‘Lekhoba le Tšepahalang’ le Sehlopha se Busang sa Lona
“Ha e le hantle ke lefe lekhoba le tšepahalang le le masene, leo morena oa lona a le khethileng ho ba holim’a bahlanka ba hae, ho ba neha lijo ka nako e loketseng?”—MATTHEU 24:45, “NW.”
1. Ke hobane’ng ha Jehova a ikemiselitse ho aba matla a ho laola, hona o entse hona haholo-holo ho mang?
JEHOVA ke Molimo oa taolo. Hape ke Mohloli oa matla ’ohle a ho laola a molao. A kholisehile ke botšepehi bo sa fetoheng ba libopuoa tse tšepahalang tsa hae, Jehova o ikemiselitse ho aba matla a bolaoli. Eo a mo abetseng matla a bolaoli a mangata ka ho fetisisa ke Mora oa hae, Jesu Kreste. Ka sebele, Molimo “o beile lintho tsohle ka tlas’a maoto a hae, a ba a mo nea Kereke [“phutheho,” NW], e tle e be eena hloho linthong tsohle.”—Ba-Efese 1:22.
2. Pauluse o bitsa phutheho ea Bokreste eng, ’me Kreste o abetse bo-mang matla a bolaoli?
2 Moapostola Pauluse o bitsa phutheho ea Bokreste ‘ntlo ea Molimo’ ’me o bolela hore Mora ea tšepahalang oa Jehova, Jesu Kreste, o ile a behoa holim’a ntlo ena. (1 Timothea 3:15; Ba-Heberu 3:6) Kreste, le eena, o aba matla a bolaoli ho litho tsa ntlo ea Molimo. Sena re ka se bona mantsoeng a Jesu a tlalehiloeng ho Mattheu 24:45-47. (NW) O itse: “Ha e le hantle ke lefe lekhoba le tšepahalang le le masene, leo morena oa lona a le khethileng ho ba holim’a bahlanka ba hae, ho ba neha lijo ka nako e loketseng? Ho thaba lekhoba leo haeba morena oa lona ha a fihla a le fumana le etsa joalo. Kannete ke re ho lōna, O tla le khethela ho ba holim’a maruo ’ohle a hae.”
Molaoli oa Ntlo oa Lekholong la Pele la Lilemo
3. Ke bafe ba etsang “lekhoba le tšepahalang le le masene,” ’me ke lentsoe lefe le sebelisoang ho bona ka bomong?
3 Boithutong ba rōna bo seli ba Mangolo, rea tseba hore litho tse tlotsitsoeng ka moea tsa ntlo ea Molimo ka nako leha e le efe e behiloeng ha e le sehlopha li etsa “lekhoba le tšepahalang le le masene,” “mookameli,” kapa “molaoli oa ntlo.” Ka bomong, litho tsa ntlo ea Jehova li boleloa e le “bahlanka” kapa “sehlopha sa bahlokomeli.”—Mattheu 24:45, NW; Luka 12:42; Reference Bible, se botlaaseng ba leqephe.
4. Pejana ho lefu la hae, Jesu o ile a phahamisa potso efe, ’me o ile a itšoantša le eng?
4 Likhoeli tse seng kae pele ho lefu la hae, Jesu o ile a phahamisa potso ena, e tlalehiloeng ho Luka 12:42 (NW): “Ha e le hantle ke ofe mookameli ea tšepahalang, ea masene, eo morena oa hae a tla mo khethela ho ba holim’a sehlopha sa hae sa bahlokomeli hore a ’ne a se fe tekanyetso ea sona ea lijo ka nako e loketseng?” Joale, matsatsi a seng makae pele a e-shoa, Jesu o ile a itšoantša le monna ea tla tloha a etela hole, ea ileng a bitsa makhoba a hae ’me a beha maruo a hae matsohong a ’ona.—Mattheu 25:14.
5. (a) Ke neng ha Jesu a abela ba bang hore ba hlokomele maruo a hae? (b) Ke kabelo efe e batsi eo Kreste a ileng a e neha ba neng ba tla fetoha karolo ea molaoli oa ntlo oa hae ea entsoeng ka litho tse ngata?
5 Ke neng ha Jesu a abela ba bang hore ba hlokomele maruo a hae? Sena se etsahetse ka morao ho tsoho ea hae. Ka mantsoe a hae a tloaelehileng a fumanoang ho Mattheu 28:19, 20, Kreste o ile a qala a neha bao e neng e tla ba karolo ea molaoli oa ntlo ea hae ea entsoeng ka litho tse ngata kabelo e batsi ea ho ruta le ho etsa barutuoa. Ka ho paka ka bomong “ho isa pheletsong ea lefatše,” bahlokomeli ba ne ba tla atolosa tšimo ea boromuoa eo Jesu a neng a ile a qala ho e lema nakong ea tšebeletso ea hae ea lefatšeng. (Liketso 1:8) Sena se ne se akarelletsa ho nka ha bona khato e le “manģosa a emetseng Kreste.” Joaloka “baokameli ba liphiri tse halalelang tsa Molimo,” ba ne ba tla etsa barutuoa le ho ba abela lijo tsa moea.—2 Ba-Korinthe 5:20, NW; 1 Ba-Korinthe 4:1, 2, NW.
Sehlopha se Busang sa Ntlo
6. Sehlopha sa mookameli sa lekholong la pele la lilemo se ne se bululetsoe ke Molimo hore se fane ka eng?
6 Ha e le sehlopha, Bakreste ba tlotsitsoeng ka moea e ne e tla ba mookameli, kapa molaoli oa ntlo bakeng sa morena, ea abetsoeng ho aba lijo tsa moea tse nakong ho litho ka bomong tsa ntlo ea Molimo. Pakeng tsa lilemo 41 C.E. le 98 C.E., litho tsa sehlopha sa lekholong la pele la lilemo sa mookameli li ile tsa bululeloa ke Molimo hore li ngole litlaleho tse 5 tsa histori, mangolo a 21, le buka ea Tšenolo bakeng sa molemo oa banab’abo tsona. Lingoliloeng tsena tse bululetsoeng li na le lijo tse molemo tsa moea bakeng sa bahlanka, ke hore, batlotsuoa ka bomong ba ntlo ea Molimo.
7. Kreste o ile a khetha palo e nyenyane ea banna ho sehlopha sa lekhoba ka morero ofe?
7 Le hoja sehlopha sohle sa Bakreste ba tlotsitsoeng se etsa ntlo ea Molimo, ho na le bopaki bo bongata ba hore Kreste o khethile lenane le fokolang la banna ka hare ho sehlopha sa lekhoba hore ba sebeletse e le sehlopha se busang se bonahalang. Histori ea pejana ea phutheho e bontša hore baapostola ba 12, ho akarelletsa Matthiase, e ne e le motheo oa sehlopha se busang sa lekholong la pele la lilemo. Liketso 1:20-26 (NW), e re neha pontšo ea sena. Mabapi le ea neng a tla nka sebaka sa Judase Iskariota, mono ho buuoa ka “ofisi ea hae ea bolebeli” le “tšebeletso ena le boapostola bona.”
8. Boikarabelo ba sehlopha se busang sa lekholong la pele la lilemo bo ne bo akarelletsa eng?
8 Ofisi e joalo ea bolebeli e ne e akarelletsa boikarabelo ba hore baapostola ba khethe banna ba tšoanelehang ho ba beha boemong ba tšebeletso le ho hlophisa tšebeletso. Empa e ne e bolela ho hoholoanyane. Hape e ne e akarelletsa ho ruta le ho hlakisa lintlha tsa thuto. Ho phethahatsa tšepiso ea Jesu e tlalehiloeng ho Johanne 16:13, “Moea oa ’nete” o ne o tla tataisa phutheho ea Bokreste ka mokhoa o tsoelang pele hore e fihle ’neteng eohle. Ho tloha qalong, ba ileng ba amohela lentsoe ’me ba fetoha Bakreste ba kolobelitsoeng le ba tlotsitsoeng ba ile ba tsoela pele ho inehela “thutong ea baapostola.” Ha e le hantle, lebaka leo ka lona banna ba supileng ba ileng ba buelloa ba ileng ba khethoa bakeng sa tšebetso e hlokahalang ea ho aba lijo tsa nama e ne e le hore “ba leshome le metso e ’meli” ba ne ba ka lokoloha ho ‘inehela thapelong le tšebeletsong ea lentsoe.’—Liketso 2:42; 6:1-6, NW.
9. Sehlopha se busang sa pele se ile sa theoleloa ho litho tse 11 joang, empa ke hobane’ng ha ka ho hlakileng lenane le sa ka la khutlisetsoa ka potlako ho 12 hape?
9 Ho bonahala eka qalong sehlopha se busang se ne se entsoe feela ka baapostola ba Jesu. Empa na se ne se tla lula ka tsela eo? Hoo e ka bang ka selemo sa 44 C.E., moapostola Jakobo, ngoan’abo Johanne, o ile a bolaoa ke Heroda Agrippa I. (Liketso 12:1, 2) Ho totobetse hore ha ho boiteko bo ileng ba etsoa ho koala sebaka sa hae sa boapostola, joalokaha ho ne ho ile ha etsoa tabeng ea Judase. Hobane’ng? Ha ho pelaelo hore sena e bile hobane Jakobo o ne a shoele a tšepahetse, e le oa pele ho baapostola ba 12 ea ileng a shoa. Ka lehlakoreng le leng, Judase e ne e le mokhelohi ea khopo ’me o ne a lokela hore a nkeloe sebaka hore ho khutlisetsoe palo ea majoe a motheo a Iseraele oa moea ho 12.—Ba-Efese 2:20; Tšenolo 21:14.
10. Sehlopha se busang sa lekholong la pele la lilemo se ile sa atolosoa neng hona joang, ’me Kreste o ile a se sebelisa joang ho tataisa ntlo ea Molimo?
10 Litho tsa pele tsa sehlopha se busang sa lekholong la pele la lilemo e ne e le baapostola, banna ba neng ba ile ba tsamaea le Jesu le bao e neng e bile lipaki tsa lefu la hae le tsoho ea hae. (Liketso 1:21, 22) Empa boemo bona bo ne bo lokela ho fetoha. Ha lilemo li ntse li feta, banna ba bang ba Bakreste ba ile ba fumana boemo ba moea le ho khetheloa ho ba baholo phuthehong ea Jerusalema. Ka selemo sa 49 C.E. bonyane, sehlopha se busang se ne se atolositsoe hore se se ke sa akarelletsa feela baapostola ba setseng empa hape le baholo ba bang ba ’maloa ba Jerusalema. (Liketso 15:2) Ka hona kaheho ea sehlopha se busang e ne e sa hlomamisoa ka mokhoa o sa fetoheng, empa Molimo ka ho totobetseng o ile oa tataisa lintho hoo e ileng ea fetoha ho lumellana le maemo a batho ba oona. Kreste, Hlooho e mafolo-folo ea phutheho, o ile a sebelisa sehlopha se busang sena se atolositsoeng ho rarolla taba ea bohlokoa ea thuto ea Bakreste bao e seng Bajode ea hore na ba bolotsoe le ho ikokobeletsa Molao oa Moshe. Sehlopha se busang sena se ile sa ngola lengolo le hlalosang qeto ea sona le ho ntša litaelo tse lokelang ho bolokoa.—Liketso 15:23-29.
Nako ea ho Ikarabella Bakeng sa Molaoli oa Ntlo
11. Na ketello-pele e tiileng e ileng ea behoa ke sehlopha se busang e ile ea ananeloa ke baena, ’me ke eng e bontšang hore Jehova o ile a hlohonolofatsa tokisetso ee?
11 Ka bomong le joaloka liphutheho, Bakreste ba pele ba ne ba ananela ketello-pele ena e matla e fanoeng ke sehlopha se busang. Ka mor’a hore phutheho ea Syria ea Antioke e bale lengolo le tsoang ho sehlopha se busang, ba ile ba thabela khothatso eo. Ha liphutheho tse ling li ntse li amohela boitsebiso le ho hlokomela litaelo, tsa “’na tsa tsoela pele ho tiisoa tumelong le ho eketseha ka lenane ka letsatsi le letsatsi.” (Liketso 16:5, NW) Ka ho totobetseng, Molimo o ile oa hlohonolofatsa tokisetso ena.—Liketso 15:30, 31.
12, 13. Jesu o ile a profeta liketsahalo life litšoantšong tsa hae, sa limina le sa litalenta?
12 Empa a re shebeng tšobotsi e ’ngoe ea taba ena ea bohlokoa. Setšoantšong sa hae sa limina, Jesu o ile a itšoantša le monna oa tsoalo ea borena ea ileng a etela naheng e hōle ho ea iphumanela matla a borena a ntoo khutla. (Luka 19:11, 12) Ka lebaka la tsoho ea hae ka 33 C.E., Jesu Kreste o ile a phahamisetsoa ka letsohong le letona la Molimo, moo a neng a tla lula ho fihlela ha lira tsa hae li ne li tla behoa e le bonamelo ba maoto a hae.—Liketso 2:33-35.
13 Setšoantšong se tšoanang, setšoantšo sa litalenta, Jesu o ile a bolela hore ka morao ho nako e telele, morena o ile a tla ho tla lokisa litaba le makhoba a hae. Ho makhoba a ileng a ipaka hore aa tšepahala, morena o ile a re: “U tšepahetse linthong tse seng kae. Ke tla u khethela ho ba holim’a lintho tse ngata. Kena, thabong ea morena oa hao.” Empa mabapi le lekhoba le sa tšepahaleng, o ile a bolela: “Esita le seo a nang le sona o tla se amohuoa. ’Me le lahlele lekhoba le se nang molemo oa letho lefifing le ka ntle.”—Mattheu 25:21-23, 29, 30, NW.
14. Jesu o ne a lebelletse eng ho makhoba a hae a tlotsitsoeng ka moea?
14 Ka morao ho nako e telele—hoo e ka bang makholo a lilemo a 19—Kreste o ile a nehoa ka molao matla a borena ka 1914, qetellong ea “linako tse khethiloeng tsa lichaba.” (Luka 21:24, NW) Nakoana ka morao ho moo, o ile ‘a tla ho tla lokisa litaba’ le makhoba a hae, Bakreste ba tlotsitsoeng ka moea. (Mattheu 25:19, NW) Jesu o ne a lebelletse eng ho bona ka bomong le ha e le sehlopha? Kabelo ea mookameli e ile ea tsoela pele kamoo e neng e le ka teng lekholong la pele la lilemo. Kreste o ne a nehile batho ka bomong litalenta—“e mong le e mong . . . ka matla a hae.” Kahoo, Jesu o ne a lebelletse litholoana tse lekanang le likabelo. (Mattheu 25:15) Ho sebetsang mona ke molao o ho 1 Ba-Korinthe 4:2 (NW), o reng: “Se lebelletsoeng ho baokameli ke hore monna a fumanoe a tšepahala.” Ho sebelisa litalenta ho ne ho bolela ho tšepahala ha ba sebetsa joaloka manģosa a Molimo, ho etsa barutuoa le ho ba abela linnete tsa moea.—2 Ba-Korinthe 5:20.
“Lekhoba” le Sehlopha se Busang sa Lona ha Nako ea Bofelo e Atamela
15. (a) Kreste o ne a lebelletse eng ho molaoli oa ntlo ea behiloeng ke eena ea entsoeng ka sehlopha? (b) Ke eng se bontšang hore Kreste o ne a lebelletse hore sehlopha sa lekhoba se be se ntse se etsa see pele a fihla ho tla hlahloba ntlo ea hae?
15 Jesu o ne a lebelletse hore Bakreste ba tlotsitsoeng e le sehlopha ba sebetse e le mookameli ea tšepahalang, ea nehang sehlopha sa hae sa bahlanka “tekanyetso ea sona ea lijo ka nako e loketseng.” (Luka 12:42, NW) Ho latela Luka 12:43 (NW) Kreste o itse: “Ho thaba lekhoba leo, haeba ha morena oa lona a fihla a tla le fumana le etsa joalo!” Sena se bontša hore ka nakoana pele Kreste a fihla ho tla lokisa litaba le makhoba a hae a tlotsitsoeng ka moea, a ne a tla be a ntse a abela litho tsa phutheho ea Bokreste, ntlo ea Molimo, lijo tsa moea. Ke mang eo Kreste a ileng a mo fumana a etsa joalo ha a khutla ka matla a borena ka 1914 ’me a tsoela pele ho hlahloba ntlo ea Molimo ka 1918?—Malakia 3:1-4; Luka 19:12; 1 Petrose 4:17.
16. Ha Kreste a fihla ho tla hlahloba ntlo ea Molimo ka 1918, ke hobane’ng ha a sa ka a fumana likereke tsa Bokreste-’mōtoana li fana ka lijo tsa moea ka nako e loketseng?
16 Ha nako e telele ea ho ema ha Jesu ka letsohong le letona la Jehova e le haufi le ho fela, ho ’nile ha totobala butle-butle hore na ke mang ea faneng ka lijo tsa moea ho bahlanka ba Kreste le nakong ea pele ho 1914. Na u nahana hore e ne e le likereke tsa Bokreste-’mōtoana? Ka sebele ha ho joalo, hobane li ne li kenelletse ka botebo lipolotiking. Li ne li ile tsa ithaopela ho sebelisetsoa ho atolosa likolone ’me tsa leka ho hlōlisana ho paka lerato la tsona ho linaha tsa habo tsona, kahoo tsa khothalletsa bochaba. Sena ka potlako se ile sa tlisa molato o boima oa mali holim’a tsona, ke hore, ha li ne li tšehetsa ka mafolo-folo mebuso ea lipolotiki e neng e kenelletse ntoeng ea pele ea lefatše. Moeeng, tumelo ea tsona e ne e fokolisitsoe ke ho Tsoaka Bokreste le Lineano tsa Lichaba. Ho ile ha hlaha tlokotsi ea moea hobane baruti ba bangata ba bona ba ile ba oela habonolo liatleng tsa tlhahlobisiso e nang le nyatso ea Bibele le khopolong ea ho iphetola ha lintho. Ha ho phepo e ntle ea moea e neng e ka lebelloa ho baruti ba Bokreste-’mōtoana!
17. Ke hobane’ng ha Kreste a ile a hana ba bang ba Bakreste ba tlotsitsoeng, ’me e le ka liphello life ho bona?
17 Ka ho tšoanang, ha ho lijo tse nang le phepo e ntle tse ileng tsa hlaha li phalla ho tsoa ho Bakreste ba tlotsitsoeng ba neng ba amehile haholoanyane ka polokeho ea bona ea botho ho feta ho sebelisa talenta ea Morena. Ba ile ba fetoha ba “noabolohang,” ba sa lokeleng hore ba ka hlokomela maruo a Morena. Kahoo, ba ile ba akheloa “lefifing le ka ntle,” moo likereke tsa Bokreste-’mōtoana li ntseng li le teng le hona joale.—Mattheu 25:24-30, NW.
18. Ke bafe bao Morena a ileng a ba fumana ba ntse ba neha sehlopha sa bahlokomeli lijo tsa moea ka nako e loketseng, ’me ke eng se pakang see?
18 Ka baka leo, ha a fihla ho tla hlahloba makhoba a hae ka 1918, ke bafe bao Morena, Jesu Kreste, a ileng a ba fumana ba neha sehlopha sa hae sa bahlokomeli tekanyetso ea sona ea lijo ka nako e loketseng? Ha e le hantle, ho tla fihlela ka nako eo, ke bafe ba neng ba nehile ba batlang ’nete ka tieo kutloisiso e nepahetseng ea sehlabelo sa topollo, lebitso la Molimo, ho se bonahale ha boteng ba Kreste, le bohlokoa ba 1914? Ke bafe ba neng ba pepesitse bohata ba thuto ea Boraro-bo-bong, thuto ea hore moea oa motho ha o shoe, le mollo oa lihele? ’Me ke bafe ba neng ba lemositse ka likotsi tsa thuto ea hore lintho li iphetotse le tumelo ea hore ho ka buisanoa le bafu ka lilaoli? Linnete li bontša hore e ne e le sehlopha sa Bakreste ba tlotsitsoeng ba neng ba kopanela le bahatisi ba makasine oa Zion’s Watch Tower and Herald of Christ’s Presence, oo hona joale o bitsoang Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova.
19. Sehlopha sa lekhoba le tšepahalang se ne se ile sa iponahatsa joang pele ho 1918, se ne se ile sa aba lijo tsa moea ka mokhoa ofe, hona ho tloha neng?
19 Tokollong ea oona ea November 1, 1944, Molula-Qhooa (oa Senyesemane) o ile oa re: “Ka 1878, lilemo tse mashome a mane pele ho ho tla ha Morena tempeleng ka 1918, ho ne ho e-na le sehlopha sa Bakreste ba tšepahalang ba inehetseng se neng se ikarotse mekhatlong e hlophisitsoeng ea baruti ba arotsoeng ka maemo le se neng se batla ho sebelisa Bokreste . . . Ka selemo se latelang, e leng, ka Phupu, 1879, e le hore linnete tseo Molimo o li lokiselitseng ka Kreste e le ‘lijo ka nako ea teng’ li ka abjoa ka mehla ho bohle ba ntlo ea oona ea bana ba inehetseng, makasine ona, Molula-Qhooa, o ile oa qala ho hatisoa.”
20. (a) Sehlopha se Busang sa kajeno se ile sa hlahella joang hore se bonoe? (b) Litho tsa Sehlopha se Busang li ne li etsa eng, hona e le tlas’a tataiso ea mang?
20 Ho fana ka boitsebiso bakeng sa khōlo ea Sehlopha se Busang sa kajeno, tokollo ea Molula-Qhooa ea la May 15, 1972, e ile ea hlalosa: “Lilemo tse hlano hamorao [ka 1884] Zion’s Watch Tower Tract Society e ile ea ngolisoa ka molao le ho sebeletsa e le ‘moemeli’ ea abang lijo tsa moea ho batho ba likete ba tšepahalang ba batlang ho tseba Molimo le ho utloisisa Lentsoe la oona . . . Bakreste ba inehetseng, ba kolobelitsoeng le ba tlotsitsoeng ba ile ba kopanela le Mokhatlo ntlo-kholo e Pennsylvania. E-bang ba ne ba le Botong ea Batsamaisi kapa che, ba ile ba itlhahisa bakeng sa mosebetsi o khethehileng oa sehlopha sa ‘lekhoba le tšepahalang le le masene.’ Ba ile ba thusa ho fepeng le ho tsamaiseng sehlopha sa lekhoba, ’me kahoo sehlopha se busang se ile sa hlahella. Sena ka ho totobetseng se ne se le tlas’a tataiso ea matla a sebetsang a sa bonahaleng a Jehova kapa moea o halalelang. Hape, se ne se le tlas’a tataiso ea Hlooho ea phutheho ea Bokreste, Jesu Kreste.”
21. (a) Ke bafe bao Kreste a ba fumaneng ba aba lijo tsa moea, ’me o ile a ba putsa joang? (b) Ke eng e neng e emetse lekhoba le tšepahalang le Sehlopha se Busang sa lona?
21 Ka 1918, ha Jesu Kreste a hlahloba ba neng ba ipolela hore ke makhoba a hae, o ile a fumana sehlopha sa machaba sa Bakreste se hatisang linnete tsa Bibele tse ka sebelisoang ka hare le ka ntle ho phutheho mosebetsing oa ho bolela. Ka 1919 kannete ho ile ha e-ba joalokaha Kreste a ne a ile a profeta: “Ho thaba lekhoba leo haeba ha morena oa lona a fihla a tla le fumana le etsa joalo. Kannete ke re ho lōna, O tla le khethela ho ba holim’a maruo ’ohle a hae.” (Mattheu 24:46, 47, NW) Bakreste bana ba ’nete ba ile ba kena thabong ea Morena oa bona. Kaha ba ne ba iponahalitse hore ba “tšepahala linthong tse seng kae,” Morena o ile a ba khethela ho ba “holim’a lintho tse ngata.” (Mattheu 25:21, NW) Lekhoba le tšepahalang le Sehlopha se Busang sa lona le ne le le boemong bo nepahetseng, le loketse kabelo e atolositsoeng. Re lokela ho thaba hakaakang hore e be ho bile joalo, hobane Bakreste ba tšepahalang ba rua molemo o moholo ka mosebetsi oa boinehelo oa lekhoba le tšepahalang le Sehlopha se Busang sa lona!
Lintlha tsa Sehlooho tse Lokelang ho Hopoloa
◻ Hlooho ea ntlo ea Molimo ke mang, ’me Enoa o fane ka matla a bolaoli ho bo-mang?
◻ Ke kabelo efe e kopanetsoeng eo Kreste a ileng a e neha sehlopha sa lekhoba?
◻ Ke sehlopha sefe hape se entsoeng ka litho tse ngata se neng se le teng ka hare ho sehlopha sa lekhoba, ’me mesebetsi ea sona e khethehileng e ne e le efe?
◻ Ha Kreste a fihla ho tla hlahloba ntlo ea Molimo, ke mang ea neng a ntse a fana ka lijo tsa moea ho litho tsa eona?
◻ Sehlopha se Busang sa kajeno se ile sa hlaha joang?
[Setšoantšo se leqepheng la 10]
“Lekhoba” la lekholong la pele la lilemo le ne le e-na le sehlopha se busang se entsoeng ka baapostola le baholo ba phutheho ea Jerusalema