, Jesu o ne a sebelisa likhanyetso tse utloahalang le tse susumetsang ho ruta linnete tse khothatsang le tse khathollang ka Jehova. Ka makhetlo a ’maloa, o ile a sebelisa lekhotsa, “hakaakang,” ho thusa bamameli ba hae ho tsoela pele ho tloha ’neteng e tloaelehileng e le hore ba kholisehe ka ho eketsehileng. A re hlahlobeng mehlala e ’meli feela.
20 Ha Jesu a ne a arabela kōpo ea barutuoa ba hae ea hore a ba rute ho rapela, o ile a etsa papiso ea monna eo “ho qophella ha hae ho sebete” ho ileng ha qetella ho susumelitse motsoalle oa hae ea leqe hore a arabele kōpo ea hae. Hape, Jesu o ile a hlalosa boikemisetso ba batsoali ba “ho fa bana ba [bona] limpho tse ntle.” Eaba o phetha ka ho re: “Ka hona, haeba lōna, le hoja le le khopo, le tseba ho fa bana ba lōna limpho tse ntle, Ntate ea leholimong o tla fana ka moea o halalelang hakaakang ho ba mo kōpang!” (Luka 11:1-13) Mokhoa oo Jesu a o sebelisang mona ha o bontše ho tšoana ha taba, o bontša phapang ea eona. Haeba qetellong motsoalle ea leqe a ile a susumelletseha ho fa moahelani seo a se hlokang, hape haeba batsoali ba sa phethahalang le bona ba hlokomela litlhoko tsa bana ba bona, Ntat’a rōna ea lerato oa leholimo o tla fana ka moea o halalelang hakaakang ho bahlanka ba hae ba tšepahalang bao ka boikokobetso ba eang ho eena ka thapelo!
21, 22. (a) Jesu o ile a beha mabaka ka tsela efe ha a fana ka keletso mabapi le ho sebetsana le ho tšoenyeha ka lintho tse bonahalang? (b) Ka mor’a ho hlahloba mekhoa e seng mekae ea Jesu ea ho ruta, re phetha ka ho re’ng?
21 Jesu o ile a beha mabaka ka tsela e tšoanang ha a fana ka keletso mabapi le ho sebetsana le ho tšoenyeha ka lintho tse bonahalang. O ile a re: “Lemohang hore makhoaba ha a jale peō leha e le ho kotula, ’me ha a na moliko kapa ntlo ea polokelo, leha ho le joalo Molimo oa a fepa. Le ba bohlokoa hakaakang ho feta linonyana? Lemohang kamoo likhahla li hōlang kateng; ha li sehle leha e le ho ohla . . . Joale, haeba Molimo a apesa joalo limela tse naheng tseo kajeno li leng teng ’me hosasane li lahleloa ka ontong, ho e-na le hoo o tla le apesa hakaakang, lōna ba nang le tumelo e nyenyane!” (Luka 12:24, 27, 28) Haeba Jehova o hlokomela linonyana le lipalesa, o tla hlokomela bahlanka ba hae hakaakang! Ha ho pelaelo hore lipelo tsa bamameli ba Jesu li ile tsa angoa ke ho beha mabaka ka tsela e amang maikutlo le e matla joalo.
22 Ka mor’a ho hlahloba mekhoa e seng mekae ea Jesu ea ho ruta, ho bonolo hore re etse qeto hore balaoli bane ba ileng ba hlōloa ho tšoara Jesu ba ne ba sa feteletse ha ba ne ba re: “Ha ho mohla motho e mong a kileng a bua tjena.” Empa tsela ea ho ruta eo Jesu a tsebahalang hamolemo ka ho fetisisa ka eona ke ea ho sebelisa lipapiso, kapa litšoantšo. Ke hobane’ng ha a ne a sebelisa tsela ee? Hona ke’ng e neng e etsa hore lipapiso tsa hae li finyelle morero oa tsona hakaale? Ho tla tšohloa lipotso tsena sehloohong se latelang.
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Ho ka etsahala hore ebe balaoli bana e ne e le baromuoa ba Sanhedrine le hore ba ne ba le taolong ea baprista ba phahameng.
b Bona lihlooho “Ke le Behetse Mohlala” le ‘U Ntatele U sa Khaotse,’ tokollong ea August 15, 2002, ea Molula-Qhooa.
c Karolo ena e qetellang e qotsitsoeng ho Liketso 20:35, e qotsoa ke moapostola Pauluse feela, le hoja moelelo oa mantsoe ao o fumanoa Likosepeleng. E ka ’na eaba Pauluse o phetetsoe polelo eo (mohlomong ke morutuoa ea neng a e utloile ho Jesu kapa o e utloile ho Jesu ea tsositsoeng) kapa o e senoletsoe ke Molimo.—Liketso 22:6-15; 1 Bakorinthe 15:6, 8.
d Ho ne ho hlokahala hore Bajuda ba lefe lekhetho la tempele la selemo le selemo la lidrakema tse peli (hoo e ka bang moputso oa matsatsi a mabeli). Chelete ea lekhetho e ne e sebelisetsoa ho lefella tlhokomelo ea tempele, tšebeletso e etsoang teng le mahlabelo a letsatsi le letsatsi a neng a etsoa lebitsong la sechaba.
Na U sa Hopola?
• Ke mehlala efe e bontšang hore Jesu o ne a ruta ka tsela e bonolo le e hlakileng?
• Ke hobane’ng ha Jesu a ne a sebelisa lipotso ha a ruta?
• Pheteletso ke’ng, hona Jesu o ile a sebelisa tsela ee ea ho ruta joang?
• Jesu o ile a beha mabaka ka tsela e utloahalang joang ho ruta barutuoa ba hae linnete tse khathollang ka Jehova?
[Setšoantšo se leqepheng la 9]
Jesu o ne a sebelisa puo e bonolo e neng e ka utloisisoa ke batho ba tloaelehileng
[Setšoantšo se leqepheng la 10]
Bafarisi ba ne ba ‘sefa monoang empa ba koenya kamele’