Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • Ho na le Bokamoso Bofe Bakeng sa Linku le Lipōli?
    Molula-Qhooa—1995 | October 15
    • Ho na le Bokamoso Bofe Bakeng sa Sehlopha ka Seng?

      16, 17. Linku li tla ba le bokamoso bofe?

      16 Jesu o ile a fana ka kahlolo ea hae ea linku: “Tloong, lōna ba hlohonolofalitsoeng ke Ntate, le rue ’Muso oo le o lokiselitsoeng haesale lefatše le theoa.” Eo ke memo e mofuthu hakaakang—“Tloong”! Ho eng? Bophelong bo sa feleng, joalokaha ho bontšoa qetellong: “Ba lokileng ba [tla kena] bophelong bo sa feleng.”—Mattheu 25:34, 46, BPN.

      17 Papisong ea litalenta, Jesu o ile a bontša se hlokahalang ho ba tla busa le eena leholimong, empa papisong ena o bontša se lebeletsoeng ho bafo ba ’Muso. (Mattheu 25:14-23) Ka ho toba, ka lebaka la tšehetso ea tsona e feletseng ho baena ba Jesu, linku li rua sebaka tikolohong ea lefatše ea ’Muso oa hae. Li tla thabela bophelo lefatšeng la paradeise—tebello eo Molimo a li lokiselitseng eona “ho tloha ho thehoeng ha lefatše” la batho ba ka rekolloang.—Luka 11:50, 51, NW.

  • Ho na le Bokamoso Bofe Bakeng sa Linku le Lipōli?
    Molula-Qhooa—1995 | October 15
    • 19 Liithuti tsa Bibele lia tseba hore sena se ke ke sa bolela hore lisoule tse sa shoeng tsa batho ba kang lipōli li tla utloa bohloko mollong o sa feleng. Che, hobane batho ke lisoule; ha ba na lisoule tse sa shoeng. (Genese 2:7, NW; Moeklesia 9:5, 10; Ezekiele 18:4, NW) Ka ho ahlolela lipōli ho ea “mollong o sa feleng,” Moahloli o bolela timetso eo ho eona ho se nang tšepo bakeng sa nako e tlang, eo hape e tla ba bofelo ba ka ho sa feleng ba Diabolose le bademona ba hae. (Tšenolo 20:10, 14) Kahoo, Moahloli oa Jehova o fana ka likahlolo tse fapaneng. O bolella linku, “Tloong”; lipōli, “Tlohang ho ’na.” Linku li tla rua “bophelo bo sa feleng.” Lipōli li tla fumana “ho khaoloa ha ka ho sa feleng.”—Mattheu 25:46, NW.b

  • Ho na le Bokamoso Bofe Bakeng sa Linku le Lipōli?
    Molula-Qhooa—1995 | October 15
    • 21 Leha ho le joalo, kutloisiso ee e ncha ea papiso ea linku le lipōli e bolela’ng ho rōna? Ha e le hantle, batho ba se ba ntse ba nka lehlakore. Ba bang ba ‘tseleng e phatlaletseng e isang timelong,’ ha ba bang ba leka ho lula ‘tseleng e tšesane e isang bophelong.’ (Mattheu 7:13, 14) Empa nako eo ka eona Jesu a tla phatlalatsa kahlolo ea ho qetela ho linku le lipōli e bontšitsoeng papisong ena e sa ntse e larile ka pele. Ha Mor’a motho a e-tla ka mosebetsi oa ho ba Moahloli, o tla etsa qeto ea hore Bakreste ba ’nete ba bangata—ha e le hantle “bongata bo boholo” ba linku tse inehetseng—ba tla tšoaneleha ho feta karolong ea ho qetela ea “mahlomola a maholo” ho kena lefatšeng le lecha. Tebello eo e lokela ho ba mohloli oa thabo hona joale. (Tšenolo 7:9, 14) Ka lehlakoreng le leng, matšoele-tšoele a tsoang ‘lichabeng tsohle’ a tla be a ipakile a tšoana le lipōli tse manganga. A ‘tla ea ho khaoloeng ha ka ho sa feleng.’ E tla ba topollo e kaakang bakeng sa lefatše!

  • Ho na le Bokamoso Bofe Bakeng sa Linku le Lipōli?
    Molula-Qhooa—1995 | October 15
    • b El Evangelio de Mateo e-ea hlokomela: “Bophelo bo sa feleng ke bophelo ba ho qetela; se fapaneng le bona ke kotlo ea ho qetela. Sehlakisi sa Segerike aionios ha se bolele haholo-holo nako e tsoelang pele, empa se bolela tšobotsi. Kotlo ea ho qetela ke lefu la ka ho sa feleng.”—Moprofesa ea seng a tlohetse mosebetsi Juan Mateos (Pontifical Biblical Institute, Rome) le Moprofesa Fernando Camacho (Theological Center, Seville), Madrid, Spain, 1981.

Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1986-2025)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela