Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • “’Muso oa Hao o ke o Tle”
    ’Muso oa Molimo oa Busa! (kr)
    • 15, 16. Mantsoe a reng “moloko ona” a bua ka bo-mang?

      15 Leha ho le joalo, ’Muso oa Molimo o tla tla neng? Jesu ha aa ka a bua ka ho toba hore na o tla tla neng. (Mat. 24:36) Empa o ile a bua ntho e ka re tiisetsang hore ka sebele ’Muso o haufi. Jesu o ile a bolela hore ’Muso o ne o tla tla ka mor’a hore “moloko ona” o bone phethahatso ea boprofeta. (Bala Matheu 24:32-34.) Mantsoe a reng “moloko ona” a bua ka bo-mang? A re ke re hlahlobeng mantsoe ao a Jesu ka hloko.

      16 “Moloko ona.” Na Jesu o ne a bua ka batho ba sa lumelang? Che. Nahana ka batho ba neng ba mo mametse. Jesu o ne a bua le baapostola ba hae ba ’maloa ba ileng “ba mo atamela boinotšing.” (Mat. 24:3) Haufinyane baapostola ba ne ba tla tlotsoa ka moea o halalelang. Hape, hlokomela seo ba neng ba bua ka sona. Pele a bua ka “moloko ona,” Jesu o ile a re: “Joale ithuteng ntlha ena sefateng sa feiga e le papiso: Hang feela ha lekala la sona le lenyenyane le nolofala ’me le hlahisa makhasi, lea tseba hore lehlabula le haufi. Ka ho tšoanang le lōna, ha le bona lintho tsena tsohle, le tsebe hore o haufi, o menyako.” Ke balateli ba tlotsitsoeng ba Jesu, eseng batho ba sa lumelang ba neng ba tla bona lintho tseo a ileng a li bolela esale pele le ba neng ba tla bona bohlokoa ba tsona, e leng hore Jesu “o haufi, o menyako.” Kahoo ha Jesu a ne a bua ka “moloko ona” o ne a bua ka balateli ba hae ba tlotsitsoeng.

      MOLOKO

      (Mat. 24:32-34)

      Jesu o ile a re ’Muso o tla tla ka mor’a hore “moloko ona” o bone ha pontšo ea boprofeta e phethahala (Sheba serapa sa 17 le 18)

      Tatellano ea liketsahalo e hlalosang “moloko ona” boprofeteng ba Jesu bo hlahang lengolong la Matheu 24:32-34

      SEHLOPHA SA PELE: Batlotsuoa ba ileng ba bona ha pontšo e qala ho phethahala ka 1914

      SEHLOPHA SA BOBELI: Batlotsuoa ba phetseng ka nako e le ’ngoe le sehlopha sa pele; ba bang ba batlotsuoa bana ba tla phela ho fihlela matšoenyeho a maholo

      17. Ke’ng se boleloang ke “moloko” le “lintho tsena tsohle”?

      17 “O ke ke oa feta ho fihlela lintho tsena tsohle li etsahala.” Mantsoe ao a tla phethahala joang? E le hore re fumane karabo, ho hlokahala hore re tsebe lintho tse peli: se boleloang ke “moloko” le se boleloang ke “lintho tsena tsohle.” Hangata lentsoe “moloko” le bolela batho ba sa lekaneng ka lilemo ba phelang ka nako e itseng. Moloko ha o nke nako e telele haholo; ebile oa fela. (Ex. 1:6) Polelo e reng “lintho tsena tsohle” e bolela liketsahalo tsohle tse boletsoeng esale pele, tse etsahalang nakong ea ho ba teng ha Jesu, ho tloha ka 1914 ho fihlela li fihla sehlohlolong ka “matšoenyeho a maholo.”—Mat. 24:21.

      18, 19. Re lokela ho utloisisa seo Jesu a ileng a se bua ka “moloko ona” joang?

      18 Kahoo, re lokela ho utloisisa seo Jesu a ileng a se bua ka “moloko ona” joang? Moloko ke lihlopha tse peli tsa batlotsuoa ba sa lekaneng ka lilemo—sa pele ke batlotsuoa ba boneng ha phethahatso ea pontšo e qala ka 1914, sa bobeli ke batlotsuoa ba phetseng ka nako e le ’ngoe le batlotsuoa ba boneng ha phethahatso ea pontšo e qala. Batlotsuoa ba sehlopheng sa bobeli ba tla be ba ntse ba phela ha matšoenyeho a qala. Lihlopha tsena tse peli ke moloko o le mong hobane li ile tsa phela e le Bakreste ba tlotsitsoeng ka nako e le ’ngoe.c

      19 Re ka fihlela qeto efe? Rea tseba hore pontšo ea ho ba teng ha Jesu e le morena oa ’Muso e bonahala ka ho hlaka lefatšeng ka bophara. Re boetse rea hlokomela hore batlotsuoa ba ntseng ba phela ebile e le karolo ea “moloko ona” ba se ba tsofetse; empa ba ke ke ba shoa kaofela pele matšoenyeho a maholo a qala. Kahoo, re ka fihlela qeto ea hore haufinyane ’Muso oa Molimo o tla tla ’me o buse lefatše! E tla ba ho thabisang hakaakang ho bona phethahatso ea thapelo eo Jesu a ileng a re ruta eona, e reng: “’Muso oa hao o ke o tle”!

  • “’Muso oa Hao o ke o Tle”
    ’Muso oa Molimo oa Busa! (kr)
Lingoloa Tsa Sesotho Lesotho (1979-2027)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Melao ea Tšebeliso
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela