Pono ea Bibele
Na Motho a ka Khona ho Rata Lira Tsa Hae?
Jesu Kreste o ile a re: “Ke re ho lōna: Tsoelang pele ho rata lira tsa lōna le ho rapella ba le hlorisang; e le hore le ka ba bara ba Ntat’a lōna ea leng maholimong, kaha o chabisetsa batho ba khopo le ba molemo letsatsi la hae ’me o nesetsa batho ba lokileng le ba sa lokang pula.”—Matheu 5:44, 45.
NA U nka hore bolumeli bo etsa hore batho ba be le lerato le khotso kapa bo etsa hore ba be le lehloeo ’me ba be mabifi? Kajeno batho ba bangata ba nka hore bolumeli bo khothalletsa lehloeo le mabifi, haholo-holo ha bo keneletse lipolotiking, litabeng tsa merabe le tsa bochaba. Empa joalokaha mantsoe a Jesu a bontša, bao e leng ‘bara ba Molimo’ kannete ba etsisa lerato la Molimo—esita le ho lira tsa bona.
Mohlanka e mong oa Molimo o ile a re: “Haeba sera sa hao se lapile, u se fepe; haeba se nyoriloe, u se fe se nooang . . . U se ke ua itlohela hore u hlōloe ke bobe, empa u ’ne u hlōle bobe ka botle.” (Baroma 12:20, 21) Empa na batho ba ka bontša lerato le joalo lefatšeng lee le arohaneng? Lipaki Tsa Jehova li arabela potso eo ka e, e hlakileng! Nahana ka mohlala oa Jesu le balateli ba hae ba pele.
Ba ne ba Rata Lira Tsa Bona
Jesu o ne a ruta ’nete ka Molimo ’me ba bangata ba ile ba thabela ho mo mamela. Empa ba bang ba ile ba mo hanyetsa ka lebaka la ho se tsebe. (Johanne 7:12, 13; Liketso 2:36-38; 3:15, 17) Leha ho le joalo, Jesu o ile a tsoela pele ho bolella bohle molaetsa o pholosang bophelo, esita le bahanyetsi ba hae. (Mareka 12:13-34) Hobane’ng? O ne a tseba hore ba bang ba ka ’na ba fetola litsela tsa bona, ba lemoha hore ke Mesia ’me ba phela ka tsela e lumellanang le linnete tsa moea tse ka Lentsoeng la Molimo.—Johanne 7:1, 37-46; 17:17.
Jesu o ile a bontša hore o rata lira tsa hae, esita le bosiung boo ka bona bahanyetsi ba hae ba hlometseng ba ileng ba mo isa litlamong ka lonya. Ha e le hantle, o ile a folisa e mong oa ba neng ba mo tšoere, eo moapostola Petrose a neng a mo hlathile ka sabole. Ketsahalong eo, Jesu o ile a bolela molao-motheo oa bohlokoa o ntseng o tataisa balateli ba hae ba ’nete le kajeno. O ile a re: “Bohle ba nkang sabole ba tla timela ka sabole.” (Matheu 26:48-52; Johanne 18:10, 11) Lilemong tse 30 hamorao, Petrose o ile a ngola a re: “Kreste o ile a utloa bohloko bakeng sa lōna, a le siela mohlala hore le latele mehato ea hae haufi-ufi. . . . Ha a ne a utloa bohloko, ha aa ka a qala ho soka, empa a tsoela pele ho ’na a ipeha ho [Molimo].” (1 Petrose 2:21, 23) Ho hlakile hore Petrose o ne a ithutile hore balateli ba ’nete ba Kreste ba lokela ho ba le lerato, ho e-na le ho iphetetsa.—Matheu 5:9.
Bohle ba ‘latelang mehato ea Jesu’ haufi-ufi, ba bonahatsa boikutlo ba hae bo lerato le bo mosa. Timothea oa Bobeli 2:24 e re: “Lekhoba la Morena ha ho hlokahale hore le loane, empa ho hlokahala hore le be bonolo ho bohle, . . . le lule le ithibile bobeng.” Litšobotsi tsena li tla bonahala tseleng eo Mokreste a phelang ka eona, e leng tsela ea khotso le poelano.
‘Manģosa a Kreste’ a Nang le Khotso
Moapostola Pauluse o ile a ngolla balumeli-’moho le eena a re: “Ka hona re manģosa a emeng bakeng sa Kreste . . . Re le baemeli ba Kreste rea kōpa: ‘Boelanang le Molimo.’” (2 Bakorinthe 5:20) Manģosa ha a itšunya-tšunye litabeng tsa lipolotiki le tsa sesole, linaheng tseo a sebeletsang ho tsona. Ha a nke lehlakore. Mosebetsi oa ’ona ke ho emela le ho buella ’muso oa habo ’ona.
Boemo boa tšoana le ka manģosa a Kreste le ka baemeli ba hae. A nka Jesu e le Morena ’me a buella ’Muso oa hae oa leholimo ka ho bolela litaba tse molemo ka khotso. (Matheu 24:14; Johanne 18:36) Kahoo, Pauluse o ile a ngolla Bakreste ba mehleng ea hae a re: “Ha re loane ntoa ho ea ka seo re leng sona nameng. Etsoe lihlomo tsa ntoa ea rōna hase tsa nama, empa li matla ka Molimo bakeng sa ho phethola . . . menahano le ntho e ’ngoe le e ’ngoe e phahameng e phahamisoang khahlanong le tsebo ea Molimo.”—2 Bakorinthe 10:3-5; Baefese 6:13-20.
Ha Pauluse a ne a ngola mantsoe ao, Bakreste ba ne ba hlorisoa linaheng tse ngata. Ho hlakile hore ba ne ba ka ’na ba iphetetsa. Empa ho e-na le hoo, ba ile ba tsoela pele ho rata lira tsa bona le ho bolela molaetsa oa poelano ho bohle ba neng ba tla ba mamela. Encyclopedia of Religion and War e re: “Balateli ba pele ba Jesu ba ne ba le khahlanong le ntoa le bosole,” ba nka hore ho kenella linthong tseo “ho hanana le molao oa Jesu oa lerato le taelo ea hore motho a rate lira tsa hae.”a
Lipaki Tsa Jehova le tsona joaloka Bakreste ba lekholong la pele la lilemo, li lumela hore Jesu ke Morena. Li boetse lia lumela hore ke Morena oa ’Muso oa Molimo—e leng puso ea leholimo eo haufinyane e tlang ho tlisa khotso le tšireletseho ka ho sa feleng lefatšeng. (Daniele 2:44; Matheu 6:9, 10) Kahoo, joaloka manģosa le baemeli, li phatlalatsa makhabane a ’Muso oo. Ka nako e tšoanang, li leka ka matla hore e be baahi ba molemo linaheng tseo li lulang ho tsona, ka hore li lefe lekhetho le ho hlompha molao, haeba o sa hanyetsane le molao oa Molimo.—Liketso 5:29; Baroma 13:1, 7.
Empa ka masoabi, ka linako tse ling Lipaki le tsona joaloka Bakreste ba lekholong la pele la lilemo ha li utloisisoe, li buuoa hampe ’me lia hlorisoa. Leha ho le joalo, ha li iphetetse. Ho e-na le hoo, li leka hore li “be le khotso le batho bohle,” li tšepile hore bahanyetsi ba bang ba ka ’na ba ‘boelana le Molimo’ ’me ba e-ba le tšepo ea bophelo bo sa feleng.b—Baroma 12:18; Johanne 17:3.
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Encyclopedia of Religion and War e re, “Bangoli ba Bakreste ba mehleng ea pele ho Constantine [moemphera oa Moroma, ho tloha ka 306 ho ea ho 337 C.E.] ba ile ba nyatsa polao ea batho lintoeng ba le ntsoe-leng.” Boemo bo ile ba fetoha ha bokoenehi bo neng bo boletsoe esale pele ka Bibeleng bo ata.—Liketso 20:29, 30; 1 Timothea 4:1.
b Joaloka Bakreste ba lekholong la pele la lilemo, ha ho hlokahala Lipaki Tsa Jehova li sireletsa ka molao bolokolohi ba tsona ba bolumeli.—Liketso 25:11; Bafilipi 1:7.
NA U KILE UA IPOTSA?
◼ Bakreste ba lokela ho tšoara lira tsa bona joang?—Matheu 5:43-45; Baroma 12:20, 21.
◼ Jesu o ile a etsa’ng ha a hlorisoa?—1 Petrose 2:21, 23.
◼ Ke hobane’ng ha Bakreste ba lekholong la pele la lilemo ba ne ba le khahlanong le ntoa?—2 Bakorinthe 5:20; 10:3-5.