Bontša Thahasello ea Botho ho ba Bang
“Le ntse le behile leihlo, eseng thahasellong ea botho holim’a litaba tsa lōna feela, empa hape thahasellong ea botho holim’a tsa ba bang.”—BA-FILIPPI 2:4, “NW.”
1, 2. Mabaka a mang a ho bontša thahasello ea botho ho ba bang ke afe?
RE NA le mabaka a matle a ho bontša thahasello ea botho ho ba bang. Ka mohlala, re lokela ho thahasella batho ba bang ka baka la hore re fapane e mong ho e mong. Motsoako oa tlhaho oa lisele tsa ’mele ea rōna o na le moralo oa lintho tseo re li futsitseng. Moralo oo ke o khethollehileng hoo mafapha a fokisang tlōlo ea molao a ekellelitseng ‘tlhahlobo’ ea metsoako ea tlhaho letotong la ’ona la mekhoa ea ho khetholla batho.
2 Ho na le mabaka a mang ao ka ’ona re fapaneng le ao ka ’ona re le batho ka bomong re thahasellisang. Ho tloha kemolong, re susumetsoa ke tikoloho ea rōna. Ho na le bopaki bo bongata ba hore bana ba e-s’o tsoaloe ba arabela ho se etsahalang ka ntle ho popelo. Ka hona, ka mor’a hore re fihle lefatšeng re le batho ba sa itšetlehang ka ba bang bakeng sa ho phefumoloha, kapa re le meea, maikutlo le litsela tsa batsoali ba rōna lia re ama. Ha re ntse re hōla, e ka ’na eaba motho ke ngoana a le mong kapa o na le baena le bo-khaitseli ’me o na le karolo e itseng tlhokomelong ea bona. Ho ba teng ha kamano e joalo kapa ho ba sieo ha eona ho ama tsela eo re hōlang ka eona. Seo re se balang, seo re se rutoang sekolong, le seo re se shebellang thelevisheneng le sona se ama monahano le liketso tsa rōna.
3. Tumellanong le Ba-Filippi 2:4 (NW), ke thahasello efe eo re lokelang ho ba le eona haholo-holo ho ba bang?
3 Kahoo, tsela eo re fapaneng ka eona e phahamisa thahasello e itseng e mong ho e mong. Empa moapostola Pauluse o ne a hopotse lebaka le leholoanyane la ho thahasella ba bang. Ka hona, o ile a phehella Bakreste ’moho hore ba ‘behe leihlo, eseng thahasellong ea botho holim’a litaba tsa bona feela, empa hape thahasellong ea botho holim’a tsa ba bang.’ (Ba-Filippi 2:4, NW) Ho e-na le ho batla molemo oa rōna feela, re lokela ho thahasella ba bang haholo-holo moeeng. Joale, litsela tse ling tseo ka tsona re bontšang thahasello ea botho e joalo ho ba bang ke life?
Thahasello ea Moea le Botho bo Fapaneng
4. Ho latela Ba-Efese 4:22-24 (TLP), ke liphetoho life tse hōlisang thahasello ea rōna ea moea ho ba bang?
4 Thahasello ea rōna ea moea ho ba bang e hōlisoa ke ha rōna ka borōna re sebelisa tsebo ea ’nete ea Mangolo ’me re ithuta ho ipapisa le mohlala oa Jesu Kreste. (1 Petrose 2:21) Joaloka Bakreste ba ’nete, re ‘tlohela metsamao ea rōna ea pele, botho ba rōna ba khale’ ’me re sebeletsa ho nkela botho bona sebaka ka “botho bo bocha, bo bōpiloeng ka ho tšoana le Molimo ka ho loka le ka khalalelo ea ’nete.” (Ba-Efese 4:22-24, TLP) Ka hona, butle-butle maikutlo a boithati a nkeloa sebaka ke kameho e mosa, e nahanelang ba bang.—Esaia 65:25.
5. Ke hobane’ng ha ho e-na le botho bo fapaneng ka phuthehong ea Bokreste, ’me hoo ho tlisa potso efe?
5 Le hoja liphetoho tsa botho e bile tse tsotehang har’a batho ba Jehova, litšekamelo tsa boetsalibe li sa ntsane li le teng. Esita le Pauluse o ile a lumela: “Ha ke rata ho etsa tse ntle, ke etsa tse mpe.” (Ba-Roma 7:21, TLP) Ho totobetse hore ho na le litšobotsi tse ling tseo re li futsitseng kapa tseo re iqapetseng tsona, ’me litšobotsi tsena lia re khetholla. Ba bang ba khona ho etsa lintho habobebe ka tlhaho, ba bang ba lokela ho ithuta tsona ka thata. Ha ba bang e le ba thōtseng le ba sa hlahiseng maikutlo a bona, ba bang ke ba phutholohang le ba nang le botsoalle. Ka hona, ke joang ho ka bolokoang bonngoe ba phutheho ea Bokreste har’a botho bo fapaneng joalo?
6. Re lokela ho talima botho bo fapaneng joang, ’me u ka etsa mohlala oa see joang?
6 Hore re tle re bontše thahasello ea moea ho ba bang ’me re boloke bonngoe ba Bokreste, re tlameha ho talima litaba ka tsela ea sebele le ho ba ba utloisisang. Kaha Molimo ha o hloke phetheho ho rōna, ha rea lokela ho e batla ho metsoalle ea rōna ea Bakreste. Ho feta moo, Jehova ha aa lebella hore bahlanka bohle ba hae e be ba tšoanang hantle. Kaofela ha rōna re na le sebaka ka phuthehong ea Bokreste ’me re ka sebelisa lineo tsa rōna tseo re li futsitseng, tseo re li fuoeng ke Molimo ho ntšetsa pele mosebetsi oa oona. (1 Ba-Korinthe 12:12-26) Haeba re ipoloka re tšoarehile ka ho sebetsa ka thata tlas’a tsamaiso ea Hlooho ea phutheho, Jesu Kreste, re ke ke ra ba le nako ea ho talimana ka tsela e nyatsa-nyatsang. (1 Ba-Korinthe 4:1-4) Joalokaha setsebi sa mesebetsi ea matsoho se tseba, kofuto ka ’ngoe e etselitsoe ho etsa mosebetsi o itseng. Na hamore e ka etsa lesoba le letle leo boro e le etsang? Na plane e sebelisoang ho betla lepolanka hantle e ka kenya sepekere se sothelloang ho lona? Che, hobane kofuto ka ’ngoe e na le mosebetsi oa eona o loketseng.
7. Ha re kopanela hammoho tšebeletsong ea ’Muso, ntho e khōlō eo re lokelang ho e hopola ke efe?
7 Mantsoe a pina ea ’Muso ea “Tšebeletso e Thabisang” ke ’nete hakaakang! Ea phehella: “Ka thabo re sebeletseng Jehova, ka limpho le litalenta tsa rōna.” Ke ’nete hore e ka ’na eaba ha re na neo e khethehileng. Empa, ntho e khōlō eo re lulang re e hopotse ke mosebetsi oo re o abetsoeng re le Lipaki tsa Jehova ’me re inehela ho oona ka pelo eohle. Joalokaha pina eo e phaella: “Leha re etsa tšebetso e nyane, seo se bontša boineelo ka hohle.”—Binelang Jehova Lithoriso, pina 130.
Talima ba Bang ba u Fetisa
8. Ho sebelisa seo Pauluse a se buileng ho Ba-Filippi 2:1-3 ho phahamisa bonngoe joang?
8 Bonngoe bo boetse bo phahamisoa ke ha motho a talima ba bang ba mo fetisa. Pauluse o ngotse: “Ka baka leo, ekare ha tšeliso e le teng ho Kreste, ha ho le khothatso ea lerato, ha ho le kopano ea Moea, ha ho le lereko le mehauhelo, le ke le phethise thabo ea ka, ka ho ba le khopolo e le ’ngoe, le lerato le le leng, le moea o le mong, le ho ikutloa ho le hong feela.” Hlokomela hore moapostola oa phaella: “Le se ke la etsa letho ka khang, leha e le ka boithoriso ba lefeela, empa e mong le e mong, ka boikokobetso, a lekanye hobane ba bang ba mo fetisa.”—Ba-Filippi 2:1-3.
9. Ho ba leqhoko le ho ithorisa ho bolela eng, ’me re ka qoba litšobotsi tsee joang?
9 Kaha ha a talime ba bang ba mo fetisa, motho ea leqhoko o bonahatsa “tšekamelo eo hangata e leng mpe le e tenang ea likhang le litseko.” (Webster’s New Collegiate Dictionary) Tšobotsi ena e ka ’na ea iponahatsa ka “ho ngangisana ka mantsoe.” (1 Timothea 6:4, TLP) Ka sebele re lokela ho ameha ka ho fetisisa ka moea o susumetsang mantsoe le mehopolo eo a e senolang. Kahoo qoba ho ba ea manganga tabeng ea lipolelo tse itseng tse sebelisoang puong kapa boitsebisong bo ngotsoeng. Empa ho thoe’ng haeba ho buuoa le uena ka pono e fapaneng mabapi le tumelo e itseng? Ka botšepehi khomarela boitsebiso ba Mangolo bo fanoeng ke Molimo ka “mohlanka ea khabane, ea bohlale.” (Mattheu 24:45-47) Ha e le hantle, eo ke eona tsela eo re ithutileng ’nete ka eona ho tloha qalong. Ho hlokomela sena ho re thusa ho qoba ho ithorisa, ke hore, ho ba le boikutlo bo fetelletseng ba ho ba ba bohlokoa haholo.
Hlaolela Thahasello ea Botho ho ba Bang
10. Ba-Filippi 2:4 (NW) e lokela ho sebelisoa joang ka phuthehong?
10 Hopola hore Pauluse o ile a re phehella hore ‘re behe leihlo, eseng thahasellong ea botho holim’a litaba tsa rōna feela, empa hape le thahasellong ea botho holim’a tsa ba bang.’ (Ba-Filippi 2:4, NW) See se bolela eng? Feela joalokaha ho ela hloko lintho tse re pota-potileng ho ka ’na ha re thusa tšebeletsong ea tšimo, kahoo ho bontša thahasello boiketlong ba ba bang ka phuthehong ho tla re fa menyetla ea ho tiisa tlamahano ea lerato e re kopanyang. Baholo ka ho khethehileng ba na le boikarabelo ba ho bontša kameho bakeng sa balumeli ’moho, hobane maele a re: “U lokela ho tseba hantle ponahalo ea mohlape oa hao.” (Liproverbia 27:23, NW) Ho totobetse hore kaofela ha rōna re ka hlokomela litlhoko tsa balumeli ’moho le rōna e bile re lokela ho li hlokomela.—1 Petrose 2:17.
11. Ke hobane’ng ha ho hlokahala hore re be seli ha re buisana le baena le bo-khaitseli ba rōna ba moea?
11 Tsela e ’ngoe ea ho phahamisa bonngoe le ho hlaolela thahasello ho ba bang ke ho ipha nako ea ho buisana hantle le baena le bo-khaitseli ba hao ba moea. Fumana hore na ba nahana eng. Sena se ka etsoa ha u ba etetse malapeng a bona, pele ho liboka Holong ea ’Muso le ka mor’a tsona, le pakeng tsa mananeo a likopano tsa rōna. Hape, mamela ka hloko ha ba bua. Sena se ka ’na sa bolela hore re tla utloa mathata ao ba talimaneng le ’ona, empa joale re ka ’na ra khona ho ba thusa ho jara meroalo ea bona ’me ka ho etsa joalo ra phetha molao oa Kreste. (Ba-Galata 6:2) Empa ho na le ho hong ho fetang ho buisana le baena ba rōna ho tla lebela bonngoe ba phutheho. Hoo ke eng?
Bontša Kutloelo-bohloko
12. Ke hobane’ng ha re lokela ho bontša kutloelo-bohloko?
12 Kutloelo-bohloko le eona e phahamisa bonngoe ba Bokreste. Ha likhatello tsa bophelo li ntse li eketseha, kaofela ha rōna re hloka ho bontša tšoaneleho ena. E se eka le ka mohla re ke ke ra qophella ho etsa seo re se hopotseng hoo re ka hlōlehang ho nahanela maikutlo a ba bang. Ka mohlala: Ha sebui se seng se neng se e-na le kabelo lenaneong se fihla bakeng sa Seboka sa Tšebeletso, ka potlako moholo e mong o ile a bua le sona ka taba e neng e lokela ho tsebisoa. Ho ileng ha makatsa moholo ha ba ha mo hlabisa lihlong, ke ha sebui seo se mo talima, se bososela, ’me se re: “Pele, Moena, lumela!” Taba e neng e lokela ho tsebisoa e ile ea tšohloa ka mor’a hore ba lumelisane ka botsoalle ’me moena o ile a phutholoha. Moholo eo o ile a ithuta thuto ea bohlokoa hakaakang! U se ke ua potlaka haholo, eaba u hlokomoloha mekhoa e metle e etsang hore kamano ea hao le ba bang e be e thabisang.
13. Kutloelo-bohloko e susumelletsa baholo ho etsa joang ha ba sebelisana le metsoalle ea bona ea Bakreste?
13 Kutloelo-bohloko e susumelletsa baholo ho bontša qenehelo le litšobotsi tse ling tse ntle. Ka linako tse ling, banna bana ba tlameha ho ba bonolo, “joale ka moanyesi ha a hlokomela bana ba hae ka lerato.” (1 Ba-Thessalonika 2:7) Ho thusa batho ba bang ho hloka mamello e khōlō le tšehetso e lerato. Ba ‘lahlileng lerato la bona la pele’ ba ka ’na ba hloka ho susumelletsoa mosebetsing o moholoanyane ’me ba ka ’na ba hloka ho thusoa ho ananela ho potlaka ha mehla ea rōna. (Tšenolo 2:4; 2 Timothea 4:2; Ba-Heberu 6:11, 12) Joaloka Pauluse, baholo ba na le ‘lerato le mosa’ bakeng sa metsoalle ea Bakreste, ba e khothatsa le ho e tšelisa ‘ka sepheo sa hore e tsoele pele ho tsamaea ka mokhoa o tšoanelang Molimo.’—1 Ba-Thessalonika 2:8, 11, 12, NW.
14. Pauluse o ile a fana ka bopaki bofe ba hore o ne a e-na le kutloelo-bohloko?
14 Pauluse o ile a siela baholo mohlala o motle oa kamoo ba ka bontšang kameho e lerato bakeng sa boiketlo ba baena le bo-khaitseli ba moea. O ngotse: “Ka thōko ho lintho tseo tse ka ntle, ho na le ho ntšoenyang letsatsi le letsatsi, kameho bakeng sa liphutheho tsohle.” Kaha Pauluse o ne a e-na le kameho e joalo, o ne a ka botsa: “Ke mang ea fokolang, ’me na ha ke fokole? Ke mang ea khopisitsoeng, ’me na ha ke khoboheloe?” Haeba u moholo, na u na le kutloelo-bohloko e joalo?—2 Ba-Korinthe 11:28, 29, NW.
Ho Rua Ngoan’eno
15. Ha ho hlaha mathata a tebileng pakeng tsa baena, ke keletso efe ea Jesu e ho Mattheu 18:15 (NW) e lokelang ho lateloa, ’me sepheo e lokela ho ba sefe?
15 Ho bontša kutloelo-bohloko ho phahamisa bonngoe har’a bahlanka ba Jehova. Leha ho le joalo, ka seoelo likhohlano tsa botho li ka ’na tsa hlaha. Ha ho ameha litaba tse tebileng, Bakreste ba lokela ho latela keletso ea Jesu e tlalehiloeng ho Mattheu 18:15-17. (NW) Hlokomela bohato ba pele. Ke ho buisana le ngoan’eno ka lekunutu e le hore u “totobatse phoso ea hae.” Sepheo sa hao e lokela ho ba sefe? ‘Ho rua ngoan’eno’! Jesu o itse: “Haeba a u mamela, u ruile ngoan’eno.” Ho thabisang, hangata ho buisana hammoho ka lekunutu ke sona sohle se hlokahalang ho khutlisa likamano tsa khotso pakeng tsa hao le ea rapelang Jehova hammoho le uena.
16. Ho lokela ho etsoe joang haeba u hlokomela hore ngoan’eno o u jere ka pelo?
16 Haeba u hlokomela hore ngoan’eno o u jere ka pelo, latela keletso ea Jesu ea ho “boelana le ngoan’eno.” (Mattheu 5:24) Buisanang ka bothata boo ka mokhoa o iketlileng, o mosa, le leke hore e mong a utloisise kamoo e mong a bonang litaba kateng. Ka tsela ena, hangata taba e ka rarolloa ’me khotso ea phutheho e ka bolokoa.
Ho Rua ba sa Lumelang
17, 18. Ke keletso efe eo Petrose a ileng a e fa basali ba Bakreste ba phelang malapeng a arohaneng bolumeling?
17 Bo bong ba maemo ao ho ’ona ho leng thata ka ho fetisisa ho sebelisa melao-motheo ea Mangolo ke lelapeng le arohaneng bolumeling. Ka botšepehi Bakreste ba bangata ba sebetsa ka thata ha ba ntse ba sebetsana le lintho tse ferekanyang le mathata a tlisoang ke ho hloka bonngoe ba moea manyalong a bona. Ba ka thusoa joang?
18 Ka lebaka la ho bontša thahasello ea botho ho ba bang, ka thabo baholo ba fana ka thuso ea moea bakeng sa ba phelang malapeng a arohaneng bolumeling. Ka mohlala, ho ka ’na ha lebisoa tlhokomelo keletsong ea Petrose ka boitšoaro ba basali ba Bakreste boemong bona. O ba bolella hore ba ikokobeletse banna ba bona, esita le haeba banna bana e le ba sa lumelang ’me “ba sa utloe lentsoe.” Ke hobane’ng ha ba lokela ho ikokobetsa? “E le hore . . . ba ka haptjoa [kapa ba ruuoa] ka ntle ho lentsoe ka boitšoaro ba basali ba bona.” (1 Petrose 3:1; Kingdom Interlinear) Empa ho sebelisa keletso ee ho atleha hakae?
19. Fana ka mohlala ho bontša molemo oa ho sebelisa 1 Petrose 3:1.
19 Mosali ea bitsoang Vera o bolela hore ha a qala ho fetoha Mokreste, ka mehla o ne a bua le monna oa hae ka ’nete ea Bibele, ’me monna o ile a tenoa ke hoo. Oa phaella: “Ka ho latela keletso ea Mangolo eo ke ileng ka e fumana ho moholo e mong, ke ile ka etsa qeto ea hore ho molemo ho mo atamela ka mosa le ho emela menyetla e metle hore e itlhahise.” Ha e le hantle, Vera o ile a sebelisa 1 Petrose 3:1, le hoja a ile a nka bohato bo itseng ba ho susumelletsa monna oa hae, Barry, ho bua ka melao-motheo ea Bibele. Hamorao monna o ile a hlalosa: “Ho theosa le lilemo, ke ile ka hlokomela hore Tsoha! [koranta e tsamaeang le Molula-Qhooa] e ne e hlaha libakeng tse sa tloaelehang ka har’a ntlo. E ne e e-na le lintlha tse sebetsang le tseo ka linako tse ling li neng li hlaha pele ho litaba.” Ka baka leo, ka mor’a lilemo tse 20 tsa ho hloka bonngoe, Barry le Vera ba thabetse ho ba ’moho tšebeletsong ea Jehova.
20. Ke thuso efe eo baholo ba ka e fang banna ba Bakreste ba malapeng a arohaneng bolumeling?
20 Monna ea lumetseng o talimane le mathata a maholo haeba mosali oa hae a hanyetsa Bokreste ba ’nete ’me a susumelletsa bana ba bona hore ba be khahlanong le monna. Ka ho bontša thahasello ea botho ho monna ea joalo, baholo ba ka mo hlokomelisa melao-motheo ea Bibele e thusang. Ka mohlala, ho ka bontšoa hore ho sa tsotellehe khanyetso ea mosali oa hae, ke eena hlooho ea lelapa ’me o lokela ho fa bana ba hae thupelo ea Mangolo. (Ba-Efese 6:4) A ka phehelloa hore a lule le mosali oa hae “ho latela tsebo,” a bontše thahasello ho seo mosali a se etsang ’me a mo thuse ka mesebetsi ea lelapa le ho hlokomela bana. (1 Petrose 3:7, NW) Ka holim’a tsohle, monna le ntate ea lumetseng o lokela ho khothalletsoa ho boloka mecha ea puisano e bulehile e le hore a ithute se ka pelong ea setho ka seng sa lelapa la hae. Baholo ba ka ’na ba boela ba mo khothalletsa hore a tsoele pele ho leka ho thusa mosali oa hae ka mantsoe a “nokiloeng ka letsoai,” ka mosa a hlahise ’nete ea Mangolo ho eena ka linako tse loketseng.—Ba-Kolosse 4:6.
21. Mosali ea sa lumelang a ka ’na a thusoa joang hore a thahaselle ’nete?
21 Ho bontša thahasello ho beng ka Bakreste ba malapeng a arohaneng bolumeling ka linako tse ling ho tlisa karabelo e ntle molaetseng oa ’Muso. Ho etsa mohlala: Monna e mong oa Mokreste o ne a nyahame ka lebaka la hore mosali oa hae o ne a ile a mo hanyetsa hampe ka lilemo tse ngata. Moholo e mong o ile a ithaopela ho ba etela le ho ba thusa ka puisano ea Bibele. Ha a fihla lapeng leo, moholo eo o ile a lumelisa mosali ka thabo ’me a botsa: “Na u ka thabela ho lula le rōna?” Memo eo e tletseng botsoalle e ile ea khahla mosali eo hoo ka thabo a ileng a kenella puisanong. Ka potlako o ile a amohela ’nete ’me a qala ho bolella ba bang.
22. Ke hobane’ng ha re lokela ho bontša thahasello ea botho e mong ho e mong?
22 Ka hona, re le Lipaki tsa Jehova, a re ‘etseng lintho tsohle ka lebaka la litaba tse molemo.’ (1 Ba-Korinthe 9:23, NW) Ka sebele, “ha re sa na le sebaka, a re etseng bohle hantle, empa haholo ba ntlo ea tumelo.” (Ba-Galata 6:10) E se eka re ka bontša thahasello ea botho e mong ho e mong e le hore lerato le tle le hōle mokhatlong oa rōna oa baena lefatšeng ka bophara.
U ne u Tla Arabela Joang?
◻ Ke hobane’ng ha re lokela ho thaha-sella ba bang ka mokhoa o khethehileng?
◻ Re ka hlaolela thahasello ea botho ho balumeli ’moho joang?
◻ Baholo ba ka ’na ba bontša kutloelo-bohloko joang?
◻ Phello e ka ’na ea e-ba efe haeba re bontša thahasello ea botho ho ba sa lumelang?
[Setšoantšo se leqepheng la 16, 17]
Joalokaha kofuto ka ’ngoe e etselitsoe ho etsa mosebetsi o itseng, bohle ba ka phuthehong ea Bokreste ba ka sebelisa lineo tseo ba li fuoeng ke Molimo ho ntšetsa pele mosebetsi oa oona
Ho phahamisa bonngoe ba Bokreste, bontša thahasello ea botho ho ba bang
[Setšoantšo se leqepheng la 18]
Pauluse o behetse baholo mohlala o motle oa kamoo ba ka bontšang kameho e lerato ho balumeli ’moho