Bongata bo Boholo ba Barapeli ba ’Nete—Bo Tsoile Hokae?
“Bonang! bongata bo boholo, . . . bo tsoa lichabeng tsohle le melokong eohle le bathong bohle le malemeng ’ohle, bo eme ka pel’a terone le ka pel’a Konyana.”—TŠENOLO 7:9, NW.
1. Ke hobane’ng ha kajeno re thahasella haholo lipono tsa boprofeta tse ho Tšenolo?
HO ELELLA bofelong ba lekholo la pele la lilemo C.E., moapostola Johanne o ile a bona lipono tsa liketsahalo tse hlollang tse mabapi le morero oa Jehova. Tse ling tsa lintho tseo a li boneng ponong lia phethahala hona joale. Tse ling ho lebelletsoe hore li phethahale nakong e tlang e haufi haholo. Tsena tsohle li likoloha tlhōrōng e hapang tlhokomelo ea morero o moholo oa Jehova oa ho halaletsa lebitso la hae ka pel’a pōpo eohle. (Ezekiele 38:23; Tšenolo 4:11; 5:13) Ho feta moo, li ama lintho tseo e mong le e mong oa rōna a li lebelletseng bophelong. Ho joalo joang?
2. (a) Moapostola Johanne o ile a bona eng ponong ea hae ea bone? (b) Ke lipotso life mabapi le pono ee tseo re tlang ho li tšohla?
2 Letotong la bone la lipono tsa Tšenolo, Johanne o bone mangeloi a thibileng meea ea tšenyo ho fihlela “bahlanka ba Molimo oa rōna” ba tšoauoe liphatleng tsa bona. Ka mor’a moo o ile a bona tsoelo-pele e thabisang ka ho fetisisa—“bongata bo boholo, boo ho seng motho ea neng a khona ho bo bala, bo tsoa lichabeng tsohle le melokong eohle le bathong bohle le malemeng ’ohle,” bo momahane ha bo rapela Jehova le ho hlompha Mora oa hae. Bana, e ne e le batho bao Johanne a ileng a bolelloa hore ba ne ba tla tsoa mahlomoleng a maholo. (Tšenolo 7:1-17, NW) Ke bo-mang ba hlalosoang e le “bahlanka ba Molimo oa rōna”? ’Me ke bo-mang bao e tla ba karolo ea “bongata bo boholo” bo tla pholoha mahlomola? Na u tla ba e mong oa bona?
“Bahlanka ba Molimo oa Rōna” ke Bo-mang?
3. (a) Ho Johanne 10:1-18, Jesu o ile a etsa setšoantšo joang ka kamano ea hae le balateli ba hae? (b) Jesu o ile a nolofaletsa linku tsa hae hore li fumane eng ka lefu la hae la sehlabelo?
3 Hoo e ka bang likhoeli tse ’nè pele ho lefu la hae, Jesu o ile a ipolela hore ke eena “molisa ea molemo” ’me balateli ba hae ke “linku” tseo a neng a tla li tella bophelo ba hae. O ile a bua ka ho khethehileng ka linku tseo a li fumaneng ka lesakeng la tšoantšetso tseo ka mor’a moo a ileng a li hlokomela ka ho khethehileng. (Johanne 10:1-18)a Ka lerato, Jesu o ile a fela a tela moea oa hae molemong oa linku tsa hae, a lefella thekollo e neng e hlokahala hore li lokolloe sebeng le lefung.
4. Ke bo-mang ba pele ba ileng ba bokelloa e le linku tumellanong le se Jesu a se buileng moo?
4 Leha ho le joalo, pele a etsa joalo, Jesu e le Molisa ea Molemo o ile a bokella barutuoa ka boeena. Ba pele ba ile ba tlisoa ho eena ke Johanne Mokolobetsi, “molebeli oa monyako” oa papiso ea Jesu. Jesu o ne a batla batho ba neng ba tla arabela tumellanong le monyetla oa hore e be karolo ea ‘leloko la Abrahama.’ (Genese 22:18; Ba-Galata 3:16, 29) Ka lipelong tsa bona o ile a hlaolela kananelo bakeng sa ’Muso oa maholimo, ’me a ba tiisetsa hore o ne a il’o ba lokisetsa sebaka ka tlung ea Ntate oa hae oa leholimo. (Mattheu 13:44-46; Johanne 14:2, 3) Ka ho tšoanelang o ile a re: “Ho tloha mehleng ea Johanne Mokolobetsi, ho fihlela joale, ’muso oa maholimo o kenoa ka matla, ’me ba bohale ba o hapa.” (Mattheu 11:12) Bana ba ileng ba mo latela e le hore ba finyelle pakane eo ba pakile hore ba ka lesakeng leo Jesu buileng ka lona.
5. (a) “Bahlanka ba Molimo oa rōna” bao ho buuoang ka bona ho Tšenolo 7:3-8 ke bo-mang? (b) Ke eng e bontšang hore ba bangata ba ne ba tla kopanela borapeling le Baiseraele ba moea?
5 Ho Tšenolo 7:3-8, ba hatelang pele ka katleho ho leba pakaneng eo ea leholimo le bona ba bitsoa “bahlanka ba Molimo oa rōna.” (Bona 1 Petrose 2:9, 16.) Na ba 144 000 ba boletsoeng moo ke feela Bajode ba tlhaho? Na ba ka lesakeng la tšoantšetso la papiso ea Jesu ke Bajode feela? Le hanyenyane; ke litho tsa Iseraele oa Molimo oa moea, kaofela e le metsoalle ea Kreste lelokong la moea la Abrahama. (Ba-Galata 3:28, 29; 6:16; Tšenolo 14:1, 3) Ho hlakile hore qetellong nako e ne e tla fihla, eo ka eona palo e hlomamisitsoeng e neng e tla phethahala. Ebe? Joalokaha Bibele e ne e ile ea bolela esale pele, ba bang—bongata bo boholo ba bona—ba ne ba tla kopanela le Baiseraele bana ba moea ha ba rapela Jehova.—Zakaria 8:23.
“Linku tse Ling”—Na ke Bakreste ba Balichaba?
6. Johanne 10:16 e supa ketsahalong efe e latelang?
6 Ka mor’a ho bua ka lesaka le le leng ho Johanne 10:7-15, Jesu o ile a kenyelletsa sehlopha se seng, a re: “Ke sa na le linku tse ling, tsee e seng tsa lesaka lena; le tsona e ka khona ke li tlise, ’me li tla utloa lentsoe la ka, ’me mohlape o tla ba mong, molisa le eena a be mong.” (Johanne 10:16) “Linku tse ling” tseo ke bo-mang?
7, 8. (a) Ke hobane’ng ha khopolo ea hore linku tse ling ke Bakreste ba Balichaba e thehiloe motheong o fosahetseng? (b) Ke linnete life mabapi le morero oa Molimo ka lefatše tse lokelang ho ba le matla kutloisisong ea rōna ea hore na linku tse ling ke bo-mang?
7 Bahlalosi ba Bokreste-’mōtoana hangata ba na le maikutlo a hore linku tsena tse ling ke Bakreste ba Balichaba le hore ba ka lesakeng leo ho buuoeng ka lona pejana ke Bajode, ba neng ba le tlas’a selekane sa Molao, le hore lihlopha tsena ka bobeli li ea leholimong. Empa Jesu o tsoetsoe e le Mojode ’me ka tsoalo o ne a le tlas’a selekane sa Molao. (Ba-Galata 4:4) Ho feta moo, ba nang le maikutlo a hore linku tse ling ke Bakreste ba Balichaba ba tla putsoa ka bophelo leholimong, ba hlōleha ho nahanela ntlha ea bohlokoa ea morero oa Molimo. Ha Jehova a bōpa batho ba pele ’me a ba beha serapeng sa Edene, o ile a hlakisa hore morero oa hae e ne e le hore lefatše le be le baahi, hore kaofela ha lona e be paradeise, le hore bahlokomeli ba lona ba batho ba thabele bophelo ka ho sa feleng—haeba feela ba hlompha ’Mōpi oa bona ba bile ba mo mamela.—Genese 1:26-28; 2:15-17; Esaia 45:18.
8 Ha Adama a etsa sebe, morero oa Jehova ha oa ka oa sitisoa. Molimo ka lerato o ile a lokisetsa hore bana ba Adama ba be le monyetla oa ho thabela seo Adama a neng a hlōlehile ho se ananela. Jehova o ile a bolela esale pele hore o ne a tla hlahisa molopolli, leloko, leo lichaba tsohle li neng li tla fumantšoa litlhohonolofatso ka lona. (Genese 3:15; 22:18) Tšepiso eo ho hang e ne e sa bolele hore batho bohle ba molemo ba lefatšeng ba ne ba tla nkeloa leholimong. Jesu o ile a ruta balateli ba hae hore ba rapele: “Ho tle ’muso oa hao; thato ea hao e etsoe lefatšeng, joalo ka ha e etsoa leholimong.” (Mattheu 6:9, 10, mongolo o tšekaletseng ke oa rōna.) Nakoana pele a bolela setšoantšo se tlalehiloeng ho Johanne 10:1-16, Jesu o ne a ile a bolella barutuoa ba hae hore ke “mohlatsoana” feela oo Ntate oa hae a lumetseng hore o tla o fa ’Muso oa leholimo. (Luka 12:32, 33) Ka hona ha re bala papiso ea Jesu eo ho eona a itšoantšang le Molisa ea Molemo ea telang moea oa hae molemong oa linku tsa hae, e ka ba phoso ho se nahane ka palo e khōlō ea bao Jesu a ba tlisang tlas’a tlhokomelo ea hae e lerato, ba fetohang bafo ba lefatšeng ba ’Muso oa hae oa leholimo.—Johanne 3:16.
9. Khale ka 1884, Liithuti tsa Bibele li ile tsa utloisisa hore linku tse ling ke bo-mang?
9 Khale ka 1884, Watch Tower e ile ea tsebahatsa linku tse ling e le batho ba neng ba tla nehoa monyetla oa ho phela lefatšeng lena tlas’a maemo a neng a tla phethahatsa morero oa Molimo oa pele. Liithuti tseo tsa pele tsa Bibele li ile tsa hlokomela hore tse ling tsa linku tsena tse ling e ne e tla ba batho ba neng ba ile ba phela ba ba ba shoa pele ho tšebeletso ea Jesu ea lefatšeng. Leha ho le joalo, ho ne ho e-na le makolopetso a mang ao li neng li sa a utloisise ka mokhoa o nepahetseng. Ka mohlala, li ne li nahana hore ho bokelloa ha linku tse ling ho ne ho tla etsoa ha batlotsuoa kaofela ba se ba fumane moputso oa bona oa leholimo. Leha ho le joalo, ka sebele li ile tsa hlokomela hore linku tse ling li ne li sa felle feela ka Bakreste ba Balichaba. Monyetla oa ho ba e mong oa linku tse ling o bulehetse Bajode le Balichaba, batho ba lichaba tsohle le merabe.—Bapisa le Liketso 10:34, 35.
10. E le hore re be bao ka sebele Jesu a ba talimang e le linku tse ling tsa hae, ke eng e tlamehang ho ba ’nete ka rōna?
10 Hore li tšoanele tlhaloso e fanoeng ke Jesu, linku tse ling li tlameha ho ba batho bao, ho sa tsotellehe semelo sa bona sa morabe kapa moloko, ba amohelang Jesu Kreste e le Molisa ea Molemo. Seo se akarelletsa eng? Li tlameha ho bonahatsa litšobotsi tsa linku, e leng, bonolo le ho ikemisetsa ho etelloa pele. (Pesaleme ea 37:11) Joalokaha e le ’nete ka mohlatsoana, li tlameha ho “tseba lentsoe [la molisa ea molemo]” eseng ho lumela hore li khelosoe ke ba bang ba ka ’nang ba batla ho li susumetsa. (Johanne 10:4; 2 Johanne 9, 10) Li tlameha ho ananela bohlokoa ba seo Jesu a ileng a se etsa ha a tela moea oa hae molemong oa linku tsa hae ’me li sebelise tumelo e feletseng tokisetsong eo. (Liketso 4:12) Li tlameha ho “utloa” lentsoe la Molisa ea Molemo ha a li phehella hore e be Jehova feela eo li mo etsetsang tšebeletso e halalelang, li tsoele pele li batla ’Muso pele, li tsoele pele li arohile lefatšeng, le hore li bontšane lerato le itetseng. (Mattheu 4:10; 6:31-33; Johanne 15:12, 13, 19) Na u tšoanela tlhaloso ea bao Jesu a ba talimang e le linku tse ling tsa hae? Na u batla ho e tšoanela? Ke kamano ea bohlokoa hakaakang e bulehelang bohle bao kannete ba fetohang linku tse ling tsa Jesu!
Ho Hlompha Bolaoli ba ’Muso
11. (a) Pontšong ea boteng ba hae, Jesu o ile a re’ng ka linku le lipōli? (b) Baena bao Jesu a buang ka bona ke bo-mang?
11 Likhoeli tse supileng ka mor’a ho etsa setšoantšo sena, Jesu o ne a boetse a le Jerusalema hape. Ha a lutse Thabeng ea Mehloaare e okametseng sebaka seo tempele e neng e le ho sona, o ile a fa barutuoa ba hae makolopetso a ‘pontšo ea ho tla ha hae le ea ho fela ha lefatše.’ (Mattheu 24:3) O ile a boela a bua ka ho bokelloa ha linku. Har’a tse ling, o itse: “Mohla Mor’a motho a tlang a teetsoe hare ke khanya ea hae, mangeloi a e-na le eena kaofela, ke moo a tla lula teroneng ea khanya ea hae. Lichaba tsohle li tla bokelloa pel’a hae; ’me o tla khetha ba bang ho ba bang, joalo ka molisa ha a khetha linku ho lipōli. O tla bea linku ka letsohong la hae le letona, a bee lipōli ho le letšehali.” Setšoantšong sena, Jesu o ile a bontša hore bao Morena a lebisang tlhokomelo ea hae ho bona ka tsela eo ba tla ahloloa ka hore na ba ile ba tšoara “baena” ba hae joang. (Mattheu 25:31-46) Baena baa ke bo-mang? Ke Bakreste ba tsoetsoeng ka moea bao ka hona e leng “bara ba Molimo.” Jesu ke Mora oa letsibolo oa Molimo. Kahoo, ke baena ba Kreste. Ke “bahlanka ba Molimo oa rōna” ba boletsoeng ho Tšenolo 7:3, ba khethiloeng har’a batho hore ba kopanele le Kreste ’Musong oa hae oa leholimo.—Ba-Roma 8:14-17, NW.
12. Ke hobane’ng ha tsela eo batho ba tšoarang baena ba Kreste ka eona e le ea bohlokoa haholo?
12 Tsela eo batho ba bang ba tšoarang majalefa ana a ’Muso ka eona ke ea bohlokoa haholo. Na u ba talima joalokaha Jesu Kreste le Jehova ba ba talima? (Mattheu 24:45-47; 2 Ba-Thessalonika 2:13) Boikutlo ba motho malebana le batlotsuoa bana bo bonahatsa boikutlo ba hae malebana le Jesu Kreste ka boeena le malebana le Ntate oa hae, eo e leng ’Musi oa Bokahohle.—Mattheu 10:40; 25:34-46.
13. Ka 1884 Liithuti tsa Bibele li ile tsa utloisisa setšoantšo sa linku le lipōli ho isa bohōleng bofe?
13 Tokollong ea eona ea August 1884, Watch Tower ka nepo e ile ea totobatsa hore “linku” tsa setšoantšo sena ke ba tla beng ba behile ka pel’a bona tšepo ea bophelo bo phethahetseng lefatšeng. Hape ho ne ho utloisisoa hore setšoantšo sena se tlameha ho sebetsa ha Kreste a busa a le teroneng ea hae e khanyang ea leholimo. Empa, ka nako eo ba ne ba sa hlalohanye ka ho hlakileng hore na o tla qala neng mosebetsi oa ho arola o hlalositsoeng moo kapa hore na o tla nka nako e kae.
14. Puo ea kopano ka 1923 e ile ea thusa Liithuti tsa Bibele joang ho utloisisa nako eo setšoantšo sa Jesu sa boprofeta se neng se tla phethahala ka eona?
14 Leha ho le joalo, ka 1923, puong e ’ngoe ea kopano, J. F. Rutherford, eo e neng e le mopresidente oa Mokhatlo oa Watch Tower ka nako eo, o ile a hlakisa nako ea phethahatso ea setšoantšo sa linku le lipōli. Hobane’ng? Lebaka le leng ke hobane setšoantšo sena se bontša hore baena ba Morena—bonyane ba bang ba bona—ba ne ba tla be ba ntse ba le lefatšeng. Har’a batho, ke feela balateli ba hae ba tsoetsoeng ka moea bao kannete ba ka bitsoang baena ba hae. (Ba-Heberu 2:10-12) Bana ba ne ba sa tl’o ba lefatšeng ho pholletsa le Lilemo tse Sekete, ba neha batho monyetla oa hore ba ba etse hantle ka litsela tseo Jesu a li hlalositseng.—Tšenolo 20:6.
15. (a) Ke tsoelo-pele efe e ileng ea thusa Liithuti tsa Bibele ho tseba linku tsa setšoantšo sa Jesu ka mokhoa o nepahetseng? (b) Linku li fane joang ka bopaki ba hore li ananela ’Muso?
15 Puong eo ka 1923, ho ile ha etsoa boiteko ba ho tsebahatsa ba lokelang tlhaloso ea Morena ea linku le lipōli, empa ho ne ho hlokahala hore litaba tse ling li utloisisoe pele bohlokoa bo feletseng ba setšoantšo bo ka hlaka. Ka lilemo tse latelang, Jehova o ile a tsoela pele ho hlokomelisa bahlanka ba hae ka makolopetso ana a bohlokoa. Ka 1927 a ne a akarelletsa ho utloisisa ka mokhoa o hlakileng hore “mohlanka ea khabane, ea bohlale” ke sehlopha sohle sa Bakreste ba tlotsitsoeng ba mona lefatšeng; ka 1932 teng e ne e le ho ananela hore ke habohlokoa hore motho a ikamahanye ntle ho tšabo le bahlanka ba tlotsitsoeng ba Jehova, joalokaha Jonadabe a ile a ikamahanya le Jehu. (Mattheu 24:45; 2 Marena 10:15) Ka nako eo, motheong oa Tšenolo 22:17, bana ba kang linku ba ile ba khothatsoa ka ho khethehileng hore ba kopanele tabeng ea ho isa molaetsa oa ’Muso ho batho ba bang. Kananelo ea bona bakeng sa ’Muso oa Bomessia e ne e tla ba tlama hore ba se ke ba fella feela ka ho atolosetsa mosa oa botho ho batlotsuoa ba Morena empa hore ba nehele bophelo ba bona ho Jehova ka Kreste le hore ba ikamahanye haufi-ufi le batlotsuoa ba hae, ba kopanele ka cheseho mosebetsing oo ba o etsang. Na u etsa seo? Ho ba etsang joalo, Morena o tla re: “Tloong, lōna ba hlohonolofalitsoeng ke Ntate, le amohele ’muso oo le o lokiselitsoeng ha e sa le lefatše le theoa.” Ka pel’a bona ho tla ba le tebello e hlollang ea bophelo bo sa feleng phethehong karolong ea lefatšeng ea ’Muso.—Mattheu 25:34, 46.
“Bongata bo Boholo”—Bo ea Hokae?
16. (a) Ke maikutlo afe a fosahetseng ao Liithuti tsa Bibele tsa pele li neng li e-na le ’ona mabapi le hore na letšoele le leholo, kapa bongata bo boholo, ba Tšenolo 7:9 ke bo-mang? (b) Maikutlo a tsona a ile a lokisoa neng hona e le motheong ofe?
16 Ka nakoana bahlanka ba Jehova ba ne ba lumela hore letšoele le leholo (kapa, bongata bo boholo) la Tšenolo 7:9, 10 e ne e se ntho e le ’ngoe le linku tse ling tsa Johanne 10:16 le linku tse ling tsa Mattheu 25:33. Kaha Bibele e re le “eme ka pel’a terone,” ho ne ho nahanoa hore le ne le tla ba leholimong, eseng literoneng, le busa e le majalefa le Kreste, empa le le sebakeng se tlaasana ka pele ho terone. Le ne le talingoa e le Bakreste ba sa tšepahaleng hakaalo, ba sa kang ba bontša moea oa boitelo ba ’nete. Ka 1935 maikutlo ao a ile a lokisoa.b Ho hlahloba Tšenolo 7:9 leseling la litemana tse kang Mattheu 25:31, 32 ho ile ha hlakisa hore batho ba mona lefatšeng ba ka ba “ka pel’a terone.” Ho ile ha bontšoa hape hore Molimo ha a na litekanyetso tse peli tsa botšepehi. Bohle ba neng ba tla amoheleha ho eena ba tlameha ho lula ba tšepahala ho eena.—Mattheu 22:37, 38; Luka 16:10.
17, 18. (a) Ho tloha ka 1935, ke eng e susumelitseng keketseho ee e khōlō palong ea ba lebelletseng bophelo bo sa feleng lefatšeng? (b) Litho tsa bongata bo boholo li kopanela ka cheseho mosebetsing ofe oa bohlokoa?
17 Ka lilemo tse ngata batho ba Jehova ba ne ba ile ba bua ka litšepiso tsa Molimo mabapi le lefatše. Ka lebaka la seo ba neng ba lebeletse hore se etsahale morao ka bo-1920, ba ile ba bolela hore “Ba Limilione ba Phelang Hona Joale ba ke ke ba Hlola ba E-shoa.” Empa ka nako eo e ne e se ba limilione ba neng ba amohetse litokisetso tsa Molimo tsa bophelo. Moea o halalelang o ile oa hōlisa tšepo ea bophelo ba leholimong ka ho ba bangata ba neng ba amohetse ’nete. Leha ho le joalo, ho ile ha etsahala phetoho e khōlō, haholo-holo ka morao ho 1935. E ne e se hore Molula-Qhooa o ne o hlokomolohile tšepo ea bophelo bo sa feleng lefatšeng. Bahlanka ba Jehova ba ne ba ile ba bua ka sena ka mashome a lilemo ’me ba ne ba ile ba batla ba tšoanelang tlhaloso ena ea Bibele. Leha ho le joalo, Jehova ka nako ea hae e tšoanelang, o ile a tsamaisa litaba e le hore bana ba iponahatse.
18 Litlaleho tse leng teng li bontša hore ka lilemo tse ngata boholo ba ba neng ba e-ba teng Sehopotsong ba ne ba e-ja litšoantšetso. Empa nakong ea lilemo tse 25 ka mor’a 1935, palo ea selemo le selemo ea ba bang teng Sehopotsong sa lefu la Kreste e ile ea eketseha haholo ea feta ha lekholo palo ea ba jang. Baa ba bang e ne e le bo-mang? E ne e le bao ho neng ho lebeletsoe hore e be litho tsa bongata bo boholo. Ka ho hlakileng, nako ea Jehova e ne e fihlile ea hore a ba bokelle le ho ba lokisetsa ho pholoha mahlomola a maholo a haufi. Joalokaha ho boletsoe esale pele, ba tsoile “lichabeng tsohle le melokong eohle le bathong bohle le malemeng ’ohle.” (Tšenolo 7:9, NW) Ba kopanela ka cheseho mosebetsing oo Jesu a ileng a o bolela esale pele ha a ne a re: “Evangeli ena ea ’muso e tla boleloa lefatšeng lohle, e tle e be bopaki ho lichaba tsohle; ’me e tla ba hona bofelo bo hlahang.”—Mattheu 24:14.
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Bakeng sa puisano e akaretsang, le e qaqileng ea lesaka la linku la Johanne khaolo ea 10, bona Molula-Qhooa oa August 1, 1984, maqephe 10-20, 30.
b The Watchtower, August 1 le 15, 1935.
U ka Hlalosa Joang?
◻ Ke hobane’ng ha pono e ho Tšenolo khaolo ea 7 e thahasellisa ka ho khethehileng?
◻ Ke hobane’ng ha linku tse ling tsa Johanne 10:16 li sa lekanyetsoa feela ho Bakreste ba Balichaba?
◻ Ke eng e tlamehang ho ba ’nete ka ba lokelang tlhaloso ea Bibele ea linku tse ling?
◻ Setšoantšo sa linku le lipōli se hatisa ntlha ea tlhompho bakeng sa bolaoli ba ’Muso joang?
◻ Ke eng se bontšang hore na nako ea Jehova ea ho bokella bongata bo boholo ba Tšenolo 7:9 e ile ea tla neng?