Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • Se Hlileng se Hlokahalang Hore Motho a Thabe
    Molula-Qhooa—2004 | September 1
    • Leha ho le joalo, re ka ’na ra ipotsa hore na ke joang batho ba lapelang le ho nyoreloa ho loka kapa ba siameng ho ka thoe’ng ba thabile. Batho ba joalo ba na le pono ea sebele ka maemo a lefatše. Ba ‘feheloa le ho bobola ka lebaka la lintho tsohle tse manyala tse ntseng li etsoa’ mehleng ea rōna. (Ezekiele 9:4) Seo ka bosona ha se ba thabise. Leha ho le joalo, ha ba ithuta ka morero oa Molimo oa ho tlisa maemo a lokileng lefatšeng le ho tlisetsa batho ba hateletsoeng toka, thabo ea bona ea khaphatseha.—Esaia 11:4.

  • Se Hlileng se Hlokahalang Hore Motho a Thabe
    Molula-Qhooa—2004 | September 1
    • Batho ba siamang, ba lapelang le ho nyoreloa ho loka le ba elang hloko tlhoko ea bona ea moea baa tseba hore na ke habohlokoa hakae ho ba le kamano e ntle le ’Mōpi. Kamano e ntle le batho ba bang e tlisa thabo empa, thabo e khōloanyane e tlisoa ke ho ba le kamano e ntle le Molimo. E, bao ka tieo ba ratang se lokileng, ba ikemiselitseng ho amohela tataiso ea Molimo, ba ka thaba e le kannete.

Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela