Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • “Ha le Tsebe Letsatsi Kapa Eona Hora”
    Molula-Qhooa—2012 | September 15
    • Molebeli ea fanang ka temoso

      “Ha le Tsebe Letsatsi Kapa Eona Hora”

      “Le lule le lebetse, hobane ha le tsebe letsatsi kapa eona hora.”—MAT. 25:13.

  • “Ha le Tsebe Letsatsi Kapa Eona Hora”
    Molula-Qhooa—2012 | September 15
    • 1-3. (a) Ke maemo afe a ka re thusang hore re utloisise lipapiso tse peli tsa Jesu? (b) Ke lipotso life tseo re lokelang ho ipotsa tsona?

      A RE re mohlomong letona le hlomphehang le u kōpa hore u le ise sebokeng sa bohlokoa ka koloi ea hao. Leha ho le joalo, metsotso e seng mekae pele u tsamaea ho ea lata letona leo, u hlokomela hore koloi ea hao ha e na peterole e lekaneng ho u fihlisa sebokeng seo. U tlameha ho potlaka u il’o reka peterole. Ha u sa ntsane u ile, letona lea fihla. Lea u qamaka empa ha le u fumane. Kaha nako e se e ile ha le u emele, le kōpa motho e mong hore a le ise sebokeng seo. Ka mor’a nakoana, ua fihla ’me u hlokomela hore letona le se le ile. U ne u tla ikutloa joang?

      2 Joale, a re re u letona ’me u khethile banna ba bararo ba nang le bokhoni hore ba etse mosebetsi oa bohlokoa. U ba hlalosetsa hore na ke sefe seo ba tlamehang ho se etsa, ’me boraro ba bona ba lumela ho etsa mosebetsi oo. Leha ho le joalo, hamorao ha u khutla, u fumana hore ke ba babeli feela ba entseng mosebetsi oa bona. Ho feta moo, eane ea sa etsang mosebetsi oa hae o ipehela mabaka a sa utloahaleng. Ha e le hantle, ha aa ka a leka le ho leka. U ne u tla ikutloa joang?

      3 Papisong ea hae ea baroetsana le ea litalenta, Jesu o ile a sebelisa maemo a tšoanang le ao ho bontša hore na ke hobane’ng ha mehleng ea bofelo Bakreste ba bang ba tlotsitsoeng ba ne ba tla lula ba tšepahala ba bile ba le masene, empa ba bang ba ne ba ke ke ba etsa joalo.a (Mat. 25:1-30) O ile a hatisa taba ea hae ka hore a re: “Ka hona, le lule le lebetse, hobane ha le tsebe letsatsi kapa eona hora”—e leng nako eo ka eona Jesu a neng a tla liha kahlolo ea Molimo holim’a lefatše la Satane. (Mat. 25:13) Re ka sebelisa keletso eo kajeno. Ho lula re lebetse ho ka re tsoela molemo joang, joalokaha Jesu a re khothallelitse? Ke bo-mang ba ileng ba lula ba itokiselitse ho pholoha? Ke sefe seo re lokelang ho se etsa hona joale e le hore re lule re lebetse?

Lingoloa Tsa Sesotho Lesotho (1979-2027)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Melao ea Tšebeliso
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela