Ho Etsahetse’ng ka Lerato la Moahelani?
BATHO ba limilione ba ikutloa ba lahlehile, ba tšohile ’me ba le mahlomoleng, ho se moo ba ka balehelang teng. Motho e mong o ile a lla: “Ke ja ke le mong, ke tsamaea ke le mong, ke robala ke le mong le ho bua ke le mong.” Ke ba ’maloa feela ba ratang ho hahamalla le ho etsa ketso e lerato bakeng sa ba hlokang.
Mosali e mong oa mohoebi ea seng a phomotse mosebetsing o ile a bolela: ‘Mantsiboeeng a mang, mohlolohali ea lulang mokatong o le mong le ’na o ile a kokota monyakong oa ka ’me a re o jeoa ke bolutu. Ke ile ka mo bolella ka mokhoa o motle empa e le sefahla-mahlo hore ke phathahane. O ile a kōpa tšoarelo ka ho ntšoenya ’me a tsamaea.’
Mosali eo o ile a tsoela pele: ‘Ke ile ka ikutloa ke le motlotlo hore ebe ha kea ka ka lumela ho tla boroa ke mosali eo. Mantsiboeeng a latelang, motsoalle oa ka o ile a ntetsetsa mohala ’me a mpotsa hore na ke tseba mosali ea mohahong oa rōna ea ipolaileng bosiung ba maobane. Haeba ha u e-s’o nohe hore na e ne e le mang, e ne e le mosali eane ea ileng a kokota monyakong oa ka.’ Ka mor’a moo, mosali eo oa mohoebi o ile a re o ithutile “thuto e bohloko.”
Ke ntho e tsebahalang hore masea a sa fuoeng lerato a ka shoa. Le batho ba baholo ba ka shoa haeba ba sa fumane lerato. Lengolong le neng le siiloe ke ngoananyana e motle ea lilemo li 15 ea neng a ipolaile, o ne a ngotse tjena: “Lerato le bolela ho se hlole u e-ba bolutung.”
Tlokotsi ea Mehleng ea Kajeno
Ha e hlalosa lehloeo la morabe lilemong tse seng kae tse fetileng, Newsweek e ile ea tlaleha: “Ho bonahala lepetjo la selemo sena e le ‘hloea moahelani oa hao.’” Nakong ea lintoa tsa Bosnia le Herzegovina tseo pele e neng e le karolo ea Yugoslavia, batho ba ka holimo ho milione ba ile ba qobelloa ho tloha malapeng a bona ’me ba likete tse mashome ba bolaoa. Ba bolaoa ke bo-mang? Ngoananyana e mong ea neng a balehile motseng oa habo o ile a lla: “Ke baahelani ba rōna. Re ne re ba tseba.”
Mosali e mong o ile a re ka Mahutu le Matutsi a 3000 a neng a lula hammoho motseng oa Ruganda: “Re ne re lula hammoho ka khotso.” The New York Times e itse: “Pale ea motse ona e tšoana le pale ea Rwanda: Mahutu le Matutsi ba lula hammoho, ba nyalana, ba sa tsotelle kapa hona ho tseba hore na ke mang eo e leng Mohutu le eo e leng Motutsi. Eaba ho hlaha phetoho ea tšohanyetso,” ’me “ha qala ho bolaeanoa.”
Ka tsela e tšoanang, Majuda le Maarabia a lula a bapelane Iseraele, empa a mangata a hloeane. Ho pholletsa le lekholo lena la bo20 la lilemo, maemo a tšoanang a hlahile Ireland Leboea, India le Pakistan, Malaysia le Indonesia hammoho le pakeng tsa merabe United States—e, ho pholletsa le lefatše lohle leo re phelang ho lona.
Motho a ka tsoela pele ho bolela mehlala e latellanang ea lehloeo la morabe le la bolumeli. Historing, ha ho mohla lefatše le kileng la haelloa ke lerato joaloka hona joale.
Ke Mang ea Ikarabellang?
Lehloeo lea rutoa, joalokaha lerato le rutoa. Pina e ’ngoe e tummeng e re bana ba “rutoa pele e e-ba morao/Pele u e-ba lilemo li tšeletseng, li supileng kapa li robeli/Ho hloea batho bohle bao beng ka uena ba ba hloileng.” Lehloeo ke ntho e rutoang haholo-holo kajeno. Likereke ka ho khetheha li hlōlehile ho ruta litho tsa tsona ho ba le lerato.
Koranta ea Fora, Le Monde, e ile ea botsa: “Ke joang motho a ka qobang ho nahana hore Matutsi le Mahutu a loanang Burundi le Rwanda, a ne a rutoa ke baromuoa ba le bang ba Bakreste ’me ba kena likereke li le ling?” Ka sebele, ho latela National Catholic Reporter, “70% [ea batho ba Rwanda] ke sechaba sa Mak’hatholike.”
Mathoasong a lekholo lena la lilemo, linaha tsa Europe Bochabela li ile tsa retelehela Bokomonising bo latolang hore Molimo o teng. Hobane’ng? Ka 1960, hlooho ea lefapha la tsa bolumeli Prague, Czechoslovakia, e ile ea hlokomela: “Ke rōna, rōna Bakreste re le bang ba ikarabellang ka Bokomonisi. . . . Le hopole hore Makomonisi e kile ea e-ba Bakreste. Haeba ha ba lumele hore ho na le Molimo ea lokileng, eo ke phoso ea mang?”
Nahana ka seo likereke li ileng tsa se etsa nakong ea Ntoa ea I ea Lefatše. Molaoli-kakaretso oa masole oa Brithani, Frank Crozier, o ile a hlokomela sena mabapi le ntoa eo: “Likereke tsa Bokreste ke tsona tse ka sehloohong tse khothaletsang tšollo ea mali eo re nang le eona, ’me re ’nile ra li sebelisa ka bolokolohi.” Hamorao, ka mor’a Ntoa ea II ea Lefatše, The New York Times e ile ea re: “Nakong e fetileng, baruti ba phahameng ba K’hatholike ba ne ba tšehetsa lintoa tsa lichaba tsa bona hoo e batlang e le kamehla, ba hlohonolofatsa mabotho le ho rapella tlhōlo, ha ka lehlakoreng le leng sehlopha sa babishopo se ne se rapella sephetho se fapaneng le seo phatlalatsa.”
Leha ho le joalo, Jesu Kreste o ile a bontša lerato mesebetsing eohle ea hae, ’me moapostola Pauluse o ile a ngola: “Lōna ka bolōna le rutoa ke Molimo ho ratana.” (1 Bathesalonika 4:9) Moqolotsi e mong oa litaba oa Vancouver Sun o ile a hlokomela: “Bakreste ba ’nete ke bara le barali babo motho ho Jesu Kreste. Le ka mohla ba ke ke ba utloisana bohloko ka boomo.”
Ka ho hlakileng, likereke li ikarabella haholo ka ho haella ha lerato kajeno. Sehlooho se seng se hatisitsoeng makasineng ea India Today se hlokometse: “Bolumeli e ’nile ea e-ba setširelo seo tlas’a sona ho ’nileng ha hlohlelletsoa pefo e tšabehang ka ho fetisisa.” Leha ho le joalo, ho na le lebaka le ka sehloohong leo ka lona moloko ona oa rōna o ’nileng oa khetholleha ka ho hlokomoloha ba bang ka mokhoa o sehlōhō hakana.
Lebaka Leo ka Lona Lerato le Folileng
’Mōpi oa rōna o fana ka karabo. Lentsoe la hae, Bibele, le bitsa nako ena eo re phelang ho eona ‘matsatsi a ho qetela.’ Boprofeta ba Bibele bo bolela hore ena ke nako eo ka eona batho e tlang ho ba “ba se nang boikutlo bo mofuthu ba tlhaho.” Mabapi le “linako [tsena] tse mahlonoko tseo ho leng thata ho sebetsana le tsona,” tseo ka Mangolong li boetseng li bitsoang “qetello ea tsamaiso ea lintho,” Jesu Kreste o ile a bolela esale pele hore “lerato la palo e khōlō le tla fola.”—2 Timothea 3:1-5; Matheu 24:3, 12.
Kahoo, ho haella ha lerato kajeno ke karolo ea bopaki bo bontšang hore re phela matsatsing a ho qetela a lefatše lena. Ho thabisang ke hore hoo ho boetse ho bolela hore lefatše lena la batho ba se nang bomolimo le tla tloha le nkeloa sebaka ke lefatše le lecha la ho loka, le tla busoa ka lerato.—Matheu 24:3-14; 2 Petrose 3:7, 13.
Empa na re hlile re na le lebaka la ho lumela hore phetoho e joalo e ka etsahala—hore re tla khona ho phela lefatšeng leo ho lona batho bohle ba tla ratana ’me ba phele hammoho ka khotso?