Khaolo 10
Ho Hōla Tsebong e Nepahetseng ea ’Nete
LIPAKI TSA JEHOVA ha lia ikemisetsa ho hlahisa lithuto tse ncha, tsela e ncha ea borapeli, bolumeli bo bocha. Ho e-na le hoo, histori ea tsona ea kajeno e senola boiteko bo hlokolosi ba ho ruta se fumanoang ka Bibeleng, Lentsoe la Molimo le bululetsoeng. Li supa ho eona joaloka motheo oa litumelo tsohle tsa tsona le tsela ea tsona ea bophelo. Ho e-na le ho hlahisa litumelo tse ncha tse senolang litšekamelo tsa lefatše la kajeno tsa ho iketsetsa bōrata, li ’nile tsa batla ho ipapisa haufi-ufi le lithuto tsa Bibele le mekhoa ea Bokreste ba lekholo la pele la lilemo.
Mathoasong a bo-1870, Charles Taze Russell le metsoalle ea hae ba ile ba etsa boiteko bo tiileng ba ho ithuta Bibele. Ho ile ha hlaka ho bona hore Bokreste-’mōtoana bo ne bo khelohile lithutong le mekhoeng ea Bokreste ba pele. Moena Russell o ne a sa ipolele hore ke eena oa pele oa ho hlokomela sena, ’me ka bolokolohi o ile a lumela hore o tlameha ho leboha batho ba bang ka lebaka la thuso eo ba faneng ka eona lilemong tsa hae tse qalang tsa ho ithuta Mangolo. O ile a bontša kananelo bakeng sa mosebetsi o motle o neng o entsoe ke mekhatlo e sa tšoaneng ea ho tlisa Phetoho e Khōlō ea Bolumeli ka morero oa ho khantša leseli la ’nete ka ho hlakileng haholoanyane. O ile a bolela mabitso a banna ba hōlileng joaloka Jonas Wendell, George Stetson, George Storrs, le Nelson Barbour, ea ileng a tlatsetsa ka ho toba kutloisisong ea hae ea Lentsoe la Molimo ka litsela tse sa tšoaneng.a
Hape o ile a bolela: “Lithuto tse sa tšoaneng tseo re li lumelang le tse bonahalang li le ncha ebile li fapane li ne li lumeloa ka tsela e itseng nakong e fetileng: ka mohlala—Ho Khethoa, Lereko le sa Lefelloeng, Tsosoloso, Ho Behoa ba Lokileng, Khalalelo, Tlotliso, Tsoho.” Leha ho le joalo, ka ho tloaelehileng sehlopha se itseng sa bolumeli se ne se khetholloa ka kutloisiso e hlakileng haholoanyane ea ’nete ea Bibele; sehlopha se seng, se khetholloa ka ’nete e fapaneng. Hangata tsoelo-pele ea tsona e eketsehileng e ne e sitisoa ke hore li ne li khomaretse lithuto le litumelo tse tsoakileng litumelo tse neng li atile Babylona le Egepeta ea boholo-holo kapa tse neng li nkiloe ho bo-rafilosofi ba Bagerike.
Empa ke sehlopha sefe seo butle-butle moea oa Molimo o neng o tla se thusa ho itšoarella hape ‘mohlaleng ’ohle oa mantsoe a phelisang’ o neng o baballetsoe ke Bakreste ba lekholo la pele la lilemo? (2 Tim. 1:13, NW) Ke bo-mang bao tsela ea bona e neng e tla ipaka e tšoana le “leseli le khanyang, le ntseng le eketsa ho khanya ho fihlela motšehare o moholo o phethehileng”? (Liprov. 4:18) Ha e le hantle ke bo-mang ba neng ba tla etsa mosebetsi o laetsoeng ke Jesu ha a re: “Le tla ba lipaki tsa ka . . . ho isa karolong e hōle ka ho fetisisa ea lefatše”? Ke bo-mang ba neng ba ke ke ba etsa barutuoa feela empa bao hape ba neng ba tla ‘ba ruta ho boloka lintho tsohle’ tse laetsoeng ke Jesu? (Lik. 1:8, NW; Matt. 28:19, 20) Ha e le hantle, na nako e ne e atametse ea hore Morena a khetholle ka ho hlaka Bakreste ba ’nete bao a ba tšoantšitseng le koro le ba maiketsetso bao a buileng ka bona e le mofoka (ha e le hantle, mofoka o tšoanang le koro haholo ho fihlela ha li se li hōlile)?b (Matt. 13:24-30, 36-43) Ke bo-mang ba neng ba tla ipaka e le “mohlanka ea khabane, ea bohlale” eo Morena, Jesu Kreste, ho beng teng ha hae matleng a ’Muso, a neng a tla mo fa boikarabelo bo eketsehileng mabapi le mosebetsi o boletsoeng esale pele bakeng sa bofelo ba tsamaiso ee ea lintho?—Matt. 24:3, 45-47.
Ho Khantša Leseli
Jesu o laetse barutuoa ba hae hore ba arolelane le ba bang leseli la ’nete ea Molimo leo ba le fumaneng ho eena. O itse: ‘Le leseli la lefatše. Leseli la lōna le ke le khanye pel’a batho.’ (Matt. 5:14-16; Lik. 13:47) Charles Taze Russell le metsoalle ea hae ba ile ba hlokomela hore ba tlamehile ho etsa sena.
Na ba ne ba lumela hore ba na le likarabelo tsohle, leseli le felletseng la ’nete? Moena Russell o ile a arabela potso eo ka ho toba: “Ka sebele ha ho joalo; ebile re ke ke ra ba le tsona ho fihlela mohla ‘letsatsi le phethahetseng.’” (Liprov. 4:18, KJ) Nako le nako ba ne ba bua ka litumelo tsa bona tsa Mangolo e le “’nete ea hona joale”—eseng ka khopolo leha e le efe ea hore ’nete ea fetoha empa ho fapana le hoo ka khopolo ea hore tsela eo ba e utloisisang ka eona e tsoela pele.
Liithuti tsena tse tiileng tsa Bibele ha lia ka tsa qoba taba ea hore ho na le ntho e bitsoang ’nete litabeng tsa bolumeli. Li ile tsa hlokomela Jehova joaloka “Molimo oa ’nete” le Bibele joaloka Lentsoe la hae la ’nete. (Pes. 31:5; Josh. 21:45; Joh. 17:17) Li ile tsa hlokomela hore ho sa ntsane ho e-na le ho hongata hoo li sa ho tsebeng, empa ha lia ka tsa tsila-tsila ho bolela ka kholiseho seo li ithutileng sona ka Bibeleng. ’Me ha lithuto le mekhoa ea bolumeli ea neano e hanyetsana le seo li se fumaneng se boletsoe ka ho hlaka ka Lentsoeng la Molimo le bululetsoeng, joale, li ne li etsisa Jesu Kreste ka ho pepesa leshano, le hoja sena se ile sa etsa hore baruti ba li some le ho li hloea.—Matt. 15:3-9.
E le ho finyella le ho fepa ba bang moeeng, ka July 1879 C. T. Russell o ile a qalisa ho hatisa makasine oa Zion’s Watch Tower and Herald of Christ’s Presence.
Kannete Bibele ke Lentsoe la Molimo
Kholiseho ea Charles Taze Russell Bibeleng e ne e se feela taba ea ho amohela khopolo ea neano e neng e atile nakong eo. Ho fapana le hoo, se neng se atile ho batho ba bangata nakong eo e ne e le tlhahlobisiso e batsi ea lingoliloeng tsa Bibele. Ba neng ba e tšehetsa ba ile ba belaella ho tšepahala ha tlaleho ea Bibele.
Ha a sa le mocha, Russell e ne e le setho sa Kereke ea Congregational ’me o ne a le mafolo-folo mosebetsing oa eona, empa ho se utloahale ha lithuto tsa neano ho ile ha etsa hore a tlale lipelaelo. O ile a hlokomela hore seo a ’nileng a se rutoa se ne se ke ke sa sireletsoa ka Bibele ka tsela e khotsofatsang. Kahoo o ile a lahla lithuto tsa tumelo ea kereke ’me a li lahla hammoho le Bibele. Joale, o ile a hlahlobisisa malumeli a hlahelletseng a Bochabela, empa le ’ona a ile a ipaka a sa khotsofatse. Joale o ile a qala ho ipotsa hore na ebe mohlomong Bibele e ne e hlalosoa ka mokhoa o fosahetseng ke litumelo tsa Bokreste-’mōtoana. A khothalitsoe ke seo a se utloileng mantsiboeeng a mang sebokeng sa kereke ea Adventist, o ile a qalisa ho ithuta Mangolo mohato ka mohato. Seo a ileng a se bona se manolleha ka pel’a hae e ne e hlile e le Lentsoe la Molimo le bululetsoeng.
O ile a hlolloa ka ho teba ke tumellano ea Bibele le botho ba Eo ho thoe’ng ke Moqapi oa eona ea Halalelang. E le ho thusa ba bang ho rua molemo ho sena, hamorao o ile a ngola buka, The Divine Plan of the Ages, eo a ileng a e hatisa ka 1886. Ho eona o ile a akarelletsa tlhaloso e khōlō ea “Bibele Joaloka Tšenolo ea Molimo ha e Talingoa ho Latela Kahlolo e Molemo.” Ho ea bofelong ba khaolo eo, o ile a bolela sena ka ho hlaka: “Botebo le matla le bohlale le ho pharalla ha bopaki ba Bibele li re kholisa hore motho hase eena moqapi oa merero le litšenolo tsa eona, empa ke Molimo ea Matla ’Ohle.”
Kholiseho Bibeleng eohle joaloka Lentsoe la Molimo le bululetsoeng e ntse e le motheo oa litumelo tsa Lipaki tsa Jehova tsa kajeno. Lefatšeng ka bophara, li na le lithuso tsa ho ithuta tse li nolofalletsang ho hlahlobisisa bopaki ba ho bululeloa ha eona. Litšobotsi tse ling tsa taba ena li tšohloa nako le nako limakasineng tsa tsona. Ka 1969 li ile tsa hatisa buka Is the Bible Really the Word of God? Lilemo tse mashome a mabeli hamorao buka Bibele—Lentsoe la Molimo Kapa la Motho? e ile ea tšohla taba ea ho nepahala ha Bibele ka tsela e ncha, ea lebisa tlhokomelo bopaking bo eketsehileng, ’me ea fihlela qeto e tšoanang: Ka sebele, Bibele ke Lentsoe la Molimo le bululetsoeng. E ’ngoe ea libuka tsa tsona, e hatisitsoeng pele ka Senyesemane ka 1963 ’me ea ntlafatsoa ka 1990, ke “Lengolo Lohle le Bululetsoe ke Molimo ’me le Molemo.” Makolopetso a eketsehileng a fumanoa bukeng ea tsona ea boitsebiso ba Bibele, Insight on the Scriptures, e hatisitsoeng ka 1988.
Ka ho ithuta boitsebiso bo joalo motheong oa botho le ka phuthehong, li kholisehile hore le hoja ho ile ha sebelisoa batho ba ka bang 40 ka nako e etsang makholo a 16 a lilemo bakeng sa ho tlaleha se leng libukeng tse 66 tsa Bibele, Molimo ke eena ea ileng a tataisa ka mafolo-folo ho ngoloa ha eona ka moea oa hae. Moapostola Pauluse o ngotse: “Lengolo lohle le bululetsoe ke Molimo.” (2 Tim. 3:16, NW; 2 Pet. 1:20, 21) Kholiseho ena ke tšusumetso e matla bophelong ba Lipaki tsa Jehova. Koranta ea Brithani ha e hlalosa sena e itse: “Sohle seo Paki e se etsang se tšehetsoa ke Mangolo. Ka sebele, molao oa tsona oa motheo ke ho hlokomela Bibele e le . . . ’nete.”
Ho Tseba Molimo oa ’Nete
Ha Moena Russell le metsoalle ea hae ba ntse ba ithuta Mangolo, ha hoa ka ha ba nka nako e telele ho hlokomela hore Molimo ea boletsoeng ka Bibeleng hase molimo oa Bokreste-’mōtoana. Taba ena e ne e le ea bohlokoa hobane, joalokaha Jesu Kreste a boletse, litebello tsa batho bakeng sa bophelo bo sa feleng li itšetlehile ka hore ba tsebe Molimo a le mong oa ’nete le eo a mo romileng, e leng Moemeli oa hae e Moholo oa poloko. (Joh. 17:3; Ba-Heb. 2:10) C. T. Russell le sehlopha se neng se kopanela le eena ho ithuteng Bibele ba ile ba hlokomela hore toka ea Molimo e leka-lekane ka ho phethahetseng le bohlale ba bomolimo, lerato, le matla, le hore litšoaneleho tsena li bonahala mesebetsing eohle ea hae. Motheong oa tsebo eo ba neng ba na le eona ka nako eo ka morero oa Molimo, ba ile ba lokisetsa tlhaloso ea lebaka leo bobe bo lumelletsoeng ka lona ’me ba akarelletsa sena ho e ’ngoe ea lingoliloeng tsa bona tsa pele-pele le tse rekisitsoeng ka ho fetisisa, buka e maqephe a 162 ea Food for Thinking Christians, eo pele e lokolotsoeng e le khatiso e khethehileng ea Zion’s Watch Tower ka September 1881.
Ho ithuta ha bona Lentsoe la Molimo ho ile ha ba thusa ho hlokomela hore ’Mōpi o na le lebitso la botho le hore o nolofaletsa batho ho mo tseba le ho thabela kamano e haufi le eena. (1 Likron. 28:9; Esa. 55:6; Jak. 4:8) Molula-Qhooa (oa Senyesemane) oa October-November 1881 o hlalositse: “JEHOVA ke lebitso le sebelisoang ho Boleng bo Phahameng—Ntate oa rōna, eena eo Jesu a itseng ke Ntate le Molimo.”—Pes. 83:18; Joh. 20:17.
Selemong se latelang, ha ho arabeloa potso e reng, “Na le bolela hore Bibele ha e rute hore ho na le batho ba bararo ho Molimo a le mong?” ho ile ha fanoa ka karabelo: “E: Ho fapana le hoo, e re bolella hore ho na le Molimo a le mong le Ntate oa Morena oa rōna Jesu Kreste eo lintho tsohle li bileng teng ka eena (kapa ea bōpileng lintho tsohle). Ka hona re lumela ho Molimo le Ntate a le mong, hape le ho Morena a le mong Jesu Kreste . . . Empa ke batho ba babeli eseng boleng bo le bong. Ba bang feela ka kutloisiso ea hore baa lumellana. Re boetse re lumela ho moea oa Molimo . . . Empa ho hang hase motho joalokaha moea oa bo-diabolose le moea oa Lefatše le moea oa Anti-Kreste e se batho.”—Zion’s Watch Tower, June 1882; Joh. 17:20-22.
Kananelo e Hōlang Bakeng sa Lebitso la Molimo
Hanyane ka hanyane Liithuti tseo tsa Bibele li ile tsa hlokomela ka ho eketsehileng bophahamo boo Mangolo a bululetsoeng a fanang ka bona lebitsong la Molimo. Lebitso leo le ne le patiloe Senyesemaneng ke liphetolelo tsa Bibele tsa Douay ea Roma e K’hatholike le King James ea Prostanta, joalokaha le ile la patoa hamorao ke liphetolelo tse ngata lipuong tse ngata lekholong la bo20 la lilemo. Empa liphetolelo tse sa tšoaneng hammoho le libuka tsa Bibele tsa litšupiso li ile tsa paka hore lebitso la Jehova le hlaha ka makhetlo a likete-kete tabeng e ngotsoeng ka lipuo tsa pele—ha e le hantle, le hlaha ka makhetlo a mangata haholo ho feta lebitso leha e le lefe le leng, le ka makhetlo a mangata ho feta kakaretso e kopantsoeng ea litlotla tse kang Molimo le Morena. Joaloka “sechaba se khethetsoeng lebitso la hae,” kananelo ea tsona bakeng sa lebitso la Molimo e ile ea hōla. (Lik. 15:14) Ho Molula-Qhooa (oa Senyesemane) oa January 1, 1926, li ile tsa hlahisa seo li se nkang e le tseko eo motho e mong le e mong a tlamehang ho tobana le eona, e leng, “Ke Mang ea Tla Hlompha Jehova?”
Khatiso eo li ileng tsa e beha lebitsong la Molimo e ne e se feela taba ea tsebo ea bolumeli. Joalokaha ho hlalositsoe bukeng ea Prophecy (e hatisitsoeng ka 1929), tseko e khōlō e tobaneng le libōpuoa tsohle tse bohlale e amana le lebitso le lentsoe la Jehova Molimo. Lipaki tsa Jehova li hatisa hore Bibele e bontša hore bohle ba tlameha ho tseba lebitso la Molimo le ho le tšoara joaloka ntho e halalelang. (Matt. 6:9; Ezek. 39:7) Le tlameha ho tlosoa thohako eohle e phahelletsoeng holim’a lona, eseng feela thohako ea ba ’nileng ba nyefola Jehova phatlalatsa empa le ea ba ’nileng ba mo etselletsa ka lithuto le liketso tsa bona. (Ezek. 38:23; Ba-Roma 2:24) Motheong oa Mangolo, Lipaki li hlokomela hore boiketlo ba bokahohleng bohle le baahi ba bona bo itšetlehile ka ho halaletsoa ha lebitso la Jehova.
Lia hlokomela hore pele Jehova a nka khato ea ho timetsa ba khopo, ke tlamo le tokelo ea lipaki tsa hae hore li bolelle ba bang ’nete e buang ka eena. Lipaki tsa Jehova li ’nile tsa etsa sena lefatšeng ka bophara. Li ’nile tsa cheseha ho phethahatseng boikarabelo boo, hoo lichabeng tsohle, mang le mang ea sebelisang lebitso la Jehova ka bolokolohi kapele-pele a khetholloang joaloka e mong oa Lipaki tsa Jehova.
Ho Pepesa Boraro-bo-bong
Joaloka Lipaki tsa Jehova, C. T. Russell le metsoalle ea hae ba ile ba ikutloa ba na le boikarabelo bo matla ba ho pepesa lithuto tse emelang Molimo hampe, bakeng sa ho thusa batho ba ratang ’nete ho hlokomela hore lithuto tsena ha lia thehoa Bibeleng. E ne e se bona ba pele ba ho hlokomela hore thuto ea Boraro-bo-bong hase ea Mangolo,c empa ba ile ba utloisisa hore e le hore e ka ba bahlanka ba tšepahalang ba Molimo ba na le boikarabelo ba ho tsebahatsa ’nete ea hona. Ka sebete, molemong oa batho bohle ba ratang ’nete, ba ile ba pepesa hore thuto ena e khōlō ea Bokreste-’mōtoana e simolohile boheteneng.
Molula-Qhooa (oa Senyesemane) oa June 1882 o itse: “Bo-rafilosofi ba bangata ba bahetene ba hlokomelang hore e ne e ka ba leano le letle ho ba litho tsa bolumeli bo ntseng bo phahama [Bokreste ba mofuta oa bokoenehi bo tšehelitsoeng ke baemphera ba Roma lekholong la bone la lilemo C.E.], ba ’nile ba etsa maleba-leba a ho betla tsela e bonolo ea ho finyella seo ka ho leka ho sibolla lintho tse tšoanang pakeng tsa Bokreste le Bohetene, le ho li matahanya hammoho. Ba ile ba fela ba atleha haholo. . . . Joalokaha thuto ea boholo-holo ea bolumeli e ne e e-na le melimo e ’maloa e meholo, e nang le melingoana e mengata ea ba batona kapa ba batšehali, Bakreste ba bahetene (e leng lentsoe leo re ka iqapelang lona) ba ile ba etsa maleba-leba a ho tsosolosa lethathamo la thuto e ncha ea bolumeli. Ka hona, nakong ena, ho ile ha qaptjoa thuto ea Melimo e meraro—Molimo Ntate, Molimo Mora, le Molimo Moea o Halalelang.”
Baruti ba bang ba ile ba leka ho tsoaka thuto ea bona ka lithuto tsa Bibele ka ho qotsa litemana tse kang 1 Johanne 5:7, empa Moena Russell o ile a fana ka bopaki bo bontšang hore litsebi li tseba hantle hore karolo ea temana eo ke mantsoe a ikenyelitsoeng, lipolelo tsa bohata tse ikenyelitsoeng ke mongoli bakeng sa ho tšehetsa thuto e sa fumanoeng ka Mangolong. Batšehetsi ba bang ba thuto ea Boraro-bo-bong ba ile ba hlahisa Johanne 1:1, empa Molula-Qhooa o ile oa hlahlobisisa lengolo leo motheong oa seo le se buang le taba e potolohileng temana ho bontša hore ho hang sena ha se tšehetse Boraro-bo-bong. Tumellanong le sena, tokollong ea oona ea July 1883, Molula-Qhooa (oa Senyesemane) o itse: “Thuto e eketsehileng ea Bibele ho fapana le lingoliloeng tsa kereke e ne e tla hlakisa taba ena ka ho hlakileng ho bohle. Thuto ea boraro-bo-bong e hanyetsana le Mangolo ka ho felletseng.”
Moena Russell o ile a pepesa pepenene booatla ba ho bolela hore motho o lumela Bibele empa ka nako e tšoanang a ruta thuto ea Boraro-bo-bong, e hanyetsanang le seo Bibele e se buang. Ka hona, o ngotse: “Ba bolelang hore Jesu le Ntate ke Molimo a le mong ba iphumana ba le moluba-lubeng o mokaakang oa khanyetsano le pherekano! Sena se ne se tla akarelletsa khopolo ea hore Morena oa rōna Jesu e ne e le moikaketsi ha a le lefatšeng ’me a iketsa eka o bua le Molimo ka thapelo, empa e le hore Eena ka Boeena ke Molimo oo. . . . Hape, haesale Ntate e ntse e le ea sa shoeng, ka hona o ne a ke ke a shoa. Joale, ho ne ho ka etsahala joang hore Jesu a shoe? Baapostola kaofela ke lipaki tsa bohata ha li bolela lefu le tsoho ea Jesu haeba ha A ka a shoa. Leha ho le joalo, Mangolo a bolela hore O ile a fela a shoa.”d
Ka hona, ho tloha qalong ea histori ea tsona ea kajeno, Lipaki tsa Jehova li ile tsa hana thuto ea Bokreste-’mōtoana ea Boraro-bo-bong ka tieo ’me tsa khomarela thuto ea Bibele e utloahalang le e tšelisang.e Mosebetsi oo li o entseng oa ho phatlalatsa linnete tsena le ho fa batho hohle monyetla oa ho li utloa o pharalletse ho feta o entsoeng ke motho kapa sehlopha leha e le sefe, nakong e fetileng kapa hona joale.
Boemo ba Bafu ke Bofe?
Seo bokamoso bo se fuparetseng batho ba sa amohelang tokisetso ea Molimo ea poloko se ne se amme C. T. Russell ka ho teba ho tloha ha e sa le mohlankana. Ha e sa ntse e le mohlankana, o ile a kholoa seo baruti ba se bolelang ka lihele tsa mollo; o ne a nahana hore ba ruta Lentsoe la Molimo. O ne a ee a tsamaee bosiu a il’o ngola litemana tsa Bibele ka choko libakeng tse pooaneng e le hore basebetsi ba fetang moo ba ka lemosoa le ho pholosoa kahlolong e tšosang ea tlhokofatso ea ka ho sa feleng.
Hamorao, ka mor’a hore a iponele ka boeena seo Bibele e hlileng e se rutang, e mong oa metsoalle ea hae o ile a mo qotsa a re: “Haeba kannete Bibele e ruta hore tlhokofatso ea ka ho sa feleng ke qetello ea bohle ntle ho bahalaleli, e lokela ho phatlalatsoa—e, e phatlalatsoe ka holim’a matlo beke le beke, letsatsi le letsatsi, hora e ’ngoe le e ’ngoe; haeba e sa rute seo, ’nete ena e lokela ho tsebahatsoa, ’me thohako e silafetseng e hlomphollang lebitso la Molimo le halalelang e tlosoe.”
Qalong ea ho ithuta ha hae Bibele, C. T. Russell o ile a bona ka ho hlaka hore lihele hase sebaka sa tlhokofatso bakeng sa liphefumolohi ka mor’a lefu. Mohlomong ho sena o ne a thusitsoe ke George Storrs, mohlophisi oa Bible Examiner, eo Moena Russell a buileng ka eena ka kananelo e mofuthu ho lingoliloeng tsa hae le ea neng a ngotse ho hongata mabapi le seo a se hlokometseng ka Bibeleng ka boemo ba bafu.
Empa ho thoe’ng ka sephefumolohi? Na Liithuti tsa Bibele li ne li tšehetsa tumelo ea hore ke karolo ea motho e moea, ntho e tsoelang pele e phela ka mor’a hore ’mele o shoe? Ho fapana le hoo, ka 1903 Molula-Qhooa (oa Senyesemane) o itse: “Re tlameha ho hlokomela ka hloko hore thuto hase hore motho o na le sephefumolohi, empa hore motho ke sephefumolohi. A re bapiseng sena ka tlhaho—moea oo re o phefumolohang: o bōpiloe ka oxygen le nitrogen, ’me ha ho le e ’ngoe ho tsona eo e leng moea (air); empa ha lintho tsena tse peli li kopana, joalokaha li hlile li kopana ka tekanyo e nepahetseng ea lik’hemik’hale, ntho e bang teng qetellong ke moea. Ho joalo le ka sephefumolohi. Molimo o bua le rōna ho latela pono ena, ea hore kaofela re liphefumolohi. Ha a bue ka ’mele ea rōna kapa phefumoloho ea rōna ea bophelo, empa o bua ka rōna joaloka libōpuoa tse bohlale, kapa liphefumolohi. Ha a fana ka kotlo ea ho tlōloa ha molao oa hae, ha aa ka a bua ka ’mele oa Adama, empa o buile ka motho, sephefumolohi, boleng bo bohlale: ‘U!’ ‘Letsatsing leo ka lona u se jang ruri u tla shoa.’ ‘Sephefumolohi se etsang sebe se tla shoa.’—Gen. 2:17; Ezek. 18:20.” Sena se ne se le tumellanong le seo Molula-Qhooa (oa Senyesemane) o se boletseng hoo e ka bang mathoasong a April 1881.f
Ka hona, tumelo ea ho se shoe ho futsitsoeng ha liphefumolohi tsa batho e hlahile joang? Moqapi oa eona ke mang? Ka mor’a ho hlahlobisisa Bibele le histori ea bolumeli, Moena Russell o ile a ngola sena ho Molula-Qhooa (oa Senyesemane) oa April 15, 1894: “Ka ho hlakileng ha e tsoe ka Bibeleng . . . Bibele e bolela ka ho hlaka hore motho oa shoa, hore a ka oeloa ke lefu habonolo. . . . Ha re hlahlobisisa histori, re fumana hore, le hoja thuto ea ho se shoe ha motho e sa rutoe ke lipaki tsa Molimo tse bululetsoeng, ke motheo oa malumeli ’ohle a bohetene. . . . Ka hona, hase ’nete hore Socrates le Plato ke bona ba pele ba ho ruta thuto ena: e ne e rutoa ke motho e mong pele ho bona, ’me e le ea nang le katleho e khōlō. . . . Tlaleho ea pele ea thuto ena ea bohata e fumanoa historing ea khale ka ho fetisisa e tsejoang ea motho—e leng Bibele. Tichere eo ea bohata ke Satane.”g
Ho Tšela Lihele ka “Metsi”
Tumellanong le takatso e matla ea Moena Russell ea ho tlosa thohako e silafetseng lebitsong la Molimo e tlisitsoeng ke thuto ea tlhokofatso e sa feleng liheleng tsa mollo, o ile a ngola pampitšana e tšohlang sehlooho se reng, “Na Mangolo a Ruta Hore Tlhokofatso e sa Feleng ke Moputso oa Sebe?” (The Old Theology, 1889) Ho eona o itse:
“Khopolo ea tlhokofatso e sa feleng e simolohile boheteneng, le hoja joalokaha batho ba bahetene ba lumela e ne e se thuto e se nang kutloelo-bohloko joalokaha e bile joalo hamorao, ha butle-butle e ntse e ikamahanya le seo ho thoeng ke Bokreste nakong ea ha bo itsoakanya le lifilosofi tsa bohetene lekholong la bobeli la lilemo. E ile ea emela hore bokoenehi bo boholo bo khomeletse filosofi ea bohetene boitsebisong bo tšosang bo lumeloang ka kakaretso hona joale, ho bo phareha kerekeng, joalokaha ho etsahetse Europe, ho bo ngola litumelong le lingoliloeng tsa kereke, le ho sokamisa Lentsoe la Molimo molemong oa ho fana ka seo ho bonahalang eka ke tšehetso ea Molimo nyelisong ena e hlomphollang Molimo. Ka hona, tumela-khoela ea kajeno e e amohetse joaloka neano, e sa tsoeng ho Morena, kapa baapostola, kapa baprofeta, empa e tsoa moeeng oa ho sekisetsa o pupelitseng ’nete le kahlolo e molemo, ’me ka ho hloka lihlong oa sokamisa lithuto tsa Bokreste, ka morero o khopo le ho loanela matla le leruo le balateli ba bangata. Hore tlhokofatso e sa feleng ke kotlo bakeng sa sebe ke ntho e neng e sa tsejoe ke bapatriareka ba mehleng ea boholo-holo; baprofeta ba mehleng ea Bajode ba ne ba sa e tsebe; ’me Morena le baapostola ba ne ba sa e tsebe; empa e bile thuto e khōlō ea seo ho thoeng ke Bokreste ho tloha nakong ea bokoenehi bo boholo—thupa eo ka eona bo-malumela-tsohle, ba se nang tsebo le ba nang le tumela-khoela lefatšeng ba otliloeng ka eona ’me ba kenngoa bokhobeng ba puso ea khatello. Tlhokofatso e sa feleng e ile ea phatlalatsoa khahlanong le bohle ba neng ba hanyetsa bobusi ba Roma kapa ba bo nyelisa, ’me tlhokofatso ea eona bophelong ba joale e ile ea qalisoa hafeela e ntse e e-na le matla.”
Moena Russell o ne a hlokometse hore batho ba bangata ba nang le kelello ba ne ba hlile ba sa lumele thuto ea lihele tsa mollo. Empa, joalokaha a hlalositse, ka 1896, bukaneng What Say the Scriptures About Hell?, “kaha ba nahana hore Bibele ea e ruta, mohato ofe kapa ofe oo ba o nkang ka bohlale ba sebele le mosa oa boena . . . maemong a mangata ke mohato oa ho fapoha Lentsoeng la Molimo, leo ka bohata ba le qosang ka thuto ena.”
E le ho hulela batho ba joalo ba nahanang Lentsoeng la Molimo, bukaneng ena o ile a hlahisa litemana tsohle tsa King James Version tseo lentsoe lihele le fumanoang ho tsona, e le hore babali ba ka iponela ka bobona hore na li re’ng, eaba o re: “Re leboha Molimo, ha re fumane sebaka se joalo sa tlhokofatso e sa feleng joalokaha litumelo le lingoliloeng tsa kereke, le litšebeletso tse ngata tsa borapeli ka phoso li ruta. Empa re fumane ‘lihele,’ sheol, hades, tseo moloko ’ohle oa rōna o ahloletsoeng ho tsona ka baka la sebe sa Adama, le tseo bohle ba lopolloang ho tsona ka lefu la Morena oa rōna; ’me ‘lihele’ tseo ke lebitla—boemo ba lefu. ’Me re fumana ‘lihele’ tse ling (gehenna—lefu la bobeli—timetso e felletseng) tseo re li hlokomelisoang e le kotlo ea ho qetela holim’a bohle bao, ka mor’a ho lopolloa le ho fumana tsebo e felletseng ea ’nete, le matla a felletseng a ho e utloa, ba sa ntsaneng ba tla khetha lefu ka ho khetha tsela e khahlanong le Molimo le ho loka. ’Me lipelo tsa rōna li re, Amen. Litsela tsa hao ke ’nete ’me li lokile, uena Morena oa lichaba. Ke mang ea ke keng a u hlompha, Morena, le ea ke keng a tlotlisa lebitso la hao? Hobane ke uena ea halalelang ka ho felletseng. ’Me lichaba tsohle li tla tla ’me li rapele pel’a hao, hobane litšebelisano tsa hao tse lokileng li bonahetse.”—Tšen. 15:3, 4.
Seo a neng a se ruta se ile sa halefisa baruti ba Bokreste-’mōtoana le ho ba hlabisa lihlong. Ka 1903 o ile a memeloa phehisanong ea phatlalatsa. Boemo ba bafu ke e ’ngoe ea litseko tse bileng teng letotong la liphehisano pakeng tsa C. T. Russell le Dr. E. L. Eaton, ea neng a sebeletsa e le ’muelli oa selekane seo e seng sa molao sa baruti ba Prostanta karolong e ka bophirimela ho Pennsylvania.
Liphehisanong tseo Moena Russell o ile a tšehetsa tšisinyo ea hore “lefu ke lefu, le hore baratuoa ba rōna, ha ba e-shoa ba hlile ba shoele, hore ha ba phele le mangeloi kapa le bademona sebakeng se itseng sa mahlomola.” Ho tšehetsa sena, o ile a bua ka mangolo a kang Moeklesia 9:5, 10; Ba-Roma 5:12; 6:23; le Genese 2:17. O ile a boela a re: “Mangolo a lumellana ka botlalo le seo ’na le uena le motho e mong le e mong ea phelang hantle kelellong, ea nang le kahlolo e molemo lefatšeng a tlang ho se amohela e le botho bo utloahalang le bo loketseng ba Molimo oa rōna. Ho thoe’ng ka Ntate oa rōna oa leholimo? Ho thoe o na le toka, o bohlale, o lerato, o matla. Batho bohle ba Bakreste ba tla lumellana le litšoaneleho tsena tsa Molimo. Haeba ho joalo, na re ka fumana moelelo leha e le ofe oa lentsoe oo ho latela oona re ka utloisisang hore Molimo o na le toka empa o otla sebōpuoa seo A se entseng ka ho sa feleng, ho sa tsotellehe hore na se entse sebe sa mofuta ofe? Ha ke motšehetsi oa sebe; ’Na ka bonna ha ke phelele sebe, ebile ha ke rute sebe. . . . Empa kea le bolella hore batho bana bohle ba leng mona bao ngoan’abo rōna [Dr. Eaton] a reng ba bua lintho tse tsoileng lekoteng ka linyefolo tsa bona ho Molimo le lebitso le halalelang la Jesu Kreste kaofela ke batho ba rutiloeng thuto ena ea tlhokofatso e sa feleng. ’Me babolai bohle, masholu le lisenyi tsohle tse leng teronkong, kaofela ba rutiloe thuto ena. . . . Lithuto tsena li mpe; li ’nile tsa senya lefatše ka nako ena eohle e telele; ho hang hase karolo ea thuto ea Morena, ’me ngoan’abo rōna ea ratehang o sa ntsane a fifalletsoe ke pono.”
Ho tlalehoa hore ka mor’a phehisano ena moruti e mong ea neng a mametse o ile a atamela Russell ’me a re: “Ke thabetse ho bona ha u tšela lihele ka metsi ’me u tima mollo.”
Bakeng sa ho phatlalatsa ’nete e buang ka boemo ba bafu ka ho pharalletseng haholoanyane, Moena Russell o ile a tšoara letoto le pharalletseng la likopano tsa letsatsi le le leng, ho tloha ka 1905 ho ea ho 1907, ’me likopanong tseo o ile a fana ka puo ea phatlalatsa e reng “Ho ea Liheleng le ho Khutla! Ke Bo-mang ba Leng Moo? Tšepo ea Hore ba Bangata ba Tla Khutla.” Sehlooho sena e ne e le se hlollang,’me se ile sa hapa tlhokomelo ea ba bangata. Batho ba ileng ba ba teng ba ile ba tlala liholo tsa kopano metseng e meholo le e menyenyane United States le Canada bakeng sa ho utloa puo ena.
Har’a ba ileng ba susumetsoa ka ho teba ke seo Bibele e se buang ka boemo ba bafu ke seithuti se seng sa univesithi Cincinnati, Ohio, se neng se itokisetsa ho ba moruti oa kereke ea Presbytery. Ka 1913 se ile sa fumana bukana e tsoang ho ngoan’abo sona, Where Are the Dead?, e ngotsoeng ke John Edgar, e leng Seithuti sa Bibele seo hape e neng e le ngaka ea meriana Scotland. Seithuti sena se ileng sa fumana bukana ena ke Frederick Franz. Ka mor’a ho e bala ka hloko, ka tieo o ile a re: “Joale hona ke ’nete.” Ntle le ho tsila-tsila, o ile a fetola lipakane tsa hae bophelong ’me a kenela tšebeletso ea nako e tletseng e le ’moleli oa evangeli ea rekisang libuka tsa bolumeli. Ka 1920 e ile ea ba setho sa basebeletsi ba ntlo-khōlō ea Mokhatlo oa Watch Tower. Ka mor’a lilemo tse ngata e ile ea ba setho sa Sehlopha se Busang sa Lipaki tsa Jehova ’me hamorao, ea ba mopresidente oa Mokhatlo oa Watch Tower.
Sehlabelo sa Thekollo sa Jesu Kreste
Ka 1872, mabapi le tlhahlobisiso ea hae ea Mangolo, Moena Russell le metsoalle ea hae ba ile ba hlahlobisisa taba ea tsosoloso ka kutloisiso e ncha, ho latela pono ea thekollo e fanoeng ke Jesu Kreste. (Lik. 3:21, KJ) O ne a hlolletsoe ha a bona ho Ba-Heberu 2:9 hore ‘Jesu ka lereko la Molimo o latsoitse lefu bakeng sa batho bohle.’ Sena ha sea ka sa etsa hore a lumele polokong e akaretsang, hobane o ne a tseba hore Mangolo a boetse a re motho o tlameha ho bontša tumelo ho Jesu Kreste hore a bolokehe. (Lik. 4:12; 16:31) Empa o ile a qala ho utloisisa—le hoja e se ka nako le motsotso—hore na ke monyetla o babatsehang hakaakang oo sehlabelo sa thekollo sa Jesu Kreste se o buletseng batho. Se ba buletse tsela ea ho fumana se lahlehetseng Adama, tebello ea bophelo bo sa feleng phethehong ea botho. Moena Russell ha a ka a khella taba ena fatše; o ile a hlokomela bohlokoa bo tebileng ba thekollo ’me a e tšehetsa ka matla, esita le hoja metsoalle e haufi e ile ea lumella hore menahano ea eona e silafatsoe ke likhopolo tsa filosofi.
Bohareng ba 1878, nako e ka bang selemo le halofo, Moena Russell e bile mothusi oa mohlophisi oa makasine oa Herald of the Morning, eo N. H. Barbour e neng e le mohlophisi oa eona e moholo. Empa eitse ha Barbour, tokollong ea makasine oa bona ea August 1878, a nyenyefatsa thuto ea Mangolo ea thekollo, Russell o ile a arabela ka ho sireletsa ’nete eo ea bohlokoa ea Bibele ka matla.
Tlas’a sehlooho se reng “Pheko ea Libe,” Barbour o ne a bontšitse kamoo a ikutloang ka teng ka thuto ena, a re: “Ke re ho moshanyan’aka, kapa ho e mong oa basebeletsi ba ka, ha James a loma khaitseli ea hae, kola ntsintsi, u e hlabe ka nalete ’me u e khokhothele leboteng, joale ke tla tšoarela James. Sena se hlalosa thuto ea ho nkela sebaka.” Le hoja a ne a ipolela hore o lumela thekollo, Barbour o ne a bolela hore khopolo ea hore Kreste o lefelletse kotlo ea sebe ka lefu la hae lebitsong la bana ba Adama hase “ea Mangolo, ha e utloahale ho ea ka likhopolo tsa rōna tsa toka.”h
Tokollong e latelang feela ea Herald of the Morning (September 1878), Moena Russell o ile a hanyetsa ka matla seo Barbour a se ngotseng. Russell o ile a hlahlobisisa se hlileng se buuoang ke Mangolo le ho lumellana ha ’ona le “phetheho ea toka ea [Molimo], qetellong le mohau le lerato la hae le leholo” le bonahetseng tokisetsong ea thekollo. (1 Ba-Kor. 15:3; 2 Ba-Kor. 5:18, 19; 1 Pet. 2:24; 3:18; 1 Joh. 2:2) Nakong e latelang ea selemo, ka mor’a boiteko bo phehellang ba ho thusa Barbour ho talima lintho ho latela Mangolo, Russell o ile a khaotsa ho tšehetsa Herald; ’me ho tloha ka tokollo ea June 1879, lebitso la hae ha lea ka la hlola le hlaha joaloka mothusi oa mohlophisi oa khatiso eo. Boemo ba hae bo sebete, bo sa sekisetseng mabapi le thuto ena ea Bibele ea sehlooho o bile le liphello tse pharalletseng.
Ho theosa le histori ea tsona ea kajeno, Lipaki tsa Jehova li ’nile tsa tšehetsa ka tieo thuto ea Mangolo ea thekollo. Tokollo ea pele feela ea Zion’s Watch Tower (July 1879) e ile ea hatisa hore “bophahamo ba Molimo bo bonahala . . . sehlabelong se phethahetseng sa Kreste.” Ka 1919, kopanong e neng e tšehelitsoe ke International Bible Students Association Cedar Point, Ohio, lenaneo le hatisitsoeng le ne le totobalitse mantsoe a reng “Lea Amoheloa! Lōna Bohle ba Lumelang Sehlabelong se Seholo sa Thekollo.” Bokahare ba leqephe le qalang la Molula-Qhooa bo ntse bo tsoela pele ho lebisa tlhokomelo thekollong, ’me bo re mabapi le morero oa makasine ona: “O khothalletsa ho lumela ho Morena ea busang hona joale, Jesu Kreste, eo mali a hae a tšolotsoeng a buletseng batho tsela ea ho fumana bophelo bo sa feleng.”
Li Tsoela Pele, ha li Sitisoe ke Litumelo tsa Kereke
Kutloisiso e hlakileng ea Lentsoe la Molimo ha ea ka ea fumanoa ka nako e le ’ngoe. Maemong a mangata Liithuti tsa Bibele li ile tsa utloisisa tšobotsi e le ’ngoe ea ’nete empa li ne li e-s’o bone tlhaloso e felletseng ea eona. Leha ho le joalo, li ne li ikemiselitse ho ithuta. Li ne li sa sitisoa ke litumelo tsa kereke; li ne li tsoela pele. Li ile tsa abelana le ba bang seo li ithutang sona. Ha lia ka tsa amohela tlotla bakeng sa lintho tseo li neng li li ruta; li ne li batla ho “rutoa ke Jehova.” (Joh. 6:45, NW) ’Me li ile tsa utloisisa hore Jehova ke eena ea fanang ka kutloisiso ea litšobotsi tse itseng tsa morero oa hae ka nako ea hae le ka tsela ea hae.—Dan. 12:9; bapisa le Johanne 16:12, 13.
Ho ithuta lintho tse ncha ho hloka hore motho a fetole pono ea hae. Ho hlokahala boikokobetso hore motho a lumele liphoso ’me a etse liphetoho tse loketseng. Tšoaneleho ena le litholoana tsa eona ea rateha ho Jehova, ’me tsela e joalo e ipiletsa ka matla ho batho ba ratang ’nete. (Sof. 3:12, NW) Batho ba tlotlisang litumelo tsa kereke tse lutseng li sa fetoha ka lilemo tse makholo-kholo, le hoja li qapiloe ke batho ba sa phethahalang baa e soma.
Mokhoa oo Morena a Tlang ho Khutla ka Oona
Ke bohareng ba bo-1870 ha Moena Russell le ba bang ba neng ba hlahlobisisa Mangolo ka matla hammoho le eena ba hlokomela hore ha Morena a khutla batho ba ke ke ba ’mona ka mahlo.—Joh. 14:3, 19.
Hamorao Moena Russell o itse: “Re ile ra utloisoa bohloko haholo ke liphoso tsa bolumeli ba Second Adventist, bo neng bo lebelletse Kreste nameng, le bo rutang hore lefatše le tsohle tse ho lona ntle ho litho tsa bolumeli ba Second Adventist le tla chesoa ka 1873 kapa ka 1874, boo ka kakaretso likhakanyetso tsa bona tsa nako le ho soetseha le likhopolo tse sa phethahatsoang mabapi le morero le mokhoa oo a tlang ho tla ka oona li batlileng li re tlisetsa thohako hammoho le bohle ba neng ba laba-labela ’Muso oa hae o tlang ebile ba bolela ka oona. Likhopolo tsena tse fosahetseng tse khomaretsoeng ka kakaretso tsa morero le mokhoa oo Morena a tlang ho khutla ka oona li ile tsa etsa hore ke ngole pampitšana—‘The Object and Manner of Our Lord’s Return.’” Pampitšana ena e ile ea hatisoa ka 1877. Moena Russell o ile a hatisa le ho aba likopi tsa eona tse ka bang 50 000.
Pampitšaneng eo, o ile a ngola: “Kamoo re lumelang ka teng, mangolo a ruta hore nakong ea ho tla ha Hae le nakoana ka mor’a hore A tle, O tla lula a sa bonahale; ka mor’a moo O tla iponahatsa ka likahlolo le ka libōpeho tse sa tšoaneng, e le hore ‘mahlo ’ohle a ’mone.’” Ho tšehetsa sena, o ile a tšohla litemana tse kang Liketso 1:11 (‘o tla tla ka mokhoa oo le ’moneng a tsamaea ka oona’—ke hore, a sa bonahale lefatšeng) le Johanne 14:19 (“ho se ho se hokae, ’me lefatše ha le sa tla mpona”). Moena Russell o ile a boela a bolela hore The Emphatic Diaglott, eo pele e neng e hatisitsoe e felletse ka 1864 e nang le phetolelo e ngotsoeng ka thōko ea lentsoe ka lentsoe ea Senyesemane, e fane ka bopaki ba hore lentsoe la Segerike pa·rou·siʹa le bolela “ho ba teng.” Ha a hlahlobisisa tsela eo Bibele e sebelisang lentsoe leo ka eona, pampitšaneng ena Russell o ile a hlalosa: “Lentsoe la Segerike leo ka tloaelo le sebelisoang ha ho buuoa ka ho tla la bobeli—Parousia, leo hangata le fetoleloang e le ho tla—ka momahano le bolela ho ba teng ka seqo, joaloka hore motho o se a le teng, o se a fihlile ’me ha ho mohla le bolelang hore o ntse a le tseleng, joalokaha re sebelisa lentsoe ho tla.”
Ha a hlalosa morero oa ho ba teng ha Kreste, Russell o ile a hlakisa hore ena hase ntho e neng e tla finyelloa ketsahalong e le ’ngoe e tšosang. O ngotse: “Ho tla la bobeli, joaloka pele, ho akaretsa nako e itseng, ’me hase ketsahalo e etsahalang ka nako le motsotso.” O ngotse, nakong eo “mohlatsoana” o tla fuoa moputso oa oona oa ho ba le Morena joaloka majalefa hammoho le eena ’Musong oa hae; ba bang, mohlomong ba limillione tse likete, ba tla fuoa monyetla oa bophelo bo phethahetseng lefatšeng le khutliselitsoeng boemong bo botle ba Edene.—Luka 12:32.
Ka mor’a lilemo tse seng kae feela, motheong oa thuto e eketsehileng ea Mangolo, Russell o ile a hlokomela hore hase feela hore Kreste o tla khutla a sa bonahale empa hape o ne a tla lula a sa bonahale, esita le mohla a bonahatsang ho ba teng ha hae ka ho ahlola ba khopo.
Ka 1876, ha Russell a sa tsoa bala kopi ea Herald of the Morning ka lekhetlo la pele, o ne a hlokometse hore nakong eo ho na le sehlopha se seng se lumelang hore ho khutla ha Kreste e tla ba ho sa bonahaleng le se amahanyang ho khutla hoo le mahlohonolo a tla tlela malapa ’ohle lefatšeng. Tlas’a tšusumetso ea Monghali Barbour, mohlophisi oa buka eo, Russell o ile a kholoa hore ho ba teng ha Kreste ho sa bonahaleng ho qalile ka 1874.i Ho ile ha boela ha lebisoa tlhokomelo ho sena tlas’a sehloohoana se reng “Molaetsa oa ho ba Teng ha Kreste,” se ileng sa hlaha leqepheng le qalang la Zion’s Watch Tower.
Ho hlokomela hore ho ba teng ha Kreste ke ho sa bonahaleng e ile ea e-ba motheo oa bohlokoa oo kutloisiso ea boprofeta bo bongata ba Bibele e neng e tla thehoa ho oona. Liithuti tseo tsa pele tsa Bibele li ile tsa hlokomela hore ho ba teng ha Morena e lokela ho ba ntho e khōlō eo Bakreste bohle ba ’nete ba amehileng ka eona. (Mar. 13:33-37) Li ne li thahasella ka ho teba ho khutla ha Morena ’me li falimehetse taba ea hore li na le boikarabelo ba ho ho phatlalatsa, ’me li ne li ntse li e-s’o hlokomele ka ho hlaka lintlha tsohle tse qaqileng. Leha ho le joalo, ka sebele seo moea oa Molimo o ileng oa li nolofalletsa ho se utloisisa qalong haholo e bile se tsotehang. E ’ngoe ea linnete tsena e ne e amana le nako ea bohlokoa ka ho fetisisa e tšoauoeng ke boprofeta ba Bibele.
Ho Fela ha Linako tsa Balichaba
E ne e le khale liithuti tsa Bibele li thahasella taba ea tatellano eo liketsahalo tsa Bibele li etsahetseng ka eona. Bahlalosi ba ne ba hlahisitse maikutlo a sa tšoaneng ka boprofeta ba Jesu bo buang ka “linako tsa balichaba” le tlaleho ea moprofeta Daniele ea toro ea Nebukadnezare e mabapi le kutu ea sefate e ileng ea tlangoa ka “linako tse supileng.”—Luka 21:24, KJ; Dan. 4:10-17.
Hoo e ka bang mathoasong a 1823, John A. Brown, eo buka ea hae e ileng ea hatisoa London, Engelane, o ile a bala hore bolelele ba “linako tse supileng” tsa Daniele khaolo 4 ke lilemo tse 2 520. Empa o ne a sa hlokomele ka ho hlaka nako eo boprofeta bo qalileng ka eona kapa hore na e tla fela neng. Leha ho le joalo, o ile a amahanya ‘linako tsena tse supileng’ le Linako tsa Balichaba tsa Luka 21:24. Ka 1844, E. B. Elliott, moruti oa Brithani, o ile a lebisa tlhokomelo ho 1914 hore e ka ’na ea ba nako ea ho fela ha “linako tse supileng” tsa Daniele, empa o ile a boela a hlahisa pono e fapaneng e supang nakong ea Phetohelo ea Fora. Ka 1849, Robert Seeley, oa London, o ile a tšohla taba ena ka mokhoa o tšoanang. Bonyane ka 1870, buka e hlophisitsoeng ke Joseph Seiss le metsoalle ea hae ’me ea hatisoa Philadelphia, Pennsylvania, e ne e hlahisa lipalo tse neng li supa ho 1914 joaloka nako ea bohlokoa, le hoja tlhaloso ea eona e ne e thehiloe tatellanong ea liketsahalo eo C. T. Russell a ileng a e hana hamorao.
Joale, litokollong tsa August, September, le October 1875 tsa Herald of the Morning, N. H. Barbour o ile a momahanya lintlha tseo ba bang ba neng ba buile ka tsona. A sebelisa tatellano ea liketsahalo e hlophisitsoeng ke Christopher Bowen, moruti oa Engelane, ’me e hatisitsoe ke E. B. Elliott, Barbour o ile a amahanya ho qaleha ha Linako tsa Balichaba le ho tlosoa ha Morena Tsedekia boreneng joalokaha ho boletsoe esale pele ho Ezekiele 21:25, 26, ’me a bua ka 1914 e le e tšoaeang ho fela ha Linako tsa Balichaba.
Mathoasong a 1876, C. T. Russell o ile a amohela kopi ea Herald of the Morning. Kapele-pele o ile a ngolla Barbour eaba o qeta nako e itseng le eena Philadelphia hlabula, har’a tse ling, ba ne ba tšohla linako tsa boprofeta. Kapele-pele ka mor’a moo, tabeng e nang le sehlooho se reng “Linako tsa Balichaba: Li Fela Neng?”, Russell le eena o ile a hlalosa taba ena ho latela Mangolo ’me a bolela hore bopaki bo bontša hore “linako tse supileng li tla fela ka A.D. 1914.” Sehlooho sena se ile sa hatisoa tokollong ea October 1876 ea Bible Examiner.j Buka ea Three Worlds, and the Harvest of This World, e hatisitsoeng ka 1877 ke N. H. Barbour a sebelisana ’moho le C. T. Russell, e ile ea supa qetong e tšoanang. Ka mor’a moo, litokollo tsa pele tsa Molula-Qhooa (oa Senyesemane), joaloka tsa December 1879 le July 1880, li ile tsa lebisa tlhokomelo ho 1914 C.E. joaloka selemo sa bohlokoa ka ho fetisisa ho latela boprofeta ba Bibele. Ka 1889 khaolo ea bone kaofela ho Moqolo II oa Millennial Dawn (eo hamorao e ileng ea bitsoa Studies in the Scriptures) e ile ea tšohla “Linako tsa Balichaba.” Empa ho fela ha Linako tsa Balichaba ho ne ho tla bolela eng?
Liithuti tsa Bibele li ne li sa kholiseha ka ho felletseng hore na ho tla etsahala’ng. Li ne li kholisehile hore phello e ke ke ea ba ho chesoa ha lefatše le ho felisoa ha bophelo ba batho. Ho fapana le hoo, li ne li tseba hore ho tla tšoaea nako ea bohlokoa mabapi le puso ea Molimo. Qalong, li ne li nahana hore ka nako eo ’Muso oa Molimo o tla be o nkile taolo e felletseng, bokahohleng bohle. Ha ho sa etsahale joalo, kholiseho ea tsona boprofeteng ba Bibele bo tšoaeang nako eo ha ea ka ea sisinyeha. Ho e-na le hoo, li ile tsa fihlela qeto ea hore nako eo e ne e mpa e tšoaea ho qaleha ha nako ea puso ea ’Muso.
Ka ho tšoanang, qalong li ne li boetse li nahana hore likhathatso tse teng lefatšeng lohle tse tla fihla sehlohlolong ka hore ho be le pherekano (eo li neng li utloisisa hore e amana le ntoa ea “letsatsi le leholo la Molimo o matla ’ohle”) li tla etella nako eo pele. (Tšen. 16:14) Empa, lilemo tse leshome pele ho 1914, Molula-Qhooa (oa Senyesemane) o ile oa hlalosa hore mofere-fere o teng lefatšeng ka bophara o neng o tla fella ka hore mekhatlo ea batho e ripitloe o tla tla hang ka mor’a ho fela ha Linako tsa Balichaba. Li ne li lebelletse hore selemo sa 1914 se tla tšoaea nako ea phetoho e khōlō bakeng sa Jerusalema, kaha boprofeta bo ne bo boletse hore ‘Jerusalema e tla hatakeloa’ ho fihlela ha Linako tsa Balichaba li phethahetse. Ha li bona 1914 e e-ea bofelong empa li ntse li e-s’o shoe le ho ‘nkeloa marung’ ho khahlanyetsa Morena—tumellanong le litebello tsa nako e fetileng—li ne li lebelletse ka tieo hore ho fetoloa ha tsona ho tla etsahala bofelong ba Linako tsa Balichaba.—1 Ba-Thess. 4:17.
Ha lilemo li ntse li feta ’me li hlahlobisisa Mangolo ka ho eketsehileng, tumelo ea tsona boprofeteng e ile ea lula e le matla, ’me ha lia ka tsa tsila-tsila ho bolela seo li lebelletseng hore se etsahale. Ka tekanyo e sa tšoaneng ea katleho, li ile tsa leka ho qoba ho tiisa litaba tse sa boleloang ka ho toba ka Mangolong.
Na “Mokhosi” o Utloahetse Kapele Haholo?
Ka sebele ka 1914 lefatše le ile la oeloa ke mofere-fere o moholo ha ho qhoma Ntoa ea I ea Lefatše, eo ka lilemo tse ngata e neng e bitsoa feela Ntoa e Khōlō, empa ha ea ka ea lebisa kapele-pele ho ketoloeng ha mebuso eohle e teng ea batho. Ha liketsahalo tse mabapi le Palestina li hōla ka mor’a 1914, Liithuti tsa Bibele li ne li nahana hore ke bopaki ba liphetoho tsa bohlokoa bakeng sa Iseraele. Empa ho ile ha feta likhoeli le lilemo, ’me Liithuti tsa Bibele ha lia ka tsa fumana moputso oa tsona oa leholimong joalokaha li ne li lebeletse. Li ile tsa arabela joang ho see?
Molula-Qhooa (oa Senyesemane) oa February 1, 1916, o ile oa lebisa tlhokomelo e khethehileng ho October 1, 1914, eaba o re: “Ena e bile nako ea ho qetela eo tatellano ea liketsahalo tsa Bibele e re bolelletseng eona mabapi le liketsahalo tseo Kereke e amehang ho tsona. Na Morena o re bolelletse hore re tla nkeloa [leholimong] nakong eo? Che. O itse’ng? Ho bonahala Lentsoe la hae le ho phethahala ha boprofeta li supa nakong ena ka ho sa foseng hore e tla tšoaea ho fela ha Linako tsa Balichaba. Re ile ra noha ho latela sena hore ‘ho fetoloa’ ha Kereke ho tla etsahala nakong eo kapa pele ho eona. Empa Molimo ha aa ka a re bolella hore ho tla ba joalo. O ile a re lumella ho noha seo; ’me re lumela hore ho ipakile e le teko e hlokahalang holim’a bahalaleli ba ratehang ba Molimo libakeng tsohle.” Empa na liketsahalo tsee li ile tsa paka hore tšepo ea tsona e khanyang ke ea lefeela? Che. Li ne li bolela feela hore hase lintho tsohle tse etsahalang kapele joalokaha li lebelletse.
Lilemo tse ’maloa pele ho 1914, Russell o ne a ngotse: “Ka ho hlakileng tatellano ea liketsahalo (boprofeta ba nako ka kakaretso) e ne e sa rereloa ho fa batho ba Molimo boitsebiso bo nepahetseng ba tatellano ea liketsahalo ho theosa le makholo a lilemo. Ka ho hlakileng e reretsoe ho sebetsa joaloka mokhosi bakeng sa ho tsosa batho ba Morena le ho ba matlafatsa ka nako e loketseng. . . . Empa, ka mohlala, a re re mohlomong October, 1914, e ka feta ebe ha ho etsahale hore ’muso oa Balichaba o oe. See se ne se tla paka eng kapa se ne se tla shanofatsa eng? Se ne se ke ke sa shanofatsa tšobotsi leha e le efe ea Morero oa Molimo ka Linako. Theko ea thekollo e lefiloeng Golgotha e ne e tla lula e le tiiso ea hore qetellong Lenaneo le leholo la Molimo bakeng sa tsosoloso ea batho le tla phethahatsoa. ‘Pitso ea leholimo’ ea Kereke ea hore e utloisoe bohloko le Molopolli le ho tlotlisoa le eena joaloka litho tsa hae kapa joaloka Monyaluoa oa hae e ne e tla lula e tšoana. . . . Ntho e le ’ngoe feela e angoang ke tatellano ea liketsahalo ke nako ea hore litebello tsena li phethahatsoe bakeng sa Kereke le lefatše. . . . ’Me ha nako eo e feta e tla paka feela hore tatellano ea rōna ea liketsahalo, ‘mokhosi’ oa rōna, o utloahetse pele ho nako. Na re ne re tla nka hore ke tlokotsi e khōlō hore ebe mokhosi oa rōna o re tsositse kapele nakong ea hoseng ha letsatsi le leng le leholo le tletseng thabo le nyakallo? Le hanyenyane!”
Empa “mokhosi” oo o ne o sa utloahala kapele haholo. Ha e le hantle, liketsahalo tse li amang tseo “mokhosi” o li tsoselitseng tsona e ne e se sona seo li hlileng li se lebelletseng.
Ka mor’a lilemo tse seng kae, ha leseli le se le khanya haholoanyane, li ile tsa lumela: “Bahalaleli ba bangata ba ratehang ba ne ba nahana hore mosebetsi oohle o phethiloe. . . . Ba ne ba thabisitsoe ke bopaki bo hlakileng ba hore lefatše le felile, hore ’muso oa leholimo o haufi, le hore letsatsi la ho lopolloa ha bona le atametse. Empa ba ne ba hlokomolohile ntho e ’ngoe e tlamehang ho etsoa. Litaba tse molemo tseo ba li fumaneng li ne li tlameha ho bolelloa ba bang; hobane Jesu o ne a laetse: ‘Kosepele ena ea ’muso e tla boleloa lefatšeng lohle bakeng sa bopaki ho lichaba tsohle: ’me ke hona bofelo bo tlang ho tla.’ (Mattheu 24:14)”—Molula-Qhooa (oa Senyesemane), May 1, 1925.
Ha liketsahalo tsa ka mor’a 1914 li ntse li senoleha ’me Liithuti tsa Bibele li ntse li li bapisa le tseo Morena a li boletseng esale pele, hanyane ka hanyane li ile tsa utloisisa hore li phela mehleng ea qetello ea tsamaiso ea khale le hore haesale li phela ho eona ho tloha ka 1914. Hape li ile tsa utloisisa hore ho ba teng ha Kreste ho sa bonahaleng ho qalile ka selemo sa 1914 le hore o teng, eseng ka ho khutlela ha hae ka seqo (esita le ka mokhoa o sa bonahaleng) lefatšeng, empa ka ho lebisa tlhokomelo ea hae lefatšeng joaloka Morena ea busang. Li ile tsa bona ’me tsa amohela boikarabelo ba tsona bo boholo ba ho bolela “litaba tsena tse molemo tsa ’muso” bakeng sa bopaki ho lichaba tsohle nakong ena e mahlonoko ea histori ea motho.—Matt. 24:3-14, NW.
Ha e le hantle molaetsa o buang ka ’Muso oo li neng li lokela ho o bolela ke ofe? Na o ne o fapane le molaetsa oa Bakreste ba lekholo la pele la lilemo?
’Muso oa Molimo, Tšepo Feela Bakeng sa Batho
Ka baka la ho ithuta Lentsoe la Molimo ka hloko, Liithuti tsa Bibele tse kopanelang le Moena Russell li ile tsa utloisisa hore ’Muso oa Molimo ke puso eo Jehova a tšepisitseng hore o tla e hloma ka Mora oa hae bakeng sa tlhohonolofatso ea batho. “Mohlatsoana” o khethiloeng ke Molimo har’a batho o ne o tla sebeletsa le Jesu Kreste e le babusi hammoho le eena leholimong. Li ne li utloisisa hore puso ena e tla emeloa ke banna ba tšepahalang ba boholo-holo ba neng ba tla sebeletsa joaloka mahosana lefatšeng lohle. Ba ne ba bitsoa “batho ba boholo-holo ba tummeng.”—Luka 12:32; Dan. 7:27; Tšen. 20:6; Pes. 45:16.
E ne e le khale Bokreste-’mōtoana bo ruta ka ‘tokelo eo marena a e fuoeng ke Molimo ea ho busa,’ e le kofuto ea ho etsa batho makhoba. Empa Liithuti tsena tsa Bibele li ile tsa hlokomela ho latela Mangolo hore bokamoso ba mebuso ea batho ha boa sireletsoa ka tiiso ea bomolimo. Tumellanong le seo li neng li ithuta sona, Molula-Qhooa (oa Senyesemane) oa December 1881 o itse: “Ha e le hantle ho hlongoa ha ’muso ona ho tla akarelletsa ho ketoloa ha mebuso eohle ea lefatše, kaha kaofela ha eona—esita le e molemo ka ho fetisisa ho eona—e thehiloe ho hlokeng toka le litokelong tse sa lekaneng le khatello ea batho ba bangata le ho amohela ba seng bakae—joalokaha re bala sena: ‘O tla robaka ’me o felise mebuso ena kaofela ’me oona o tla ba teng ka ho sa feleng.’”—Dan. 2:44.
Mabapi le tsela eo mebuso eo e hatellang e tlang ho robakoa ka eona, Liithuti tsa Bibele li ne li sa ntsane li tla ithuta ho hongata. Li ne li ntse li e-s’o utloisise ka ho hlaka hore na mahlohonolo a ’Muso oa Molimo a tla aparela batho bohle joang. Empa li ne li sa ferekanye ’Muso oa Molimo le boikutlo bo sa hlaloseheng bo leng ka pelong ea motho kapa le puso ea lequloana la baruti le sebelisang ’Muso oa lefatše joaloka kofuto ea lona.
Ka 1914, bahlanka ba tšepahalang ba Molimo ba pele ho Bokreste ba ne ba e-s’o tsosetsoe lefatšeng joaloka baemeli ba mahosana ba Morena oa Bomessia, joalokaha ho ne ho lebelletsoe, leha e le hore masala a “mohlatsoana” a ile a kopana le Kreste ’Musong oa leholimo selemong seo. Leha ho le joalo, ka kholiseho Molula-Qhooa (oa Senyesemane) oa February 15, 1915, o ile oa bolela hore 1914 ke nako e loketseng ea “hore Morena oa rōna a nke matla a Hae a puso ’me a buse,” ka hona ho ile ha fela lilemo tse likete tsa puso e sa sitisoeng ea Balichaba. Tokollong ea oona ea July 1, 1920, Molula-Qhooa (oa Senyesemane) o ile oa boela oa tiisa boemo boo ’me oa bo amahanya le litaba tse molemo tseo Jesu a neng a boletse esale pele hore li tla boleloa lefatšeng ka bophara pele ho bofelo. (Matt. 24:14) Kopanong ea Liithuti tsa Bibele e neng e tšoaretsoe Cedar Point, Ohio, ka 1922, kutloisiso ena e ile ea boela ea phetoa hape qetong e akaretsang, ’me Moena Rutherford o ile a phehella ba tlileng kopanong: “Phatlalatsang, phatlalatsang, phatlalatsang, Morena le ’muso oa hae.”
Leha ho le joalo, nakong eo Liithuti tsa Bibele li ne li ikutloa hore ho hlongoa ha ’Muso, ho hlongoa ha oona ka ho felletseng leholimong, ho ke ke ha etsahala ho fihlela ha litho tsa ho qetela tsa monyaluoa oa Kreste li tlotlisitsoe. Ka hona, ho ile ha finyelloa sehlohlolo se seholo ka 1925, ha Molula-Qhooa (oa Senyesemane) oa March 1 o na le sehlooho se reng “Ho Tsoaloa ha Sechaba.” O ile oa fana ka thuto e tsotehang ea Tšenolo khaolo 12. Sehlooho sena se ile sa fana ka bopaki ba hore ’Muso oa Bomessia o tsoetsoe—o hlonngoe—ka 1914, hore Kreste o qalile ho busa nakong eo a le teroneng ea hae ea leholimo, le hore ka mor’a moo Satane o ile a ntšoa leholimong ’me a lahleloa lefatšeng. Tsena ke litaba tse molemo tse neng li lokela ho boleloa, litaba tsa hore ’Muso oa Molimo o se o ntse o busa. Kutloisiso ee e fanang ka tsebo e ile ea susumelletsa baboleli baa ba ’Muso hakaakang hore ba bolele ho isa lipheletsong tsa lefatše!
Ka mecha eohle e loketseng, batho ba Jehova ba ile ba fana ka bopaki ba hore ke ’Muso oa Molimo feela o ka tlisang topollo le tharollo mathateng a tebileng a batho. Ka 1931 molaetsa ona o ile oa phatlalatsoa seea-le-moeeng ke J. F. Rutherford tsamaisong e pharalletseng ka ho fetisisa ea machaba e kileng ea phatlalatsoa seea-le-moeeng. Taba e ngotsoeng ea phatlalatso eo e ile ea boela ea hatisoa ka lipuo tse ngata bukaneng The Kingdom, the Hope of the World—eo likopi tsa eona tse limillione li ileng tsa abjoa ka likhoeli tse seng kae feela. Ho phaella kabong e pharalletseng har’a batho ka kakaretso, ho ile ha etsoa boiteko bo khethehileng ba ho li tsamaisetsa bo-ralipolotiki, bo-rakhoebo ba hlahelletseng, le baruti.
Har’a tse ling, bukana eo e itse: “Mebuso ea lefatše e sa lokang e teng hona joale e ke ke ea fana ka tšepo ea letho ho batho. Kahlolo ea Molimo khahlanong le eona e tiisa hore e tlameha ho felisoa. Ka hona, tšepo ea lefatše le tšepo feela e teng ke ’muso kapa puso e lokileng ea Molimo eo ’Musi oa eona ea sa bonahaleng e leng Jesu Kreste.” Ba ile ba hlokomela hore ’Muso oo o tla tlisetsa batho khotso ea ’nete le tšireletseho. Tlas’a puso ea oona lefatše e ne e tla ba paradeise ea sebele, ’me ho kula le lefu li ne li ke ke tsa hlola li e-ba teng.—Tšen. 21:4, 5.
Litaba tse molemo tsa ’Muso oa Molimo e ntse e le motheo oa litumelo tsa Lipaki tsa Jehova. Ho tloha ka tokollo ea March 1, 1939, makasine oa tsona oa sehlooho, oo hona joale o hatisoang ka lipuo tse fetang 110, o bile le sehlooho se reng Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova.
Empa pele puso ea ’Muso e ka fetola lefatše paradeise, tsamaiso e teng hona joale e khopo e ne e tla lokela ho felisoa. Seo se ne se tla finyelloa joang?
Ntoa ea Letsatsi le Leholo la Molimo o Matla ’Ohle
Ntoa ea lefatše e qalileng ka 1914 e ile ea tsukutla tsamaiso ea lintho e teng hona joale. Ka nakoana ho ile ha bonahala eka liketsahalo li tla etsahala joalokaha Liithuti tsa Bibele li ne li lebelletse.
Morao koo ka August 1880, Moena Russell o ne a ngotse: “Re utloisisa hore pele lelapa la motho le tsosolosoa kapa le qala ho hlohonolofatsoa, mebuso e teng hona joale ea lefatše e holehileng batho le ho ba hatella kaofela e tla ketoloa le hore ’muso oa Molimo o tla qala puso le hore tlhohonolofatso le tsosoloso li tla tlisoa ke ’muso o mocha.” Ho ‘ketoloa hoo ha mebuso’ ho ne ho tla etsahala joang? Motheong oa maemo ao a neng a a bona a etsahala lefatšeng nakong eo, Russell o ne a lumela hore nakong ea ntoa ea Harmagedone, Molimo o tla sebelisa lihlopha tse loantšanang tsa batho ho ketola mekhatlo e teng. O itse: “Mosebetsi oa ho felisa puso ea batho oa qaleha. Matla a tlang ho o felisa a se a ntse a le teng. Batho ba se ba ntse ba hlophisa mabotho a bona tlas’a lebitso la Bokomonisi, Bososhiale, Phetohelo, joalo-joalo.”
Buka The Day of Vengeance (eo hamorao e ileng ea bitsoa The Battle of Armageddon), e hatisitsoeng ka 1897, e ile ea tsoela pele ho tšohla tsela eo ka eona Liithuti tsa Bibele li neng li utloisisa taba eo ka teng nakong eo, ea re: “Morena, ka tataiso ea hae e matla, o tla etella pele lebotho lena le leholo la batho ba sa khotsofalang—barati ba naha, babuelli ba phetoho e khōlō ea bolumeli, babuelli ba tsamaiso ea bososhiale, babuelli ba boitšoaro bo botle, bahlohlelletsi ba phetohelo, batho ba hlokang tsebo le ba hlokang tšepo—’me a sebelise litebello, tšabo, booatla le boithati ba bona, ho latela bohlale ba hae ba bomolimo, bakeng sa ho phethahatsa merero ea hae e meholo ka ho ketola mekhatlo e teng hona joale, le ho hlophisa batho bakeng sa ’Muso oa ho Loka.” Ka hona li ne li utloisisa hore ntoa ea Harmagedone e amana le phetohelo e mabifi ea sechaba.
Empa na Harmagedone e ne e tla ba feela phehisano pakeng tsa lihlopha tse loantšanang tsa batho, phetohelo ea sechaba e sebelisoang ke Molimo bakeng sa ho ketola mekhatlo e teng hona joale? Ha ho ntse ho lebisoa tlhokomelo e eketsehileng mangolong a amanang le taba ena, Molula-Qhooa (oa Senyesemane) oa July 15, 1925, o ile oa lebisa tlhokomelo ho Zakaria 14:1-3 ’me oa re: “Ho latela sena re utloisisa hore lichaba tsohle tsa lefatše, tlas’a tataiso ea Satane, li tla bokelloa hore li loantše sehlopha sa Jerusalema, e leng, ba emang ka lehlakoreng la Morena . . . Tšenolo 16:14, 16.”
Selemong se latelang, bukeng Deliverance, ho ile ha lebisoa tlhokomelo morerong oa sebele oa ntoa ena, ha thoe: “Ho latela Lentsoe la hae, joale Jehova o tla bonahatsa matla a hae ka ho hlakileng le ka mokhoa o sa belaetseng e le hore batho ba tle ba kholisehe ka tsela ea bona eo eseng ea bomolimo ’me ba utloisise hore Jehova ke Molimo. Ke ka lona lebaka leo Molimo a ileng a tlisa moroallo o moholo, a heletsa Tora ea Babele, a felisa lebotho la Sankeribe morena oa Assyria, ’me a felisa Baegepeta; ’me hape ke ka lona lebaka leo joale a tlang ho tlisa khathatso e ’ngoe hape e khōlō lefatšeng. Litlokotsi tsa nakong e fetileng e ne e le liriti tsa tlokotsi eo joale e atamelang. Ho bokanoa bakeng sa letsatsi le leholo la Molimo ea Matla ’Ohle. Ke ‘letsatsi la Morena le leholo, le tšabehang’ (Joele 2:31), leo ka lona Molimo a tlang ho iketsetsa lebitso. Khohlanong ena e khōlō le ea makhaola-khang batho ba lichaba tsohle, ba mefuta eohle le ba lipuo tsohle ba tla ithuta hore Jehova ke Molimo ea matla ’ohle, ea bohlale ka ho fetisisa le ea nang le toka.” Empa bahlanka ba Jehova ba leng lefatšeng ba ile ba hlokomelisoa: “Ntoeng ena e khōlō ha ho Mokreste ea tla kenella. Lebaka leo ba sa kenelleng ka lona ke hore Jehova o itse: ‘Hobane ntoa hase ea lōna, empa ke ea Molimo.’” Ho hang ntoa e boleloang mona hase e ileng ea loanoa har’a lichaba, ho tloha ka 1914. E ne e sa ntsane e tla tla.
Ho ne ho sa ntsane ho e-na le lipotso tse ling tse hlokang ho arabeloa motheong oa Mangolo. E ’ngoe ea tsona e ne e amana le tlhaloso ea Jerusalema e neng e tla hatakeloa ka maoto ho fihlela bofelong ba Linako tsa Balichaba, joalokaha ho boletsoe ho Luka 21:24; ’me se amanang le sena ke tlhaloso ea Iseraele eo ho buuoeng ka eona boprofeteng bo bongata ba tsosoloso.
Na Molimo o ne a Tla Khutlisetsa Bajode Palestina?
Liithuti tsa Bibele li ne li hlokometse hantle boprofeta bo bongata bo buang ka tsosoloso bo ileng ba fetisetsoa ho Iseraele ea boholo-holo ka baprofeta ba Molimo. (Jer. 30:18; 31:8-10; Amose 9:14, 15; Ba-Roma 11:25, 26) Ho theosa ho fihlela ka 1932, li ne li utloisisa hore boprofeta bona bo sebetsa ka ho khetheha ho Bajode ba tlhaho. Ka hona, li ne li lumela hore Molimo o tla boela a bontša mohau ho Iseraele, ’me butle-butle a khutlisetse Bajode Palestina, a bule mahlo a bona hore a bone ’nete e mabapi le Jesu joaloka Morekolli le Morena oa Bomessia, le ho ba sebelisa joaloka mocha oa ho fetisetsa mahlohonolo ho lichaba tsohle. Ka kutloisiso ena, Moena Russell o ile a bua le bamameli ba bangata ba Bajode New York hammoho le Europe tlas’a sehlooho se reng “Mokhatlo oa Sione Boprofeteng,” ’me ka 1925 Moena Rutherford o ile a ngola buka ea Comfort for the Jews.
Empa butle-butle ho ile ha hlaka hore se etsahalang Palestina mabapi le Bajode e ne e se phethahatso ea boprofeta ba Jehova bo boholo ba tsosoloso. Jerusalema ea lekholo la pele la lilemo e ile ea etsoa lesupi hobane Bajode ba ne ba lahlile Mora oa Molimo, Messia, ea rometsoeng ka lebitso la Jehova. (Dan. 9:25-27; Matt. 23:38, 39) Ho ne ho ntse ho hlaka ka ho eketsehileng haholoanyane hore joaloka sechaba ha baa fetola boikutlo ba bona. Ba ne ba sa bakela phoso eo bo-ntate-moholo ba bona ba e entseng. Ho khutlela ha ba bang Palestina ho ne ho sa susumetsoe ke lerato ho Molimo kapa takatso ea ho phahamisa lebitso la hae ka ho phethahatsa Lentsoe la hae. Sena se ile sa hlalosoa ka ho hlaka moqolong oa bobeli oa Vindication, o ileng oa hatisoa ke Watch Tower Bible and Tract Society ka 1932.k Ho nepahala ha boemo bona ho ile ha tiisoa ka 1949, ha Naha ea Iseraele, e neng e sa tsoa thehoa e le sechaba le naha ea Bajode, e fetoha setho sa Machaba a Kopaneng, ka hona ea bontša hore tšepo ea eona ha e ho Jehova empa e lichabeng tsa lipolotiki tsa lefatše.
Se neng se ntse se etsahala phethahatsong ea boprofeta boo ba tsosoloso se ne se habile nģa esele. Bahlanka ba Jehova ba ile ba qala ho hlokomela hore ke Iseraele oa moea, “Iseraele oa Molimo,” e bōptjoang ke Bakreste ba tlotsitsoeng ka moea, e thabelang khotso le Molimo ka Jesu Kreste, phethahatsong ea morero oa Molimo. (Ba-Gal. 6:16) Joale mahlo a tsona a ile a tutubolloa hore li hlokomele phethahatso e hlollang ea moea ea litšepiso tseo tsa tsosoloso litšebelisanong tsa Molimo le Bakreste ba joalo ba ’nete. Ka mor’a nako li ile tsa boela tsa hlokomela hore Jerusalema e ileng ea phahamisoa bofelong ba Linako tsa Balichaba hase feela motse o lefatšeng, kapa esita le batho ba leng lefatšeng ba emeloang ke motse oo, empa, ho fapana le hoo, ke “Jerusalema oa leholimo,” moo Jehova a hlomamisitseng Mora oa hae, Jesu Kreste, a e-na le matla a bobusi ka 1914.—Ba-Heb. 12:22.
Ha li se li hlaketsoe ke litaba tsena, Lipaki tsa Jehova li ne li le boemong bo molemonyana ba ho phethahatsa kabelo ea ho bolela litaba tse molemo tsa ’Muso “lefatšeng lohle leo ho ahiloeng ho lona” li sa khethe sehlopha leha e le sefe.—Matt. 24:14.
Ke mang ea lokelang ho fuoa tlotla ka litlhaloso tsee tsohle tsa Bibele tse ’nileng tsa hlaha ho lingoliloeng tsa Watch Tower?
Mocha oo Bahlanka ba Jehova ba Rutoang ka Oona
Jesu Kreste o boletse esale pele hore ka mor’a ho khutlela ha hae leholimong, o tla romella barutuoa ba hae moea o halalelang. O ne o tla sebeletsa e le mothusi, o ba tataisetse “’neteng eohle.” (Joh. 14:26; 16:7, 13) Jesu o ile a boela a re joaloka Morena le Monghali oa Bakreste ba ’nete, o tla ba le “lekhoba le tšepahalang le le masene,” ‘mohlahlobi ea khabane,’ ea neng a tla fa bahlanka, basebeletsi ka tlung ea tumelo, ‘lijo tsa moea ka nako e loketseng.’ (Matt. 24:45-47, NW; Luka 12:42) Lekhoba lee le tšepahalang le le masene ke mang?
Tokollo ea pele feela ea Molula-Qhooa (oa Senyesemane) e ile ea bua ka Mattheu 24:45-47 ha e bolela hore sepheo sa bahatisi ba makasine oo ke ho falimehela liketsahalo tse mabapi le ho ba teng ha Kreste le ho fa ntlo ea tumelo ‘nama ea moea ka nako e loketseng.’ Empa mohlophisi oa makasine oo o ne a sa ipolele hore ke lekhoba le tšepahalang le le masene, kapa “mohlanka ea tšepahalang le ea bohlale” (ho latela phetolelo ea King James Version).
Ka hona, tokollong ea October-November 1881 (ea Senyesemane) ea makasine oo, C. T. Russell o itse: “Re lumela hore setho se seng le se seng sa ’mele ona oa Kreste se tšoarehile mosebetsing o hlohonolofalitsoeng, ebang ke ka ho toba kapa ka ho sa tobang, oa ho fa ntlo ea tumelo nama ka nako e loketseng. ‘Ka hona ke mang mohlanka eo ea tšepahalang le ea bohlale eo Morena a mo entseng ’musi oa ntlo ea hae,’ hore a e fe nama ka nako e loketseng? Na hase ‘mohlatsoana’ oo oa bahlanka ba inehetseng ba phethahatsang likano tsa bona tsa boinehelo ka botšepehi—’mele oa Kreste—’me na hase ’mele ’ohle ka bomong le ka sehlopha, o fang ntlo ea tumelo nama ka nako e loketseng—sehlopha se seholo sa balumeli? Mohlanka eo (’mele ’ohle oa Kreste) o lehlohonolo ha ere ha Morena oa hae a fihla (Seg. elthon) a tlang ho mo fumana a etsa joalo. ‘Kannete, ke re ho lōna, o tla mo etsa ’musi holim’a thepa ea hae eohle.’”
Leha ho le joalo, ka mor’a lilemo tse fetang leshome, mosali oa Moena Russell o ile a bolela phatlalatsa khopolo ea hore Russell ke mohlanka ea tšepahalang le ea bohlale.l Pono eo a e boletseng mabapi le tlhaloso ea ‘mohlanka ea tšepahalang’ e ile ea khomareloa ka kakaretso ke Liithuti tsa Bibele ka lilemo tse ka bang 30. Moena Russell ha a ka a hana pono ea tsona, empa eena o ile a qoba ho sebelisa temana eo ka tsela e joalo, a hatisa khanyetso ea hae khopolong ea sehlopha sa baruti se fuoeng thōmo ea ho ruta Lentsoe la Molimo ho fapana le sehlopha sa batho feela se sa fuoang thōmo e joalo. Kutloisiso ena e boletsoeng ke Moena Russell ka 1881 ea hore ha e le hantle mohlanka ea tšepahalang le ea bohlale ke sehlopha sa mohlanka, se bōpiloeng ka litho tsohle tsa ’mele oa Kreste o tlotsitsoeng ka moea lefatšeng, e ile ea boela ea tiisoa ho Molula-Qhooa (oa Senyesemane) oa February 15, 1927.—Bapisa le Esaia 43:10.
Moena Russell o ne a talima karolo ea hae joang? Na o ile a ipolela hore o fumane tšenolo e khethehileng e tsoang ho Molimo? Ho Molula-Qhooa (oa Senyesemane) oa July 15, 1906 (leqephe 229), ka boikokobetso Russell o ile a arabela: “Che, metsoalle e ratehang, ha ke ipolele hore ke na le botumo, leha e le matla a phahametseng a tlhaho, seriti kapa bolaoli; leha e le hona hore ke laba-labela ho iphahamisa ka holimo ho baena ba ka ba ntlo ea tumelo, ntle le ka kutloisiso eo Morena a e khothallelitseng, a re, ‘Ea ratang ho ba moholo har’a lōna, e be mohlanka oa lōna.’ (Matt. 20:27.) . . . Linnete tseo ke li hlahisang, joaloka ’muelli oa Molimo, ha lia senoloa ka lipono kapa litoro, kapa ka lentsoe la molomo la Molimo, leha e le hore li hlahile kaofela ka nako e le ’ngoe, empa li hlahile hanyane ka hanyane . . . Leha e le hore ho senoleha hona ho hlakileng ha ’nete ho tlisitsoe ke bohlale kapa masene a batho, empa ke feela hore ho tlile hobane nako ea Molimo e loketseng e fihlile; ’me ha ke ne nke ke ka bua, ’me ho sa fumanoe kofuto e ’ngoe, majoe a ne a tla hooa.”
Babali ba Molula-Qhooa ba ile ba khothalletsoa ho retelehela ho Jehova joaloka Morupeli oa bona e Moholo, joalokaha Lipaki tsa Jehova kaofela li etsa kajeno. (Esa. 30:20) Sena se ile sa hatisoa ka matla ho Molula-Qhooa (oa Senyesemane) oa November 1, 1931, sehloohong se reng “Ho Rutoa ke Molimo,” se ileng sa re: “Molula-Qhooa o hlokomela ’nete e le e tsoang ho Jehova, eseng ho sebōpuoa sefe kapa sefe. Molula-Qhooa hase kofuto ea motho ofe kapa ofe kapa sehlopha sefe kapa sefe sa batho, leha e le hore e hatisoa ho latela likhopolo tsa batho. . . . Jehova Molimo ke eena Tichere e khōlō ea batho ba hae. Bonneteng, ho hatisoa ha linnete tsena ho etsoa ka batho ba sa phethahalang, ’me ka lebaka lena ha lia phethahala ka ho felletseng; empa li hlahisoa ka tsela eo ka eona li bonahatsang ’nete ea Molimo eo a e rutang bana ba hae.”
Lekholong la pele la lilemo, ha ho hlaha lipotso tse mabapi le thuto le mokhoa o sebelisoang, li ne li lebisoa ho sehlopha se seholo se busang se bōpiloeng ka banna ba moea ba hōlileng. Ho ne ho etsoa liqeto ka mor’a ho nahanisisa ka se boleloang ke Mangolo a bululetsoeng hammoho le bopaki ba mosebetsi o leng tumellanong le Mangolo ao o atlehisoang ke ho sebetsa ha moea o halalelang. Liqeto tsena li ne li fetisetsoa liphuthehong ka mangolo. (Lik. 15:1–16:5) Mokhoa oona oo o ntse o sebetsa har’a Lipaki tsa Jehova kajeno.
Thuto ea moea e fanoa ka lihlooho tsa limakasine, libuka, mananeo a kopano le likemiso tsa lipuo tsa phutheho—tseo kaofela ha tsona li lokisetsoang tlas’a tataiso ea Sehlopha se Busang sa lekhoba le tšepahalang le le masene. Seo li se fupereng se bontša ka ho hlaka hore seo Jesu a se boletseng esale pele sea phethahala kajeno—hore ha e le hantle, o na le sehlopha sa lekhoba le tšepahalang le le masene seo ka botšepehi se rutang ‘lintho tsohle tseo a li laetseng’; hore mocha ona o ‘lebetse,’ o falimehetse liketsahalo tse phethahatsang boprofeta ba Bibele haholo-holo mabapi le ho ba teng ha Kreste; hore o thusa batho ba tšabang Molimo ho utloisisa seo ‘ho boloka’ lintho tse laetsoeng ke Jesu ho se akarelletsang le ho paka kannete hore ke barutuoa ba hae.—Matt. 24:42; 28:20; Joh. 8:31, 32.
Mohato ka mohato, ho theosa le lilemo, mekhoa e ka ’nang ea hulela batho ba itseng tlhokomelo e sa ba tšoaneleng mabapi le ho lokisetsoa ha lijo tsa moea e ’nile ea felisoa. Ho theosa ho fihlela lefung la C. T. Russell, lebitso la hae le ne le hlahisoa joaloka mohlophisi tokollong e ’ngoe le e ’ngoe ea Molula-Qhooa. Hangata mabitso kapa likhutsufatso tsa mabitso a ba tlatselitseng ka boitsebiso bo itseng a ne a hlaha qetellong ea lihlooho tseo ba li lokiselitseng. Joale, ho qala ka tokollo ea December 1, 1916, ho e-na le ho bontša lebitso la motho a le mong joaloka mohlophisi, Molula-Qhooa (oa Senyesemane) o ile oa hlahisa mabitso a komiti ea tlhophiso. Tokollong ea October 15, 1931, (ea Senyesemane) lethathamo lena le lona le ile la tlosoa, ’me ha kenngoa Esaia 54:13 bakeng sa lona. Joalokaha e qotsitsoe ho American Standard Version, e baleha tjena: “’Me bana bohle ba hao ba tla rutoa ke Jehova; ’me khotso ea bana ba hao e tla ba khōlō.” Ho tloha ka 1942 e bile ho tloaelehileng hore lingoliloeng tse hatisitsoeng ke Mokhatlo oa Watch Tower li se ke tsa lebisa tlhokomelo ho motho leha e le ofe joaloka mongoli.a Tlas’a tlhokomelo ea Sehlopha se Busang, Bakreste ba inehetseng Amerika Leboea le Boroa, Europe, Afrika, Asia, le lihleke-hlekeng tsa leoatle ba ’nile ba kenya letsoho ho lokisetseng boitsebiso bo joalo bakeng sa ho sebelisoa ke liphutheho tsa Lipaki tsa Jehova lefatšeng ka bophara. Empa tlotla eohle e lebisoa ho Jehova Molimo.
Leseli le Ntse le Khanya ka ho Eketsehileng
Joalokaha ho bonahala historing ea tsona ea kajeno, Lipaki tsa Jehova li ’nile tsa latsoa se hlalositsoeng ho Liproverbia 4:18: “Tsela ea ba lokileng e joale ka leseli le khanyang, le ntseng le eketsa ho khanya ho fihlela motšehare o moholo o phethehileng.” Ho khanya ha leseli ho ’nile ha tla mohato ka mohato, feela joalokaha leseli la mafube le etella pele ho chaba ha letsatsi le leseli le felletseng la letsatsi le lecha. Ha ho talingoa litaba ho latela leseli le neng le le teng, ka linako tse ling li ’nile tsa ba le likhopolo tse sa fellang, esita le tse fosahetseng. Ho sa tsotellehe hore na li leka ka matla hakae, li ne li sa khone ho utloisisa boprofeta bo itseng ho fihlela bo qala ho phethahala. Ha Jehova a ntse a fana ka leseli le eketsehileng ka Lentsoe la hae a sebelisa moea oa hae, ka boikokobetso bahlanka ba hae ba ’nile ba ikemisetsa ho etsa liphetoho tse hlokahalang.
Kutloisiso e joalo e tlang mohato ka mohato e ne e sa lekanyetsoa feela qalong ea histori ea tsona ea kajeno. E ntse e tsoela pele ho tla fihlela kajeno. Ka mohlala, ka 1962 ho ile ha fetoloa kutloisiso e mabapi le “balaoli ba phahameng” ba boletsoeng ho Ba-Roma 13:1-7, NW.
Ka lilemo tse ngata Liithuti tsa Bibele li ne li rutiloe hore “babusi ba phahameng” (KJ) ke Jehova Molimo le Jesu Kreste. Hobane’ng? Ho Molula-Qhooa (oa Senyesemane) oa June 1 le June 15, 1929, ho ile ha qotsoa melao e sa tšoaneng ea lefatše, ’me ho ile ha bontšoa hore se lumelletsoeng naheng e ’ngoe ho e ’ngoe se thibetsoe. Ho ile ha boela ha lebisoa tlhokomelo melaong ea lefatše e hlokang hore batho ba etse seo Molimo a se thibetseng kapa e thibelang seo Molimo a laetseng bahlanka ba hae ho se etsa. Ka baka la takatso ea tsona e tiileng ea ho bontša tlhompho ho bolaoli bo phahameng ka ho fetisisa ba Molimo, ho Liithuti tsa Bibele ho ile ha bonahala eka “ba boholong” e tlameha e le Jehova Molimo le Jesu Kreste. Li ne li ntse li utloa melao ea lefatše, empa khatiso e ne e behiloe tabeng ea ho utloa Molimo pele. Eo e bile thuto ea bohlokoa, e ileng ea li tiisa lilemong tsa mofere-fere oa lefatše tse ileng tsa latela. Empa li ne li sa utloisise ka ho hlaka se boleloang ke Ba-Roma 13:1-7.—NW.
Lilemo tse seng kae hamorao, ho ile ha etsoa tlhahlobisiso e ’ngoe e hlokolosi ea mangolo, hammoho le taba ea ’ona e ngotsoeng ho ipapisitsoe le Bibele ka kakaretso. Ka baka leo, ka 1962 ho ile ha lumeloa hore “balaoli ba phahameng” ke babusi ba lefatše, empa ka thuso ea New World Translation, molao-motheo oa boikokobetso bo lekanyelitsoeng o ile oa utloisisoa ka ho hlaka.b Sena se ne se sa hloke hore ho etsoe phetoho e khōlō boikutlong ba Lipaki tsa Jehova mabapi le mebuso ea lefatše, empa se ile sa lokisa kutloisiso ea tsona ea karolo e khōlō ea Mangolo. Tabeng eona eo, Lipaki li ile tsa ba le monyetla oa ho hlahlobisisa ka hloko hore na ha e le hantle li hlile li phelela boikarabelo ba tsona mabapi le Molimo le balaoli ba lefatše. Kutloisiso ena e hlakileng ea “balaoli ba phahameng” e ’nile ea sebeletsa e le tšireletso ho Lipaki tsa Jehova, haholo-holo linaheng tseo ho tsona bochaba bo ntseng bo eketseha le ho loanela tokoloho e khōloanyane ho ’nileng ha fella ka hore ho hlahe pefo le ho thehoa ha mebuso e mecha.
Selemong se latelang, ka 1963, ho ile ha fanoa ka tlhaloso e khōloanyane ea “Babylona e moholo.”c (Tšen. 17:5) Ho hlahlobjoa ha histori ea lefatše le ea bolumeli ho ile ha lebisa qetong ea hore tšusumetso ea Babylona ea boholo-holo ha ea ka ea thophothela ho Bokreste-’mōtoana feela empa le likarolong tsohle tsa lefatše. Ka hona ho ile ha hlokomeloa hore Babylona e Moholo ke ’muso oohle oa lefatše oa bolumeli ba bohata. Ho hlokomela sena ho nolofalelitse Lipaki tsa Jehova ho thusa batho ba bangata, ba limelo tse sa tšoaneng, ho arabela taelong ea Bibele: “Tlohang ho eena, lōna sechaba sa ka.”—Tšen. 18:4.
Ka sebele, ho senoleha ha liketsahalo tse boletsoeng esale pele bukeng eohle ea Tšenolo ho fane ka leseli le leholo la moea. Ka 1917 thuto ea Tšenolo e ile ea hatisoa bukeng The Finished Mystery. Empa “letsatsi la Morena,” leo ho buuoang ka lona ho Tšenolo 1:10, e ne e le hona le qalang nakong eo; bongata ba se boletsoeng esale pele bo ne bo e-s’o etsahale ’me bo ne bo sa utloisisoe ka ho hlakileng. Leha ho le joalo, liketsahalo tse etsahetseng lilemong tse latelang li ile tsa fana ka leseli le leholoanyane la se boleloang ke karolo eo ea Bibele, ’me liketsahalo tsena li bile le phello e tebileng thutong e hlollang ea Tšenolo e ileng ea hatisoa ka 1930 meqolong e ’meli e nang le sehlooho se reng Light. Lilemong tsa bo-1960 boitsebiso bo eketsehileng bo ntlafalitsoeng bo ile ba hatisoa libukeng “Babylon the Great Has Fallen!” God’s Kingdom Rules! le “Then Is Finished the Mystery of God.” Lilemo tse mashome a mabeli hamorao ho ile ha etsoa thuto e ’ngoe e tebileng ea karolo eo ea Bibele. Puo ea tšoantšetso ea Tšenolo e ile ea hlahlobisisoa ka hloko ho ipapisitsoe le lipolelo tse tšoanang tse likarolong tse ling tsa Bibele. (1 Ba-Kor. 2:10-13) Liketsahalo tsa lekholo la bo20 la lilemo tse phethahatsang boprofeta li ile tsa hlahlobjoa hape. Liphetho li ile tsa hatisoa ka 1988 bukeng e hlollang ea Tšenolo—Tlhōrō ea Eona e Hlollang ka Botle e Haufi!
Lilemong tse qalang tsa histori ea tsona ea kajeno, ho ne ho ntse ho raloa motheo. Ho ile ha fanoa ka lijo tse ngata tsa moea tsa bohlokoa. Lilemong tsa morao tjena ho ’nile ha fanoa ka boitsebiso bo fapa-fapaneng ba ho ithuta Bibele bakeng sa ho khotsofatsa litlhoko tsa Bakreste ba hōlileng tsebong le liithuti tse ncha tse nang le limelo tse ngata. Maemong a mangata thuto e tsoelang pele ea Mangolo, hammoho le phethahatso ea boprofeta ba bomolimo e nolofalitse hore ho hlalosoe lithuto tsa Bibele ka ho hlakileng haholoanyane. Kaha thuto ea tsona ea Lentsoe la Molimo e tla mohato ka mohato, Lipaki tsa Jehova li fumana lijo tsa moea ka bongata, feela joalokaha Mangolo a boletse esale pele hore ho tla ba joalo ka bahlanka ba ’nete ba Molimo. (Esa. 65:13, 14) Ho fetoloa ha lipono tse itseng ha ho etsoe ka morero oa ho amoheleha haholoanyane lefatšeng ka ho amohela litekanyetso tsa lona tsa boitšoaro tse ntseng li hlepha. Ho fapana le hoo, histori ea Lipaki tsa Jehova e bontša hore ho etsoa liphetoho ka morero oa ho khomarela Bibele haufi-ufi, ho ikamahanya haholoanyane le Bakreste ba tšepahalang ba lekholo la pele la lilemo, e le hore li ka amoheleha ka ho eketsehileng ho Molimo.
Ka hona, phihlelo ea tsona e tumellanong le thapelo ea moapostola Pauluse, ea ileng a ngolla Bakreste-’moho sena: “Ha re phetse ho le rapella, le ho le kōpela hore le tlale tsebo ea thato ea oona, ka bohlale bohle, le kelello eohle ea Moea; le tle le tsamaee ka mokhoa o tšoanelang Morena, le mo khahlise ka hohle, le bee litholoana mesebetsing e metle eohle, le ntse le hōla tsebong ea Molimo.”—Ba-Kol. 1:9, 10.
Khōlo eo ea tsebo e nepahetseng ka Molimo le eona e ile ea tlatsetsa ho isa bohōleng bo itseng lebitsong la tsona—Lipaki tsa Jehova.
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Zion’s Watch Tower and Herald of Christ’s Presence, July 15, 1906, maq. 229-31.
b Bona Insight on the Scriptures, e hatisitsoeng ke Watchtower Bible and Tract Society of New York, Inc., Moqolo 2, leqephe 1176.
c Ka mohlala: (1) Lekholong la bo16 la lilemo, mekhatlo e loantšang thuto ea boraro-bo-bong e ne e le matla Europe. Ka mohlala, Ferenc Dávid (1510-79), oa Hungary, o ne a tseba a bile a ruta hore thuto ea Boraro-bo-bong hase ea Mangolo. Ka baka la litumelo tsa hae, o ile a shoella teronkong. (2) Minor Reformed Church, e ileng ea ata Poland ka lilemo tse ka bang lekholo lekholong la bo16 le la bo17 la lilemo, le eona e ile ea hana Boraro-bo-bong, ’me balateli ba kereke eo ba ile ba rekisa lingoliloeng Europe kaofela, ho fihlela hamorao ha Majesuite a etsa hore ba lelekoe Poland. (3) Monghali Isaac Newton (1642-1727), Engelane, o ile a hana thuto ea Boraro-bo-bong ’me a ngola mabaka a qaqileng a histori le a Mangolo a ho etsa seo, empa ha aa ka a hatisoa nakong ea ha a ntse a phela, ka ho hlakileng ka baka la ho tšaba liphello tse tla hlahisoa ke seo. (4) Har’a ba bang Amerika, Henry Grew o ile a pepesa hore thuto ea Boraro-bo-bong hase ea Mangolo. Ka 1824 o ile a tšohla taba ena ka ho qaqileng ho An Examination of the Divine Testimony Concerning the Character of the Son of God.
d Bona le Studies in the Scriptures, Letoto V, maqephe 41-82.
e Litlhaloso tse phethahetseng tsa bopaki ba histori le ba Mangolo bo amanang le taba ena li ’nile tsa hatisoa ke Watchtower Bible and Tract Society ka linako tse sa tšoaneng. Bona “The Word”—Who Is He? According to John (1962), “Ntho Tseo Molimo O Nong O Ke Ke Oa Etsa Leshano Ho Tsona” (1965, ka Senyesemane), Ho Bea Mabaka ka Mangolo (1985), le Na U Lokela ho Lumela Boraro-bo-bong? (1989).
f Seo Mangolo a se buang ka sephefumolohi se tsejoa ke litsebi tsa Bajode hammoho le tsa Bokreste-’mōtoana, empa ke ka seoelo se rutoang libakeng tsa tsona tsa borapeli. Bona New Catholic Encyclopedia (1967), Moqolo XIII, maqephe 449-50; The Eerdmans Bible Dictionary (1987), maqephe 964-5; The Interpreter’s Dictionary of the Bible, e hatisitsoeng ke G. Buttrick (1962), Moqolo 1, leqephe 802; The Jewish Encyclopedia (1910), Moqolo VI, leqephe 564.
g Ha e hlalosa taba ena ka ho qaqileng haholoanyane, ka 1955, bukana What Do the Scriptures Say About “Survival After Death”? e ile ea hlalosa hore tlaleho ea Bibele e bontša hore ha e le hantle Satane o ile a khothalletsa Eva ho lumela hore a ke ke a shoa nameng ha a ka hlokomoloha thibelo ea Molimo ea ho ja tholoana ea “sefate sa ho tseba botle le bobe.” (Gen. 2:16, 17; 3:4) Ka mor’a nako, sena se ile sa ipaka ka ho hlakileng e le bohata, empa ho bile le liketsahalo tse ling tse simolohileng leshanong leo la pele. Batho ba ile ba amohela pono ea hore karolo e sa bonahaleng ea motho e tsoela pele e phela. Ka mor’a Moroallo oa mehleng ea Noe, khopolo ena e ile ea tiisoa ke mekhoa ea bademona e simolohileng Babylona ea ho sebelisana le meea.—Esa. 47:1, 12; Deut. 18:10, 11.
h Barbour o ne a bolela hore o lumela thekollo, hore Kreste o shoele bakeng sa rōna. Seo a neng a se hana ke khopolo ea “ho nkela sebaka”—hore Kreste o shoele ho e-na le rōna, hore ka lefu la hae Kreste o lefelletse kotlo ea sebe lebitsong la bana ba Adama.
i O ne a susumelitsoe ke tumelo ea hore nako ea lilemo tse likete tse supileng tsa histori ea batho e qalile ka 1873 le hore nako ea khalefo ea Molimo (e lekanang ka bolelele le nako e fetileng eo ho neng ho nkoa hore ke ea mohau) holim’a Iseraele oa tlhaho e tla fela ka 1878. Tatellano eo ea nako e ne e fosahetse hobane ho ne ho itšetlehiloe ka phetolelo e fosahetseng ea Liketso 13:20 ho King James Version, e leng tumelo ea hore ho na le phoso tabeng e ngotsoeng ho 1 Marena 6:1, le ho se nkele hloohong tatellano ea liketsahalo tsa Bibele mabapi le linako tsa lipuso tsa marena a Juda le Iseraele. Kutloisiso e hlakileng haholoanyane ea tatellano eo liketsahalo tsa Bibele li etsahetseng ka eona e ile ea hatisoa ka 1943, bukeng “’Nete E Tla Le Lokolla,” (ka Senyesemane) ’me selemong se latelang e ile ea ntlafatsoa bukeng “The Kingdom Is at Hand,” hammoho le ho lingoliloeng tse ling hamorao.
j Makasine o hatisitsoeng ke George Storrs, Brooklyn, New York.
k Ka 1978, ha Sehlopha se Busang se kōptjoa hore se fane ka tlhaloso bakeng sa setsi sa khatiso ka boemo ba Lipaki tsa Jehova mabapi le Mokhatlo oa Sione, se itse: “Lipaki tsa Jehova li tsoela pele ho nka boemo ba Bibele ba ho se nke lehlakore mabapi le mekhatlo le mebuso eohle ea lipolotiki. Li kholisehile hore ha ho puso ea motho e tla finyella seo e leng ’muso oa Molimo oa leholimo feela o ka se finyellang.”
l Ka masoabi, e bile nako e khutšoanyane feela ka mor’a moo mosali oa hae a ileng a arohana le eena ka baka la takatso ea hae ea botumo.
a Leha ho le joalo, linaheng tseo ho tsona molao o hlokang sena, ho ka ’na ha thoe moemeli oa sebaka ka seng ke eena ea ikarabellang bakeng sa khatiso.
b Molula-Qhooa (oa Senyesemane), November 1, November 15, le December 1, 1962.
c Molula-Qhooa (oa Senyesemane), November 15 le December 1, 1963.
[Ntlha e Qolotsoeng e leqepheng la 120]
C. T. Russell ka bolokolohi o ile a lumela hore o fumane thuso ho ba bang lilemong tsa hae tse qalang tsa ho ithuta Bibele
[Ntlha e Qolotsoeng e leqepheng la 122]
Li ’nile tsa hlahlobisisa bopaki ba hore kannete Bibele ke Lentsoe la Molimo
[Ntlha e Qolotsoeng e leqepheng la 123]
Liithuti tsa Bibele li ile tsa hlokomela hore toka ea Molimo e leka-lekane ka ho phethahetseng le bohlale ba bomolimo, lerato, le matla
[Ntlha e Qolotsoeng e leqepheng la 127]
Russell o ile a bona ka ho hlaka hore lihele hase sebaka sa tlhokofatso ka mor’a lefu
[Ntlha e Qolotsoeng e leqepheng la 129]
Batho ba bangata ba nang le kahlolo e molemo ha baa ka ba amohela thuto ea mollo oa lihele
[Ntlha e Qolotsoeng e leqepheng la 132]
Boemo bo tiileng ba Russell mabapi le thekollo bo ile ba ba le liphello tse pharalletseng
[Ntlha e Qolotsoeng e leqepheng la 134]
Li ile tsa bona hore 1914 e ne e tšoailoe ka ho hlaka ke boprofeta ba Bibele
[Ntlha e Qolotsoeng e leqepheng la 136]
Hase lintho tsohle tse etsahetseng kapele joalokaha li ne li lebelletsoe
[Ntlha e Qolotsoeng e leqepheng la 139]
Litaba tse molemo tse lokelang ho boleloa: ’Muso oa Molimo o se o qalile ho busa!
[Ntlha e Qolotsoeng e leqepheng la 140]
Na Harmagedone e ne e tla ba feela phetohelo ea sechaba?
[Ntlha e Qolotsoeng e leqepheng la 141]
Qetellong, ka 1932, ‘Iseraele oa Molimo’ o ile a hlalosoa
[Ntlha e Qolotsoeng e leqepheng la 143]
“Lekhoba le tšepahalang le le masene”—ke motho a le mong kapa ke sehlopha?
[Ntlha e Qolotsoeng e leqepheng la 146]
Mohato ka mohato, mekhoa e ka ’nang ea hulela batho ba itseng tlhokomelo e sa ba tšoanelang e ’nile ea felisoa
[Ntlha e Qolotsoeng e leqepheng la 148]
Ho etsoa liphetoho ka morero oa ho khomarela haufi-ufi ho Lentsoe la Molimo
[Lebokose le leqepheng la 124]
Ho Tsebahatsa Lebitso la Molimo
◆ Ho tloha ka 1931 lebitso Lipaki tsa Jehova le ’nile la sebelisoa bakeng sa ho khetholla batho ba rapelang le ho sebeletsa Jehova joaloka Molimo o le mong oa ’nete.
◆ Ho tloha ka October 15, 1931, lebitso la Molimo la botho, Jehova, le ’nile la hlaha leqepheng le qalang la tokollo ka ’ngoe ea makasine oa “Molula-Qhooa.”
◆ Nakong eo ka eona lebitso la Molimo la botho le neng le ntšoa liphetolelong tse ngata tsa Bibele tsa kajeno, ka 1950, Lipaki tsa Jehova li ile tsa qalisa ho hatisa “New World Translation,” e ileng ea khutlisetsa lebitso la Molimo sebakeng sa lona se loketseng.
◆ Ho phaella Bibeleng, lingoliloeng tse ling tse eketsehileng li ’nile tsa hatisoa ke Watch Tower Bible and Tract Society bakeng sa ho lebisa tlhokomelo e khethehileng lebitsong la Molimo—ka mohlala, libuka tsa “Jehovah” (1934), “Lebitso La Hao Le Halaletsoe” (1961, ka Senyesemane), le “‘The Nations Shall Know That I Am Jehovah’—How?” (1971), hammoho le bukana e lekanang le makasine ea “Lebitso la Molimo le Tla ’Ne le be Teng ka ho sa Feleng” (1984).
[Lebokose le leqepheng la 126]
‘Na re ka Hanyetsa Kreste?’
Ka mor’a ho pepesa hore thuto ea Boraro-bo-bong hase ea Mangolo le hore ha e utloahale, C. T. Russell o ile a bontša khalefo e lokileng ha a botsa: “Na re ka hanyetsa Baapostola le Baprofeta le Jesu ka ho etsa joalo, ebe re iphapanyetsa kahlolo e molemo le kelello e hlaphohileng, e le hore re ka khomarela thuto eo Kereke e silafetseng le ea bokoenehi e e fetiselitseng ho rōna ho tloha nakong e fetileng ea ho hloka tsebo le ea tumela-khoela? Che! ‘Re khomarela Molao le bopaki! Haeba li sa bue li ipapisitse le Lentsoe lena, ke hobane ho se na leseli ho tsona.’”—“Molula-Qhooa” (oa Senyesemane), August 15, 1915.
[Lebokose le leqepheng la 133]
’Nete e Tsoelang Pele
Ka 1882, C. T. Russell o ile a ngola: “Bibele ke eona feela tekanyetso ea rōna, ’me lithuto tsa eona ke tsona feela tumelo ea rōna, ’me ha re hlokomela ho senoleha ho tsoelang pele ha linnete tsa Mangolo, re ikemiselitse ebile re itokiselitse ho phaella kapa ho ntlafatsa tumelo ea rōna ha re ntse re fumana leseli le eketsehileng le tsoang Tekanyetsong ea rōna.”—“Molula-Qhooa” (oa Senyesemane), April 1882, leq. 7.
[Lebokose le leqepheng la 144, 145]
Litumelo tsa Lipaki tsa Jehova
◆ Bibele ke Lentsoe la Molimo le bululetsoeng. (2 Tim. 3:16, 17)
Seo le se fupereng hase histori feela kapa khopolo ea motho empa ke lentsoe la Molimo, le tlalehiloeng bakeng sa ho re ruisa molemo. (2 Pet. 1:21; Ba-Roma 15:4; 1 Ba-Kor. 10:11)
◆ Jehova ke Molimo a le mong oa ’nete. (Pes. 83:18; Deut. 4:39)
Jehova ke ’Mōpi oa lintho tsohle, ’me a le boemong boo, ke eena feela ea tšoaneloang ke ho rapeloa. (Tšen. 4:11; Luka 4:8)
Jehova ke ’Musi oa Bokahohle, eo re lokelang ho mo utloa ka ho felletseng. (Lik. 4:24; Dan. 4:17; Lik. 5:29)
◆ Jesu Kreste ke Mora oa Molimo ea tsoetsoeng a ’notši, ke eena feela ea bōpiloeng ke Molimo ka ho toba. (1 Joh. 4:9; Ba-Kol. 1:13-16)
Jesu ke eena oa pele har’a libōpuoa tsa Molimo; ka hona, pele a emoloa le ho tsoaloa e le motho, Jesu o ne a phela leholimong. (Tšen. 3:14; Joh. 8:23, 58)
Jesu o rapela Ntate oa hae joaloka Molimo a le mong oa ’nete; ha ho mohla Jesu a kileng a bolela hore o lekana le Molimo. (Joh. 17:3; 20:17; 14:28)
Jesu o ile a nyehela bophelo ba hae bo phethahetseng ba botho e le thekollo bakeng sa batho. Sehlabelo sa hae se nolofalletsa bohle ba bontšang tumelo ea ’nete ho sona hore ba fumane bophelo bo sa feleng. (Mar. 10:45; Joh. 3:16, 36)
Jesu o ile a tsosoa bafung e le motho oa moea ea sa shoeng. (1 Pet. 3:18; Ba-Roma 6:9)
Jesu o se a khutlile (o lebisitse tlhokomelo ea hae lefatšeng joaloka Morena) ’me hona joale o teng e le moea o khanyang. (Matt. 24:3, 23-27; 25:31-33; Joh. 14:19)
◆ Satane ke “morena oa lefatše lena” ea sa bonahaleng. (Joh. 12:31; 1 Joh. 5:19)
Qalong e ne e le mora oa Molimo ea phethahetseng, empa o ile a lumella maikutlo a boikhohomoso hore a hōle ka pelong ea hae, a laba-labela borapeli ba Jehova a ’notši, ’me a susumelletsa Adama le Eva hore ba mo utloe ho fapana le ho mamela Molimo. Ka hona o ile a iphetola Satane, e bolelang “Mohanyetsi.” (Joh. 8:44; Gen. 3:1-5; bapisa le Deuteronoma 32:4, 5; Jakobo 1:14, 15; Luka 4:5-7.)
Satane ‘o thetsa lefatše lohle leo ho ahiloeng ho lona’; eena le bademona ba hae ke bona ba ikarabellang bakeng sa mahlomola a eketsehileng a leng lefatšeng nakong ena ea bofelo. (Tšen. 12:7-9, 12)
Ka nako ea Molimo e khethiloeng, Satane le bademona ba hae ba tla timetsoa ka ho sa feleng. (Tšen. 20:10; 21:8)
◆ ’Muso oa Molimo tlas’a Kreste o tla nka sebaka sa mebuso eohle ea batho ’me e tla ba oona feela puso e busang holim’a batho bohle. (Dan. 7:13, 14)
Tsamaiso ea hona joale ea lintho e khopo e tla timetsoa ka ho felletseng. (Dan. 2:44; Tšen. 16:14, 16; Esa. 34:2)
’Muso oa Molimo o tla busa ka ho loka ’me o tla tlisetsa bafo ba oona khotso ea sebele. (Esa. 9:6, 7; 11:1-5; 32:17; Pes. 85:10-12)
Ba khopo ba tla felisoa ka ho sa feleng, ’me barapeli ba Jehova ba tla thabela tšireletseho e sa feleng. (Liprov. 2:21, 22; Pes. 37:9-11; Matt. 25:41-46; 2 Ba-Thess. 1:6-9; Mik. 4:3-5)
◆ Hona joale, ho tloha ka 1914,d re phela “nakong ea bofelo” ba lefatše lena le khopo. (Matt. 24:3-14; 2 Tim. 3:1-5; Dan. 12:4)
Nakong ena, ho ntse ho fanoa ka bopaki ho lichaba tsohle; ka mor’a moo bofelo bo tla tla, eseng bofelo ba qitikoe ena, empa ba tsamaiso e khopo le ba batho ba se nang bomolimo. (Matt. 24:3, 14; 2 Pet. 3:7; Moek. 1:4)
◆ Ho na le tsela e le ’ngoe feela e isang bophelong; hase malumeli ’ohle kapa mekhoa ea bolumeli e amoheloang ke Molimo. (Matt. 7:13, 14; Joh. 4:23, 24; Ba-Ef. 4:4, 5)
Borapeli ba ’nete ha bo lebise khatiso ponahalong ea ka ntle e fetohileng tloaelo empa bo e lebisa leratong la sebele ho Molimo, le bonahalang ka ho utloa litaelo tsa hae le ho rata batho ba bang. (Matt. 15:8, 9; 1 Joh. 5:3; 3:10-18; 4:21; Joh. 13:34, 35)
Batho ba tsoang lichabeng tsohle, merabeng eohle, le lihlopheng tsa lipuo tsohle ba ka sebeletsa Jehova ka ho amohelehang. (Lik. 10:34, 35; Tšen. 7:9-17)
Thapelo e lokela ho lebisoa ho Jehova feela ka Jesu; litšoantšo ha lia lokela ho sebelisoa e le lintho tse rapeloang kapa borapeling. (Matt. 6:9; Joh. 14:6, 13, 14; 1 Joh. 5:21; 2 Ba-Kor. 5:7; 6:16; Esa. 42:8)
Mekhoa ea ho sebelisana le meea e tlameha ho qojoa. (Ba-Gal. 5:19-21; Deut. 18:10-12; Tšen. 21:8)
Ha ho khethollo pakeng tsa baruti le batho feela har’a Bakreste ba ’nete. (Matt. 20:25-27; 23:8-12)
Bokreste ba ’nete ha bo akarelletse ho boloka sabbatha sa beke le beke kapa ho ipapisa le litlhokahalo tse ling tsa Molao oa Moshe bakeng sa ho fumana poloko; ho etsa joalo e ne e tla ba ho lahla Kreste, ea phethileng Molao. (Ba-Gal. 5:4; Ba-Roma 10:4; Ba-Kol. 2:13-17)
Ba sebelisang borapeli ba ’nete ha ba kenelle tumelong e kopanetsoeng. (2 Ba-Kor. 6:14-17; Tšen. 18:4)
Bohle bao kannete e leng barutuoa ba Jesu ba kolobetsoa ka ho qoelisoa ka ho felletseng metsing. (Matt. 28:19, 20; Mar. 1:9, 10; Lik. 8:36-38)
Bohle ba latelang mohlala oa Jesu le ba utloang litaelo tsa hae ba pakela ba bang ka ’Muso oa Molimo. (Luka 4:43; 8:1; Matt. 10:7; 24:14)
◆ Lefu ke phello ea ho futsa sebe ho Adama. (Ba-Roma 5:12; 6:23)
Ha motho a e-shoa, ke sephefumolohi se shoang. (Ezek. 18:4)
Bafu ha ba utloe letho. (Pes. 146:4; Moek. 9:5, 10)
Lihele (“Sheol,” “Hades”) ke lebitla le tloaelehileng la batho. (Jobo 14:13, “Dy”; Tšen. 20:13, 14, “KJ,” mongolong o ka thōko ho leqephe)
Joalokaha Bibele e bolela, ‘letša la mollo’ leo batho ba sa fetoheng bokhopong ba akheloang ho lona le bolela “lefu la bobeli,” lefu la ka ho sa feleng. (Tšen. 21:8)
Tsoho ke tšepo ea bafu le ba shoeletsoeng ke baratuoa ba bona. (1 Ba-Kor. 15:20-22; Joh. 5:28, 29; bapisa le Johanne 11:25, 26, 38-44; Mareka 5:35-42.)
Lefu le bakoang ke sebe sa Adama ha le sa tla hlola le e-ba teng. (1 Ba-Kor. 15:26; Esa. 25:8; Tšen. 21:4)
◆ “Mohlatsoana,” oa ba 144 000 feela, ke oona o eang leholimong. (Luka 12:32; Tšen. 14:1, 3)
Bana ke ba “tsoaloang la bobeli” e le bara ba Molimo ba moea. (Joh. 3:3; 1 Pet. 1:3, 4)
Molimo o ba khetha bathong bohle le lichabeng tsohle hore ba buse le Kreste ’Musong. (Tšen. 5:9, 10; 20:6)
◆ Ba bang ba amoheloang ke Molimo ba tla phela ka ho sa feleng lefatšeng. (Pes. 37:29; Matt. 5:5; 2 Pet. 3:13)
Lefatše le ke ke la senngoa kapa la hloka baahi. (Pes. 104:5; Esa. 45:18)
Tumellanong le morero oa Molimo oa tšimolohong, lefatše lohle e tla ba paradeise. (Gen. 1:27, 28; 2:8, 9; Luka 23:42, 43, “NW”)
Ho tla ba le matlo a matle le lijo tse ngata bakeng sa hore bohle ba li thabele. (Esa. 65:21-23; Pes. 72:16)
Ho kula, mefokolo ea mefuta eohle, le lefu e tla ba lintho tsa nako e fetileng. (Tšen. 21:3, 4; Esa. 35:5, 6)
◆ Balaoli ba phahameng ba lokela ho tšoaroa ka tlhompho e loketseng. (Ba-Roma 13:1-7; Tite 3:1, 2)
Bakreste ba ’nete ha ba kopanele liketsong tsa ho fetohela ba boholong pusong. (Liprov. 24:21, 22; Ba-Roma 13:1)
Ba utloa melao eohle e seng khahlanong le molao oa Molimo, empa ho utloa Molimo ho tla pele. (Lik. 5:29)
Ba etsisa Jesu ka ho lula ba sa nke lehlakore litabeng tsa lefatše tsa lipolotiki. (Matt. 22:15-21; Joh. 6:15)
◆ Bakreste ba tlameha ho ipapisa le litekanyetso tsa Bibele mabapi le mali hammoho le boitšoaro ba botona le botšehali. (Lik. 15:28, 29)
Ho kenya mali ’meleng ka molomo kapa ka methapo ke ho tlōla molao oa Molimo. (Gen. 9:3-6; Lik. 15:19, 20)
Bakreste ba lokela ho hloeka boitšoarong; bohlola, bofebe, le bosodoma ha lia lokela bophelong ba bona, leha e le botahoa kapa tšebeliso e mpe ea lithethefatsi. (1 Ba-Kor. 6:9-11; 2 Ba-Kor. 7:1)
◆ Botšepehi ba botho le bokhabane ba ho hlokomela boikarabelo ba lenyalo le ba lelapa ke ba bohlokoa ho Bakreste. (1 Tim. 5:8; Ba-Kol. 3:18-21; Ba-Heb. 13:4)
Ho se tšepahale lipuong kapa khoebong hammoho le ho ba moikaketsi, ha ho lumellane le ho ba Mokreste. (Liprov. 6:16-19; Ba-Ef. 4:25; Matt. 6:5; Pes. 26:4)
◆ Borapeli bo amohelehang ho Jehova bo re hloka hore re mo rate ho feta lintho tsohle. (Luka 10:27; Deut. 5:9)
Ho etsa thato ea Jehova, e leng ho tlisetsa lebitso la hae tlhompho, ke ntho ea bohlokoa ka ho fetisisa bophelong ba Mokreste oa ’nete. (Joh. 4:34; Ba-Kol. 3:23; 1 Pet. 2:12)
Le hoja Bakreste ba etsa batho bohle hantle ha ba khona, ba hlokomela tlamo e khethehileng ea ho hlokomela bahlanka ba bang ba Molimo; kahoo linakong tsa ho kula le koluoa ba hlokomela ba joalo ka ho khetheha. (Ba-Gal. 6:10; 1 Joh. 3:16-18)
Lerato ho Molimo ha le hloke feela hore Bakreste ba ’nete ba utloe taelo ea hae ea ho rata baahisani ba bona empa le boetse le hloka hore ba se ke ba rata tsela ea bophelo ba lefatše lena ea boitšoaro bo bobe le lerato la lintho tse bonahalang. Bakreste ba ’nete hase karolo ea lefatše kahoo ba qoba ho kenella mesebetsing e ka ba khethollang e le ba kopanelang moeeng oa lona. (Ba-Roma 13:8, 9; 1 Joh. 2:15-17; Joh. 15:19; Jak. 4:4)
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
d Bakeng sa boitsebiso bo eketsehileng, bona buka “Let Your Kingdom Come.”
[Setšoantšo se leqepheng la 121]
C. T. Russell o ile a qalisa ho hatisa “Zion’s Watch Tower” ka 1879, a le lilemo li 27
[Litšoantšo tse leqepheng la 125]
Pejana Monghali Isaac Newton le Henry Grew ba bile har’a bao pejana ba neng ba latotse hore thuto ea Boraro-bo-bong e tšehetsoa ke Mangolo
[Litšoantšo tse leqepheng la 128]
Phehisanong ea phatlalatsa, Russell o ile a pheha khang ka hore kannete bafu ba shoele, ha ba phele le mangeloi kapa le bademona sebakeng sa mahlomola
Carnegie Hall, Allegheny, Pennsylvania—moo liphehisano li neng li tšoaretsoe teng
[Setšoantšo se leqepheng la 130]
Russell o ile a ea metseng e meholo le e menyenyane bakeng sa ho bolela ’nete ka lihele
[Setšoantšo se leqepheng la 131]
Ha Frederick Franz, seithuti sa univesithi, a ithuta ’nete ka boemo ba bafu, o ile a fetola ka ho feletseng lipakane tsa hae bophelong
[Setšoantšo se leqepheng la 135]
Selemo sa 1914 se ile sa phatlalatsoa ka ho pharalletseng ke Liithuti tsa Bibele joaloka bofelo ba Linako tsa Balichaba, joaloka pampitšaneng ena ea I.B.S.A. e abiloeng ka 1914
[Litšoantšo tse leqepheng la 137]
A sebelisa tsamaiso e pharalletseng ka ho fetisisa ea seea-le-moea e kileng ea phatlalatsoa, ka 1931, J. F. Rutherford o ile a bontša hore ke ’Muso oa Molimo feela o ka tlisetsang batho topollo e sa feleng
Puo e reng “’Muso, Tšepo ea Lefatše,” e ile ea phatlalatsoa ke litsi tse 163 ka nako e le ’ngoe ’me hamorao ea phetoa ke litsi tse ling tse 340
[Litšoantšo tse leqepheng la 142]
A. H. Macmillan o ile a romeloa ka sekepe Palestina ka 1925 ka baka la thahasello e khethehileng karolong ea Bajode mabapi le boprofeta ba Bibele