Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • ‘Lekhoba le Tšepahalang’ le Sehlopha se Busang sa Lona
    Molula-Qhooa—1990 | March 15
    • 13 Setšoantšong se tšoanang, setšoantšo sa litalenta, Jesu o ile a bolela hore ka morao ho nako e telele, morena o ile a tla ho tla lokisa litaba le makhoba a hae. Ho makhoba a ileng a ipaka hore aa tšepahala, morena o ile a re: “U tšepahetse linthong tse seng kae. Ke tla u khethela ho ba holim’a lintho tse ngata. Kena, thabong ea morena oa hao.” Empa mabapi le lekhoba le sa tšepahaleng, o ile a bolela: “Esita le seo a nang le sona o tla se amohuoa. ’Me le lahlele lekhoba le se nang molemo oa letho lefifing le ka ntle.”—Mattheu 25:21-23, 29, 30, NW.

      14. Jesu o ne a lebelletse eng ho makhoba a hae a tlotsitsoeng ka moea?

      14 Ka morao ho nako e telele—hoo e ka bang makholo a lilemo a 19—Kreste o ile a nehoa ka molao matla a borena ka 1914, qetellong ea “linako tse khethiloeng tsa lichaba.” (Luka 21:24, NW) Nakoana ka morao ho moo, o ile ‘a tla ho tla lokisa litaba’ le makhoba a hae, Bakreste ba tlotsitsoeng ka moea. (Mattheu 25:19, NW) Jesu o ne a lebelletse eng ho bona ka bomong le ha e le sehlopha? Kabelo ea mookameli e ile ea tsoela pele kamoo e neng e le ka teng lekholong la pele la lilemo. Kreste o ne a nehile batho ka bomong litalenta—“e mong le e mong . . . ka matla a hae.” Kahoo, Jesu o ne a lebelletse litholoana tse lekanang le likabelo. (Mattheu 25:15) Ho sebetsang mona ke molao o ho 1 Ba-Korinthe 4:2 (NW), o reng: “Se lebelletsoeng ho baokameli ke hore monna a fumanoe a tšepahala.” Ho sebelisa litalenta ho ne ho bolela ho tšepahala ha ba sebetsa joaloka manģosa a Molimo, ho etsa barutuoa le ho ba abela linnete tsa moea.—2 Ba-Korinthe 5:20.

  • ‘Lekhoba le Tšepahalang’ le Sehlopha se Busang sa Lona
    Molula-Qhooa—1990 | March 15
    • 21. (a) Ke bafe bao Kreste a ba fumaneng ba aba lijo tsa moea, ’me o ile a ba putsa joang? (b) Ke eng e neng e emetse lekhoba le tšepahalang le Sehlopha se Busang sa lona?

      21 Ka 1918, ha Jesu Kreste a hlahloba ba neng ba ipolela hore ke makhoba a hae, o ile a fumana sehlopha sa machaba sa Bakreste se hatisang linnete tsa Bibele tse ka sebelisoang ka hare le ka ntle ho phutheho mosebetsing oa ho bolela. Ka 1919 kannete ho ile ha e-ba joalokaha Kreste a ne a ile a profeta: “Ho thaba lekhoba leo haeba ha morena oa lona a fihla a tla le fumana le etsa joalo. Kannete ke re ho lōna, O tla le khethela ho ba holim’a maruo ’ohle a hae.” (Mattheu 24:46, 47, NW) Bakreste bana ba ’nete ba ile ba kena thabong ea Morena oa bona. Kaha ba ne ba iponahalitse hore ba “tšepahala linthong tse seng kae,” Morena o ile a ba khethela ho ba “holim’a lintho tse ngata.” (Mattheu 25:21, NW) Lekhoba le tšepahalang le Sehlopha se Busang sa lona le ne le le boemong bo nepahetseng, le loketse kabelo e atolositsoeng. Re lokela ho thaba hakaakang hore e be ho bile joalo, hobane Bakreste ba tšepahalang ba rua molemo o moholo ka mosebetsi oa boinehelo oa lekhoba le tšepahalang le Sehlopha se Busang sa lona!

Lingoloa Tsa Sesotho Lesotho (1979-2027)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Melao ea Tšebeliso
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela