Khaolo ea 9
“E-eang ’me le Etse . . . Barutuoa”
1-3. (a) Sehoai se etsa’ng ha chai e le ngata hoo se ke keng sa kotula se le seng? (b) Jesu o ba boemong bofe bo thata nakong ea selemo ka 33 C.E., hona o rarolla bothata boo joang?
NAHANA ka bothata boo monna e mong oa sehoai a tobanang le bona. Likhoeli pejana o ile a lema masimo ’me a jala peō. O shebile ka tjantjello ha lijalo li mela ’me oa thaba ha a bona li hōla. O fumana moputso oa mosebetsi oohle oa hae o boima, kaha nako ea kotulo e fihlile. Bothata ke hore: Chai e ngata hoo a ke keng a kotula a le mong. O rarolla bothata bona ka hore a etse qeto e bohlale ea ho hira basebetsi bao a ba romang masimong a hae. Ha e le hantle, o na le nako e seng kae feela ea hore a bokelle lijalo tsena tsa hae tsa bohlokoa.
2 Jesu ea tsositsoeng bafung o ile a ba boemong bo tšoanang le boo ka nako ea selemo ka 33 C.E. O ne a jetse peō ea ’nete nakong ea tšebeletso ea hae lefatšeng. Joale nako ea kotulo e ne e fihlile, ’me chai e le ngata. Ho ne ho hlokahala hore ba bangata ba amohetseng molaetsa ba bokelloe hore e be barutuoa. (Johanne 4:35-38) Jesu o rarolla bothata boo joang? Nakoana pele a nyolohela leholimong, ha a le thabeng ea Galilea, o laela barutuoa ba hae hore ba batle basebetsi ba bang ba eketsehileng, o re: “Ka hona e-eang ’me le etse batho ba lichaba tsohle barutuoa, le ba kolobetse . . . , le ba rute ho boloka lintho tsohle tseo ke le laetseng tsona.”—Matheu 28:19, 20.
3 Taelo eo ke eona motheo oa ho ba molateli oa ’nete oa Kreste. Ka hona, a re hlahlobeng lipotso tsena tse tharo. Ke hobane’ng ha Jesu a ile a fana ka taelo ea hore ho eketsoe basebetsi? O ile a koetlisa barutuoa ba hae hore ba ba batle ka tsela efe? Re kenella joang taelong ee?
Lebaka Leo ka Lona ho Hlokahalang Basebetsi ba Eketsehileng
4, 5. Ke hobane’ng ha Jesu a ne a sa tl’o qeta mosebetsi oo a o qalileng, hona ke bo-mang ba neng ba lokela ho o ntšetsa pele ha a se a khutletse leholimong?
4 Ha Jesu a ne a qalisa tšebeletso ea hae ka 29 C.E., o ne a tseba hore o qala mosebetsi oo a ke keng a o qeta. Ka nakoana e neng e mo saletse lefatšeng, o ne a ka khona ho fihla bohōleng bo itseng feela le ho finyella palo e itseng feela ea batho ka molaetsa oa ’Muso. Ke ’nete hore o ne a pakela Bajuda le basokolohi ka ho khetheha, kaha e ne e le “linku tse lahlehileng tsa ntlo ea Iseraele.” (Matheu 15:24) Empa ‘linku tseo tse lahlehileng’ li ne li hasane hohle naheng ea Iseraele, e boholo ba lisekoere-k’hilomithara tse likete. Ho feta moo, le batho ba bang bohle ba ne ba lokela ho finyelloa ka litaba tse molemo.—Matheu 13:38; 24:14.
5 Jesu o ne a tseba hore ho na le mosebetsi o mongata o lokelang ho etsoa ka mor’a lefu la hae. O ile a re ho baapostola ba hae ba 11 ba tšepahalang: “Kannete-nete ke re ho lōna, Ea bontšang tumelo ho ’na, eo ka ho tšoanang o tla etsa mesebetsi eo ke e etsang; ’me o tla etsa mesebetsi e meholo ho ena, hobane ke ea ho Ntate.” (Johanne 14:12) Kaha Mora o ne a khutlela leholimong, balateli ba hae—eseng baapostola feela empa le bohle bao e neng e tla ba barutuoa ba hae—ba ne ba tla lokela ho ntšetsa pele mosebetsi oa ho bolela le oa ho ruta. (Johanne 17:20) Ka boikokobetso Jesu o ile a lumela hore mesebetsi ea bona e ne e tla ba “meholo” ho ea hae. Ka tsela efe? Ka litsela tse tharo.
6, 7. (a) Mesebetsi e etsoang ke balateli ba Jesu e ne e tla ba meholo ho ea hae ka tsela efe? (b) Re ka bontša joang hore Jesu o ne a sa tšepa balateli ba hae ka phoso?
6 Ea pele, balateli ba Jesu ba ne ba tla akaretsa tšimo e khōlō. Kajeno ba paka ho ea fihla lipheletsong tsa lefatše, ba fetetse ka nģ’ane ho meeli ea naha eo Jesu a neng a bolela ho eona. Ea bobeli, ba ne ba tla finyella batho ba bangata. Barutuoa ba seng bakae bao Jesu a ileng a ba siea ba ile ba eketseha ka sekhahla ba e-ba likete. (Liketso 2:41; 4:4) Hona joale ba baloa ka limilione, ’me selemo le selemo ho kolobetsoa ba bang ba likete tse makholo ba bacha. Ea boraro, ba ne ba tla bolela ka nako e telele—ho fihlela le kajeno, e leng lilemo tse ka bang 2 000 ka mor’a hore Jesu a etse tšebeletso ea hae ka lilemo tse tharo le halofo.
7 Jesu o ile a bontša hore o tšepa balateli ba hae ha a ne a re ba tla etsa “mesebetsi e meholo ho ena.” O ne a ba abela ho etsa mosebetsi oo a neng a o nka e le oa bohlokoa haholo, oa ho bolela le ho ruta “litaba tse molemo tsa ’muso oa Molimo.” (Luka 4:43) O ne a kholisehile hore ba tla phethahatsa kabelo eo ka botšepehi. Ho thoe’ng ka rōna kajeno? Ha re kopanela tšebeletsong ka cheseho le ka pelo eohle, re bontša hore Jesu o ne a sa tšepa balateli ba hae ka phoso. Na ee hase tlotla e ikhethang?—Luka 13:24.
O Ile a ba Koetlisetsa ho Bolela
8, 9. Jesu o behile mohlala ofe tšebeletsong, hona re ka etsisa mohlala oa hae joang ha re le tšebeletsong?
8 Jesu o ile a koetlisetsa barutuoa ba hae tšebeletso ka tsela e molemo ka hohle kamoo ho ka khonehang. Ka holimo ho tsohle, o ba behetse mohlala o phethahetseng. (Luka 6:40) Khaolong e fetileng, re buile ka tsela eo a neng a ikutloa ka eona ka tšebeletso. Ka mohlala, nahana ka barutuoa ba neng ba tsamaea le Jesu maetong a hae a boboleli. Ba ile ba hlokomela hore o ne a pakela batho hohle moo ba fumanehang teng—mabōpong le maralleng, metseng, limmarakeng le malapeng. (Matheu 5:1, 2; Luka 5:1-3; 8:1; 19:5, 6) Ba ile ba elelloa hore e ne e le motho ea khothetseng, a tsoha ka matjeke ’me a sebetsa ho fihlela bosiu. O ne a sa kopanele tšebeletsong e le hore feela a khanne nako! (Luka 21:37, 38; Johanne 5:17) Ha ho pelaelo hore ba ile ba hlokomela hore o ne a susumetsoa ke lerato le tebileng leo a ratang batho ka lona. Mohlomong ha ba mo talima sefahlehong ba ne ba bona hore ke motho ea nang le pelo e nang le qenehelo. (Mareka 6:34) U nahana hore mohlala oa Jesu o ile oa ama barutuoa ba hae joang? Uena o ka be o ile oa u ama joang?
9 Kaha re balateli ba Kreste, re etsisa mohlala oa hae ha re le tšebeletsong. Kahoo re etsa sohle se matleng a rōna tabeng ea ho fana ka “bopaki bo phethahetseng.” (Liketso 10:42) Ho tšoana le Jesu, re etela batho malapeng. (Liketso 5:42) Re fetola kemiso ea rōna ha ho hlokahala, e le hore re ba etele ka nako eo ba atisang ho ba malapeng ka eona. Re boetse re batla batho ebile re ba pakela ka bohlale libakeng tsa sechaba—literateng, lirapeng tsa boikhathollo, mabenkeleng le mesebetsing. Re lula “re sebetsa ka thata ’me [re] ikitlaetsa” tšebeletsong, kaha re nka mosebetsi ona e le oa bohlokoa. (1 Timothea 4:10) Lerato le tebileng le tsoang pelong leo re ratang ba bang ka lona le re susumelletsa hore re lule re batla menyetla ea ho pakela batho hohle moo ba fumanehang teng ka nako leha e le efe.—1 Bathesalonika 2:8.
10-12. Jesu o ile a ruta barutuoa ba hae lintlha life tsa bohlokoa pele a ba roma ho ea bolela?
10 Tsela e ’ngoe eo Jesu a ileng a koetlisa barutuoa ba hae ka eona ke ka ho ba fa litaelo tse qaqileng. Pele Jesu a roma baapostola ba 12 le barutuoa ba 70 hamorao ho ea bolela, o ile a ba tšoarela liboka ho ba koetlisa. (Matheu 10:1-15; Luka 10:1-12) Koetliso eo e ile ea hlahisa litholoana tse ntle, kaha Luka 10:17 e re: “Ba mashome a supileng ba khutla ka thabo.” A re hlahlobeng lintlha tse peli tsa bohlokoa tseo Jesu a li rutileng, re ntse re hopola hore re lokela ho utloisisa seo a se buileng ho latela litloaelo tsa Bajuda ba mehleng ea Bibele.
11 Jesu o ile a ruta barutuoa ba hae hore ba tšepe Jehova. O ile a re ho bona: “Le se ke la iphumanela khauta kapa silevera kapa koporo bakeng sa lipache tsa lōna tsa senyepa, kapa mokotla oa lijo bakeng sa leeto, kapa liaparo tsa ka tlaase tse peli, kapa meqathatso kapa lere; kaha mosebetsi o tšoaneloa ke lijo tsa hae.” (Matheu 10:9, 10) Batho ba nkang leeto ba ne ba tloaetse ho nka lipache tsa senyepa tseo ba neng ba kenya chelete ka ho tsona, mokotla oa lijo oo ba neng ba tšela mofaho ka ho oona le ho nka para e ’ngoe ea meqathatso.a Ha Jesu a ne a laela barutuoa ba hae hore ba se ke ba tšoenyeha ka lintho tseo, ha e le hantle, o ne a re: “Tšepang Jehova ka ho feletseng, kaha o tla le fa lintho tseo le li hlokang.” Jehova o ne a tla ba hlokomela ka hore a susumelletse ba amohelang litaba tse molemo hore ba ba amohele ka mofuthu, e leng ntho e neng e tloaelehile Iseraeleng.—Luka 22:35.
12 Jesu o ile a boela a ruta barutuoa ba hae hore ba qobe litšitiso tse sa hlokahaleng. O ile a re: “Ha le le tseleng le se ke la lumelisa leha e le mang ka ho mo kopa.” (Luka 10:4) Na Jesu o ne a re ba hloke botsoalle kapa ba se ke ba tsotella batho ba bang? Che. Mehleng ea Bibele hangata tumeliso e ne e sa felle feela ka ho re lumela. Ho lumelisana ka tsela ea moetlo ho ne ho akarelletsa ho etsa lintho tse fapa-fapaneng le ho tšoara moqoqo o eang lolololo. Setsebi se seng sa Bibele se re: “Tsela eo batho ba linaheng tsa Bochabela ba neng ba lumelisana ka eona ha e tšoane le eo rōna re lumelisanang ka eona, ea ho ōma ka hlooho, kapa ho tšoarana ka matsoho, empa bona [ba ne] ba hakana ka makhetlo, ba ōma ka hlooho, ba bile ba itihela fatše. Sena sohle se ne se nka nako.” Ha Jesu a ne a re barutuoa ba hae ba se ke ba lumelisa ka tsela ea moetlo, ha e le hantle o ne a re: “Le baballe nako, hobane molaetsa oo le o jereng o potlakile.”b
13. Re ka bontša ka litsela life hore re nka litaelo tseo Jesu a li fileng barutuoa ba hae ba lekholong la pele la lilemo ka ho teba?
13 Re nka litaelo tseo Jesu a li fileng barutuoa ba hae ba lekholong la pele la lilemo ka ho teba. Ha re le tšebeletsong, re beha tšepo ea rōna ho Jehova ka ho feletseng. (Liproverbia 3:5, 6) Rea tseba hore re ke ke ra hloka lintho tse hlokahalang bophelong haeba re ‘batla ’muso pele.’ (Matheu 6:33) Baboleli ba ’Muso ba nako e tletseng lefatšeng ka bophara ba ka paka hore esita le ha ho le thata, ha ho mohla letsoho la Jehova le haelloang ke letho. (Pesaleme ea 37:25) Re boetse rea hlokomela hore re lokela ho qoba lintho tse ka re sitisang. Haeba re se hlokolosi, tsamaiso ena ea lintho e ka re faposa tseleng habonolo. (Luka 21:34-36) Empa ena hase nako ea hore re faposoe. Kaha bophelo bo kotsing, re jere molaetsa o potlakileng. (Baroma 10:13-15) Ho lula re hopola hore molaetsa oo re o hasang o potlakile ho tla etsa hore re se ke ra lumella litšitiso tsa lefatše lena ho re jella nako le ho re qeta matla ao re ka a sebelisang hamolemo tšebeletsong. Hopola hore nako e setseng e lekane motinyane ’me kotulo e khōlō.—Matheu 9:37, 38.
Taelo e re Amang
14. Ke’ng e bontšang hore taelo e tlalehiloeng ho Matheu 28:18-20 e fuoe balateli bohle ba Kreste? (Bona le mongolo o botlaaseng ba leqephe.)
14 Ha Jesu ea tsositsoeng bafung a ne a re “e-eang ’me le etse . . . barutuoa,” o ne a beha boikarabelo bo boima mahetleng a balateli ba hae. O ne a sa bue feela le barutuoa ba neng ba le teng moo thabeng ea Galilea letsatsing leo.c Mosebetsi oo a neng a re o etsoe o akarelletsa ho pakela “batho ba lichaba tsohle” ’me o tsoela pele “ho fihlela qetellong ea tsamaiso ea lintho.” Ho hlakile hore taelo ena e fuoe balateli bohle ba Kreste, ho akarelletsa le rōna kajeno. A re hlahlobisiseng mantsoe a Jesu a tlalehiloeng ho Matheu 28:18-20.
15. Ke hobane’ng ha re lokela ho mamela taelo ea Jesu ea ho etsa barutuoa?
15 Pele Jesu a fana ka taelo eo, o re: “Ke filoe matla ’ohle leholimong le lefatšeng.” (Temaneng ea 18) Na Jesu o hlile o na le matla a maholo hakaalo? E, o na le ’ona! Ke eena lengeloi le ka sehloohong, o laola mangeloi a limiriade tsa limiriade. (1 Bathesalonika 4:16; Tšenolo 12:7) Kaha ke “hlooho ea phutheho,” o na le matla a ho laela balateli ba hae ba lefatšeng. (Baefese 5:23) Ho tloha ka 1914, o ’nile a busa e le Morena oa Bomesia leholimong. (Tšenolo 11:15) O na le matla a ho tsosa esita le bafu. (Johanne 5:26-28) Ka ho qala ka ho bolela hore o na le matla a maholo, Jesu o bontša hore mantsoe a latelang hase tlhahiso empa ke taelo. Re lokela ho mo mamela, kaha hase eena ea iphileng matla ao empa o a filoe ke Molimo.—1 Bakorinthe 15:27.
16. Ha Jesu a re “e-eang” o re bolella hore re etse’ng, hona re phethahatsa taelo ee joang?
16 Joale Jesu o fana ka taelo, e qalang ka lentsoe le le leng feela: “E-eang.” (Temaneng ea 19) O re laela hore e be rōna ba eang ho batho ka molaetsa oa ’Muso. Ho na le litsela tse ngata tseo re ka li sebelisang ho phethahatsa taelo ena. Ho paka ka ntlo le ntlo ke tsela e atlehang ka ho fetisisa ea ho buisana le batho re shebane mahlong. (Liketso 20:20) Re boetse re batla menyetla ea ho paka ka tsela e sa reroang; re labalabela ho qalisa moqoqo ka litaba tse molemo bophelong ba rōna ba letsatsi le letsatsi ha ho loketse. Litsela tseo re bolelang ka tsona li ka ’na tsa fapana, ho itšetlehile ka se hlokahalang le ka maemo a libaka. Empa ’nete e salang ke hore: Re ‘ea’ ho batho ho ea batla ba tšoanelehang.—Matheu 10:11.
17. Re ‘etsa barutuoa’ joang?
17 Jesu o tsoela pele ho hlalosa morero oa taelo eo a fanang ka eona, o re “le etse batho ba lichaba tsohle barutuoa.” (Temaneng ea 19) Re ‘etsa barutuoa’ joang? Ha e le hantle, morutuoa ke moithuti, ea rutoang. Empa ho etsa barutuoa hase feela taba ea ho fetisetsa tsebo ho ba bang. Ha re ithuta Bibele le batho ba thabelang, sepheo sa rōna ke ho ba thusa hore e be balateli ba Kreste. Nako le nako ha ho khoneha, re totobatsa mohlala oa Jesu e le hore liithuti tsa rōna li ithute ho mo nka e le Mosuoe le Mohlala oa tsona, li phele ka tsela eo a neng a phela ka eona le hore li etse mosebetsi oo a neng a o etsa.—Johanne 13:15.
18. Ke hobane’ng ha kolobetso e le khato ea bohlokoa ka ho fetisisa bophelong ba morutuoa?
18 Ntlha ea bohlokoa taelong eo e hlalositsoe ka mantsoe a reng: “Le ba kolobetse ka lebitso la Ntate le la Mora le la moea o halalelang.” (Temaneng ea 19) Kolobetso ke khato ea bohlokoa ka ho fetisisa bophelong ba morutuoa, kaha ke letšoao le loketseng le bontšang hore o inehetse ka pelo eohle ho Molimo. Kahoo ea hlokahala e le hore motho a bolokehe. (1 Petrose 3:21) Ha e le hantle, haeba morutuoa ea kolobelitsoeng a tsoela pele ho etsa sohle se matleng a hae ho sebeletsa Jehova, a ka tšepa hore o tla fumana litlhohonolofatso tse sa feleng lefatšeng le lecha le tlang. Na u se u thusitse motho e mong ho ba morutuoa oa Kreste ea kolobelitsoeng? Ha ho letho le thabisang ho feta seo tšebeletsong ea Bokreste.—3 Johanne 4.
19. Re ruta ba bacha eng, hona ke hobane’ng ha ba ka ’na ba rutoa le ha ba se ba kolobelitsoe?
19 Jesu o hlalosa ntlha e latelang taelong eo, o re: “Le ba rute ho boloka lintho tsohle tseo ke le laetseng tsona.” (Temaneng ea 20) Re ruta ba bacha hore ba etse seo Jesu a se laetseng, ho akarelletsa taelo ea ho rata Molimo, ho rata moahelani le ho etsa barutuoa. (Matheu 22:37-39) Re ba ruta hanyane ka hanyane ho hlalosa linnete tsa Bibele le ho sireletsa tumelo ea bona e ntseng e hōla. Ha ba se ba tšoanelehela ho kopanela boboleling ba phatlalatsa, re sebetsa le bona, re ba ruta kamoo ba ka atlehang kateng mosebetsing ona ka seo re se buang le ka ho ba behela mohlala. Ho ruta barutuoa ba bacha ha ho khaotse ha ba kolobetsoa. Batho ba sa tsoa kolobetsoa ba ka ’na ba hloka thupelo e eketsehileng ho ba thusa ho tobana le maemo a phephetsang a tsamaisanang le ho ba molateli oa Kreste.—Luka 9:23, 24.
“Ke na le Lōna ka Matsatsi ’Ohle”
20, 21. (a) Ke hobane’ng ha ho sa hlokahale hore re tšohe ha re phetha taelo eo Jesu a faneng ka eona? (b) Ke hobane’ng ha ee e se nako ea ho khoehlisa, hona re lokela ho ikemisetsa ho etsa’ng?
20 Mantsoe a phethelang a taelo ea Jesu ke a khothatsang haholo: “Bonang! ke na le lōna ka matsatsi ’ohle ho fihlela qetellong ea tsamaiso ea lintho.” (Matheu 28:20) Jesu oa tseba hore kabelo ena e tebile. O boetse oa tseba hore ka linako tse ling ho phethahatsa taelo eo ho tla halefisa bahanyetsi. (Luka 21:12) Empa ha ho hlokahale hore re tšohe. Moeta-pele oa rōna ha aa lebella hore re phethe kabelo ena ka borōna ho se ea re thusang. Na hase ho tšelisang ho tseba hore Ea nang le “matla ’ohle leholimong le lefatšeng” o na le rōna ho re thusa ho phethahatsa taelo ee?
21 Jesu o ile a tiisetsa barutuoa ba hae hore o tla ba le bona tšebeletsong ho theosa le lilemo tse makholo ho isa “qetellong ea tsamaiso ea lintho.” Re lokela ho phetha taelo ena ea Jesu ho fihlela bofelo bo fihla. Ena hase nako ea ho khoehlisa. Kotulo ea chai ea moea e tsoela pele! Ba amohelang molaetsa ba ntse ba bokelloa ka bongata. Re le balateli ba Kreste, a re ikemisetseng ho phethahatsa taelo ena ea bohlokoa eo re e filoeng. A re ikemisetseng ho sebelisa nako ea rōna, matla a rōna le matlotlo a rōna ho phethahatsa seo Kreste a se laetseng, ha a ne a re: “E-eang ’me le etse . . . barutuoa.”
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Mohlomong sepache sa senyepa e ne e le sepache se lebanteng se sebelisetsoang ho tšela chelete ea tšepe. Mokotla oa lijo e ne e le khetsi, hangata ea letlalo, ’me e ne e jaroa mahetleng, e tšela lijo kapa lintho tse ling tse hlokahalang.
b Moprofeta Elisha o kile a fana ka litaelo tse tšoanang. Ha a roma mohlanka oa hae, Gehazi, lapeng la mosali e mong ea neng a shoetsoe ke mora, Elisha o ile a re: “Haeba u teana le mang kapa mang, u se ke ua mo lumelisa.” (2 Marena 4:29) O ne a lokela ho phetha thōmo ea hae ka potlako, kahoo o ne a sa lokela ho senya nako ho sa hlokahale.
c Kaha balateli ba hae ba bangata ba ne ba le Galilea, e ka ’na eaba Jesu ea tsositsoeng bafung o ile a itlhahisa ho batho “ba ka holimo ho makholo a mahlano” ketsahalong e tlalehiloeng ho Matheu 28:16-20. (1 Bakorinthe 15:6) Kahoo e ka ’na eaba batho ba makholo ba ne ba le teng ha Jesu a ne a fana ka taelo eo ea hore ho etsoe barutuoa.
U ka Latela Jesu Joang?
● Re lokela ho etsa’ng ha re isetsa batho molaetsa oa ’Muso?—Matheu 10:11-13; Luka 10:5.
● Mantsoe a Jesu a ka re thusa joang ho mamella ha mosebetsi oa rōna oa boboleli o hanyetsoa?—Mareka 13:9-13.
● Re lokela ho sebetsana joang le batho ba sa amoheleng molaetsa oa rōna?—Luka 10:10, 11.
● Re ka kholiseha ka eng ha re etelletsa pele mosebetsi oa boboleli?—Luka 12:22-31.
[Setšoantšo se leqepheng la 87]
Sehoai se ka etsa’ng haeba se fumane chai e ngata hoo se sitoang ho kotula se le seng?
[Setšoantšo se leqepheng la 91]
Lerato le re susumelletsa ho pakela batho hohle moo ba fumanehang teng
[Setšoantšo se leqepheng la 92]
“Ba mashome a supileng ba khutla ka thabo”