Ba Ile ba Fumana Mesia!
“Re fumane Mesia.”—JOH. 1:41.
1. Ke eng e ileng ea etsa hore Andrease a bue mantsoe aa a reng: “Re fumane Mesia”?
JOHANNE MOKOLOBETSI o eme le barutuoa ba hae ba babeli. Ha Jesu a tla, Johanne oa hooa o re: “Bonang, Konyana ea Molimo!” Hang-hang, Andrease le morutuoa eo e mong ba latela Jesu ’me ba qeta letsatsi leo ba e-na le eena. Hamorao, Andrease o fumana mor’abo e leng Simone Petrose, ’me o mo isa ho Jesu ka mor’a hore a phatlalatse molaetsa ona o matla: “Re fumane Mesia.”—Joh. 1:35-41.
2. Ha re ithuta boprofeta bo mabapi le Mesia, seo se tla re tsoela molemo joang?
2 Ha nako e ntse e feta, Andrease, Petrose le ba bang, ba tla ba le nako e ngata ea ho batlisisa ka Mangolong ’me ka kholiseho ba tla bolela hore Jesu oa Nazaretha ke Mesia ea tšepisitsoeng. Tumelo ea rōna Lentsoeng la Molimo le ho Motlotsuoa oa hae e tla matlafatsoa ha e le mona re tsoela pele ho tšohla boprofeta bo mabapi le Mesia.
‘Bona! Morena oa Hao oa Tla’
3. Ke boprofeta bofe bo ileng ba phethahala ha Jesu a ne a kena Jerusalema ka tlhōlo?
3 Mesia o ne a tla kena Jerusalema ka tlhōlo. Boprofeta ba Zakaria bo ile ba re: “Thaba haholo, Uena morali oa Sione. Hooa ka tlhōlo, Uena morali oa Jerusalema. Bona! Morena oa hao o tla ho uena. O lokile, e, o pholositsoe; o ikokobelitse, ’me o palame esele, eona phoofolo e hōlileng ka ho feletseng petsana e tona ea esele e tšehali.” (Zak. 9:9) Mopesaleme o ile a ngola a re: “Ho hlohonolofatsoe Ea tlang ka lebitso la Jehova.” (Pes. 118:26) Jesu o ne a ke ke a laola matšoele hore na a etse’ng. Leha ho le joalo, e le ho phethahatsa boprofeta, matšoele ao a ile a phasoloha feela, a hooa ka thabo. Ha u ntse u bala tlaleho eo, nahana eka u moo ’me u utloe mantsoe a batho bao ba thabileng.—Bala Matheu 21:4-9.
4. Hlalosa hore na Pesaleme ea 118:22, 23 e phethahetse joang.
4 Jesu ke oa bohlokoa ho Molimo le hoja batho ba bangata ba ne ba ke ke ba mo amohela joaloka Mesia. Joalokaha ho boletsoe esale pele, Jesu o ile a ‘nyelisoa a ba a tšoaroa joaloka eo e seng oa bohlokoa’ ke batho ba ileng ba hana ho lumela bopaki. (Esa. 53:3; Mar. 9:12) Leha ho le joalo, Molimo o ne a ile a bululela mopesaleme hore a re: “Lejoe leo lihahi li ileng tsa le lahla le fetohile hlooho ea sekhutlo. Le bile teng le tsoa ho Jehova.” (Pes. 118:22, 23) Jesu o ile a hlokomelisa bahanyetsi ba hae ba bolumeli litemana tsena, ’me Petrose o ile a bolela hore li phethahetse ho Kreste. (Mar. 12:10, 11; Lik. 4:8-11) Jesu e ile ea e-ba “lejoe la sekhutlo la motheo” la phutheho ea Bokreste. Ha aa ka a amoheloa ke batho ba sa tšabeng Molimo, empa ke ea ‘khethiloeng ebile ke oa bohlokoa, ho Molimo.’—1 Pet. 2:4-6.
O Ile a Ekoa a ba a Lahloa Kherehloa!
5, 6. Ke eng e ileng ea boleloa esale pele ea ba ea phethahala mabapi le ho ekoa ha Mesia?
5 Ho ile ha boleloa esale pele hore Mesia o ne a tla ekoa ke motsoalle oa hae oa lehlaba-phio. Davida o ile a profeta a re: “Motho ea nang le khotso le ’na, eo ke neng ke mo tšepa, ea neng a ja bohobe ba ka, o mphahamiselitse serethe.” (Pes. 41:9) Motho ea neng a ja bohobe le motho e mong o ne a nkoa e le motsoalle oa hae. (Gen. 31:54) Kahoo, taba ea hore ebe Jesu o ile a ekoa ke Judase Iskariota, e ne e le bohlaba-phio bo bobe ka ho fetisisa. Jesu o ile a bua ka ho phethahala ha mantsoe a Davida a boprofeta ha A ne a bolella baapostola ba hae ka moeki oa hae, a re: “Ha ke bue ka lōna kaofela; ke tseba bao ke ba khethileng. Empa ke hore Lengolo le ka phethahala, ‘Ea neng a ja bohobe ba ka o mphahamiselitse serethe.’”—Joh. 13:18.
6 Moeki oa Mesia o ne a tla fumana likotoana tse 30 tsa silevera—e leng theko ea lekhoba! Ha Matheu a qotsa Zakaria 11:12, 13, o ile a bontša hore Jesu o ile a ekoa ka chelete e nyenyane hakaalo. Empa ke hobane’ng ha Matheu a ile a re see se ne se ile sa boleloa esale pele “ka moprofeta Jeremia”? Mehleng ea Matheu, ho ka etsahala hore ebe Jeremia e ne e hlaha pele sehlopheng sa libuka tsa Bibele tse neng li akarelletsa Zakaria. (Bapisa le Luka 24:44.) Judase ha aa ka a sebelisa chelete eo a neng a e fumane ka bolotsana, kaha o ile a e akhela ka tempeleng eaba oa tsamaea o il’o ipolaea.—Mat. 26:14-16; 27:3-10.
7. Zakaria 13:7 e ile ea phethahala joang?
7 Esita le barutuoa ba Mesia ba ne ba tla hasana. Zakaria o ile a ngola a re: “Otla molisa, ’me tsa mohlape li ke li hasanngoe.” (Zak. 13:7) Ka la 14 Nisane, selemong sa 33 C.E., Jesu o ile a re ho barutuoa ba hae: “Kaofela ha lōna le tla khoptjoa mabapi le ’na bosiung bona, etsoe ho ngoliloe, ‘Ke tla otla molisa, ’me linku tsa mohlape li tla hasa-hasana.’” ’Me seo ke sona se ileng sa etsahala, kaha Matheu o ile a tlaleha hore ‘barutuoa kaofela ba ile ba tlohela Jesu ’me ba baleha.’—Mat. 26:31, 56.
Oa Qosoa Ebile oa Otloa
8. Esaia 53:8 e ile ea phethahala maemong afe?
8 Mesia o ne a tla qosoa a be a ahloloe. (Bala Esaia 53:8.) Ha mafube a hlaha ka la 14 Nisane, lekhotla lohle la Sanhedrine le ile la kopana, la laela hore Jesu a tlangoe ’me la nehelana ka eena ho ’Musisi oa Moroma Ponse Pilato. O ile a botsa Jesu lipotso eaba o mo fumana a se molato. Leha ho le joalo, ha Pilato a re o lokolla Jesu, bongata bo ile ba hooa ba re: “Mo khokhothele thupeng!” ’me ba re a lokolle Barabase oa senokoane. Kaha Pilato o ne a batla ho khotsofatsa letšoele leo, o ile a lokolla Barabase, a laela hore Jesu a shapuoe ka sephali eaba o nehelana ka eena hore a khokhotheloe thupeng.—Mar. 15:1-15.
9. Ke eng e ileng ea etsahala mehleng ea Jesu e boletsoeng esale pele ho Pesaleme ea 35:11?
9 Lipaki tsa bohata li ne li tla paka khahlanong le Mesia. Mopesaleme Davida o ile a re: “Lipaki tse mabifi lia ema; li mpotsa seo ke sa kang ka se tseba.” (Pes. 35:11) Ho phethahatsa boprofeta boo, “baprista ba ka sehloohong le Sanhedrine eohle ba ne ba batla bopaki ba bohata khahlanong le Jesu e le hore ba mo bolaee.” (Mat. 26:59) Ha e le hantle, “ba bangata ba ne ba fana ka bopaki ba bohata khahlanong le eena, empa bopaki ba bona bo ne bo sa lumellane.” (Mar. 14:56) Lira tsa Jesu tse mabifi li ne li se na taba le bopaki ba bohata bo ileng ba fanoa khahlanong le eena, seo li neng li se batla ke hore a bolaoe.
10. Hlalosa hore na Esaia 53:7 e ile ea phethahala joang.
10 Mesia o ne a tla khutsa ka pel’a baqosi ba hae. Esaia o ile a profeta a re: “O ile a ba tsietsing, ’me a itumella hore a hlorisoe; leha ho le joalo o ne a sa ahlamise molomo. O ne a tlisoa joaloka nku tlhabong; ’me joaloka nku e tšehali e fetohileng semumu ka pel’a bakuti ba eona, le eena o ne a sa ahlamise molomo.” (Esa. 53:7) Ha Jesu “a ntse a qosoa ke baprista ba ka sehloohong le banna ba baholo, ha aa ka a araba.” Pilato o ile a mo botsa a re: “Na ha u utloe hore ke lintho tse ngata hakae tseo ba li pakang khahlanong le uena?” Leha ho le joalo, Jesu “ha aa ka a mo araba, che, leha e le ka lentsoe le le leng, hoo ’musisi a ileng a makala haholo.” (Mat. 27:12-14) Jesu ha aa ka a nyefola baqosi ba hae.—Bar. 12:17-21; 1 Pet. 2:23.
11. Ho ile ha etsahala’ng e le ho phethahatsa Esaia 50:6 le Mikea 5:1?
11 Esaia o ile a profeta hore Mesia o ne a tla otloa. O ile a ngola a re: “Ke file babolai mokokotlo oa ka, le marama a ka ke a file ba hlothang moriri. Ha kea ka ka pata sefahleho sa ka linthong tse tlotlollang le ho tšoeloa ka mathe.” (Esa. 50:6) Mikea o ile a bolela esale pele a re: “Ba tla otla moahloli oa Iseraele lerameng ka molamu.” (Mik. 5:1) Ha a tiisa ho phethahala ha boprofeta bona mongoli oa Kosepele e leng Mareka, o ile a re: ‘Ba bang ba qala ho tšoela Jesu ka mathe le ho koahela sefahleho sohle sa hae ’me ba mo otla ka litebele le ho re ho eena: “Profeta!” ’Me, ha ba mo jabela sefahlehong, bahlanka ba lekhotla ba mo nka.’ Mareka o re masole “a ne a mo otla hloohong ka lehlaka ebe a mo tšoela ka mathe ’me, ha [masole] a khumama ka mangole, a ne a mo inamela [ka ho mo phoqa].” (Mar. 14:65; 15:19) ’Nete ke hore Jesu ha aa ka a etsa letho le neng le ka susumelletsa batho hore ba mo hlekefetse ka tsela eo.
O Ile a Tšepahala ho Isa Lefung
12. Pesaleme ea 22:16 le Esaia 53:12 li ile tsa phethahala joang ho Jesu?
12 Ho ile ha boleloa esale pele ka lintho tse neng li tla etsahala ha Mesia a khokhotheloa thupeng. Mopesaleme Davida o ile a re: “Phutheho ea baetsi ba bobe e nteetse hare. Ba matsohong a ka le maotong a ka joaloka tau.” (Pes. 22:16) Ha a tlaleha ketsahalo eo babali ba Bibele ba e tsebang haholo, mongoli oa Kosepele, e leng Mareka, o re: “Joale e ne e se e le hora ea boraro [hoo e ka bang ka hora ea borobong hoseng], eaba a mo khokhothela thupeng.” (Mar. 15:25) Hape ho ne ho boletsoe esale pele hore Mesia o ne a tla balelloa har’a baetsalibe. Esaia o ile a ngola a re: “O tšolotse moea oa hae lefung, ’me o ile a balelloa le batlōli.” (Esa. 53:12) Kahoo, seo se ile sa etsahala, “masholu a mabeli a ile a khokhotheloa thupeng le [Jesu], le leng ka ho la hae le letona ’me le leng ka ho le letšehali.”—Mat. 27:38.
13. Pesaleme ea 22:7, 8 e phethahetse joang ho Jesu?
13 Davida o ile a profeta hore Mesia o ne a tla nyelisoa. (Bala Pesaleme 22:7, 8.) Jesu o ile a nyelisoa ha a ntse a utloa bohloko a le thupeng ea tlhokofatso, kaha Matheu o tlaleha sena: “Bafeta-ka-tsela ba qala ho mo nyefola, ba sisinya lihlooho ba re: ‘Uena ea neng a re u tla heletsa tempele ’me u e hahe ka matsatsi a mararo, ipholose! Haeba u mora oa Molimo, theoha thupeng ea tlhokofatso!’” Ka tsela e tšoanang, baprista ba ka sehloohong, bangoli le banna ba baholo, ba ile ba mo soma ba re: “O pholositse ba bang; eena o sitoa ho ipholosa! Ke Morena oa Iseraele; joale a ke a theohe thupeng ea tlhokofatso ’me re tla lumela ho eena. O tšepile Molimo; joale a ke A mo pholose haeba A mo batla, kaha o ile a re, ‘Ke Mor’a Molimo.’” (Mat. 27:39-43) Leha ho le joalo, Jesu o ile a mamella lintho tsena tsohle ka seriti. Ruri o re behetse mohlala o motle haholo!
14, 15. Bontša hore na boprofeta bo tobileng bo mabapi le liaparo tsa Mesia le ho fuoa ha hae asene bo ile ba phethahala joang.
14 Ho ne ho tla lahloa lotho bakeng sa liaparo tsa Mesia. Mopesaleme o ile a ngola a re: “Ba arolelana liaparo tsa ka, ba lahla lotho bakeng sa liaparo tsa ka.” (Pes. 22:18) Seo ke sona se ileng sa etsahala kaha ‘ha masole a Roma a mo khokhothetse thupeng a ile a aba liaparo tsa hae tsa ka ntle ka ho lahla lotho.’—Mat. 27:35; bala Johanne 19:23, 24.
15 Mesia o ne a tla fuoa asene le nyooko. Mopesaleme o ile a re: “Empa ba ile ba mpha semela se chefo bakeng sa lijo, ba leka ho ’noesa asene ha ke nyoriloe.” (Pes. 69:21) Matheu o re: ‘A fa Jesu veine e tsoakiloeng le nyooko hore a noe; empa, ka mor’a ho e latsoa, a hana ho noa.’ Hamorao, “e mong oa bona a matha eaba o nka seponche ’me o se kolobisa ka veine e bolila le ho se beha holim’a lehlaka eaba o qala ho mo fa ho nooang.”—Mat. 27:34, 48.
16. Hlalosa hore na mantsoe a boprofeta a ho Pesaleme ea 22:1 a ile a phethahala joang.
16 Ho ne ho tla bonahala eka Molimo o tlohetse Mesia. (Bala Pesaleme ea 22:1.) Tumellanong le boprofeta, “ka hora ea borobong [hoo e ka bang ka hora ea boraro thapama] Jesu a hoeletsa ka lentsoe le phahameng: ‘Eli, Eli, lama sabakthani?’ eo ha e fetoleloa, e bolelang: ‘Molimo oa ka, Molimo oa ka, u ntloheletse’ng?’” (Mar. 15:34) Jesu o ne a sa felloa ke tumelo ho Ntate oa hae ea leholimong. Molimo o ile a tlohella Jesu ho lira tsa hae ka hore a tlose tšireletso ea Hae ho eena e le hore botšepehi ba Kreste bo ka lekoa ka botlalo. Ka hore ebe Jesu o ile a hooa ka tsela eo, o ile a phethahatsa Pesaleme ea 22:1.
17. Zakaria 12:10 le Pesaleme ea 34:20 li phethahetse joang?
17 Mesia o ne a tla hlajoa empa masapo a hae a ne a ke ke a rojoa. Baahi ba Jerusalema ba ne ba tla “talima Eo ba mo hlabileng.” (Zak. 12:10) Pesaleme ea 34:20 e re: “[Molimo] o lebela masapo ’ohle a hae; ha ho le le leng la ’ona le robehileng.” Ha a tiisa taba ena, moapostola Johanne o ile a ngola a re: ‘Le leng la masole la hlaba Jesu lehlakoreng ka lerumo, ’me kapele-pele ha tsoa mali le metsi. Ea ho boneng, e leng Johanne, o pakile, ’me bopaki ba hae ke ba ’nete. Lintho tsena li ile tsa etsahala e le hore lengolo le phethahale: “Ha ho lesapo la hae le tla silakanngoa.” Hape, lengolo le fapaneng le re: “Ba tla talima Eo ba mo hlabileng.”’—Joh. 19:33-37.
18. Ho tlile joang hore Jesu a patoe le barui?
18 Mesia o ne a tla patoa le barui. (Bala Esaia 53:5, 8, 9.) Motšehare oa mantsiboea ka la 14 Nisane, “monna e mong ea ruileng oa Arimathea, ea bitsoang Josefa,” o ile a kōpa setopo sa Jesu ho Pilato, ’me o ile a se fuoa. Tlaleho ea Matheu e phaella ka ho re: “Josefa a nka setopo, a se phuthela ka line e hloekileng ea boleng bo botle, eaba o se beha ka lebitleng la hae le lecha la khopotso, leo a neng a le fatile lefikeng. Ka mor’a ho phikolosetsa lejoe le leholo monyakong oa lebitla la khopotso, a tloha.”—Mat. 27:57-60.
Tlotlisang Morena oa Bomesia!
19. Boprofeta bo hlahang Pesalemeng ea 16:10 bo ile ba phethahala joang?
19 Mesia o ne a tla tsosoa bafung. Davida o ile a ngola a re: “[Jehova] u ke ke ua tlohela moea oa ka Sheole.” (Pes. 16:10) Nahana feela hore na basali ba neng ba ile lebitleng leo setopo sa Jesu se neng se bolokiloe ho lona ba ile ba makala hakaakang. Ha ba fihla moo ba ile ba kopana le lengeloi le neng le apere ’mele oa nama le ileng la re ho bona: “Khaotsang ho tsieleha. Le batla Jesu Monazaretha, ea ileng a khokhotheloa thupeng. O tsositsoe, ha a eo mona. Bonang! Sebaka seo ba neng ba mo behile ho sona.” (Mar. 16:6) Ha moapostola Petrose a bua le bongata bo neng bo le Jerusalema ka letsatsi la Pentekonta ea 33 C.E., o ile a re: “[Davida] o ile a bona esale pele ’me a bolela malebana le tsoho ea Kreste, hore ha aa ka a tloheloa Hadese kapa nama ea hae ea bona ho bola.” (Lik. 2:29-31) Molimo ha aa ka a lumella ’mele oa nama oa Mora oa hae hore o bole. Ho feta moo, ka mohlolo Jesu o ile a tsosoa e le motho oa moea!—1 Pet. 3:18.
20. Boprofeta bo buang ka puso ea Mesia bo ile ba phethahala joang?
20 Joalokaha ho boletsoe esale pele, Molimo o ile a bolela hore Jesu ke Mora oa hae. (Bala Pesaleme ea 2:7; Matheu 3:17.) Hape, bongata bo ile ba tlotlisa Jesu le ’Muso oa hae o tlang, ’me ka thabo re bolella batho ka eena le ka ’Muso oa hae. (Mar. 11:7-10) Haufinyane Kreste o tla felisa lira tsa hae ha a “palama molemong oa ’nete le boikokobetso le ho loka.” (Pes. 2:8, 9; 45:1-6) Borena ba hae bo tla tlisa khotso le nala lefatšeng lohle. (Pes. 72:1, 3, 12, 16; Esa. 9:6, 7) Mora ea ratoang oa Jehova, e leng Jesu Kreste, o se a ntse a busa e le Morena leholimong. Ruri ho ba Lipaki Tsa Jehova le ho bolella ba bang linnete tsena ke tokelo e khōlō!
U ka Araba Joang?
• Jesu o ile a ekoa a ba a lahloa kherehloa joang?
• Ke lintho life tse ileng tsa boleloa esale pele mabapi le ho khokhotheloa ha Jesu Kreste thupeng?
• Ke hobane’ng ha u kholisehile hore Jesu ke Mesia ea tšepisitsoeng?
[Setšoantšo se leqepheng la 13]
Ha Jesu a ne a kena Jerusalema ka tlhōlo, o ne a phethahatsa boprofeta bofe?
[Setšoantšo se leqepheng la 15]
Jesu o ile a shoela libe tsa rōna, empa hona joale o busa e le Morena eo e leng Mesia