“Re Bolelle, Lintho Tsee li Tla Etsahala Neng?”
“Ke le bolella tse ncha, ke le tsebisa tsona, li e-so ho hlahe.”—ESAIA 42:9.
1, 2. (a) Baapostola ba Jesu ba ile ba botsa eng mabapi le bokamoso? (b) Karabo ea Jesu mabapi le pontšo e nang le likarolo tse ngata e phethahetse neng?
THUTO ea bomolimo e tsoa ho Jehova Molimo, eo ‘ho tloha qalehong a tsebisitseng batho tsa ho qetela.’ (Esaea 46:10, BPN) Joalokaha sehlooho se etellang sena pele se bontšitse, baapostola ba ne ba batla thuto e joalo ho Jesu, ba ’motsa: “Re bolelle, Lintho tsee li tla etsahala neng, ’me pontšo e tla ba efe ha lintho tsee tsohle li lokela ho fela?”—Mareka 13:4, NW.
2 Ha a araba, Jesu o ile a hlalosa “pontšo” e nang le likarolo tse ngata e akareletsang liketsahalo tse fanang ka bopaki ba hore tsamaiso ea Bajode e ne e le haufi le ho fela. Sena se ile sa phethahatsoa ka ho timetsoa ha Jerusalema ka 70 C.E. Empa boprofeta ba Jesu bo ne bo tla ba le phethahatso e khōloanyane lilemo tse ngata hamorao. Hang ha “mehla e khethiloeng ea lichaba” e fela ka 1914, pontšo e neng e tla bonahala ka tekanyo e khōlō e ne e tla ba teng, e bontšang hore haufinyane tsamaiso ena e khopo e tla fela ka “mahlomola a maholo.”a (Luka 21:24, NW) Ba limilione ba phelang kajeno ba ka paka hore pontšo ena e phethahalitsoe lintoeng tsa lefatše le liketsahalong tse ling tsa bohlokoa tsa lekholo lena la bo20 la lilemo. Tsena le tsona li tšoaea phethahatso e khōlō ea boprofeta ba Jesu, phethahatso ena ea kajeno e na le litšobotsi tse tšoanang le tsa se ileng sa etsahala ho tloha ka 33 ho ea ho 70 C.E.
3. Ha a bua ka pontšo e ’ngoe, ke liketsahalo life tse eketsehileng tseo Jesu a ileng a li bolela esale pele?
3 Ka mor’a hore Luka a bue ka mehla e khethiloeng ea lichaba, litlaleho tse tšoanang le eo ho Mattheu, Mareka le Luka li hlalosa letoto la liketsahalo tse tsoelang pele tse akareletsang pontšo e itseng ho phaella ‘pontšong ea bofelo ba tsamaiso ea lintho’ e nang le likarolo tse ngata. (Mattheu 24:3) (Leqepheng la 15, ntlha ena tlalehong eo e tšoailoe ka mela e ’meli.) Mattheu o re: “Hang-hang ka mor’a mahlomola a mehla eo letsatsi le tla fifala, le khoeli ha e na ho fana ka khanya ea eona, le linaleli li tla oa maholimong, le tse matla tsa maholimo li tla sisinyeha. ’Me joale pontšo ea Mor’a motho e tla hlaha leholimong, ’me joale meloko eohle ea lefatše e tla ikotla e lle, ’me e tla bona Mor’a motho a e-tla ka maru a leholimo ka matla le ka khanya e khōlō. ’Me o tla romela mangeloi a hae ka molumo o moholo oa terompeta, ’me a tla bokella bakhethoa ba hae hammoho ho tsoa meeeng e mene, ho tloha pheletsong e ’ngoe ea maholimo ho ea ho e ’ngoe.”—Mattheu 24:29-31, NW.
Mahlomola le Limakatso tsa Leholimo
4. Ke lipotso life tse hlahang mabapi le limakatso tsa leholimo tseo Jesu a ileng a bua ka tsona?
4 See se ne se tla phethahala neng? Litlaleho tsena tse tharo tsa Kosepele li bua ka seo re ka se bitsang limakatso tsa leholimo—letsatsi le khoeli tsa fifala le linaleli tsa oa. Jesu o itse tsena li ne li tla latela “mahlomola.” Na Jesu o ne a nahanne ka mahlomola a ileng a fihla sehlōhlōlong sa ’ona ka 70 C.E., kapa o ne a bua ka mahlomola a maholo a ntseng a e-tla mehleng ee ea rōna?—Mattheu 24:29; Mareka 13:24.
5. Ke pono efe e kileng ea e-ba teng mabapi le mahlomola a kajeno?
5 Ho tloha ha linako tse khethiloeng tsa lichaba li fela ka 1914, batho ba Molimo ba ’nile ba thahasella ‘mahlomola a maholo’ ka matla. (Tšenolo 7:14) Ka nako e telele ba ne ba nahana hore mahlomola a maholo a kajeno a bile le karolo e qalang e tšoanang le nako ea Ntoa ea I ea Lefatše, joale ho be le nako e kenellang e fetolang mokhoa oo lintho li etsahalang ka oona, ’me qetellong e be karolo e qetellang, “ntoa ea letsatsi le leholo la Molimo o matla ’ohle.” Haeba ho ne ho le joalo, ke’ng se neng se tla etsahala mashomeng a lilemo a kenellang a “ho fela ha tsamaiso”?—Tšenolo 16:14; Mattheu 13:39; 24:3, NW; 28:20.
6. Ke’ng seo ho ileng ha nahanoa hore se phethahatsa boprofeta ba Jesu mabapi le limakatso tsa leholimo?
6 Ha e le hantle, ho ile ha nahanoa hore nakong ena e kenellang, pontšo e nang le liketsahalo tse ngata e tla bonoa, ho akareletsa le mosebetsi oa boboleli o etsoang ke batho ba Molimo ba bokeletsoeng. Hape ho ile ha bonahala hore limakatso tsa leholimo tse boletsoeng esale pele li ne li tla lebelloa nakong ena e kenellang ka mor’a karolo e qalang ka 1914-18. (Mattheu 24:29; Mareka 13:24, 25; Luka 21:25) Tlhokomelo e ne e lebisitsoe linthong tsa sebele maholimong—lifofa-sebakeng, li-rocket, cosmic kapa gamma rays le ho ba khoeling.
7. Ke kutloisiso efe e lokisitsoeng e ileng ea fanoa mabapi le mahlomola a maholo?
7 Leha ho le joalo, Molula-Qhooa oa July 15, 1970, o ile oa hlahloba boprofeta ba Jesu hape, haholo-holo mahlomola a maholo a tlang. Bo bontšitse hore ha ho nahanoa ka se etsahetseng lekholong la pele la lilemo, mahlomola a hona joale a ne a ke ke a qala ka 1914-18, e leng nako e kenellang ea mashome a lilemo, ’me hamorao a qalehe hape. Makasine ona o ile oa qetella: “‘Mahlomola a maholo’ ao ho e-song ho ka ho e-ba a kang ’ona a sa ntse a le ka pele, hobane a bolela ho senngoa ha ’muso oa lefatše oa bolumeli ba bohata (ho akareletsa le Bojakane) ho lateloang ke ‘ntoa ea letsatsi le leholo la Molimo o Matla ’Ohle’ ka Armageddone.”
8. Ho latela pono e lokisitsoeng ea mahlomola a kajeno, Mattheu 24:29 e ile ea hlalosoa joang?
8 Empa Mattheu 24:29 (NW) e bolela hore limakatso tsa leholimo li tla “hang-hang ka mor’a mahlomola.” See se ka etsahala joang? Molula-Qhooa oa November 1, 1975, o ile oa bolela hore tabeng ena “mahlomola” a bolela a ileng a fihla tlhōrōng ea ’ona ka 70 C.E. Empa ke ka kutloisiso efe ho ka boleloang hore limakatso tsa leholimo tsa mehla ea rōna li ile tsa etsahala “hang-hang” ka mor’a ketsahalo ea 70 C.E.? Ho ile ha behoa mabaka a hore mahlong a Molimo makholo a lilemo a leng lipakeng a ne a tla ba makhutšoanyane. (Ba-Roma 16:20; 2 Petrose 3:8) Leha ho le joalo, tlhahlobo e tebileng haholoanyane ea boprofeta bona, haholo-holo ba Mattheu 24:29-31, e fana ka tlhaloso e fapaneng haholo. Sena se bontša kamoo leseli le khanyang kateng “ka ho eketsehileng ho fihlela motšehare o phethehileng.” (Liproverbia 4:18, American Standard Version)b A re hlokomeleng hore na ke hobane’ng ha tlhaloso e ncha, kapa e fetohileng e le e loketseng.
9. Ke joang Mangolo a Seheberu a fanang ka semelo bakeng sa mantsoe a Jesu mabapi le liketsahalo tse etsahalang maholimong?
9 Ho baapostola ba bane ba hae, Jesu o ile a fana ka boprofeta ba ‘letsatsi le fifalang, khoeli e sa faneng ka khanya, le linaleli tse oang.’ Joaloka Bajode, ba ne ba tla hlokomela puo e joalo Mangolong a Seheberu, ka mohlala, ho Sofonia 1:15, nako ea Molimo ea kahlolo e bitsoa “tsatsi la tšenyo le la tšenyeho, ke tsatsi la lefifi le la botšo, ke tsatsi la maru le la lefifi le letšo.” Baprofeta ba Baheberu ba sa tšoaneng le bona ba ile ba hlalosa letsatsi e le le fifetseng, khoeli e sa khanye, le linaleli li sa fane ka khanya. U tla fumana puo e joalo melaetseng ea bomolimo khahlanong le Babylona, Edomo, Egepeta le ’muso oa Iseraele o ka leboea.—Esaia 13:9, 10; 34:4, 5; Jeremia 4:28; Ezekiele 32:2, 6-8; Amose 5:20; 8:2, 9.
10, 11. (a) Joele o profetile eng mabapi le lintho tse leng maholimong? (b) Ke likarolo life tsa boprofeta ba Joele tse ileng tsa phethahala ka 33 C.E., ’me ke life tse sa kang tsa phethahala ka nako eo?
10 Ha ba utloa seo Jesu a se buileng, mohlomong Petrose le ba bang ba bararo ba ile ba hopola boprofeta ba Joele bo ho Joele 2:28-31 le 3:15: “Ka mor’a tseo, ke tla tšollela moea oa ka holim’a nama eohle, ho be ho porofete bara ba lōna le barali ba lōna. . . . Ke tla etsa mehlolo leholimong le lefatšeng, mali, le mollo, le mouoane oa mosi. Letsatsi le tla fetoha lefifi, le khoeli e fetohe mali, ho e-so ho tle letsatsi la Jehova le leholo, le tšabehang.” “Letsatsi le khoeli lia fifala, le linaleli li honyetsa phatsimo ea tsona.”
11 Joalokaha ho boletsoe ho Liketso 2:1-4 le 14-21, ka Pentekonta ea 33 C.E., Molimo o ile a tšollela moea o halalelang ho barutuoa ba 120, ba banna le basali. Moapostola Petrose o ile a tsebahatsa sena e le seo Joele a ileng a se bolela esale pele. Leha ho le joalo, ho thoe’ng ka mantsoe a Joele mabapi le ‘letsatsi le fetohang lefifi, le khoeli e fetohang mali le linaleli tse honyetsang phatsimo ea tsona’? Ha ho letho le bontšang hore sena se ile sa phethahala ka 33 C.E. kapa nakong e bolelele ba lilemo tse ka holimo ho 30 ea bofelo ba tsamaiso ea Bajode ea lintho.
12, 13. Limakatso tsa leholimo tseo Joele a li boletseng esale pele li phethahetse joang?
12 Ho hlakile hore karolo eo e qetellang ea boprofeta ba Joele e ne e amana haholo le ‘ho tla ha letsatsi la Jehova le leholo, le tšabehang’—timetso ea Jerusalema. Molula-Qhooa oa July 1, 1967, o itse ka mahlomola ao a ileng a e-ba teng Jerusalema ka 70 C.E.: “Ka sebele leo e ne e le ‘letsatsi la Jehova’ mabapi le Jerusalema le bana ba eona. ’Me mabapi le letsatsi leo ho ne ho na le ‘mali le mollo le mouane oa mosi,’ letsatsi le sa khantše lefifi la motse motšehare, ’me khoeli e tšoantša mali a tšolotsoeng, e seng leseli la khoeli la khotso, le kang silevera bosiu.”c
13 E, joaloka boprofeta bo bong boo re bo hlokometseng, limakatso tsa leholimo tseo Joele a li boletseng esale pele li ne li lokela ho phethahala ha Jehova a tlisa kahlolo. Ho e-na le hore li etsahale ka nako ena eohle ea bofelo ba tsamaiso ea Bajode, ho fifala ha letsatsi, khoeli, le linaleli ho ile ha etsahala ha makhotla a boahloli a loantša Jerusalema. Ka ho utloahalang, re ka lebella phethahatso e khōloanyane ea karolo eo ea boprofeta ba Joele ha kahlolo ea Molimo ea tsamaiso ea hona joale e qala ho etsahala.
Ke Mahlomola Afe a Bileng Teng Pele ho Limakatso tsa Leholimo?
14, 15. Boprofeta ba Joele bo na le phello efe kutloisisong ea rōna ea Mattheu 24:29?
14 Phethahatso ea boprofeta ba Joele (tumellanong le boprofeta bo bong bo sebelisang puo e tšoanang) e re thusa ho utloisisa mantsoe a ho Mattheu 24:29. (NW) Ho hlakile hore seo Jesu a se buileng ka ‘ho fifala ha letsatsi, ho se fane ka khanya ha khoeli, le ho oa ha linaleli’ ha se bolele lintho tse etsahalang ho pholletsa le mashome a mangata a lilemo a bofelo ba tsamaiso ea hona joale, tse joaloka ho sebelisoa ha li-rocket tsa sepaka-paka, ho ba khoeling, le tse tšoanang le tseo. Che, o ne a bua ka lintho tse amanang le “letsatsi la Jehova le leholo, le tšabehang,” timetso eo e leng hona e tla tla.
15 Sena se amana le kutloisiso ea rōna ea kamoo limakatso tsa leholimo li neng li tla etsahala “hang-hang ka mor’a mahlomola.” Jesu o ne a sa bue ka mahlomola a ileng a fihla sehlōhlōlong ka 70 C.E. Ho e-na le hoo, o ne a bua ka ho qaleha ha mahlomola a maholo a tla oela tsamaiso ea lefatše nakong e tlang, ao e leng tlhōrō ea “ho ba teng” ha hae ho tšepisitsoeng. (Mattheu 24:3, NW) Mahlomola ao ke hona a tla tla.
16. Mareka 13:24 e ne e bua ka mahlomola afe, hona hobane’ng?
16 Ho thoe’ng ka mantsoe a ho Mareka 13:24 (NW): “Mehleng eo, ka mor’a mahlomola ao, letsatsi le tla fifala, le khoeli e ke ke ea fana ka khanya ea eona”? Mona, “eo” le “ao” ke libōpeho tsa lentsoe la Segerike e·keiʹnos, e leng seemeli-tšupo se bontšang ntho e ’ngoe e tla etsahala nakong e hōle. E·keiʹnos e ka sebelisoa ha ho buuoa ka ntho eo e leng khale e etsahetse (kapa e boletsoeng pele) kapa ntho e tla etsahala nakong e tlang e hōle. (Mattheu 3:1; 7:22; 10:19; 24:38; Mareka 13:11, 17, 32; 14:25; Luka 10:12; 2 Ba-Thessalonika 1:10) Kahoo, Mareka 13:24 (NW) e bua ka “mahlomola ao,” eseng mahlomola a hlohlelelitsoeng ke Baroma, empa e leng ketso ea Jehova e matla qetellong ea tsamaiso ea hona joale.
17, 18. Tšenolo e fana ka kutloisiso efe mabapi le mokhoa oo mahlomola a maholo a tla etsahala ka oona?
17 Likhaolo tsa 17 ho ea ho 19 tsa Tšenolo li lumellana le kutloisiso ena e lokisitsoeng ea Mattheu 24:29-31 (NW), Mareka 13:24-27 (NW) le Luka 21:25-28 (NW) le ho e netefatsa. Ka tsela efe? Likosepele li bontša hore mahlomola ana a ke ke a qala le ho fela ka nako e le ’ngoe. Ka mor’a hore a qale, karolo e ’ngoe ea moloko oa batho o se nang kutlo e tla be e ntse e phela bakeng sa ho bona “pontšo ea Mor’a motho” le ho arabela—ka ho lla le, joalokaha ho boletsoe ho Luka 21:26 (NW), ho “tepella ka lebaka la tšabo le tebello ea lintho tse tlelang lefatše leo ho ahiloeng ho lona.” Tšabo ena e tepeletsang e tla bakoa ke ha ba bona “pontšo” e tiisang hore timetso ea bona ea atamela.
18 Tlaleho e ho Tšenolo e bontša hore mahlomola a maholo a nako e tlang a tla qala ha “linaka” tsa sesole tsa “sebata” sa machaba li fetohela “seotsoa,” Babylona e Moholo.d (Tšenolo 17:1, 10-16) Empa batho ba bangata ba tla sala, hobane marena, bahoebi, le batsamaisi ba likepe, le ba bang ba llela ho fela ha bolumeli ba bohata. Ha ho pelaelo hore ba bangata ba tla hlokomela hore kahlolo ea bona e tla latela.—Tšenolo 18:9-19.
Ke’ng se Lokelang ho Tla?
19. Re ka lebella eng ha mahlomola a maholo a qala?
19 Likarolo tsa Kosepele tse ho Mattheu, Mareka le Luka li kopana le Tšenolo likhaolo 17-19 ho khantša leseli le hlollang ka se tla tloha se etsahala. Ka nako ea Molimo e behiloeng, mahlomola a maholo a tla qala ka tlhaselo khahlanong le ’muso oa lefatše oa bolumeli ba bohata (Babylona e Moholo). Ena e tla ba matla ka ho khethehileng khahlanong le Bokreste-’mōtoana, bo tšoanang le Jerusalema e sa tšepahaleng. “Hang-hang ka mor’a” karolo ena ea mahlomola, “ho tla ba le lipontšo letsatsing le khoeling le linaleling, le lefatšeng lichaba li tla tsieleha [ka tsela eo li e-song ho tsielehe ka eona pele].”—Mattheu 24:29, NW; Luka 21:25, NW.
20. Ke limakatso life tsa leholimo tseo re ka li lebellang esale hona joale?
20 Ke ka kutloisiso efe ‘letsatsi le tla fifala, khoeli e sa tl’o fana ka khanya ea eona, linaleli li tla oa leholimong, le tse matla tsa maholimo li tla sisinyeha’? Ha ho pelaelo hore karolong ea pele ea mahlomola a maholo, maseli a mangata—baruti ba hlaheletseng ba lefatše la bolumeli—ba tla be ba senolehile ’me ba felisitsoe ke “linaka tse leshome” tse boletsoeng ho Tšenolo 17:16. Ntle le pelaelo babusi ba lipolotiki le bona ba tla be ba sisinyehile. Na ho ka ba le liketsahalo tse tšosang maholimong a sebele? Mohlomong li tla ba teng, ’me tse susumetsang tšabo ho feta tse hlalositsoeng ke Josephus e le tse etsahetseng ha bofelo ba tsamaiso ea Bajode bo se bo tla fihla. Rea tseba hore nakong e fetileng ea boholo-holo, Molimo o ile a bonahatsa matla a hae a ho etsa hore ho be le liphello tse joalo tse senyang, ’me a ka boela a etsa seo hape.—Exoda 10:21-23; Joshua 10:12-14; Baahloli 5:20; Luka 23:44, 45.
21. “Pontšo” ea nako e tlang e tla etsahala joang?
21 Ntlheng ena bangoli bohle ba bararo ba Kosepele ba sebelisa toʹte (joale) ho kenyeletsa ketsahalo e latelang. “Joale pontšo ea Mor’a motho e tla hlaha leholimong.” (Mattheu 24:30, NW; Mareka 13:26; Luka 21:27) Ho tloha Ntoeng ea I ea Lefatše, barutuoa ba ’nete ba Jesu ba lemohile pontšo e nang le liketsahalo tse ngata ea ho ba teng ha hae ho sa bonahaleng, le hoja batho ba bangata ba sa e lemoha. Empa Mattheu 24:30 e supa “pontšo” e ’ngoe e tla hlaha nakong e tlang, e leng ea “Mor’a motho,” ’me lichaba tsohle li tla qobelloa ho e hlokomela. Ha Jesu a e-tla ka maru a sa bonahale, batho ba mo hanyetsang lefatšeng lohle ba tla tlameha ho hlokomela “ho tla” hoo (Segerike, er·khoʹme·non) ka lebaka la ho bonahatsa matla a hae a borena a phahametseng a batho.—Tšenolo 1:7.
22. Phello ea ho bona “pontšo” ea Mattheu 24:30 e tla ba efe?
22 Mattheu 24:30 e boetse e sebelisa toʹte bakeng sa ho kenyeletsa se tla latela. Joale lichaba, ka lebaka la ho lemoha phello ea boemo ba tsona, li tla ikotla ’me li lle, mohlomong li hlokomela hore timetso ea tsona e atametse. Ho fapane hakaakang ka bahlanka ba Molimo, hobane re tla khona ho phahamisa lihlooho tsa rōna, re tseba hore topollo ea rōna e atametse! (Luka 21:28) Tšenolo 19:1-6 hape e bontša barapeli ba ’nete ba leholimong le ba lefatšeng ba thabetse ho fela ha seotsoa se seholo.
23. (a) Jesu o tla nka bohato bofe mabapi le bakhethoa? (b) Ke’ng se ka boleloang ka ho nkeloa ha masala leholimong?
23 Boprofeta ba Jesu bo tsoela pele ho re, ho Mareka 13:27 (NW): “Joale [toʹte] o tla roma mangeloi ’me a tla bokella bakhethoa ba hae hammoho ho tsoa meeeng e mene, ho tloha pheletsong ea lefatše ho ea pheletsong ea leholimo.” Mona Jesu o lebisa tlhokomelo ea hae ho masala a “bakhethoa” ba 144 000 ba sa ntseng ba phela lefatšeng. Qalong ea bofelo ba tsamaiso ea lintho, barutuoa bana ba Jesu ba tlotsitsoeng ba ile ba tlisoa bonngoeng ba puso ea Molimo. Leha ho le joalo, ho latela tatelano e sebelisitsoeng, Mareka 13:27 (NW) le Mattheu 24:31 (NW) li hlalosa ntho e ’ngoe esele. “Ka molumo o moholo oa terompeta,” masala a “bakhethoa” a tla bokelloa ho tsoa lipheletsong tsa lefatše. Ba tla bokelloa joang? Ha ho pelaelo hore ba tla ‘tšoauoa’ ’me Jehova a ba bonahatse ka ho hlakileng e le karolo ea “ba bitsitsoeng, le bakhethoa, le balumeli [“ba tšepahalang,” NW].” ’Me ka nako e behiloeng ke Molimo, ba tla bokelleloa leholimong hore e be marena le baprista.e Sena se tla ba tlisetsa thabo se be se e tlisetse le metsoalle ea bona e tšepahalang, “bongata bo boholo,” boo ka bobona bo tla tšoauoa bakeng sa ‘ho tsoa mahlomoleng a maholo’ hore ba thabele litlhohonolofatso lefatšeng la paradeise.—Mattheu 24:22; Tšenolo 7:3, 4, 9-17; 17:14; 20:6; Ezekiele 9:4, 6.
24. Mattheu 24:29-31 e senola tatelano efe ea liketsahalo tse tlang?
24 Ha baapostola ba re, “Re bolelle . . . ,” karabo ea Jesu e ile ea akareletsa se fetang seo ba neng ba ka se utloisisa. Leha ho le joalo, nakong ea bophelo ba bona ba ile ba thabela ho bona phethahatso ea sebele ea boprofeta ba hae. Thuto ea rōna ka karabo ea Jesu e lebisitse tlhokomelo karolong ea boprofeta ba hae e tla phethahala nakong e tlang e haufi. (Mattheu 24:29-31, NW; Mareka 13:24-27, NW; Luka 21:25-28, NW) Re se re ntse re bona hore topollo ea rōna e atametse. Re ka lebella ho qaleha ha mahlomola a maholo, joale e be pontšo ea Mor’a motho, ’me joale e be ho bokella ha Molimo bakhethoa. Qetellong, joaloka Moahloli oa Jehova ka Armageddone, Morena le Mohlabani oa rōna, Jesu ea behiloeng teroneng, o tla “phetha tlhōlo ea hae.” (Tšenolo 6:2) Letsatsi leo la Jehova, la ha a iphetetsa, le tla tla e le ho phethoa ho hlollang ha bofelo ba tsamaiso ea lintho e tšoaileng letsatsi la Morena Jesu ho tloha ka 1914 ho ea pele.
25. Re ka kopanela phethahatsong e sa ntseng e tla etsahala ea Luka 21:28 joang?
25 E se eka le ka tsoela pele ho iphumantša molemo ka thuto ea bomolimo, e le hore le ka arabela phethahatsong ea mantsoe a Jesu e sa ntseng e e-tla: “Ha lintho tsena li qala ho etsahala, emang le tiile ’me le phahamisetse lihlooho tsa lōna holimo, hobane topollo ea lōna ea atamela.” (Luka 21:28, NW) Ke bokamoso bo hlollang hakaakang bo larileng ka pel’a bakhethoa le bongata bo boholo ha Jehova a tsoela pele ho halaletsa lebitso la hae le halalelang!
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Lipaki tsa Jehova li thabela ho fana ka bopaki ba sena, li bontša hore na linnete tsa mehleng ea rōna li phethahatsa boprofeta ba Bibele joang.
b Boitsebiso bo eketsehileng bo hlaha maqepheng a 296-323 a God’s Kingdom of a Thousand Years Has Approached, e hatisitsoeng ka 1973 ke Watchtower Bible and Tract Society of New York, Inc., le ho Molula-Qhooa oa March 1, 1983, maqephe 17-22.
c Josephus o ngola liketsahalo tse pakeng tsa tlhaselo ea Baroma ea pele ea Jerusalema (66 C.E.) le timetso ea eona: “Bosiu sefefo se ripitlang se ile sa fihla; leholiotsoana la befa, pula ea na ka sekhohola, lehalima la phatsima le sa tsoa phatsima, molumo oa letolo e le o tšosang, lefatše la sisinyeha ka molumo o thibang litsebe. Koluoa e tlelang batho e ne e tšoantšetsoa ke ho oa hona ha moralo oa lintho, ’me ho ne ho se ea nang le pelaelo ea hore liketsahalo tsena li bolela thipitlo eo ho seng e tšoanang le eona.”
d Seo Jesu a buileng ka sona e le “mahlomola a maholo” le “mahlomola” tšebetsong ea ’ona ea pele e ne e le timetso ea tsamaiso ea Bajode. Empa litemaneng tse sebetsang feela mehleng ea rōna, o sebelisitse lebōpi-khetho “the,” a re “mahlomola [“the tribulation”].” (Mattheu 24:21, 29, NW; Mareka 13:19, 24, NW) Tšenolo 7:14 e bitsitse ketsahalo ena ea nako e tlang ‘mahlomola a maholo,’ ha ho fetoleloa lentsoe ka lentsoe ke “mahlomola a maholo [“the tribulation the great”].”
e Bona “Lipotso tse Tsoang ho Babali” ho Molula-Qhooa oa August 15, 1990.
Na U sa Hopola?
◻ Likarolo tsa Joele 2:28-31 le 3:15 li phethahetse joang lekholong la pele la lilemo?
◻ Mattheu 24:29 e bua ka mahlomola afe, ’me ke hobane’ng ha re etsa qeto eo?
◻ Ke limakatso life tsa leholimo tseo Mattheu 24:29 e buang ka tsona, ’me ke joang tsena li tlang ho etsahala hang-hang ka mor’a mahlomola?
◻ Luka 21:26, 28 e tla phethahatsoa joang nakong e tlang?
[Setšoantšo se leqepheng la 16, 17]
Sebaka sa tempele
[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng]
Pictorial Archive (Near Eastern History) Est.