Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • Seo U Lokelang ho se Etsa ha U Khopisa ba Bang
    Tsoha!—1996 | February 8
    • Thutong ea hae ea Thabeng, Jesu o ile a re: “Ka baka leo, ha u hlahisa kabelo ea hao aletareng, ’me teng u hopola hobane ngoan’eno o na le taba le uena, siea kabelo ea hao moo, pel’a aletare, u ee ho boelana le ngoan’eno pele, u ntano tla hlahisa kabelo ea hao.” (Mattheu 5:23, 24) Hlokomela hore mantsoe a Jesu mona a lebisitsoe ho mokhopisi. O na le boikarabelo bofe ho rarolleng bothata? Ho araba sena, a re ke re hlahlobisiseng seo mantsoe a Jesu a neng a se bolela ho bamameli ba hae ba Bajode ba lekholong la pele la lilemo.

  • Seo U Lokelang ho se Etsa ha U Khopisa ba Bang
    Tsoha!—1996 | February 8
    • “Siea Kabelo ea Hao . . . , U ee”

      Jesu oa hlalosa: “Siea kabelo ea hao moo, pel’a aletare, u ee.” Hobane’ng? Ke eng e ka bang bohlokoa ho feta ho chesetsa Jehova sehlabelo motsotsong oo? Jesu o tsoela pele ho hlalosa: “Boelana le ngoan’eno pele, u ntano tla hlahisa kabelo ea hao.” Kahoo morapeli o siea kabelo ea hae moo aletareng ea licheso e ntse e phela ’me oa tsamaea o il’o batla ngoan’abo ea khopisitsoeng.

      Kaha ke mokete, ngoan’abo ea khopisitsoeng o tšoanela hore a be a le teng har’a baeti ba bangata ba tlileng Jerusalema. Ka literata tse patisaneng le ka matlo a teteaneng hammoho, Jerusalema e na le palo e khōlo ea baahi. Empa kaha ke mokete, motse o tletse le ho feta ke baeti.b

      Esita le haeba batho ba tsoang motseng o le mong ba ne ba tsamaea ’moho ’me ba lula liahelong li le ling, ho fohla motse o teteaneng e le hore a fumane motho e mong ho ne ho hloka boiteko bo itseng. Ka mohlala, nakong ea Mokete oa Metlotloane, baeti ba ne ba hloma metlotloane ea bona kae le kae motseng le litseleng le lirapeng tse pota-potileng Jerusalema. (Levitike 23:34, 42, 43) Leha ho le joalo, morapeli oa Mojode o ne a lokela ho batla ngoan’abo ea khopisitsoeng ho fihlela a mo fumane. Joale ebe?

      Jesu o re: “Boelana le ngoan’eno.” Lentsoe la Segerike le fetoletsoeng e le “boelana” le tsoa ho leetsi (di·al·lasʹso) le bolelang “‘ho etsa phetoho, ho fapanyetsana,’ ’me kahoo ‘ho boelanya.’” Hoba a etse boiteko bo boholo ba ho fumana ngoan’abo ea khopisitsoeng, morapeli oa Mojode o leka ho bōpa khotso le eena. Joale, Jesu o re, a ka khutlela tempeleng ’me a nyehela kabelo ea hae, hobane joale Molimo a ka e amohela.

      Kahoo mantsoe a Jesu ho Mattheu 5:23, 24 a ruta thuto ea bohlokoa ka ho fetisisa: Poelano, kapa khotso, e tla pele ho sehlabelo. Tsela eo re tšoarang barapeli-’moho le rōna ka eona e ama ka ho toba kamano ea rōna le Molimo.—1 Johanne 4:20.

      Seo U Lokelang ho se Etsa ha U Khopisa ba Bang

      Ho thoe’ng, joale, haeba u iphumana u le boemong bo hlalositsoeng qalong ea sehlooho see—u hlokomela hore u khopisitse morapeli-’moho le uena? U lokela ho etsa joang?

      Sebelisa keletso ea Jesu, nka khato pele ho atamela ngoan’eno. Ka sepheo sefe? Ho mo kholisa hore ha a na lebaka la ho khopeha? Ka sebele e seng joalo! Mohlomong bothata hase ho se utloisisane ho fokolang feela. Jesu o itse: “Boelana le ngoan’eno.” Haeba ho khoneha, tlosa lehloeo pelong ea hae. (Ba-Roma 14:19) Ho finyella seo, ho ka ’na ha hlokahala hore u amohele maikutlo a hae a utloileng bohloko, e seng hore u a latole. Mohlomong ho ka ’na ha hlokahala hore u botse, ‘Nka etsa eng ho lokisa boemo?’ Hangata, sohle se hlokahalang ke ho kōpa tšoarelo e se nang boikaketsi. Leha ho le joalo, maemong a mang, motho ea khopisitsoeng a ka ’na a hloka nako e itseng ho lokisa maikutlo a hae.

      Ho thoe’ng, haeba le ka mor’a ho etsa boiteko bo bongata ba ho bōpa poelano u ntse u hlōleha? Ba-Roma 12:18 e re: “Ha ho ka etsoa, ’me ha e le ka lōna, le lule ka khotso le batho bohle.” (Mongolo o tšekaletseng ke oa rōna.) Kahoo u ka kholiseha hore hang ha u sebelelitse ho bōpa khotso, Jehova o tla khahloa ho amohela borapeli ba hao.

Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela