Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • Boprofeta ba Bibele Boo U Boneng ha bo Phethahatsoa
    Bibele—Lentsoe la Molimo Kapa la Motho?
    • 25 Leha ho le joalo, Bibele e re hlokomelisa ka mofuta o mong oa sebatana o hlahisitseng tšabo ea sebele lilemong tsa morao tjena. Moprofeta Ezekiele o ile a bapisa batho ba mabifi le liphoofolo tse hlaha ha a re: “Marena a eona har’a eona e ka liphiri tse harolang thusolelo; a tšolla mali, a timetsa meea ea batho hore a totise maruo a ’ona.” (Ezekiele 22:27) Ha a profeta ka “ngatafalo ea bokhopo,” ha e le hantle, Jesu o ne a bolela hore “libatana” tse joalo li ne li tla sebetsa ka mafolo-folo lefatšeng nakong ea ho ba teng ha hae. (Mattheu 24:12) Sengoli sa Bibele Pauluse se phaella ka ho bolela hore “mehleng ea qetello” batho e ne e tla ba “ba ratang leruo . . . ba sa tsebeng ho itšoara, ba sehlōhō, ba hloeang ba molemo.” (2 Timothea 3:1-3) Na ho bile joalo ho tloha ka 1914?

      26-28. Ke litlaleho life tse tsoang lefatšeng ka bophara tse bontšang hore “libatana” tsa litlokotsebe li khukhunela lefatše?

      26 Ka sebele ho bile joalo. Haeba u phela motseng ofe kapa ofe o moholo lefatšeng, u se u ntse u tseba sena. Empa haeba u se belaella, nahana feela ka litaba tse latelang tse qotsitsoeng likoranteng haufinyane. Ho tsoa Colombia: “Selemong se fetileng mapolesa a tlalehile . . . hoo e ka bang liketsahalo tsa polao tse 10 000 le tse 25 000 tsa masholu a hlometseng ka libetsa.” Ho tsoa Victoria, Australia: “Keketseho e Phahameng ea Tlōlo ea Molao e Khōlō.” Ho tsoa United States: “New York Lipolao li Lebile Bophahamong bo Boholo ka ho Fetisisa.” “Selemong se fetileng, Detroit e ile ea feta Gary, Ind., ka ho ba motse o moholo o nang le lenane la lipolao le phahameng ka ho fetisisa sechabeng—baahi ba 58 holim’a ba 100 000.”

      27 Ho tsoa Zimbabwe: “Lipolao tsa masea li nyolohetse litekanyong tse sisimosang.” Ho tsoa Brazil: “Ho na le tlōlo ea molao e ngata haholo mona, ho phaellana ha libetsa ho hongata haholo, hoo litaba tsa pefo li seng li sa ame maikutlo a batho ho hang.” Ho tsoa New Zealand: “Litlhaselo tse etsoang ka likamano tsa botona le botšehali li tsoela pele ho ba ntho e khōlō eo mapolesa a tšoenyehileng ka eona.” “Boemo ba pefo ea baahi ba New Zealand e mong ho e mong bo ka hlalosoa feela e le bobatana.” Ho tsoa Spain: “Spain e loantšana le bothata bo hōlang ba tlōlo ea molao.” Ho tsoa Italy: “Mamafia a Sicily, ka mor’a ho hlōloa, a tsosolositse leqhubu la lipolao.”

  • Boprofeta ba Bibele Boo U Boneng ha bo Phethahatsoa
    Bibele—Lentsoe la Molimo Kapa la Motho?
    • 29, 30. Boemo ba bolumeli ke bofe Bokreste-’mōtoaneng, ho phethahatsa boprofeta ba Jesu?

      29 Bolumeli bo ne bo tla tsoella joang mehleng ee e tletseng likhathatso ea ho ba teng ha Jesu? Ka lehlakoreng le leng, Jesu o profetile hore ho ne ho tla ba le keketseho ea mosebetsi oa bolumeli: “Ho tla hlaha baprofeta ba bohata ba bangata, ’me ba tla thetsa batho ba bangata.” (Mattheu 24:11) Ka lehlakoreng le leng, o ile a bolela esale pele hore Bokreste-’mōtoaneng ka kakaretso, thahasello ho Molimo e ne e tla qepha haholo. “Lerato la ba bangata le tla tapa.”—Mattheu 24:12.

      30 Kannete sena se hlalosa se etsahalang Bokreste-’mōtoaneng kajeno. Ka lehlakoreng le leng, hohle likereke tse khōlō lia oa ka lebaka la ho hloka tšehetso. Linaheng tsa Europe leboea le Engelane tseo e kileng ea e-ba linaha tse matla tsa Boprostanta, bolumeli bo se bo shoele. Ka nako e tšoanang, Kereke e K’hatholike e hlasetsoe ke khaello ea baprista le tšehetso e ntseng e qepha. Ka lehlakoreng le leng, ho bile le keketseho e khōlō ea batho ba nang le likhopolo tse fetelletseng tsa bolumeli. Borapeli bo theiloeng malumeling a Bochabela boa eketseha, ha baevangeli ba meharo ba thelevisheneng ba ntse ba honya batho limillione tsa lidolara.

Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1981-2027)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Melao ea Tšebeliso
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela