Khotso Qetellong!—Ha Molimo o Bua
“Hore a holise ’muso, le ho tlisa khotso e sa feleng.”—ESAIA 9:7.
1. Le hoja baetapele ba lefatše ba sa khaotse ho bua ka khotso, ho ’nile ha etsahala’ng ho theosa le histori ea motho?
BAETAPELE ba lefatše ha ba khaotse ho bua ka khotso, le batho ka kakaretso ba bolela hore baa e lakatsa. Empa, kajeno boemo bo re hopotsa ka se builoeng ke moprofeta Jeremia: “Re ne re ntse re lebeletse khotso, empa ha re bone molemo; le letsatsi la pholiso, ’me bonang, hoa tšabeha.” (Jeremia 8:15) Ha e le hantle, esale ho tloha ha Kaine a bolaea Abele, lefatše ha lea ka la ba le khotso ea sebele empa le ’nile la hlaseloa ke pefo. ’Me lekholo la rōna la bo20 e bile mehla e mabifihali ho feta eohle, ka lintoa tse bolaileng ba ka bang limillione tse lekholo. Mehleng ea rōna, karolo ea 97 lekholong ea baahi ba lefatše e ile ea ameha bonyane ntoeng e le ’ngoe. Kahoo ha baetapele ba lefatše ba bua ka khotso, ba ’nile ba isa batho ba bona koluoeng e ’ngoe kamor’a e ’ngoe.
2. Ke lenane lefe la pefo le hlokomelehang lichabeng tsohle?
2 Pefo eo eohle e tlameha ho eketsoa ka lenane la letsatsi le letsatsi la bokebekoa bo befileng. Ka mohlala, United States, selemo se seng le se seng ho fenethoa batho ba ka bang 20 000. Ho betoa basali ba fetang 80 000 ’me lipeto tse ling tse ngata ha li tlalehoe. Hoo e ka bang basali ba limillione tse peli ba holofatsoa hampe ke banna bao ba lulang le bona. Hoo e ka bang kaholimo ho karolo e le ’ngoe ho tse ’nè ea malapa oohle e hlaseloa ke mofuta o mong oa bokebekoa. Tlaleho e qetella ka hore: “Re fetohile mokhatlo o befileng ka ho tšosang.” Boemo bona boa tšoana le linaheng tse ling tse ngata.
3. Ke pefo efe e kholoanyane e ka etsoang lelapeng la motho hona joale?
3 Leha ho le joalo, hona hohle hase letho ha ho bapisoa le pefo e ka etsoang ke libetsa tsa kajeno tsa nuclear. Li lekane hore li ka bolaea moahi e mong le e mong oa lefatše ka makhetlo a 12! Ngaka e ’ngoe e itse: “Bongaka ba kajeno bo ke ke ba e-ba le thuso ho mahlatsipa a ntoa ea nuclear.” Hobane’ng? E ’ngoe ea arabela: “Boholo ba lingaka, baoki le litsebi tsa mechine ba tla be ba bolailoe . . . Lipetlele li tla be li sentsoe. Kahoo ho tla be ho setse ba fokolang ba nang le tsebo e lekaneng le thepa e lekaneng bakeng sa ho pholosa mang kapa mang.”
4, 5. (a) Ke tlhaloso efe e entsoeng ke buka e ’ngoe ka ho haella ha khotso mehleng ea rōna? (b) Eo e kileng ea e-ba ofisiri pusong o ile a hlalosa joang ka ho tšoanang?
4 Mabapi le ho haella ha khotso mehleng ea rōna, sehlooho se seholo sa buka ea selemo ea haufi tjena ea Encyclopædia Britannica se ne se re: “Lefatše la Rōna le Litsekana—Tšokelo ea ho oa Ha Puso ea Lefatše.” Se itse: “Kamorao ho 1945 ho ile ha nkoa likhopolo tsa hore ‘tsoelopele’ e ke ke ea qojoa le hore bokamoso ba lefatše la kajeno e ne etlaba ba kutloano le tšebelisano.” Empa ka likhopolo tseo, sa re, “li ipakile e le tse fosahetseng ka ho feletseng,” se phaella: “Ho e-na le hoo, se etsahetseng . . . ke hore lefatše le ntse le tsoela pele ho tsekolloa ke karohano e thotseng. Linaha tse ngata tseo bonngoe ba tsona sebopehong le moeeng ho neng ho thoe bo ke ke ba qhalana bo ’nile ba tsekoloha . . . [ka] merabe, mehlobo, [lihlotšoana tsa] bolumeli, . . . lihlotšoana tsa metse, lihlotšoana tsa likoeta, mekhatlo ea boferekanyi, mekhatlo ea bokhukhuni le lihlotšoana tsa boikhabi tse feteletseng.”
5 Ka ho tšoanang, eo e kileng ea e-ba ofisiri e phahameng pusong United States o itse: “Mabaka a bakang ho se tsitse ha machaba a fumana bophahamo historing ho feta matla a sebeletsang tšebelisano e hlophisitsoeng haholoanyane. Qeto e ke keng ea qojoa ea tlhahlobo leha e le efe e seng leeme ea litšekamelo tsa lefatše ke hore mofere-fere oa boahisane, merusu ea lipolotiki, tlokotsi ea moruo le khohlano ea machaba li ka ’na tsa anela nakong ena e setseng ea lekholo lena la lilemo.” A qetella ka hore: “Tšokelo e talimaneng le batho, ka bokhutšoanyane, ke . . . ho oa ha puso ea lefatše.”
‘Baeti ba Tsoang Sepaka-pakeng’
6. Mohlophisi e mong oa koranta o ile a hlalosa joang liqeto tseo baeti ba tsoang sepaka-pakeng ba ka ’nang ba li etsa ka lefatše la kajeno?
6 Ha ho talingoa sena sohle, mohlophisi e mong oa koranta ea Cleveland o ile a ngola: “Haeba baeti ba ka fihla bekeng e tlang ba tsoa sehlopheng se seng se seholo sa linaleli se hōle, na re ka ba bolella hore re ile ra lokela ho ipolaea e le hore re ka theha bophahamo ba bokomonisi kapa puso ea bohatelli? Na re ka hlalosa hore re mofuta o ileng oa ikarohanya ka lichaba, le hore lichaba tseo li ile tsa hlapantšoa hore li bolaeane meketjaneng e sa laoleheng ea nako le nako ea lenyora la mali? Re ne re tla hlalosa joang hore re ile ra lumella mefuta e meng ea rōna hore e lape, ’me e meng e sese boitšoarong bo hlephileng le ho hlokeng tsebo, hobane khopolo ea ho rinya bophelo e ne e rateha haholo ho rōna? Baeti bana ba tsoang sehlopheng seo se seholo sa linaleli ka sebele ha ba khutlela hae ba ne ba tla re hlalosa re le maqaba. . . . Re ne re tla itlhatsoa ka hore hape re ile ra etsa ho hoholo mesebetsing ea matsoho ’me re lumela toka. Ba ne ba tla bososela ka masoabi e be ba tloha pele liqhomane li phatloha.”
7, 8. (a) Ke baeti bafe ba matla ba hlahlobisisang batho hona joale? (b) Ba tlile ho tla etsa’ng moo?
7 ‘Koana,’ ba bang ba ka ’na ba re, ‘ha ho na “baeti ba tsoang sepaka-pakeng” ba ntseng ba hlahloba joalo.’ Che, e seng sepaka-pakeng sa sebele. Empa ke lilemo joale baeti bana ba matlahali le ba bohlalehali ba ’nileng ba hlahlobisisa seo batho ba ’nileng ba iketsa sona le ho se etsa lefatše. Ho phaella moo, ba bona hore ho fanoa ka molaetsa o hlakileng “pele liqhomane li phatloha.”
8 Baeti bao ba matla ba ’nileng ba hlahlobisisa batho ke bo-mang? Lentsoe la Molimo le re bolella hore ke baemeli ba Molimo ba sebakeng sa moea, mangeloi a tšepahalang, ao a a rometseng lefatšeng ho tla le hlahloba. Ka libōpuoa tsena tsa moea, Pesaleme ea 103:20 e re: “Bokang Jehova, lōna mangeloi a hae, bahale ba matla, ba phethang lentsoe la hae, ba mamelang molomo oa hae!” Mangeloi ana a matla a boleloa hangata ka Bibeleng. Ka mohlala, ho Mattheu khaolo 25 boprofeta bo buang ka mehla ea rōna bo re litemaneng tsa 31 le 32: “Mohla Mor’a motho a tlang a teetsoe hare ke khanya ea hae, mangeloi a e-na le eena kaofela, ke moo a tla lula teroneng ea khanya ea hae. Lichaba tsohle li tla bokelloa pel’a hae; ’me o tla khetha ba bang ho ba bang, joale ka molisa ha a khetha linku ho lipōli.”
9. Kreste Jesu o nka karolo efe nakong ea tlhahlobisiso ee ea batho?
9 ‘Mora enoa oa motho,’ Jesu Kreste, ke moemeli e moholo oa Molimo. Kamor’a hore a tsohele ho ea leholimong, o ile a letela hore Jehova a mo fe kabelo ena e khethehileng. Joalokaha Pesaleme ea 110:1 e e hlalosa, Jehova o ile a re ho eena: “Lula letsohong la ka le letona, ke tle ke be ke bee bao e leng lira ho uena bonamelo ba maoto a hao.” Phethahatso ea boprofeta bona ba Bibele e bontša hore nako ea hore Molimo o romele sebōpuoa sena se matla sa moea hore se nke bohato e tlile ka selemo sa 1914.
10. Ke mangeloi a makae a ka ’nang a ba le Kreste ha a ntse a thusa mosebetsing oa ho arola?
10 Empa o ne a ke ke a tla a le mong, hobane Mattheu 25:31 e itse, o ne a tla be a e-na le ‘mangeloi kaofela.’ A ne a ka ba makae? Tšenolo 5:11 e re: “Ka talima, ’me ka utloa mantsoe a mangeloi a mangata a teetseng terone [ea Molimo], . . . hare, ’me palo ea ’ona e ne e le likete tse likete [“Likete tse leshome ha li atisoa ka mashome a likete,” NW Ref.].” Kahoo 10 000 ka makhetlo a 10 000, ke kakaretso ea mangeloi a limillione tse lekholo! Empa, Tšenolo e bua ka bongateng, “likete tsa likete-kete” (TLP) tsa mangeloi a sebeletsang Molimo. Hoo ke makholo a limillione, mohlomong likete tsa limillione kapa ho feta. Tlas’a tataiso ea Kreste, libōpuoa tsena tsa moea li thusa baemeli ba Molimo lefatšeng ka ho arola batho ka lihlopha tse peli, se seng se ea “bohlokong bo sa feleng,” se seng “bophelong bo sa feleng.”—Mattheu 25:46; bona le Mattheu 13:41, 42.
“Evangeli ea ka Mehla le Mehla”
11. “Evangeli ea ka mehla le mehla” eo makhotla a mangeloi a e tšehetsang mehleng ee ke efe?
11 Molaetsa o ka sehloohong oo baeti baa ba mangeloi ba o tšehetsang lefatšeng mehleng ee ke ofe? Tšenolo 14:6 ea re tsebisa: “Ka bona lengeloi le leng le fofang mahareng a leholimo, le tšoere Evangeli ea ka mehla le mehla ho e bolella ba ahileng lefatšeng, le lichaba tsohle, le mefuta eohle, le lipuo tsohle, le merabe eohle.” ‘Evangeli ee ea ka mehla le mehla’ ke eng? E amana le seo Jesu a itseng e ne e tla ba bo bong ba bopaki bo bongata ba hore re phela mehleng ea qetello. Ho Mattheu 24:14 o itse: “Evangeli ena ea ’muso e tla boleloa lefatšeng lohle, e tle e be bopaki ho lichaba tsohle; ’me e tla ba hona bofelo bo hlahang.”
12, 13. (a) Puso ea ’Muso ke eng? (b) Ke hobane’ng ha molaetsa oa ’Muso e le litaba tse molemohali?
12 ’Muso oa Molimo ke puso ea leholimo e tlang ho busa holim’a lefatše kamor’a hore puso ea hona joale ea motho e felisoe. (Daniele 2:44; Mattheu 6:9, 10) Morena oa eona ke Kreste Jesu, ’me o na le bao a tlang ho busa le bona. (Tšenolo 14:1-4; 20:4) ’Muso oo ke oo ho buuoeng ka oona ho Daniele 7:14 ka mantsoe ana: “A neoa ’muso, le hlompho, le borena, hore ba mefuta eohle, le ba lichaba tsohle, le ba lipuo tsohle, ba tle ba mo sebeletse; ’muso oa hae ke ’muso o sa feleng, o ke keng oa feta, borena ba hae bo ke ke ba felisoa.”
13 Ke hobane’ng ha molaetsa o buang ka puso ea ’Muso e le litaba tse molemo hakaalo, tsona litaba tse molemohali? Hobane e tla tlisa lefatše le lecha, sebopeho se secha sa mokhatlo oa batho. Tlas’a ’Muso oa Molimo batho ba tla amohela mahlohonolo a babatsehang hoo Pesaleme ea 37:11 e reng ka bao ba tla phela ka nako eo: “Ba bonolo ba tla rua lefatše, ba iketle khotsong e kholo.” E, “Jehova [ka boeena] o tla hlohonolofatsa sechaba sa hae ka khotso.” (Pesaleme ea 29:11) Kajeno, pele ’Muso o nka taolo e feletseng ea litaba tsohle tsa lefatše, litaba tse molemo tsa puso ea oona ea kamehla le ea khotso matsohong a “Morena oa khotso” li boleloa lichabeng tsohle. Hona ho etsoa ke bahlanka ba Molimo ba lefatšeng tlas’a tataiso ea Kreste le mangeloi.—Esaia 9:6, 7.
14. (a) Tsela e ’ngoe eo ka eona re ka khethollang bahlanka ba Molimo ba lefatšeng ka nepo ke efe? (b) Tlhohonolofatso ea Molimo e totobetseng e bile holim’a bona joang?
14 Bahlanka baa ba lefatšeng ba Molimo ke bafe? Ha e le hantle, ke bafe feela ba etelang batho kamehla ka litaba tse molemo tsa ’Muso? Le bona bahanyetsi ba ba hlokomela e le Lipaki tsa Jehova. Hona joale li feta limillione tse tharo, ’me palo ea baboleli bana ba ’Muso e eketseha ka potlako. Selemong se fetileng, ho ile ha khethoa basebeletsi ba bacha ba litaba tse molemo ba 225 868. ’Me hona selemong seo, ho ile ha theoa liphutheho tse ncha tsa Lipaki tsa Jehova tse 2 461 lefatšeng ka bophara, karolelano ea tse 6 letsatsi le leng le le leng, li etsa kakaretso ea liphutheho tse 52 177 linaheng tse 208. Ruri, boprofeta ba Esaia 60:22 boa phethahala: Jehova o potlakisa mosebetsi oa hae oa ho bolela le ho bokella “ka nako ea teng.” ’Me hona joale ke eona nako eo!
15. Motheo oa ho ahlola batho ke ofe kajeno?
15 Hore na batho ba itšoara joang litabeng tsa puso ea ’Muso ke motheo bakeng sa ho rera hore na ba tla aroleloa ho ea “bohlokong bo sa feleng,” kapa “bophelong bo sa feleng” lefatšeng le lecha. Ba bangata ba itšoara joaloka ba hlalositsoeng ho 2 Likronike 36:15, 16: “Jehova, . . . a ’na a romela ho bona ka manģosa a hae, a ’na a a roma e sa le hosasa, hobane a na a utloela sechaba sa hae . . . bohloko. Empa ba ’na ba soma ka manģosa a Molimo, ba nyelisa lipolelo tsa oona, ba tšeha baprofeta ba oona, ho fihlela khalefo ea Jehova e ba e phahamela sechaba sa oona.” Empa ba bang ba itšoara hantle ’me ba tla tlas’a tšireletso ea Jehova. “Empa ha e le ea nkutloang [bohlale ba ’nete], eena o tla ikahela ka khotso, a se na ho tšoha kotsi.”—Liproverbia 1:20, 33; Mattheu 25:34-46.
Makhotla a Leholimo a Nka Bohato
16. Molimo o tla tloha o bua le batho ba sa utloeng joang?
16 Ho se ho se hokae, mosebetsi oa ho bolela oa bahlanka ba Jehova o tla phethoa ho fihlela moo a batlang. Mamello ea Molimo ka batho ba sa utloeng e tla fela. Molaetsa oa khotso oo a ’nileng a o bua ho batho molokong ona o tla fetoha. Ho e-na le hoo, ka nako eo o tla “bua le bona ka bohale, o ba tsielehisa khalefong ea hae.” (Pesaleme ea 2:5) Joalokaha Jehova ka boeena a bolela: “Ke rialo poulelong ea ka le chesehong ea khalefo ea ka.” (Ezekiele 38:19) Joale o tla fa Jesu Kreste pontšo ea hore a lokolle makhotla a hae a leholimo hore a nke bohato khahlanong le lefatše lena la bofetoheli le le se nang molao.
17. Matla a lengeloi le le leng feela a ile a bontšoa joang?
17 Seo makhotla ao a tlang ho se finyella se ka bonoa ka se etsahalletseng Assyria ha ho fihla nako ea hore Molimo o nke bohato ka eona. Marena a Bobeli 19:35 e re: “Ka bona bosiu boo, ha tsoa lengeloi la Jehova, la bolaea batho ba likete tse lekholo le nang le mashome a robileng meno e ’meli a metso e mehlano liahelong tsa ba-Assyria. . . . e le litopo feela.” Seo se entsoe ke lengeloi le le leng feela! Se tlang ho finyelloa ke likete tsa likete-kete tsa oona haufinyane e tla ba ntho e tšabehang.
18. Timetso bofelong ba tsamaiso ee e tla ba e phethahetseng hakae?
18 Jeremia 25:31-33 e hlalosa se tlang ho etsahala ka mantsoe ana: “Jehova o na le tseko le lichaba, o tseka le bohle bao e leng nama; o neela ba babe lerumo, ho bolela Jehova. Ho itsoe ke Jehova oa makhotla: Bonang, bobe bo ea tsoa sechabeng se seng, bo ee sechabeng se seng, lerōle le tšabehang le ea tsoha likhutlelong tsa lefatše. Tsatsing leo, ba hlabiloeng ke Jehova ba tla ba teng ho nka pheletsong e ’ngoe ea lefatše ho isa pheletsong e ’ngoe ea lefatše, ba sa lleloe, ba sa phutheloe, ba sa epeloe; e tla ba moiteli holim’a lefatše.”
19. Tšenolo khaolo ea 19 e qaqisa ka ho eketsehileng joang?
19 Tšenolo khaolo ea 19 e hlalosa hore na Jehova o tla finyella sena sohle joang. Ke ka hore Morena oa hae Jesu Kreste a nke bohato, joalokaha temana ea 14 e bolela, le “makhotla a leholimo” a mo latetse. Joale temana tsa 17 le 18 li re: “Ka bona le lengeloi le leng le eme letsatsing, le hoa ka lentsoe le phahamileng, le hoeletsa linonyana tsohle tse fofang sebakeng sa leholimo, le re: Tlong, le phuthehele mokete o moholo oa Molimo, le tle le je linama tsa marena, le linama tsa balaoli ba likete, le linama tsa linatla, le linama tsa lipere, le tsa ba li kaletseng, le linama tsa bohle ba sa ruoang le ba ruiloeng, tsa ba banyenyane le tsa ba baholo.” ’Me litemana tsa 19 ho ea ho 21 li hlalosa timetso ea mekhatlo eohle ea batho hobane e hanne ho mamela ha Molimo o bua ka manģosa a oona a lefatšeng.
20. Ke hobane’ng ha lefatše lee le ke ke la fela ka kuluoa ea nuclear?
20 Kahoo, nako e haufi ea hore Molimo o felise tsamaiso ena ea lefatše e befileng le e litsekana. Empa bofelo boo e ke ke ea e-ba ho ipolaea ka ntoa ea nuclear har’a lichaba. Haeba hoo ho etsahala, ba lokileng ba ne ba tla felisoa hammoho le ba khopo. Leha ho le joalo, “liqhomane” tsa Molimo khahlanong le lefatše lena li ke ke tsa tšoana le tseno empa e tla ba tse hloaeang. Ho tla ba le ba tla pholohela lefatšeng le lecha. Joalokaha Liproverbia 2:21-22 e bolela: “Ba lokileng ba tla aha lefatšeng; ba hloekileng ba tla le rua. Empa ba babe ba tla khaoloa holim’a lefatše, ba lonya ba fotholoe ho lona.”
21. Ke lipotso life tse tsoelang pele tse tla arabeloa sehloohong sa rōna se tlang?
21 Ke hobane’ng ha lefatše lee le fihlile boemong boo ho bona timetso e joalo ea lefatše ka bophara e leng haufi? Na ho ke ke ha etsahala hore boiteko ba hona joale ba khotso ba baetapele ba lefatše bo bee litholoana e le hore tsamaiso ena e ka pholosoa? ’Me haeba re batla ho akarelletsoa har’a “ba lokileng” le “ba hloekileng” ba tlang ho pholohela lefatšeng le lecha ’me ba ’ne ba phele, re lokela ho itšoara joang nakong ee ea bohlokoahali historing eohle ea motho? Sehlooho sa rōna se latelang se tla arabela lipotso tsena.
Likarabelo tsa Hao ke Life?
◻ Ho haella ha khotso ho ile ha totobala joang, haholo-holo mehleng ea rōna?
◻ Makhotla a mangeloi a ameha joang ho aroleng batho kajeno?
◻ Ke hobane’ng ha molaetsa oa ’Muso e le “evangeli ea ka mehla le mehla”?
◻ Batho ba tla ahloloa motheong ofe bakeng sa bophelo kapa lefu?
[Setšoantšo se leqepheng la 13]
Mosebetsi oa Lipaki tsa Jehova o tšehetsoa ke makhotla a mangeloi